Puso ea Motho e Lekantsoe Sekaleng
Karolo 2—Marena, Joaloka Linaleli, a Phahama le ho Oa
“Monarchy”: ke ’muso o etelletsoeng pele ke hlooho ea naha ea mali a borena, joaloka morena kapa moemphera; “Kingdom”: ke mofuta oa tsamaiso ea puso ea borena e etelletsoeng pele ke morena kapa mofumahali; “Empire”: sebaka se seholo seo hangata se entsoeng ka lihlopha tsa lichaba, linaha, kapa batho ba leng tlas’a taolo ea morena a le mong ’me hangata se etelletsoe pele ke moemphera.
“EARE mehleng ea Amrafele, morena oa Shineare.” Mona, joalokaha Genese khaolo ea 14 e simolla, ke lekhetlo la pele Bibele e sebelisa lentsoe “morena.” Hore na Amrafele e ne e le lebitso le leng la Morena oa Babylona ea tsebahalang Hammurabi joalokaha ba bang ba bolela, ha re tsebe. Seo re se tsebang ke hore, ho sa tsotellehe botho ba hae, khopolo ea borena ba motho ha ea simolla ka Amrafele. Makholo a lilemo pelenyana, Nimrode, le hoja a ne a sa bitsoe morena, ka ho hlakileng e ne e le eena. Ha e le hantle, ke eena morena oa pele historing ea batho.—Genese 10:8-12.
Ke ’nete, ha re na boitsebiso bo buang ka Morena Nimrode kapa Morena Amrafele. “Enmebaragesi, morena oa Kishe, ke ’musi oa khale ka ho fetisisa oa Mesopotamia eo ho nang le mengolo e tšepahalang e buang ka eena,” ho bolela The New Encyclopœdia Britannica. Ho tloha Kishe, motse-moholong o itsamaisang oa Mesopotamia, ho hlahile lentsoe la Sumer bakeng sa ’musi le bolelang “motho e moholo.” Le hoja nako ea puso ea Enmebaragesi e fapana le nako ea ho bala liketsahalo ea Bibele, leha ho le joalo e lekanyetsa nako e lumelloang ke Bibele, empa habohlokoa, e beha tšimoloho ea puso ea motho likarolong tsohle tsa lefatše joaloka Bibele.
Bonngoe bo Finyelloang ka Motho a le Mong
Ka kakaretso ho nahanoa hore Shang ea Sechaena kapa Yin e leng tlhahlamano ea babusi ba lesika le le leng e simolohile mahareng a lekholo la lilemo la bo18 le la bo16 B.C.E., le hoja nako ena e sa tsejoe hantle. Leha ho le joalo, litsamaiso tsa puso ea borena ke tsona mefuta ea khale ka ho fetisisa ea puso ea motho. Li boetse li tletse hohle.
Lentsoe “monarch” le tsoa mantsoeng a Segerike moʹnos, le bolelang “e le ’ngoe,” le ar·kheʹ, le bolelang “puso.” Ka nepo puso ea borena e behile matla a maholo ho motho a le mong ea sebeletsang tokelo ea hae e le moeta-pele oa ka mehla oa naha. Tsamaisong e felletseng ea borena, lentsoe la morena ke molao. Kamoo ho bonahalang ka teng, ke eena ea finyellang bonngoe a le mong.
Ho ’nile ha nahanoa hore litsamaiso tsa puso ea borena li thusitse ho boloka lichaba hammoho. John H. Mundy, ea rutang histori ea Europe ea mehleng e bohareng, o hlalosa hore mehleng e bohareng, khopolo ea lipolotiki “e ile ea pheha khang hore ka lebaka la hobane e ’nile ea phahamela mekha e meng e khethehileng, molao oa puso ea borena o ne o loketse likarolo tse khōlō tse nang le lithahasello tsa lebatooa tse fapaneng le tse loantšanang.” Hangata likarolo tsena tse khōlō tsa “lebatooa tse fapaneng le tse loantšanang” e ne e le phello ea litlhaselo tsa sesole, kaha ka ho sa fetoheng marena e ne e le baeta-pele ba sesole. Ha e le hantle, rahistori W. L. Warren o bolela hore tlhōlo ntoeng “ka kakaretso e ne e nkoa e le tekanyetso ea pele ea borena bo atlehileng.”
Kahoo, tsamaiso ea puso ea borena e ile ea thusa ho hlonngoa ha mebuso ea lefatše e kang ’Muso oa Magerike tlas’a Alexander e Moholo, ’Muso oa Roma tlas’a bo-Caesar, ’me haufinyane, ’Muso oa Brithane. ’Muso o boletsoeng qetellong, o le sehlohlolong sa ’ona mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, o kopane tlas’a puso ea ’musi a le mong ’me o kopantse hoo e ka bang kotara ea baahi ba lefatše le kotara ea sebaka sa ’ona.
Borena ka Liaparo tsa Bolumeli
Marena a mangata a boholo-holo a ipoletse e le melimo. Joalokaha rahistori George Sabine a hlokometse: “Ho qala ka Alexander, marena a Magerike a ne a balloa har’a melimo ea metse ea Magerike. Morena ea ikentseng molimo o ile a fetoha tloaelo e jeleng setsi Bochabela ’me qetellong tloaelo ena e ile ea tlameha ho amoheloa ke baemphera ba Roma.” O bolela hore tumelo ena ea morena oa molimo e ile ea ja setsi Europe “ka mofuta o mong kapa o itseng ho fihlela mehleng ea joale.”
Amerika Bohareng le Boroa, linaha tsa Aztec le Inca li ne li nkoa e le tsa puso ea borena e halalelang. Asia ebile feela ka 1946 ha Moemphera Hirohito oa Japane a ne a tlohela khopolo ea hae ea hore ke eena setloholo sa bo124 sa molimotsana oa letsatsi Amaterasu Omikami.
Le hoja e se marena ’ohle a ipolelang e le melimo, bonyane a mangata a bolela hore a na le tšehetso ea bomolimo. Ho qoolloa e le ba emelang Molimo mona lefatšeng, ho ile ha tsamaisana le khopolo ea hore ba na le boeta-pele ba boprista ka mohlolo. John H. Mundy o hlalosa hore “khopolo ea boholo-holo ea hore marena ka booona e ne e le baprista e ile ea pholletsa ho fihlela ka Bophirima, ea etsa khosana hlooho ea tsamaiso ea kereke ea hae le motsamaisi oa sehlopha sa batho ba inehetseng ho eona.” E ne e le khopolo ea bolumeli “e nkiloeng tšebelisanong ea Constantine ea kereke le ’muso [lekholong la bone la lilemo C.E.], le khopolo e tšoanang ea Plato le Aristotle e amohetsoeng ke kereke.” Tlhohonolofatso ea bolumeli e ileng ea sebelisoa nakong ea ha morena a behoa setulong e ile ea khabisa puso ea morena ka molao eo mohlomong e neng e ka haella.
Ka 1173, Henry II oa Engelane o ile a qala ho sebelisa tlotla “Morena ka mohau oa Molimo.” Sena se ile sa lebisa khopolong eo hamorao e ileng ea bitsoa tokelo ea ho busa eo morena a e nehiloeng ke Molimo, ho bolelang hore matla a morena e ne e le a lefutso. Ho nahanoa hore Molimo o ile oa bontša khetho ea oona nakong ea tsoalo ea marena ana. Ka 1661, Louis XIV oa Fora o ile a sebelisa thuto ena ka matla a maholo ka ho laola ’muso ka ho felletseng. O ile a talima bohanyetsi e le sebe ho Molimo oo a emetseng lebitso la oona. O ile a ithorisa: “L’état c’est moi! [Ke ’na ’Musi].”
Khopolo e tšoanang e ile ea hlahella Scotland ka nako e batlang e tšoana. Ha a ntse a busa Scotland e le James VI empa pele e e-ba King James I oa Engelane ka 1603, morena enoa o ile a ngola: “Marena a bitsoa Melimo . . . hobane a lutse Teroneng ea MOLIMO lefatšeng, ’me ba ikarabella ho [O]ona ka tsamaiso ea bona.” Ha re tsebe hore na ke ho isa bohōleng bofe tumelo ena e ileng ea susumetsa James ho lumella ho fetolela Bibele Senyesemaneng. Re tseba phello, Maprotestanta a ntse a sebelisa King James Version ka ho pharalletseng.
Mehla ea Lipuso Tse Felletseng Tsa Borena
Ho tloha Mehleng e Bohareng ho ea pele, lipuso tsa borena e bile mefuta e khethehileng ea puso. Marena a ile a hōlisa tsela e itekanetseng le e bonolo ho busa ka ho khetha beng ba litša ba tummeng. Bana le bona hamorao ba ile ba hloma tsamaiso ea lipolotiki le sesole e tsebahalang e le puso ea bopolotiki ea sehlotšoana sa batho (feudalism). Bakeng sa ho fumana litšebeletso tsa sesole le tse ling, beng ba litša ba ile ba neha bahiri ba bona litša. Empa ha beng ba litša ba ba le matla haholoanyane, ke ka seoelo ’muso o neng o tla aroloa litsekana tsa bopolotiki tsa sehlotšoana sa batho.
Ho feta moo, puso ea bopolotiki ea sehlotšoana sa batho e ile ea amoha baahi tlhompho ea bona le tokoloho. Baahi ba ile ba hatelloa ke beng ba litša ba sesole, bao e neng e le bona mohloli o ka sehloohong oa chelete. Ba ile ba amohuoa thuto le menyetla ea moetlo, “mohiri o ne a e-na le litokelo tse ’maloa tse neng li hatelloa ke molao khahlanong le mong’a setša. O ne a ke ke a kena lenyalong, ho fetisetsa lefa la hae ho majalefa a hae, kapa ho tloha sebakeng seo ka ntle ho tumello ea mong’a setša,” ho bolela Collier’s Encyclopedia.
Ona e ne e se ’ona feela mokhoa o felletseng oa ho busa ha marena. Marena a mang a ile a neha batho ba bang bao hamorao ba neng ba tla theoloa litulong haeba ho hlokahala libaka tsa puso. Marena a mang a ile a tšepa mebuso ea libaka ho feta melao e neng e busa ka moetlo le khatello ea sechaba. Empa mekhoa ena eohle ka tsela e ’ngoe kapa e itseng e ne e sa khotsofatse. Leha ho le joalo, bangoli ba lekholong la bo17 la lilemo joaloka Monghali Robert Filmer oa Engelane le Jacques-Bénigne Bossuet oa Fora, ba sa ntse ba buella khopolo ea lipolotiki ea hore matla ’ohle a lokela ho nehoa ’musi a le mong kapa ba bangata e sa ntse e le mokhoa o loketseng oa puso. Leha ho le joalo, khopolo eo e se e tla felloa ke nako.
“Melimo” ka Mabitso Feela
Ho sa tsotellehe tumelo e akaretsang ea hore marena a ne a ikarabella ho Molimo feela, khatello e ’nile ea a etsa hore a ikarabelle melaong ea batho, meetlong, le pusong. Ho ea bofelong ba lekholo la bo18 la lilemo, “marena a ile a sebelisa mokhoa o fapaneng oa puo ea mebuso ea lekholong la bo17 la lilemo,” ho bolela The Columbia History of the World, leha ho le joalo, e phaella hore, “ho sa tsotellehe puo eo ba neng ba e sebelisa, e ne e ntse e le marena.” Joale e hlalosa hore “ha Frederick e Moholo a ne a ipitsa ‘mosebeletsi oa pele oa ’muso’ ’me a latola tokelo ea ho busa eo marena a e nehiloeng ke Molimo, o ne a sa nahane ka ho hana puso.”
Leha ho le joalo, ka mor’a Phetohelo ea 1688 Engelane le Phetohelo ea Mafora ea 1789, mehla ea khopolo ea lipolotiki hore matla ’ohle a lokela ho nehoa ’musi a le mong kapa ba bangata e ne e fetile ka karolo e khōlō. Butle-butle, marena a sa fetoheng a ile a suthela marena a lekanyelitsoeng ka litšebeletso tsa phethahatso kapa melao, kapa ka bobeli. Ho fapana le lekholong la bo12 la lilemo ha “borena e ne e sa ntse e le seo morena a ka se etsang, le seo bafo ba hae ba neng ba ikemiselitse ho se amohela,” ho qotsa rahistori W. L. Warren, kajeno matla a bopolotiki a marena a mangata le mafumahali a lekanyelitsoe haholo.
Ha e le hantle, ke marena a ’maloa a sa ntseng a e-na le matla a maholo. E mpa e se e le khale a mangata a lahlehetsoe ke khanya ea “borena” ’me a khotsofalletse ho ba marena ka mabitso feela, ke batho ba nang le matla moo batho ba ka khothalletsoang ho ikokobetsa ka morero ka moea oa botšepehi. Marena a nang le matla a lekanyelitsoeng a lekile ho boloka litšobotsi tse kopanyang tsa puso ea motho a le mong ha a ntse a fothola litšobotsi tsa ’ona tse mpe ka ho beha matla litšebeletsong tsa phethahatso.
Khopolo ea marena a nang le matla a lekanyelitsoeng e sa ntse e atile. Haufinyane hoo e ka bang ka 1983, Krishna Prasad Bhattarai, moeta-pele oa Nepali Congress Party Nepal, o hlalositse puso ea borena e le ‘thibelo khahlanong le pherekano,’ ’me a bolela hore ‘Morena ke oa bohlokoa ho boloka bonngoe ba naha.’ Le hoja ka 1987 Mafora a ne a etsa litokisetso tsa ho qetela bakeng sa ho keteka selemo sa bo200 sa Phetohelo ea Mafora, karolo ea 17 lekholong ea bao ho buisanoeng le bona e ne e rata hore ho khutleloe tsamaisong ea puso ea borena. Setho se seng sa puso ea borena se ile sa re: “Morena ke eena feela tsela ea ho kopanya sechaba seo e leng khale se tsekollotsoe ke lipolotiki.”
Selemong sona seo, makasine oa Time o ile oa hlokomela: “Borena bo laela botšepehi mohlomong hobane marena ke ’ona a rapeloang haholo mehleng ea rōna, ke ’ona feela batho ba baholo ba ka potlakisang tumelo ena ha ba ntse ba lutse sephiring. Haeba Molimo o shoele, re phelele Mofumahali!” Empa ha e talima litaba ka tsela ea sebele, e phaella ka hore “matla a borena a Mofumahali oa [Brithane] a itšetlehile haholo ka ho hloka ha hae matla.”
A Fumanoe a Fokola
Marena a nang le puso e felletseng ha aa khotsofatse. Ka tlhaho ea ’ona, ha aa tsitsa. Neng kapa neng, ’musi e mong le e mong oa shoa ’me o lokela ho nkeloa sebaka ke mohlahlami eo hangata a khethoang ka lebaka la leloko ho e-na le litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro kapa matla. Ke mang ea ka tiisang hore mora o tla ba molemo joaloka ntat’ae? Kapa haeba ntat’ae a ne a le mobe, na mor’a hae o tla ba molemo?
Hape, joalokaha Cristiano Grottanelli a bontša, “khetho ea mohlahlami oa borena” hangata “ke tlhaloso e haelloang ke matla hoo ho ka bang le phehisano har’a litho tse tšoanelehang tsa leloko la borena. Hangata nako e latelang lefu la morena ke ea morusu sechabeng (le bokahohleng), ka tsela ea sebele le ea tšoantšetso.”
Ka hoba morena a le mong, puso e felletseng ea borena e itšetlehile ka katleho ea ’musi oa eona. Litalenta tsa hae le lintlha tse matla li ka bonahala pusong ea hae le bofokoling ba hae, mefokolong ea hae, le ho haelloa ha hae ke tsebo. Esita le marena ha aa phethahala. Marena a mabe a hlomamisa mebuso e mebe, mohlomong marena a molemo a hlomamisa mebuso e molemonyana, empa ke feela morena ea phethahetseng ea ka hlomamisang ’muso oo batho ba o laba-labelang ’me ba lokela ho o fumana.
Tsamaiso tsa lipalamente kapa mebuso ea puso e lekanyelitsoeng matla le eona e na le bofokoli. United Kingdom lekholong lena la lilemo e bone marena ka lebitso feela le mafumahali a Engelane a laola karolo e khōlō e felletsoeng ke matla le e khōlō ka ho fetisisa le e matla ka ho fetisisa eo lefatše le kileng la e tseba.
Naleli ea Mofuta o Fapaneng
Marena, joaloka linaleli, a phahama le ho oa—empa ho na le mokhelo o le mong. Jesu Kreste ka boeena o ipolela e le “motso le moloko oa Davida, naleli e khanyang ea meso.” (Tšenolo 22:16) Ka ho ba setloholo se tobileng sa Morena Davida ka nama, Jesu oa tšoaneleha hore e be Morena oa ’muso oa Molimo. Joaloka “naleli e khanyang ea meso,” Jesu e boetse ke “naleli ea hosasa” eo Petrose a boletseng hore e tla bonesa ho fihlela meso e hlaha.—2 Petrose 1:19; Numere 24:17; Pesaleme ea 89:34-37.
Ka lebaka la linnete tsena, ho bohlale hakae ho talima linaleli tsena tse oang tsa puso ea motho bakeng sa tataiso? Ho e-na le hoo, bohlale bo tla bolela hore re behe tšepo ea rōna ho Morena oa Jehova ea khethiloeng, Jesu Kreste, “’Musi oa babusi le Morena oa marena [ea phahametseng marena ’ohle a batho]; e leng eena a ’notši ea nang le ho se shoe.” (1 Timothea 6:15, 16) A se a tsohile e le Morena ea sa bonahaleng maholimong, haufinyane o tla tlisa meso ea lefatše le lecha. Ke naleli—morena—eo hona joale a phahamang, ’me a ke ke a oa le ka mohla!
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Lefung esita le morena oa motho ea molemo o siea mosebetsi oa hae matsohong a sa tsitsang