Ho “Tsamaea ka Tumelo, Eseng ka Pono”
“Re tsamaea ka tumelo, eseng ka pono.”—2 BAKORINTHE 5:7.
1. Ho boleloang ka ho “tsamaea ka tumelo”?
KA LINAKO tsohle ha re rapela tumellanong le litaelo tse Lentsoeng la Molimo, re bontša hore bonyane re na le tumelo ka tekanyo e itseng. Ha re qala ho pakela ba bang ka ’Muso oa Molimo, re boetse re bontša tumelo. ’Me ha re nehela bophelo ba rōna ho Jehova, re fana ka bopaki ba hore re lakatsa ho “tsamaea ka tumelo,” ke hore, ho phehella tsela ea bophelo e laoloang ke tumelo.—2 Bakorinthe 5:7; Bakolose 1:9, 10.
2. Ke hobane’ng ha ho kopanela mesebetsing ea phutheho e se hakaalo-kaalo bopaki ba hore motho o na le tumelo?
2 E le hore re fele re phele ka mokhoa oo, re hloka tumelo e nang le motheo o motle. (Baheberu 11:1, 6) Batho ba bangata ba khahloa ke Lipaki tsa Jehova ka lebaka la litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro ba Lipaki le lerato leo ba le bonang har’a tsona. Boo ke bohato ba pele bo botle, empa ha ho bolele hore batho ba joalo ba na le tumelo. Ba bang ba ka ’na ba e-ba le balekane ba lenyalo kapa batsoali ba matla tumelong, ’me ba ka ’na ba kopanela mesebetsing e meng eo moratuoa oa bona a kopanelang ho eona. Ha motho a e-na le tšusumetso e joalo ka lapeng, ka sebele ke tlhohonolofatso, empa hona le hona ha ho nke sebaka sa hore eena ka boeena a rate Molimo le hore a lumele ho eena.—Luka 10:27, 28.
3. (a) E le hore re ka ba le tumelo e nang le motheo o motle, re lokela ho kholiseha ka eng mabapi le Bibele? (b) Ke hobane’ng ha batho ba bang ba kholiseha habonolo ho feta ba bang ka ho bululeloa ha Bibele?
3 Ba hlileng ba tsamaeang ka tumelo ba kholisehile ka ho feletseng hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. Ho na le bopaki bo bongata haholo ba hore ka sebele Mangolo a Halalelang a “bululetsoe ke Molimo.”a (2 Timothea 3:16) Ho hlokahala hore motho a hlahlobe bopaki bo bokae ho boo hore a tle a kholisehe? Seo se ka ’na sa itšetleha ka semelo sa hae. Se kholisang motho e mong ka ho feletseng se ka ’na sa se ke sa kholisa e mong. Maemong a mang, le hoja motho a ka bontšoa bopaki bo bongata bo ke keng ba latoloa, a ka ’na a hana qeto e utloahalang. Hobane’ng? Ka lebaka la litakatso tse tebileng pelong ea hae. (Jeremia 17:9) Kahoo, le hoja motho a ka ipolela hore o thahasella morero oa Molimo, pelo ea hae e ka ’na ea labalabela ho amoheloa ke lefatše. A ka ’na a se ke a rata ho tlohela mokhoa oa bophelo o hananang le litekanyetso tsa Bibele. Leha ho le joalo, haeba motho a hlile a lapetse ’nete, a tšepahala hape a ikokobelitse, ka mor’a nako e itseng o tla hlokomela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo.
4. Ho hlokahala’ng hore motho a be le tumelo?
4 Hangata ka likhoeli tse seng kae feela, batho ba thusoang ho ithuta Bibele ba utloisisa hore ba se ba e-na le bopaki bo bongata haholo ba hore ke Lentsoe la Molimo. Haeba sena se ba susumelletsa ho bula lipelo tsa bona hore li rutoe ke Jehova, joale, maikutlo a bona a tebileng, litakatso tsa bona le se ba susumetsang li tla bōptjoa butle-butle ke seo ba ithutang sona. (Pesaleme ea 143:10) Baroma 10:10 e re motho o sebelisa tumelo “ka pelo.” Tumelo e joalo e bontša kamoo motho a hlileng a ikutloang kateng, ’me e tla bonahala tseleng ea hae ea bophelo.
Noe o Ile a Sebetsa Tumellanong le Tumelo e Nang le Motheo o Motle
5, 6. Tumelo ea Noe e ne e thehiloe ho eng?
5 Noe ke e mong oa ba neng ba e-na le tumelo e nang le motheo o motle. (Baheberu 11:7) Motheo oa eona e ne e le ofe? Noe o ne a se na lentsoe la Molimo le ngotsoeng, empa o ne a e-na le leo a le boleletsoeng. Genese 6:13 e re: “Eaba Molimo o re ho Noe: Bofelo ba nama eohle bo fihlile pel’a ka, hobane lefatše le tletse ho bolaeana ha bona.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Jehova o ile a laela Noe ho haha areka ’me a fana ka makolopetso a kaho ea eona. Eaba Molimo oa phaella: “’Na ke ea tlisa moroallo oa metsi lefatšeng, ho felisa nama eohle e nang le phefumoloho ea ho phela tlas’a leholimo, ’me hohle ho lefatšeng ho tla shoa.”—Genese 6:14-17.
6 Na ho ne ho kile ha e-ba le pula pele ho moo? Bibele ha e bolele. Genese 2:5 e re: “Jehova Molimo o na a e-so ho nese pula.” Empa ena ke tsela eo Moshe, ea ileng a phela makholo a lilemo hamorao, a ileng a beha litaba ka eona, a sa bue ka mehla ea Noe, empa a bua ka nako e telele ea pele ho eona. Joalokaha ho bontšitsoe ho Genese 7:4, Jehova o ile a bua ka pula ha a bua le Noe, ’me ho bonahala hore Noe o ile a utloisisa hore na o ne a bolela’ng. Empa, tumelo ea Noe e ne e se ho seo a se bonang. Moapostola Pauluse o ile a ngola hore Noe o ile a “fuoa temoso ea bomolimo ea lintho tse e-s’o bonoe.” Molimo o ile a bolella Noe hore O ne a tla tlisa “moroallo oa metsi” lefatšeng, kapa “leoatle la leholimo,” joalokaha mongolo o botlaaseng ba leqephe ho New World Translation o bontša sena ho Genese 6:17. Ho tla fihlela ka nako eo, ntho e joalo e ne e e-s’o etsahale. Empa pōpo eohle eo Noe a neng a e bona e ile ea lula e le bopaki bo totobetseng ba hore ka sebele Molimo o ne a ka tlisa moroallo o joalo o senyang. A susumelitsoe ke tumelo, Noe o ile a haha areka.
7. (a) Noe o ne a sa hloke eng e le hore a ka etsa seo Molimo a neng a se laetse? (b) Ho hlahloba tumelo ea Noe ho re ruisa molemo joang, ’me tumelo ea rōna e ka ba tlhohonolofatso joang ho ba bang?
7 Molimo o ne a sa ka a bolella Noe letsatsi leo Moroallo o neng o tla qala ka lona. Empa Noe ha aa ka a sebelisa seo e le phephi ea ho ba le boikutlo ba hore o se a tla bona teng, ebe o behella taba ea ho haha areka le ho bolela ka thōko bophelong ba hae. Nako e ne e sa le ngata ha Molimo a ne a bolella Noe hore na a kene arekeng neng. Khabareng, ‘Noe a etsa kahohle kamoo Molimo a mo laetseng kateng, a fela a etsa joalo.’ (Genese 6:22) Noe o ne a tsamaea ka tumelo, eseng ka pono. Re motlotlo hakaakang hore ebe o ile a etsa joalo! Ka lebaka la tumelo ea hae, rea phela kajeno. Le tabeng ea rōna, tumelo eo re e bontšang e ka ba le phello e tebileng ho seo bokamoso bo re tšoaretseng sona eseng rōna feela empa le bana ba rōna le batho ba bang ba re pota-potileng.
Tumelo ea Abrahama
8, 9. (a) Abrahama o ile a theha tumelo ea hae ho eng? (b) Jehova o ile a “bonahala” ka tsela efe ho Abrahama?
8 Nahana ka mohlala o mong—oa Abrahama. (Baheberu 11:8-10) Abrahama o ile a theha tumelo ea hae ho eng? Tikoloho eo a hōletseng ho eona Ure ea Bakalde e ne e le ea borapeli ba litšoantšo le ea batho ba ratang lintho tse bonahalang. Empa lintho tse ling tse susumetsang li ile tsa rera pono ea Abrahama. Ha ho pelaelo hore o ne a ka tloaelana le Sema mora oa Noe, eo a phetseng mehleng ea hae ka lilemo tse 150. Abrahama o ile a kholiseha hore Jehova ke “Molimo o holimo-limo, mong a maholimo le lefatše.”—Genese 14:22.
9 Ho na le ho hong hape ho bileng le tšusumetso e matla ho Abrahama. Jehova “o ile a bonahala ho . . . Abrahama ha a ntse a le Mesopotamia, pele a lula Harane, eaba o re ho eena, ‘Tsoa naheng ea heno le ho beng ka uena ’me u tl’o kena naheng eo ke tla u bontša eona.’” (Liketso 7:2, 3) Jehova o ile a “bonahala” ka tsela efe ho Abrahama? Abrahama ha aa ka a bona Molimo ka ho toba. (Exoda 33:20) Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ebe Jehova o ile a hlaha ho Abrahama torong, ka ponahatso ea khanya e phahametseng matla a tlhaho kapa ka ho romela manģosa a mangeloi, kapa baemeli. (Bapisa le Genese 18:1-3; 28:10-15; Levitike 9:4, 6, 23, 24.) Ho sa tsotellehe hore na Jehova o ile a bonahala ho Abrahama ka mokhoa ofe, monna eo ea tšepahalang o ne a kholisehile hore Molimo o ne a beha tokelo ea bohlokoa ka pel’a hae. Abrahama o ile a arabela ka tumelo.
10. Jehova o ile a matlafatsa tumelo ea Abrahama joang?
10 Tumelo ea Abrahama e ne e sa itšetleha ka hore a be le makolopetso ’ohle ka naha eo Molimo a neng a mo romela ho eona. E ne e sa itšetleha ka hore na o ne a tla fuoa naha eo neng. O ne a e-na le tumelo hobane a tseba hore Jehova ke Molimo ea Matla ’Ohle. (Exoda 6:3) Jehova o ile a bolella Abrahama hore o ne a tla ba le bana, empa ka linako tse ling Abrahama o ne a ipotsa hore na seo se tla etsahala joang. O ne a tsofala. (Genese 15:3, 4) Jehova o ile a matlafatsa tumelo ea Abrahama ka ho mo bolella hore a talime linaleli ’me a li bale haeba a khona. Molimo o ile a re: “Ke kamoo peō ea hao e tla bang ka teng.” Abrahama o ne a amehile ka ho teba. Ho ne ho totobetse hore ’Mōpi oa lihloliloeng tseo tsa leholimo tse susumetsang tšabo o ne a ka phethahatsa seo a se tšepisitseng. Abrahama o ile a “beha tumelo ho Jehova.” (Genese 15:5, 6, NW) Abrahama ha aa ka a lumela feela hobane a ne a rata seo a se utloang; o ne a e-na le tumelo e nang le motheo o motle.
11. (a) Ha a le haufi le ho ba lilemo li 100, Abrahama o ile a arabela joang tšepisong ea Molimo ea hore Sara ea hōlileng o tla ba le mora? (b) Ke ka tumelo ea mofuta ofe Abrahama a ileng a talimana le teko e amehang tabeng ea ho isa mora oa hae Thabeng ea Moria ho mo nyehela e le sehlabelo?
11 Ha Abrahama a le haufi le ho ba lilemo li 100 ’me Sara, mosali oa hae a le haufi le ho ba lilemo li 90, Jehova o ile a boela a bolela tšepiso ea hae ea hore Abrahama o ne a tla ba le mora ka Sara. Abrahama o ile a hla a nahana ka boemo ba bona ka tsela ea sebele. “Empa ka lebaka la tšepiso ea Molimo ha aa ka a thekesela ka ho hloka tumelo, empa o ile a ba matla ka tumelo ea hae, a tlotlisa Molimo ’me a kholisehile ka botlalo hore seo a neng a se tšepisitse o ne a boetse a khona ho se etsa.” (Baroma 4:19-21) Abrahama o ne a tseba hore tšepiso ea Molimo e ne e ke ke ea hlōleha. Hamorao, ka lebaka la tumelo ea hae, Abrahama o ile a mamela ha Molimo a mo bolella hore a nke mora oa hae Isaka a mo ise naheng ea Moria ’me a e’o mo etsa sehlabelo. (Genese 22:1-12) Abrahama o ne a e-na le tšepo e feletseng ea hore Molimo ea entseng ka mohlolo hore mora eo a tsoaloe o ne a ka boela a mo khutlisetsa bophelong e le hore a ka phethahatsa litšepiso tse ling tseo A li entseng mabapi le eena.—Baheberu 11:17-19.
12. Abrahama o ile a tsoela pele ho tsamaea ka tumelo ka nako e kae, ’me eena le litho tsa lelapa la hae tse ileng tsa bontša tumelo e matla ba letetsoe ke moputso ofe?
12 Abrahama o ile a bontša hore o laoloa ke tumelo, eseng feela ka linako tse itseng, empa bophelong bohle ba hae. Bophelong bohle ba hae Abrahama ha aa ka a amohela ho Molimo karolo leha e le efe ea Naha e Tšepisitsoeng e le lefa. (Liketso 7:5) Empa, Abrahama ha aa ka a khathala matla ’me a khutlela Ure ea Bakalde. Ka lilemo tse 100, ho fihlela lefung la hae, o ne a lula litenteng naheng eo Molimo a neng a mo rometse ho eona. (Genese 25:7) Ka eena le mosali oa hae Sara, mora oa bona Isaka le setloholo sa bona Jakobo, Baheberu 11:16 e re: “Molimo ha a lihlong ka bona, hore ho ipiletsoe ho eena e le Molimo oa bona, etsoe o ba lokiselitse motse.” E, Jehova o ba boloketse sebaka karolong ea lefatšeng ea ’Muso oa hae oa Bomesia.
13. Har’a bahlanka ba Jehova ba kajeno ke bo-mang ba fanang ka bopaki ba ho ba le tumelo e kang ea Abrahama?
13 Ho na le ba bang har’a batho ba Jehova kajeno ba tšoanang le Abrahama. Ba tsamaile ka tumelo ka lilemo tse ngata. Ka matla ao Molimo a fanang ka ’ona, ba hlōtse litšitiso tse kang lithaba. (Matheu 17:20) Ha ba thekesele tumelong kahobane ba sa tsebe hore na Molimo o tla ba fa lefa leo a le tšepisitseng neng. Baa tseba hore lentsoe la Jehova le ke ke la hlōleha, ’me ba ho nka e le tokelo ea bohlokoahali hore ba balelloe har’a Lipaki tsa hae. Na ke tsela eo u ikutloang ka eona?
Tumelo e Ileng ea Susumetsa Moshe
14. Ho ile ha raloa motheo joang bakeng sa tumelo ea Moshe?
14 Mohlala o mong oa tumelo ke Moshe. Motheo oa tumelo ea hae e ne e le ofe? O raliloe boseeng. Le hoja morali oa Faro a ile a fumana Moshe ka sethōtōng sa loli Nōkeng ea Nile ’me a mo nka hore e be mora oa hae, Jokebede, ’mè oa Moshe oa sebele oa Moheberu, o ile a hlokomela moshanyana eo ’me a mo hōlisa lilemong tsa hae tse qalang. Ho bonahala hore Jokebede o ile a mo ruta hantle, a kenya ka botebo lerato la ho rata Jehova le ho ananela litšepiso tseo A neng a li etselitse Abrahama. Hamorao, Moshe e le setho sa lelapa la Faro, o ile a “rupeloa ka bohlale bohle ba Baegepeta.” (Liketso 7:20-22; Exoda 2:1-10; 6:20; Baheberu 11:23) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe boemo ba Moshe bo molemo, pelo ea hae e ne e le ho batho ba Molimo ba entsoeng makhoba.
15. Ho itsebahatsa le batho ba Jehova ho ile ha bolela eng bakeng sa Moshe?
15 Ha a tšoere selemo sa bo40, Moshe o ile a bolaea Moegepeta e le hore a lokolle Moiseraele ea neng a tšoeroe ka leeme. Ketsahalo ena e ile ea bontša kamoo Moshe a neng a talima batho ba Molimo kateng. Ka sebele, “ka tumelo Moshe, ha a hōlile, o ile a hana ho bitsoa mora oa morali oa Faro.” Ho e-na le ho khomarela ho ‘thabela sebe ka nakoana’ e le setho sa lelapa la ’musi oa Egepeta, o ile a susumetsoa ke tumelo hore a itsebahatse le batho ba Molimo ba tšoeroeng hampe.—Baheberu 11:24, 25; Liketso 7:23-25.
16. (a) Jehova o ile a fa Moshe thōmo efe, ’me Molimo o ile a mo thusa joang? (b) Ha a phetha thōmo ea hae, Moshe o ile a bontša tumelo joang?
16 Moshe o ne a labalabela ho nka bohato ba ho tlisetsa batho ba habo tokoloho, empa nako ea Molimo ea hore ba lokolloe e ne e e-s’o fihle. Moshe o ile a tlameha ho baleha Egepeta. Ha ea ka ea e-ba ho fihlela lilemong tse 40 hamorao moo Jehova, ka lengeloi, a ileng a roma Moshe hore a khutlele Egepeta ho ea ntša Baiseraele naheng eo. (Exoda 3:2-10) Moshe o ile a itšoara joang? Ha aa ka a belaella matla a Jehova a ho lopolla Baiseraele, empa o ile a ikutloa a sa tšoanelehe bakeng sa mosebetsi oo Molimo a neng a mo file oona. Jehova ka lerato o ile a fana ka khothatso eo Moshe a neng a e hloka. (Exoda 3:11–4:17) Tumelo ea Moshe e ile ea e-ba matla. O ile a khutlela Egepeta ’me khafetsa a lemosa Faro sefahla-mahlo ka likotlo tse neng li tla oela Egepeta ka lebaka la ho hlōleha ha hae ho lokolla Baiseraele ho ea rapela Jehova. Moshe o ne a se na matla a ho tlisa likotlo tseo. O ne a tsamaea ka tumelo, eseng ka pono. Tumelo ea hae e ne e le ho Jehova le lentsoeng la hae. Faro o ile a sokela Moshe. Empa Moshe a mamella. “Ka tumelo o ile a tloha Egepeta, empa a sa tšabe bohale ba morena, kaha o ile a tsoela pele a tiile joalokaha eka o bona Ea sa bonahaleng.” (Baheberu 11:27) Moshe o ne a sa phethahala. O ne a etsa liphoso. (Numere 20:7-12) Leha ho le joalo, ka mor’a hore a rongoe ke Molimo, tsela eohle ea bophelo ba hae e ne e laoloa ke tumelo.
17. Ho tsamaea ka tumelo ho ile ha fella ka eng ho Noe, Abrahama le Moshe, le hoja ba sa ka ba phelela ho bona lefatše le lecha la Molimo?
17 E se eka tumelo ea hao e ka tšoana le ea Noe, Abrahama le Moshe. Ke ’nete hore ha baa ka ba bona lefatše le lecha la Molimo mehleng ea bona. (Baheberu 11:39) E ne e e-s’o be nako eo Molimo a e khethileng; ho ne ho e-na le litšobotsi tse ling tsa morero oa hae tseo ho neng ho ntse ho hlokahala hore li finyelloe. Empa, tumelo ea bona lentsoeng la Molimo ha ea ka ea thekesela, ’me mabitso a bona a bukeng ea Molimo ea bophelo.
18. Ke hobane’ng ha ho ’nile ha hlokahala hore ba bilelitsoeng bophelong ba leholimo ba tsamaee ka tumelo?
18 Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Molimo [o] ile a bona esale pele ho hong ho molemonyana bakeng sa rōna.” Ke hore, Molimo o ile a bona esale pele ho hong ho molemo bakeng sa bao, joaloka Pauluse, ba bitselitsoeng bophelong ba leholimo le Kreste. (Baheberu 11:40) Bana ke bao ka ho khetheha Pauluse a neng a ba hopotse ha a ne a ngola mantsoe a ho 2 Bakorinthe 5:7: “Re tsamaea ka tumelo, eseng ka pono.” Nakong eo ho neng ho ngoloa sena, ha ho le ea mong oa bona ea neng a se a fumane moputso oa hae oa leholimo. Ba ne ba ke ke ba o bona ka mahlo a bona a nama, empa tumelo ea bona ho oona e ne e e-na le motheo o motle. Kreste o ne a se a tsositsoe bafung, e le litholoana tsa pele tsa ba neng ba tla hlohonolofatsoa ka bophelo ba leholimo. ’Me lipaki tse fetang 500 li ne li mo bone pele a nyolohela leholimong. (1 Bakorinthe 15:3-8) Ba ne ba e-na le mabaka a lekaneng a ho laola tsela eohle ea bophelo ba bona ka tumelo eo. Le rōna re na le mabaka a utloahalang a ho tsamaea ka tumelo.
19. Joalokaha ho bontšoa ho Baheberu 1:1, 2, Molimo o buile le rōna ka mang?
19 Kajeno, Jehova ha a bue le batho ba hae ka lengeloi, joalokaha a ile a etsa ho Moshe sehlahleng se tukang. Molimo o buile ka Mora oa hae. (Baheberu 1:1, 2) Seo Molimo a se buileng ka eena, O entse hore se tlalehoe ka Bibeleng, e fetoletsoeng lipuong tsa batho ho pota lefatše.
20. Boemo ba rōna bo molemo haholoanyane joang ho feta ba Noe, Abrahama le Moshe?
20 Re na le se sengata ho feta seo Noe, Abrahama le Moshe ba neng ba e-na le sona. Re na le Lentsoe la Molimo le feletseng—boholo ba lona bo se bo phethahetse. Ka lebaka la sohle seo Bibele e se buang ka banna le basali ba ipakileng e le lipaki tsa Jehova tse tšepahalang ha ba talimane le liteko tsa mefuta eohle, Baheberu 12:1 ea khothatsa: “A re hloboleng boima bo bong le bo bong le sebe se re tšoasang habonolo, ’me a re matheng ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a rōna.” Tumelo ea rōna hase ntho e lokelang ho nkoa habobebe. “Sebe se re tšoasang habonolo” ke ho haelloa ke tumelo. Ho hlokahala ntoa e matla e le hore re ‘tsamaee ka tumelo.’
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
U ka Hlalosa Joang?
◻ Ho “tsamaea ka tumelo” ho akarelletsa eng?
◻ Re ka rua molemo joang tseleng eo Noe a ileng a bontša tumelo ka eona?
◻ Tsela eo Abrahama a ileng a sebelisa tumelo ka eona e re thusa joang?
◻ Ke hobane’ng ha Bibele e lebisa tlhokomelo ho Moshe joaloka mohlala oa tumelo?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Abrahama o ne a tsamaea ka tumelo
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Moshe le Arone ba ile ba bontša tumelo ha ba le ka pel’a Faro