Khaolo 23
Bomalimabe ba Bobeli—Mabotho a Bapalami ba Lipere
1. Ho sa tsotellehe boiteko ba baruti ba ho felisa litsie, ho etsahetse’ng, ’me ho tla ha bomalimabe bo habeli ho bontša eng?
HO TLOHA ka 1919 ho ea pele, ho futuhela ha litsie tsa tšoantšetso Bokreste-’mōtoana ho ile ha tšoenya baruti haholo. Ba ile ba leka ho felisa litsie, empa li ’nile tsa hlaha li le matla ho feta pele. (Tšenolo 9:7) ’Me hoo hase phetho! Johanne o ngola tjena: “Bomalimabe bo bong bo fetile. Bonang! Bomalimabe bo bong hape bo habeli boa tla ka mor’a lintho tsena.” (Tšenolo 9:12) Bokreste-’mōtoana bo boloketsoe likotlo tse ling tse hlokofatsang.
2. (a) Ho etsahala eng ha lengeloi la botšelela le letsa terompeta ea lona? (b) “Lentsoe le leng le tsoang manakeng a aletare ea khauta” le emela eng? (c) Ke hobane’ng ha ho buuoa ka mangeloi a mane?
2 Bomalimabe ba bobeli bo hlaha hokae? Johanne o ngola tjena: “Lengeloi la botšelela la letsa terompeta ea lona. Ka utloa lentsoe le leng le tsoang manakeng a aletare ea khauta e ka pel’a Molimo le re ho lengeloi la botšelela, le neng le e-na le terompeta: ‘Tlamolla mangeloi a mane a tlamiloeng nōkeng e khōlō ea Eufrate.’” (Tšenolo 9:13, 14) Mangeloi a lokolloa ka lebaka la se boleloang ke lentsoe le tsoang manakeng a aletare ea khauta. Ena ke aletare ea libano ea khauta, ’me ka makhetlo a mabeli pejana libano tsa likotlolo tsa khauta tse tsoang aletareng ena li ile tsa amahanngoa le lithapelo tsa bahalaleli. (Tšenolo 5:8; 8:3, 4) Kahoo, lentsoe lena le emela lithapelo tse kopaneng tsa bahalaleli lefatšeng. Ba kōpa hore ba lokolloe e le hore ba tsoele pele ka tšebeletso e mafolofolo e le “manģosa” a Jehova, kaha ona ke oona moelelo oa motheo oa lentsoe la Segerike leo mona le fetoletsoeng e le “mangeloi.” Ke hobane’ng ha ho e-na le mangeloi a mane? Ho bonahala eka palo ena ea tšoantšetso e bontša hore a ne a tla be a hlophisitsoe hore a akaretse lefatše kaofela ha lona.—Tšenolo 7:1; 20:8.
3. Mangeloi a mane a ne ‘a tlamiloe nōkeng e khōlō ea Eufrate’ joang?
3 Mangeloi ao a ne ‘a tlamiloe nōkeng e khōlō ea Eufrate’ joang? Mehleng ea boholo-holo Nōka ea Eufrate e ne e le moeli o ka leboea-bochabela ho naha eo Jehova a neng a e tšepisitse Abrahama. (Genese 15:18; Deuteronoma 11:24) Kamoo ho bonahalang kateng, mangeloi ana a ne a thibetsoe moeling oa naha ea ’ona eo a e filoeng ke Molimo, kapa sebaka sa lefatšeng sa tšebetso, a thibetsoe ho kena ka botlalo tšebeletsong eo Jehova a neng a a lokiselitse eona. Eufrate e ne e boetse e amahanngoa haholo-holo le motse oa Babylona, ’me ka mor’a ho oa ha Jerusalema ka 607 B.C.E., Baiseraele ba nama ba ile ba qeta lilemo tse 70 botlamuoeng moo, ‘ba tlamiloe nōkeng e khōlō ea Eufrate.’ (Pesaleme ea 137:1) Selemo sa 1919 se fumane Baiseraele ba moea ba tlamiloe ka thibelo e tšoanang, ba tepeletse ’me ba kōpa hore Jehova a ba tataise.
4. Mangeloi a mane a na le thōmo efe, ’me e phethiloe joang?
4 Ka thabo, Johanne o tlaleha tjena: “Mangeloi ao a mane a tlamolloa, a lokiselitsoeng hora le letsatsi le khoeli le selemo, hore a bolaee karolo ea boraro ea batho.” (Tšenolo 9:15) Jehova ke ’Moloki oa nako ea sa fanyeng. O na le kemiso ea nako ’me oa e boloka. Kahoo, manģosa ana a lokolloa hantle feela ka nako e loketseng eo e bileng e leng nako ea ho phetha seo a lokelang ho se etsa. U ka inahanela thabo ea ’ona ha a e-tsoa botlamuoeng ka 1919 ’me a loketse ho kena mosebetsing! Thōmo ea ’ona hase feela ho hlokofatsa empa ke hore qetellong “a bolaee karolo ea boraro ea batho.” Hona ho amana le likotlo tse phatlalalitsoeng ke melumo e tlerolang ea literompeta tsa pele tse ’nè, tse ileng tsa hlokofatsa karolo ea boraro ea lefatše, ea leoatle, libōpuoa tse leoatleng, liliba le linōka le mehloli ea khanya ea leholimo. (Tšenolo 8:7-12) Mangeloi a mane a tsoela pele. Aa ‘bolaea,’ a pepesa ka ho feletseng boemo ba Bokreste-’mōtoana ba ho shoa moeeng. Liphatlalatso tsa terompeta, tse entsoeng ho tloha ka 1922 ho ea pele, tse ntseng li tsoela pele ho fihlela mehleng ena, ke tsona tse entseng sena.
5. Mabapi le Bokreste-’mōtoana, molumo o tlerolang oa terompeta ea botšelela o ile oa phetoa joang ka 1927?
5 Hopola hore lengeloi la leholimo le sa tsoa letsa terompeta ea botšelela. Ka lebaka leo, ho ile ha tšoaroa kopano ea botšelela letotong la likopano tsa machaba tsa selemo le selemo tsa Liithuti Tsa Bibele Toronto, Ontario, Canada. Ka Sontaha sa la 24 July, 1927, lenaneo le ile la hasoa liea-le-moeeng tse 53, ’me eo e ne e le khaso e khōlō ka ho fetisisa ho tla fihlela nakong eo. Molaetsa oo o ile oa mameloa ke batho ba ka bang limilione tse ngata. Pele, qeto e matla e ile ea pepesa Bokreste-’mōtoana hore bo shoele moeeng ’me ea etsa memo e reng: “Horeng ena ea tsieleho Jehova Molimo o lemosa batho hore ba lahle ‘Bokreste-’mōtoana’ kapa ‘Bokreste bo hlophisitsoeng’ le hore ba bo nene ka ho sa feleng ba be ba bo furalle ka ho feletseng . . . ; batho ba ke ba inehele ka lipelo tsohle tsa bona ho Jehova Molimo ’me ba tšepahale ho eena ka ho feletseng le ho Morena eo a mo behileng le ’musong oa hae.” Puo ea phatlalatsa e ileng ea latela e ne e e-na le sehlooho se reng, “Tokoloho Bakeng sa Lichaba.” J. F. Rutherford o ile a fana ka eona ka mokhoa oa hae o tloaelehileng o matla, o lumellanang hantle le “mollo le mosi le sebabole” tseo Johanne a li bonang ponong ka mor’a moo.
6. Johanne o hlalosa mabotho a bapalami ba lipere ao a a bonang ka mor’a moo joang?
6 “Palo ea mabotho a bapalami ba lipere e ne e le limiriade tse peli tsa limiriade: Ke ile ka utloa palo ea ’ona. Ona ke mokhoa oo ka oona ke ileng ka bona lipere ponong, le ba li palameng: ba ne ba e-na le litšireletso tsa sefuba tse bofubelu ba mollo le boputsoa ba hyasinthe le bosehla ba sebabole; lihlooho tsa lipere li ne li le joaloka lihlooho tsa litau, ’me melomong ea tsona ho ne ho tsoa mollo le mosi le sebabole. Karolo ea boraro ea batho e ile ea bolaoa ka likotlo tsena tse tharo, ka mollo le mosi le sebabole se neng se tsoa melomong ea tsona.”—Tšenolo 9:16-18.
7, 8. (a) Bapalami ba lipere ba tataisoa ke bo-mang? (b) Bapalami ba lipere ba tšoana le litsie tse tlileng pele ho bona ka litsela life?
7 Kamoo ho bonahalang kateng, bapalami bana ba lipere ba tataisoa ke mangeloi a mane. Ke pono e tšosang hakaakang! Nahana hore na u ne u tla etsa joang haeba e ne e le uena ea futuheloang joalo ke bapalami ba lipere! Ponahalo ea bona feela e ne e tla u tšosa. Leha ho le joalo, na u hlokometse hore na bapalami baa ba lipere ba tšoana hakaakang le litsie tse tlileng pele ho bona? Litsie li ne li tšoana le lipere; ’me bapalami bana ba hlile ba palame lipere. Kahoo, ka bobeli ba loana ntoa ea puso ea Molimo. (Liproverbia 21:31) Litsie li ne li e-na le meno a kang a litau; lipere tsa bapalami ba lipere li na le lihlooho tse kang tsa litau. Kahoo ka bobeli li sebelisana le Tau e sebete ea moloko oa Juda, Jesu Kreste, e leng Moeta-pele oa bona, Molaoli oa bona le Mohlala oa bona.—Tšenolo 5:5; Liproverbia 28:1.
8 Litsie hammoho le bapalami ba lipere ba kopanela mosebetsing oa Jehova oa kahlolo. Litsie li ile tsa hlaha mosing o neng o bontša esale pele hore Bokreste-’mōtoana bo tla hlaheloa ke bomalimabe le mollo o senyang; melomong ea lipere ho tsoa mollo, mosi le sebabole. Litsie li ne li e-na le litšireletso tsa sefuba tsa tšepe, ho bontšang hore lipelo tsa tsona li ne li sirelelitsoe ke ho inehela ka tieo ho lokeng; bapalami ba lipere ba apere litšireletso tsa sefuba tse ’mala o mofubelu, o moputsoa le o mosehla, ho bontšang mollo, mosi, le sebabole tsa melaetsa e bolaeang ea likahlolo tse tsoang melomong ea lipere. (Bapisa le Genese 19:24, 28; Luka 17:29, 30.) Litsie li ne li e-na le mehatla e kang liphepheng bakeng sa ho hlokofatsa; lipere li na le mehatla e kang linoha bakeng sa ho bolaea! Ho bonahala eka se qaliloeng ke litsie se lokela ho ntšetsoa pele ke bapalami ba lipere ka matla a maholo ho fihlela se phethoa.
9. Bapalami ba lipere ba tšoantšetsa eng?
9 Joale, bapalami baa ba lipere ba tšoantšetsa eng? Feela joalokaha sehlopha sa Johanne sa batlotsuoa se qalile phatlalatso e kang ea terompeta ea kahlolo ea Jehova ha a iphetetsa ho Bokreste-’mōtoana ka matla a ho ‘hlaba le ho utloisa bohloko,’ ka ho tšoanang re ne re tla lebella hore sona sehlopha seo se phelang se sebelisoe ‘ho bolaea,’ ka mantsoe a mang, ho tsebahatsa hore Bokreste-’mōtoana le baruti ba bona ba shoele ka ho feletseng moeeng, ba lahliloe ke Jehova ’me ba loketsoe ke ‘sebōpi sa mollo’ sa timetso ea ka ho sa feleng. Ka sebele, Babylona e Moholo kaofela e tlameha ho fela. (Tšenolo 9:5, 10; 18:2, 8; Matheu 13:41-43) Leha ho le joalo, pele e timetsoa, sehlopha sa Johanne se sebelisa “sabole ea moea, ke hore, lentsoe la Molimo,” ho pepesa boemo bo kang ba lefu ba Bokreste-’mōtoana. Mangeloi a mane le bapalami ba lipere ke bona ba etellang pele polaong ena ea tšoantšetso ea “karolo ea boraro ea batho.” (Baefese 6:17; Tšenolo 9:15, 18) Sena se bontša tlhophiso e nepahetseng le tataiso ea puso ea Molimo tlas’a bolisa ba Morena Jesu Kreste ha sehlopha se tšabehang sa baboleli ba ’Muso se tsoela ntoeng.
Limiriade Tse Peli Tsa Limiriade
10. Ke ka kutloisiso efe bapalami ba lipere e leng limiriade tse peli tsa limiriade?
10 Ke joang bapalami baa ba lipere e ka bang limiriade tse peli tsa limiriade? Miriade e le ’ngoe ke 10 000. Kahoo, limiriade tse peli tsa limiriade ke limilione tse 200.a Ka thabo, hona joale ho na le baboleli ba ’Muso ba limilione, empa palo ea bona e hōle haholo le makholo a limilione! Leha ho le joalo, hopola mantsoe a Moshe a hlahang ho Numere 10:36: “Jehova, khutlela ho limiriade tsa likete tsa Iseraele.” (Bapisa le Genese 24:60.) Ha e le hantle, hoo ho ne ho tla bolela hore, ‘Khutlela ho mashome a limilione a Iseraele.’ Leha ho le joalo, palo ea Baiseraele e ne e ka ba limilione tse peli ho isa ho tse tharo feela mehleng ea Moshe. Joale, Moshe o ne a bolela’ng? Ha ho pelaelo hore o ne a hopotse hore ho e-na le hore Baiseraele ba baloe, e ne e lokela ho ba ba se nang palo joaloka “linaleli tsa maholimo le joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle.” (Genese 22:17; 1 Likronike 27:23) Kahoo, o ile a sebelisa lentsoe “miriade” ho bontša palo e khōlō empa e le e sa tobang. Kahoo, The New English Bible e fetolela temana ena tjena: “Phomola, MORENA oa likete tsa Iseraele tse se nang palo.” Sena se lumellana le tlhaloso ea bobeli ea lentsoe “miriade” e fumanoang libukeng tse hlalosang mantsoe tsa Segerike le Seheberu: “letšoele le se nang palo,” “letšoele.”—The New Thayer’s Greek-English Lexicon of the New Testament; A Hebrew and English Lexicon of the Old Testament, ea Gesenius e fetoletsoeng ke Edward Robinson.
11. Hore sehlopha sa Johanne se fetohe limiriade esita le ka kutloisiso ea tšoantšetso, ho ne ho tla hlokahala eng?
11 Leha ho le joalo, ba sehlopha sa Johanne ba ntseng ba setse lefatšeng ba ka tlaase ho 10 000—e leng palo e ka tlaase ho miriade ea sebele. Ke joang ba ka tšoantšoang le likete tse se nang palo tsa bapalami ba lipere? Hore ba fetohe limiriade esita le ka kutloisiso ea tšoantšetso, na ba ne ba ke ke ba hloka ho tlatseletsoa? Ke sona seo ba neng ba se hloka, ’me ka mosa o sa tšoanelang oa Jehova, ke sona seo ba se fumaneng! Baa ba ba tlatsitseng ba tsoa hokae?
12, 13. Ka 1918 ho fihlela ka 1935 ho ile ha etsahala lintho life tse ileng tsa bontša hore na ke bo-mang ba neng ba tla tlatseletsa sehlopha sa Johanne?
12 Ho tloha ka 1918 ho fihlela ka 1922 sehlopha sa Johanne se ile sa qala ho fa batho ba tsielehileng tšepo e thabisang ea hore “ba limilione ba phelang hona joale ba ke ke ba hlola ba e-shoa.” Ka 1923 ho ile ha boela ha tsebahatsoa hore linku tse boleloang ho Matheu 25:31-34 li ne li tla rua bophelo lefatšeng tlas’a ’Muso oa Molimo. Ho ile ha boleloa tšepo e tšoanang bukaneng e bitsoang Freedom for the Peoples, e ileng ea lokolloa kopanong ea machaba ka 1927. Mathoasong a bo-1930 ho ile ha bontšoa hore sehlopha se lokileng sa Jonadabe le “batho ba feheloang le ba bobolang” ka lebaka la boemo bo soabisang ba moea ba Bokreste-’mōtoana ke ntho e le ’ngoe le linku tsa tšoantšetso tse nang le tšepo ea ho phela lefatšeng. (Ezekiele 9:4; 2 Marena 10:15, 16) Ha o lebisa batho ba joalo ‘metseng ea setšabelo’ ea kajeno, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa August 15, 1934, o ile oa re: “Ba sehlopha sa Jonadabe ba utloile molumo oa terompeta ea Molimo ’me ba etse hloko temoso ka ho balehela mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo le ka ho kopanela le batho ba Molimo, ’me ke hona moo ba tlamehang ho lula teng.”—Numere 35:6.
13 Ka 1935 ba sehlopha sena sa Jonadabe ba ile ba memeloa ka ho khetheha kopanong ea Lipaki Tsa Jehova Washington, D.C., U.S.A. Ha ba le moo, ka Labohlano la la 31 May, J. F. Rutherford o ile a fana ka puo ea hae e tummeng e neng e re “Letšoele le Leholo,” eo ho eona a ileng a bontša ka ho hlaka hore sehlopha sena sa Tšenolo 7:9 (King James Version) e ne e le ntho e le ’ngoe le linku tse boleloang ho Matheu 25:33—e leng sehlopha se inehetseng se nang le tšepo ea ho phela lefatšeng. E le selelekela sa lintho tse tla tla, kopanong eo Lipaki tse ncha tse 840 li ile tsa kolobetsoa, boholo ba tsona e le ba bongata bo boholo.b
14. Na bongata bo boholo bo ne bo tla ba le karolo phutuhong ea bapalami ba lipere ba tšoantšetso, ’me ke qeto efe e ileng ea etsoa ka 1963?
14 Na bongata boo bo boholo bo bile le karolo phutuhong ea bapalami ba lipere e qalileng ka 1922 e ileng ea totobatsoa haholo kopanong ea Toronto ka 1927? Ka sebele bo bile le eona tlas’a tataiso ea mangeloi a mane, e leng sehlopha sa Johanne se tlotsitsoeng! Kopanong e ileng ea tšoaroa lefatšeng ka bophara ka 1963 ea “Litaba Tse Molemo Tsa ka ho sa Feleng,” bo ile ba ikopanya le sehlopha sa Johanne qetong e susumetsang. Qeto ena e ile ea phatlalatsa hore lefatše le “tobane le tšisinyeho ea khathatso lefatšeng lohle eo ho seng e kileng ea tšoana le eona, ’me mekhatlo eohle ea lona ea lipolotiki le Babylona ea kajeno ea bolumeli e tla sisinngoa ka ho feletseng.” Ho ile ha etsoa qeto ea hore “ntle ho khethollo re tla tsoela pele ho bolella lichaba tsohle ‘litaba tse molemo tsa ka ho sa feleng’ mabapi le ’muso oa Molimo oa Bomesia le mabapi le likahlolo tsa hae, tse tšoanang le likotlo ho lira tsa hae empa tse tlang ho phethahatsoa ho lokolla batho bohle ba lakatsang ho rapela Molimo ’Mōpi ka mokhoa o amohelehang ka moea le ka ’nete.” Bohle ba 454 977 ba bileng teng likopanong tseo tse 24 ho pota lefatše, bao ho bona ba fetang karolo ea 95 lekholong e neng e le ba bongata bo boholo, ba ile ba amohela qeto ena ka cheseho.
15. (a) Ka 2005 bongata bo boholo bo ne bo etsa karolo e kae lekholong ea basebetsi bao Jehova a ba sebelisang tšimong? (b) Thapelo ea Jesu e tlalehiloeng ho Johanne 17:20, 21 e bontša bonngoe ba bongata bo boholo le sehlopha sa Johanne joang?
15 Bongata bo boholo bo ’nile ba tsoela pele ho bolela hore bo momahane ka ho feletseng le sehlopha sa Johanne ntlheng ea ho tšollela likotlo holim’a Bokreste-’mōtoana. Ka 2005 bongata bona bo boholo bo ne bo le ka holimo ho karolo ea 99,8 lekholong ea basebetsi bao Jehova a ba sebelisang tšimong. Litho tsa bona li lumellana le sehlopha sa Johanne ka pelo eohle, seo Jesu a ileng a se rapella ho Johanne 17:20, 21, ka ho re: “Ha ke etse kōpo malebana le bana feela, empa hape ke etsa kōpo malebana le ba behang tumelo ho ’na ka lentsoe la bona; e le hore kaofela ba ka ba bang, feela joalokaha uena, Ntate, u le bonngoeng le ’na ’me ’na ke le bonngoeng le uena, e le hore le bona ba ka ba bonngoeng le rōna, e le hore lefatše le ka lumela hore u nthomile.” Ha sehlopha sa Johanne se tlotsitsoeng se ntse se etella pele tlas’a Jesu, bongata bo boholo bo chesehang bo kopanela le sona phutuhong ea bapalami ba lipere e senyang ka ho fetisisa historing eohle ea batho!c
16. (a) Johanne o hlalosa melomo le mehatla ea lipere tsa tšoantšetso joang? (b) Melomo ea batho ba Jehova e ’nile ea lokisetsoa tšebeletso joang? (c) Ke eng e ka bapisoang le hore “mehatla ea tsona e joaloka linoha”?
16 Bapalami bana ba lipere ba hloka lihlomo tsa ntoa. Jehova o ba hlomeletse ka tsona ka mokhoa o babatsehang hakaakang! Johanne o li hlalosa tjena: “Etsoe matla a lipere a melomong ea tsona le mehatleng ea tsona; kaha mehatla ea tsona e joaloka linoha ’me e na le lihlooho, ’me li ntša kotsi ka eona.” (Tšenolo 9:19) Jehova o khethile basebeletsi ba hae ba inehetseng, ba kolobelitsoeng bakeng sa tšebeletso ena. O ba rutile ho bolela lentsoe ka Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le liboka le likolo tse ling tsa phutheho, e le hore ba ka khona ho bua ka matla ka “leleme la ba rutiloeng.” O behile mantsoe a hae melomong ea bona ’me a ba romela hore ba e’o tsebahatsa likahlolo tsa hae “phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.” (2 Timothea 4:2; Esaia 50:4; 61:2; Jeremia 1:9, 10; Liketso 20:20) Ka lilemo tse ngata, sehlopha sa Johanne le bongata bo boholo ba siile molaetsa o hlabang, o joaloka “mehatla,” ka ho tsamaisa Libibele, libuka, libukana le limakasine tse likete tsa limilione. Ho bahanyetsi ba bona, ba lemosoang ka ‘tšenyo’ e tlang e tsoang ho Jehova, ruri mabotho ana a bapalami ba lipere a bonahala e le limiriade tse peli tsa limiriade.—Bapisa le Joele 2:4-6.
17. Na Lipaki Tsa Jehova li na le karolo phutuhong ea bapalami ba lipere linaheng tseo ho tsona li ke keng tsa aba lingoliloeng kahobane mosebetsi o thibetsoe? Hlalosa.
17 Karolo e chesehang ka ho fetisisa ea bapalami bana ba lipere e entsoe ka barab’abo rōna ba linaheng tseo mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o thibetsoeng ho tsona. Joaloka linku har’a liphiri, bana ba lokela ho ba “seli joaloka linoha ’me leha ho le joalo [ba] hloke molato joaloka maeba.” Ho bontša hore ba mamela Jehova, ba ke ke ba khaotsa ho bua ka lintho tseo ba li boneng le tseo ba li utloileng. (Matheu 10:16; Liketso 4:19, 20; 5:28, 29, 32) Kaha ha ba na lingoliloeng tseo ba li abang phatlalatsa kapa leha li le teng lia fokola, na re ka etsa qeto ea hore ha ba kopanele phutuhong ee ea bapalami ba lipere? Le hanyenyane! Ba na le melomo le matla a bolaoli a tsoang ho Jehova ao ba ka a sebelisang ho bolela ’nete ea Bibele. Sena ba se etsa ka litsela tse sa reroang le ka ho phehella, ba qala lithuto tsa Bibele ’me ba ‘tlisa ba bangata ho lokeng.’ (Daniele 12:3) Le hoja mohlomong ba sa hlabe ka mehatla ea bona ka kutloisiso ea hore ba siee lingoliloeng tse matla, melomong ea bona ho tsoa mollo, mosi le sebabole tsa tšoantšetso ha ba paka ka bohlale le ka masene ka letsatsi le atamelang la Jehova la ho tlosa qoso.
18. Bapalami ba lipere ba abile lingoliloeng tse ngata hakae tse nang le molaetsa o otlang, hona e le ka lipuo tse kae?
18 Libakeng tse ling, lingoliloeng tsa ’Muso li tsoela pele ho pepesa lithuto tsa Bobabylona tsa Bokreste-’mōtoana le litsela tsa bona, ka tsela ea tšoantšetso li tlisa tšenyo e bo loketseng. Ka ho sebelisa mekhoa ea morao-rao ea khatiso, ka lilemo tse 68 pele ho 2005 bapalami ba lipere ba se nang palo ba ile ba khona ho aba Libibele, libuka, limakasine le libukana tse libilione ka lipuo tse fetang 450—ka makhetlo a mangata ho feta limiriade tse peli tsa limiriade tsa sebele. Mehatla eo e ile ea hlaba habohloko hakaakang!
19, 20. (a) Le hoja melaetsa ea likotlo e ne e tobisitsoe ho Bokreste-’mōtoana ka ho khetheha, ba bang ba leng linaheng tse thōko le Bokreste-’mōtoana ba entse joang ha ba utloa melaetsa eo? (b) Johanne o hlalosa seo batho ka kakaretso ba neng ba tla se etsa joang?
19 Jehova o ne a rerile hore molaetsa ona o otlang o lokela hore o “bolaee karolo ea boraro ea batho.” Kahoo, o ne o tobisitsoe ka ho khetheha ho Bokreste-’mōtoana. Empa o fihlile le linaheng tse thōko-thōko le Bokreste-’mōtoana, ho akarelletsa tse ngata tseo ho tsona boikaketsi ba malumeli a Bokreste-’mōtoana bo tsebahalang haholo. Na batho ba linaha tsee ba atametse haholoanyane ho Jehova ha ba bona mokhatlo oo o senyehileng oa bolumeli o otloa? Ba bangata ba entse joalo! Batho ba bonolo le ba molemo ba phelang libakeng tseo ho tsona ho se nang tšusumetso e tobileng ea Bokreste-’mōtoana ba ’nile ba amohela molaetsa hang-hang. Empa ha Johanne a hlalosa seo batho ka kakaretso ba neng ba tla se etsa, o re: “Empa batho ba bang kaofela ba sa kang ba bolaoa ke likotlo tsena ha baa ka ba bakela mesebetsi ea matsoho a bona, e le hore ba se ke ba rapela bademona le litšoantšo tse rapeloang tsa khauta le silevera le koporo le lejoe le lehong, tse ke keng tsa bona kapa tsa utloa kapa tsa tsamaea; ’me ha baa ka ba bakela lipolao tsa bona kapa liketso tsa bona tsa ho sebelisana le meea kapa bohlola ba bona kapa bosholu ba bona.” (Tšenolo 9:20, 21) Ho ke ke ha e-ba le tšokoloho ea khohola-koqo ea batho ba joalo ba sa bakeng. Bohle ba phehellang litseleng tsa bona tse khopo ba tla tlameha ho tobana le kahlolo e boima e tsoang ho Jehova letsatsing le leholo leo ka lona a tla tlosa qoso eohle ho eena. Empa “e mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.”—Joele 2:32; Pesaleme ea 145:20; Liketso 2:20, 21.
20 Seo re sa tsoa buisana ka sona ke karolo ea bomalimabe ba bobeli. Ho sa ntsane ho tla etsahala lintho tse ngata pele bomalimabe bona bo fela, joalokaha re tla bona likhaolong tse latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha Commentary on Revelation, ea Henry Barclay Swete, e bua ka palo “limiriade tse peli tsa limiriade,” e re: “Palo ena e khōlōhali e re thibela ho batla phethahatso ea sebele, ’me tlhaloso e latelang e tšehetsa qeto ena.”
b Bona leqephe la 119-26 bukeng ena; bona le Vindication, Buka ea Boraro, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova ka 1932, leqepheng la 83-4.
c Ho fapana le litsie, mabotho a bapalami ba lipere a bonoeng ke Johanne a ne a sa roala “ho bonahalang e le meqhaka e joaloka khauta.” (Tšenolo 9:7) Sena se lumellana le ’nete ea hore bongata bo boholo, boo kajeno bo etsang karolo e khōlō ea bapalami ba lipere, ha bo na tšepo ea ho busa ’Musong oa leholimo oa Molimo.
[Setšoantšo se leqepheng la 149]
Ho letsoa ha terompeta ea botšelela ho hlahisa bomalimabe ba bobeli
[Litšoantšo tse leqepheng la 150, 151]
Mangeloi a mane a etella pele phutuho e khōlō ka ho fetisisa ea bapalami ba lipere
[Litšoantšo tse leqepheng la 153]
Bapalami ba lipere ba se nang palo ba abile lingoliloeng tse limilione tse se nang palo tse thehiloeng Bibeleng
[Setšoantšo se leqepheng la 154]
Batho ba bang kaofela ha baa ka ba baka