Phello e sa Qojoeng
Tlhaloso: Phello e ke keng ea qojoa ’me hangata e le e bohloko. Ho na le tumelo ea hore liketsahalo tsohle li reroa ka thato ea bomolimo kapa ke matla a mang a phahametseng motho, hore ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe e tlameha ho etsahala kamoo e etsahalang hobane e hlile ea rereloa joalo pele. Hase polelo kapa thuto ea Bibele.
Na e mong le e mong o na le ‘nako ea ho shoa’ e reriloeng pele?
Tumelo ena e ne e atile har’a Bagerike le Baroma. Ho latela litšōmo tsa bohetene tsa Segerike, ba rerang Phello e sa Qojoeng e ne e le melimo ea basali e meraro e neng e oohla khole ea bophelo, e rera bolelele ba eona le ho e khaola.
Moeklesia 3:1, 2 e bua ka ‘nako ea ho shoa.’ Empa, ho bontša hore ena hase nako eo motho ka mong a e reretsoeng pele, Moeklesia 7:17 e-ea eletsa: “U se ke ua iketsa e mobe ka ho fetisisa, u se ke ua ipea leoatla; hobane ke ha u no u tla shoela’ng, e e-so ho be nako ea hao?” Liproverbia 10:27 e re: ‘Lilemo tsa moetsalibe li tla khutsufatsoa.’ ’Me Pesaleme ea 55:23 e-ea eketsa: “Batho bao ba mali, ba tletseng mano, ba ke ke ba phela ho fihlela lehare la matsatsi a bona.” Ebe joale Moeklesia 3:1, 2 e bolela eng? E mpa e bua feela ka lebili le tsoelang pele la bophelo le lefu tsamaisong ena e sa phethahalang ea lintho. Ho teng nako eo batho ba tsoaloang ka eona le nako eo ba shoang ka eona—hangata ba sa fete lilemo tse 70 kapa 80, empa ka linako tse ling pejana ’me ka linako tse ling hamoraonyana.—Pes. 90:10; bona le Moeklesia 9:11.
Haeba ha motho a hlaha kapa pejana ho teng ho se ho beiloe motsotso kapa mokhoa oo a tla shoa ka oona, ho ne ho ke ke hoa hlokahala ho qoba maemo a kotsi kapa ho baballa bophelo ba motho, ’me mekhoa ea boipaballo e ne e sa tl’o theola palo ea mafu. Empa na u lumela hore lebala la ntoa nakong ea ntoa le sireletsehile joaloka ntlo ea motho e hole le sebaka sa ntoa? Na u baballa bophelo ba hao kapa u isa bana ba hao ngakeng? Ke hobane’ng ha ka karolelano batho ba tsubang ba shoa lilemo tse tharo kapa tse ’nè pele ho ba sa tsubeng? Ke hobane’ng ha likotsi tse bolaeang li fokola ha ba palamang makoloi ba itlama ka mabanta a pholoho leha baqhobi ba mamela melao ea sephethe-phethe? Ka ho totobetseng, boipaballo bo molemo.
Na sohle se etsahalang ke “thato ea Molimo”?
2 Pet. 3:9: “Morena [Jehova] . . . o sa mameletse ka baka la rōna; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.” (Empa hase bohle ba nkang bohato ka mamello ea hae. Ka ho hlakileng, hase “thato ea Molimo” ha ba bang ba hana ho baka. Bapisa Tšenolo 9:20, 21.)
Jer. 7:23-26: “Empa ke eona taba eo ke ba [Baiseraele] laetseng eona, ka re: Le ’ne le mamele lentsoe la ka, ’me ke tla ba Molimo oa lōna, lōna le be sechaba sa ka, le tsamaee mehlaleng eohle eo ke le laelang eona, le tle le hlohonolofale. Empa ha ba ka ba utloa, . . . nkile ka ’na ka le romela bahlanka ba ka kaofela ba baprofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasa-sasa ka tsatsi le leng le le leng, ’me ke ba roma. Empa ha ba ka ba utloa, leha e le ho sekeha tsebe; ba hlile ba satalalitse melala.” (Ka ho hlakileng, bobe bo neng bo etsahala Iseraeleng e ne e se “thato ea Molimo.”)
Mar. 3:35: “Ea etsang thato ea Molimo, ke eena e leng ngoan’eso le khaitseli ea ka le ’mè.” (Haeba eng le eng e etsoang ke mang le mang e ne e le “thato ea Molimo,” ke moo e mong le e mong a neng a tla thabela kamano le Jesu e kang eo a e hlalositseng mono. Empa a re ho ba bang: “Le tsoa ho ntat’a lōna, e leng Diabolose.”—Joh. 8:44.)
Ke eng e ikarabellang bakeng sa lintho tse ngata tse etsahalang tse bonahalang eka ha li hlalosehe?
Moek. 9:11: “Bohle ba hlaheloa ke nako le sebaka [“sebaka,” NE, RS] sa ntho tseo.” (Ka hona, hase ka baka la hore bophelo ba motho bo hlile ba bonoa e sa le pele ka tsela leha e le efe, empa ka tšohanyetso a ka ’na a oeloa ke maemo a bomalimabe.)
Na batho ba jara boikarabelo bakeng sa boholo ba mathata a ba oelang le a oelang batho ba bang?
Ba-Roma 5:12: “Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong [Adama], ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.” (Ho se phethahale, ho akarelletsang le ho sekamela bobeng, bohle re li futsitse ho Adama.)
Moek. 8:9: ‘Batho ba rena holim’a ba bang ho ba etsa hampe.’
Liprov. 13:1, NW: “Mora o ba bohlale moo ho nang le khalemelo ea ntate.” (Seo batsoali ba se etsang se na le tšusumetso e matla bophelong ba bana ba bona.)
Ba-Gal. 6:7: “Le se ke la thetsoa, Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.” (Le Liproverbia 11:17; 23:29, 30; 29:15; 1 Ba-Korinthe 6:18)
Na ho na le matla a phahametseng motho a boetseng a bakelang batho bomalimabe?
Tšen. 12:12: “Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.” (Le Liketso 10:38)
Na Molimo o hle o tsebe le ho lokisetsa sohle?
Esa. 46:9, 10: “Ke ’na Molimo, ’me ha ho o mong; ke ’na Molimo, ’me ha ho ea joale ka ’na. Ke ’na, ha e sa le ho hlaheng, ke bolelang tse tlang ho tla, le khale ke boletse tse e-song ho hlahe. Ke re: Morero oa ka o tla tiea, ke tla phetha thato ea ka kaofela.” (O tsebahatsa morero oa oona, o lokisetsa e sa le pele litaba tse itseng tse amanang le ho phethahala hoa oona ’me o na le matla ’ohle ho tiisa hore tsena li tla phethahala.)
Esa. 11:1-3: “Lekala le tla tsoa kutung ea Jese, lehlomela le hlomele metsong ea hae, le beang litholoana. [Jesu o tsoaletsoe lesikeng la Jese.] Moea oa Jehova o tla lula holim’a hae . . . O tla thabela ho tšaba Jehova.” (Jehova o ne a ka bolela hona ka sebete e sa le pele ka Mora oa hae hobane O ne a hlokometse boikutlo le boitšoaro ba hae maholimong ho tloha qalong ea pōpo.) (Mabapi le bophelo ba Jesu pele e e-ba motho oa nama, bona leqephe 197, tlas’a sehlooho “Jesu Kreste.”)
Deut. 31:20, 21: “Ke ea isa sechaba sena [sa Iseraele] lefatšeng le kollang lebese le linotši, leo ke anetseng bo-ntat’a bona hore ke tla ba nea lona; etlare ha ba jele ba khotše, ba nonne, ba tla khelohela ho melimo esele, ba e sebeletse; ba tla nkhesa, ba tla tlōla selekane sa ka. Etlare ha ba hlaheloa ke mahloko le mahlomola a mangata, sefela sena [se ba hopotsang kamoo ba entseng ka baka la ho hlōleha ho ananela mohau oa Molimo] se tla ba nģosa, joale ka paki, . . . etsoe ke tseba merero ea lipelo tsa bona, eo ba e etsang kajeno, ha ke e-so ho ba kenye lefatšeng leo ke anneng hore ke tla ba nea lona.” (Hlokomela hore matla a Molimo a ho lemoha phello ea tsela ea bona a ne a sa bolele hore o ne a ikarabella bakeng sa eona kapa hore ke seo o neng o ba batlela sona, empa motheong oa seo ba neng ba se etsa o ne a ka bona e sa le pele hore na qetello ke efe. Ka ho tšoanang, motheong oa se bonoang, molepi oa tsa leholimo a ka bolela e sa le pele boemo ba leholimo ka nepo e kholoanyane, empa hase eena ea bo bakang kapa hore o hlile o-oa bo rata.)
Na matla a Molimo a ho tseba liketsahalo e sa le pele le ho li lokisetsa a paka hore o ho etsa mabapi le liketso tsohle tsa libōpuoa tsohle tsa oona?
Tšen. 22:17: “Le ea utloang a ke a re: Tlo! Le ea nyoriloeng a a tle; le ea ratang, a nke feela metsi a bophelo.” (Khetho ha e-ea lokisetsoa pele; e siiloe ho motho ka mong.)
Ba-Roma 2:4, 5: “U nyelisa monono oa mosa oa oona, le oa sebete sa oona, le oa pelo ea oona e telele, ka ho se lemohe hoba molemo oa Molimo o u khannela pakong na? Empa ka bothata ba hao le ka pelo ea hao e se nang pako, u ipokellela bohale bo tlang ho u hlahela mohl’a letsatsi la bohale le la ponahatso ea kahlolo e lokileng ea Molimo.” (Ha ho motho ea qobelloang ho phehella tsela eitseng. Empa motho o tla ikarabella bakeng sa seo a se etsang.)
Sof. 2:3: “Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatše, . . . batlang ho lōka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.” (Na Molimo o lerato le oa toka o ka khothalletsa batho ho etsa ho lokileng, ka tšepo ea moputso, haeba o ne o tseba hore ba lokiselitsoe hore ba ke ke ba atleha?)
Papiso: Motho ea nang le sea-le-moea a ka ’na a mamela litaba tsa lefatše. Empa ’nete ea hore a ka ’na a mamela sea-le-moea se hasang se le hokae-kae ha e bolele hore o se mametse. O tlameha hore pele a bulele sea-le-moea seo ebe joale o khetha hore na o batla ho mamela se hasang se le sebakeng sefe. Ka ho tšoanang, Jehova o na le matla a ho tseba liketsahalo e sa le pele, empa Bibele e bontša hore bohlale boo o bo sebelisa ka mokhoa o khethang le o bohlale, ka hlompho e tšoanelang bakeng sa bolokolohi ba ho ikhethela boo a hlomelletseng libopuoa tsa hae tse batho ka bona.—Bapisa Genese 22:12; 18:20, 21.
Ha Molimo o bōpa Adama, na o tsebile hore Adama o tla etsa sebe?
Seo Molimo o ileng oa se bea ka pel’a Adama le Eva ke sena: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona, ’me le buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng.” “Jehova Molimo a laela motho, a re: Ha e le lifate tsohle tsa tšimo, u tla li ja; empa ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, u se ke ua se ja, hobane mohla u se jang, u tla shoa.” (Gen. 1:28; 2:16, 17) Na u ka khothalletsa bana ba hao hore ba tsoelepele ka morero o nang le bokamoso bo hlollang, u tseba hore o ke ke oa atleha? Na u ka ba hlokomelisa ka kotsi, empa u tseba hore ke uena ea lokiselitseng sohle hore ba qetelle ka mahlomola? Na hoa utloahala, he, ho bua joalo ka Molimo?
Matt. 7:11: “’Me lōna, ba lonya [kapa, “le le babe hakana,” NE], ha le tseba ho nea bana ba lōna ntho tse molemo, Ntat’a lōna ea maholimong o tla fetisa hakakang ka ho nea ba kōpang ho eena tse molemo!”
Haeba Molimo o hlile oa lokisetsa le ho tseba e sa le pele ka sebe sa Adama le sohle se neng se tla hlahisoa ke sona, ho ne ho tla bolela hore Molimo, ka ho bōpa Adama, o qalisitse ka boomo bokhopo bohle bo etsahetseng historing ea motho. E ne etlaba eena Mohloli oa lintoa, bokebekoa, boitšoaro bo bobe, khatello, leshano, boikaketsi, le maloetse kaofela. Empa ka ho hlakileng Bibele e re: “Ha u Molimo o ratang bobe.” (Pes. 5:4) “Moea oa hae o hloile ea khopo le ea ratang sehlōhō.” (Pes. 11:5) ‘Molimo ha o thetse.’ (Tite 1:2) “O [ea beiloeng ke Molimo hore ebe Morena oa Messia] tla ba loela bohorohosong le botubong, mali a bona e be ntho e hlokoang mahlong a hae.” (Pes. 72:14) “Molimo ke lerato.” (1 Joh. 4:8, TLP) ‘O rata toka le ho loka.’—Pes. 33:5.
Na Molimo o rerile Jakobo le Esau e sa le pele?
Gen. 25:23: “Jehova a re ho eena [Rebeka]: Lichaba tse peli li ka popelong ea hao; mefuta e ’meli e tla ikarohanya e e-tsoa maleng a hao; sechaba se tla hlōla sechaba se seng, ’me e moholo [Esau] o tla sebeletsa e monyenyane [Jakobo].” (Jehova o tsebile ho bona seo mafahla a e-song ho tsoaloe a tla ba sona. Mohlomong o ile a hlahloba sena ha a bona e sa le pele litšobotsi tseo e mong le e mong oa bashemane bana a neng a tla ba le tsona ’me a bolela phello e sa le pele. [Pes. 139:16, TLP] Empa ha ho pontšo mona ea hore o ne a hlomme hore na qetello ea ka ho sa feleng ea bona e tla ba efe kapa hore o ne a rerile e sa le pele hore na ketsahalo ka ’ngoe ea bophelo ba bona e ne e tla tsoella joang.)
Na Judase Iskariota o ne a reretsoe pele hore a eke Jesu?
Pes. 41:9: “Monna ea khotsitseng ho ’na, eo ke neng ke mo tšepile, ea neng a e-ja bohobe ba ka, o nthahile ka serethe.” (Hlokomela hore boprofeta ha bo qaqisi hore na e ne etlaba motsoalle ofe oa Jesu. Jehova o ne a tsebile hore Diabolose o ne a sebelisitse moeletsi oa Davida Akitofele hore a mo eke, ’me A etsa hore hoo ho ngoloe hobane ho ne ho bontša kamoo Diabolose a sebelitseng kateng le hore na o ne a tla etsa joang kamoso. E ne e se Molimo empa ‘Diabolose . . . ea kentseng pelong ea Judase Iskariota, mor’a Simone, takatso ea ho eka Jesu.’ [Joh. 13:2] Ho e-na le ho hana, Judase a inehela tšusumetsong eo ea bosatane.)
Joh. 6:64: “Jesu o na a tseba, e sa le ho qaleng . . . ea tlang ho mo eka.” (E seng ho tloha qalong ea pōpo, leha e le ho tloha ha Judase a tsoaloa, empa “ho qaleng” ha a qala ho etsa ka bolotsana. Bapisa Genese 1:1, Luka 1:2 le 1 Johanne 2:7, 13, e leng mangolo ao ho oona kaofela “ho hlaheng” le “ho qaleng” li sebelisitsoeng ho latela maemo. Hlokomela hape le Johanne 12:4-6.)
Na moapostola Pauluse ha a bue ka Bakreste e le ba ‘reretsoeng pele’?
Ba-Roma 8:28, 29: ‘Re tseba hore lintho tsohle li sebelisana hammoho molemong oa ba ratang Molimo, e leng ba bitsitsoeng ka morero oa oona. Hobane bao o itsebetseng bona pele, o bile o ba reretse pele, hore ba tla bapa le setšoantšo sa Mor’a oona, hore eena e tle e be oa letsibolo har’a baena ba bangata.’ (Le Ba-Ef. 1:5, 11) Leha ho le joalo, ho bona bana, 2 Petrose 1:10 e re: “Le mpe le tiee matla ke hona ho tiisa ho bitsoa le ho khethoa ha lōna; hobane ha le ka etsa joalo, ke moo le ke keng la khopjoa le ka mohla o le mong.” (Haeba batho bao ka bomong ba ne ba reretsoe e sa le pele ho pholoha, ha ho kamoo ba neng ba ka hlōleha kateng, ho sa tsotellehe hore na ba entse eng. Kaha ho hlokahala boiteko ka lehlakoreng la motho ka mong, e tlameha ebe ke sehlopha se hlileng sa lokisetsoa e sa le pele. Molimo o rerile hore sehlopha kaofela se tla lumellana le mohlala o beiloeng ke Jesu Kreste. Leha ho le joalo, bao Molimo o ba khethileng hore ebe karolo ea sehlopha seo, ba tlameha ho ipaka ba le khabane haeba ba hlile ba tla fumana moputso oo ba o beetsoeng.)
Ba-Ef. 1:4, 5: “Kamoo o re khethetseng ho eena [Jesu Kreste], ha o no o e-so ho thee lefatše, hore re tle re halalele, ’me re hloke sekoli pel’a oona. Hobane leratong la oona, o no o rere pele ho re bea bana ba oona, ka Jesu Kreste, ka ketso ea boithatelo ba oona.” (Hoa hlokomeleha hore, ho Luka 11:50, 51, Jesu o bapisitse ‘ho theoa ha lefatše’ le mehla ea Abele. Abele ke motho oa pele ea bileng mohaung oa Molimo bophelo bohle ba hae. Ka hona, ke kamorao ho borabele ba Edeneng empa e le pele Abele a emoloa moo Molimo o ileng oa qapa morero oa oona oa ho hlahisa “peō” eo ho neng ho tla lokisetsoa topollo ka eona. [Gen. 3:15] Molimo oa rera hore Jesu Kreste, Peō ea sehlooho, a kopane le sehlopha sa balateli ba hae ba khabane ba neng ba tla ba le kabelo le eena ’musong o mocha holim’a lefatše, ’Muso oa Messia.)
Na linaleli le mafatše li susumetsa liketsahalo bophelong ba rōna kapa li fana ka lipontšo tseo re lokelang ho li nahanela ha re etsa liqeto?
Bolepi ba linaleli bo simolohile hokae?
“Bolepi ba linaleli ba Bophirimela bo ka saloa morao ho fihlela likhopolong le mekhoeng ea Bakalde le Bababylona ba lilemong tsa bo-2000 B.C.”—The Encyclopedia Americana (1977), Moq. 2, leq. 557.
“Bolepi ba linaleli bo ne bo theiloe likhopolong tse peli tsa Babylona: bolepi, le bohalaleli ba lihloliloeng tsa leholimo. . . . Bababylona ba ne ba tlotla mafatše a potolohang letsatsi ka hore a na le litšusumetso tseo motho a neng a ka li lebella melimong ea oona e fapa-fapaneng.”—Great Cities of the Ancient World (New York, 1972), L. Sprague de Camp, leq. 150.
“E le lehlomela le tobileng la tumelo ea Bababylona, Babylonia hammoho le Assyria . . . bolepi ba linaleli bo na le sebaka sa bona bolumeling ba mehlolo ba molao e le o mong oa mekhoa e ’meli e meholo e ka sebelisoang ke baprista . . . bakeng sa ho fumana ka tieo thato le boikemisetso ba melimo, o mong e le ho hlahloba sebete sa phoofolo ea sehlabelo. . . . Ho tsamaea hoa letsatsi, khoeli le mafatše a mahlano a potolohang letsatsi ho ne ho nkoa e le ho emelang tšebetso ea melimo e mehlano eo ho boleloang ka eona, hammoho le molimo oa khoeli Sin le molimo oa letsatsi Shamash, ha e lokisetsa liketsahalo tsa lefatšeng.”—Encyclopædia Britannica (1911), Moq. II, leq. 796.
Pono ea ’Mōpi oa batho ke efe ka mokhoa oo?
Deut. 18:10-12: “Ho se ke ha fumanoa ha eno . . . senohe, kapa moloi, le moupelli . . . hobane bohle ba etsang litaba tseo ba manyala ho Jehova.”
Ho Bababylona, a re: “A ba ke ba eme, ba u pholose, bona ba tsebang leholimo, ba lekolang linaleli, ba u bolellang, ha khoeli e roha, tsee u tla hlaheloa ke tsona. Bona, ba joale ka lirite, . . . bona, bao u sebelisaneng le bona e sa le bocheng ba hao; ba tla ikela e mong le e mong ka tsela ea hae, ha ho motho ea tla u pholosa.”—Esa. 47:13-15.