Ho Fofela Holimo ka Mapheo a Kang a Ntsu
MONNA o ikutloa joang ka mor’a ho mamella lilemo tse hlano likampong tsa mahloriso tsa Nazi? A nyahame? A hloname? A tletse boiphetetso?
Le hoja ho bonahala ho makatsa, monna e mong ea joalo o ile a ngola: “Bophelo ba ka bo ne bo matlafetse haholo ho feta kamoo nkabeng ke ile ka lebella.” Ke hobane’ng ha a ile a ikutloa joalo? O ile a hlalosa: “Ke ile ka fumana tširelo tlas’a mapheo a Ea Holimo-limo, ’me ke bile le phihlelo ea phethahatso ea mantsoe a moprofeta Esaia, ha a ne a re: ‘Ba tšepileng Jehova ba tla boela ba fumane matla. Ba fofele holimo ka mapheo a kang a ntsu. Ba tla . . . tsamaea, ba se ke ba felloa ke matla.’”—Esaia 40:31, NW.
Monna enoa oa Mokreste, eo ’mele oa hae o neng o utloisitsoe bohloko ka tšoaro e tšabehang ho feta eohle e ka nahanoang, o ne a e-na le moea oo ka tšoantšetso o neng o nyolohela holimo, moea oo bobatana ba Nazi bo neng bo ke ke ba o hlōla. Joaloka Davida, o ile a fumana tširelo tlas’a moriti oa “mapheo” a Molimo. (Pesaleme ea 57:1) Mokreste enoa o ile a sebelisa papiso e ileng ea sebelisoa ke moprofeta Esaia, a bapisa matla a hae a moea le a ntsu e nyolohelang holimo-limo sebakeng.
Na u ee u ikutloe u hatelletsoe ke mathata? Ha ho pelaelo hore le uena u tla rata ho fumana tširelo tlas’a mapheo a Ea Holimo-limo, “ho fofela holimo ka mapheo a kang a ntsu.” Ho utloisisa hore na hona ho ka etsahala joang, ho molemo ho tseba ho itseng ka ntsu, eo ka makhetlo a mangata e sebelisitsoeng ka tšoantšetso ka Mangolong.
Tlas’a Letšoao la Ntsu
Linonyaneng tsohle tseo batho ba boholo-holo ba neng ba li behile leihlo, ka mohlomong ntsu e ne e le e babatsoang ka ho fetisisa ka lebaka la matla a eona le ho fofa ho hlollang ha eona. Mabotho a mangata a ntoa a boholo-holo, ho kopanyelletsa a Babylona, Persia le Roma, a ne a tsamaea tlas’a letšoao la ntsu. Lebotho la ntoa la Cyruse e Moholo e ne e le le leng la ana. Bibele e ile ea profeta hore morena enoa oa Bapersia o ne a tla tšoana le nonyana e jang nama, e tsoang bochabela ho tla harola ’Muso oa Babylona. (Esaia 45:1; 46:11) Lilemo tse 200 ka mor’a hore boprofeta bona bo ngoloe, masole a Cyruse, a neng a e-na le ntsu folakheng ea ’ona ea ntoa, a futuhela motse oa Babylona joaloka ntsu ha e ubella phofu ea eona.
Morao tjena, bahale ba kang Charlemagne le Napoleon, ’moho le linaha tse kang United States le Jeremane le tsona li khethile ntsu e le letšoao la tsona. Baiseraele ba ne ba laetsoe hore ba se ke ba rapela litšoantšo tsa lintsu kapa sebōpuoa leha e le sefe se seng. (Exoda 20:4, 5) Leha ho le joalo, bangoli ba Bibele ba ile ba bua ka mokhoa o sa tobang ka litšobotsi tsa ntsu, e le hore ba ka hlakisa molaetsa oa bona. Ke kahoo ntsu, nonyana eo ka makhetlo a mangata ho buuoang ka eona ka Mangolong, e sebelisoang ho tšoantšetsa lintho tse kang bohlale, tšireletso ea bomolimo le ho potlaka.
Leihlo la Ntsu
Kamehla pono e nchocho ea ntsu e ’nile ea sebelisoa maeleng. Le hoja e le ka seoelo ntsu-kobokobo e bang boima ba lik’hilograma tse hlano, ha e le hantle leihlo la eona le leholo ho feta la motho, ’me pono ea eona e nchocho haholoanyane. Jehova ka boeena ha a hlalosetsa Jobo matla a ntsu ha e itšella, o itse: “Mahlo a eona a bonela hole.” (Jobo 39:27, 29) Bukeng ea hae ea All the Birds of the Bible, Alice Parmelee o tlaleha hore “ka nako e ’ngoe ntsu e kile ea bona tlhapi e shoeleng e phaphametse ka metsing letšeng le bohōle ba limaele tse tharo [lik’hilomithara tse hlano] ’me ea tsubella e tšekaletse ho ea sebakeng se nepahetseng. Hase feela hore ntsu eo e ile ea khona ho bona ntho e nyenyane sebakeng se hōle haholo ho seo motho a ka bonang ho sona, empa nonyana eo e ile ea lula e korotse tlhapi eo ntle le ho fanya nakong eo e tsubellang limaele tse tharo [lik’hilomithara tse hlano].”
Ka lebaka la pono ea eona e nchocho, ntsu ke tšoantšetso e loketseng ea bohlale, e ’ngoe ea litšoaneleho tsa sehlooho tsa Jehova. (Bapisa le Ezekiele 1:10; Tšenolo 4:7.) Ke hobane’ng ha ho le joalo? Bohlale bo kopanyelletsa ho bona e sa le pele liphello tsa ketso leha e le efe eo re ka e nkang. (Liproverbia 22:3) Ka bokhoni ba eona ba ho bona sebakeng se hōle, ntsu e ka bona kotsi e sa le hōle ’me ea itlhokomela, feela joaloka monna ea masene ea papisong ea Jesu, ea ileng a bonela pele sefefo ’me a haha ntlo ea hae holim’a lefika. (Matheu 7:24, 25) Ka ho thahasellisang, puong ea Sepanishe, ho tšoantša motho le ntsu ho bolela hore o na le temohisiso kapa tlhalohanyo.
Ha ho ka etsahala hore u be le monyetla oa ho shebela ntsu haufinyane, hlokomela tsela eo e sebelisang mahlo a eona ka eona. Ha e u sheba, ha e u habanye feela; ho e-na le hoo ho bonahala e hlahlobisisa ka botlalo sebōpeho sohle sa hao. Ka ho tšoanang, motho ea bohlale o seka-seka taba ka hloko pele a ka etsa qeto ho e-na le ho tšepa tšekamelo ea hae ea tlhaho kapa maikutlo a hae. (Liproverbia 28:26) Le hoja pono e nchocho ea ntsu ka ho loketseng e tšoantšetsa hantle tšobotsi ea bomolimo ea bohlale, ho fofa ho hlollang ha eona le hona ho sebelisoa ke bangoli ba Bibele ka tsela ea tšoantšetso.
“Mohlala oa Ntsu Sebakeng sa Leholimo”
“Mohlala oa ntsu sebakeng sa leholimo” ke o hlollang ka lebaka la ho potlaka ha eona le tsela eo ho bonahalang e fofa ka bonolo kateng, e sa latele tsela e itseng ka ho khetheha ’me e sa siee mohlala. (Liproverbia 30:19) Lebelo la ntsu ho buuoa ka lona ka mokhoa o sa tobang ho Lillo tsa Jeremia 4:19, moo ho hlalosoang masole a Babylona: “Bahlorisi ba rōna ba lebelo ho fetisa lintsu tsa leholimo, ba re lelekisa lithabeng.” Ho latela litlaleho tse ling, ha ntsu e ntseng e potoloha holimo e bona phofu ea eona, e koba mapheo a eona e be ea tsubella, e leng nako eo ka eona e ka finyellang lebelo le ka isang ho lik’hilomithara tse 130 ka hora. Hase ho makatsang ha Mangolo a sebelisa ntsu ka moelelo o tšoanang le oa lebelo, haholo-holo mabapi le lebotho la ntoa.—2 Samuele 1:23; Jeremia 4:13; 49:22.
Ka lehlakoreng le leng, Esaia o bua ka ho fofa ha ntsu ka tsela e bonolo. “Ba tšepileng Jehova ba tla boela ba fumane matla. Ba fofele holimo ka mapheo a kang a ntsu. Ba tla matha, empa ba ke ke ba khathala; ba tsamaee, ba se ke ba felloa ke matla.” (Esaia 40:31, NW) Sephiri sa ntsu sa ho fofa ka bobebe ke sefe? Ho nyolohela holimo ho hloka boiteko bo seng bokae kaha ntsu e sebelisa maqhubu a moea o chesang o phahamelang holimo. Maqhubu a moea o chesang o phahamelang holimo ha a bonahale, empa ntsu e na le tsebo e ntle ea ho a fumana. Hang ha leqhubu le fumanoe, ntsu e otlolla mapheo a eona le setono, ’me e potoloha ka har’a leqhubu leo la moea o chesang, e leng lona le isang ntsu holimo-limo. Ha bophahamo bo loketseng bo fumanoe, e lelemella leqhubung le hlahlamang, moo tšebetso ena e phetoang hape. Ka tsela ena, ntsu e ka lula holimo ka lihora-hora e sebelisa matla a manyenyane.
Iseraele, haholo-holo moo Rift Valley e otlolohang ho tloha Ezion-geber lebōpong la Leoatle le Lefubelu ho isa Dane ka leboea, ho tloaelehile ho bona lintsu. Ka ho khetheha li ba ngata haholo nakong ea selemo le hoetla ha li falla. Ka lilemo tse ling ho ’nile ha baloa lintsu tse ka bang 100 000. Ha letsatsi la hoseng le futhumatsa moea, linonyana tse jang nama tse makholo li ka bonoa li fofa holim’a lilomo tse lintšing tsa Rift Valley.
Ho fofa ha ntsu ka tsela e bonolo ke papiso e ntle ea kamoo matla a Jehova a ka re phahamisang moeeng le maikutlong kateng e le hore re ka tsoela pele ka mosebetsi oa rōna. Feela joalokaha ntsu e ke ke ea nyolohela bophahamong bo bokaalo e sebelisa matla a eona, re ke ke ra sebetsana ka katleho le maemo haeba re itšetlehile ka matla a rōna. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” (Bafilippi 4:13) Joaloka ntsu e lulang e batla maqhubu a sa bonahaleng a moea o chesang o phahamelang holimo, re ‘tsoela pele ho ’na re kōpa’ matla a sebetsang a sa bonahaleng a Jehova ka lithapelo tsa rōna tse tiileng.—Luka 11:9, 13.
Lintsu tse fallang hangata li fumana maqhubu a moea o chesang o phahamelang holimo ka ho sheba linonyana tse ling tse jang nama. Seithuti sa histori ea lintho tsa tlhaho, D. R. Mackintosh, o ile a tlaleha hore ketsahalong e ’ngoe ho ile ha bonoa lintsu tse 250 le manong li nyoloha li ntse li potoloha leqhubung le le leng la moea o chesang. Ka ho tšoanang Bakreste kajeno ba ka ithuta ho itšetleha ka matla a Jehova ka ho etsisa mehlala e tšepahalang ea bahlanka ba bang ba tšabang Molimo.—Bapisa le 1 Bakorinthe 11:1.
Moriting oa Mapheo a Ntsu
E ’ngoe ea linako tse kotsi ka ho fetisisa bophelong ba ntsu ke ha e ithuta ho fofa. Tse ngata li shoa tekong eo. Sechaba se neng se hloka phihlelo sa Iseraele le sona se ne se le kotsing ha se tloha Egepeta. Ke kahoo mantsoe a Jehova ho Baiseraele e ileng ea e-ba a tšoanelehang haholo: “Le bone seo ke se entseng ho ba-Egepeta, le kamoo ke le pepileng kateng, ka mapheo a ntsu, ka le tlisa ho ’na.” (Exoda 19:4) Ho na le litlaleho tsa lintsu tseo ka bokhutšoanyane li pepang malinyane a tsona ka mokokotlong e le hore a ka se soahlamane boitekong ba ’ona ba pele ba ho fofa. G. R. Driver ha a hlalosa litlalehong tse joalo ho Palestine Exploration Quarterly, o itse: “Kahoo, papiso [ea Bibele] hase khopolo feela e inahanetsoeng, empa e thehiloe tabeng ea ’nete.”
Lintsu ke batsoali ba behang mohlala ka litsela tse ling hape. Hase feela hore li lokisetsa malinyane a e-s’o ka a tsoela kantle lijo tsa kamehla empa ka hloko nonyana ea ’mè e boetse e hlahlatha nama e tlisitsoeng ke ntsu e tona sehlaheng e le hore lelinyane le ka khona ho e koenya. Kaha hangata lihlaha tsa tsona li hahoa lilomong kapa lifateng tse telele, linonyana tse nyenyane li pepesehetse boemo ba leholimo. (Jobo 39:27, 28) Letsatsi le tlabolang, le tloaelehileng mafatšeng a Bibele, le ne le ka bolaea nonyana e nyenyane hoja e ne e se ka tlhokomelo ea batsoali ba eona. Ntsu e hōlileng e otlolla mapheo a eona, ka nako e ’ngoe e be ka lihora-hora, e le hore e ka etsetsa lelinyane le fokolang la eona moriti.
Kahoo, ho tšoaneleha haholo hore ebe mapheo a ntsu a sebelisitsoe ka Mangolong e le letšoao la tšireletso ea bomolimo. Deuteronoma 32:9-12 e hlalosa kamoo Jehova a ileng a sireletsa Baiseraele nakong ea leeto la bona la lefeelleng: “Hobane kabelo ea Jehova ke sechaba sa hae; ’me Jakobo ke kabelo ea lefa la hae. Jehova o mo fumane a le nahathothe, feelleng le tšabehang ka bobe le ka mehoo ea tšenyeho; a mo teela hare kahohle, a mo hlokomela, a mo boloka joalo ka hoja e le thaka ea leihlo la hae. A etsa joalo ka ntsu ha e tsosa malinyane a eona, ’me e okaokela holim’a ’ona, e emisa mapheo a eona, e nka bana ba eona, ’me e ba pepa mapheong a eona. Jehova o mo tsamaisitse e le eena a ’notši.” Jehova o tla re neha tšireletso e tšoanang e lerato haeba re mo tšepa.
Tsela ea ho Pholoha
Ka linako tse ling ha re tobane le mathata, re ka ’na ra iphumana re lakatsa ho fofela hōle le mathata ’ohle a rōna. Ke kamoo Davida a ileng a ikutloa kateng hantle. (Bapisa le Pesaleme ea 55:6, 7.) Empa le hoja Jehova a tšepisitse ho re thusa ha re tobana le liteko le mahlomola tsamaisong ena, ha a fane ka pholoho e feletseng. Re na le tšepiso e tiileng ea Bibele: “Ha ho moleko o le tšoereng haese se tloaelehileng ho batho. Empa Molimo oa tšepahala, ’me ha a na ho le tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se jarang, empa hammoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ea ho tsoa e le hore le khone ho o mamella.”—1 Bakorinthe 10:13.
“Tsela ea ho tsoa” kapa “tsela ea ho pholoha” (King James Version) e akarelletsa ho ithuta ho tšepa Jehova. Sena ke se ileng sa hlokomeloa ke Max Liebster, eo litlhaloso tsa hae li ileng tsa qotsoa qalong ea sehlooho sena. Nakong ea lilemo tseo a li qetileng likampong tsa mahloriso, o ile a tseba Jehova le ho itšitleha ka eena. Joalokaha Max a hlokometse, Jehova o re matlafatsa ka Lentsoe la hae, moea oa hae le mokhatlo o hlophisitsoeng oa hae. Esita le likampong, Lipaki li ile tsa batla balumeli-’moho le tsona ’me tsa fanana thuso ea moea, tsa arolelana mehopolo ea Mangolo le sengoliloeng leha e le sefe sa Bibele se neng se fumaneha. ’Me joalokaha baphonyohi ba tšepahalang ba ’nile ba paka nako le nako, Jehova o ile a li matlafatsa. Max oa hlalosa: “Ka ho tsoelang pele ke ne ke kōpa Jehova hore a nthuse, ’me moea oa hae o ile oa ntšehetsa.”
Ho sa tsotellehe teko leha e le efe eo re tobanang le eona, ka ho tšoanang re ka itšetleha ka moea o halalelang oa Molimo, hafeela re lula re o kōpa. (Matheu 7:7-11) Re matlafalitsoe ke “matla [ana] a ka ’nģane ho se tloaelehileng,” re tla fofela holimo ho e-na le ho sithabetsoa ke mathata a rōna. Re tla tsoela pele re tsamaea tseleng ea Jehova, ’me re ke ke ra khathala. Re tla fofela holimo joaloka lintsu.—2 Bakorinthe 4:7; Esaia 40:31.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 10]
Ha e u sheba, ha e u habanye feela
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Foto: Cortesía de GREFA
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Foto: Cortesía de Zoo de Madrid