Lefa la Rōna la Bohlokoa—Le Bolela Eng ho Uena?
“Tloong, lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le rue [lefa la] ’muso oo le o lokiselitsoeng ho tloha ho thehoeng ha lefatše.”—MATHEU 25:34.
1.Batho ba fumane lefa la lintho tsa mofuta ofe?
BATHO bohle ba na le lintho tseo ba li fumaneng e le lefa. Ho ba bang lefa lena le ka akarelletsa ho hafa ka nkatana. Ho ba bang ke ho kolla ntsi hanong. Mabakeng a mang, ka lebaka la seo meloko e fetileng e neng e se entsoe kapa e se utloile, e fetiselitse ho bana ba eona lehloeo le matla la morabe o mong. Leha ho le joalo, kaofela ha rōna, re tšoana ka ntho e le ’ngoe. Kaofela re amohetse ho monna oa pele, Adama, lefa la sebe. Lefa leo le qetella ka lefu.—Moeklesia 9:2, 10; Baroma 5:12.
2, 3. Tšimolohong Jehova o ile a bula monyetla oa hore bana ba Adama le Eva ba be le lefa la eng, ’me ke hobane’ng ha ba sa ka ba le fumana?
2 Jehova, e le Ntate ea lerato oa leholimo, tšimolohong o ne a file moloko oa batho lefa le fapaneng hōle la bophelo bo sa feleng ba phethahetse Paradeiseng. Batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, ba ne ba bōpiloe ba phethahetse, ba se na sebe. Jehova Molimo o file moloko oa batho Lefatše lena e le mpho. (Pesaleme ea 115:16) O ile a lokisetsa serapa sa Edene e le mohlala oa seo qitikoe ena eohle e neng e ka ba sona eaba o fa batsoali ba rōna ba pele mosebetsi o babatsehang le o phephetsang. Ba ne ba lokela ho beleha bana, ho hlokomela lefatše le limela tsohle le liphoofolo tsa lona tsa mefuta-futa, le ho atolosetsa meeli ea Paradeise lefatšeng lohle. (Genese 1:28; 2:8, 9, 15) Bana ba bona ba ne ba tla ba le kabelo ho sena. E ne e tla ba lefa le hlollang hakaakang leo ba neng ba tla khona ho le fetisetsa ho bona!
3 Leha ho le joalo, hore ba tle ba thabele sena sohle, Adama le Eva le bana ba bona ba ne ba tšoanela ho ba le kamano e ntle le Molimo. Ba ne ba tlameha ho rata Jehova le ho mo mamela, empa Adama le Eva ba ile ba hlōleha ho ananela seo Molimo a neng a ba file sona eaba ha ba mamele taelo ea hae. Ba ile ba lahleheloa ke lehae la bona la Paradeise le tebello ea lintho tse tlotlehang eo Molimo a neng a ba tšepisitse eona. Kahoo, ba ne ba ke ke ba e fetisetsa ho bana ba bona.—Genese 2:16, 17; 3:1-24.
4. Re ka fumana joang lefa leo Adama a ileng a le lahla?
4 Ka mohau, Jehova o ile a etsa tokisetso ea hore bana ba Adama le Eva ba ka ba le monyetla oa ho fumana lefa leo Adama a le lahlileng. Joang? Ka nako ea Molimo, Mora oa hae, Jesu Kreste, o ile a tela bophelo ba hae bo phethahetseng molemong oa bana ba Adama. Ka mokhoa ona Kreste o ba rekile kaofela. Leha ho le joalo, lefa lena ha ba le fumane ka mohlolo. Ho hlokahala hore ba amohelehe ho Molimo, e leng hoo ba ka ho finyellang ka ho bontša tumelo matleng a phekolang libe a sehlabelo sa Jesu le ka ho bonahatsa tumelo eo ka ho mamela. (Johanne 3:16, 36; 1 Timothea 2:5, 6; Baheberu 2:9; 5:9) Na tsela eo u phelang ka eona e bontša hore u ananela tokisetso eo?
Lefa le Ileng la Fetisoa ka Abrahama
5. Abrahama o ile a bontša kananelo joang bakeng sa kamano ea hae le Jehova?
5 Ha Jehova a ntse a phethahatsa morero oa hae bakeng sa lefatše, o ile a sebelisana le Abrahama ka tsela e khethehileng. O ile a laela monna eo ea tšepahalang hore a tlohe naheng ea habo le hore a fallele naheng eo Molimo ka boeena a neng a tla mo bontša eona. Abrahama o ile a mamela ka boikemisetso. Hoba Abrahama a fihle moo, Jehova o ile a bolela hore bana ba Abrahama, eseng Abrahama ka boeena, ba ne ba tla fumana naha eo e le lefa. (Genese 12:1, 2, 7) Abrahama o ile a itšoara joang? O ne a ikemiselitse ho sebeletsa Jehova kae kapa kae le ka tsela leha e le efe eo Molimo a neng a tla mo laela eona e le hore bana ba hae ba ka fumana lefa la bona. Abrahama o ile a sebeletsa Jehova ka lilemo tse 100 naheng esele, ho fihlela a e-shoa. (Genese 12:4; 25:8-10) Na u ka be u ile ua etsa joalo? Jehova o itse Abrahama e ne e le “motsoalle” oa hae.—Esaia 41:8, NW.
6. (a) Abrahama o ile a bontša’ng ka ho ikemisetsa ho etsa mora oa hae sehlabelo? (b) Ke lefa lefe la bohlokoa leo Abrahama a neng a ka le fetisetsa ho bana ba hae?
6 Ka lilemo tse ngata Abrahama o ne a ile a letela mora, Isaka, eo a ileng a mo rata haholo. Ha ho hlakile hore moshemane o hōlile ’me ke mohlankana, Jehova o ile a laela Abrahama hore a mo nke ’me a mo nyehele e le sehlabelo. Abrahama o ne a sa tsebe hore o ne a tla tloha a tšoantšetsa seo Molimo ka boeena a neng a tla se etsa ka ho fana ka Mora oa hae e le thekollo; empa, o ile a mamela ’me o ne a le lekhatheng la ho nyehela Isaka e le sehlabelo ha lengeloi la Jehova le mo thiba. (Genese 22:9-14) Jehova o ne a se a boletse hore litšepiso tsa hae ho Abrahama li ne li tla phethahatsoa ka Isaka. Kahoo, ho totobetse hore Abrahama o ne a e-na le tumelo ea hore, haeba ho hlokahala, Molimo o ne a ka tsosa Isaka bafung, le hoja ntho ea mofuta oo e ne e e-s’o etsahale. (Genese 17:15-18; Baheberu 11:17-19) Kaha Abrahama ha aa ka a hana le ka mora oa hae, Jehova o ile a phatlalatsa: “Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peō ea hao.” (Genese 22:15-18, NW) Sena se ile sa bontša hore Peō e boletsoeng ho Genese 3:15, molopolli oa Bomesia, e ne e tla tla ka lesika la Abrahama. E ne e le lefa la bohlokoa hakaakang le ka fetisetsoang pele!
7. Abrahama, Isaka le Jakobo ba ile ba bontša kananelo joang bakeng sa lefa la bona?
7 Abrahama o ne a sa tsebe bohlokoa ba seo Jehova a neng a se etsa ka nako eo; le eena mora oa hae Isaka kapa setloholo sa hae Jakobo, ba ileng ba fetoha “majalefa le eena a tšepiso eona eo e tšoanang,” ba ne ba sa tsebe. Empa kaofela ba ne ba tšepile Jehova. Ha baa ka ba ikamahanya le mebuso leha e le efe ea metse ea naha eo hobane ba ne ba batla ho hong ho molemo—“motse o nang le metheo ea sebele, motse oo sehahi le moetsi oa oona e leng Molimo.” (Baheberu 11:8-10, 13-16) Empa, hase bana bohle ba Abrahama ba ileng ba ananela bohlokoa ba lefa leo le neng le fumaneha ka Abrahama.
Ba Bang ba Ileng ba Nyelisa Lefa Leo
8. Esau o ile a bontša joang hore ha a ananele bohlokoa ba lefa la hae?
8 Mora e moholo oa Isaka, Esau, o ile a hlōleha ho ananela tokelo ea hae ea ho tsoaloa e le letsibolo. O ne a sa ananele lintho tse halalelang. Kahoo, ka letsatsi le leng ha a lapile, o ile a rekisetsa mor’abo, Jakobo, tokelo ea hae e le letsibolo. Bakeng sa eng? Bakeng sa sejo se le seng sa bohobe le sechu sa linaoa! (Genese 25:29-34; Baheberu 12:14-17) Sechaba seo litšepiso tsa Molimo ho Abrahama li neng li tla phethahatsoa ka sona se tsoile ho Jakobo, eo Molimo a ileng a fetola lebitso la hae hore e be Iseraele. Lefa leo le khethehileng le ile la se bulela menyetla efe?
9. Ka lebaka la lefa la bona la moea, bana ba Jakobo, kapa Iseraele, ba ile ba lokoloha ho eng?
9 Nakong ea tlala ea boja-likata, Jakobo le lelapa la hae ba ile ba fallela Egepeta. Ha ba le moo ba ile ba ngatafala haholo, empa hape ba ile ba fetoha makhoba. Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a lebala selekane sa hae le Abrahama. Ka nako ea Molimo, o ile a lopolla bara ba Iseraele bokhobeng ’me a ba tsebisa hore o tla ba isa “naheng e kollang lebese le linotši,” naha eo a neng a e tšepisitse Abrahama.—Exoda 3:7, 8; Genese 15:18-21.
10. Ha ba le Thabeng ea Sinai, ke liketsahalo life tse sa tloaelehang tse eketsehileng tse ileng tsa etsahala mabapi le lefa la bara ba Iseraele?
10 Ha bara ba Iseraele ba ne ba le tseleng e eang Naheng e Tšepisitsoeng, Jehova o ile a ba khobokanya Thabeng ea Sinai. Ha ba le moo a re ho bona: “Ekare ha le ka fela la utloa lentsoe la ka, la boloka selekane sa ka, le tla ba letlotlo la ka la sebele har’a lichaba tse Iing kaofela, etsoe lefatše lohle e le la ka. Le tla ba ho ’na ’muso oa baprista, le sechaba se khethehileng.” (Exoda 19:5, 6) Ka mor’a hore sechaba se lumellane le sena ka boithatelo le ka lentsoe le le leng, Jehova o ile a se neha Molao oa hae—e leng ntho eo a neng a sa ka a e etsa ho sechaba leha e le sefe.—Pesaleme ea 147:19, 20.
11. Lintho tse ling tsa bohlokoa tse neng li akarelelitsoe lefeng la moea la bara ba Iseraele ke life?
11 Sechaba seo se secha se ne se e-na le lefa le lekaakang la moea! Se ne se rapela Molimo a le mong feela oa ’nete. Se ne se lopolotsoe ke eena Egepeta ’me se bone liketsahalo tse tšosang ha ho ne ho fanoa ka Molao Thabeng ea Sinai. Lefa la bona le ile la eketsoa hape ha baprofeta ba ba neha “liphatlalatso [tse eketsehileng] tse halalelang tsa Molimo.” (Baroma 3:1, 2) Ke Jehova ea neng a ba khethile hore e be lipaki tsa hae. (Esaia 43:10-12) Peō ea Bomesia e ne e tla hlaha sechabeng sa bona. Molao o ne o tobisitsoe ho eona, o ne o tla e khetholla, ’me o ne o lokela ho ba thusa ho utloisisa hore baa e hloka. (Bagalata 3:19, 24) Ho feta moo, ba ne ba tla nehoa monyetla oa ho sebeletsa le Peō ea Bomesia e le ’muso oa baprista le sechaba se halalelang.—Baroma 9:4, 5.
12. Le hoja Baiseraele ba ile ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, ha baa ka ba fumana eng? Ka lebaka lefe?
12 Tumellanong le tšepiso ea hae, Jehova o ile a etella Baiseraele pele ha ba e-ea Naheng e Tšepisitsoeng. Empa joalokaha moapostola Pauluse a ile a hlalosa hamorao, ka lebaka la ho hloka tumelo ha bona, naha eo ha ea ka ea e-ba ‘sebaka sa phomolo’ sa ’nete. E le sechaba, ha baa ka ba kena “phomolong ea Molimo” hobane ba ile ba hlōleha ho lemoha le ho sebetsa tumellanong le morero oa letsatsi la Molimo la phomolo, le qalileng ka mor’a ho bōptjoa ha Adama le Eva.—Baheberu 4:3-10.
13. Ka hore Baiseraele, e le sechaba, ba hlōlehe ho ananela lefa la bona la moea, ba ile ba lahleheloa ke eng?
13 Ho Baiseraele ba tlhaho ho ka be ho ile ha hlaha palo e feletseng ea ba neng ba tla kopanela le Mesia ’Musong oa hae oa leholimo e le ’muso oa baprista le sechaba se khethehileng. Empa ha baa ka ba ananela lefa la bona la bohlokoa. Ke masala feela a Baiseraele ba tlhaho a ileng a amohela Mesia ha a fihla. Ka lebaka leo, ke palo e fokolang feela e ileng ea akarelletsoa ’musong oa baprista o boletsoeng esale pele. Baiseraele ba tlhaho ba ile ba amohuoa ’Muso ’me oa ‘fuoa sechaba se hlahisang litholoana tsa oona.’ (Matheu 21:43) Sechaba seo ke sefe?
Lefa Maholimong
14, 15. (a) Ka mor’a lefu la Jesu, lichaba li ile tsa qala ho itlhohonolofatsa joang ka “peō” ea Abrahama? (b) Litho tsa “Iseraele ea Molimo” li fumana lefa la eng?
14 Sechaba se ileng sa fuoa ’Muso ke “Iseraele ea Molimo,” e leng Iseraele ea moea, e entsoeng ka balateli ba Jesu Kreste ba tsoetsoeng ka moea, ba 144 000. (Bagalata 6:16; Tšenolo 5:9, 10; 14:1-3) Ba bang ba bao ba 144 000 e ne e le Bajuda ka tlhaho, empa boholo ba bona ba ne ba e-tsoa ho Balichaba. Ka tsela eo, tšepiso ea Jehova ho Abrahama, ea hore lichaba tsohle li ne li tla hlohonolofatsoa ka “peō” ea hae, e ile ea qala ho phethahatsoa. (Liketso 3:25, 26; Bagalata 3:8, 9) Phethahatsong eo ea pele, batho ba lichaba ba ile ba tlotsoa ka moea o halalelang le ho amoheloa ke Jehova Molimo e le bara ba moea, barab’abo Jesu Kreste. Kahoo, le bona ba ile ba fetoha karolo ea bobeli ea “peō” eo.—Bagalata 3:28, 29.
15 Pele ho lefu la hae, Jesu o ile a kenyelletsa selekane se secha ho Bajuda bao ho neng ho lebeletsoe hore e tla ba litho tsa sechaba seo se secha se neng se tla tiisoa ka molao ka mali a hae. Motheong oa tumelo ea bona sehlabelong seo se fanang ka tiiso ea molao, ba kentsoeng selekaneng seo ba ne ba tla etsoa “ba phethahetseng ka ho sa feleng.” (Baheberu 10:14-18) Ho ne ho ka phatlalatsoa hore ‘ba lokile’ le hore ba tšoaretsoe libe tsa bona. (1 Bakorinthe 6:11) Kahoo, ka kutloisiso eo ba tšoana le Adama pele a etsa sebe. Leha ho le joalo, bana ba ke ke ba phela lefatšeng la paradeise. Jesu o boletse hore o il’o ba lokisetsa sebaka leholimong. (Johanne 14:2, 3) Ba tela litebello tsa bona tsa lefatšeng e le hore ba be le ‘lefa le bolokiloeng maholimong bakeng sa bona.’ (1 Petrose 1:4) Ba etsa’ng moo? Jesu o hlalositse: “Ke etsa selekane le lōna . . . bakeng sa ’muso.”—Luka 22:29.
16. Ke mosebetsi ofe o babatsehang o emetseng Bakreste ba tlotsitsoeng?
16 Se seng seo ba tla busa le Kreste ba tla se etsa ba le leholimong, ke ho thusa ho tlosa mesaletsa eohle ea bofetoheli khahlanong le bobusi ba Jehova. (Tšenolo 2:26, 27) E le karolo e tlaasana ea peō ea moea ea Abrahama, ba tla ba le karolo ea ho tlisetsa batho ba lichaba tsohle tlhohonolofatso ea bophelo bo phethahetseng. (Baroma 8:17-21) Ba na le lefa la bohlokoa hakaakang!—Baefese 1:16-18.
17. Bakreste ba tlotsitsoeng ba thabela tšobotsi efe ea lefa la bona ha ba sa ntsane ba le lefatšeng?
17 Empa lefa la balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng hase la nakong e tlang kaofela. Ka mokhoa oo ho seng motho e mong ea neng a ka etsa ka oona, Jesu o ile a ba thusa hore ba tsebe Jehova, Molimo a le mong feela oa ’nete. (Matheu 11:27; Johanne 17:3, 26) Ka lipolelo le ka mohlala, o ile a ba ruta hore na ‘ho tšepa Jehova’ ho bolela eng le hore na ho Mo mamela ho akarelletsa eng. (Baheberu 2:13; 5:7-9) Jesu o ile a siea matsohong a bona tsebo ea ’nete mabapi le morero oa Molimo ’me a ba tiisetsa hore moea o halalelang o tla ba fihlisa kutloisisong e feletseng ea oona. (Johanne 14:24-26) O ile a hatisa bohlokoa ba ’Muso oa Molimo likelellong le lipelong tsa bona. (Matheu 6:10, 33) Jesu o ile a boela a ba fa boikarabelo ba mosebetsi oa ho paka le ho etsa batho barutuoa Jerusalema, Judea, Samaria le likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa lefatše.—Matheu 24:14; 28:19, 20; Liketso 1:8.
Lefa la Bohlokoa Bakeng sa Bongata bo Boholo
18. Tšepiso ea Jehova ea hore lichaba tsohle li tla itlhohonolofatsa ka “peō” ea Abrahama e phethahatsoa joang kajeno?
18 Ho ka etsahala hore ebe ho se ho khethiloe palo e feletseng ea Baiseraele ba moea ba “mohlape o monyenyane” oo oa majalefa a ’Muso. (Luka 12:32) E se e le mashome a lilemo joale Jehova a lebisitse tlhokomelo ho bokelloeng ha bongata bo boholo ba ba bang ba tsoang lichabeng tsohle. Kahoo, tšepiso ea Jehova ho Abrahama ea hore lichaba tsohle li ne li tla itlhohonolofatsa ka “peō” ea hae e phethahatsoa ka matla. Ka thabo, bana ba hlohonolofalitsoeng le bona ba etsetsa Jehova tšebeletso e halalelang ’me ba hlokomela hore poloko ea bona e itšetlehile ka tumelo ho Konyana ea Molimo, Jesu Kreste. (Tšenolo 7:9, 10) Na u amohetse memo e mosa ea Jehova ea ho ba karolo ea sehlopha see se thabileng?
19. Batho ba lichaba ba hlohonolofatsoang hona joale ba lebeletse lefa lefe?
19 Ke lefa lefe la bohlokoa leo Jehova a le fang bao e seng ba mohlape o monyenyane? Che, hase lefa le maholimong. Ke lefa leo Adama a ka beng a le fetiselitse ho bana ba hae la tebello ea bophelo bo sa feleng paradeiseng eo ho eona lintho li tla beng li phethahetse eo butle-butle e tla akaretsa lefatše kaofela. E tla ba lefatše leo ho lona ‘lefu le sa tl’o hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko.’ (Tšenolo 21:4) Kahoo, Lentsoe le bululetsoeng la Molimo le bua le uena, le re: “U be le tšepo ho Jehova, u etse ho hotle; u ahe lefatšeng, u ikhorisetse ’neteng. U ikhahlisetse ho Jehova, ’me o tla u nea se batloang ke pelo ea hao. Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo . . . empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e khōlō. Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:3, 4, 10, 11, 29.
20. “Linku tse ling” li thabela joang boholo ba lefa la moea la Bakreste ba tlotsitsoeng?
20 Lefa la “linku tse ling” tsa Jesu le sebakeng sa lefatšeng sa ’Muso oa leholimo. (Johanne 10:16a) Le hoja li sa tl’o ba maholimong, boholo ba lefa la moea le thabeloang ke batlotsuoa bo fetisetsoa ho tsona. Ho sebelisitsoe sehlopha se tlotsitsoeng sa “lekhoba le tšepahalang le le masene” hore linku tse ling li fumane kutloisiso ea litšepiso tsa bohlokoa tse ka Lentsoeng la Molimo. (Matheu 24:45-47; 25:34) Batlotsuoa le linku tse ling, ba tseba Molimo a le mong feela oa ’nete, Jehova, ba bile ba mo rapela hammoho. (Johanne 17:20, 21) Ba leboha Molimo hammoho ka matla a phekolang sebe a sehlabelo sa Jesu. Ba sebetsa hammoho e le mohlape o le mong tlas’a Molisa a le mong, Jesu Kreste. (Johanne 10:16b) Bohle ke karolo ea mokhatlo o le mong oa bara ba motho oa lefatše, o lerato. Ba kopanela hammoho tokelo ea ho ba Lipaki tsa Jehova le tsa ’Muso oa hae. E, haeba u mohlanka oa Jehova ea inehetseng le ea kolobelitsoeng, sena sohle se akarelelitsoe lefeng la moea la hao.
21, 22. Bohle re ka bontša joang hore re nka lefa la rōna la moea e le la bohlokoa?
21 Lefa lee la moea ke la bohlokoa hakae ho uena? Na u le nka e le la bohlokoa hoo ho etsoa ha thato ea Molimo e leng ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hao? E le bopaki ba seo, na u mamela keletso ea Lentsoe la hae le mokhatlo oa hae hore u be teng kamehla libokeng tsohle tsa phutheho ea Bokreste? (Baheberu 10:24, 25) Na lefa leo ke la bohlokoa ho uena hoo u tsoelang pele ho sebeletsa Molimo ho sa tsotellehe mathata? Na kananelo ea hao ea lona e matla ho lekana hore e u tiise hore u hanele teko leha e le efe ea hore u phehelle tsela e ka ’nang ea etsa hore le u lahlehele?
22 E se eka bohle re ka nka lefa la moea leo Molimo a re fileng lona e le la bohlokoa. Ha re ntse re tsepamisitse mahlo a rōna Paradeiseng e tlang, a re kopaneleng ka botlalo litokelong tsa moea tseo Jehova a re fang tsona hona joale. Ka hore kannete re hahe bophelo ba rōna kamanong ea rōna le Jehova, re fana ka bopaki bo kholisang ba kamoo lefa leo re le filoeng ke Molimo e leng la bohlokoa kateng ka sebele ho rōna. E se eka re ka ba har’a ba reng: “Ke tla u holisa, Molimo oa ka, Morena oa ka! ke tla boka lebitso la hao ka mehla le ka ho sa eeng kae.”—Pesaleme ea 145:1.
U ka Hlalosa Joang?
• Haeba Adama a ne a tšepahetse ho Molimo, a ka be a fetiselitse lefa lefe ho rōna?
• Bana ba Abrahama ba ile ba tšoara joang lefa le neng le le mocheng oa bona?
• Lefa la balateli ba tlotsitsoeng ba Kreste le akarelletsa eng?
• Lefa la bongata bo boholo ke eng, hona bo ka bontša joang hore bo le ananela e le kannete?
[Litšoantšo tse leqepheng la 20]
Bana ba Abrahama ba ile ba tšepisoa lefa la bohlokoa
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Na u ananela lefa la hao la moea?