Melao e Leshome e Bolela’ng ho Uena?
NAKONG ea likhoeli tse tharo ea ho lopolloa ha bona Egepeta ka 1513 B.C.E., Baiseraele ba ile ba hloma litente ka pel’a Thaba ea Sinai lefeelleng. Ha a bitsoa ke Jehova, moprofeta Moshe o ile a hloa thaba ’me a utloa Molimo o tšepisa hore O ne o tla etsa sechaba sa Iseraele ‘letlotlo la oona la sebele har’a lichaba tse ling kaofela.’ Eaba Moshe o fetisetsa sena ho sechaba ka baholo ba sechaba. “Sechaba kaofela sa araba hammoho, sa re: Tsohle tseo Jehova a li buileng re tla li etsa.”—Exoda 19:1-8.
Ka mor’a moo, Molimo o ile oa bolella Moshe Melao e Leshome ka ho hlaka, a fana ka selelekela sa melao ena ka ho hlalosa: “Ke ’na Jehova, Molimo oa hao, o u ntšitseng lefatšeng la Egepeta, tlung ea bohlanka.” (Exoda 20:2) Melao ena e Leshome e ne e le ea Baiseraele, ba ileng ba bolelloa tjena Molaong oa Pele: “U se ke ua ba le melimo e meng pel’a sefahleho sa ka.”—Exoda 20:3.
Hape, Jehova o ile a fa Moshe taelo melaong e meng ea bomolimo bakeng sa Iseraele. (Exoda 20:4–23:19) Ha e kopana, e ne e etsa melao e ka bang 600. ’Me e ne e le ho hlollang hakaakang ho hlokomela hore lengeloi la Molimo le ne le etelletse sechaba pele ho lokisa tsela e kenang lefatšeng la Pallo! (Exoda 23:20-22) Jehova o ile a phatlalatsa: “Ke tla etsa, pontšeng ea sechaba sa hao kaofela, mehlolo e sa kang ea etsoa kae le kae lefatšeng, leha e le chabeng sefe le sefe; sechaba sohle seo u leng har’a sona, se tla bona mosebetsi oa Jehova oo ke tla u sebetsa ka uena, hoba ke o tšabehang hakakang.” Ka ntle ho moo, ke’ng seo Molimo o neng o se hloka ho batho ba oona? “Seo ke u laelang sona kajeno u se ele hloko.” E, ho utloa melao eohle ea Jehova le litaelo e ne e le ho tlamang.—Exoda 34:10, 11.
Seo Mantsoe a Leshome a Neng a se Bolela ho Iseraele
Ka baka la ho baleha ha bona ho neng ho sirelelitsoe ke Molimo botlamuoeng ba Egepeta, Baiseraele ba ile ba tseba lebitso la Molimo ka kutloisiso e ncha. Jehova o ne a fetohile Molopolli oa bona. (Exoda 6:2, 3) Ka baka leo, molao oa boraro o ile oa bolela ho khethehileng ho bona, kaha joale ba ne ba thibetsoe ho tlaela ka lebitso la Molimo.—Exoda 20:7.
Empa ho thoe’ng ka molao oa bone, o amanang le letsatsi la Sabatha? Molao ona o ne o bontša ho hlompha lintho tse halalelang, joalokaha Jehova a ne a bontšitse pejana ha a thea “tsatsi la phomolo” mabapi le ho bokelloa ha manna. (Exoda 16:22-26) Kahobane Baiseraele ba bang ha baa ka ba utloa kapele, Jehova o ile a ba hopotsa ka ho hlaka hore o ne a ba file taelo eo. ‘Bonang Jehova o le neile sabatha. Eaba moo sechaba se phomolang ka tsatsi la bosupa.’ (Exoda 16:29, 30) Hamorao, Jehova o ile a bontša kamoo tokisetso ena e neng e le e ikhethang kateng, a bolela: “Ke pontšo ea ka mehla mahareng a ka le bana ba Iseraele.”—Exoda 31:17.
Joale, nahana ka molao oa leshome o ikhethang, o thibelang ho lakatsa lintho tsa ba bang. Ona ke molao oo ho seng motho ea neng a ka o phethisisa. Moiseraele ka mong o ne a ikarabella ho Molimo oa hae, Jehova, ea neng a lekola pelo ea motho ka mong e le ho fumana merero ea hae.—Exoda 20:17; 1 Samuele 16:7; Jeremia 17:10.
Pono e Fetotsoeng
Jesu Kreste, ea tsoaletsoeng sechabeng sa Iseraele, o ile a bolella barutuoa ba hae: “Le se ke la hlōma ekaba ke tlile ho felisa molao, leha e le baprofeta; ha kea tla ho felisa, ke mpa ke tlile ho phetha.” (Mattheu 5:17) Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Baheberu tjena: “Molao . . . o no o na le seriti feela sa menono e tlang ho hlaha, e seng sebele sa lintho.” (Ba-Heberu 10:1) Haeba u ne u kile ua ba Moheberu ea sokolohetseng Bokresteng, u ka be u ile ua utloisisa litlhaloso tsee joang? Litho tse ling tsa phutheho ea Bokreste ea pele li ne li lumela hore melao kaofela e makholo eo Molimo o faneng ka eona ka Moshe, ho akarelletsa le Melao e Leshome, e ne e ntse e sebetsa. Empa na eo e ne e le pono e nepahetseng?
Nahana ka mantsoe ana a Pauluse a eang ho Bajode ba neng ba fetohile Bakreste naheng ea Galatia. “Ha e le rōna, re Ba-Juda ka mofuta, ha re baetsalibe ba ba-lichabeng; athe ka ho tseba hobane motho ha a beoe ea lokileng ke mesebetsi ea molao, empa e le ka ho lumela ho Jesu Kreste, le rōna re lumetse ho Jesu Kreste, re tle re beoe ba lokileng ke ho lumela ho Kreste, e seng ke mesebetsi ea molao; hobane ha ho motho ea tla beoa ea lokileng ke mesebetsi ea molao.” (Ba-Galata 2:15, 16) Ka sebele, boemo bo lokileng le Molimo bo ne bo sa itšetleha ka ho utloa Molao oa Moshe ka ho feletseng, kaha boemong bo sa phethahalang ba botho, hoo ho ne ho ke ke ha etsahala. Pauluse o ile a phaella: “Bohle bao e leng ba mesebetsi ea molao, ba thohakong, hobane ho ngoliloe, ho thoe: Ho rohakoe mang le mang ea sa tiisetseng nthong tsohle tse ngoliloeng bukeng ea molao, ho li etsa. . . . Kreste o re lopolotse thohakong ea molao, ka ho etsoa thohako bakeng sa rōna.”—Ba-Galata 3:10-13.
Haeba balateli ba Jesu ba Bajode ba ne ba se ba se tlas’a thohako ea Molao, na Bakreste leha e le bafe ba ne ba tlamehile ho boloka melao eohle e neiloeng Iseraele? Ho Bakolosse, Pauluse o ile a ngola: ‘[Molimo] o re tšoaretse litlōlo tsohle; o hlakotse lengolo la molato la melao e neng e re qosa, ’me o le felisitse ka ho le khokhothella thupeng ea tlhokofatso ea Jesu.’ (Ba-Kolosse 2:13, 14, bapisa le NW.) Ntle ho pelaelo, ho ile ha hlokahala hore Bakreste ba bangata ba pele ba fetole monahano oa bona ’me ba hlokomele hore ba ne ba “holotsoe molaong.” (Ba-Roma 7:6) Ka ho lumela lefung la sehlabelo la Jesu, le felisitseng Molao ’me la betla tsela bakeng sa ho khakoloa ha “selekane se secha” se boletsoeng esale pele, ba ne ba e-na le tebello ea ho fumana boemo bo lokileng ho Jehova.—Jeremia 31:31-34; Ba-Roma 10:4.
Seo E se Bolelang ho Rōna
Na hoo ho bolela hore Melao e Leshome, karolo ea motheo ea Molao, ho hang ha e bolele letho ho Bakreste? Ka sebele ha ho joalo! Le hoja Mantsoe a Leshome a sa tlame Bakreste ka molao, melao ena e tsoela pele ho fana ka tataiso e utloahalang, joaloka litaelo tse ling tsa Molao oa Moshe. Ka mohlala, Jesu o ile a re melao e ’meli e meholohali ke e hlokang hore ho ratoe Molimo le moahisani. (Levitike 19:18; Deuteronoma 6:5; Mattheu 22:37-40) Ha a eletsa Bakreste ba Roma, Pauluse o ile a bua ka molao oa botšelela, oa bosupa, oa borobeli, le oa leshome, a phaella: “Leha e le melao efe le efe e sa leng teng, e akarelitsoe ke polelo ena e reng: Rata oa heno joalo ka ha u ithata.”—Ba-Roma 13:8, 9.
Ka hona, joaloka karolo ea Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, Melao e Leshome e sebeletsa morero ofe kajeno? E senola pono ea Jehova litabeng. (2 Timothea 3:16, 17) Nahana hore na ke joang e etsang sena.
Melao ea pele e mene e totobatsa boikarabelo ba rōna ho Jehova. (Oa Pele) Ke Molimo o ntseng o batla boinehelo bo ikhethang. (Mattheu 4:10) (Oa Bobeli) Ha ho le ea mong ho barapeli ba hae ea lokelang ho sebelisa litšoantšo. (1 Johanne 5:21) (Oa Boraro) Ho sebelisa ha rōna lebitso la Molimo e lokela ho ba ho loketseng le ho fanang ka seriti, le ka mohla e se be ho hlomphollang. (Johanne 17:26; Ba-Roma 10:13) (Oa Bone) Bophelo bohle ba rōna bo lokela ho likoloha linthong tse halalelang. Sena se re nolofaletsa ho phomola, kapa ‘ho ba le sabatha,’ tseleng ea ho inka re lokile.—Ba-Heberu 4:9, 10.
(Oa Bohlano) Ho utloa ha bana batsoali ba bona ho tsoela pele ho sebeletsa e le tšiea ea bonngoe ba lelapa, ho tlisang mahlohonolo a Jehova. ’Me ke tšepo e tsotehang hakaakang eo ‘molao oo oa pele o nang le pallo’ o fanang ka eona! Hase feela hore “u tle u be le lehlohonolo” empa ke hore hape “u phele halelele lefatšeng.” (Ba-Efese 6:1-3) Erekaha joale re phela “mehleng ea qetello” ea tsamaiso ena e khopo e teng, kutlo e joalo ea bomolimo e fa batho ba bacha tebello ea ho se hlole ba e-shoa.—2 Timothea 3:1; Johanne 11:26.
Lerato ho moahisani oa rōna le tla re thibela ho ba ntša kotsi ka liketso tsa bokhopo tse kang (Oa Botšelela) ho bolaea, (Oa Bosupa) ho feba, (Oa Borobeli) ho utsoa, le (Oa Borobong) ho etsa lipolelo tsa bohata. (1 Johanne 3:10-12; Ba-Heberu 13:4; Ba-Efese 4:28; Mattheu 5:37; Liproverbia 6:16-19) Empa ho thoe’ng ka merero ea rōna? Molao (Oa Leshome), o khahlanong le ho lakatsa lintho tsa ba bang, o re hopotsa hore Jehova o hloka hore boikemisetso ba rōna e be bo lokileng mahlong a hae ka mehla.—Liproverbia 21:2.
Ke leruo le lekaakang la moelelo leo re le fumanang Melaong e Leshome! Joalokaha e theiloe melao-motheong ea Molimo e ke keng ea siuoa ke nako le ka mohla, re lokela ho e nka e le likhopotso tsa bohlokoa tsa ho tlameha ha rōna ho rata Molimo le moahisani oa rōna.—Mattheu 22:37-39.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Lefu la Jesu le ile la felisa Molao, ho akarelletsa le Melao e Leshome e neiloeng Baiseraele Thabeng ea Sinai