Babali ba Batla ho Tseba
Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Sebelise Litšoantšo ha li Rapela?
Lefatšeng lohle, Mahindu, Mabuddha, Mak’hatholike le batho ba kenang Kereke ea Orthodox ba nka hore litšoantšo tse rapeloang ke tsa bohlokoa haholo ha ba rapela. Likarolong tse ling tsa Afrika, batho ba sebelisa litšoantšo tse betliloeng tsa lehong kapa tsa lejoe ha ba rapela ’me ba nka hore molimo kapa moea oa hae o ho tsona.
Ka lehlakoreng le leng, Lipaki Tsa Jehova ha li sebelise litšoantšo tsa mofuta leha e le ofe kapa liemahale ha li rapela. Haeba u ka etela libakeng tseo li kopanelang ho tsona, tse tsejoang e le Liholo Tsa ’Muso, u ke ke ua fumana litšoantšo tsa “bahalaleli” kapa liemahale tsa Jesu esita le tsa Maria.a Hobane’ng? Ela hloko seo Bibele e se buang tabeng ena.
Molimo o ne a Lebeletse Eng ho Baiseraele?
Ka mor’a hore Jehova Molimo a lopolle Baiseraele Egepeta, o ile a ba fa taelo e hlakileng mabapi le tsela eo a batlang hore ba mo rapele ka eona. Molao oa bobeli ho e bitsoang Melao e Leshome, o re: “U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng kapa sebōpeho se tšoanang le ntho leha e le efe e holimo maholimong kapa e tlaase lefatšeng kapa e metsing ka tlas’a lefatše. U se ke ua li inamela kapa ua hlohlelletsoa hore u li sebeletse, hobane ’na Jehova Molimo oa hao ke Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng.”—Exoda 20:4, 5.
Nakong eo Molimo a fang Moshe litaelo tsena, Baiseraele ba ne ba phathahane ba etsa namane ea khauta, mohlomong e le ha ba etsisa Baegepeta ba neng ba rapela liphoofolo. Ha baa ka ba rehella namane eo ka molimo oa Egepeta. Ho e-na le hoo, ba ile ba e amahanya le borapeli ba Jehova. (Exoda 32:5, 6) Molimo o ile a ikutloa joang? Bohale ba hae bo ile ba tukela ba neng ba rapela setšoantšo seo ’me Moshe o ile a se silakanya.—Exoda 32:9, 10, 19, 20.
Hamorao Jehova Molimo o ile a qaqisa molao oo oa bobeli. A sebelisa Moshe, o ile a hopotsa Baiseraele hore ba se ke ba iketsetsa “setšoantšo se betliloeng, sebōpeho se tšoantšetsang ntho leha e le efe, setšoantšo sa e motona kapa e motšehali, setšoantšo sa phoofolo leha e le efe e lefatšeng, setšoantšo sa nonyana leha e le efe e nang le mapheo e fofang maholimong, setšoantšo sa ntho leha e le efe e tsamaeang mobung, setšoantšo sa tlhapi leha e le efe e metsing ka tlas’a lefatše.” (Deuteronoma 4:15-18) Ho hlakile hore Baiseraele ba ne ba sa lokela ho sebelisa setšoantšo sa mofuta leha e le ofe ha ba rapela Molimo.
Leha ho le joalo, hamorao Baiseraele ba ile ba rapela litšoantšo. Jehova o ile a ba khalemela ka hore a romele baprofeta ba ileng ba lemosa hore haufinyane ba ne ba tla fumana kotlo ka lebaka la ho rapela litšoantšo. (Jeremia 19:3-5; Amose 2:8) Sechaba sa Iseraele se ile sa hlokomoloha litemoso tsa Molimo. Ka hona, ka 607 B.C.E., Jehova o ile a lumella Bababylona hore ba timetse Jerusalema ’me ba ise sechaba botlamuoeng.—2 Likronike 36:20, 21; Jeremia 25:11, 12.
Bakreste ba Lekholong la Pele la Lilemo ba ne ba Lumela’ng?
Ha batho bao e seng Bajuda ba sokolohela Bokresteng lekholong la pele la lilemo, ba ile ba khaotsa ho sebelisa litšoantšo ha ba rapela Molimo. Hlokomela seo Demetriase, eo e neng e le setei sa silevera se etsang litšoantšo tse rapeloang Efese, a ileng a se bua mabapi le mosebetsi oa moapostola Pauluse oa boboleli: “Banna, le tseba hantle hore katleho ea rōna e tsoa khoebong ena. Hape, lea bona ’me lea utloa kamoo eseng Efese feela empa hoo e batlang e le seterekeng sa Asia kaofela moo Pauluse enoa a susumelitseng bongata bo boholo eaba o ba retelletsa maikutlong a mang, a re melimo e entsoeng ka matsoho hase melimo.”—Liketso 19:25, 26.
Mantsoe a Pauluse a tiisa hore seo Demetriase a neng a mo qosa ka sona ke ’nete. Ha a bua le Bagerike Athene, Pauluse o ile a re: “Ha rea tšoanela ho nahana hore Boleng ba Molimo bo joaloka khauta kapa silevera kapa lejoe, joaloka ntho e betliloeng ka tsebo le maqheka a motho. Ke ’nete, Molimo o hlokomolohile linako tsa ho hloka tsebo ho joalo, empa joale o bolella moloko oa batho hore hohle ba lokela ho baka kaofela.” (Liketso 17:29, 30) Ha a bua ka eona taba eo, Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Thesalonika ’me a ba babatsa ka mantsoe a reng: “Le [ile] la retelehela ho Molimo ho tloha litšoantšong tsa lōna tse rapeloang.”—1 Bathesalonika 1:9.
Ntle ho Pauluse, moapostola Johanne le eena o ile a lemosa Bakreste hore ba se ke ba sebelisa litšoantšo ha ba rapela. Ho elella bofelong ba lekholo la pele la lilemo, Johanne o ile a ba bolella ka tieo a re: “Le itebele litšoantšong tse rapeloang.”—1 Johanne 5:21.
Lipaki Tsa Jehova li mamela taelo ea Molimo e hlakileng ea hore li se ke tsa sebelisa litšoantšo leha e le life ha li mo rapela. Li lumela seo Jehova Molimo a se buang ha a re: “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka; ’me nke ke ka fa e mong khanya ea ka, kapa ka fa litšoantšo tse betliloeng thoriso ea ka.”—Esaia 42:8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Liholong tse ling Tsa ’Muso ho na le litšoantšo tse takiloeng tsa batho ba itseng ba hlahang ka Bibeleng. Empa litšoantšo tsena li khabisitse feela, ha li nkoe e le litšoantšo tse amanang le borapeli. Lipaki Tsa Jehova ha li rapele litšoantšo tseo, ebile ha li li khumamele.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 31]
“Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka; ’me nke ke ka fa e mong khanya ea ka, kapa ka fa litšoantšo tse betliloeng thoriso ea ka.”—Esaia 42:8