Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ‘Nako ea Ho Bua’—Neng?
    Molula-Qhooa—1987 | September 1
    • Ntlha e ’ngoe ea Bibele e re tataisang e hlaha ho Levitike 5:1, (NW): “Ekare ha moea o etsa sebe ka ho se bolele ha o utloile thohako ea pontšeng ’me e le paki kapa o e bone kapa o tsebile ka eona, haeba o sa e tlalehe, o tlameha ho ikarabella bakeng sa molato oa oona.” ‘Thohako ena ea pontšeng’ e ne e se ho nyefola Molimo kapa lintho tse halalelang. Ho fapana le hoo, hangata e ne e hlaha ha motho e mong ea neng a foselitsoe, eo ha a ntse a bolela lithohako—mohlomong tse tsoang ho Jehova—ho ea mo foselitseng eo mohlomong a neng a e-s’o tsebahale, a neng a batla hore batho leha e le bafe bao e neng e ka ba lipaki, ba mo thuse ho fumana toka. E ne e le mokhoa oa ho etsa hore ba bang ba kene kanong. Lipaki leha e le life tsa phoso li ne li tla tseba hore na ke mang ea sa sebetsoang ka toka ’me li ne li tla ba le boikarabelo ba ho itlhahisa ho bolela molato. Ho seng joalo, li ne li tla lokela ho ‘arabella molato oa tsona’ ka pele ho Jehova.b

      Taelo ena e tsoang ho borena bo Phahameng ka ho Fetisisa bokahohleng e ne e fa Moiseraele e mong le e mong boikarabelo ba hore a tlalehele baahloli phoso efe kapa efe e tebileng eo a e hlokometseng e le hore taba e ka sebetsoa. Le hoja Bakreste ba sa tlangoa ke Molao oa Moshe, melao-metheo ea oona e ntse e sebetsa ka phuthehong ea Bokreste. Kahoo, ka linako tse ling Mokreste le eena a ka ’na a tlameha ho hlokomelisa baholo ka taba. Ke ’nete hore linaheng tse ngata ke tlōlo ea molao ho bolella ba sa fuoang tumello se fumanoeng litlalehong tsa lekunutu. Empa haeba Mokreste, kamor’a ho nahanisisa ka thapelo, a ikutloa hore o thulane le boemo boo ho bona molao oa Molimo o mo hlokang hore a tlalehe seo a se tsebang ho sa tsotellehe litaelo tsa marena a tlasana, joale boo ke boikarabelo boo a bo amohelang pel’a Jehova. Ho na le linako tseo ka tsona Mokreste a tlamehang hore a “utloe Molimo ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.

      Le hoja likano kapa litšepiso tse tiileng li sa lokela hore le kamohla li nkoe hasesaane, ho ka ’na ha ba le linako tseo ka tsona litšepiso tse hlokoang ke batho li hohlanang le tlhokahalo ea hore re nehelane ka borapeli bo khethehileng ho Molimo oa rōna. Ha motho a etsa sebe se tebileng, ha e le hantle, o ba tlas’a ‘thohako ea pontšeng’ ho tsoa ho Ea foselitsoeng, Jehova Molimo. (Deuteronoma 27:26; Liproverbia 3:33) Bohle ba fetohang karolo ea phutheho ea Bokreste ba ipea tlas’a “kano” ea ho boloka phutheho e hloekile, ka seo ba se etsang bona ka bobona le tsela eo ka eona ba thusang ba bang hore ba lule ba hloekile.

  • ‘Nako ea Ho Bua’—Neng?
    Molula-Qhooa—1987 | September 1
    • b Ho Commentary on the Old Testament ea bona, Keil le Delitzsch ba bolela hore motho o ne a tla ba molato oa phoso kapa sebe haeba a ne “a tseba ka hore e mong o tlotse molao, ebang o ho bone, kapa o tsebile ka hona ka tsela leha e le efe e ’ngoe, ’me ka hona a tšoaneleha ho hlaha ka pel’a lekhotla e le paki bakeng sa kahlolo ea motlōli oa molao, ’me a iphapanyelitse ho etsa joalo, ’me a sa bolela seo a se boneng kapa seo a se tsebileng, haeba a utloile taelo e matla ea moahloli bakeng sa phuputso ea pontšeng ea tlōlo ea molao, eo ka eona batho bohle ba teng, ba tsebileng eng kapa eng ka taba eo, ba ileng ba phehelloa hore ba itlhahise e le lipaki.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela