Ho Etsa Lintho Tsohle li be Ncha
“Joale ea lutseng teroneng a re: Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha. A ntoo re ho ’na: Ngola; hobane lipolelo tseo li tiile, ke tsa ’nete.”—TŠENOLO 21:5.
1, 2. (a) Ke potso efe eo Salomone a e phahamisitseng lilemo tse likete tse tharo tse fetileng? (b) Kajeno, ke’ng e bonahalang e thulana le mantsoe a Salomone?
“HA ho letho le lecha tlas’a letsatsi.” Ao ke mantsoe a Morena Salomone ea bohlale. Ha a tsoela pele, a botsa: “Na ntho e teng eo ka eona ho ka thoeng: Bona hona, ke ho hocha?” (Moeklesia 1:9, 10) Re ne re tla arabela potso eo joang kajeno?
2 Na thuto ea mahlale le thuto ea boqapi ba mahlale ha lia hlahisa lintho tse ncha tse ngata lekholong lena la bo20 la lilemo? Talima feela mokhoa oa lefatše oa ho tsamaea, ka lifofane tsa lona tse lebelo, makoloi a lona a lebelo, le literene tsa lona tse lebelo. Ho boetse ho na le likhatelopele tse hlollang mekhoeng ea puisano, ho sebelisoa ha li-satellite tse potolohang, le ho tsoibileloa hoa lifofane sebakeng tse hlileng tsa bea motho khoeling. ’Me ho thoe’ng ka lisebelisoa tsa kajeno tsa ka kicheneng, lihatsetsi, le mechine ea ho hlatsoa eo malapa a mangata a nang le eona kajeno? Ba bang ba ka ’na ba re, ‘Ho na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ncha tlas’a letsatsi!’
3. Ke boemo bofe bo tšosang bo hlahileng mona “tlas’a letsatsi”? (Luka 21:25, 26; Pesaleme ea 53:1)
3 Empa ak’u ee butle hanyenyane! Ho boetse ho na le ntho e ’ngoe e tšabehang, e khathatsang ka ho fetisisa, hore e ka bonoa tlas’a letsatsi. Ke efe? Lefatše le fetohile kampo e hlomeletseng! Hona ho qalile ka 1914 ha ho qhoma Ntoa ea I ea Lefatše. Ka lekhetlo la pele, mechine-kane, lifofane, litanka tsa ntoa, le likepe tse tsamaeang ka tlaase ho metsi li ile tsa sebelisoa ntoeng. Ka lilemo tse ka tlaase ho 30 Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea latela. Ea senya bophelo le thepa ka makhetlo a imenneng hane ho feta ntoa ea pele ea lefatše. Ebile ea hlahisa le lihlomo tse bolaeang ka ho fetisisa—tse betsang malakabe, lihlomo tsa napalm, ’me ea qetella ka bomo ea athomo—selelekela sa lihlomo tsa bodemona tsa nuclear tseo hona joale li tšositseng ho ba teng ha batho lefatšeng.
4. (a) Salomone o ne a buella thepeng efe ea lefatše ha a bua ka hore “ha ho letho le lecha”? (b) Ke joang bohlale ba Molimo le lerato li bonahalang linthong tseo o li entseng, le tseo o tla li etsa, “tlas’a letsatsi”?
4 Na joale, kannete re ka bolela hore “ha ho letho le lecha tlas’a letsatsi”? E, re ka rialo, hobane sohle seo re buileng ka sona se tsoa pōpong ea thepa ea lefatše eo batho ba ’nileng ba phela ho eona kamehla. Esita le ha motho a qhomisa lihlomo tsa hydrogen, ha ho letho le lecha. Metsoako ea hydrogen haesale e tsoela pele ka hare ho letsatsi ka lilemo tse likete tsa limillione. Ke mohloli oa khanya ea matla a ntseng a bonesa, a futhumatsa, le ho phelisa lefatše la rōna. Khanya ea letsatsi e sebetsa le ntho e etsang botala limeleng, ’me li haha litsoekere le setache tseo e leng mehloli ea lijo bakeng sa lintho tse ngata tse phelang lefatšeng le re potolohileng. Re ka leboha hakaakang hore e be ’Mōpi ea bohlale bohle oa lefatše o lokiselitse ho ntšoa hona ho laolehileng, le ho molemo hoa matla a nuclear bakeng sa lefatše la rōna! (Pesaleme ea 104:24) Le hoja batho ba banyefoli ba rera ho sebelisa matla a nuclear bakeng sa ho bolaea batho ba bangata, ka thabo Molimo o tla “senya ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18.
5. (a) Hobane’ng ha Salomone a ne a nepile ha a re: “Ha ho letho le lecha tlas’a letsatsi”? (b) Ke joang mokhoa oa bophelo oa motho ea sa phethahalang o tiisang mantsoe a Salomone?
5 Salomone o ne a nepile ha a re: “Ha ho letho le lecha tlas’a letsatsi.” Hobane ha ho letho le lecha thepeng e sebelisoang, mehloling ea matla, le melaong ea tlhaho e bōpang metheo bakeng sa tsamaiso ea lintho ea lefatše. Tsena haesale li le teng pōpong ea Molimo. (Pesaleme ea 24:1; Tšenolo 4:11) Ha ho letho le lecha ka ho chaba le ho likela hoa letsatsi, liphetohong tsa boemo ba leholimo, le lipotolohong tsa tlhaho tsa metsi le ho nchafatsa lefatše. ’Me ha e le ka mokhoa oa bophelo oa motho ea shoang ea sa phethahalang, ha ho hlile ha ho letho le lecha, ho sa tsotellehe lifeshene tsa bophelo tse fetohang. Esita le libakeng tsa batho ba ruileng, ho ba bangata bophelo bo fetoha ntho e phetoa-phetoang, ’me qetellong e ‘khathatsang.’ Ka lilemo tse ka bang 70 kapa 80, motho ea silafalitsoeng ke sebe ‘o ikela tlung ea hae e sa feleng’—lebitleng. Joaloka ha Salomone a boletse: “Ho bileng teng ho tla boela ho be teng; ho hlahileng ho tla ’ne ho hlahe; ha ho letho le lecha tlas’a letsatsi.”—Moeklesia 1:4-9, NW; 12:5.
“Pōpo e Ncha” Tlas’a Letsatsi
6. (a) Ke hobane’ng ha lintho tse ncha tse bonahalang li sa lokela ho lebelloa bokamosong bo haufi? (b) Ke joang hona ke neng Jehova a qalileng ho hlahisa ho hong ho “hocha tlas’a letsatsi”?
6 Ke ’nete hore, linthong tseo re li bonang “ha ho letho le lecha tlas’a letsatsi”; Jehova a ke ke a tlisa lintho tse ling tse ncha tse bonahalang nakong ea letsatsi la hona joale la lilemo tse 7 000 la ho phomola mesebetsing ea hae ea pōpo. Empa ho hong ho hocha ho hlile ho hlahile tlas’a letsatsi. Neng? Ebile ka selemo sa 2 B.C.E. moo lengeloi la Jehova le ileng la hlaha ka tšohanyetso ho balisa ba ikokobelitseng haufi le Bethlehema ho ba tsebisa ka ntho e ’ngoe e ncha tlas’a letsatsi. La re: “Bonang, ke le bolella thabo e kholo, e monate, ee e tla ba ea sechaba kaofela; ke ho re, kajeno, le tsoaletsoe ’Moloki, motseng oa Davida; ke Kreste, Morena.” Eaba mangeloi a mangata a kopanela le lona ho roriseng Molimo a re: “Khanya e be ho Molimo maholimong a holimo, khotso e be lefatšeng ho batho bao o khahloang ke bona.”—Luka 2:8-14.
7. (a) Ke ntho efe e ncha e etsahetseng ha Jesu a kolobetsoa? (b) Ke joang Jesu a butseng tsela bakeng sa liphetoho tse tsoelang pele?
7 ’Moloki enoa, ha a le lilemo li 30, a kolobetsoa metsing a Jordane. Hang-hang, ntho e ’ngoe e ncha ea etsahala tlas’a letsatsi. Luka 3:21, 22 e e hlalosa ka mantsoe ana: “Ha [Jesu] a ntse a rapela, leholimo la phetloa, ’me Moea o Halalelang oa theohela holim’a hae ka sebopeho se bonahalang se joale ka sa leeba; ’me lentsoe la tsoa leholimong, la re: U Mor’a ka ea ratoang; ke khahlisoa ke uena.” Ntlheng eo Jesu a fetoha “pōpo e ncha,” Mora ea tsoetsoeng ka moea oa Molimo. (2 Ba-Korinthe 5:17, NW) Ka lilemo tse tharo le halofo tse latelang, Jesu a fana ka bopaki bo matla ka ’Muso oa Molimo, ’me a bokella barutuoa ba hae ba pele. Joale, ka 33 C.E., kamor’a lefu la hae la sehlabelo le ho tsoha ha hae e le moea, Jesu a hlaha “pel’a sefahleho sa Molimo” ho bula tsela bakeng sa liphetoho tse tsoelang pele tse babatsehang mona “tlas’a letsatsi.”—Ba-Heberu 9:24; 1 Petrose 3:18.
8. Ke joang “pōpo e ncha” e hlahisitsoeng?
8 Ka letsatsi la Pentekonta selemong seo, Jesu a qala ho tšollela moea o halalelang holim’a barutuoa ba hae ba tšepahalang, e le pontšo ea hore ba tlisitsoe kamanong le eena e le bara ba Molimo. Moapostola Pauluse o bua ka “pōpo ena e ncha” ho 2 Ba-Korinthe 5:17, 18, a re: “Ka baka leo, motho ha a le kamanong le Kreste, ke ‘pōpo e ncha’; tsa khale li fetile; bonang, tsohle li nchafetse. ’Me tsohle li tsoa ho Molimo, o re boelantseng le oona ka Jesu Kreste, e leng oona hape o re neileng tšebeletso ea poelano.”
9. Ke morero ofe o phethahatsoang ke “pōpo e ncha”?
9 Moapostola Petrose o bua le “pōpo ena e ncha,” a re: “Le moloko o khethiloeng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le sechaba se ruiloeng, le tle le bolele lithoko tsa ea le bitsitseng lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang.” (1 Petrose 2:9) Baprista le marena, ha ba ne ba le lefatšeng, ba tsebahalitse ka cheseho “limakatso tsa Molimo” tse amanang le merero ea oona ea ’Muso. Bao ba “pōpo e ncha” ba qetang bophelo ba bona lefatšeng ka botšepehi, baa tsosoa kamor’a hore Jesu a kene tempeleng ea Jehova.—Liketso 2:11; Ba-Roma 8:14-17, Malakia 3:1, 2.
‘Ho Bōpa Hape’
10. (a) Jesu o itseng ka ‘ho bōpa hape’? (b) Bana ba “pōpo e ncha“ba memeloa ho kopanela ho eng?
10 Leha ho le joalo, na ‘pōpo ena e ncha’ e qalang ka Jesu Kreste ke eona ho fela ha ntho e “ncha” e hlahang “tlas’a letsatsi”? Che, le hanyenyane! Ha Jesu a sa le lefatšeng, o boleletse barutuoa ba hae: ‘Ka ’nete kea le bolella, ke re: Ho bōpjoeng hape ha tsohle, mohla Mor’a motho a lulang teroneng ea khanya ea hae, lōna ba ntatetseng, le tla lula le lōna literoneng tse leshome le metso e ’meli, le ahlole meloko ea Iseraele e leshome le metso e ’meli.’ (Mattheu 19:28) “Mohlatsoana” oa barutuoa ba Jesu ba lekiloeng le ba pakiloeng—ba 144 000—ba memeloa ho kopanela le Jesu ’Musong oa hae le ‘ho lula literoneng ho ahlola meloko ea Iseraele e leshome le metso e ’meli.’—Luka 12:32; 22:28-30; Tšenolo 14:1-5.
11. Ke litšobotsi life tse peli tsa sehlabelo sa Jesu tse neng li tšoantšetsoa ka Letsatsi la Lipheko, hona joang?
11 ‘Meloko ena e leshome le metso e ’meli’ ke bo-mang? Tokisetso eo Jehova a neng a e entse bakeng sa Letsatsi le Lipheko Iseraeleng ea boholo-holo e fana ka leseli. Ka selemo se seng le se seng, ka letsatsi la leshome la khoeli ea bosupa, moprista e moholo o ne a lokela ho hlaba poho e le nyehelo bakeng sa libe “molemong oa hae le ba ntlo ea hae.” Sena se tšoantšetsa sehlabelo sa Jesu Kreste joaloka ha se sebetsa ho ba ‘ntlo ea hae’ ea baprista ba tlaasana. Empa ho thoe’ng ka Baiseraele ba bang? Moprista e moholo o latela ka ho laōla liphooko tse peli. E ’ngoe o e hlabela ‘sechaba e le phooko ea sehlabelo sa sebe.’ Kamor’a hore a bolele libe tsa batho holim’a phooko ea bobeli, o’a e tlohela e ikele felleng. Ka hoo, ho lahluoa ha liphooko tsena tse peli ho ne ho tšoantšetsa Jesu ha a tšolla mali a hae a bophelo sehlabelong ’me a tlosa ka ho feletseng libe tsa batho bohle ntle ho tsa ba ntlo ea hae ea boprista.—Levitike 16:6-10, 15.
12. Buka e ’ngoe ea mantsoe e hlalosa joang se boleloang ke “ho bōpa hape”?
12 “Meloko ea Iseraele e leshome le metso e ’meli” e na tlhaloso e tšoanang le e ho Mattheu 19:28. Mona tšebeliso ea lengolo lena ha e felle feela ho baprista ba tlaasana ba tsoetsoeng ka moea ba Jesu empa e atolohela ho batho ba bang bohle. An Expository Dictionary of New Testament Words, ea W. E. Vine, e hlalosa lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng bakeng sa “ho bōpa hape,” pa·lin·ge·ne·siʹa, e le “tsoalo e ncha . . . nchafalo ea moea,” ’me e’a eketsa: “Ho Mattheu 19:28 lentsoe lena le sebelisitsoe puong ea Morena, ka moelelo o moholoanyane, e leng oa ‘ho tsosolosa lintho tsohle’ (Liketso 3:21, R.V.), ha Jehova a ‘bea morena oa Hae Sione, thabeng ea hae e halalelang ho Khutleng ha Kreste la Bobeli.’ (Pes. 2:6) . . . Hore ho tle ho lopolloe lefatše matleng le thetsong ea Satane le ea babusi ba lichaba ba bompoli le ba latolang Kreste.”
13. (a) Liphetolelo tse fapaneng tsa Bibele li re pa·lin·ge·ne·siʹa e bolela eng? (b) Ka hona ke eng e tla etsahala “tlas’a letsatsi”?
13 Tumellanong le sena, liphetolelo tsa Bibele mona li ngola pa·lin·ge·ne·siʹa ka ho fapa-fapana e le: nchafalo, lefatše le lecha, tsoalo e ncha, lefatše le tsoetsoeng bocha, lefatše le tla ba teng, Pōpo e Ncha, tsamaiso e ncha ea bophelo, mohla o mocha. Na u utloisisa sena? “Meloko ea Iseraele e leshome le metso e ’meli” e emelang batho bohle, e tla ahloloa ke Kreste le baprista ba hae ba tšepahalang ba tlaasana. Sena se tla amana le ho bōpa hape, nchafalo e khōlō ea sohle seo Jehova a se reretseng lefatše lena mona “tlas’a letsatsi.”
“Mehla ea Tsosoloso”
14. (a) Ho ea ka Liketso 3:20, 21, Jesu o lokela ho letela eng? (b) Ke joang hona ke neng Jesu a hlonngoeng e le Morena?
14 Ho bōpa hape ho tla etsahala neng? Ho Liketso 3:20, 21, Petrose o bua ka “Jesu . . . eo leholimo le tšoanetseng ho ba le eena ho be ho fihle mehla ea tsosoloso ea lintho tsohle, eo Molimo o e boletseng ka melomo ea baprofeta ba halalelang ba oona bohle, ha e sa le le tšimolohong.” Hona ho supa ho leta hoa Jesu ka letsohong le letona la Molimo maholimong ho fihlela ‘mehla e beetsoeng lichaba e phethahala.’ (Luka 21:24, NW; Pesaleme ea 110:1, 2) Ka 1914 Jehova a hla a ‘bea morena oa hae Sione, thabeng ea hae e halalelang.’ Joale ke tsosoloso efe e etsahalang?—Pesaleme ea 2:6.
15. (a) Ke’ng se ileng sa etsahala “tlas’a letsatsi” kamor’a hore Jesu a beoe teroneng? (b) Ke joang Mattheu 25:31-34 le Esaia 11:6-9 li phethahatsoang?
15 Sa pele, ntho e ncha e-ea bonoa tlas’a letsatsi, ka kelello ea hore masala a tšepahalang a baprista a Kreste—a ho qetela a “pōpo e ncha”—a bokelloa ho ‘bolela litaba tsena tse molemo tsa ’Muso o hlomiloeng.’ Hape, “bongata bo boholo ba batho” bo kopanngoa ho tsoa ‘lichabeng tsohle’ ho bolokoa “mahlomoleng a maholo.” (Mattheu 24:14, NW; Tšenolo 7:9, 14) Hona joale, Morena ea beiloeng teroneng, Jesu Kreste o khetha batho ba bang ho ba bang, “joale ka molisa ha a khetha linku ho lipōli.” “Linku” ke ba ipontšang ba sekametse ho lokeng ho Morena le baena ba hae ba tsoetsoeng ka moea ba “pōpo e ncha.” Ka baka leo, “linku” tsena li memeloa ho tla ja lefa la bophelo bo sa feleng sebakeng sa lefatšeng sa ’Muso oa Jehova. Hona joale, li se ntse li thabela paradeise ea moea e tsosolositsoeng mona lefatšeng.—Mattheu 25:31-34, 46; Esaia 11:6-9.
16. (a) Hona joale ke kahlolo efe e tsoelang pele? (b) Ke kahlolo efe e tsoelang pele kamor’a Armageddone?
16 Ho ahloloa hoa lichaba le “linku” nakong ena ho etsoa ho bona hore na li tšoaneloa ke ho pholoha nakong ea ‘mahlomola a maholo’ kapa che. (Mattheu 24:21, 22) Leha ho le joalo, na kahlolo ee ke eo ho builoeng ka eona ho Mattheu 19:28? Che, hobane kahlolo e tsoelang pele e lokela ho phethoa ke Kreste le baprista ba hae ba tlaasana kamor’a mahlomola ao. Ke kahlolo ea tšoantšetso ea “meloko ea Iseraele e leshome le metso e ’meli,” batho ba bang ntle ho baprista le ba leloko la borena. Palo ena ea “leshome le metso e ’meli” e bontša ho fella ha batho ba tla ahloloa. Bana ba kopanyeletsa baphonyohi ba ‘mahlomola a maholo,’ bana leha e le bafe bao ba ka ’nang ba e-ba le bona, le batho ba likete tsa limillione ba tla tlisoa lefatšeng ka tsoho.
17. Ke bo-mang ba tla ahloloa nakong eo, ’me ba ahloloa ho ea ka “mesebetsi” efe?
17 Mabapi le sena, Pauluse o’a ngola ho Liketso 17:31 hore Molimo “o beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatše ka lona ka ho loka, ka monna [Kreste Jesu] eo o ’meetseng hoo, ’me o lokiselitse bohle tšepiso ea teng ka ho mo tsosa bafung.” “Lefatše le ahiloeng” kamor’a Armageddone, le etsoang ka batho bohle ba tla beng ba le lefatšeng ka nako eo, le ke ke la ahloloa ho ea ka libe tse fetileng tse entsoeng tsamaisong ea joale ea lintho. Ho e-na le hoo, ‘e mong le e mong o tla ahloloa ka mesebetsi ea hae’ e etsoang lefatšeng le lecha ha ba ithuisa molemo tokisetsong ea topollo ea Kreste.—Tšenolo 20:13; Mattheu 20:28; 1 Johanne 2:2.
18. (a) Joaloka ha Esaia a bontšitse, ke’ng se tla hlaha “tlas’a letsatsi”? (b) Ke mantsoe afe a tšepiso a tla phethahatsoa, ’me ke’ng seo re ka se lebellang ka nako e sa feleng e ka pele? (Ba-Roma 8:21)
18 Ke lintho tse babatsehang hakaakang tse tla hlaha tlas’a letsatsi ka nako eo! Paradeise ea moea e tla atoloha ho ba paradeise ea sebele, phethahatsong ea morero oa mathomo oa Jehova mabapi le lefatše lena. Molimo oa rōna o re bolella hore ‘lefatše ke bonamelo ba maoto a hae,’ ’nģalo eo a lokelang ho rapeloa ho eona, ’me o boetse o re: ‘Nģalo ea maoto a ka ke tla e etsa e khanyang.’ (Esaia 66:1; 60:13) Ka hona mona tlas’a letsatsi, lefatše le tla etsoa paradeise e khanyang, tšimo ea thabo, moo ho eona batho ba phethahetseng, ba nang le khotso le ba kopaneng ba tlang ho rorisa Molimo le ’Mōpi oa bona ka ho sa feleng. Mantsoe a tšepiso a hlasimollang a Jehova ‘a tiile, ke a ’nete’: “Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha!” (Tšenolo 21:5) ’Me nakong e sa feleng e ka pele, ke libōpuoa tse ncha tse hlollang hakaakang tseo Molimo oa rōna o lerato o tlang ho li tlisa tlas’a letsatsi ho thabisa lelapa la oona la batho!
U ka Arabela Joang Mabapi le Liketsahalo tse ka “Tlas’a Letsatsi”?—
◻ Ke ka kelello efe ho seng “letho le lecha”?
◻ Ke neng hona ke joang “pōpo e ncha” e hlahileng?
◻ ‘Ho bōpa hape’ ho kopanyeletsa eng?
◻ Ke joang “nako ea tsosoloso” e tsoelang pele, ’me ka liphello life tse ntle?
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ke tlhaloso e tšosang hakaakang ho se bitsoang tsoelopele hore e be selemo se seng le se seng lefatše le senya qubu ea liranta tse limillione tse 4,2 ka motsotso o mong le o mong! Chelete ena e feta e ka lekanang ho fepa, ho apesa le ho sireletsa batho bohle ba moloko o hlokang o phelang bofumeng kajeno. Ka lehlakoreng le leng, ho bokelloa hoa libetsa tsa nuclear ho ka timetsa moloko ’ohle oa motho—likete tse limillione tse hlano tsa rōna—ka makhetlo a 12. Empa, ho tlalehoa hore halofo ea batho ba nang le boko bo botlehali lelatšeng ba tšoarehile ho ntšetseng pele libetsa tse bolaeang haholoanyane tse senyang.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Foto ea Lebotho la U.S.