Lipotso Tse Tsoang Ho Babali
Ho latela litlaleho tsa litaba, ha ngoana a qeta ho hlaha, lipetlele tse ling li boloka kobo ea ngoana le mokhujoana bakeng sa ho ntša lintho tse itseng maling a tsona. Na see se lokela ho tšoenya Mokreste?
Mokhoa ona oa bongaka ha o sebelisoe libakeng tse ngata, ka hona ha ho hlokahale hore Bakreste ba tšoenyehe. Haeba ho e-na le lebaka le utloahalang la ho lumela hore mokhoa o joalo oa sebelisoa sepetleleng seo Mokreste a tla belehela ho sona, e ne e tla ba ho loketseng hore habonolo feela ho tsebisoe ngaka hore kobo ea ngoana le mokhujoana li lokela ho lahloa, li se ke tsa sebelisoa ka tsela efe kapa efe.
Ho ’nile ha fumanoa lintho tse sa tšoaneng tse ka sebelisoang bakeng sa phekolo linthong tse phelang, ebang ke liphoofolong kapa bathong. Ka mohlala, li-hormone tse itseng li ’nile tsa ntšoa morotong oa lipere tse emereng. Mali a pere e ’nile ea e-ba mohloli oa lero la tetanus, ’me motsoako oa gamma o sebelisetsoang ho loantša mafu, ka nako e telele o ’nile oa ntšoa maling a leng likobong tsa bana (tharing). Lipetlele tse ling li ’nile tsa boloka le ho hoamisa likobo tsa bana ’me hamorao tsa nkoa ke lilaboratori tsa meriana e le hore mali a nang le liloantša-likokoana-hloko ka bongata a ne a ka sebelisoa ho ntša motsoako oa gamma.
Morao tjena, babatlisisi ba ’nile ba bolela hore ba atleha ho sebelisa mali a leng tharing ho phekola mofuta o mong oa kankere ea mali, ’me ho lebeletsoe hore mali a joalo a be molemo ho lokiseng ho se sebetse hantle ha matla a ’mele a ho loantša mafu kapa a sebelisoe sebakeng sa ha lisele tsa moko li nkeloa sebaka ka tse ling. Kahoo, ho ’nile ha phatlalatsoa ka tekanyo e itseng taba ea batsoali bao ho nkoang mali tharing ea bona, a hoamisoa, a bolokoa ebang ho ka etsahala hore a be molemo phekolong ea ngoana oa bona lilemong tse tlang.
Thekiso e joalo ea mali a kobo ea ngoana ha e ipiletse ho Bakreste ba ’nete, ba tataisang monahano oa bona ka molao oa Molimo o phethahetseng. ’Mōpi oa rōna o talima mali a halalela, a emela bophelo boo Molimo a faneng ka bona. Tšebeliso feela ea mali eo a ileng a e lumella e ne e le ea aletareng, mabapi le mahlabelo. (Levitike 17:10-12; bapisa le Baroma 3:25; 5:8; Baefese 1:7.) Ho seng joalo, mali a ntšoang sebōpuoeng a ne a lokela ho qhalloa fatše, a lahloa.—Levitike 17:13; Deuteronoma 12:15, 16.
Ha Bakreste ba tsōma phoofolo kapa ba hlaba khōhō kapa kolobe, ba ntša mali ebe baa a qhala. Ha ho hlokahale hore ba a tšele fatše ka ho toba, hobane taba-taba ke hore ba qhale mali ho e-na le ho a sebelisa ka tsela efe kapa efe.
Bakreste ba kentsoeng sepetlele baa utloisisa hore lintho tse ntšitsoeng ho bona lia lahloa, ebang lintho tseo ke mantle kapa mosese, lisele tse nang le mafu kapa mali. Hoa utloahala hore ngaka e ka ’na ea batla hore ho etsoe litlhahlobo tse itseng pele, tse kang ea mosese, tlhahlobo e amanang le thuto ea mafu a lisele tsa hlahala kapa litlhahlobo tsa mali. Empa ka mor’a moo, lintho tseo lia lahloa tumellanong le molao oa sebaka ka seng. Hangata mokuli ea leng sepetlele ha ho hlokahale hore a etse kōpo e khethehileng tabeng ena hobane ho lahla lintho tse joalo tse tsoang linthong tse phelang hoa utloahala ebile ho bohlale ho latela thuto ea bongaka. Haeba mokuli a ne a e-na le mabaka a utloahalang a ho belaela hore mokhoa o joalo o tloaelehileng o ke ke oa sebelisoa, o ne a ka hlahisa sena ho ngaka e amehang, a bolela hore ka mabaka a bolumeli o batla hore lintho tsohle tse joalo li lahloe.
Leha ho le joalo, joalokaha ho bontšitsoe, sena se etsahala seoelo ho mokuli feela ea tloaelehileng hobane libakeng tse ngata ho bolokoa ho joalo le ho sebelisoa hape ha lintho tse tsoang ka mor’a pelehi kapa lintho tse ling tse tsoang linthong tse phelang ha ho nahanoe le ho nahanoa, leha e le hona ho etsoa kamehla.
Sehlooho se reng “A re Nyonyeng se Khopo,” se hlahang ho “Molula-Qhooa” oa January 1, 1997, ho ile ha bonahala se lebisa tlhokomelo ho “pedophilia.” Mokhoa oo o ka hlalosoa joang?
Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary e hlalosa “pedophilia” e le “boitšoaro bo litšila ba botona le botšehali boo ho bona bana e leng bona liphofu tse ratoang haholo tsa likamano tsa botona le botšehali.” Litšobotsi tsa mokhoa ona lia nyatsoa ho Deuteronoma 23:17, 18. (NW) Lengolong leo Molimo o ile a bua khahlanong le ho ba letekatse la tempele (“kapa, ‘catamite,’ moshanyana ea boloketsoeng boitšoaro bo litšila ba botona le botšehali,” mongolo o botlaaseng ba leqephe). Litemana tsena li boetse li hanela mang kapa mang ho tlisa “ka tlung ea Jehova” theko ea “ntja” (“mohlomong pederast; ea kopanelang mokhoeng oa ho kenya setho sa botona ka morao; haholo-holo le moshanyana,” mongolo o botlaaseng ba leqephe). Litšupiso tsena tsa Mangolo le tsa lefatše li tiisa hore seo Molula-Qhooa o neng o bua ka sona e ne e le ho etsoa ha ngoana phofu ea ho hlekefetsoa ka likamano tsa botona le botšehali, ho akarelletsa le pholloa ke motho e moholo ka tsela e bontšang takatso.