Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
LA 2-LA 8 MARCH
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 22-23
“Molimo o Leka Abrahama”
(Genese 22:1, 2) Joale eitse ka mor’a lintho tsena Molimo oa ’nete a leka Abrahama. Tumellanong le hoo a re ho eena: “Abrahama!” eaba o re: “Ke ’na enoa!” 2 A tsoela pele ho re: “Ka kopo, nka mora oa hao, mora oa hao ea mong eo u mo ratang haholo, Isaka, u nke leeto u ee naheng ea Moria ’me moo u mo nyehele e le nyehelo ea secheso ho e ’ngoe ea lithaba tseo ke tla u bontša tsona.”
Ke Hobane’ng ha Molimo a Ile a re Abrahama a Etse Mor’a Hae Sehlabelo?
Nahana ka mantsoe ana a Jehova ho Abrahama: “Ka kopo, nka mora oa hao, mora oa hao ea mong eo u mo ratang haholo, Isaka . . . u mo nyehele e le nyehelo ea secheso.” (Genese 22:2) Hlokomela hore Jehova ha a bua le Abrahama o re Isaka ke mora “eo u mo ratang haholo.” Jehova o ne a tseba kamoo Isaka e leng oa bohlokoa kateng ho Abrahama. Hape, Molimo o ne tseba hore eena O ne a ikutloa joang ka Mor’a hae, Jesu. Jehova o ne a rata Jesu haholo hoo habeli a ileng a bua ka ho toba a le leholimong, a re Jesu ke “Mora oa ka, ea ratoang.”—Mareka 1:11; 9:7.
Hlokomela hape hore Jehova o ile a kenyelletsa lentsoe “ka kopo” ha a bua le Abrahama. Setsebi se seng sa Bibele se re ha Molimo a ne a sebelisa lentsoe lena seo se ne se bontša hore “MORENA o ne a utloisisa hore seo a se kopang se hloka boitelo bo boholo.” Joalokaha re ka nahana, e tlameha ebe kopo eo e ile ea etsa hore Abrahama a sareloe habohloko; ka tsela e tšoanang, re ka inahanela feela bohloko bo tebileng boo Jehova a ileng a bo utloa ha a bona Mora oa hae ea ratoang a utloa bohloko ’me a e-shoa. Ntle ho pelaelo e ne e le bohloko bo boholo ka ho fetisisa boo Jehova a kileng a bo utloa kapa boo a tla ke a bo utloe.
Le hoja ka sebele re ka nyarosoa ke seo Jehova a ileng a re Abrahama a se etse, ke ho utloahalang ho hopola hore Jehova ha aa ka a lumella mopatriareka eo ea tšepahalang hore a tsoele pele ka sehlabelo. O ile a qobisa Abrahama ho utloa bohloko bo boholo ka ho fetisisa boo motsoali a ka bo utloang; a sireletsa Isaka lefung. Empa Jehova ha aa ka a sireletsa “Mora oa hae empa a nehelana ka eena bakeng sa rona bohle.” (Baroma 8:32) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a itumella hore a hlaheloe ke ntho e bohloko hakaale? O entse seo e le hore “re ka fumana bophelo.” (1 Johanne 4:9) Eo ke khopotso e matla hakaakang ea kamoo Molimo a re ratang kateng! Na see ha se re susumelletse hore le rona re mo bontše hore rea mo rata?
(Genese 22:9-12) Qetellong ba fihla sebakeng seo Molimo oa ’nete a mo bontšitseng sona, eaba Abrahama o haha aletare moo ’me o beha patsi ka tlhophiso eaba o tlama mora oa hae Isaka maoto le matsoho ’me o mo beha aletareng holim’a patsi. 10 Eaba Abrahama o ntša letsoho o nka thipa e selakhang hore a bolaee mora oa hae. 11 Empa lengeloi la Jehova la qala ho mo bitsa le le maholimong la re: “Abrahama, Abrahama!” eaba oa araba: “Ke ’na enoa!” 12 Eaba le tsoela pele ho re: “U se ke ua isa letsoho la hao ho moshanyana ’me u se ke ua mo etsa letho ho hang, etsoe joale kea tseba hore u tšaba Molimo kahobane ha ua nkhanela ka mora oa hao, ea mong feela.”
(Genese 22:15-18) Lengeloi la Jehova la bitsa Abrahama ka lekhetlo la bobeli le le maholimong 16 la re: “ ‘Ke hlapanya ka ’na,’ ho bolela Jehova, ‘hore ka lebaka la hore u entse ntho ena ’me ha ua ka ua nkhanela ka mora oa hao, ea mong feela, 17 ruri ke tla u hlohonolofatsa ’me ruri ke tla atisa peo ea hao joaloka linaleli tsa maholimo le joaloka lehlabathe le lebopong la leoatle; ’me peo ea hao e tla rua heke ea lira tsa eona. 18 Ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peo ea hao ka lebaka la hore u mametse lentsoe la ka.’ ”
Mamela Molimo ’me U Rue Molemo Litšepisong Tsa Hae Tse Hlapanyelitsoeng
6 Jehova Molimo o ’nile a hlapanyetsa batho ba baetsalibe e le hore ba ka kholiseha hore litšepiso tsa hae li tla phethahala. O ’nile a hlapanya ka ho sebelisa lipolelo tse kang “ ‘Ka ’na ea phelang,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.” (Ezek. 17:16) Bibele e bua ka makhetlo a fetang 40 moo Jehova Molimo a ileng a etsa likano tse hlapanyelitsoeng. Mohlomong mohlala o tsebahalang haholo ke oa se ileng sa etsahala ha a ne a sebelisana le Abrahama. Ka lilemo tse ngata, Jehova o ’nile a etsa lilekane tse ’maloa le Abrahama tseo ha li kopana li bontšang hore Peo e tšepisitsoeng e ne e tla tsoa lelokong la Abrahama, ka mora oa hae Isaka. (Gen. 12:1-3, 7; 13:14-17; 15:5, 18; 21:12) Ka mor’a moo, Jehova o ile a leka Abrahama ka teko e kholo, a mo laela hore a etse sehlabelo ka mora oa hae eo a mo ratang. Abrahama o ile a potlaka, a mamela seo Jehova a neng a mo laela sona, ’me o ne a le mothating oa ho nyehela Isaka ha lengeloi la Molimo le ne le mo thiba. Molimo o ile a mo hlapanyetsa a re: “Ke hlapanya ka ’na . . . hore ka lebaka la hore u entse ntho ena ’me ha ua ka ua nkhanela ka mora oa hao, ea mong feela, ruri ke tla u hlohonolofatsa ’me ruri ke tla atisa peo ea hao joaloka linaleli tsa maholimo le joaloka lehlabathe le lebopong la leoatle; ’me peo ea hao e tla rua heke ea lira tsa eona. Ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peo ea hao ka lebaka la hore u mametse lentsoe la ka.”—Gen. 22:1-3, 9-12, 15-18.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Genese 22:5) Joale Abrahama a re ho bahlanka ba hae: “Salang mona le esele, empa ’na le moshanyana re batla ho ea mane ho ea rapela ’me re tla khutlela ho lona.”
Jehova o Ile a mo Bitsa Motsoalle oa Hae
13 Pele Abrahama a siea bahlanka ba hae, o ile a re: “Salang mona le esele, empa ’na le moshanyana re batla ho ea mane ho ea rapela ’me re tla khutlela ho lona.” (Gen 22:5) Abrahama o ne a bolela’ng? Na o ne a ba thetsa ha a re o tla khutla le Isaka, empa a tseba hore o il’o etsa sehlabelo ka eena? Che. Bibele e re Abrahama o ne a tseba hore Jehova a ka khona ho tsosa Isaka bafung. (Bala Baheberu 11:19.) Abrahama o ne a tseba hore Jehova o mo file matla a hore a be le ngoana, le hoja eena le Sara ba ne ba se ba tsofetse. (Heb 11:11, 12, 18) Kahoo, o ile a hlokomela hore ha ho letho le ka hlolang Jehova. Abrahama o ne a sa tsebe hore na ho tla etsahala’ng letsatsing leo. Empa o ne a lumela hore haeba ho hlokahala, Jehova o tla tsosa mora oa hae, e le hore litšepiso tsohle tsa Molimo li ka phethahala. Ke ka lebaka leo Abrahama a bitsoang “ntat’a bohle ba nang le tumelo.”
(Genese 22:12) Eaba le tsoela pele ho re: “U se ke ua isa letsoho la hao ho moshanyana ’me u se ke ua mo etsa letho ho hang, etsoe joale kea tseba hore u tšaba Molimo kahobane ha ua nkhanela ka mora oa hao, ea mong feela.”
Lipotso Tse Tsoang Ho Babali
La bone, ha ho letho le tlamang Jehova hore a tsebe ntho e ’ngoe le e ’ngoe e re etsahallang. Taba ea hore Molimo o re khethela liteko esale pele e bolela hore o tlameha ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla re etsahalla bophelong. Empa Bibele ha e rute taba eo. Ke ’nete hore Molimo a ka khona ho tseba lintho tse tla re etsahalla. (Esa. 46:10) Bibele e bontša hore Molimo ha a khethe ho tseba lintho tse tla re etsahalla kaofela ha tsona. (Gen. 18:20, 21; 22:12) Ha a sebelise matla a hae a ho tseba lintho esale pele ka tsela e tla etsa hore a se ke a hlompha bolokolohi ba rona ba ho ikhethela. Na seo ha se sona seo re ka se lebellang ho Molimo eo ka linako tsohle a nkang bolokolohi ba rona ba ho ikhethela e le ba bohlokoa ebile a sebelisa makhabane a hae ka tekatekano?—Deut. 32:4; 2 Bakor. 3:17.
’Malo oa Bibele
(Genese 22:1-18) Joale eitse ka mor’a lintho tsena Molimo oa ’nete a leka Abrahama. Tumellanong le hoo a re ho eena: “Abrahama!” eaba o re: “Ke ’na enoa!” 2 A tsoela pele ho re: “Ka kopo, nka mora oa hao, mora oa hao ea mong eo u mo ratang haholo, Isaka, u nke leeto u ee naheng ea Moria ’me moo u mo nyehele e le nyehelo ea secheso ho e ’ngoe ea lithaba tseo ke tla u bontša tsona.” 3 Kahoo Abrahama a tsoha hoseng haholo a qhaneha esele ea hae eaba o nka bahlanka ba hae ba babeli le mora oa hae Isaka; eaba o ratha patsi bakeng sa nyehelo ea secheso. Joale a ema eaba o nka leeto ho ea sebakeng seo Molimo oa ’nete a mo bontšitseng sona. 4 E ne e le letsatsing la boraro ha ka lekhetlo la pele Abrahama a phahamisa mahlo ’me a qala ho bonela sebaka seo hojana. 5 Joale Abrahama a re ho bahlanka ba hae: “Salang mona le esele, empa ’na le moshanyana re batla ho ea mane ho ea rapela ’me re tla khutlela ho lona.” 6 Ka mor’a moo Abrahama a nka patsi ea nyehelo ea secheso a e jarisa mora oa hae Isaka ’me eena matsohong a hae a nka mollo le thipa e selakhang, eaba ka bobeli ba tsamaea hammoho. 7 Isaka a qala ho re ho ntat’ae Abrahama: “Ntate!” Eaba o re: “Ke ’na enoa, mora oa ka!” Kahoo a tsoela pele: “Mollo le patsi ke tsena, empa nku ea nyehelo ea secheso e hokae?” 8 Eaba Abrahama o re: “Molimo o tla iphumanela nku ea nyehelo ea secheso, mora oa ka.” ’Me ka bobeli ba tsamaea hammoho. 9 Qetellong ba fihla sebakeng seo Molimo oa ’nete a mo bontšitseng sona, eaba Abrahama o haha aletare moo ’me o beha patsi ka tlhophiso eaba o tlama mora oa hae Isaka maoto le matsoho ’me o mo beha aletareng holim’a patsi. 10 Eaba Abrahama o ntša letsoho o nka thipa e selakhang hore a bolaee mora oa hae. 11 Empa lengeloi la Jehova la qala ho mo bitsa le le maholimong la re: “Abrahama, Abrahama!” eaba oa araba: “Ke ’na enoa!” 12 Eaba le tsoela pele ho re: “U se ke ua isa letsoho la hao ho moshanyana ’me u se ke ua mo etsa letho ho hang, etsoe joale kea tseba hore u tšaba Molimo kahobane ha ua nkhanela ka mora oa hao, ea mong feela.” 13 Abrahama a phahamisa mahlo a talima, ’me pele mane hare-hare, ho ne ho e-na le pheleu e tšoasitsoeng ka linaka moferong. Kahoo Abrahama a ea ’me a nka pheleu a e nyehela e le nyehelo ea secheso sebakeng sa mora oa hae. 14 Abrahama a qala ho reha sebaka seo lebitso la Jehova-jire. Ke ka lebaka leo kajeno ka tloaelo ho thoeng: “Ho tla etsoa tokisetso thabeng ea Jehova.” 15 Lengeloi la Jehova la bitsa Abrahama ka lekhetlo la bobeli le le maholimong 16 la re: “ ‘Ke hlapanya ka ’na,’ ho bolela Jehova, ‘hore ka lebaka la hore u entse ntho ena ’me ha ua ka ua nkhanela ka mora oa hao, ea mong feela, 17 ruri ke tla u hlohonolofatsa ’me ruri ke tla atisa peo ea hao joaloka linaleli tsa maholimo le joaloka lehlabathe le lebopong la leoatle; ’me peo ea hao e tla rua heke ea lira tsa eona. 18 Ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peo ea hao ka lebaka la hore u mametse lentsoe la ka.’ ”
LA 9-LA 15 MARCH
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 24
“Isaka o Fumana Mosali”
(Genese 24:2-4) Kahoo Abrahama a re ho mohlanka oa hae, e moholo ho ba ntlo ea hae, eo e neng e le motsamaisi oa sohle seo a nang le sona: “Ka kopo, beha letsoho la hao tlas’a serope sa ka, 3 kaha ke tla u hlapantša ka Jehova, Molimo oa maholimo le Molimo oa lefatše, hore u ke ke ua nkela mora oa ka mosali ho barali ba Bakanana bao ke lulang har’a bona, 4 empa u tla ea naheng ea heso le ho beng ka ’na, ’me ka sebele u nkele mora oa ka Isaka mosali.”
“Ke Ikemiselitse ho Tsamaea”
Abrahama o ile a re Eliezere a etse kano ea hore a ke ke a khethela Isaka mosali har’a Bakanana. Hobane’ng? Hobane Bakanana ba ne ba sa rapele Jehova ebile ba sa mo hlomphe. Abrahama o ne a tseba hore qetellong Jehova o tl’o otla sechaba seo ka lebaka la liketso tsa sona tse khopo. O ne a sa batle hore mora oa hae eo a mo ratang e be karolo ea batho bao ba mekhoa e mebe. Hape o ne a tseba hore mor’a hae o tla phetha karolo ea bohlokoa ho phethahetseng litšepiso tsa Molimo.—Genese 15:16; 17:19; 24:2-4.
(Genese 24:11-15) Qetellong a etsa hore likamele li khumame ka ntle ho motse selibeng sa metsi hoo e ka bang mantsiboea, hoo e ka bang ka nako eo basali ba khang metsi ba tloaetseng ho tsoa ka eona. 12 Eaba o tsoela pele ho re: “Jehova Molimo oa mong’a ka Abrahama, ka kopo, etsa hore ho etsahale ka pel’a ka letsatsing lena, ’me u etse mong’a ka Abrahama ka mosa o lerato. 13 Bona! ke eme selibeng sa metsi, ’me barali ba banna ba motse ona ba tsoa ho tla kha metsi. 14 Moroetsana eo ke tla re ho eena, ‘Ka kopo, theola nkho ea hao ea metsi e le hore ke noe,’ ’me ebe ruri o re, ‘Noa, ’me ke tla noesa le likamele tsa hao,’ enoa ke eena eo u tla mo abela mohlanka oa hao, Isaka; etsa hore ke tsebe ka sena hore u sebelisitse lerato le tšepahalang ho mong’a ka.” 15 Joale, eitse pele a qeta ho bua, bonang! Rebeka a tsoa, ea tsoaletsoeng Bethuele mora oa Milka mosali oa Nakore, mor’abo Abrahama, ’me nkho ea hae ea metsi e ne e le lehetleng la hae.
“Ke Ikemiselitse ho Tsamaea”
Eliezere o ile a phetela ba habo Rebeka hore o ile a rapela Jehova Molimo ha a fihla selibeng se haufi le Harane. A mo kopa hore a khethele Isaka mosali. Joang? O ile a mo kopa hore a etse hore ngoanana eo a mo khethetseng Isaka a tl’o kha metsi selibeng. Le hore a mo fe metsi ha a mo kopa, ’me a se ke a fa eena feela empa a fe le likamele tsa hae. (Genese 24:12-14) Ke mang ea ileng a tla selibeng ’me a etsa lintho tseo kaofela? Ke Rebeka! Nahana feela hore na Rebeka o ne a tla ikutloa joang ha a utloa pale eo Eliezere a ntseng a e bolella batsoali ba hae!
(Genese 24:58) Joale ba bitsa Rebeka ba re ho eena: “Na u tla tsamaea le monna enoa?” Eaba o re: “Ke ikemiselitse ho tsamaea.”
(Genese 24:67) Ka mor’a moo Isaka a mo tlisa ka tenteng ea ’m’ae Sara. Ka hona a nka Rebeka ea e-ba mosali oa hae; a mo rata, ’me Isaka a fumana matšeliso ka mor’a ho shoeloa ke ’m’ae.
wp16.3 14 ¶6-7
“Ke Ikemiselitse ho Tsamaea”
Libeke pele ho moo, Eliezere o ile a re ho Abrahama: “Ho thoe’ng haeba mosali eo a ke ke a tla le ’na?” Abrahama a re ho eena: “U tla lokolloa boitlamong boo u bo entseng ho ’na ka kano.” (Genese 24:39, 41) Bethuele le eena o ne a batla hore morali oa hae a ntše maikutlo tabeng ena. Eliezere o ne a thabetse hore ebe o atlehile ho phetha seo mong’a hae a neng a mo rometse sona, hoo letsatsing le hlahlamang a ileng a kopa ho khutlela Kanana le Rebeka. Empa lelapa labo Rebeka le ne le batla hore a lule bonyane matsatsi a leshome pele a tsamaea. Qetellong ba ile ba rarolla taba ena ka ho re: “A re bitseng moroetsana ’me re utloe se tsoang molomong oa hae.”—Genese 24:57.
Joale Rebeka o ne a lokela ho khetha. O ne a tla khetha’ng? Na o ne a tla etsa hore ntate oa hae le moen’ae ba mo hauhele e le hore a se ke a ea moo a sa tsebeng? Kapa na o ne a utloisisa hore ha a tsamaea o kenya letsoho ho phethahaleng ha liketsahalo tseo ho totobetseng hore li laoloa ke Jehova? Tsela eo a ileng a araba ka eona e ile ea bontša hore na o ikutloa joang. O ile a re: “Ke ikemiselitse ho tsamaea.”—Genese 24:58.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Genese 24:19, 20) Ha a qeta ho mo fa se nooang, joale a re: “Le likamele tsa hao ke tla li khella metsi ho fihlela li qetile ho noa.” 20 Kahoo ka potlako a tšollela nkho ea hae ka senoelong eaba o matha ka makhetlo a mangata ho ea kha metsi, ’me a khella likamele tsohle tsa hae.
“Ke Ikemiselitse ho Tsamaea”
Mantsiboeeng a mang ha a qeta ho tlatsa nkho, o ile a bona monna-moholo e mong a tla ho eena. Monna-moholo eo o ile a re ho eena: “Ka kopo, mphe metsinyana ka nkhong ea hao.” O ne a bua le Rebeka a ikokobelitse. Rebeka o ile a elelloa hore monna-moholo eo o tsoa hole. Kahoo a theola nkho lehetleng ’me a mo fa metsi, eseng metsinyana feela, empa a lekaneng ho mo nyorolla. O ile a bona hore monna-moholo eo o tsamaea ka likamele tse leshome eaba oa hlokomela hore senoelo se ne se se na metsi e le hore li ka noa. Hape o ile a hlokomela tsela e mosa eo monna-moholo eo a mo shebileng ka eona, ’me a batla ho mo thusa kahohle kamoo a ka khonang. Kahoo o ile a re: “Le likamele tsa hao ke tla li khella metsi ho fihlela li qetile ho noa.”—Genese 24:17-19.
Rebeka ha aa ka a tšella likamele tseo metsinyana feela, empa o ile a li tšella metsi a lekaneng hore li khotsofale. Kamele e le ’ngoe e nyoriloeng e ka noa lilithara tse fetang 95 tsa metsi! Haeba likamele tseo tse leshome li ne li nyoriloe kaofela, Rebeka o ne a tla lokela ho qeta lihora tse ngata a ntse a li khella metsi. Leha ho le joalo, ha ho bonahale eka li ne li nyoriloe haholo. Empa na Rebeka o ne a tseba seo? Che. O ne a ikemiselitse ho etsa sohle seo a ka se khonang ho thusa monna-moholo eo. Le eena o ile a amohela thuso ea Rebeka. O ne a shebile Rebeka ka hloko ha a ntse a ea holimo le tlaase a tšela metsi ka senoelong.—Genese 24:20, 21.
wp16.3 13, mongolo o botlaaseng ba leqephe.
“Ke Ikemiselitse ho Tsamaea”
Letsatsi le ne le se le liketse. Tlaleho ena ha e bue ka hore Rebeka o ile a qeta lihora tse ngata a le selibeng. Hape ha e bolele hore Rebeka o ile a fihla habo ba se ba robetse kapa hore ho ile ha tla motho ea tl’o sheba hore na o liehisitsoe ke’ng.
(Genese 24:65) Joale a re ho mohlanka: “Monna eloa ea tsamaeang tšimong ho tla re khahlanyetsa ke mang?” ’me mohlanka a re: “Ke mong’a ka.” Eaba o nka lesela le roaloang hloohong oa ikhurumetsa.
“Ke Ikemiselitse ho Tsamaea”
Qetellong, ho ile ha fihla letsatsi leo re buileng ka lona qalong ea sehlooho sena. Ha ba kena naheng ea Negebe letsatsi le ne le se le likela ’me Rebeka a bona monna a ntse a tsamaea tšimong. Ho ne ho bonahala eka o ntse a nahana. Bibele e re: ‘A theoha kameleng’ mohlomong le pele e khumama, eaba o re ho monna-moholo: “Monna eloa ea tsamaeang tšimong ho tla re khahlanyetsa ke mang?” Ha a utloa hore ke Isaka, a ikoahela ka lesela hloohong. (Genese 24:62-65) Hobane’ng? O ne a bontša hore o hlompha monna ea tl’o mo nyala. Batho ba ka ’na ba re ho bontša tlhompho ka tsela eo ho tsoile fesheneng. Empa banna le basali ba ka ithuta ho ikokobetsa ho Rebeka, hobane kaofela ha rona re lokela ho ba le boikokobetso.
’Malo oa Bibele
(Genese 24:1-21) Joale Abrahama o ne a tsofetse, a ile lilemong; ’me Jehova o ne a hlohonolofalitse Abrahama nthong e ’ngoe le e ’ngoe. 2 Kahoo Abrahama a re ho mohlanka oa hae, e moholo ho ba ntlo ea hae, eo e neng e le motsamaisi oa sohle seo a nang le sona: “Ka kopo, beha letsoho la hao tlas’a serope sa ka, 3 kaha ke tla u hlapantša ka Jehova, Molimo oa maholimo le Molimo oa lefatše, hore u ke ke ua nkela mora oa ka mosali ho barali ba Bakanana bao ke lulang har’a bona, 4 empa u tla ea naheng ea heso le ho beng ka ’na, ’me ka sebele u nkele mora oa ka Isaka mosali.” 5 Leha ho le joalo, mohlanka a re ho eena: “Ho thoe’ng haeba mosali eo a sa lakatse ho tla le ’na naheng ena? Na ke tiise hore ke khutlisetsa mora oa hao naheng eo u tlohileng ho eona?” 6 Eaba Abrahama o re ho eena: “Itebele hore u se ke ua khutlisetsa mora oa ka moo. 7 Jehova Molimo oa maholimo, ea ntlositseng ntlong ea Ntate le naheng ea beng ka ’na le ea buileng le ’na le ea ntlhapanyelitseng, a re, ‘Ke tla fa peo ea hao naha ena,’ o tla romela lengeloi la hae hore le u etelle pele, ’me ka sebele u tla nkela mora oa ka mosali moo. 8 Empa haeba mosali eo a sa lakatse ho tla le uena, le uena u tla be u lokolohile kanong ena eo u nketselitseng eona. U mpe u se ke ua khutlisetsa mora oa ka moo.” 9 Eaba mohlanka o beha letsoho la hae tlas’a serope sa mong’a hae Abrahama ’me o mo hlapanyetsa malebana le taba ena. 10 Kahoo mohlanka a nka likamele tse leshome likameleng tsa mong’a hae eaba o tsamaea a nkile ntho e ntle ea mofuta o mong le o mong ea mong’a hae letsohong. Joale a tloha a ea Mesopotamia motseng oa Nakore. 11 Qetellong a etsa hore likamele li khumame ka ntle ho motse selibeng sa metsi hoo e ka bang mantsiboea, hoo e ka bang ka nako eo basali ba khang metsi ba tloaetseng ho tsoa ka eona. 12 Eaba o tsoela pele ho re: “Jehova Molimo oa mong’a ka Abrahama, ka kopo, etsa hore ho etsahale ka pel’a ka letsatsing lena, ’me u etse mong’a ka Abrahama ka mosa o lerato. 13 Bona! ke eme selibeng sa metsi, ’me barali ba banna ba motse ona ba tsoa ho tla kha metsi. 14 Moroetsana eo ke tla re ho eena, ‘Ka kopo, theola nkho ea hao ea metsi e le hore ke noe,’ ’me ebe ruri o re, ‘Noa, ’me ke tla noesa le likamele tsa hao,’ enoa ke eena eo u tla mo abela mohlanka oa hao, Isaka; etsa hore ke tsebe ka sena hore u sebelisitse lerato le tšepahalang ho mong’a ka.” 15 Joale, eitse pele a qeta ho bua, bonang! Rebeka a tsoa, ea tsoaletsoeng Bethuele mora oa Milka mosali oa Nakore, mor’abo Abrahama, ’me nkho ea hae ea metsi e ne e le lehetleng la hae. 16 Joale moroetsana enoa o ne a e-na le ponahalo e khahlehang, e le moroetsana, ’me ho ne ho se monna ea kileng a kopanela liphate le eena; eaba o theohela selibeng ’me o qala ho tlatsa nkho ea hae ea metsi a ntan’o nyoloha. 17Hang-hang mohlanka a matha ho ea mo khahlanyetsa ’me a re: “Ka kopo, mphe metsinyana ka nkhong ea hao.” 18 Eaba o re: “Noa, moren’a ka.” Ka potlako a theola nkho ea hae ea metsi a e tšoara ka letsoho ’me a mo fa se nooang. 19 Ha a qeta ho mo fa se nooang, joale a re: “Le likamele tsa hao ke tla li khella metsi ho fihlela li qetile ho noa.” 20 Kahoo ka potlako a tšollela nkho ea hae ka senoelong eaba o matha ka makhetlo a mangata ho ea kha metsi, ’me a khella likamele tsohle tsa hae. 21 Ka nako ena eohle monna enoa o ne a ntse a mo talimisisa ka ho makala, a khutsitse hore a tsebe hore na ebe Jehova o atlehisitse leeto la hae kapa che.
LA 16-LA 22 MARCH
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 25-26
“Esau o Rekisa Tokelo ea Hae ea ho ba Letsibolo”
(Genese 25:27, 28) Bashanyana ba hola, ’me Esau ea e-ba monna ea tsebang ho tsoma, monna oa naheng, empa Jakobo ea e-ba monna ea sa tšoauoeng phoso, ea lulang litenteng. 28 Isaka o ne a rata Esau, hobane ho ne ho bolela hore ho tla ba le nama ea phoofolo e tsonngoeng ka hanong la hae, athe Rebeka o ne a rata Jakobo.
it-1-E 1242
Jakobo
Jakobo o ne a ratoa ke ’mè oa hae ’me o hlalosoa e ne e le “monna ea sa tšoauoeng phoso [Heb., tam], ea lulang litenteng.” O ne a qeta boholo ba nako a le naheng a hlokometse liphoofolo. O ne a fapane le thatofatsi ea ntate oa hae e leng Esau, ea neng a le hlaha, a se na mamello a bile a lula a tsoma. (Gen. 25:27, 28) Ho na le moo lentsoe la Seheberu tam le sebelisoang ho hlalosa batho ba amoheloang ke Molimo. Mohlala, “batho ba nyoretsoeng mali ba hloea mang kapa mang ea sa tšoauoeng phoso,” empa Jehova eena o tšepisa hore “bokamoso ba motho [ea sa tšoauoeng phoso] bo tla ba le khotso.” (Lipr 29:10; Pes 37:37) Jobo ea tšepahalang, o ile a pakoa e le “monna ea sa tšoauoeng phoso [Heb., tam] le ea lokileng.”—Jobo 1:1, 8; 2:3.
(Genese 25:29, 30) Ka nako e ’ngoe Jakobo o ne a phehile sechu, ha Esau a fihla a tsoa naheng ’me a khathetse. 30 Kahoo Esau a re ho Jakobo: “Ka kopo, potlaka u mphe ke je bofubelu—bofubelu boo, etsoe ke khathetse!” Ke ka lebaka leo a rehiloeng lebitso la Edomo.
(Genese 25:31-34) Eaba Jakobo o re: “Pele ho tsohle, nthekisetse tokelo ea hao joaloka letsibolo!” 32 Eaba Esau o tsoela pele: “Bona! ke tlil’o shoa, ’me tokelo ea tsoalo e na le molemo ofe ho ’na?” 33 Eaba Jakobo oa eketsa: “Pele ho tsohle, ntlhapanyetse!” Eaba oa mo hlapanyetsa ’me o rekisetsa Jakobo tokelo ea hae joaloka letsibolo. 34 Jakobo a fa Esau bohobe le sechu sa lensisi, eaba oa ja oa noa. Joale a ema ’me a tsamaea. Kahoo Esau a nyelisa tokelo ea tsoalo.
E-ba Motho ea Lebohang
11 Ka Bibeleng, ho boetse ho na le mehlala ea batho ba sa kang ba leboha. E mong oa bona ke Esau. Le hoja a ne a holisitsoe ke batsoali ba ratang Jehova le ba mo hlomphang, ha aa ka ananela lintho tse halalelang. (Bala Baheberu 12:16.) O ile a bontša joang hore ke motho ea sa ananeleng? Ka hore a rekisetse moen’ae Jakobo tokelo ea hae joaloka letsibolo hore feela a mo fe sechu. (Gen. 25:30-34) Hamorao, Esau o ile a ikoahlaela qeto eo a ileng a e etsa. Kaha e ne e se motho ea ananelang, o ne a se na lebaka la hore a ka belaela ha a amohuoe tokelo ea hae joaloka letsibolo.
it-1-E 835
Letsibolo
Ho tloha mehleng ea khale, haesale letsibolo le e-na le maemo a hlomphehang ka lapeng ’me e ne e tla ba lona le tla nka boikarabelo ba ho hlokomela lelapa ha ntate a se a le sieo. Hape le ne le fumana likarolo tse peli lefeng la ntate oa lona. (De 21:17) Rubene o ile a lula pel’a Josefa nakong ea lijo hobane e ne e le letsibolo. (Gen 43:33) Ha se ka mehla ha Bibele e thathamisa bara, e isang tlhompho ho letsibolo. Empa hangata e qala ka bara ba ileng ba tšepahala kapa ba tummeng le hoja e ne e se matsibolo.—Gen 6:10; 1Likr 1:28; bapisa le Gen 11:26, 32; 12:4; bona le TOKELO EA TSOALO; LEFA.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Genese 25:31-34) Eaba Jakobo o re: “Pele ho tsohle, nthekisetse tokelo ea hao joaloka letsibolo!” 32 Eaba Esau o tsoela pele: “Bona! ke tlil’o shoa, ’me tokelo ea tsoalo e na le molemo ofe ho ’na?” 33 Eaba Jakobo oa eketsa: “Pele ho tsohle, ntlhapanyetse!” Eaba oa mo hlapanyetsa ’me o rekisetsa Jakobo tokelo ea hae joaloka letsibolo. 34 Jakobo a fa Esau bohobe le sechu sa lensisi, eaba oa ja oa noa. Joale a ema ’me a tsamaea. Kahoo Esau a nyelisa tokelo ea tsoalo.
(Baheberu 12:16) e le hore ho se ke ha e-ba le sehlola kapa leha e le mang ea sa ananeleng lintho tse halalelang, joaloka Esau, ea ileng a fana ka litokelo tsa hae joaloka letsibolo e le phapanyetsano bakeng sa sejo se le seng.
Lipotso Tse Tsoang Ho Babali
Lengolo la Baheberu 12:16 leo re qalileng ka lona le re: “Ho se ke ha e-ba le sehlola kapa leha e le mang ea sa ananeleng lintho tse halalelang, joaloka Esau, ea ileng a fana ka litokelo tsa hae joaloka letsibolo e le phapanyetsano bakeng sa sejo se le seng.” Re ithuta’ng?
Moapostola Pauluse mona o ne a sa bue hakaalo ka lesika la Mesia. O ne a qeta ho kopa Bakreste hore ba ‘otlolle litsela bakeng sa maoto a bona.’ Lebaka e ne e le “hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea ka hlokisoang mosa o sa tšoanelang oa Molimo,” e leng ntho e neng e ka ba etsahalla haeba ba ka etsa bohlola. (Baheb. 12:12-16) Kahoo, ba ne ba tla tšoana le Esau. O ile a hloleha ho ananela “lintho tse halalelang” eaba o lahla tokelo ea hae ka lebaka la lintho tse se nang thuso.
Esau o phetse mehleng ea Bapatriareka, ’me ho ka etsahala hore ebe ka linako tse ling o ne a nyehela mahlabelo. (Gen. 8:20, 21; 12:7, 8; Jobo 1:4, 5) Empa ka lebaka la ho nahana ka lithahasello tsa hae, Esau o ile a lahla tokelo ea hae ea ho ba letsibolo ka lebaka feela la sechu. Mohlomong o ne a batla ho qoba mahloriso a neng a tl’o tlela litloholo tsa Abrahama. (Gen. 15:13) Esau o ile a boela a iponahatsa a sekametse linthong tse se nang thuso, a bile a sa ananele lintho tse halalelang ka hore a nyale basali ba babeli ba bahetene ’me a utloisa batsoali ba hae bohloko. (Gen. 26:34, 35) Jakobo eena o ile a etsa se fapaneng ka hore a nyale morapeli oa Jehova.—Gen. 28:6, 7; 29:10-12, 18.
(Genese 26:7) Joale, banna ba sebaka seo ba ’na ba botsa ka mosali oa hae, ’me o ne a re: “Ke khaitseli ea ka.” Kaha o ne a tšaba hore a re “Ke mosali oa ka” esere, ho qotsa mantsoe a hae, “banna ba sebaka sena ba mpolaea ka lebaka la Rebeka,” hobane o ne a e-na le ponahalo e khahlehang.
it-2-E 245 ¶6
Leshano
Le hoja Bibele e fana ka taelo e hlakileng ea hore leshano ke ntho e mpe, empa taba ena ha e bolele hore motho o lokela ho fana ka litaba tsa ’nete le tse feletseng ho batho bao li sa ba tšoanelang. Jesu Kreste o ile a re: “Le se ke la fa lintja se halalelang, kapa la lahlela liperela tsa lona ka pel’a likolobe, e le hore le ka mohla li se ke tsa li hatakela ka maoto eaba lia reteleha ’me lia le rusolla.” (Mat 7:6) Ke ka lebaka leo Jesu, maemong a mang a sa kang a fana ka lintlha tse feletseng kapa a fana ka likarabo ho lipotso tse ling haeba ho etsa joalo ho ne ho tla mo beha kotsing ho sa hlokahale. (Mat 15:1-6; 21:23-27; Joh 7:3-10) Re lokela ho talima lintho tseo Abrahama, Isaka, Rahaba, le Elisha ba ileng ba li etsa ka tsela ena ka hore ha baa ka bua ’nete kapa ba fana ka lintlha tse feletseng ho batho ba neng ba sa rapele Jehova.—Gen 12:10-19; khao. 20; 26:1-10; Jos 2:1-6; Jak 2:25; 2Ma 6:11-23.
’Malo oa Bibele
(Genese 26:1-18) Joale ha e-ba le tlala naheng, ntle ho tlala ea pele e bileng teng matsatsing a Abrahama, hoo Isaka a ileng a leba Gerare ho Abimeleke, morena oa Bafilista. 2 Joale Jehova a hlaha ho eena ’me a re: “U se ke ua theohela Egepeta. Lula ka nakoana naheng eo ke u bontšang eona. 3 Lula u le mojaki naheng ena, ’me ke tla ba le uena ke u hlohonolofatse, hobane ke tla fa uena le peo ea hao linaha tsena kaofela, ’me ke tla phetha polelo e hlapanyelitsoeng eo ke e hlapanyelitseng ntat’ao Abrahama, 4 ‘Ke tla atisa peo ea hao joaloka linaleli tsa maholimo ’me ke tla fa peo ea hao linaha tsena tsohle; ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peo ea hao,’ 5 hobane Abrahama o ile a mamela lentsoe la ka ’me a tsoela pele ho boloka tlamo ea hae ho ’na, litaelo tsa ka, litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng, le melao ea ka.” 6 Kahoo Isaka a tsoela pele ho lula Gerare. 7 Joale, banna ba sebaka seo ba ’na ba botsa ka mosali oa hae, ’me o ne a re: “Ke khaitseli ea ka.” Kaha o ne a tšaba hore a re “Ke mosali oa ka” esere, ho qotsa mantsoe a hae, “banna ba sebaka sena ba mpolaea ka lebaka la Rebeka,” hobane o ne a e-na le ponahalo e khahlehang. 8 Kahoo eitse ha matsatsi a hae moo a ata, Abimeleke morena oa Bafilista, o ne a shebile ka fensetere a talimile, ’me a bona Isaka a ithabisa le mosali oa hae Rebeka. 9 Hang-hang Abimeleke a bitsa Isaka a re: “Ke mosali oa hao! Kahoo ho tla joang hore ebe u itse, ‘Ke khaitseli ea ka’?” Eaba Isaka o re ho eena: “Ke ho boletse esere ka shoa ka lebaka la hae.” 10 Empa Abimileke a tsoela pele: “U re entse’ng? Ho setse hanyenyane ’me ka sebele e mong oa batho a ka be a robetse le mosali oa hao, ’me u ka be u re tliselitse molato!” 11 Joale Abimeleke a laela batho bohle, a re: “Motho leha e le mang ea amang monna enoa le mosali oa hae ruri o tla bolaoa!” 12 Ka mor’a moo Isaka a qala ho jala peo naheng eo, ’me selemong seo a fumana litekanyo tse fihlang lekholong ho e le ’ngoe, kaha Jehova o ne a mo hlohonolofatsa. 13 Tumellanong le hoo monna enoa a ba moholo ’me a ’na a tsoela pele ho hola ho fihlela a e-ba moholo haholo. 14 A ba le mehlape ea linku le mehlape ea likhomo le sehlopha se seholo sa bahlanka, hoo Bafilista ba ileng ba qala ho mo honohela. 15 Ha e le liliba tsohle tseo bahlanka ba ntat’ae ba li chekileng matsatsing a ntat’ae Abrahama, Bafilista ba li thiba ’me ba li tlatsa ka mobu o omileng. 16 Qetellong Abimeleke a re ho Isaka: “Tloha tikolohong ea rona, hobane u fetohile ea matla haholo ho re feta.” 17 Kahoo Isaka a tloha moo eaba o hloma liahelo phuleng ea molapo o phoroselang ea Gerare ’me o lula teng. 18 Isaka a boela a cheka liliba tsa metsi tseo ba ileng ba li cheka matsatsing a ntat’ae Abrahama empa tseo Bafilista ba ileng ba li thiba ka mor’a lefu la Abrahama; a boela a li bitsa ka mabitso ao ntat’ae a neng a li rehile ’ona.
LA 23-LA 29 MARCH
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 27-28
“Jakobo oa Hlohonolofatsoa”
(Genese 27:6-10) Rebeka a re ho mora oa hae Jakobo: “Ke utloile ntat’ao a bua le mor’eno Esau, a re, 7 ‘Ntlisetse phoofolo e tsonngoeng ’me u nketsetse lijo tse hlabosang ’me ke je, e le hore nka u hlohonolofatsa ka pel’a Jehova pele ho lefu la ka.’ 8 Joale, mora oa ka, mamela lentsoe la ka ho seo ke u laelang sona. 9 Ka kopo e-ea mohlapeng ’me u ntlele le lipotsanyane tse peli, tse ntle, e le hore ke phehele ntat’ao lijo tse hlabosang tseo a li ratang. 10 Joale u li ise ho ntat’ao ’me o tla li ja, e le hore a ka u hlohonolofatsa pele ho lefu la hae.”
Rebeka Mosali ea Neng a le Mafolofolo a Bile a Tšaba Molimo
Bibele ha e bolele hore na ebe Isaka oa tseba hore Esau o lokela ho sebeletsa Jakobo. Leha ho le joalo, Rebeka le Jakobo baa tseba hore o lokela ho hlohonolofatsoa. Rebeka o tlola matjato ha a utloa hore Isaka o rera ho hlohonolofatsa Esau ha a isetsa ntat’ae lijo tse nang le nama ea phoofolo e tsonngoeng. O ntse a e-na le boikemisetso le cheseho tseo a neng a e-na le tsona ha a ne a sa le mocha. O ‘laela’ Jakobo hore a mo tlisetse lipotsanyane tse peli. O il’o phehela monna oa hae lijo tseo a li ratang haholo. Joale Jakobo o lokela ho iketsa eka ke Esau e le hore a fumane tlhohonolofatso. Jakobo o hana ho etsa sena. Ha ho pelaelo hore ntat’ae o tla hlokomela leqheka lena ebe oa mo rohaka! Rebeka oa phehella. O re: “Bomalimabe bo reretsoeng uena bo be holim’a ka, mora oa ka.” Joale o pheha lijo, o etsa hore Jakobo a ikhakanye eke ke Esau, ’me o mo romela ho monna oa hae.—Genese 27:1-17.
Ha ho hoa boleloa hore na ke hobane’ng ha Rebeka a etsa sena. Ba bangata ba nyatsa seo Rebeka a se entseng, empa Bibele ha e se nyatse, le Isaka ha aa ka a se nyatsa ka mor’a hore a hlokomele hore Jakobo o fumane tlhohonolofatso. Ho e-na le hoo, Isaka oa se tiisa. (Genese 27:29; 28:3, 4) Rebeka o tseba seo Jehova a se boletseng esale pele ka bara ba hae. Kahoo o nka mehato ea ho tiisa hore Jakobo o fumana tlhohonolofatso e mo loketseng. Ka ho hlakileng, sena se tumellanong le thato ea Jehova.—Baroma 9:6-13.
(Genese 27:18, 19) Kahoo a kena ho ntat’ae ’me a re: “Ntate!” eaba eena o re: “Ke ’na enoa! U mang, mora oa ka?” 19 Jakobo a tsoela pele ho re ho ntat’ae: “Ke ’na Esau letsibolo la hao. Ke entse feela joalokaha u mpoleletse. Ka kopo tsoha. Lula fatše ’me u je phoofolo e tsonngoeng ke ’na, e le hore moea oa hao o ka ntlhohonolofatsa.”
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Bibele ha e re bolelle ka botlalo hore na ke hobane’ng ha Rebeka le Jakobo ba ile ba etsa sena, leha ho le joalo, ea re bolella hore taba ena e etsahetse ka tšohanyetso. Re lokela ho hlokomela hore Lentsoe la Molimo ha le re seo Rebeka le Jakobo ba se entseng se nepahetse le teng ha le re se fosahetse, kahoo ketsahalo ena ha e behe mohlala oa ho bua leshano kapa oa ho qhekella. Leha ho le joalo, Bibele e re beha leseling ka taba ena.
Taba ea pele, tlaleho eo ea hlakisa hore Jakobo o ne a e-na le tokelo ea ho hlohonolofatsoa ke ntate oa hae, Esau eena o ne a se na eona. Pejana, Jakobo o ne a ile a reka ka molao tokelo ea tsoalo ho lefahla labo le se nang kananelo, le ileng la mo rekisetsa eona ka lijo hore le loantše lephako. Esau o ile “a nyelisa tokelo ea tsoalo.” (Genese 25:29-34) Ka lebaka leo, ha a ne a e-ea ho ntate oa hae, Jakobo o ne a batla tlhohonolofatso eo e neng e le ea hae ka molao.
(Genese 27:27-29) Kahoo a atamela a mo aka, ’me a fofonela monko oa liaparo tsa hae. Eaba oa mo hlohonolofatsa o re: “Bona, monko oa mora oa ka o joaloka monko oa naha e hlohonolofalitsoeng ke Jehova. 28 E se eka Molimo oa ’nete a ka u fa phoka ea maholimo le mobu o nonneng oa lefatše le lijo-thollo tse ngata le veine e ncha. 29 Batho ba ke ba u sebeletse ’me lichaba li ke li u inamele. E-ba monghali oa barab’eno, ’me bara ba ’m’ao ba u inamele. Ho rohakoe e mong le e mong oa ba u rohakang, ’me ho hlohonolofatsoe e mong le e mong oa ba u hlohonolofatsang.”
it-1-E 341 ¶6
Tlhohonolofatso
Mehleng ea bapatriareka, hangata ntate o ne a hlohonolofatsa bana ba hae nakoana pele a hlokahala. Taba ena e ne e le ea bohlokoa ’me motho o ne a lokela ho e nka ka botebo. Ke kahoo Jakobo a ileng a hlohonolofatsa Isaka a nka hore ke letsibolo la hae, Esau. Isaka o ile hlohonolofatsa Jakobo ’me a kopa Jehova hore a thuse Jakobo hore a amohelehe ho Eena a be a mo fe maruo a mangata ho feta a abuti oa hae, Esau. Ka nako eo, Isaka o ne a se a tsofetse a bile a sa bone. (Gen 27:1-4, 23-29; 28:1, 6; Heb 11:20; 12:16, 17) Hamorao, Isaka o ne a se a netefalitse hore o hlohonolofalitse Jakobo ’me o ile a mo hlohonolofatsa hape ka ho eketsehileng. (Gen 28:1-4) Pele Jakobo a shoa, o ile a hlohonolofatsa bara ba babeli ba Josefa kamor’a moo a hlohonolofatsa bara ba hae. (Gen 48:9, 20; 49:1-28; Heb 11:21) Ka ho tšoanang nakoana pele Moshe a shoa, o ile a hlohonolofatsa sechaba sohle sa Iseraele. (De 33:1) Maemong ana ’ohle, lintho tseo batho ba neng ba hlohonolofatsa ba neng ba li buoa, li ile tsa feela tsa phethahala. Ka linako tse ling, motho ea hlohonolofatsang, o ne a beha letsoho la hae holim’a hlooho ea motho eo a neng a mo hlohonolofatsa.—Gen 48:13, 14.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Genese 27:46–28:2) Ka mor’a moo Rebeka a ’na a re ho Isaka: “Ke nyonya bophelo ba ka ka lebaka la barali ba Hethe. Haeba le ka mohla Jakobo a ka nka mosali ho barali ba Hethe joaloka bana ba tsoang har’a barali ba naha, bophelo bo na le molemo oa eng ho ’na?”
28 Tumellanong le hoo Isaka a bitsa Jakobo ’me a mo hlohonolofatsa eaba oa mo laela o re ho eena: “U se ke ua nka mosali ho barali ba Kanana. 2 Tloha, u ee Padane-arame ntlong ea Bethuele ntat’a ’m’ao ’me moo u inkele mosali ho barali ba malom’ao Labane.
Lintho Tse ka U Thusang ho Buisana le Molekane oa Hao
Na Isaka le Rebeka ba ile ba e-ba le tsebo e ntle ea ho buisana? Ka mor’a hore mor’a bona Esau a nyale barali ba babeli ba Hethe, ho ile ha hlaha bothata bo boholo ka lapeng. Rebeka “a ’na a re ho” Isaka: “Ke nyonya bophelo ba ka ka lebaka la barali ba Hethe. Haeba le ka mohla Jakobo [mor’a bona e monyenyane] a ka nka mosali ho barali ba Hethe . . . , bophelo bo na le molemo oa eng ho ’na?” (Genese 26:34; 27:46) Ho totobetse hore o ile a bua ka ho hlaka ka seo a neng a amehile ka sona, a sa hlathe koana le koana.
Isaka o ile a laela Jakobo, mor’abo Esau oa lefahla hore a se ke a inkela mosali ho barali ba Kanana. (Genese 28:1, 2) Rebeka o ne a hlakisitse maikutlo a hae. Banyalani bana ba ne ba buisane ka tsela e atlehang ka taba ea lelapa e neng e ka ’na ea khopisa molekane e mong, kahoo ba re behela mohlala kajeno. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba balekane ba lenyalo ba sa lumellane? Ke’ng seo ba ka se etsang?
(Genese 28:12, 13) A qala ho lora, ’me, bonang! ho ne ho e-na le lere e emeng lefatšeng tlhoro ea eona e fihla maholimong; ’me, bonang! ho ne ho e-na le mangeloi a Molimo a ntseng a nyoloha ’me a theoha ka eona. 13 Bonang! Jehova o ne a eme holim’a eona, eaba o re: “Ke ’na Jehova Molimo oa ntat’ao Abrahama le Molimo oa Isaka. Naha eo u robetseng ho eona, ke tla e fa uena le peo ea hao.
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Genese—II
28:12, 13—Toro ea Jakobo ea “lere” e ne e bontša eng ea bohlokoa? “Lere” ena, eo e ka ’nang eaba e ne e shebahala joaloka litepisi tsa majoe tse nyolohelang holimo, e ne e bontša hore ho na le puisano pakeng tsa lefatše le leholimo. Ho ea holimo le tlaase ha mangeloi a Molimo ka eona ho ne ho bontša hore mangeloi a sebeletsa ka tsela e itseng ea bohlokoa pakeng tsa Jehova le batho bao a ba amohelang.—Johanne 1:51.
’Malo oa Bibele
(Genese 27:1-23) Joale eitse ha Isaka a tsofetse le mahlo a hae a fifetse hoo a sa boneng a bitsa Esau mora oa hae e moholo ’me a re ho eena: “Mora oa ka!” eaba o re ho eena: “Ke ’na enoa!” 2 Eaba o tsoela pele ho re: “Bona! joale ke tsofetse. Ha ke tsebe letsatsi la lefu la ka. 3 Kahoo lekhetlong lena, ka kopo, nka lisebelisoa tsa hao, khohlopo ea hao le seqha sa hao, ’me u ee naheng u ntsomele phoofolo. 4 Joale u nketsetse lijo tse hlabosang tseo ke li ratang ’me u li tlise ho ’na, ke je, e le hore moea oa ka o ka u hlohonolofatsa pele ke shoa.” 5 Leha ho le joalo, Rebeka o ne a mametse ha Isaka a bua le mora oa hae Esau. Esau a ea naheng ho ea tsoma phoofolo ’me a e tlisa. 6 Rebeka a re ho mora oa hae Jakobo: “Ke utloile ntat’ao a bua le mor’eno Esau, a re, 7 ‘Ntlisetse phoofolo e tsonngoeng ’me u nketsetse lijo tse hlabosang ’me ke je, e le hore nka u hlohonolofatsa ka pel’a Jehova pele ho lefu la ka.’ 8 Joale, mora oa ka, mamela lentsoe la ka ho seo ke u laelang sona. 9 Ka kopo e-ea mohlapeng ’me u ntlele le lipotsanyane tse peli, tse ntle, e le hore ke phehele ntat’ao lijo tse hlabosang tseo a li ratang. 10 Joale u li ise ho ntat’ao ’me o tla li ja, e le hore a ka u hlohonolofatsa pele ho lefu la hae.” 11 Eaba Jakobo o re ho ’m’ae Rebeka: “Empa mor’eso Esau ke monna ea mohoete ’me ’na ke monna ea lehoete. 12 Ho thoe’ng haeba Ntate a mphopholetsa? Joale ka sebele mahlong a hae ke tla tšoana le ea somang, ’me ka sebele ke tla itlisetsa bomalimabe eseng tlhohonolofatso.” 13 Eaba ’m’ae o re ho eena: “Bomalimabe bo reretsoeng uena bo be holim’a ka, mora oa ka. U mpe u mamele lentsoe la ka ’me u tsamaee, u ntlisetse tsona.” 14 Tumellanong le hoo a tsamaea eaba oa li nka o li tlisa ho ’m’ae, eaba ’m’ae o pheha lijo tse hlabosang tseo ntat’ae a li ratang. 15 Ka mor’a moo Rebeka a nka liaparo tsa mora oa hae e moholo Esau, tse khahlehang ka ho fetisisa tseo a nang le tsona ka tlung, a li apesa mora oa hae e monyenyane Jakobo. 16 A beha matlalo a lipotsanyane matsohong a hae le karolong e lehoete ea molala oa hae. 17 Joale lijo tse hlabosang le bohobe boo a bo entseng a fana ka tsona letsohong la mora oa hae Jakobo. 18 Kahoo a kena ho ntat’ae ’me a re: “Ntate!” eaba eena o re: “Ke ’na enoa! U mang, mora oa ka?” 19 Jakobo a tsoela pele ho re ho ntat’ae: “Ke ’na Esau letsibolo la hao. Ke entse feela joalokaha u mpoleletse. Ka kopo tsoha. Lula fatše ’me u je phoofolo e tsonngoeng ke ’na, e le hore moea oa hao o ka ntlhohonolofatsa.” 20 Eaba Isaka o re ho mora oa hae: “Ho tla joang hore ebe u e fumane kapele hakaale, mora oa ka?” Eaba o re: “Hobane Jehova Molimo oa hao o entse hore e kopane le ’na.” 21 Joale Isaka a re ho Jakobo: “Ka kopo, atamela e le hore ke u phopholetse, mora oa ka, e le hore ke tsebe hore na ka sebele u mora oa ka Esau kapa che.” 22 Kahoo Jakobo a atamela ntat’ae Isaka, ’me a qala ho mo phopholetsa, ka mor’a moo a re: “Lentsoe ke lentsoe la Jakobo, empa matsoho ke matsoho a Esau.” 23 ’Me ha aa ka a mo tseba, hobane matsoho a hae a ne a le mohoete joaloka matsoho a Esau mor’abo. Kahoo a mo hlohonolofatsa.
LA 30 MARCH–LA 5 APRIL
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 29-30
“Jakobo oa Nyala”
(Genese 29:18-20) Jakobo o ne a rata Ragele. Kahoo a re: “Ke ikemiselitse ho u sebeletsa ka lilemo tse supileng bakeng sa morali oa hao e monyenyane Ragele.” 19 Eaba Labane o re: “Ho molemo hore ke u fe eena ho e-na le hore ke mo fe monna e mong. Tsoela pele u lula le ’na.” 20 Eaba Jakobo o sebeletsa Ragele ka lilemo tse supileng, empa mahlong a hae tsa e-ba joaloka matsatsi a seng makae ka lebaka la lerato la hae ho eena.
Jakobo o ne a Ananela Litekanyetso Tsa Moea
Tšepisano ea lenyalo e ne e tiisoa ka hore ho lefuoe bohali ho ba habo moroetsana. Hamorao Molao oa Moshe o ile oa beha sekepele sa lishekele tse 50 tsa silevera e le tefello bakeng sa baroetsana ba ileng ba ekoa. Gordon Wenham oa setsebi o lumela hore bona e ne e le “bohali bo phahameng ka ho fetisisa” empa hangata bo ne bo e-ba “ka tlaase haholo” ho moo. (Deuteronoma 22:28, 29) Jakobo o ne a ke ke a khona ho bo lefa. O ile a ithaopela ho sebeletsa Labane ka lilemo tse supileng. Wenham o tsoela pele ho re: “Kaha basebetsi ba nakoana mehleng ea Babylona ea boholo-holo ba ne ba amohela pakeng tsa halofo ea shekele le shekele e le ’ngoe ka khoeli (ho tloha ho lishekele tse 42 ho ea ho tse 84 ka lilemo tse feletseng tse supileng), Jakobo o ne a ithaopela ho lefa Labane bohali bo bongata haholo bakeng sa ho nyala Ragele.” Labane o ile a lumela kapele.—Genese 29:19.
(Genese 29:21-26) Joale Jakobo a re ho Labane: “ ’Nehe mosali oa ka, hobane matsatsi a ka a phethehile, ’me ke kopanele liphate le eena.” 22 Eaba Labane o bokella banna bohle ba sebaka seo ’me o etsa mokete. 23 Empa eare ka shoalane a nka morali oa hae Lea ’me a mo tlisa ho Jakobo hore a kopanele liphate le eena. 24 Ho feta moo, Labane a mo fa lekhabunyane la hae Zilpa, a le fa morali oa hae Lea, hore e be lekhabunyane la hae. 25 Kahoo hoseng, bonang! e ne e le Lea! Ka lebaka leo a re ho Labane: “Ke eng ena eo u nkentseng eona? Na ha kea u sebeletsa bakeng sa Ragele? Kahoo ke hobane’ng ha u nqhekeletse?” 26 Eaba Labane o re: “Ha hoa tloaeleha ho etsa ka tsela ena sebakeng sa habo rona, ho fana ka ngoanana e monyenyane pele ho oa letsibolo.
Barali ba Motho ba Mahlomoleng “ba Hahileng Ntlo ea Iseraele”
Na Lea o ne a ile a loha leqheka la ho qhekella Jakobo? Kapa mohlomong o ile a qobelleha ho mamela ntat’ae? Hona Ragele eena o ne a le hokae? Na o ne a tseba se etsahalang? Haeba ho joalo, o ile a ikutloa joang? Na ntat’ae e ne e le motho ea bohale hoo a neng a ke ke a etsa se khahlanong le thato ea hae? Bibele ha e arabele lipotso tsena. Ho sa tsotellehe hore na Lea le Ragele ba ile ba ikutloa joang ka leqheka lena, le ile la halefisa Jakobo haholo. Jakobo o ile a qhoelisana ka mantsoe le Labane eseng le barali ba hae, a re: “Na ha kea u sebeletsa bakeng sa Ragele? Kahoo ke hobane’ng ha u nqhekeletse?” Labane o ile a araba ka ho re’ng? “Ha hoa tloaeleha . . . ho fana ka ngoanana e monyenyane pele ho oa letsibolo. Keteka ka ho feletseng beke ea ngoanana enoa. Ka mor’a moo u tla fuoa le ngoanana enoa e mong bakeng sa tšebeletso eo u tla ntšebeletsa ka eona ka lilemo tse ling tse supileng.” (Genese 29:25-27) Ka tsela eo Jakobo o ile a qhekelloa hore a kene lenyalong la sethepu le neng le tla baka mona o tšabehang.
it-2-E 341 ¶3
Lenyalo
Mokete oa Lenyalo. Ka linako tse ling, ha ho ne ho se na mokete o hlophisitsoeng oa lechato Israele, ho ne ho e-na lintho tse ling tse etsoang bakeng sa boithabiso ka letsatsi leo la lenyalo. Ka letsatsi la lechato, ho ne ho tloalehile hore monyaluoa a itlhophe ka tsela e khethehileng. O ne a qala pele ka ho hlapa ebe o itlotsa ka oli e nkhang hamonate. (Bapisa le Ru 3:3; Eze 23:40.) Ka linako tse ling, ho ne ho e-na le basali ba neng ba mo thusa hore a kenye linyepa le line e tšoeu ’me e ne e rokoa hantle ebile motho a e khabisa ho latela hore na o na le chelete e kae. (Jer 2:32; Tše 19:7, 8; Pes 45:13, 14) Ha monyaluoa a khona, o ne a ikhabisa (Esa 49:18; 61:10; Tše 21:2), ebe o ikoahela ka lesira le neng le tloha hloohong le fihla maotong. (Esa 3:19, 23) Joale, taba ena ea hlakisa hore na ke hobane’ng ha ho ne ho le bonolo ho Labane hore a qhekelle Jakobo ka ho mo fa Lea ho e-na le Ragele. (Gen 29:23, 25) Rebeka o ile la ikhurumetsa ha a ne a il’o kopana le Isaka. (Gen 24:65) Taba ea hore ebe monyaluoa o ne a ikhurumetsa e ne e bontša hore o hlompha bolaoli ba monyali.—1Ko 11:5, 10.
(Genese 29:27, 28) Keteka ka ho feletseng beke ea ngoanana enoa. Ka mor’a moo u tla fuoa le ngoanana enoa e mong bakeng sa tšebeletso eo u tla ntšebeletsa ka eona ka lilemo tse ling tse supileng.” 28 Tumellanong le hoo Jakobo a etsa joalo ’me a keteka ka ho feletseng beke ea ngoanana enoa, ka mor’a moo a mo fa morali oa hae Ragele hore e be mosali oa hae.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Genese 30:3) So she said: “Here is my slave girl Bilʹhah. Have relations with her in order that she may bear children for me and that through her, I too may have children.”
it-1-E 50
Ho Nka ngoana eo e Seng oa Hao ka Molao
Ragele le Lea ba ile ba nka bana bao Jakobo a ba tsoaletsoeng ke makhabunyane e le bara ba bona, ba ‘belehetsoe mangoleng a bona.’ (Gen 30:3-8, 12, 13, 24) Bana bao ba ne ba tšoana le bana bao Jakobo a ba tsoaletsoeng ke basali ba hae ba molao. E ne e le bara ba Jakobo hantle, ’me kaha joale makhabunyane ana e ne e le a basali ba hae, Ragele le Lea ba ne ba e-na le tokelo ea ho nka bana bao e le ba bona.
(Genese 30:14, 15) Joale Rubene o ne a itsamaela e le nakong ea kotulo ea koro eaba o fumana limandrake tšimong. Kahoo a li tlisa ho ’m’ae Lea. Joale Ragele a re ho Lea: “Ka kopo, mphe tse ling tsa limandrake tsa mora oa hao.” 15 Eaba o re ho eena: “Na ke ntho e nyenyane hore ebe u nkile monna oa ka, ’me joale u nka limandrake tsa mora oa ka?” Kahoo Ragele a re: “Ka lebaka leo o tla robala le uena bosiung bona e le phapanyetsano bakeng sa limandrake tsa mora oa hao.”
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Genese—II
30:14, 15—Ke hobane’ng ha Ragele a ile a itima monyetla oa ho robala le monna oa hae ka lebaka la limandrake? Mehleng ea boholo-holo, litholoana tsa mandrake li ne li sebelisoa e le sethethefatsi ebile e le mokhoa oa ho thibela kapa oa ho phekola ho honyela ho sa tloaelehang ha mesifa. Ho ne ho boetse ho lumeloa hore tholoana ena ke pitsa ea ho tsosa takatso, ea pelehi kapa ea ho emola. (Sefela sa Lifela 7:13) Le hoja Bibele e sa bolele hore na Ragele o entse sena ka morero ofe, mohlomong o ne a nahanne hore limandrake li tla mo thusa hore a emole ’me a itlose sekhobo sa ho ba nyopa. Leha ho le joalo, ho ile ha feta lilemo tse itseng pele Jehova a ‘bula popelo ea hae.’—Genese 30:22-24
’Malo oa Bibele
(Genese 30:1-21) Ha Ragele a bona hore ha aa tsoalla Jakobo letho, Ragele a honohela morali’abo ’me a qala ho re ho Jakobo: “Mphe bana ho seng joalo ke tla ba mosali ea shoeleng.” 2 Eaba bohale ba Jakobo bo tukela Ragele ’me o re: “Na ke sebakeng sa Molimo, ea u hanetseng ka litholoana tsa mpa?” 3 Kahoo a re: “Bilha lekhabunyane la ka ke enoa. Kopanela liphate le eena, hore a belehele mangoleng a ka e le hore nka fumana bana ka eena.” 4 Eaba o mo fa Bilha lekhabunyane la hae hore e be mosali oa hae, ’me Jakobo a kopanela liphate le eena. 5 Joale Bilha a ima ’me ka mor’a nako a tsoalla Jakobo mora. 6 Joale Ragele a re: “Molimo e bile moahloli oa ka hape o mametse lentsoe la ka, hoo a mphileng mora.” Ke ka lebaka leo a mo rehileng lebitso la Dane. 7 Bilha, lekhabunyane la Ragele, a boela a ima ’me ka mor’a nako a tsoalla Jakobo mora oa bobeli. 8 Joale Ragele a re: “Ke loanne le morali’eso ntoa e boima. Hape ke mo hlotse!” Kahoo a mo reha lebitso la Nefthali. 9 Ha Lea a bona hore o khaolitse ho beleha, a nka Zilpa lekhabunyane la hae a mo fa Jakobo hore e be mosali oa hae. 10 Ka mor’a nako Zilpa, lekhabunyane la Lea, a tsoalla Jakobo mora. 11 Joale Lea a re: “Ka lehlohonolo!” Kahoo a mo reha lebitso la Gade. 12 Ka mor’a moo Zilpa, lekhabunyane la Lea, a tsoalla Jakobo mora oa bobeli. 13 Joale Lea a re: “Ke thabile hakaakang! Etsoe ka sebele barali ba tla phatlalatsa hore ke thabile.” Kahoo a mo reha lebitso la Ashere. 14 Joale Rubene o ne a itsamaela e le nakong ea kotulo ea koro eaba o fumana limandrake tšimong. Kahoo a li tlisa ho ’m’ae Lea. Joale Ragele a re ho Lea: “Ka kopo, mphe tse ling tsa limandrake tsa mora oa hao.” 15 Eaba o re ho eena: “Na ke ntho e nyenyane hore ebe u nkile monna oa ka, ’me joale u nka limandrake tsa mora oa ka?” Kahoo Ragele a re: “Ka lebaka leo o tla robala le uena bosiung bona e le phapanyetsano bakeng sa limandrake tsa mora oa hao.” 16 Ha Jakobo a tsoa tšimong mantsiboea, Lea a mo khahlanyetsa a ntan’o re: “U tla kopanela liphate le ’na, hobane ke u hirile ka ho toba ka limandrake tsa mora oa ka.” Tumellanong le hoo a robala le eena bosiung boo. 17 Molimo a utloa ’me a araba Lea eaba oa ima ’me ka mor’a nako o tsoalla Jakobo mora oa bohlano. 18 Joale Lea a re: “Molimo o mphile moputso oa ea ikhirisang, hobane ke file monna oa ka lekhabunyane la ka.” Kahoo a mo reha lebitso la Isakare. 19 Eaba Lea o boetse oa ima ’me ka mor’a nako o tsoalla Jakobo mora oa botšelela. 20 Joale Lea a re: “Molimo o ntšitsitse, e, ’na, ka tšitso e ntle. Qetellong monna oa ka o tla ’mamella, hobane ke mo tsoaletse bara ba tšeletseng.” Kahoo a mo reha lebitso la Zabulone. 21 Ka mor’a moo a tsoala morali ’me joale a mo reha lebitso la Dina.