Buka ea Bibele ea 7—Baahloli
Mongoli: Samuele
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Iseraele
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 1100 B.C.E.
Nako e Akarelitsoeng: hoo e ka bang ka 1450 ho ea ho hoo e ka bang ka 1120 B.C.E.
1. Nako ea baahloli e ne e khethollehile ka litsela life?
ENA ke tlaleho ea histori ea Iseraele e tletseng liketsahalo, tse pakeng tsa ho tšoaseha bolumeling ba bademona ho ileng ha tlisa tlokotsi le topollo ea Jehova e tletseng mohau ho batho ba hae ba bakileng ka baahloli ba khethiloeng ke Molimo. Liketso tse matla tsa Othniele, Ehude, Shamgare, le baahloli ba bang ba ileng ba ba latela li susumetsa tumelo. Joalokaha mongoli oa Moheberu a boletse: “Nka felloa ke sebaka sa ho bolela tsa Gideone, le tsa Barake, le tsa Samsone, le tsa Jafeta . . . Bao bohle ka tumelo ba hlōtse marena, ba sebelitse ho loka, . . . ba entsoe linatla ntoeng, ba qhalile makhotla a lira.” (Ba-Heb. 11:32-34) Ho phetha lenane la baahloli ba 12 ba tšepahalang ba nakong ena, ba bang hape ke Thola, Jaire, Ibtsane, Elone, le Abdone. (Hangata Samuele ha a balelloe har’a baahloli.) Jehova o ile a loanela baahloli bao lintoa, ’me moea o ile oa ba sireletsa ha ba etsa liketso tsa bona tse sebete. Ba ile ba fana ka tlotla le khanya eohle ho Molimo oa bona.
2. Ke ka tsela efe lebitso la Seheberu la buka ea Baahloli e leng le loketseng?
2 Ho Septuagint buka ena e bitsoa Kri·taiʹ, ’me ka Bibeleng ea Seheberu, ke Sho·phetimʹ, e fetoletsoeng e le “Baahloli.” Sho·phetimʹ e nkiloe ho ketso sha·phatʹ, e bolelang ho “ahlola, ho tlosa molato, ho otla, ho busa,” tse hlalosang hantle boikarabelo bo khethehileng ba bakhethoa bana ba puso ea “Molimo, moahloli oa bohle.” (Ba-Heb. 12:23) Ke banna ba ileng ba phahamisoa ke Jehova liketsahalong tse khethehileng ho lopolla batho ba hae botlamuoeng ba lichaba lisele.
3. Baahloli e ngotsoe neng?
3 Baahloli e ngotsoe neng? Lipolelo tse peli tse ka bukeng ena li re thusa ho fumana karabo. Ea pele ke ena: “Ka baka leo ba-Jebuse ba ’na ba aha Jerusalema . . . ho fihlela kajeno.” (Baahl. 1:21) Kaha Morena Davida o ile a hapa “qhobosheane ea Sione” ho Bajebuse selemong sa borobeli sa puso ea hae, kapa ka 1070 B.C.E., e tlameha e be Baahloli e ngotsoe pele ho nako eo. (2 Sam. 5:4-7) Polelo ea bobeli e hlaha ka makhetlo a mane: “Mehleng eo, ho no ho se morena Iseraeleng.” (Baahl. 17:6; 18:1; 19:1; 21:25) Kahoo, tlaleho eo e ngotsoe nakong ea ha ho ne ho e-na le “morena Iseraeleng,” ke hore, ka mor’a hore Saule a fetohe morena oa pele ka 1117 B.C.E. Ka hona e tlameha e be e ngotsoe pakeng tsa 1117 le 1070 B.C.E.
4. Mongoli oa Baahloli e ne e le mang?
4 Mongoli e ne e le mang? Ha ho pelaelo hore e ne e le mohlanka oa Jehova ea inehetseng. Ke Samuele ea hlahellang e le eena feela motšehetsi oa sehlooho oa borapeli ba Jehova nakong ena ea ho tloha ho baahloli ho ea ho marena, hape ke eena oa pele lethathamong la baprofeta ba tšepahalang. A le boemong boo, Samuele ke eena eo ho utloahalang hore o ne a ka tlaleha histori ea baahloli.
5. Nako e akarelitsoeng ke Baahloli e ke baloa joang?
5 Ke nako e telele hakae e akarelitsoeng ke Baahloli? Nako ena e ka baloa ho tloha ho 1 Marena 6:1 (NW), e bontšang hore Salomone o qalile ho haha ntlo ea Jehova selemong sa bone sa puso ea hae, seo hape e neng e le “selemo sa makholo a mane le mashome a robeli ka mor’a hore bara ba Iseraele ba tsoe naheng ea Egepeta.” (Kaha “selemo sa makholo a mane le mashome a robeli” ke palo e bontšang hore na seo e ne e le selemo sa bokae, nako eo e emela lilemo tse felletseng tse 479.) Linako tse tsejoang tse akarellelitsoeng lilemong tse 479 ke lilemo tse 40 ba le tlas’a Moshe lefeelleng (Deut. 8:2), lilemo tse 40 tsa puso ea Saule (Lik. 13:21), lilemo tse 40 tsa puso ea Davida (2 Sam. 5:4, 5), le lilemo tse 3 tse felletseng tsa pele tsa puso ea Salomone. Ha re tlosa kakaretso ena ea lilemo tse 123 ho lilemo tse 479 tse ho 1 Marena 6:1 (NW), ho sala lilemo tse 356 bakeng sa nako e pakeng tsa ho kena ha Iseraele Kanana le ho qala ha puso ea Saule.a Liketsahalo tse tlalehiloeng bukeng ea Baahloli, tseo boholo ba tsona li tlohang lefung la Joshua ho fihlela nakong ea Samuele, li akaretsa lilemo tse ka bang 330 tsa nako ena ea lilemo tse 356.
6. Ke eng e pakang bonnete ba Baahloli?
6 Ha ho na pelaelo ka bonnete ba tlaleho ea Baahloli. Ka mehla Bajode ba ’nile ba e amohela e le karolo ea Mangolo a halalelang a Bibele. Bangoli ba Mangolo a Seheberu hammoho le a Bokreste a Segerike ba ’nile ba qotsa tlaleho ea eona, joaloka Pesalemeng ea 83:9-18; Esaia 9:4; 10:26; le Ba-Heberu 11:32-34. Ntlheng ea ho hloka leeme, ha e pate letho ka mefokolo le ho oa ha Iseraele, ha ka nako e tšoanang e phahamisa mosa o lerato oa Jehova o ke keng oa lekanngoa. Ke Jehova ea amohelang tlotla joaloka Molopolli Iseraeleng, hase moahloli feela tjee oa motho.
7. (a) Ho epolloa ha lintho tsa khale ho tšehetsa tlaleho ea Baahloli joang? (b) Ke hobane’ng ha ka nepo Jehova a ile a laela hore barapeli ba Baale ba ripitloe ka ho felletseng?
7 Ho feta moo, litšibollo tsa baepolli ba lintho tsa khale li tšehetsa bonnete ba Baahloli. Tse tsotehang ka ho fetisisa ke tse mabapi le sebopeho sa bolumeli ba Baale ba Bakanana. Ka thōko ho seo Bibele e se bolelang, ho ne ho tsejoa ho fokolang ka bolumeli ba Baale ho fihlela ha motse oa boholo-holo oa Bakanana oa Ugarit (Ras Shamra ea kajeno e moeling oa Syria mabapa le karoloana e ka leboea-bochabela ea sehleke-hleke sa Cypera) o epolloa, ho qala ka 1929. Mona, bolumeli ba Baale bo ile ba senoloa e le bo neng bo phahamisa ka ho khethehileng lerato la lintho tse bonahalang, moea o fetelletseng oa bochaba, le borapeli ba botona le botšehali. Ka ho hlakileng motse ka mong oa Bakanana o ne o e-na le sehalalelo sa oona sa Baale hammoho le matlo a thapelo a neng a tsejoa e le linģalo tse phahameng. Ka hare ho matlo ao a thapelo, e ka ’na eaba ho ne ho e-na le litšoantšo tsa Baale, ’me pel’a lialetare tse ka ntle ho ne ho ka fumanoa litšiea tsa majoe—mohlomong e le litšoantšo tsa setho sa botona sa Baale. Mahlabelo a batho a nyelisehang a ne a silafalitse matlo ana a thapelo ka mali. Ha Baiseraele ba tšoaetsoa ke bolumeli ba Baale, ka ho tšoanang ba ile ba nyehela bara le barali ba bona. (Jer. 32:35) Ho ne ho e-na le palo e halalelang e neng e emela ’m’a Baale, Ashera. Molimotsana oa kemolo, Ashtarothe, mosali oa Baale, o ne o rapeloa ka mekhoa e silafetseng ea botona le botšehali, banna hammoho le basali ba bolokoa e le matekatse a tempele “a khethetsoeng tšebeletso e halalelang.” Ha ho makatse hore e be Jehova o ile a laela hore ho felisoe bolumeli ba Baale hammoho le balateli ba bona ba neng ba itšoere joaloka liphoofolo. ‘Mahlo a hao a se ke a ba qenehela, ’me u se ke ua sebeletsa melimo ea bona.’—Deut. 7:16.b
LITABA TSE KA HARE TSA BAAHLOLI
8. Ke likarolo life tseo ka ho utloahalang Baahloli e arotsoeng ka tsona?
8 Buka ena e arotsoe ka tsela e utloahalang ho ba likarolo tse tharo. Likhaolo tse peli tse qalang li hlalosa maemo a Iseraele ka nako eo. Joale likhaolo 3 ho ea ho 16 li hlalosa ho lopolla ha baahloli ba 12. Likhaolo 17 ho ea ho 21 li hlalosa liketsahalo tse ling tse akarelletsang khohlano e neng e le ka hare ho sechaba sa Iseraele.
9. Ke boemo bofe bo hlahisoang ke likhaolo tse peli tse qalang tsa Baahloli?
9 Maemo a Iseraele nakong ea baahloli (1:1–2:23). Ho hlalosoa meloko ea Iseraele ha e ntse e qhalakana ho aha libakeng tseo e li abetsoeng. Leha ho le joalo, ho e-na le hore e leleke Bakanana ka ho felletseng, e etsa hore ba bangata ba bona ba etse mosebetsi oa bokhoba, e ba lumella ho lula har’a Baiseraele. Ka hona lengeloi la Jehova lea phatlalatsa, “Ba tla ’ne ba be ka mahlakoreng ho lōna, ’me melimo ea bona e tla ba leraba ho lōna.” (2:3) Ka hona, ha ho hlaha moloko o mocha o sa tsebeng Jehova kapa eona mesebetsi ea hae, ka potlako sechaba se mo furalla ho ea sebeletsa bo-Baale le melimo e meng. Kaha letsoho la Jehova le khahlanong le bona ho ba tlisetsa tlokotsi, ba kena “tsietsing e kholo.” Ka baka la manganga a bona le ho hana ha bona ho mamela esita le baahloli, Jehova ha a leleke sechaba leha se le seng sa tseo a li tlohelletseng ho leka Iseraele. Boemo bona bo thusa motho ho utloisisa liketsahalo tse latelang.—2:15.
10. Othniele o ahlola ka matla afe, hona ka phello efe?
10 Moahloli Othniele (3:1-11). Ba tsielehile ka baka la ho ba ha bona kholehong ea Bakanana, bara ba Iseraele ba qala ho hoeletsa ho Jehova bakeng sa thuso. Pele o hlahisa Othniele ho ba moahloli. Na Othniele o ahlola ka matla le bohlale tsa botho? Che, hobane rea bala: “Moea oa Jehova oa e-ba ho eena” ho kokobetsa lira tsa Iseraele. “’Me lefatše la phomola ka lilemo tse mashome a mane.”—3:10, 11.
11. Jehova o sebelisa Ehude joang ho tlisa topollo Iseraeleng?
11 Moahloli Ehude (3:12-30). Ha bara ba Iseraele ba se ba bile ka tlas’a morena Eglone oa Moabe ka lilemo tse 18, Jehova o boetse o utloa mehoo ea bona bakeng sa thuso, ’me o hlahisa Moahloli Ehude. Ha Ehude ea leqele a fumana monyetla oa ho kopana le morena ka sekhukhu, o phamola sabole ea hae ea maiketsetso ka tlas’a seaparo sa hae ’me o bolaea Eglone ka ho phokhotsa mpa ea Eglone e tenya ka sabole eo. Ka potlako Iseraele e phallela ka lehlakoreng la Ehude ntoeng e khahlanong le Moabe, ’me naha e boetse e thabela phomolo e fanoeng ke Molimo, ka lilemo tse 80.
12. Ke eng e bontšang hore tlhōlo ea Shamgare e tlile ka matla a Molimo?
12 Moahloli Shamgare (3:31). Shamgare o pholosa Iseraele ka ho bolaea Bafilista ba 600. Hore tlhōlo eo e fumanoa ka matla a Jehova ho bontšoa ke sebetsa seo a se sebelisang—tsenene ea likhomo feela.
13. Ke liketsahalo life tse susumetsang tse fihlisoang sehlohlolong ke pina ea tlhōlo ea Barake le Debora?
13 Moahloli Barake (4:1–5:31). Ka mor’a moo Iseraele e hatelloa ke morena Jabine oa Bakanana le molaoli oa mabotho a hae, Sisera, ea ithorisang ka ho ba le makoloi a 900 a nang le mahare a tšepe mabiling. Ha Iseraele e boetse e qala ho hoeletsa ho Jehova, O hlahisa Moahloli Barake, ea tšehelitsoeng ka matla ke moprofeta oa mosali Debora. E le hore Barake le lebotho la hae ba se be le lebaka la ho ithorisa, Debora o tsebahatsa hore ntoa e tla tsamaisoa ke Jehova, ’me oa profeta: “Jehova o tla neela Sisera matsohong a mosali.” (4:9) Barake o bitsetsa banna ba Nefthali le Zabulone hammoho Thabeng ea Thabore. Joale lebotho la hae la banna ba 10 000 le theoha ho ea loana. Tumelo e matla e tlisa tlhōlo letsatsing leo. ‘Jehova o qala ho ferekanya Sisera le makoloi a hae kaofela a ntoa le kampo kaofela,’ o ba koahela ka moroallo o tšolohang phuleng ea Kishone. “Ha hoa ka ha sala lea mong.” (4:15, 16, NW) Jaele, mosali oa Hebere Mokene, eo Sisera a balehelang tenteng ea hae, o tlisa polao eo sehlohlolong ka ho khokhothela hlooho ea Sisera fatše ka sethakhisa sa tente. ‘Tsatsing leo, Molimo oa kokobetsa Jabine.’ (4:23) Debora le Barake ba tlerola pina ea thabo, ba tlotlisa matla a Jehova a sa hlōloeng ke letho, ea entseng hore esita le linaleli li loantše Sisera li ntse li le litselaneng tsa tsona. Ka sebele ke nako ea ho ‘boka Jehova’! (5:2) Ho latela lilemo tse mashome a mane tsa khotso.
14, 15. Gideone o amohela pontšo efe ea tšehetso ea Jehova, hona ke joang tšehetso ee e hatisoang ka ho eketsehileng tlhōlong ea ho qetela holim’a Bamidiane?
14 Moahloli Gideone (6:1–9:57). Bara ba Iseraele ba boetse ba etsa ho leng hobe, ’me naha e senngoa ke Bamidiane ba futuhang. Jehova, ka lengeloi la hae, o fa Gideone taelo ea ho ba moahloli, ’me Jehova ka boeena o phaella ka ho mo tiisetsa ka mantsoe ana, “Ruri, ke tla ba le uena.” (6:16) Ketso ea ho qala e sebete ea Gideone ke ho thumakanya aletare ea Baale e motseng oa habo. Joale mabotho a kopaneng a sera a tšelela Jizreele, ’me ‘Gideone o apesoa moea oa Jehova’ ha a bitsetsa Iseraele ntoeng. (6:34) Ka teko ea ho aneha boea hore phoka e lale holim’a bona seotlong, Gideone o amohela pontšo e habeli ea hore Molimo o na le eena.
15 Jehova o bolella Gideone hore lebotho la hae la banna ba 32 000 le leholo haholo le hore boholo ba lona bo ka ’na ba etsa hore batho ba ithorise ka tlhōlo. Ba tšohileng ke bona ba pele ba khutlisetsoang hae, ho siuoa ba 10 000 feela. (Baahl. 7:3; Deut. 20:8) Joale, ka teko ea ho noa metsi, bohle baa tlosoa haese ba 300 feela ba hlokolosi le ba falimehileng. Gideone o hloela kampo ea Bamidiane bosiu ’me o fumana tiiso e ncha ha a utloa monna a hlalosa hore “toro eo ha e bolele letho, ha e se sabole ea Gideone . . . Molimo o neetse ba-Midiane le liahelo tsohle matsohong a hae.” (Baahl. 7:14) Gideone o rapela Molimo ’me o arola banna ba hae ka lihlopha tse tharo ho pota kampo ea Bamidiane. Ka tšohanyetso khutso ea bosiu e felisoa ke ho letsoa ha literompeta, ho pshatloa ha linkho tse khōlō tsa metsi, ho khantšoa ha lirumula, le ha banna ba Gideone ba 300 ba hoeletsa, “Sabole ea Jehova le ea Gideone!” (7:20) Kampo ea sera e tlala pherekano e khōlō. Banna ba qala ho loantšana le ho baleha. Iseraele ea ba lelekisa, ea ba rinya e bile e ba bolaea hammoho le mahosana a bona. Joale batho ba Iseraele ba kōpa Gideone hore a ba buse, empa oa hana, o re, “Jehova ke eena ea tla le busa.” (8:23) Leha ho le joalo, o etsa efoda ka tse hapiloeng ntoeng, eo hamorao e fetohang e tlotlisoang ka ho fetelletseng ’me ka hona e fetoha leraba ho Gideone le ba ntlo ea hae. Naha e fumana phomolo ka lilemo tse 40 nakong ea boahloli ba Gideone.
16. Abimeleke ea iphamoletseng matla o oeloa ke koluoa efe?
16 Abimeleke, e mong oa bara ba Gideone ka serethe, o iphamolela matla ka mor’a lefu la Gideone, ’me o bolaea banab’abo ba 70 bao e leng bara ba basali ba bang ba ntat’ae. Jothame, mora oa Gideone oa ho fela, ke eena feela ea phonyohang, ’me ha a le qhooeng ea Thaba ea Gerizime o phatlalatsa koluoa e tla oela Abimeleke. Papisong ena e buang ka lifate, o tšoantša “borena” ba Abimeleke le ba monokotšoai o monyenyane. Ka potlako Abimeleke o itšunya khohlanong ea sechaba Sikeme ’me o shoa lefu le tlotlollang, o bolaoa ke mosali ha a mo otla ka ho toba ka tšiloana eo a e betsang a le qhooeng ea Thebetse, o mo pshatla lehata.—Baahl. 9:53; 2 Sam. 11:21.
17. Tlaleho e re bolella’ng ka Baahloli Thola le Jaire?
17 Baahloli Thola le Jaire (10:1-5). Bana ke bona ba latelang ba tlisang topollo ka matla a Jehova, ba ahlola ka lilemo tse 23 le tse 22 ka ho latellana.
18. (a) Jafeta o tlisa topollo efe? (b) Ke kano efe eo Jafeta a e entseng ho Jehova eo a e phethang ka botšepehi? Joang?
18 Moahloli Jafeta (10:6–12:7). Ha Iseraele e qophella ho retelehela borapeling ba melimo ea litšoantšo, khalefo ea Jehova e boetse e tukela sechaba. Joale sechaba se hlokofatsoa ke khatello ea Baammone le Bafilista. Jafeta o bitsoa hape palehong ho tla etella Iseraele pele ntoeng. Empa eo e hlileng e leng moahloli tsekisanong ee ke mang? Mantsoe a Jafeta ka boeena a fana ka karabelo: “Jehova ha e ke e be eena moahloli ea ahlolang mahareng a bana ba Iseraele le bana ba Ammone kajeno!” (11:27) Kaha joale moea oa Jehova o theohela holim’a hae, o hlapanya hore ha a khutla ho Ammone ka khotso, o tla nehela ho Jehova motho oa pele ea tla tsoa tlung ea hae ho mo khahlanyetsa. Jafeta o kokobetsa Ammone ka polao e khōlō. Ha a khutlela ha hae Mitspa, ke morali oa hae ka boeena ea tlang pele ho mo khahlanyetsa ka thabo ka baka la tlhōlo ea Jehova. Jafeta o phethahatsa kano ea hae—che, eseng ka ho etsa sehlabelo sa motho sa bohetene ho latela mekhoa ea bolumeli ba Baale, empa ka ho nehelana ka morali oa hae ea mong feela tšebeletsong e khethehileng ka tlung ea Jehova ho Mo rorisa.
19. Ke liketsahalo life tse lebisang tekong ea “Shibbolethe”?
19 Joale banna ba Efraime ba ipelaetsa ka hore ha baa ka ba bitsoa ho ea loantša Ammone, ’me ba sokela Jafeta, ea qobelloang ho ba khutlisa. Ka kakaretso, ho bolaoa Baefraime ba 42 000, ba bangata ba bona ba bolaeloa likoung tsa Jordane, moo ba khetholloang ka ho hlōleha ha bona ho bitsa ka nepo lentsoe “Shibbolethe” leo e neng e le teko e fanang ka tumello ea ho tšela. Jafeta o tsoela pele ho ahlola Iseraele ka lilemo tse tšeletseng.—12:6.
20. Ke baahloli bafe ba bararo ba latelang ba boleloang?
20 Baahloli Ibtsane, Elone, le Abdone (12:8-15). Le hoja ho boletsoe ho fokolang mabapi le bana, linako tsa ho ahlola ha bona li boletsoe e le lilemo tse supileng, tse leshome, le tse robeli ka ho latellana.
21, 22. (a) Samsone o etsa liketso life tse matla, hona ke ka matla afe? (b) Bafilista ba hlōla Samsone joang? (c) Ke liketsahalo life tse fihlang sehlohlolong ka tlhōlo e khōlō ka ho fetisisa ea Samsone, ’me o hopoloa ke mang nakong ee?
21 Moahloli Samsone (13:1–16:31). Iseraele e boetse e oela khatellong ea Bafilista. Lekhetlong lena ke Samsone eo Jehova a mo hlahisang ho ba moahloli. Batsoali ba hae ba nehelana ka eena hore e be Monazari ho tloha ha a tsoaloa, ’me sena se hloka hore le ka mohla lehare le se ke la beola moriri oa hae. Ha a hōla, Jehova oa mo hlohonolofatsa, ’me ‘ka nako e loketseng moea oa Jehova o qala ho mo susumetsa.’ (13:25, NW) Sephiri sa matla a hae ha se matleng a botho, empa se matleng a fanoeng ke Jehova. Ke nakong ea ha ‘moea oa Jehova o mo tlela ka matla’ moo a fuoang matla a ho bolaea tau ka matsoho a hae feela le hore hamorao a iphetetse kekong ea Bafilista ka ho bolaea ba 30 ho bona. (14:6, 19) Ha Bafilista ba tsoela pele ho iketsa baeki mabapi le tšepiso ea Samsone ea lenyalo ho ngoanana oa Mofilista, Samsone o nka liphokojoe tse 300 ’me, a fasellelitse e ’ngoe ho e ’ngoe ka mehatla, o beha lirumula pakeng tsa mehatla ea tsona ’me o li khanna hore li e’o chesa masimo, merara, le meru e menyenyane ea mehloare ea Bafilista. Joale o finyella polao e khōlō har’a Bafilista, “o bokella maoto holim’a lirope.” (15:8, NW) Bafilista ba susumelletsa Baiseraele ba habo, banna ba Juda, hore ba tlame Samsone ’me ba ba nehe eena, empa hape ‘moea oa Jehova o mo tlela ka matla,’ ’me lintho tseo a tlanngoeng ka tsona lia lokoloha matsohong a hae. Samsone o bolaea Bafilista ba sekete—“qubu e ’ngoe, qubu tse peli!” (15:14-16) Sebetsa sa hae sa timetso ke sefe? Mohlahare o ntseng o le mongobo oa esele. Jehova o khatholla mohlanka oa hae ea khathetseng ka ho hlahisa seliba sa metsi ka mohlolo sebakeng seo sa ntoa.
22 Ka mor’a moo Samsone o hlola bosiu bo le bong tlung ea letekatse Gaza, moo Bafilista ba mo pota-potang ka lenyele. Leha ho le joalo, moea oa Jehova o boetse o ipaka o e-na le eena ha a tsoha har’a bosiu, o roba menyako ea khoro ea motse le lipalo tse ka mahlakoreng, ’me o li isa qhooeng ea thaba e bapelaneng le Hebrone. Ka mor’a sena o ratana le Delila oa moeki. E le sebetsa se tletseng boikemisetso sa Bafilista, o mo tšoenya ho fihlela a senola hore boinehelo ba hae ba Bonazari ho Jehova, bo tšoantšetsoang ke moriri oa hae o molelele, ke oona mohloli oa sebele oa matla a hae a maholo. Ha a sa ntsane a robetse, Delila o laela hore a kutoe moriri. Lekhetlong lena ho tsoha ha hae a leka ho loana ha ho thuse letho hobane “Jehova o mo furaletse.” (16:20) Bafilista baa mo tšoara, ba mo honya mahlo, ’me ba mo sebelisa haboima e le lekhoba tlung ea bona ea teronko. Ha ho fihla nako ea mokete o moholo oa ho tlotlisa molimo oa bona Dagone, Bafilista ba ntša Samsone hore a tl’o ba qabola. Ba hlōleha ho lemoha hore moriri oa hae o boetse o hōla haholo, ba mo lumella ho ema pakeng tsa litšiea tse peli tse matla tsa ntlo e sebelisoang bakeng sa borapeli ba Dagone. Samsone o hoeletsa Jehova: “Morena Jehova, nkhopole hle! Oho Molimo, ’natlafatse kajeno feela.” Jehova o fela a mo hopola. Samsone o tšoara litšiea tseo ’me ‘o inamoloha ka matla’—matla a Jehova—‘’me ntlo ea oa kahoo bafu ba bolailoeng ke eena ho shoeng ha hae ba ba bangata ho feta ba bolailoeng ke eena ho pheleng ha hae.’—16:28-30.
23. Ke liketsahalo life tse lokolisitsoeng likhaolong 17 ho ea ho 21, ’me li etsahetse neng?
23 Joale re tla likhaolong 17 ho ea ho 21, tse hlalosang karolo e ’ngoe ea khohlano ea sechaba eo ka masoabi e hlaselang Iseraele nakong ena. Liketsahalo tsena li etsahala esale qalong ea nako ea baahloli, joalokaha ho bontšoa ke ha ho buuoa ka Jonathane le Finease, litloholo tsa Moshe le Aarone, ha ba sa ntsane ba phela.
24. Badane ba bang ba ithehela bolumeli boo e leng ba bona joang?
24 Mika le Badane (17:1–18:31). Mika, monna oa Efraime, o emisa setsi sa hae sa bolumeli se ikemetseng, “ntlo ea melimo” ea litšoantšo, e felletseng e nang le setšoantšo se betliloeng le moprista oa Molevi. (17:5, NW) Banna ba leloko la Dane ba tla mona ha ba le tseleng ea bona ea ho ea batla lefa ka leboea. Ba nka thepa ea bolumeli ea Mika le moprista, ’me ba leba hōle ka leboea ho ea timetsa motse oa Laishe o sa belaelleng letho. Sebakeng sa oona ba haha motse oa bona oa Dane ’me ba emisa setšoantšo se betliloeng sa Mika. Ka hona, ba latela bolumeli boo ba ikhethetseng bona ka bobona litšiung tsohle tseo ka tsona ntlo ea Jehova ea borapeli ba ’nete e ntseng e le teng Shilo.
25. Khohlano ea sechaba Iseraeleng e fihla sehlohlolong joang Gibea?
25 Sebe sa Benyamine Gibea (19:1–21:25). Ketsahalo e latelang e tlalehiloeng ke eona e entseng hore hamorao Hosea a bue mantsoe ana: “Ho tloha matsatsing a Gibea u sitiloe, Uena Iseraele.” (Hos. 10:9, NW) Ha Molevi e mong ea tsoang Efraime a khutlela hae a e-na le serethe sa hae, o hlola bosiu bo le bong le monna-moholo e mong Gibea ea Benyamine. Banna ba se nang thuso ba motse oo ba pota-pota ntlo, ba batla ho ba le likamano tsa botona le Molevi eo. Leha ho le joalo, ba amohela serethe sa hae ho fapana le eena ’me ba se hobosa bosiu bohle. Se fumanoa se shoele pel’a monyako hoseng. Molevi eo o isa setopo sa sona hae, o se poma likoto tse 12, ’me o romela likoto tsena ho Iseraele eohle. Meloko e 12 e behoa tekong ka tsela eo. Na e tla otla Gibea ’me ka tsela eo e tlose boemo ba boitšoaro bo bobe Iseraele? Benyamine e lumella tlōlo ena e mpe haholo ea molao. Meloko e meng e phuthehela ho Jehova Mitspa, moo e etsang qeto ea ho futuhela Benyamine Gibea ka bongata. Ka mor’a ho hlōleha ho tsamaeang le tšollo e khōlō ea mali ka makhetlo a mabeli, meloko e meng e atleha ka ho e tsometsa ’me e hlile e ripitla leloko la Benyamine, ke banna ba 600 feela ba phonyohang ho ea lefikeng la Rimmone. Hamorao, Iseraele e itšola ka hore e be moloko o mong o khaotsoe. Ho fumanoa monyetla oa ho fa Babenyamine ba ntseng ba le teng basali har’a barali ba Jabeshe-Gileade le Shilo. Sena se phetha tlaleho ea khohlano le bolotsana Iseraeleng. Joalokaha mantsoe a qetellang a Baahloli a pheta-pheta, “Mohlang oo, ho no ho se morena Iseraeleng; e mong le e mong o na a etsa kamoo a ratang kateng.”—Baahl. 21:25.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
26. Ke litemoso life tse matla tse ho Baahloli tse sebetsang hape mehleng ee?
26 Ho fapana le ho ba tlaleho feela ea khohlano le tšollo ea mali, buka ea Baahloli e phahamisa Jehova e le Molopolli e moholo oa batho ba hae. E bontša kamoo mohau le mamello tsa hae tseo ho seng tse ka bapisoang le tsona li bontšoang ho batho ba lebitso la hae ha ba e-tla ho eena ka lipelo tse bakileng. Baahloli e molemo haholo ka ho tšehetsa ha eona ka ho toba borapeli ba Jehova le litemoso tsa eona tse matla mabapi le booatla ba bolumeli ba bodemona, tumelo e kopanetsoeng, le litloaelano tsa boitšoaro bo bobe. Kahlolo ea Jehova e boima holim’a borapeli ba Baale e lokela ho re susumelletsa ho emella thōko le lintho tse lekanang le bona kajeno e leng lerato la lintho tse bonahalang, moea oa bochaba, le boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali.—2:11-18.
27. Kajeno re ka rua molemo joang mohlaleng o motle oa baahloli?
27 Ho hlahloba tumelo e se nang tšabo le e sebete ea baahloli ho lokela ho susumelletsa tumelo e tšoanang ka lipelong tsa rōna. Ha ho makatse hore e be ba boletsoe ka kananelo e khanyang joalo ho Ba-Heberu 11:32-34! Ba ne ba loanela ho halaletsa lebitso la Jehova, empa ba ne ba sa loane ka matla a bona. Ba ne ba tseba mohloli oa matla a bona, moea oa Jehova, ’me ka boikokobetso ba ile ba o amohela. Ka ho tšoanang, rōna kajeno re ka nka “sabole ea moea,” Lentsoe la Molimo, re kholisehile hore Molimo o tla re matlafatsa joalokaha o ile oa matlafatsa Barake, Gideone, Jafeta, Samsone le ba bang. E, ha re hlōla litšitiso tse matla, ka thuso ea moea oa Jehova, re ka ba matla moeeng joalokaha Samsone a ne a le matla ’meleng haeba feela re rapela Jehova ’me re itšetleha ka eena.—Ba-Ef. 6:17, 18, NW; Baahl. 16:28.
28. Buka ea Baahloli e supa pele ho halaletsoeng ha lebitso la Jehova ka Peō ea ’Muso joang?
28 Moprofeta Esaia o supa Baahloli libakeng tse peli ho bontša kamoo Jehova, joang kapa joang, a tlang ho thumakanya joko eo lira tsa Hae li e jarisitseng batho ba hae, joalokaha a ile a etsa mehleng ea Midiane. (Esa. 9:4; 10:26) Sena se boetse se re hopotsa pina ea Debora le Barake, e qetellang ka thapelo ena e tiileng: “Oho Jehova! lira tsohle tsa hao ha li ke li timele joalo! Ha e le ba u ratang, ba tla tšoana le letsatsi ha le chaba matleng a lona!” (Baahl. 5:31) Baa ba mo ratang ke bo-mang? Ha Jesu Kreste ka boeena a bontša hore ke majalefa a ’Muso, o ile a sebelisa polelo e tšoanang ho Mattheu 13:43: “Mohlang oo, ba lokileng ba tla khanya joale ka letsatsi ’musong oa Ntat’a bona.” Ka hona, buka ea Baahloli e supa nakong eo Moahloli ea lokileng le Peō ea ’Muso, Jesu, a tla sebelisa matla ka eona. Ka eena, Jehova o tla tlotlisa le ho halaletsa lebitso la Hae, tumellanong le thapelo ea mopesaleme mabapi le lira tsa Molimo: “U ba etse joale ka ha u entse Midiane, le Sisera, le Jabine, nōkaneng ea Kishone . . . ba tle ba tsebe hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, u rena u ’notši lefatšeng lohle.”—Pes. 83:9, 18; Baahl. 5:20, 21.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Boholo ba liphetolelo tsa morao tjena li tiisa hore “lilemo tse batlileng ho ba makholo a mane a nang le mashome a mahlano” tse ho Liketso 13:19 ha li tšoane le nako ea baahloli empa li qala pele ho eona; ho bonahala eka li akaretsa nako ea ho tloha tsoalong ea Isaaka ka 1918 B.C.E. ho fihlela ho aroloeng ha Naha e Tšepisitsoeng ka 1467 B.C.E. (Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 462) Tatellano eo baahloli ba boletsoeng ka eona ho Ba-Heberu 11:32 e fapane le e ka bukeng ea Baahloli, empa ’nete ena ha e hlile ha e bontše hore liketsahalo tse ho Baahloli ha li latellane ka tlhahlamano ea hore na li etsahetse neng, hobane ka sebele Samuele ha aa ka a latela Davida.
b Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 228-9, 948.