Buka ea Bibele ea 8—Ruthe
Mongoli: Samuele
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Iseraele
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 1090 B.C.E.
Nako e Akarelitsoeng: Lilemo tse 11 tsa puso ea baahloli
1. (a) Ke hobane’ng ha buka ea Ruthe e se pale feela tjee ea lerato? (b) Ruthe o boletsoe joang ka mokhoa o khethehileng ka Bibeleng?
BUKA ea Ruthe ke tšoantšiso e thabisang e fetohang pale e monate ea lerato la Boaze le Ruthe. Leha ho le joalo, hase pale feela tjee e monate ea thothokiso ea lerato. Morero oa eona hase ho tlosa bolutu. Buka ena e phahamisa morero oa Jehova oa ho hlahisa mojalefa oa ’Muso, ’me e phahamisa mosa oa Hae o lerato. (Ruthe 1:8, NW; 2:20, NW; 3:10, NW) Tšobotsi e pharalletseng ea lerato la Jehova e bonoa ho khetheng ha hae mosali oa Momoabe, eo pele e neng e le morapeli oa molimo oa bohetene Kemoshe, ea ileng a sokolohela bolumeling ba ’nete, ho ba nkhon’oa Jesu Kreste. Ruthe ke e mong oa basali ba bane ba boletsoeng ka mabitso lesikeng le tlohang ho Abrahama ho ea ho Jesu. (Matt. 1:3, 5, 16) Ruthe, hammoho le Esthere, ke e mong oa basali ba babeli bao libuka tsa Bibele li rehelletsoeng ka bona.
2. Liketsahalo tse ho Ruthe li etsahetse neng, ’me buka eo e ngotsoe neng, hona ke mang?
2 “Tšiung tseo ho nong ho busa baahloli . . . ” Ka mantsoe ana a qalang, buka ea Ruthe e kena tlalehong ea eona e thabisang. Mantsoeng ana ho utloisisoa hore buka ena ka boeona e ngotsoe hamorao, nakong ea marena a Iseraele. Leha ho le joalo, liketsahalo tse phetiloeng ka bukeng ena li akaretsa nako ea lilemo tse ka bang 11 tsa nakong ea baahloli. Le hoja lebitso la mongoli le sa boleloa, ke ho utloahalang hore e ne e le Samuele, eo hape ho bonahalang e le eena ea ngotseng Baahloli e bile e le eena motho ea tšepahalang ea hlahelletseng qalong ea nako ea marena. Kaha litemana tse qetellang li bontša hore Davida o ne a se a ntse a qala ho hlahella, sena se ne se tla etsa hore nako ea ho ngola e be hoo e ka bang ka 1090 B.C.E. Samuele, ea neng a tseba hantle tšepiso ea Jehova ea “tau” e tsoang lelokong la Juda, le ea neng a ile a sebelisoa ke Jehova ho tlotsa Davida oa leloko leo hore e be morena Iseraele, o ne a tla thahasella ka ho tebileng ho tlaleha lesika le theosang ho ea fihla ho Davida.—Gen. 49:9, 10; 1 Sam. 16:1, 13; Ruthe 1:1; 2:4; 4:13, 18-22.
3. Ke linnete life tse tiisang hore Ruthe ke karolo ea Mangolo a halalelang?
3 Ha ho mohla bopaki ba ho amoheloa ha Ruthe e le karolo ea Mangolo a halalelang bo kileng ba belaelloa. Ho netefatsoa ha eona ho lekaneng ho fanoe ha Jehova a bululela ho kenngoa ha Ruthe lethathamong la lesika la Jesu le ho Mattheu 1:5. Ka mehla Ruthe e ’nile ea hlokomeloa ke Bajode e le karolo ea Mangolo a halalelang a Seheberu. Ka hona, ha ho makatse hore e be mesaletsa ea buka eo e fumanoe har’a libuka tse ling tse amoheloang e le karolo ea Mangolo a halalelang Meqolong ea Leoatle le Shoeleng e sibollotsoeng ho tloha ka 1947. Ho feta moo, Ruthe e lumellana ka ho felletseng le merero ea Jehova ea ’Muso hammoho le litlhokahalo tsa Molao oa Moshe. Le hoja Baiseraele ba ne ba thibetsoe ho nyallana le Bakanana le Bamoabe ba neng ba rapela melimo ea litšoantšo, sena ha sea ka sa qhelela ka thōko balichaba ba kang Ruthe ba ileng ba amohela borapeli ba Jehova. Bukeng ea Ruthe, molao oa thekollo le lenyalo la ho keneloa ke ngoan’abo monna o phethahatsoa ka lintlha tsohle tsa oona.—Deut. 7:1-4; 23:3, 4; 25:5-10.
LITABA TSE KA HARE TSA RUTHE
4. Ruthe o talimane le qeto efe, ’me khetho ea hae e bontša eng mabapi le hore na borapeli ba hae ke ba mofuta ofe?
4 Qeto ea Ruthe ea ho khomarela Naomi (1:1-22). Pale ena e qala nakong ea bofuma Iseraeleng. Monna oa Bethlehema, Elimeleke, o tšela Jordane hammoho le mosali oa hae, Naomi, le bara ba babeli, Mahalone le Kilione, ho ea jaka naheng ea Moabe. Mono bara ba hae ba nyala basali ba Bamoabe, Orpa le Ruthe. Koluoa e qhala lelapa, e qala ka lefu la ntate, ’me hamorao ka lefu la bara ba hae ba babeli. Ho sala basali ba bahlolohali ba bararo, ba se nang bana, Elimeleke ha aa salloa ke peō ho hang. Ha Naomi a utloa hore Jehova o boetse o lebisitse tlhokomelo ho Iseraele ka ho fa batho ba hae bohobe, o etsa qeto ea ho khutlela ha habo Juda. Lingoetsi tsa hae li tsamaea le eena. Naomi o ipiletsa ho tsona hore li khutlele Moabe, o li kōpela mosa o lerato oa Jehova ka hore a li fe banna har’a batho ba habo tsona. Qetellong Orpa ‘a khutlela chabeng sa habo le ho melimo ea habo,’ empa Ruthe, a tiile ’me a le matla ho sokoloheleng ha hae borapeling ba Jehova, o khomarela Naomi. Qeto ea hae e bontšitsoe hantle mantsoeng ana: “Ke tla ea moo u eang, ke lule le moo u lulang; chaba sa hao ke chaba sa ka, ’me Molimo oa hao ke Molimo oa ka. Ke tla shoa moo u shoang, ke epeloe teng. Jehova a nketse ka hore le ka hore, ha nka khaohana le uena, ha e se ka lefu.” (1:15-17) Leha ho le joalo, Naomi oa mohlolohali ea se nang bana, eo lebitso la hae le bolelang ‘Boiketlo ba ka,’ o hlahisa hore a bitsoe Mara, e bolelang ‘Ho Baba.’
5. Ruthe o bontša litšobotsi life tse ntle, ’me Boaze o mo khothatsa joang?
5 Ruthe o khoahlapisa tšimong ea Boaze (2:1-23). Ha Ruthe a fihla Bethlehema, o kōpa Naomi hore a mo lumelle ho khoahlapisa tšimong ea harese. Boaze, mong’a tšimo eo, Mojode ea seng a hōlile ea bileng a amanang haufi le ntat’ae matsale, Elimeleke, oa mo hlokomela. Le hoja molao oa Molimo o mo fa litokelo tsa ho khoahlapisa, Ruthe o bontša boikokobetso ka ho kōpa tumello ea ho sebetsa tšimong. (Lev. 19:9, 10) Hang-hang o fuoa tumello ena, ’me Boaze o ’molella hore a khoahlapise tšimong ea hae feela hammoho le basali ba bang ba bacha. O bolela hore o utloile ka ho itšoara ha hae ka botšepehi mabapi le Naomi, ’me o mo khothatsa ka mantsoe ana: “Jehova a putse mosebetsi oa hao, ’me moputso o phethehileng oa hao o tsoe ho Jehova, Molimo oa Iseraele, eo u tlileng ho tšabela ka tlas’a lipheo tsa hae.” (Ruthe 2:12) Mantsiboeeng ’ona ao Ruthe o arolelana le Naomi litholoana tsa mosebetsi oa hae ka seatla se bulehileng ’me o hlalosa hore ho atleha ha hae ho khoahlapiseng e bile ka baka la mohau oa Boaze. Naomi o bona letsoho la Jehova ho sena, ’me o re: “A ke a hlohonolofatsoe ke Jehova, ea sa tlosang mosa oa hae o lerato mabapi le ba phelang le ba shoeleng. . . . Monna eo o amana le rōna. Ke e mong oa barekolli ba rōna.” (2:20, NW) E, Boaze ke mong ka bona ea haufi, eo ka molao a ka hlahisetsang Naomi bana lebitsong la Elimeleke ea shoeleng. Ruthe o tsoela pele ho khoahlapisa masimong a Boaze ho fihlela kotulo ea harese le kotulo ea koro e fela.
6. Ruthe o kōpa lenyalo la thekollo joang, ’me Boaze o arabela joang?
6 Boaze, joaloka morekolli, o nyala Ruthe (3:1–4:22). Kaha o se a hōlile haholo hore eena ka boeena a ka beleha bana, joale Naomi o laela Ruthe hore a mo nkele sebaka lenyalong la ho rekolloa. Nakong eo ea bohlokoa ea selemo, ho ne ho tloaelehile hore mong’a tšimo ka boeena a laole ho olosoa ha lijo-thollo, ho neng ho etsoa mantsiboea e le ho fumana meea e fokang butle ka mor’a letsatsi le chesang. Boaze o ne a tla be a robetse seotlong, ’me ke hona moo Ruthe a mo fumanang teng. O tla ho eena ka lenyele, o mo kupolla maoto, ’me oa robala. Ha Boaze a tsoha har’a mpa ea bosiu, Ruthe o ipolela hore na ke mang ’me, tumellanong le mokhoa o tloaelehileng o neng o lateloa ke basali ha ba batla tokelo ea bona ea lenyalo la ho keneloa ke ngoan’abo monna, o kōpa hore a mo apese seaparo sa hae.a Boaze oa phatlalatsa, “U hlohonolofatsoe ke Jehova, morali oa ka,” ’me o mo babatsa ka ho se latelle bahlankana ka baka la lerato le theiloeng litakatsong feela kapa meharo. Ho fapana le hore e be ea neng a tla kōpa kamano e litšila, Ruthe o iketsetsa botumo ba ho ba “mosali ea khabane.” (3:10, 11) Leha ho le joalo, joalokaha Boaze a ’molella, ho na le morekolli e mong ea amanang le bona haufi ho feta eena; o tlameha ho kopana le enoa hoseng. Ruthe o tsoela pele ho robala maotong a hae ho fihlela ka meso. Joale Boaze o mo fa mpho ea lijo-thollo, ’me o khutlela ho Naomi, eo ka cheseho a ’motsang hore na phello e bile efe.
7. Boaze o tšoara puisano ea lenyalo joang, ’me hoo ho tlisa tlhohonolofatso efe?
7 Boaze o tsohella khorong ea motse esale hoseng ho ea batla morekolli. O nka baholo ba motse ba leshome hore e be lipaki, ’me o fa enoa ea amanang haufi le eena monyetla oa pele oa ho reka tsohle tseo e neng e le tsa Elimeleke. Na o tla etsa see? Karabelo ea hae hang-hang ke e, ha ho bonahala hore a ka eketsa leruo la hae. Leha ho le joalo, ha a utloa ka tlhokahalo ea hore a kene lenyalong le Ruthe ka ho mo kenela joaloka ngoan’abo monn’a hae, o tšoha hore o tla lahleheloa ke lefa la hae ka boeena ’me joale o bontša ho hana ha hae ka molao ka ho rola moqathatso oa hae. O sala a sa boleloa ka lebitso tlalehong ea Bibele, o boleloa feela ka mokhoa o sa hlompheheng e le “’Nyeo.” Ka pel’a tsona lipaki tseo, joale Boaze o reka Ruthe hore e be mosali oa hae. Na o etsa see ka lebaka leha e le lefe la boithati? Che, e mpa e le hore “lebitso la ea shoeleng le se ke la khaoloa sechabeng.” (4:1, 10) Bohle ba shebelletseng ba kōpa hore tlhohonolofatso ea Jehova e ke e be holim’a tokisetso ena e lerato, ’me ka sebele tlhohonolofatso eo e ipaka e le e babatsehang! Ruthe o tsoalla Boaze mora botsofaling ba hae, ’me Naomi o fetoha mooki oa ngoana. O bitsoa “mora . . . ho Naomi” ’me o rehoa Obede.—4:17, NW.
8. Ke eng hape e bontšang hore ho hlahisoa ha Peō e tšepisitsoeng ho tlile ka tokisetso ea Jehova?
8 Litemana tse qetellang tsa Ruthe li fana ka lesika le tlohang ho Peretse, le kenyelletsa Boaze, ho ea ho Davida. Bahlahlobisisi ba bang ba ’nile ba pheha khang ka hore hase meloko eohle e thathamisitsoeng, kaha nako e akarelitsoeng e khōlō haholo bakeng sa batho ba fokolang hakaalo ka lenane. Na hoo ke ’nete? Kapa na e mong le e mong oa bona o ile a hlohonolofatsoa ka bophelo bo bolelele le mora botsofaling ba hae? Qeto ena ea bobeli e ka ba eona e nepahetseng, e hatisang hore ho hlahisoa ha Peō e tšepisitsoeng ho tlile ka tokisetso ea Jehova le mosa oa hae o sa tšoanelang, eseng ka matla a motho a tlhaho. Maemong a mang Jehova o ile a sebelisa matla a hae ka tsela e tšoanang, joaloka tsoalong ea Isaaka, Samuele, le Johanne Mokolobetsi.—Gen. 21:1-5; 1 Sam. 1:1-20; Luka 1:5-24, 57-66.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
9. Ke lintlheng life moo batho ba ka sehloohong tšoantšisong ea Ruthe e leng mehlala e metle ho rōna kajeno?
9 Ka sebele tlaleho ena e thabisang e molemo, e thusa ba ratang ho loka ho haha tumelo e matla. Batšoantšisi bohle ba sehlooho tšoantšisong ena e susumetsang ba ile ba bontša tumelo e ikhethang ho Jehova, ’me “ba ile ba pakoa ka baka la tumelo ea bona.” (Ba-Heb. 11:39, BPN) Ba fetohile mehlala e metle bakeng sa rōna kajeno. Naomi o ile a bonahatsa kholiseho e tebileng moseng o lerato oa Jehova. (Ruthe 1:8, NW; 2:20, NW) Ka boithaopo Ruthe o ile a siea naha ea habo ho ea phehella borapeli ba Jehova; o ipakile a tšepahala a bile a ikokobelitse, haesita le ho ba ea sebetsang ka boithaopo. Ke kananelo e matla ea Boaze bakeng sa molao oa Jehova le ho amohela ha hae ka boikokobetso ho etsa thato ea Jehova, hammoho le lerato la hae ho Naomi ea tšepahalang le Ruthe ea mahlaha-hlaha, tse ileng tsa etsa hore a phethahatse tokelo ea hae ea lenyalo la thekollo.
10. Ke hobane’ng ha tlaleho ea Ruthe e lokela ho matlafatsa kholiseho ea rōna litšepisong tsa ’Muso?
10 Tokisetso ea Jehova ea thekollo, ’me ntlheng ena e le lenyalo la thekollo, e ile ea sebelisoa ho mo tlotlisa. Jehova e ne e le eena Ea Lokiselitseng lenyalo la Boaze le Ruthe, ’me o ile a le hlohonolofatsa ho latela mosa oa hae o lerato; o ile a le sebelisa e le mokhoa oa ho boloka lesika la borena la Juda le sa khaoha ho isa ho Davida ’me qetellong, ho ea fihla ho Davida e Moholoanyane, Jesu Kreste. Tlhokomelo ea Jehova e lerato ha a hlahisa Peō ea ’Muso ho latela tokisetso ea hae ea molao e lokela ho matlafatsa kholiseho ea rōna ’me e etse hore re lebelle ka kholiseho phethahatso ea litšepiso tsohle tsa ’Muso. E lokela ho re susumelletsa ho lula re tšoarehile mosebetsing oa kajeno oa kotulo, re kholisehile ka moputso o phethahetseng o tsoang ho Jehova, Molimo oa Iseraele ea moea, eo ‘re tlileng ho tšabela tlas’a lipheo tsa hae’ le eo merero ea hae ea ’Muso e atamelang ka mokhoa o khanyang hakana phethahatsong ea eona e felletseng. (2:12) Buka ea Ruthe ke mohato o mong oa bohlokoa o hokahanyang tlaleho e isang ’Musong oo!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Insight on the Scriptures, Moq. 2, leqephe 829.