Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
LA 1-LA 7 JUNE
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 44-45
“Josefa o Tšoarela Baholoane ba Hae”
(Genese 44:1, 2) Hamorao a laela monna ea neng a okametse ntlo ea hae, a re: “Tlatsa mekotla ea banna bao ka lijo ho fihlela tekanyong eo ba tla khona ho e jara ’me u kenye chelete ea e mong le e mong molomong oa mokotla oa hae. 2 Empa u kenye senoelo sa ka, senoelo sa silevera, molomong oa mokotla oa e monyenyane le chelete bakeng sa lijo-thollo tsa hae.” Eaba o etsa ho ea ka lentsoe la Josefa leo a le buileng.
“Na ke Sebakeng sa Molimo?”
Josefa o ile a sebelisa leqheka la hae. O ile a laela hore baholoane ba hae ba lelekisoe, ba tšoaroe ’me ba qosoe ka hore ba utsoitse senoelo. Se ile sa fumanoa ka mokotlaneng oa Benjamine, ’me kaofela ba khutlisetsoa ho Josefa. Joale Josefa a fumana monyetla o motle oa ho bona hore na baholoane ba hae ba fela ba bakile. Juda o ile a ba buella. O ile a kopa Josefa hore a ba hauhele, ’me a ithaopela hore eena hammoho le ba bang ba 10 e be makhoba Egepeta. Josefa o ile a hana eaba o re ho sale Benjamine feela, ’me ba bang ba khutlele hae.—Genese 44:2-17.
Juda o ile a bua ka boikokobetso le ho feta. O ile a re: “Ke eena feela ea setseng oa ’m’ae, ’me ntat’ae oa mo rata.” E tlameha ebe mantsoe ao a ile a ama Josefa, kaha e ne e le eena mora oa matsibolo oa Ragele, e leng mosali ea ratoang oa Jakobo ea ileng a shoa ha a beleha Benjamine. Ntle ho pelaelo feela joaloka ntate oa hae, Josefa o ne a lula a nahana ka Ragele. Mohlomong seo se ne se etsa hore a rate Benjamine le ho feta.—Genese 35:18-20; 44:20.
Juda o ile a kopa Josefa ka tieo hore a se ke a etsa Benjamine lekhoba. O ile a ba a ithaopela ho ba lekhoba molemong oa Benjamine. Eaba o etsa kopo e otlang pelo o re: “Nka ea joang ho Ntate moshanyana a le sieo ho ’na, esere ka bona tlokotsi e tla hlahela Ntate?” (Genese 44:18-34) Ruri Juda o ne a bakile. Ha aa ka a bontša pako feela, empa o ile a boela a bontša hore o na le kutloelo-bohloko, o ikokobelitse ebile o na le qenehelo.
Josefa o ile a hloleha ho ithiba lekhetlong lena. O ile a bonahatsa boikutlo bo neng bo tlalellane ka ho eena. A leleka bahlanka ba hae, ’me a lla habohloko hoo seboko sa hae se ileng sa utloahala ntlong ea borena ea Faro. O ile a itsebisa bona ’me a re: “Ke ’na mor’abo lona Josefa.” Eaba o aka bara bao babo ba neng ba maketse ’me ka mosa a ba tšoarela. (Genese 45:1-15) O ile a etsisa Jehova ea tšoarelang ka bolokolohi. (Pesaleme ea 86:5) Na le rona re tšoarela ka bolokolohi?
(Genese 44:33, 34) Kahoo joale, ka kopo, ho ke ho sale lekhoba la hao ho e-na le moshanyana e le lekhoba ho mong’a ka, e le hore moshanyana a nyolohe le barab’abo. 34 Etsoe nka ea joang ho Ntate moshanyana a le sieo ho ’na, esere ka bona tlokotsi e tla hlahela Ntate?”
(Genese 45:4, 5) Kahoo Josefa a re ho barab’abo: “Ka kopo, atamelang ho ’na.” Eaba ba atamela ho eena. Joale a re: “Ke ’na mor’abo lona Josefa, eo le mo rekisitseng Egepeta. 5 Empa joale le se ke la utloa bohloko ’me le se ke la ikhalefela kahobane le nthekisitse mona; hobane Molimo o nthomme hore ke le etelle pele bakeng sa ho boloka bophelo.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Genese 44:13) Joale ba hahola liaparo tsa bona tsa ka holimo ’me e mong le e mong a boela a belesa esele ea hae mojaro oa hae eaba ba khutlela motseng.
it-2-E 813
Ho Hahola Liaparo
E ne e le letšoao le tloaelehileng ho Bajuda la hore motho o siame. Lichaba tse neng li ba potolohile le tsona li ne tloaetse ho etsa joalo. Ba ne ba hahola liaparo tsa bona ha ba ne ba qeta ho utloa ka lefu la mong ka bona. Maemong a mangata ha motho a ne a hahola seaparo sa hae, o ne a se tabola ho fihlela sefubeng. O ne a sa se tabole ka tsela eo a neng a ke ke a khona ho se apara hape hobane se senyehile.
Bibele e bua ka ho hahola liaparo ka lekhetlo la pele ha Rubene, mora e moholo oa Jakobo a khutla a il’o lata Josefa ’me a fumana a le sieo ka har’a sekoti sa metsi. O ile a hahola seaparo sa hae a re: “Ngoana o ile! ’Me ’na—ruri ke tla ea hokae?” Rubene joaloka letsibolo, o ne a lokela ho etsa bonnete ba hore ngoan’abo o sireletsehile. Jakobo le eena o ile a hahola seaparo sa hae ha a utloa ka lefu la bohata la mora oa hae Josefa a ba a itlama ka lesela la mokotla hobane a siame. (Gen 37:29, 30, 34) Hape, ha baholoane ba Josefa ba le Egepeta ba ile ba bontša hore ba siame ka hore ba hahole liaparo tsa bona ha ho ne ho thoe Benjamine ke lesholu.—Gen 44:13.
(Genese 45:5-8) Empa joale le se ke la utloa bohloko ’me le se ke la ikhalefela kahobane le nthekisitse mona; hobane Molimo o nthomme hore ke le etelle pele bakeng sa ho boloka bophelo. 6 Etsoe sena ke selemo sa bobeli sa tlala lefatšeng, ’me ho sa ntse ho e-na le lilemo tse ling tse hlano tseo ka tsona ho ke keng ha e-ba le nako ea ho lema kapa kotulo. 7 Ka lebaka leo Molimo o nthomme hore ke le etelle pele bakeng sa hore le be le masala lefatšeng le hore le bolokoe le phela ka ho pholosoa ho hoholo. 8 Kahoo hase lona ba nthometseng mona, empa ke Molimo oa ’nete, e le hore a mpehe hore ke be ntat’a Faro le morena oa bohle ba ntlo ea hae le ea laolang naheng eohle ea Egepeta.
Ho Hlouoa Ntle ho Lebaka
15 Ke eng e ka re thusang hore re se ke ra hlonamela ba re hloileng ntle ho lebaka? Hopola hore lira tsa rona tse ka sehloohong ke Satane le bademona. (Baefese 6:12) Ke ’nete hore batho ba bang baa hlokomela hore baa re hlorisa ebile ba ho etsa ka boomo, empa ba bangata ba hanyetsang batho ba Molimo ba ho etsa ka lebaka la ho hloka tsebo kapa ka lebaka la ho hlohlelletsoa ke batho ba bang. (Daniele 6:4-16; 1 Timothea 1:12, 13) Jehova o lakatsa hore “batho ba mefuta eohle” ba be le monyetla oa hore “ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:4) Ka sebele, batho ba bang bao e neng e le bahanyetsi e se e le barab’abo rona ba Bakreste hona joale ka lebaka la ho bona boitšoaro ba rona bo sa tšoauoeng phoso. (1 Petrose 2:12) Ho phaella moo, re ka ithuta mohlaleng oa Josefa, mora oa Jakobo. Le hoja Josefa a ile a ba mahlomoleng a maholo ka lebaka la barab’abo ka ntat’a bona, ha aa ka a ba jara ka pelo. Hobane’ng? Hobane o ile a bona hore letsoho la Jehova le ne le tsamaisa liketsahalo tabeng eo, ho phethahatsa morero oa Hae. (Genese 45:4-8) Ka tsela e tšoanang, Jehova a ka tlotlisa lebitso la hae ka ho sebelisa mahlomola leha e le afe a sa lokelang a ka re hlahelang.—1 Petrose 4:16.
’Malo oa Bibele
(Genese 45:1-15) Eaba Josefa ha a sa hlola a khona ho itšoara ka pel’a bohle ba emeng le eena. Kahoo a hoeletsa: “E-reng e mong le e mong a tlohe ho ’na!” ’Me ha ho le ea mong ea neng a eme le Josefa ha a itsebisa barab’abo. 2 A qala ho phahamisa lentsoe a lla, hoo Baegepeta ba ileng ba utloa le ntlo ea Faro e ileng ea utloa. 3 Qetellong Josefa a re ho barab’abo: “Ke ’na Josefa. Na Ntate o sa ntse a phela?” Empa barab’abo ba ne ba sa khone ho mo araba ho hang, hobane o ne a ba ferekantse. 4 Kahoo Josefa a re ho barab’abo: “Ka kopo, atamelang ho ’na.” Eaba ba atamela ho eena. Joale a re: “Ke ’na mor’abo lona Josefa, eo le mo rekisitseng Egepeta. 5 Empa joale le se ke la utloa bohloko ’me le se ke la ikhalefela kahobane le nthekisitse mona; hobane Molimo o nthomme hore ke le etelle pele bakeng sa ho boloka bophelo. 6 Etsoe sena ke selemo sa bobeli sa tlala lefatšeng, ’me ho sa ntse ho e-na le lilemo tse ling tse hlano tseo ka tsona ho ke keng ha e-ba le nako ea ho lema kapa kotulo. 7 Ka lebaka leo Molimo o nthomme hore ke le etelle pele bakeng sa hore le be le masala lefatšeng le hore le bolokoe le phela ka ho pholosoa ho hoholo. 8 Kahoo hase lona ba nthometseng mona, empa ke Molimo oa ’nete, e le hore a mpehe hore ke be ntat’a Faro le morena oa bohle ba ntlo ea hae le ea laolang naheng eohle ea Egepeta. 9 “E-eang ho Ntate kapele, le re ho eena, ‘Mora oa hao Josefa o itse: “Molimo o mpehile hore ke be morena oa Egepeta eohle. Theohela ho ’na. U se ke ua lieha. 10 U lule naheng ea Goshene, ’me u ’ne u be haufi le ’na, uena le bara ba hao le bara ba bara ba hao le mehlape ea hao ea likhutšoane le mehlape ea hao ea liphoofolo tse kholo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u nang le eona. 11 Ke tla u fa lijo hona teng, etsoe ho sa ntse ho e-na le lilemo tse ling tse hlano tsa tlala; esere uena le ba ntlo ea hao le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u nang le eona la futsaneha.” ’12 Bonang! mahlo a lona le mahlo a mor’eso Benjamine aa bona hore ke molomo oa ka o buang le lona. 13 Kahoo le bolelle Ntate ka khanya eohle ea ka Egepeta le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le e boneng; le potlake le theolele Ntate mona.” 14 Eaba o itihela molaleng oa Benjamine mor’abo ’me oa lla, le Benjamine a llela molaleng oa hae. 15 A aka barab’abo kaofela ’me a ba llela, ka mor’a moo barab’abo ba bua le eena.
LA 8-LA 14 JUNE
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 46-47
“Ba Fumana Lijo Har’a Tlala ea Sekoboto”
(Genese 47:13) Joale ho ne ho se bohobe naheng eohle, hobane tlala e ne e le kholo haholo; ’me naha ea Egepeta le naha ea Kanana tsa phophotheha ka lebaka la tlala.
Ho Boloka Bophelo Nakong ea Tlala
2 Lilemo tse supileng tsa nala tsa fela, ’me tlala ea qala hantle joalokaha Jehova a ne a profetile—tlala ea sekoboto e seng Egepeta feela empa “lefatšeng lohle.” Ha batho ba lapileng ba Egepeta ba qala ho kopa bohobe ho Faro, Faro a re ho bona: “E-eang ho Josefa, le etseng seo a tlang ho le bolella sona.” Josefa a rekisetsa Baegepeta lijo-thollo ho fihlela ba felloa ke chelete. Eaba joale o ba rekisetsa tsona ka mehlape ea bona. Qetellong, batho ba tla ho Josefa, ba re: “Ak’u re reke joale, rona le masimo a rona, ka bohobe, ’me rona le masimo a rona re tla ba bahlanka ba Faro.” Eaba Josefa o rekela Faro naha eohle ea Egepeta.—Genese 41:53-57; 47:13-20.
(Genese 47:16) Joale Josefa a re: “Nehelanang ka liphoofolo tsa lona tse ruiloeng ’me ke tla le fa bohobe e le phapanyetsano bakeng sa liphoofolo tsa lona tse ruiloeng, haeba chelete e felile.”
(Genese 47:19, 20) Ke hobane’ng ha re lokela ho shoela ka pel’a mahlo a hao, rona le naha ea rona? Re rekelle le naha ea rona bakeng sa bohobe, ’me rona hammoho le naha ea rona re tla ba makhoba a Faro; u re fe peo e le hore re phele re se ke ra shoa eaba naha ea rona e fetoha lesupi.” 20 Kahoo Josefa a rekela Faro naha eohle ea Baegepeta, hobane Moegepeta e mong le e mong a rekisitse tšimo ea hae, etsoe tlala e ne e ba totetse; ’me naha ea e-ba ea Faro.
(Genese 47:23-25) Joale Josefa a re ho sechaba: “Bonang, kajeno ke rekile lona le masimo a lona bakeng sa Faro. Peo ea lona ke ena, ’me le e jale masimong. 24 Ha a hlahisitse lihlahisoa, joale le fe Faro karolo ea bohlano, empa likarolo tse ’nè e tla ba tsa lona e le peo bakeng sa masimo le lijo tsa lona le tsa ba ka matlung a lona le tse tla jeoa ke bana ba lona ba banyenyane.”25 Ka lebaka leo ba re: “U bolokile bophelo ba rona. E-re re fumane kamohelo mahlong a moren’a ka, ’me re tla ba makhoba a Faro.”
’Muso o Etsa Thato ea Molimo Lefatšeng
11 Khora. Lefatše le bolaoa ke tlala ea moea. Bibele e ile ea lemosa ea re: “ ‘Bonang! Matsatsi aa tla,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ ’me ke tla romela tlala naheng, tlala, eseng bakeng sa bohobe, le lenyora, eseng bakeng sa metsi, empa bakeng sa ho utloa mantsoe a Jehova.’ ” (Amose 8:11) Na baahi ba ’Muso oa Molimo le bona ba bolaoa ke tlala? Jehova o ile a bolela esale pele ka phapang e neng e tla ba teng pakeng tsa batho ba hae le lira tsa hae, o ile a re: “Bahlanka ba ka ba tla ja, empa lona le tla lapa. Bonang! Bahlanka ba ka ba tla noa, empa lona le tla nyoroa. Bonang! Bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lona le tla hlajoa ke lihlong.” (Esa. 65:13) Na u bone ho phethahala ha mantsoe ao?
12 Lijo tsa moea tseo re li fumanang li joaloka noka e phallang e ntseng e ja litlhokoa. Lingoliloeng tsa rona tse thehiloeng Bibeleng hammoho le likhatiso tsa rona tse rekotiloeng le livideo, liboka le li kopano le lintho tse fumanehang Websaeteng ea rona—kaofela ha tsona li tšoana le nala ea lijo tsa moea lefatšeng lena le bolaoang ke tlala ea moea. (Ezek. 47:1-12; Joele 3:18) Na ha u thabe ha u bona ho phethahala ha litšepiso tsa Jehova bophelong ba hao ba letsatsi le letsatsi? Na u etsa bonnete ba hore u ja kamehla tafoleng ea Jehova?
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Genese 46:4) Ke tla theohela le uena Egepeta ’me ruri ke tla boela ke u nyolle teng; ’me Josefa o tla beha letsoho mahlong a hao.”
it-1-E 220 ¶1
Maikutlo le Liketso Tsa Batho
Ho beha letsoho mahlong a mofu. Ha Jehova a ne a joetsa Jakobo hore ‘Josefa o tla beha letsoho mahlong a hae’ (Gen 46:4), o ne a bolela hore Josefa ke eena ea tla mo koala mahlo ha a qeta ho shoa, eleng mosebetsi o neng o etsoa ke mora oa letsibolo. Kamoo ho bonahalang, Jehova o ne a bolella Jakobo hore tokelo ea ho ba letsibolo e lokela ho ea ho Josefa.—1Likr 5:2.
(Genese 46:26, 27) Meea eohle e tlileng le Jakobo Egepeta ke e tsoileng nokeng ea hae, ntle ho basali ba bara ba Jakobo. Meea eohle e ne e le mashome a tšeletseng a metso e tšeletseng. 27 Bara ba Josefa bao a ba tsoaletsoeng Egepeta e ne e le meea e ’meli. Meea eohle ea ntlo ea Jakobo e tlileng Egepeta e ne e le mashome a supileng.
Litlhaloso tsa Lik 7:14, tse ho nwtsty-E
E ne e le batho ba 75. E ka ’na ea ba Setefane o ne a sa qotse temana e itseng ka ho khetheha e hlahang mangolong a Seheberu ha a ne a bua ka hore ba lelapa la Jakobo ba ileng ba ea Egepeta e ne e le batho ba 75. Palo ena ha e hlahe mangolong a Seheberu a Bamasorete. Gen 46:26 e re: “Meea eohle e tlileng le Jakobo Egepeta ke e tsoileng nokeng ea hae, ntle ho basali ba bara ba Jakobo. Meea eohle e ne e le mashome a tšeletseng a metso e tšeletseng.” Temana ea 27 e tsoela pele hore: “Meea eohle ea ntlo ea Jakobo e tlileng Egepeta e ne e le mashome a supileng.” Mona, lelapa la Jakobo le ileng Egepeta le baloa ka litsela tse peli tse fapaneng. Palong ea pele, ho buuoa ka bana ba Jakobo. Palong ea bobeli, ho buuoa ka lelapa lohle la ntlo ea Jakobo le ileng la ea Egepeta. Ho Ex 1:5 le ho De 10:22 ho buuoa ka palo ea bara ba Jakobo hore e ne e le “70”. Joale Setefane o fana ka palo e ’ngoe ea boraro e kenyelelitseng litho tse ling tsa lelapa la Jakobo. Batho ba bang ba re palo eo e ne e kenyelelitse bara le litloholo tsa bara ba Josefa e leng Manase le Efraime bao ho buuoeng ka bona phetolelong ea Septuagint ho Gen 46:20. Ba bang ba re e ka ’na eaba palo eo e ne e kenyelelitse basali ba bara ba Jakobo bao ho Gen 46:26 ba neng ba sa kenyeletsoa. Ka hona, e ka ’na eaba palo ena ea “75” ke kakaretso ea batho kaofela. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba palo e na e ne e le teng libukeng tsa mangolo a Seheberu tse neng li le teng mehleng ea Setefane. Ka lilemo tse ngata, haesale litsebi tsa Bibele li tseba “75” e le eona palo e hlahang ho Gen 46:27 le ho Ex 1:5 mangolong a Segerike a Septuagint. Ho ekelletsa moo, selemong sa bo 1950 ho ile ha fumanoa likhechana tse peli tsa moqolo oa Ex 1:5 o ngotsoeng ka Seheberu Leoatleng le Shoeleng ’me le ho tsona ho ne ho ngotsoe palo “75”. E ka ’na eaba Setefane o ile a bua ka palo ena hobane a ne a e nka meqolong eo. Ho sa tsotellehe hore na palo e nepahetseng ke efe, palo eo Setefane a neng a bua ka eona e ne e bontša feela hore batho ba ne ba bala bara ba Jakobo ka litsela tse fapaneng.
’Malo oa Bibele
(Genese 47:1-17) Tumellanong le hoo Josefa a tla ’me a tlalehela Faro a re: “Ntate le barab’eso ba tlile le mehlape ea bona ea likhutšoane le mehlape ea bona ea liphoofolo tse kholo le sohle seo ba nang le sona ho tsoa naheng ea Kanana, ’me bona! ba naheng ea Goshene.” 2 Palong eohle ea barab’abo a nka banna ba bahlano, hore a ba hlahise ho Faro. 3 Joale Faro a re ho barab’abo: “Le etsa mosebetsi ofe?” Kahoo ba re ho Faro: “Bahlanka ba hao ke balisa ba linku, rona hammoho le baholo-holo ba rona.” 4 Ka mor’a moo ba re ho Faro: “Re tlil’o lula re le bajaki naheng ena, hobane ha ho lekhulo bakeng sa mohlape oo bahlanka ba hao ba nang le oona, etsoe tlala e kholo naheng ea Kanana. Joale, ka kopo, e-re bahlanka ba hao ba lule naheng ea Goshene.” 5 Eaba Faro o re ho Josefa: “Ntat’ao le barab’eno ba tlile ho uena mona. 6 Naha ea Egepeta e taolong ea hao. E-re ntat’ao le barab’eno ba lule karolong e ntlehali ea naha. E-re ba lule naheng ea Goshene, ’me haeba u tseba hore har’a bona ho na le banna ba sebete, u ba behe hore e be baokameli ba mehlape ea ka.” 7 Joale Josefa a tlisa ntat’ae Jakobo a mo tsebisa Faro, ’me Jakobo a hlohonolofatsa Faro. 8 Joale Faro a re ho Jakobo: “Matsatsi a lilemo tsa bophelo ba hao a makae?” 9 Kahoo Jakobo a re ho Faro: “Matsatsi a lilemo tsa ho lula ha ka ka bojaki ke lilemo tse lekholo le mashome a mararo. Matsatsi a lilemo tsa bophelo ba ka e bile a seng makae le a bakang mahlomola, ’me ha aa fihla matsatsing a lilemo tsa bophelo ba bo-Ntate matsatsing a ho lula ha bona ka bojaki.” 10 Ka mor’a moo Jakobo a hlohonolofatsa Faro ’me a tsoa ka pel’a Faro. 11 Kahoo Josefa a lokisetsa hore ntat’ae le barab’abo ba lule ’me a ba fa sebaka naheng ea Egepeta, karolong e ntlehali ea naha, naheng ea Ramsese, feela joalokaha Faro a laetse. 12 Josefa a ’na a fa ntat’ae le barab’abo le bohle ba ntlo ea ntat’ae bohobe, ho ea ka palo ea bana ba banyenyane. 13 Joale ho ne ho se bohobe naheng eohle, hobane tlala e ne e le kholo haholo; ’me naha ea Egepeta le naha ea Kanana tsa phophotheha ka lebaka la tlala. 14 Eaba Josefa o tsoela pele ho nka chelete eohle e neng e fumaneha naheng ea Egepeta le naheng ea Kanana bakeng sa lijo-thollo tseo batho ba neng ba li reka; Josefa a ’na a tlisa chelete ntlong ea Faro. 15 Ka mor’a nako chelete ea naha ea Egepeta le ea naha ea Kanana ea fela, ’me Baegepeta bohle ba qala ho tla ho Josefa, ba re: “Re fe bohobe! Ke hobane’ng ha re lokela ho shoa ka pel’a hao kahobane chelete e felile?” 16 Joale Josefa a re: “Nehelanang ka liphoofolo tsa lona tse ruiloeng ’me ke tla le fa bohobe e le phapanyetsano bakeng sa liphoofolo tsa lona tse ruiloeng, haeba chelete e felile.” 17 Eaba ba qala ho tlisa liphoofolo tsa bona tse ruiloeng ho Josefa; ’me Josefa a ’na a ba fa bohobe e le phapanyetsano bakeng sa lipere tsa bona le mohlape oa likhutšoane le mohlape oa liphoofolo tse kholo le liesele, ’me a ’na a ba fa bohobe e le phapanyetsano bakeng sa liphoofolo tsohle tsa bona tse ruiloeng selemong seo.
LA 15-LA 21 JUNE
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 48-50
“Batho ba Holileng ba ka re Ruta Lintho Tse Ngata”
(Genese 48:21, 22) Ka mor’a moo Iseraele a re ho Josefa: “Bona, kea shoa, empa ka sebele Molimo o tla ba le lona a le khutlisetse naheng ea baholo-holo ba lona. 22 Ha e le ’na, ke u fa karolo ea naha ho feta seo ke se fang barab’eno, naha eo ke e nkileng letsohong la Baamore ka sabole ea ka le ka seqha sa ka.”
it-1-E 1246 ¶8
Jakobo
Pele Jakobo a shoa, o ile a hlohonolofatsa litloholo tsa hae eleng bara ba Josefa ’me ka thuso ea Molimo o ile a hlohonolofatsa Efraime pele ho Manase le hoja Manase e ne e le eena letsibolo. Eaba Jakobo o re ho Josefa eo e neng e le eena ea neng a tl’o fumana karolo tse peli tsa lefa la letsibolo: “Ke u fa karolo ea naha ho feta seo ke se fang barab’eno, naha eo ke e nkileng letsohong la Baamore ka sabole ea ka le ka seqha sa ka.” (Gen 48:1-22; 1Likr 5:1) Jakobo o ile a reka tšimo pela Sikeme ho bara ba Hamore. (Gen 33:19, 20) Ho bonahala eka tšepiso ena eo Jakobo a ileng a e tšepisa Josefa e ne e bontša hore Jakobo o na le tumelo kaha o ile a hla a profeta hore litloholo tsa hae li tla hlola Bakanana ebe li lula naheng eo joalokaha e-ka li hlola ka sabole ea hae kapa seqha sa hae. (bona MOAMORE.) Likarolo tse peli tsa naha e hapuoeng tse neng li fuoe Josefa, li ile tsa aroleloa leloko la Efraime le la Manase.
(Genese 49:1) Hamorao Jakobo a bitsa bara ba hae ’me a re: “Bokanang e le hore ke le bolelle se tla le etsahalla karolong e qetellang ea matsatsi.
it-2-E 206 ¶1
Matsatsi a ho qetela
Boprofeta boo Jakobo a ileng a bo bolela pele a e-shoa. Ha Jakobo a ne a re ho bara ba hae, “Bokanang e le hore ke le bolelle se tla le etsahalla karolong e qetellang ea matsatsi” kapa “kapa matsatsi a tlang” (AT), o ne a bua ka nako eo e leng hona e tlang ha mantsoe ao aa buileng a boprofeta a phethahala. (Gen 49:1) Lilemo tse makholo a mabeli pele Jakobo a bua mantsoe ana, Jehova o ne a ile a bua le ntata’ae moholo Abrame (Abrahama) hore litloholo tsa hae li ne li tla hlorisoa ka lilemo tse 400. (Gen 15:13) Ka hona, nako eo Jakobo a neng a bua ka eona ha a re “karolo e qetellang ea matsatsi” e ne e ke ke ea qala ho fihlela lilemo tse 400 tsa mahloriso li fela. (E le hore u fumane lintlha tse eketsehileng ka Genese 49, sheba lihlooho tse buang ka bara ba Jakobo tlas’a mabitso a bona a fapaneng.) Hamorao ho ne ho ka lebelloa hore boprofeta bona bo phethahale ho “Iseraele ea Molimo”.—Gal 6:16; Bar 9:6.
(Genese 50:24, 25) Qetellong Josefa a re ho barab’abo: “Kea shoa; empa ruri Molimo o tla lebisa tlhokomelo ea hae ho lona, ’me ka sebele o tla le ntša naheng ena a le ise naheng eo a e hlapanyelitseng Abrahama, Isaka le Jakobo.” 25 Kahoo Josefa a hlapantša bara ba Iseraele, a re: “Ruri Molimo o tla lebisa tlhokomelo ea hae ho lona. Tumellanong le hoo le tlose masapo a ka mona.”
Batho ba Holileng ke Khothatso ho ba Bacha
10 Batho ba holileng ba ka boetse ba ba le tšusumetso e molemo ho balumeli-’moho le bona. Botsofaling ba hae, Josefa, e leng mora oa Jakobo, o ile a etsa ketso e bonolo ea tumelo ’me e ile ea ama ka matla barapeli ba ’nete ba limilione ba phetseng ka mor’a hae. O ne a e-na le lilemo tse 110 ha “a fana ka taelo malebana le masapo a hae,” hore mohla Baiseraele ba tlohang Egepeta, ba lokela ho nka masapo a hae, ba tsamaee le ’ona. (Baheberu 11:22; Genese 50:25) Lilemong tse telele tsa bokhoba bo sehloho bo ileng ba latela ka mor’a lefu la Josefa, taelo ena e ile ea fana ka tšepo e tiileng ea hore Baiseraele ba ne ba tla lokolloa.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Genese 49:19) “Ha e le Gade, o tla futuheloa ke sehlopha sa bafutuhi, empa o tla futuhela karolo e ka morao-rao.
Ho Lehlohonolo ba Tlotlisang Molimo
4 Pele litho tsa sechaba sa Iseraele tsa moloko oa Gade li kena Naheng e Tšepisitsoeng, li ile tsa kopa ho lula naheng e nang le makhulo a matle ka bochabela ho Jordane. (Numere 32:1-5) Ho lula moo ho ne ho tla bolela hore li ne li tla lokela ho hlola mathata a tebileng. Meloko e ka bophirimela e ne e tla sireletsoa ke Phula ea Jordane—eo e neng e le mokoallo oa tlhaho, ha e hlaseloa ke lebotho la sesole. (Joshua 3:13-17) Leha ho le joalo, ha e bua ka libaka tse ka bochabela ho Jordane, The Historical Geography of the Holy Land, ea George Adam Smith, e re: “Kaofela ha tsona [li] namme joalokaha eka ha ho mokoallo oa letho, sehlabeng se seholo sa Arabia. Ka lebaka leo, haesale li pepeselitsoe tlhaselo ea bo-hloma-u-hlomole ba lapileng, bao ba bang ba bona ba neng ba li futuhela selemo le selemo ba batla lekhulo.”
5 Moloko oa Gade o ne o tla hlola khatello eo e sa eeng moriting joang? Makholo a lilemo pejana, ha moholo-holo oa oona Jakobo a ne a profeta a le makhatheng a lefu o ile a re: “Ha e le Gade, o tla futuheloa ke sehlopha sa bafutuhi, empa o tla futuhela karolo e ka morao-rao.” (Genese 49:19) Ha a habanngoa feela mantsoe ao a ka bonahala a tepeletsa. Empa, ha e le hantle e ne e le taelo ea hore Bagade ba itoanele. Jakobo o ile a ba tiisetsa hore ha ba ka etsa joalo, bafutuhi ba ne ba tla khutlela morao ba hlabiloe ke lihlong, Bagade ba ba behile merebele.
(Genese 49:27) “Benjamine o tla ’ne a rusolle joaloka phiri. Hoseng o tla ja phoofolo e nkiloeng ’me mantsiboea o tla arola thepa e hapuoeng.”
it-1-E 289 ¶2
Benjamine
Jakobo o ile a profeta ha a ne a le haufi le ho shoa hore litloholo tsa Benjamine li tla ba le bokhoni ba ho loana ha a ne a re ka mora eo oa hae: “Benjamine o tla ’ne a rusolle joaloka phiri. Hoseng o tla ja phoofolo e nkiloeng ’me mantsiboea o tla arola thepa e hapuoeng.” (Gen 49:27) Bahlabani ba Babenjamine ba ne ba tsebahala ka bokhoni boo ba neng ba na le bona ba ho sebelisa letjeketjane ka matsoho a bona a matona kapa a matšehali. Ba ne ba khona ho tjeketjela lejoe nthong e “botenya ba moriri.” (Bhl 20:16; 1Likr 12:2) Motho ea ileng a bolaea morena Eglone ea khopo o ne a tsoa lelokong la Benjamine ebile e le monna ea leqele ea bitsoang Moahloli Ehude. (Bhl 3:15-21) Hape ho ka boleloa hore e ne e le ‘mesong’ ea ’muso oa Iseraele ha moloko oa Benjamine le hoja e ne e le o mong oa ‘meloko e menyenyane ka ho fetisisa’ melokong ea Iseraele, o ne o hlahisa morena oa pele oa Iseraele eleng Saule mora oa Kishe. Ke eena ea ileng a loantša Bafilista ’me a ba hlola. (1Sa 9:15-17, 21) Hape ho elella qetellong, ha sechaba sa Iseraele se ntse se hlorisoa, moloko oa Benjamine o ile oa hlahisa Mofumahali Esthere le Tona-kholo Mordekai, bao e ileng ea e-ba bona ba ileng ba lopolla Baiseraele hore ba se ke ba felisoa ke ’muso oa Persia.—Est 2:5-7.
’Malo oa Bibele
(Genese 49:8-26) “Ha e le uena, Juda, barab’eno ba tla u roka. Letsoho la hao le tla ba sekotlong sa lira tsa hao. Bara ba ntat’ao ba tla itihela fatše ka lifahleho ho uena. 9 Juda ke lelinyane la tau. Mora oa ka, ka sebele u tla nyoloha phofung. O iname, o ikotlolotse joaloka tau, ke mang ea ka itetang sefuba ho mo tsosa? 10 Lere la borena le ke ke la sutha ho Juda, leha e le lere la molaoli pakeng tsa maoto a hae, ho fihlela Shilo a tla; ’me lichaba li tla mo mamela. 11 A tlameletse esele ea hae e holileng sefateng sa morara le petsana ea esele ea hae e tšehali sefateng se setle ka ho fetisisa sa morara, ka sebele o tla hlatsoa liphahlo tsa hae veineng ’me seaparo sa hae a se hlatsoe maling a morara. 12 Mahlo a hae a bofubelu bo lefifi ka lebaka la veine, ’me meno a hae a masoeu ka lebaka la lebese. 13 “Zabulone o tla lula lebopong la leoatle, ’me o tla ba haufi le lebopo moo likepe li emisitsoeng teng ka ankora; lehlakore la hae le ka thoko le tla ba nģ’a Sidone. 14 “Isakare ke esele e nang le masapo a matla, e bothileng pakeng tsa lisatlelebeke tse peli. 15 O tla bona hore sebaka sa phomolo se setle le hore naha ea khahleha; o tla koba lehetla la hae ho jara meroalo ’me o tla etsa mosebetsi o qobelloang oa bokhoba. 16 “Dane o tla ahlola batho ba hae joaloka o mong oa meloko ea Iseraele. 17 Dane e ke e be noha e ka thoko ho tsela, noha e linaka ka thoko ho tsela, e lomang lirethe tsa pere hoo mopalami oa eona a oang ka seetse. 18 Jehova, ruri ke tla letela poloko e tsoang ho uena. 19 “Ha e le Gade, o tla futuheloa ke sehlopha sa bafutuhi, empa o tla futuhela karolo e ka morao-rao.20 “Bohobe bo tsoang ho Ashere bo tla ba mafura, ’me o tla fana ka lintho tse monate tsa morena. 21 “Nefthali ke khama e tšehali e tšesaane. O fana ka mantsoe a khahlisang. 22 “Letlobo la sefate se behang litholoana, Josefa ke letlobo la sefate se behang litholoana pel’a seliba, se lebisang makala a sona ka holim’a lerako. 23 Empa ba fulang metsu ba ’nile ba mo tšoenya ’me ba mo fula ’me ba ’na ba mo koetlela lehloeo. 24 24 Leha ho le joalo seqha sa hae se ne se lula sebakeng se sa feleng, ’me matla a matsoho a hae a ne a tenyetseha. Matsohong a Ea Matla oa Jakobo, ho na le Molisa, Lejoe la Iseraele. 25 O tsoa ho Molimo oa ntat’ao, ’me o tla u thusa; o na le Ea Matla ’Ohle, ’me o tla u hlohonolofatsa ka litlhohonolofatso tsa maholimo a holimo, ka litlhohonolofatso tsa boliba bo tlaase, ka litlhohonolofatso tsa matsoele le popelo. 26 Ruri litlhohonolofatso tsa ntat’ao li tla phahamela litlhohonolofatso tsa lithaba tsa ka ho sa feleng, li phahamele mokhabiso oa maralla a hlolang ka nako e sa lekanyetsoang. Li tla ’ne li be holim’a hlooho ea Josefa, esita le har’a hlooho ea ea qolotsoeng ho barab’abo.
LA 22-LA 28 JUNE
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | EXODA 1-3
“Ke Tla ba Seo ke Tla ba Sona”
(Exoda 3:13) Leha ho le joalo, Moshe a re ho Molimo oa ’nete: “A re re joale ke fihlile ho bara ba Iseraele ’me ke re ho bona, ‘Molimo oa baholo-holo ba lona o nthomile ho lona,’ ebe ba re ho ’na, ‘Lebitso la hae ke mang?’ Ke tla re’ng ho bona?”
Hlompha Lebitso la Jehova le Leholo
4 Bala Exoda 3:10-15. Ha Moshe a ne a le lilemo li 80, Molimo o ile a mo fa taelo e boima, a re: “U ntše sechaba sa ka sa bara ba Iseraele Egepeta.” Moshe o ile a botsa Jehova potso ea bohlokoahali. A re: ‘Lebitso la hao u mang?’ Kaha e ne e le khale lebitso la Molimo le tsejoa, Moshe o ne a batla ho tseba eng? Kamoo ho bonahalang kateng, o ne a batla ho fumana tsebo e batsi ka motho ea emeloang ke lebitso leo—e leng lintlha tse neng li tla kholisa sechaba sa Molimo hore O tla fela a ba lopolle. Moshe o ne a e-na le mabaka a utloahalang a hore a amehe, kaha Baiseraele e ne e bile makhoba ka nako e telele. Mohlomong ba ne ba ntse ba ipotsa hore na Molimo oa baholo-holo ba bona a ka khona ho ba lopolla. Ba bang ba ne ba se ba bile ba rapela melimo ea Egepeta!—Ezek. 20:7, 8.
(Exoda 3:14) Eaba Molimo o re ho Moshe: “KE TLA BA SEO KE TLA BA SONA.” Eaba oa eketsa: “Sena ke seo u tla se bolella bara ba Iseraele, ‘KE TLA BA o nthomile ho lona.’ ”
kr 43, lebokose
SE BOLELOANG KE LEBITSO LA MOLIMO
LEBITSO Jehova le tsoa leetsing la Seheberu le bolelang “ho ba.” Litsebi tse ling li nka hore tabeng ena leetsi le na le sebopeho se bontšang ho etsa hore ntho e itseng e etsahale. Kahoo batho ba bangata ba utloisisa hore lebitso la Molimo le bolela “O Etsa Hore Ho be.” Tlhaloso ena e tšoanela karolo eo Jehova a e phethang joaloka ’Mopi. O entse hore bokahohle le libopuoa tse bohlale li be teng ’me o tsoela pele ho etsa hore thato ea hae le merero ea hae li phethahale.
Leha ho le joalo, re lokela ho utloisisa karabo eo Jehova a ileng a e fa Moshe ho Exoda 3:13, 14, joang? Moshe o ile a botsa a re: “A re re joale ke fihlile ho bara ba Iseraele ’me ke re ho bona, ‘Molimo oa baholo-holo ba lona o nthomile ho lona,’ ebe ba re ho ’na, ‘Lebitso la hae ke mang?’ Ke tla re’ng ho bona?” Eaba Jehova o re ho Moshe: “Ke Tla ba Seo ke Tla ba Sona.”
Hlokomela hore Moshe o ne a sa batle ho tseba lebitso la Molimo. Moshe le Baiseraele ba ne ba se ntse ba tseba lebitso la Molimo. Moshe o ne a batla hore Jehova a matlafatse tumelo ea bona ka hore a ba bolelle hore na ke Molimo oa mofuta ofe, e leng se neng se tla ba thusa ho tseba se boleloang ke lebitso la hae. Ha a araba ka ho re, “Ke Tla ba Seo ke Tla ba Sona,” Jehova o ne a senola seo a leng sona: Boemong bofe kapa bofe, Jehova e ka ba eng kapa eng eo a hlokang ho ba eona e le hore a phethahatse morero oa hae. Ka mohlala, ho Moshe le ho Baiseraele, Jehova e ile ea e-ba Mopholosi, Monehi-molao, Mohlokomeli—le lintho tse ling tse ngata. Kahoo, Jehova o khetha ho ba eng kapa eng eo ho hlokahalang hore e be eona e le hore a phethahatse seo a se tšepisitseng batho ba hae. Leha ho le joalo, le hoja lebitso Jehova le bolela seo, ha le bolele feela hore Jehova o ba seo eena a khethang ho ba sona. Le boetse le akarelletsa hore o etsa popo ea hae seo a batlang hore e be sona e le hore a phethahatse morero oa hae.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Exoda 2:10) Ngoana a hola. Joale a mo tlisa ho morali oa Faro, hore e be mora oa hae; eaba o mo reha lebitso la Moshe ’me o re: “Ke kahobane ke mo ntšitse metsing.”
Moshe—Na ke Motho oa Sebele Kapa oa Tšomong?
Empa na hase ntho eo ho leng thata ho e kholoa hore khosatsana ea Egepeta e ne e ka nka ngoana ea joalo? Che, kaha bolumeli ba Baegepeta bo ne bo ruta hore liketso tse mosa ke tekete ea ho kena leholimong. Ha e le tabeng ea ho ikholisetsa ngoana teng, setsebi sa lintho tsa khale tse epolotsoeng, Joyce Tyldesley o re: “Basali ba Baegepeta ba ne ba behoa boemong bo lekanang le ba banna ba Baegepeta. Ba ne ba e-na le litokelo tsa molao le tsa lichelete tse tšoanang, bonyane ha ho buuoa, ’me . . . basali ba ne ba ka ikholisetsa bana bao e seng ba bona.” Tlaleho ea boholo-holo ea ho ikholisetsa bana e ngotsoeng loling ha e le hantle e na le tlaleho ea mosali e mong ea ileng a amohela makhoba a hae, a a nka joaloka bana ba hae. Ha e le tabeng ea ho hira ’mè oa Moshe hore e be moanyesi, The Anchor Bible Dictionary e re: “Ho lefshoa ha ’mè oa tlhaho oa Moshe hore e be moholisi . . . ho tšoana le litokisetso tsa Mesopotamia tsa likonteraka tsa ho holisetsoa bana.”
(Exoda 3:1) Moshe ea e-ba molisa oa mohlape oa Jethro, moprista oa Midiane, eo Moshe e neng e le mokhoenyana oa hae. Ha a ntse a khannela mohlape ka bophirimela ho lefeella, qetellong a fihla thabeng ea Molimo oa ’nete, Horebe.
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Exoda
3:1—Jethro e ne e le moprista oa mofuta ofe? Linakong tsa bapatriareka hlooho ea lelapa e ne e e-ba moprista oa lelapa la hae. Ho hlakile hore Jethro e ne e le hlooho ea mopatriareka ea moloko oa Bamidiane. Kaha Bamidiane e ne e le litloholo tsa Abrahama ka Ketura, mohlomong ba ne ba tseba ka borapeli ba Jehova.—Genese 25:1, 2.
’Malo oa Bibele
(Exoda 2:11-25) Joale matsatsing ao, ha Moshe a ntse a e-ba matla, a tsoela ho barab’abo hore a talime moroalo oo ba o jereng; ’me ha a re heli! a bona Moegepeta ea itseng a otla Moheberu ea itseng oa barab’abo. 12 Kahoo a qamaka eaba o bona ho se na motho. Joale a bolaea Moegepeta ’me a mo pata lehlabatheng. 13 Leha ho le joalo, ka letsatsi le hlahlamang a tsoa ’me bonang! ho ne ho e-na le banna ba babeli ba Baheberu ba loanang. Kahoo a re ho ea fositseng: “Ke hobane’ng ha u otla motsoalle oa hao?” 14 Eaba o re: “Ke mang ea u behileng hore u be khosana le moahloli oa rona? Na u rerile ho mpolaea feela joalokaha u bolaile Moegepeta?” Joale Moshe a tšoha ’me a re: “Ka sebele ntho ena ea tsebahala!” 15 Ka mor’a moo Faro a utloa ka ntho ena, eaba o leka ho bolaea Moshe; empa Moshe a balehela Faro e le hore a e’o lula naheng ea Midiane; eaba o lula pel’a seliba. 16 Joale moprista oa Midiane o ne a e-na le barali ba supileng, ’me joalokaha e le tloaelo ba ile ba tla eaba ba kha metsi ’me ba tlatsa linoelo hore ba noese mohlape oa ntat’a bona. 17 Joalokaha e le tloaelo balisa ba tla ’me ba ba leleka. Eaba Moshe oa ema o thusa basali bao ’me o noesa mohlape oa bona. 18 Kahoo ha ba fihla hae ho ntat’a bona Reuele a hooa: “Ho tla joang hore ebe kajeno le tlile hae kapele hakaale?” 19 Eaba ba re: “Moegepeta ea itseng o ile a re lopolla matsohong a balisa ’me, ntle ho moo, a re khella metsi e le hore a noese mohlape.” 20 Joale a re ho barali ba hae: “Empa o kae? Le sietse’ng monna eo? Mo bitseng, hore a tl’o ja bohobe.” 21 Ka mor’a moo Moshe a bontša hore o rata ho lula le monna eo, eaba o fa Moshe morali oa hae Zipora. 22 Hamorao a tsoala mora eaba o mo reha lebitso la Gershome, hobane, a itse: “Ke fetohile mojaki naheng esele.” 23 Eitse matsatsing ao a mangata qetellong morena oa Egepeta a shoa, empa bara ba Iseraele ba tsoela pele ho feheloa ka lebaka la bokhoba le ho etsa mohoo oa pelaelo, ’me mohoo oa bona o kopang thuso oa ’na oa nyolohela ho Molimo oa ’nete ka lebaka la bokhoba. 24 Ka mor’a nako Molimo a utloa ho bobola ha bona ’me Molimo a hopola selekane sa hae le Abrahama, Isaka le Jakobo. 25 Kahoo Molimo a talima bara ba Iseraele ’me Molimo a ela hloko.
LA 29 JUNE–LA 5 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | EXODA 4-5
“Ke Tla ba le Uena ha u Bua”
(Exoda 4:10) Joale Moshe a re ho Jehova: “Ntšoarele, Jehova, empa ha ke motho ea buang ka mokhoa o phollatsi, leha e le ho tloha maobane kapa ho tloha pele ho moo kapa ho tloha ha u bua le mohlanka oa hao, etsoe ke molomo o boima ’me ke leleme le boima.”
(Exoda 4:13) Empa a re: “Ntšoarele, Jehova, empa ka kopo romela ka letsoho la eo u tla mo romela.”
Mabaka ao re Ipehelang ’Ona—Jehova o a Talima Joang?
“Ha ke tšoanelehe.” U ka ’na ua ikutloa eka ha u tšoanelehe ho ba ’moleli oa litaba tse molemo. Bahlanka ba bang ba tšepahalang ba Jehova ba mehleng ea Bibele ba ne ba ikutloa ba sa tšoanelehe ho etsa mesebetsi eo Jehova a neng a ba file eona. Nahana ka mohlala oa Moshe. Ha Jehova a ne a mo fa taelo e tobileng, Moshe o ile a re: “Ntšoarele, Jehova, empa ha ke motho ea buang ka mokhoa o phollatsi, leha e le ho tloha maobane kapa ho tloha pele ho moo kapa ho tloha ha u bua le mohlanka oa hao, etsoe ke molomo o boima ’me ke leleme le boima.” Le hoja Jehova a ile a mo khothatsa, Moshe o ile a araba a re: “Ntšoarele, Jehova, empa ka kopo romela ka letsoho la eo u tla mo romela.” (Ex. 4:10-13) Jehova o ile a etsa’ng?
(Exoda 4:11, 12) Eaba Jehova o re ho eena: “Ke mang ea etselitseng motho molomo kapa ea etsang ea sa khoneng ho bua kapa ea sa utloeng litsebeng kapa ea bonang ka mokhoa o hlakileng kapa ea foufetseng? Na hase ’na, Jehova? 12 Kahoo joale tsamaea, ’me ke tla ba le molomo oa hao ’me ke tla u ruta seo u tšoanetseng ho se bua.”
Na U Bona “Ea sa Bonahaleng”?
5 Pele Moshe a khutlela Egepeta, Molimo o ile a mo ruta molao-motheo oa bohlokoa, oo hamorao Moshe a ileng a o ngola bukeng ea Jobo: “Ho tšaba Jehova—ke bohlale.” (Jobo 28:28) Jehova o ile a thusa Moshe hore a mo tšabe le hore a etse lintho ka bohlale, ka hore a mo bontše phapang pakeng tsa batho le Molimo ea Matla ’Ohle. O ile a mo botsa a re: “Ke mang ea etselitseng motho molomo kapa ea etsang ea sa khoneng ho bua kapa ea sa utloeng litsebeng kapa ea bonang ka mokhoa o hlakileng kapa ea foufetseng? Na hase ’na, Jehova?”—Ex. 4:11.
6 Re ithuta’ng mantsoeng aa? Moshe o ne a sa lokela ho tšaba. O ne a ronngoe ke Jehova, ea neng a ka mo fa ntho leha e le efe eo a e hlokang e le hore a fetisetse molaetsa oa Molimo ho Faro. Etsoe, Faro e ne e se letho ha a bapisoa le Jehova. Ebile e ne e se lekhetlo la pele bahlanka ba Molimo ba ba kotsing ka lebaka la Baegepeta. Mohlomong Moshe o ile a nahana kamoo Jehova a ’nileng a sireletsa Abrahama, Josefa, esita le eena Moshe ka boeena nakong ea puso ea marena a fetileng a Egepeta. (Gen. 12:17-19; 41:14, 39-41; Ex. 1:22–2:10) Kaha Moshe o ne a e-na le tumelo ho Jehova “Ea sa bonahaleng,” o ile a iteta sebete a ea ho Faro ’me a mo bolella mantsoe ’ohle ao Jehova a mo laetseng ’ona.
(Exoda 4:14, 15) Joale bohale ba Jehova ba tukela Moshe eaba o re: “Na Arone Molevi hase moholoane oa hao? Kea tseba hore ruri a ka bua. ’Me, ntle ho moo, bona! o tseleng ho tla u khahlanyetsa. Ha a u bona, ka sebele o tla thaba pelong ea hae. 15 U bue le eena ’me u mo kenye mantsoe molomong; ke tla ba le molomo oa hao le molomo oa hae, ’me ke tla le ruta seo le tla se etsa.
Mabaka ao re Ipehelang ’Ona—Jehova o a Talima Joang?
Jehova ha aa ka a re Moshe a tlohele ho etsa mosebetsi oo. Leha ho le joalo, Jehova o ile a khetha Arone hore a thuse Moshe ho o etsa. (Ex. 4:14-17) Ho feta moo, lilemong tse ileng tsa latela Jehova o ile a tšehetsa Moshe a ba a mo fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e hloka e le hore a atlehe ho phetha mesebetsi eo Molimo a neng a mo file eona. Kajeno, le uena u ka kholiseha hore Jehova o tla susumetsa balumeli-’moho le uena ba nang le boiphihlelo hore ba u thuse ho phetha tšebeletso ea hao. Ka holimo ho tsohle, Lentsoe la Molimo le re tiisetsa hore Jehova o tla etsa hore re tšoanelehe ho etsa mosebetsi oo a re laetseng hore re o etse.—2 Bakor. 3:5; sheba lebokose le nang sehlooho se reng, “Lilemo Tse Thabisang ka ho Fetisisa Bophelong ba Ka.”
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Exoda 4:24-26) Joale eare ha ba le tseleng sebakeng sa bolulo Jehova a kopana le eena ’me a ’na a batla tsela ea ho mo bolaea. 25 Qetellong Zipora a nka lejoe le thata ’me a poma ntlha ea letlalo la setho sa botona sa mora oa hae ’me a etsa hore e ame maoto a hae eaba o re: “Ke hobane u monyali oa mali ho ’na.” 26 Ka lebaka leo a mo tlohela. Ka nako eo Zipora a re: “Monyali oa mali,” ka lebaka la lebollo.
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Mantsoe a Zipora a reng “u monyali oa mali ho ’na” ke mantsoe a sa tloaelehang. Mantsoe aa a bontša eng ka eena? Ka ho iphaphatha le melao ea selekane sa lebollo, Zipora o ile a bontša hore o ne a hlompha kamano ea selekane le Jehova. Hamorao selekane sa Molao se ileng sa etsoa le Baiseraele se ile sa bontša hore ho latela kamano ea selekane, Jehova a ka nkoa e le monna ’me motho [ea selekaneng le eena] e le mosali. (Jeremia 31:32) Kahoo, ha Zipora a ne a re Jehova (ka moemeli oa Hae oa lengeloi) ke “monyali oa mali,” ho bonahala a ne a bontša hore oa elelloa hore o lokela ho ikokobelletsa litumellano tsa selekane seo. Ho ne ho le joalokaha eka o amohetse boemo ba ho ba mosali selekaneng sa lebollo, Jehova Molimo e le monna oa hae. Ho sa tsotellehe hore na boemo e bile bofe, ka lebaka la boikemisetso ba hae bo tiileng ba ho mamela molao oa Molimo, mora oa hae ha aa ka a hlola a e-ba kotsing ea ho bolaoa.
(Exoda 5:2) Empa Faro a re: “Jehova ke mang, hore ke mamele lentsoe la hae ’me ke tlohele Baiseraele hore ba tsamaee? Ho hang ha ke tsebe Jehova ’me, ho feta moo, nke ke ka tlohela Baiseraele hore ba tsamaee.”
it-2-E 12 ¶5
Jehova
Ha se ka linako tsohle ho “tseba” ho bolelang ho tloaelana le motho ea itseng kapa ntho e itseng. Monna oa sethoto ea bitsoang Nabale o ne a tseba lebitso la Davida. Leha ho le joalo, o ile a ’na a botsa a re “Davida ke mang?” ’me ka ho cho joalo o ne a nyelisa Davida a botsa hore na Davida e ne boetse e le mang hore a mo laele. (1Sa 25:9-11; bapisa le 2Sa 8:13.) Faro le eena o ile a re ho Moshe: “Jehova ke mang, hore ke mamele lentsoe la hae ’me ke tlohele Baiseraele hore ba tsamaee? Ho hang ha ke tsebe Jehova ’me, ho feta moo, nke ke ka tlohela Baiseraele hore ba tsamaee.” (Ex 5:1, 2) Ka ho cho joalo, Faro o ne a re ha a tsebe hore Jehova ke Molimo oa ’nete le hore o na le matla holim’a morena oa Egepeta le holim’a lintho tsohle tse etsahalang moo. Hape, o ne a bolela hore Jehova ha a na matla a ho phethahatsa lintho tseo Moshe le Arone ba li buileng. Empa Faro le batho bohle ba Egepeta ho akareletsa le Baiserale ba ne ba tla tseba hantle hore na lebitso la Molimo le bolelang le hore na hantle-ntle ke motho ea joang. Taba ena e ne e tla phethahala ha Jehova Molimo a phethahatsa morero oa hae ka Baiseraele joalokaha a ile a bolella Moshe ka hore a ba lokolle Egepeta e be o ba isa naheng e tšepisitsoeng le ka ho phethahatsa tšepiso eo a ileng a e etsetsa baholo-holo ba Iseraele. Ho ne ho tšoana le ha Jehova a re: “Ka sebele le tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa lona.”—Ex 6:4-8; bona le EA MATLA ’OHLE.
’Malo oa Bibele
(Exoda 4:1-17) Leha ho le joalo, ha Moshe a araba a re: “Empa a re re ha ba ntumele ’me ha ba mamele lentsoe la ka, kahobane ba tla re, ‘Jehova ha aa ka a hlaha ho uena.’ ” 2 Joale Jehova a re ho eena: “Ke eng seo se letsohong la hao?” eaba o re: “Ke molamu.” 3 Ka mor’a moo a re: “O lahlele fatše.” Kahoo a o lahlela fatše, ’me oa fetoha noha; eaba Moshe o qala ho e baleha. 4 Joale Jehova a re ho Moshe: “Otlolla letsoho la hao ’me u e tšoare ka mohatla.” Kahoo a otlolla letsoho la hae a e tšoara, eaba e fetoha molamu seatleng sa hae. 5 “E le hore,” ho qotsa mantsoe a hae, “ba ka lumela hore Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona, Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo, o hlahile ho uena.” 6 Joale Jehova a boela a re ho eena: “Ka kopo, kenya letsoho lemenong le ka holimo la seaparo sa hao.” Kahoo a kenya letsoho lemenong le ka holimo la seaparo sa hae. Ha a le ntša, bonang! letsoho la hae le ne le otliloe ka lepera joalokaha eka ke lehloa! 7 Ka mor’a moo a re: “Khutlisetsa letsoho lemenong le ka holimo la seaparo sa hao.” Kahoo a khutlisetsa letsoho lemenong le ka holimo la seaparo sa hae. Ha a le ntša lemenong le ka holimo la seaparo sa hae, bonang! le ne le boetse boemong ba lona ba pele le tšoana le nama e ’ngoe ea hae kaofela! 8 “ ’Me etlare,” ho qotsa mantsoe a hae, “haeba ba sa u lumele ’me ba sa mamele lentsoe la pontšo ea pele, joale ka sebele ba tla lumela lentsoe la pontšo ea morao. 9 Hape, etlare haeba ba sa lumele esita le lipontšo tsena tse peli ’me ba sa mamele lentsoe la hao, joale u tla lokela ho nka metsi a Noka ea Nile ’me u a tšollele naheng e omileng; metsi ao u a nkileng Nokeng ea Nile ka sebele a tla fetoha, e, ruri a tla fetoha mali naheng e omileng.” 10 Joale Moshe a re ho Jehova: “Ntšoarele, Jehova, empa ha ke motho ea buang ka mokhoa o phollatsi, leha e le ho tloha maobane kapa ho tloha pele ho moo kapa ho tloha ha u bua le mohlanka oa hao, etsoe ke molomo o boima ’me ke leleme le boima.” 11 Eaba Jehova o re ho eena: “Ke mang ea etselitseng motho molomo kapa ea etsang ea sa khoneng ho bua kapa ea sa utloeng litsebeng kapa ea bonang ka mokhoa o hlakileng kapa ea foufetseng? Na hase ’na, Jehova? 12 Kahoo joale tsamaea, ’me ke tla ba le molomo oa hao ’me ke tla u ruta seo u tšoanetseng ho se bua.” 13 Empa a re: “Ntšoarele, Jehova, empa ka kopo romela ka letsoho la eo u tla mo romela.” 14 Joale bohale ba Jehova ba tukela Moshe eaba o re: “Na Arone Molevi hase moholoane oa hao? Kea tseba hore ruri a ka bua. ’Me, ntle ho moo, bona! o tseleng ho tla u khahlanyetsa. Ha a u bona, ka sebele o tla thaba pelong ea hae. 15 U bue le eena ’me u mo kenye mantsoe molomong; ke tla ba le molomo oa hao le molomo oa hae, ’me ke tla le ruta seo le tla se etsa. 16 O tla u buella ho batho; o tla ba joaloka molomo ho uena, ’me u tla ba joaloka Molimo ho eena. 17 U tla nka molamu ona letsohong la hao hore u etse lipontšo ka oona.”