Tsamaeang ka Mokhoa oo Jehova a le Rutang ka Oona
‘Nthute tsela ea hao Jehova, ke tle ke tsamaee ’neteng ea hao; tataisetsa pelo ea ka tšabong ea lebitso la hao.’—PESALEME EA 86:11, BPN.
1, 2. Ke eng se susumelletsang Lipaki tsa Jehova ho hana ho amohela litšelo tsa mali?
“MOHLOMONG Lipaki tsa Jehova li nepile ha li hana tšebeliso ea lihlahisoa tsa mali, hobane ke ’nete hore lintho tse ngata haholo tse ka bakang mafu li ka fetisoa ka ho tšeloa mali.”—Koranta ea phekolo ea meriana ea Sefora e hatisoang letsatsi le letsatsi Le Quotidien du Médecin, December 15, 1987.
2 Mohlomong ba bang ba balang tlhaloso eo ba ile ba ba le boikutlo ba hore e mpa e le lehlohonolo feela hore ebe Lipaki tsa Jehova li ile tsa hana litšelo tsa mali khale koo pele ho tsejoa ka kakaretso kamoo li leng kotsi ka teng hoo li ka bang tsa bolaea. Empa boemo boo Lipaki tsa Jehova li ’nileng tsa bo nka ka mali ha boa hlaha ka kotsi, leha e le hona hore ke molao o ileng oa qaptjoa ke sehlotšoana se itseng sa bokhelohi, hore ke boemo bo hlahisoang ke tšabo ea hore mali ha aa sireletseha. Ho fapana le hoo, Lipaki li hana mali ka baka la boikemisetso ba tsona ba ho bontša kutlo ha li tsamaea ka pel’a Morupeli oa tsona e Moholo—e leng Molimo.
3. (a) Davida o ne a ikutloa joang ka ho itšetleha ka Jehova? (b) Davida o ne a lebelletse phello efe ka baka la ho tšepa Molimo?
3 Morena Davida, ea neng a ikutloa hore o itšetlehile ka Molimo, o ne a ikemiselitse ho rutoa ke oona a tle a ‘tsamaee ’neteng ea oona.’ (Pesaleme ea 86:11, BPN) Davida o kile a eletsoa hore ha a ka qoba ho ba molato oa mali mahlong a Molimo, ‘sephefumolohi sa hae se ne se tla ipaka se phuthetsoe ka mokotleng oa bophelo oa Jehova.’ (1 Samuele 25:21, 22, 25, 29, NW) Feela joalokaha batho ba ne ba phuthela lintho tsa bohlokoa ho li sireletsa le ho li boloka, ka ho tšoanang Molimo o ne o tla sireletsa le ho boloka bophelo ba Davida. Ha a amohela keletso e bohlale, Davida ha aa ka a batla ho ipholosa ka boiteko ba hae empa o ile a tšepa Ea mo fileng bophelo ba hae: “U tla ntsebisa tsela ea bophelo. Khora ea thabo e teng pel’a hao, le linyakallo tse sa feleng tsohong la hao le letona.”—Pesaleme ea 16:11.
4. Ke hobane’ng ha Davida a ne a batla ho rutoa ke Jehova?
4 Kaha Davida o ne a e-na le boikutlo boo, o ne a sa ikutloe hore eena ka boeena a ka khetha hore na ke melao efe ea Molimo e loketseng kapa eo ho hlokahalang hore e utluoe. O ne a e-na le boikutlo bona: “Jehova, nthute ka tsela ea hao, ’me u ntataise tseleng ea ho loka.” ‘Nthute tsela ea hao Jehova, ke tle ke tsamaee ’neteng ea hao; tataisetsa pelo ea ka tšabong ea lebitso la hao. Jehova, Molimo oa ka, ke tla u boka ka pelo ea ka eohle.’ (Pesaleme ea 27:11, NW; 86:11, 12, BPN) Ka linako tse ling ho tsamaea ka ’nete pel’a Molimo ho ka ’na ha bonahala ho se monate kapa mohlomong ho ka hloka boitelo bo boholo, empa Davida o ne a batla ho rutoa tsela e nepahetseng le ho tsamaea ho eona.
Ho Rutoa ka Mali
5. Ke eng seo e tlamehang ebe Davida o ne a se tseba ka boemo ba Molimo ka mali?
5 Re tšoanela ho hlokomela hore ho tloha ha e sa le moshanyana, Davida o ne a rutiloe pono ea Molimo ka mali, ’me pono eo e ne e se sephiri sa bolumeli. Ha sechaba se ne se balloa Molao, e lokela e be Davida o ile a utloa sena: “Sephefumolohi sa nama se maling, ’me ke a behile aletareng e le hore le tle le lefelle liphefumolohi tsa lōna, hobane ke mali a lefang ka sephefumolohi se ho ’ona. Ke ka baka leo ke itseng ho bara ba Iseraele: ‘Sephefumolohi leha e le sefe sa lōna ha sea tlameha ho ja mali le molichaba ea ahileng har’a lōna joaloka osele ha aa lokela ho ja mali.’”—Levitike 17:11, 12, NW; Deuteronoma 4:10; 31:11.
6. Ke joang ho ’nileng ha ba le tlhokahalo e tsoelang pele ea hore bahlanka ba Molimo ba rutoe ka mali?
6 Hafeela Molimo o ne o sa ntsane o sebelisa Iseraele e le batho ba oona ba bokelletsoeng, ba neng ba batla ho o khahlisa ho ne ho hlokahala hore ba rutoe ka mali. Meloko e latellanang ea bashanyana le banana ba Baiseraele e ’nile ea rutoa ka tsela ena. Empa na thuto e joalo e ne e tla tsoela pele ka mor’a hore Molimo o amohele phutheho ea Bakreste, ha o ba etsa “Iseraele oa Molimo”? (Ba-Galata 6:16) E, ka sebele. Pono ea Molimo ka mali ha ea ka ea fetoha. (Malakia 3:6) Pono ea oona e boletsoeng ka ho hlaka ea hore mali a se sebelisoe hampe e ne e se e ntse e le teng pele selekane sa Molao se qala ho sebetsa, ’me e ile ea tsoela pele ka mor’a hore Molao o felisoe.—Genese 9:3, 4; Liketso 15:28, 29.
7. Ke hobane’ng ha ho rutoa ke Molimo ka mali e le habohlokoa ho rōna?
7 Ho hlompha mali ke habohlokoa ka ho fetisisa Bokresteng. Ba bang ba ka ’na ba botsa, ‘Na hoo hase ho fetelletsa litaba?’ Empa, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa Bokresteng ke efe haese sehlabelo sa Jesu? ’Me moapostola Pauluse o ngotse: “Ke ka eena [Jesu], ka mali a hae, re lopolotsoeng, ra tšoareloa libe, ka baka la boholo ba mohau oa hae.” (Ba-Efese 1:7, BPN) The Inspired Letters, e fetoletsoeng ke Frank C. Laubach, e fetolela temana ena tjena: “Mali a Kreste a re lefelletse ’me joale re se re le ba Hae.”
8. Ke joang “bongata bo boholo ba batho” bo itšetlehileng ka mali bakeng sa ho fumana bophelo?
8 Bohle ba nang le tšepo ea ho pholoha ‘mahlomola a maholo’ a ntseng a atamela le ho thabela mahlohonolo a Molimo lefatšeng la paradeise ba itšetlehile ka mali a tšollotsoeng a Jesu. Tšenolo 7:9-14 ea ba hlalosa ’me e bua tjena ka seo ba seng ba se entse: “Ke ba tsoang mahlomoleng a maholo; ba hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufalitse maling a Konyana.” Hlokomela puo e sebelisitsoeng mona. Ha e re bana ba pholositsoeng mahlomoleng a maholo ba ne ba ‘amohetse Jesu’ kapa ba ‘bontšitse tumelo ho eena,’ le hoja tseo e le litšobotsi tsa bohlokoa. E fetela ka ’nģane ’me e re “ba hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufalitse maling a [Jesu].” Lebaka ke hore mali a hae a na le molemo oa ho fana ka topollo.
9. Ke hobane’ng ha ho utloa Jehova tabeng ea mali e le ho tebileng hakaale?
9 Ho ananela molemo ona ho thusa Lipaki tsa Jehova ho etsa qeto ea ho se sebelise mali hampe, esita leha ka botšepehi ngaka e bolela hore ho tšeloa mali ke habohlokoa. E ka ’na ea lumela hore melemo e ka tlisoang ke ho tšeloa mali e phahametse likotsi tse ka bang teng bophelong bo botle tse hlahisoang ke mali. Empa Mokreste a ke ke a iphapanyetsa kotsi e khōlō le ho feta, kotsi ea ho lahleheloa ke kamohelo ea Molimo ka ho lumela ho sebelisa mali hampe. Pauluse o kile a bua ka ba ‘etsang sebe ka boomo ha ba se ba amohetse tsebo e nepahetseng ea ’nete.’ (NW) Ke hobane’ng ha sebe leha e le sefe sa mofuta oo e ne e le se tebileng hakaalo? Hobane motho ea joalo ‘o hatakela Mor’a Molimo ka maoto, o etsa mali a selekane ao a hlatsoitsoeng ka ’ona ntho feela.’—Ba-Heberu 9:16-24; 10:26-29.
Thusa ba Bang Hore ba Rutoe
10. Motheo oa boikemisetso ba rōna ba ho tela mali ke ofe?
10 Rōna ba ananelang sehlabelo sa Jesu sa topollo re seli hore re se ke ra tloaela ho etsa sebe, e leng ho latola molemo oa ho boloka bophelo oa mali a hae. Kaha re nahanisisitse ka taba ena, rea hlokomela hore ho bontša teboho e felletseng ho Molimo bakeng sa bophelo ho lokela ho re susumelletsa hore re hane ho sekisetsa ka tsela efe kapa efe melao ea oona e lokileng, eo re kholisehileng hore e fanoe ho hopotsoe ka se ka re hlahisetsang molemo—se ka re tsoelang molemo oa nako e telele. (Deuteronoma 6:24; Liproverbia 14:27; Moeklesia 8:12) Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka bana ba rōna?
11-13. Batsoali ba bang ba Bakreste ba na le pono efe e fosahetseng ka bana ba bona le ka mali, hona hobane’ng?
11 Le hoja bana ba rōna e le masea kapa ba le banyenyane haholo hore ba ka utloisisa, Jehova Molimo a ka ba talima ba hloekile ebile ba amoheleha motheong oa boinehelo ba rōna. (1 Ba-Korinthe 7:14) Kahoo ke ’nete hore mohlomong masea ka lelapeng la Bakreste ha a e-s’o utloisise le ho etsa khetho ka ho utloa molao oa Molimo ka mali. Leha ho le joalo, na re etsa sohle seo re ka se khonang ho a ruta taba ee ea bohlokoa? Batsoali ba Bakreste ba tšoanela ho hlahlobisisa taba ena ka ho teba, hobane ho bonahala eka batsoali ba bang ba na le boikutlo bo fosahetseng ka bana ba bona le mali. Ho bonahala eka ba bang ba ikutloa hore ha ba hlile ha ba na matla hakaalo mabapi le hore na bana ba bona ba ka tšeloa mali kapa che. Ke hobane’ng ha ba na le pono ee e fosahetseng?
12 Linaha tse ngata li na le melao kapa litsi tsa ’muso tse sireletsang bana ba hlokomolohuoeng le ba tšoeroeng hampe. Bana ba Lipaki tsa Jehova ha baa hlokomolohuoa kapa hona ho tšoaroa hampe ha batsoali ba bona ba etsa qeto ea ho se lumelle mora kapa morali oa bona ho tšeloa mali, ’me ka nako e tšoanang ba kōpa hore ho sebelisoe mekhoa e meng ea ho phekola eo phekolo ea kajeno ea meriana e ka fanang ka eona. Esita le ho latela pono ea phekolo ea meriana, hona hase ho hlokomoloha ngoana kapa ho mo tšoara hampe, ha ho nahanoa ka likotsi tsa phekolo e sebelisang litšelo tsa mali tseo ho lumeloang hore li teng. Ke ho sebelisa tokelo ea ho lekanyetsa likotsi tse amehang le ho khetha mofuta o itseng oa phekolo.a Leha ho le joalo, basebetsi ba bang ba phekolo ea meriana ba ’nile ba retelehela litokisetsong tsa molao ba batla tumello ea ho qobella motho ea sa batleng ho tšeloa mali hore a a tšeloe.
13 Ha batsoali ba bang ba hlokomela hore ho ka etsahala hore basebetsi ba phekolo ea meriana ba batle tšehetso ea lekhotla bakeng sa ho tšela ngoana oa bona mali, ba ka ’na ba ikutloa hore ba hlōlehile, hore ha ho letho leo batsoali ba ka le etsang kapa leo ho hlokahalang hore ba le etse. Eo ke pono e fosahetseng hakaakang!—Liproverbia 22:3.
14. Ke joang Davida le Timothea ba ileng ba rutoa ba sa le bacha?
14 Re se re hlokometse hore Davida o ile a rutoa tsela ea Molimo ho tloha bocheng ba hae ho ea pele. Seo se ile sa mo hlomella hore a nke bophelo e le mpho e tsoang ho Molimo le ho tseba hore mali a emela bophelo. (Bapisa le 2 Samuele 23:14-17.) Timothea o ile a rutoa monahano oa Molimo “ho tloha boseeng.” (2 Timothea 3:14, 15, NW) Na ha u lumele hore le hoja Davida le Timothea ba ne ba le ka tlaase ho lilemo tsa molao tseo kajeno ho nkoang hore motho o se a hōlile ha a le ho tsona, e tlameha e be ba ne ba ka itlhalosa hantle litabeng tse amanang le thato ea Molimo? Ka ho tšoanang, kajeno Bakreste ba bacha ba lokela ho rutoa tsela ea Molimo nako e telele pele e e-ba batho ba hōlileng.
15, 16. (a) Ke pono efe e hlahileng libakeng tse ling mabapi le litokelo tsa bana ba tlaase lilemong? (b) Ke eng se ileng sa lebisa tabeng ea hore ngoana e mong ea tlaase lilemong a tšeloe mali?
15 Libakeng tse ling ngoana ea tlaase lilemong eo ho thoeng o se a hōlile o fuoa litokelo tse tšoanang le tsa batho ba baholo. Mocha a ka ’na a talingoa a hōlile ka ho lekaneng hore a ka iketsetsa liqeto tabeng ea phekolo ea meriana, ho itšetlehiloe ka lilemo tsa hae kapa tsela eo a nahanang ka eona e bontšang ho hōla kapa ho itšetlehiloe ka lintho tseo ka bobeli. Esita le moo ho se nang molao o joalo, baahloli kapa basebeletsi ba ’muso ba ka ’na ba nka thato ea mocha ea khonang ho hlalosa qeto ea hae ka mali ka tieo e le eona ea bohlokoa haholo. Ka lehlakoreng le leng, haeba mocha a sa khone ho hlalosa litumelo tsa hae ka ho hlakileng le ka tsela e bontšang ho hōla, lekhotla le ka ’na la ikutloa hore le lokela ho etsa qeto ea seo ho bonahalang e le sona se molemo, joalokaha le tla etsa ha e le lesea.
16 Mohlankana e mong o ne a ithutile Bibele ka lilemo-lemo a ntse a tsamaea a khaotsa empa o ne a e-s’o kolobetsoe. Le hoja a ne a saletsoe ke libeke tse supileng feela pele a fihla lilemong tsa hore a ka fumana “tokelo ea ho hana phekolo ea meriana,” sepetlele se neng se mo phekola kankere se ile sa batla tšehetso ea lekhotla ea hore se mo tšele mali le hoja a sa rate le batsoali ba hae ba sa rate. Moahloli e mong ea hlokolosi o ile a ’motsa litumelo tsa hae ka mali eaba o botsa lipotso tsa motheo, tse kang mabitso a libuka tsa pele tse hlano tsa Bibele. Mohlankana eo o ile a sitoa ho li bolela leha e le hona ho fana ka bopaki bo kholisang ba hore o utloisisa lebaka leo a hanang mali ka lona. Ka masoabi, moahloli o ile a fana ka tumello ea hore a tšeloe mali, a hlalosa: “Ho hana ha hae hore a tšeloe mali ha hoa theoa kutloisisong ea motho ea hōlileng ea litumelo tsa hae tsa bolumeli.”
17. Ke boemo bofe boo ngoanana ea lilemo li 14 a ileng a bo nka mabapi le ho tšeloa mali, ’me phello e bile efe?
17 Litaba li ka ’na tsa tsamaea ka tsela e fapaneng ho ngoana ea rutiloeng hantle litsela tsa Molimo le ea tsamaeang linneteng tsa Oona ka mafolo-folo. Mokreste e mong e monyenyane haholo le eena o ne a tšoeroe ke kankere ea mofuta o tšoanang o sa tloaelehang. Ngoanana eo le batsoali ba hae ba ne ba utloisisa ba bile ba amohetse phekolo e ntlafalitsoeng ea ho sebelisa lik’hemik’hale ho ngaka e khethehileng sepetleleng se seng se hlomphehang. Ho ntse ho le joalo, nyeoe e ile ea isoa lekhotleng. Moahloli o ile a ngola: “D.P. o tiisitse hore o tla hana ho tšeloa mali ka tsela leha e le efe eo a ka e khonang. O ne a nka hore ho tšeloa mali ke ho futuhela ’mele oa hae ’me a ho tšoantša le peto. O ile a kōpa Lekhotla ho hlompha khetho ea hae le ho mo lumella ho tsoela pele a le [sepetlele] ka ntle le litšelo tsa mali tseo Lekhotla le ka laelang hore a li fuoe.” Thuto ea Bokreste eo a neng a e fumane e ile ea mo thusa nakong ena e thata.—Sheba lebokose.
18. (a) Ngoanana e mong ea neng a kula haholo o ile a nka boemo bofe bo tiileng mabapi le ho amohela mali? (b) Moahloli o ile a etsa qeto efe mabapi le phekolo ea hae?
18 Ngoanana e mong ea lilemo li 12 o ne a ntse a phekoloa lefu le bitsoang leukemia. Setsi sa tlhokomelo ea bana se ile sa isa taba ena ka lekhotleng e le hore a ka qobelloa ho tšeloa mali. Moahloli o ile a phetha ka ho re: “L. o bolelletse lekhotla lena ka ho hlaka le ka tsela e tobileng hore, haeba ho ka etsoa boiteko ba ho mo tšela mali, o tla loantša ho tšeloa mali hoo ka matla ’ohle ao a nang le ’ona. O itse o tla hoeletsa a be a loane le hore o tla hula nalete e kentsoeng sephakeng sa hae a be a e ntše le hore o tla leka ho qhala mali a ka mokotlaneng o leketlileng holim’a bethe ea hae, ’me ke lumela hore o hlile o tiile. Ke hana ho etsa taelo leha e le efe e tla etsa hore ngoana enoa a fete har’a masisa-pelo a joalo . . . Ho mokuli enoa, phekolo e batloang ke sepetlele e phekola lefu ka kutloisiso ea ’mele feela. E ke ke ea phekola litlhoko tsa hae tsa boikutlo le litumelo tsa hae tsa bolumeli.”
Batsoali—Rutang Hantle
19. Batsoali ba lokela ho phethahatsa tlameho efe mabapi le bana ba bona?
19 Liphihlelo tse joalo ke tsa bohlokoahali ho batsoali ba lakatsang hore bohle ka lelapeng la bona ba phele tumellanong le molao oa Molimo ka mali. Lebaka le leng leo ka lona Abrahama e neng e le motsoalle oa Molimo ke hore O ne o tseba hore mopatriareka o tla “laela bana ba hae, le ntlo ea hae ka mora’ hae, hore ba [tle ba] boloke tsela ea Jehova, ba etse ka ho loka.” (Genese 18:19) Na ha hoa lokela ho ba joalo ho batsoali ba Bakreste kajeno? Haeba u motsoali, na u ruta bana ba hao ba ratehang hore ba tsamaee tseleng ea Jehova e le hore ka mehla ba tle ba “itokisetse ho itšireletsa ka pele ho e mong le e mong ea batlang . . . lebaka la tšepo e ka ho [bona], empa [ba] etse joalo ka bonolo le ka tlhompho e tebileng”?—1 Petrose 3:15, NW.
20. Ke eng haholo-holo seo re lokelang ho batla hore bana ba rōna ba se tsebe le ho se lumela ka mali? (Daniele 1:3-14)
20 Le hoja e ka ba hantle hore bana ba rōna ba tsebe likotsi tsa mafu le likotsi tse ling tsa litšelo tsa mali, ho ruta bana ba rōna molao o phethahetseng oa Molimo ka mali ha ho hlile ha ho bolele ho leka ho ba kenya tšabo ea mali. Ka mohlala, haeba moahloli a ne a ka botsa ngoanana ea itseng hore na ke hobane’ng ha a sa batle ho tšeloa mali ebe o arabela feela ka hore o nahana hore mali a tletse likotsi kapa oa a tšaba, phello e ne e tla ba efe? Moahloli o ne a ka ’na a etsa qeto ea hore o mpa feela a e-s’o hōle ka ho lekaneng ebile a tšohile haholo, feela joalokaha a ka ’na a tšaba ho buuoa bakeng sa ho ntšoa lelana hoo a neng a tla lla a be a hane tšebetso ena ea ho buuoa eo batsoali ba hae ba ikutloang hore ke e molemohali bakeng sa hae. Ho feta moo, re ile ra hlokomela pejana hore lebaka le ka sehloohong leo ka lona Bakreste ba hanang litšelo tsa mali hase hore mali a silafetse empa ke hore ke a bohlokoa ho Molimo oa rōna le Monei-Bophelo. Bana ba rōna ba lokela ho tseba sena, hammoho le hore likotsi tsa phekolo ea meriana tse ka ’nang tsa hlaha ka baka la mali li tšehetsa boemo ba rōna ba bolumeli ka ho eketsehileng.
21. (a) Batsoali ba lokela ho ithuta eng ka bana ba bona le pono ea Bibele ka mali? (b) Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang tabeng ea mali?
21 Haeba u na le bana, na u kholisehile hore ba lumellana le boemo boo bo theiloeng Bibeleng ka litšelo tsa mali le hore ba ka bo hlalosa? Na kannete baa lumela hore boemo boo ke thato ea Molimo? Na ba kholisehile hore ho tlōla molao oa Molimo e ka ba ho tebileng hoo ho ka behang tebello ea Mokreste ea bophelo bo sa feleng kotsing? Batsoali ba bohlale ba tla hlahloba litaba tsena le bana ba bona, ho sa tsotellehe hore na ba banyenyane haholo kapa ba se ba tiile. Batsoali ba ka ba le mananeo a ho ikoetlisa ao ho ’ona mocha ka mong a tobanang le lipotso tse ka ’nang tsa botsoa ke moahloli kapa mosebeletsi oa sepetlele. Sepheo hase hore bacha ba phete linnete kapa likarabo tse khethiloeng ka hlooho. Ke habohlokoahali hore ba tsebe seo ba se lumelang, le hore na ke hobane’ng ha ba se lumela. Ha e le hantle, nyeoeng ea lekhotla, batsoali kapa ba bang ba ka hlahisa boitsebiso bo buang ka likotsi tsa mali le mekhoa e meng ea liphekolo e fumanehang e ka sebelisoang. Empa mohlomong seo moahloli kapa ofisiri e itseng a ka batlang ho se tseba ha a bua le bana ba rōna ke hore na ba utloisisa boemo ba bona le likhetho tseo ba nang le tsona ka tsela e bontšang ho hōla kelellong hape le hore na ba na le litekanyetso tsa bona le litumelo tse tiileng.—Bapisa le 2 Marena 5:1-4.
22. Ho rutoa ha rōna ke Molimo ka mali ho ka ba le phello efe ea ka ho sa feleng?
22 Ho hlokahala hore kaofela ha rōna re utloisise pono ea Molimo ka mali ’me re etse qeto ea ho e tšehetsa. Tšenolo 1:5, (NW) e hlalosa Kreste e le eena ea ‘re ratang le ea re lokollotseng libeng tsa rōna ka mali a hae.’ Ke feela ka ho amohela molemo oa mali a Jesu re ka fumanang tšoarelo e felletseng le ea ka mehla ea libe tsa rōna. Ka ho hlakileng Ba-Roma 5:9 e re: “Ha re se re beiloe ba lokileng ka mali a hae, re tla loeloa bohaleng ho fetisa hakakang ka baka la hae.” Ka hona, ke ho bohlale hakaakang hore rōna le bana ba rōna re rutoe ke Jehova ka taba ee le ho ikemisetsa ho tsamaea tseleng ea hae ka mehla!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, maqephe 21-2, 28-31.
Lintlha tsa Sehlooho tse Rutang
◻ Re lokela ho ba le pono efe ka ho rutoa ke Jehova?
◻ Ke hobane’ng ha ho utloa molao oa Molimo ka mali e le habohlokoa hakaale?
◻ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore bacha ba khone ho hlalosa litumelo tsa bona ka mali ka ho hlaka le ka tieo?
◻ Batsoali ba Bakreste ba ka thusa bana ba bona joang hore ba rutoe molao oa Jehova ka mali hantle?
[Lebokose le leqepheng la 17]
LEKHOTLA LE NE LE MAKETSE
Qeto ea lekhotla e ile ea re’ng ka D.P., ea boletsoeng serapeng sa 17?
“Lekhotla le ne le makalitsoe haholo ke bohlale, botsitso, seriti, le sefutho sa mocha enoa ea lilemo li 14-1/2. Mohlomong o ile a tsieleha ha a hlokomela hore o na le kankere ea mofuta o bolaeang . . . Leha ho le joalo, ke mocha ea hōlileng ea ileng a tla Khotla ho tla fana ka bopaki. O ne a bonahala a ela hloko ka ho hlakileng mosebetsi o boima oo a talimaneng le oona. O ne a bile teng libokeng tsohle tsa boeletsi, a lumellane le morero oa phekolo e tla sebelisoa, a e-na le khopolo e tsitsitseng ea hore na eena joaloka motho o ne a tla talimana le phephetso ena ea phekolo ea meriana joang, ’me o ile a tla Khotla ka kōpo ena e otlang pelo: hlomphang qeto eo ke e entseng . . .
“Ho phaella khōlong ea hae kelellong, D.P. o hlalositse mabaka a motheo a lekaneng hore Lekhotla le hlomphe qeto ea hae. Morero oa ho sebelisa phekolo e itseng e akarelletsang litšelo tsa mali o ne o tla mo ntša kotsi moeeng, kelellong, boitšoarong, le boikutlong. Lekhotla le tla hlompha khetho ea hae ea morero oa phekolo e tla sebelisoa.”
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Moahloli kapa motsamaisi oa sepetlele a ka ’na a batla ho tseba hore na ke’ng seo mocha oa Mokreste a hlileng a se lumelang, hona hobane’ng