Buka ea Bibele ea 12—2 Marena
Mongoli: Jeremia
Libaka Tseo e Ngoletsoeng ho Tsona: Jerusalema le Egepeta
Ho Ngoloa ho Phethiloe ka: 580 B.C.E.
Nako e Akarelitsoeng: hoo e ka bang ka 920–580 B.C.E.
1. Ke histori efe e phetoang ho Marena a Bobeli, ’me ke eng eo e e pakang e le ’nete?
BUKA ea Marena a Bobeli e tsoela pele ho sala morao mohlala oa liketso tse tletseng pherekano tsa mebuso ea Iseraele le Juda. Elisha o ile a nka kobo ea Elia ’me a hlohonolofatsoa ka likarolo tse peli tsa moea oa Elia, a etsa mehlolo e 16, ha e bapisoa le ea Elia e 8. O ile a tsoela pele ho profeta tsuo bakeng sa Iseraele e koenehileng, moo e leng Jehu feela ea ileng a fana ka tlhase ea nakoana feela ea ho chesehela Jehova. Marena a eketsehileng a Iseraele a ile a tetebela bokhopong, ho fihlela ha ’muso o ka leboea o qetella o thumakane ka pel’a Assyria ka 740 B.C.E. ’Musong o ka boroa oa Juda, ke marena a seng makae a hlahelletseng, ka ho hlokomelehang Josafate, Joase, Ezekiase, le Josiase, a ileng a qhela leqhubu la bokoenehi ka nakoana, empa qetellong Nebukadnezare o ile a phethahatsa kahlolo ea Jehova ka ho senya Jerusalema, tempele ea eona, le naha ea Juda ka 607 B.C.E. Kahoo boprofeta ba Jehova bo ile ba phethahatsoa, ’me lentsoe la hae la pakoa e le la ’nete!
2. Ho ka boleloa eng ka bongoli le ho amoheloa ha Marena a Bobeli e le karolo ea Mangolo a halalelang, ’me e akaretsa nako efe?
2 Kaha qalehong Marena a Bobeli e ne e le karolo ea moqolo o le mong le Marena a Pele, se seng se boletsoe mabapi le bongoli ba Jeremia se sebetsa ka mokhoa o tšoanang le mona, joalokaha ho amoheloa ha buka ena e le karolo ea Mangolo a halalelang le bonnete ba eona li paka hoo. E ile ea phethoa hoo e ka bang ka 580 B.C.E. ’me e akaretsa nako ea ho tloha qalong ea puso ea Akazia oa Iseraele ho isa ho hoo e ka bang ka 920 B.C.E. ’me e fella ka selemo sa bo37 sa ho isoa botlamuoeng ha Jojakine, 580 B.C.E.—1:1; 25:27.
3. Ke liepolloa life tsa lintho tsa khale tse fumanoeng tse tšehetsang Marena a Bobeli?
3 Liepolloa tsa lintho tsa khale tse tšehetsang tlaleho ea Marena a Bobeli li fana ka bopaki bo eketsehileng ba bonnete ba eona. Ka mohlala, ho na le Lejoe la Moabe le tsebisahalang, leo mongolo oa lona o fanang ka tlhaloso ea morena Mesha oa Moabe ka ntoa e neng e le pakeng tsa Moabe le Iseraele. (3:4, 5) Hape ho na le tšiea ea lejoe le letšo la mofuta oa morema-phofu la Shalmanesere III, leo hona joale le beiloeng moo batho ba ka le bonang British Museum, London, le bolelang morena Jehu oa Iseraele ka lebitso. Ho na le mengolo ea Morena Tiglathe-Pilesere III (Pul), e bolelang marena a mangata a Iseraele le Juda ka mabitso, ho akarelletsa Menaheme, Akaze, le Pekah.—15:19, 20; 16:5-8.a
4. Ke eng e pakang hore Marena a Bobeli ke karolo ea bohlokoa ea Mangolo a bululetsoeng?
4 Bopaki bo hlakileng ba bonnete ba buka ena bo fumanoa ho tšepahaleng ha eona ho felletseng hoo ka hona e hlalosang ho phethahatsoa ha likahlolo tsa Jehova ho batho ba hae. Pele ho thipitlo ea ’muso oa Iseraele e ileng ea lateloa ke thipitlo ea ’muso oa Juda, re bontšoa ka ho hlaka matla a maholo a kahlolo ea boprofeta ba Jehova bo ho Deuteronoma 28:15–29:28. Ho timetsoeng ha mebuso eo, ‘khalefo ea Jehova e tuketse lefatše leo, ho hlahisa holim’a lona lithohako tsohle tse ngoliloeng bukeng ena.’ (Deut. 29:27; 2 Mar. 17:18; 25:1, 9-11) Liketsahalo tse ling tse tlalehiloeng ho Marena a Bobeli li qaqisitsoe libakeng tse ling ka Mangolong. Ho Luka 4:24-27, ka mor’a hore Jesu a bue ka Elia le mohlolohali oa Sarepta, o bua ka Elisha le Naamane ho bontša hore na ke ka lebaka lefe eena ka boeena a sa kang a amoheloa joaloka moprofeta ha habo. Kahoo, hoa bonahala hore Marena a Pele le a Bobeli ke karolo ea bohlokoa ea Mangolo a Halalelang.
LITABA TSE KA HARE TSA MARENA A BOBELI
5. Ke khalemelo le kahlolo life tseo Elia a li fetisetsang ho Akazia, hona hobane’ng?
5 Akazia, morena oa Iseraele (1:1-18). Mora enoa oa Akabe oa kula hobane o ile a oa ka tlung ea hae. O romela molaetsa hore ho e’o botsoa Baale-Zebule, molimo oa Ekrone, hore na o tla fola. Elia o thiba manģosa a hae ’me o a khutlisetsa ho morena, o mo khalemella ho se botse Molimo oa ’nete ’me o ’molella hore ka lebaka la hore ha aa ka a retelehela ho Molimo oa Iseraele, ntle le tika-tiko o tla shoa. Ha morena a romela molaoli ea nang le banna ba 50 ho ea tšoara Elia le ho mo tlisa ho morena, Elia o bitsa mollo leholimong hore o ba timetse. Ho etsahala se tšoanang ho molaoli oa bobeli le banna ba hae ba 50. Molaoli oa boraro le ba 50 baa rongoa, ’me lekhetlong lena Elia o qenehela bophelo ba bona ka lebaka la thapeli e nang le tlhompho ea molaoli eo. Elia o ea le bona ho morena ’me o boetse o phatlalatsa kahlolo ea lefu ho Akazia. Morena o shoa joalokaha Elia a boletse hore o tla shoa. Joale Jorame ngoan’abo Akazia e ba morena holim’a Iseraele, hobane Akazia ha a na mora ea nkang sebaka sa hae.
6. Elia o arohana le Elisha tlas’a maemo afe, hona ke joang ka potlako ho bontšoang hore “moea oa Elia” o lutse ho Elisha?
6 Elisha o hlahlama Elia (2:1-25). Ho fihla nako ea hore Elia a tlosoe. Elisha o hana ho khaohana le eena leetong la hae ho tloha Gilgale ho ea Bethele, le Jeriko, le qetellang ka ho tšela Jordane. Elia o arola metsi a Jordane ka ho a phutla ka seaparo sa hae sa mosebetsi. Ha a bona koloi ea ntoa ea mollo le lipere tsa mollo li theohela pakeng tsa hae le Elia ’me a bona Elia a nyolohela holimo ka setsokotsane, Elisha o amohela likarolo tse peli tsa moea oa Elia tseo a neng a li tšepisitsoe. Ka potlako o bontšoa hore “moea oa Elia” o ho eena. (2:15) Ha a nka kobo e oeleng ea Elia, o e sebelisetsa ho arola metsi hape. Joale o phekola metsi a mabe a Jeriko. Ha a le tseleng e eang Bethele, bashanyana ba banyenyane ba qala ho mo soma: “Lefatla tooe, nyoloha! lefatla tooe, nyoloha!” (2:23) Elisha o hoeletsa ho Jehova, ’me libere tse peli tse tšehali li tsoa ka morung ’me li bolaea bana bao ba litlokotsebe ba 42.
7. Ke ka lebaka la eng Jehova a pholosang Josafate le Jorame?
7 Jorame, morena oa Iseraele (3:1-27). Morena enoa o tsoela pele ho etsa ho hobe mahlong a Jehova, o hana ho khaohana le libe tsa Jeroboame. Morena oa Moabe o ne a ntse a ntšetsa Iseraele lithelo empa joale oa e fetohela, ’me Jorame o fumana thuso ea Morena Josafate oa Juda le morena oa Edomo bakeng sa ho futuhela Moabe. Ha ba le tseleng ba il’o hlasela, mabotho a bona a fihla sebakeng se se nang metsi ’me ba makhatheng a ho timela. Marena ana a mararo a theohela ho Elisha ho ea botsa Jehova Molimo oa hae. Ka lebaka la Josafate ea tšepahalang, Jehova oa a pholosa ’me o etsa hore a hlōle Moabe.
8. Elisha o etsa mehlolo efe e eketsehileng?
8 Mehlolo e eketsehileng ea Elisha (4:1–8:15). Mohlolohali oa e mong oa bara ba baprofeta o batla thuso ho Elisha ha bao a neng a alimile ho bona ba le lekhatheng la ho nka bara ba hae ba babeli ho ba etsa makhoba. Ka mohlolo o atisa oli e nyenyane ea mohlolohali enoa ka tlung ea hae hoo a khonang ho rekisa e lekaneng hore a lefe melato ea hae. Mosali e mong oa Shuneme o hlokomela hore Elisha ke moprofeta oa Molimo oa ’nete, ’me eena le monna oa hae ba mo lokisetsa kamore eo a ka e sebelisang ha a le Shuneme. Ka lebaka la mosa oa hae, Jehova o hlohonolofatsa mosali eo ka mora. Lilemo hamorao, ngoana eo oa kula ’me oa shoa. Mosali eo o potlakela ho ea batla Elisha. Elisha o ea le mosali eo ha hae, ’me ka matla a Jehova o tsosetsa ngoana bophelong. Ha a khutlela ho bara ba baprofeta ba Gilgale, ka mohlolo Elisha o tlosa “lefu . . . ka pitseng” ka ho tlosa chefu eo maraka a neng a e-na le eona. Joale o fepa banna ba lekholo ka mahobe a 20 a harese, empa ho bile ho ba le ‘se salang.’—4:40, 44.
9. Ho etsoa mehlolo efe mabapi le Naamane, le ka selepe?
9 Naamane, molaoli oa lebotho la Syria, ke molepera. Ngoanana oa motšoaruoa oa Moiseraele o bolella mosali oa Naamane hore Samaria ho na le moprofeta ea ka mo phekolang. Naamane o nka leeto ho ea ho Elisha, empa ho e-na le hore Elisha ka boeena a kopane le eena, o romela taelo feela ho eena ea hore a e’o itlhatsoa ka makhetlo a supileng ka Nōkeng ea Jordane. Naamane o halefisoa ke hona ho bonahalang eka ke ho hloka tlhompho. Na linōka tsa Damaseka ha li molemo ho feta metsi a Iseraele? Empa o phehelloa hore a mamele Elisha, ’me oa phekoleha. Elisha o hana ho amohela mpho e le moputso, empa hamorao mohlanka oa hae Gehazi o mathela ho Naamane ’me o kōpa mpho ka lebitso la Elisha. Ha Gehazi a khutla ’me a leka ho thetsa Elisha, o otloa ka lepera. Mohlolo o mong hape o etsahala ha Elisha a etsa hore selepe se phaphamale holim’a metsi.
10. Mabotho a matla a Jehova a bontšoa joang, hona Elia o khutlisa Basyria joang?
10 Ha Elisha a hlokomelisa morena oa Iseraele ka morero oa bolotsana oa Syria oa ho ’molaea, morena oa Syria o romela lebotho la hae la ntoa Dothane ho ea tšoara Elisha. Mohlanka oa Elisha ha a bona motse o pota-potiloe ke mabotho a Syria, o tlala tšabo. Elisha oa mo tiisetsa: “Se tšabe, hobane ba nang le rōna ba feta ba nang le bona ka bongata.” Joale o rapela Jehova hore a etse hore mohlanka oa hae a bone lebotho le leholo le nang le Elisha. ‘A bona thaba e tletse lipere le makoloi a ntoa a mollo, a teetse Elisha hare ka ’nģa tsohle.’ (6:16, 17) Ha Basyria ba hlasela, moprofeta o boetse o rapela Jehova, ’me Basyria ba otloa ka bofofu ba kelello ’me ba isoa ho morena oa Iseraele. Leha ho le joalo, ho e-na le ho ba bolaea, Elisha o bolella morena hore a ba etsetse mokete ’me a ba khutlisetse hae.
11. Boprofeta ba Elisha mabapi le Basyria le Ben-Hadade bo phethahatsoa joang?
11 Hamorao, Morena Ben-Hadade oa Syria o thibella Samaria, ’me ho ba le tlala e khōlō. Morena oa Iseraele o beha molato ho Elisha, empa moprofeta o profeta hore ho tla ba le lijo tse ngata hosasane. Bosiu, Jehova o etsa hore Basyria ba utloe molumo o moholo oa ntoa, ka hona baa baleha, ba siela Baiseraele lijo tsohle tsa bona. Ka morao ho nako Ben-Hadade oa kula. Ha a utloa tlaleho ea hore Elisha o tlile Damaseka, o romela Hazaele ho ea botsa hore na o tla fola. Karabo ea Elisha e bontša hore morena o tla shoa le hore Hazaele e tla ba morena tulong tsa hae. Hazaele o tiisa hore ho ba joalo ka hore eena ka seqo a bolaee morena le ho inkela borena.
12. Jorame mora oa Josafate o ipaka e le morena oa mofuta ofe?
12 Jorame, morena oa Juda (8:16-29). Khabareng, Jorame, mora oa Josafate, e se e le morena oa Juda joale. O ipaka ho se moo a fapaneng teng le marena a Iseraele, o etsa ho hobe mahlong a Jehova. Mosali oa hae ke Athalia, morali oa Akabe, eo khaitseli ea hae, eo le eena lebitso la hae e leng Jorame (khutsufatso ea Jehorame), e leng morena Iseraeleng. Ha Jorame oa Juda a shoa, mora oa hae Akazia e ba morena Jerusalema.
13. Jehu o etsa phutuho efe e potlakileng ka mor’a hore a tlotsoe?
13 Jehu, morena oa Iseraele (9:1–10:36). Elisha o roma e mong oa bara ba baprofeta ho ea tlotsa Jehu hore e be morena oa Iseraele le ho mo roma ho ea otla ntlo eohle ea Akabe. Jehu ha a senye nako. O tloha ho ea batla Jorame, morena oa Iseraele, ea ntseng a fola maqeba a ntoa Jizreele. Seboholi se bona letšoele le leholo la banna le atamelang, ’me qetellong se tlalehela morena: “Ho khemisa ha bona eka ho khemisa ha Jehu, mor’a Nimshi, hobane o khemisa ka bohale.” (9:21) Jorame oa Iseraele le Akazia oa Juda ba botsa hore na morero oa Jehu ke ofe. Jehu o arabela ka ho botsa: “Khotso e ka ba e joang, ha bofebe ba Jezebele, ’m’ao, le boloi ba hae bo bongata bo ntse bo le teng?” (9:23) Ha Jorame a furalla a leka ho baleha, Jehu o phosa motsu o phunyelletsang pelong ea hae. Setopo sa hae se lahleloa tšimong ea Nabothe, e le tefetso e ’ngoe bakeng sa mali a se nang molato a tšollotsoeng ke Akabe. Hamorao Jehu le banna ba hae ba lelekisa Akazia, baa mo hlaba ’me o shoela Megiddo. Marena a mabeli a shoa phutuhong e potlakileng ea pele ea Jehu.
14. Boprofeta ba Elia mabapi le Jezebele bo phethahatsoa joang?
14 Joale ke nako ea ho timetsa Jezebele! Ha Jehu a kena Jizreele a kaletse ka tlhōlo, Jezebele o hlaha fensetereng ea hae a itlotsitse haholo ka litlolo. Ha ho letho le khahlang Jehu ho sena. O hoeletsa bahlanka ba bang: “Mo liheleng!” Oa tsubella, mali a hae a qaphaletsa lebota le lipere tse mo hatakelang. Ha ba tsoa ho ea mo epela, ba fumana lehata, maoto, le liatla tsa matsoho a hae feela. Sena ke phethahatso ea boprofeta ba Elia, ‘lintja li mo jele, ’me o fetohile moiteli tšimong ea naha ea Jizreele.’—2 Mar. 9:33, 36, 37, NW; 1 Mar. 21:23.
15. Jehu o teana le bo-mang ba sa tšoaneng tseleng e eang Samaria?
15 Ho latelang, Jehu o laela hore ho bolaoe bara ba 70 ba Akabe, ’me o bokella lihlooho tsa bona khorong ea Jizreele. Banna bohle ba Jizreele ba neng ba lumellana le Akabe nthong e ’ngoe le e ’ngoe baa bolaoa. Joale, o leba motse-moholo oa Iseraele, Samaria! Tseleng o teana le banab’abo Akazia ba 42, ba leng leetong la ho ea Jizreele, ba sa tsebe se etsahalang. Baa tšoaroa ’me baa bolaoa. Empa joale o teana le e mong ea fapaneng. Jonadabe mor’a Rekabe o il’o khahlametsa Jehu. Potsong ea Jehu, “Na pelo ea hao e tšoeu, joale ka ha pelo ea ka e le tšoeu bakeng sa pelo ea hao na?” Jonadabe oa arabela, “E tšoeu.” Joale Jehu o etsa hore a tsamaee le eena ka koloi ea hae hore a e’o iponela ka mahlo ho ‘se mamelle tlhōlisano leha e le efe khahlanong le Jehova.’—2 Mar. 10:15, 16, NW.
16. Khato ea Jehu e ba e phethahetseng hakae khahlanong le ntlo ea Akabe le khahlanong le Baale?
16 Ha Jehu a fihla Samaria, o timetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e salletseng ea Akabe, ho latela lentsoe la Jehova ho Elia. (1 Mar. 21:21, 22) Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka borapeli bo nyonyehang ba Baale? Jehu o re, “Akabe o sebelelitse Baale hanyenyane, Jehu eena o tla mo sebeletsa haholo.” (2 Mar. 10:18) Ka mor’a ho bitsetsa barapeli bao bohle ba bademona tlung ea Baale, o laela hore ba apare liaparo tsa bona tse ba tsebahatsang ’me o tiisa hore ha ho morapeli lea mong oa Jehova har’a bona. Joale o romela banna ba hae hore ba ba bolaee, ba se ke ba tlohela lea mong hore a pholohe. Ntlo ea Baale ea senngoa, ’me sebaka seo se fetoloa matloana a boithuso, a emang ho fihlela mehleng ea Jeremia. ‘Jehu a timetsa Baale joalo Iseraeleng.’—10:28.
17. Jehu o hlōleha ho eng, ’me Jehova o qala ho tlisetsa Iseraele kotlo joang?
17 Leha ho le joalo, le eena Jehu ea chesehang oa hlōleha. Ho eng? Ka hore o tsoela pele ho latela manamane a gauda ao Jeroboame a ileng a a emisa Bethele le Dane. Ha a ‘tsamaee molaong oa Jehova, Molimo oa Iseraele, ka pelo ea hae eohle.’ (10:31) Empa ka lebaka la ketso ea hae khahlanong le ntlo ea Akabe, Jehova o tšepisa hore bana ba hae ba tla busa Iseraeleng ho isa molokong oa bone. Mehleng ea hae, Jehova o qala ho khaola karolo e ka bochabela ea ’muso, o etsa hore Hazaele oa Syria a tsohele Iseraele matla. Ka mor’a ho busa ka lilemo tse 28, Jehu oa shoa ’me o hlahlangoa ke mora oa hae Joakaze.
18. Morero oa bolotsana oa Athalia Juda o sitisoa ho tsoela pele joang, ’me ke eng e hlokomelehang ka puso ea Joase?
18 Joase, morena oa Juda (11:1–12:21). ’M’a morena, Athalia, ke morali oa Jezebele nameng le moeeng. Ha a utloa hore mora oa hae Akazia o shoele, o laela hore ho bolaoe lelapa lohle la borena ’me o inkela borena. Joase mora e monyenyane oa Akazia ke eena feela ea phonyohang lefu ka ho patoa. Ka selemo sa bosupa sa puso ea Athalia, moprista Jehojada o laela hore Joase a tlotsetsoe borena ’me o laela hore Athalia a bolaoe. Jehojada o tsamaisa batho borapeling ba Jehova, o laea morena e monyenyane mesebetsing ea hae ka pel’a Molimo, ’me o lokisetsa hore ho lokisoe ntlo ea Jehova. Joase o thiba Hazaele morena oa Syria ka limpho hore a se ke a mo hlasela. Ka mor’a hore a buse ka lilemo tse 40 Jerusalema, Joase o bolaoa ke bahlanka ba hae, ’me Amatsia mora oa hae o qala ho busa e le morena litulong tsa hae.
19. (a) Ke borapeli bofe ba bohata bo tsoelang pele nakong ea puso ea Joakaze le Joase Iseraeleng? (b) Elisha o phetha tsela ea hae e le moprofeta oa Jehova joang?
19 Joakaze, le Joase, marena a Iseraele (13:1-25). Mora oa Jehu Joakaze o tsoela pele borapeling ba litšoantšo, ’me Iseraele e oela tlas’a puso ea Syria, le hoja Joase a sa tlosoe boreneng. Jehova o lopolla Baiseraele ka nako e loketseng, empa ba tsoela pele borapeling ba manamane ba Jeroboame. Lefung la Joakaze, mora oa hae Joase o nka sebaka sa hae e le morena Iseraeleng, ha Joase e mong a ntse a busa Juda. Joase oa Iseraele o tsoela pele borapeling ba litšoantšo ba ntat’ae. Lefung la hae mora oa hae Jeroboame e ba morena. Ke nakong ea puso ea Joase moo Elisha a kulang ’me a shoa, ka mor’a hore a bolele boprofeta ba hae ba ho qetela ba hore Joase o tla hlōla Syria ka makhetlo a mararo, ’me hoo ho phethahatsoa ka tšoanelo. Mohlolo oa ho qetela o boleloang e le oa Elisha o etsahala ka morao ho lefu la hae, ha monna ea shoeleng a akheloa ka lebitleng le le leng le eena, ’me hang feela ha a thetsa masapo a Elisha oa ema ’me o boetse oa phela.
20. Hlalosa puso ea Amatsia Juda.
20 Amatsia, morena oa Juda (14:1-22). Amatsia o etsa se lokileng mahlong a Jehova, empa o sitoa ho felisa linģalo tse phahameng tse sebelisetsoang borapeli. O hlōloa ntoeng ke Joase oa Iseraele. Ka morao ho puso ea lilemo tse 29, o bolaoa morerong oa bolotsana oa phetohelo. Azaria mora oa hae o etsoa morena litulong tsa hae.
21. Ho etsahala eng nakong ea puso ea Jeroboame II Iseraeleng?
21 Jeroboame II, morena oa Iseraele (14:23-29). Jeroboame oa bobeli eo e bang morena Iseraeleng o tsoela pele ka borapeli ba bohata ba ntat’ae moholo. O busa Samaria ka lilemo tse 41 ’me o atleha ho khutlisa libaka tsa Iseraele tse neng li hapiloe. Zakaria mora oa hae e ba mohlahlami oa hae boreneng.
22. Ke eng e tlalehiloeng ka puso ea Azaria Juda?
22 Azaria (Oziase), morena oa Juda (15:1-7). Azaria o busa lilemo tse 52. O lokile pel’a Jehova empa o hlōleha ho senya linģalo tse phahameng. Hamorao, Jehova o mo otla ka lepera, ’me mora oa hae Jothame o tšoara molepo, o fetoha morena ha Azaria a shoa.
23. Iseraele e hlaseloa ke bobe bofe ha tšokelo ea Baassyria e phahama?
23 Zakaria, Shallume, Menaheme, Pekakia, le Pekah, marena a Iseraele (15:8-31). Ho ea ka tšepiso ea Jehova, borena ba Iseraele bo lula tlung ea Jehu ho isa molokong oa bone, oa Zakaria. (10:30) Kahoo, e ba morena Samaria, ’me likhoeli tse tšeletseng hamorao ’molai ea batlang ho inkela borena oa ’molaea. Shallume, ea inketseng borena ka mahahapa, o rena ka khoeli e le ’ngoe feela. Borapeli ba bohata, polao e etsoang ka morero oa ho nka matla a borena, le bomene-mene li tsoela pele ho hlasela Iseraele ha marena Menaheme, Pekakia, le Pekah a shoa ka ho latellana. Nakong ea puso ea Pekah Assyria e futuhela naha ka ho e kopela ho tla bolaea. Osea o bolaea Pekah, hore e be eena morena oa ho qetela oa Iseraele.
24. Ka morao ho Jothame, Akaze oa Juda o etsa sebe joang mabapi le borapeli?
24 Jothame le Akaze, marena a Juda (15:32–16:20). Jothame o sebelisa borapeli bo hloekileng empa o tlohella linģalo tse phahameng li ntse li le teng. Akaze mora oa hae o etsisa marena a Iseraele a ahisaneng le eena ka ho etsa ho hobe mahlong a Jehova. Ha a hlaseloa ke marena a Iseraele le Syria, o ipiletsa ho morena oa Assyria hore a mo thuse. Baassyria baa mo phallela, ba hapa Damaseka, ’me Akaze o ea moo ho ea kopana le morena oa Assyria. Akaze ha a bona aletare ea borapeli moo, o laela hore ho hahoe e tšoanang le eona Jerusalema, ’me o qala ho etsa mahlabelo ho eona ho e-na le ho a etsa aletareng ea koporo e tempeleng ea Jehova. Mora oa hae Ezekiase e ba morena oa Juda e le mohlahlami oa hae.
25. Iseraele e ea botlamuoeng joang, hona hobane’ng?
25 Osea, morena oa ho qetela oa Iseraele (17:1-41). Iseraele joale e oela tlas’a puso ea Assyria. Osea o fetoha lerabele ’me o batla thuso Egepeta, empa ka selemo sa borobong sa puso ea hae, Iseraele e haptjoa ke Assyria ’me e isoa botlamuoeng. Kahoo ho felisoa ’muso oa meloko e leshome oa Iseraele. Hobane’ng? “Kahobane bana ba Iseraele ba ne ba sitetsoe Jehova, Molimo oa bona, . . . ba sebeletsa litšoantšo tseo Jehova a neng a itse ho bona: Le se ke la li sebeletsa. Ka baka leo, Jehova a halefela ba-Iseraele haholo, a ba tlosa pel’a mahlo a hae.” (17:7, 12, 18) Baassyria ba tlisa batho ba tsoang bochabela ka hare ho naha hore ba tl’o lula teng, ’me batho bana ba fetoha ba ‘tšabang Jehova,’ le hoja ba tsoela pele ho rapela melimo ea bona.—17:33.
26, 27. (a) Ezekiase oa Juda o etsa se nepahetseng joang mahlong a Jehova? (b) Jehova o araba thapelo ea Ezekiase joang ka ho khutlisa Baassyria? (c) Boprofeta ba Esaia bo tsoela pele ho phethahala joang?
26 Ezekiase, morena oa Juda (18:1–20:21). Ezekiase o etsa se nepahetseng mahlong a Jehova, ho ea ka sohle seo ntat’ae moholo Davida a neng a ile a se etsa. O ntša borapeli ba bohata ka metso ’me o heletsa linģalo tse phahameng, o bile o senya le noha ea koporo e neng e entsoe ke Moshe hobane joale batho ba se ba e rapela. Joale Sankeribe, morena oa Assyria, o futuhela Juda ’me o hapa metse e mengata e sirelelitsoeng ka thata. Ezekiase o leka ho mo qekisa ka ho mo ntšetsa lithelo, empa Sankeribe o romela lenģosa la hae Rabshake, ea nyolohelang marakong a Jerusalema a bile a fana ka taelo ea hore e inehele a bile a soma Jehova moo ho utloang batho bohle. Moprofeta Esaia o khothatsa Ezekiase ea tšepahalang ka molaetsa oa tsuo khahlanong le Sankeribe. “Ho itsoe ke Jehova: U se ke ua tšaba.” (19:6) Ha Sankeribe a ntse a tsoela pele ka litšokelo tsa hae, Ezekiase o rapela Jehova: “Joale, Jehova, Molimo oa rōna, u re namolele matsohong a hae, mebuso eohle ea lefatše e tle e tsebe hobane ke uena Jehova, u Molimo u ’notši.”—19:19.
27 Na Jehova o arabela thapelo ee e se nang boikhabi? Pele, o romela molaetsa ka Esaia hore “poulelo ea Jehova oa makhotla” e tle e khutlisetse sera morao. (19:31) Joale bosiung bona boo, o romela lengeloi la hae ho ea bolaea ba 185 000 kampong ea Baassyria. Hoseng ‘kaofela ha bona ke litopo tse shoeleng.’ (19:35) Sankeribe o khutla a hlōtsoe ’me o ea Ninive ho ea lula teng. Mono molimo oa hae Nisroke o mo soetsa ka lekhetlo le leng hape, hobane ke ha a khumame a ntse a rapela moo bara ba hae ba mo bolaeang, ho phethahatsa boprofeta ba Esaia.—19:7, 37.
28. Ezekiase o tsebahala ka eng, empa ke eng eo a etsang sebe ho eona?
28 Ezekiase o kulela lefu, empa Jehova o boetse o utloa thapelo ea hae ’me o lelefatsa bophelo ba hae ka lilemo tse ling tse 15. Morena oa Babylona o romela manģosa ka limpho, ’me Ezekiase o nka khato ea ho a bontša letlotlo la ntlo ea hae. Esaia joale o profeta hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka tlung ea hae ka letsatsi le leng e tla isoa Babylona. Joale Ezekiase oa shoa, a tumme ka matla a hae le ka kotopo eo a ileng a e haha ho tlisa phepelo ea metsi ea Jerusalema ka hare ho motse.
29. Manasse o thea borapeli bofe ba litšoantšo, Jehova o bolela tlokotsi efe esale pele, ’me ke sebe sefe se seng seo Manasse a se etsang?
29 Manasse, Amone, le Josiase, marena a Juda (21:1–23:30). Manasse o hlahlama ntat’ae, Ezekiase, ’me o busa ka lilemo tse 55, o etsa ho hobe haholo mahlong a Jehova. O tsosolosa linģalo tse phahameng tsa borapeli ba bohata, o emisa lialetare tsa Baale, o etsa palo e halalelang joalokaha ho ile ha etsa Akabe, ’me o etsa ntlo ea Jehova sebaka sa borapeli ba litšoantšo. Jehova o bolela esale pele hore o tla tlisetsa Jerusalema tlokotsi joalokaha a ile a etsa joalo ho Samaria, “a e hlakole, a be a e ribehe.” Manasse o boetse o “tšolla mali a mangata” a se nang molato. (21:13, 16) O hlahlangoa ke mora oa hae Amone, ea tsoelang pele ho etsa bobe ka lilemo tse peli, ho fihlela ha a bolaoa ke babolai ba batlang ho inkela matla a borena.
30. Ke hobane’ng hona ke joang Josiase a khutlelang ho Jehova ka pelo eohle ea hae?
30 Joale sechaba se etsa Josiase mor’a Amone morena. Ka lilemo tse 31 tsa puso ea hae, ka nakoana o fetola tsela e nkiloeng ke Juda e isang timetsong ka hore ‘a ee ka mehlala eohle ea Davida ntat’ae.’ (22:2) O qala litokiso ntlong ea Jehova, ’me moprista e moholo o fumana buka ea Molao moo. Buka ena e tiisa hore sechaba se tla qetella se timelitsoe hobane ha se mamele Jehova, empa Josiase o tiisetsoa hore ka lebaka la botšepehi ba hae, timetso eo e ke ke ea tla mehleng ea hae. O hloekisa ntlo ea Jehova le naha eohle borapeling ba bademona ’me o atolosa mosebetsi oa hae oa ho thumakanya melimo ea litšoantšo ho isa Bethele, moo a senyang aletare ea Jeroboame phethahatsong ea boprofeta ba 1 Marena 13:1, 2. O tsosolosa Paseka ea Jehova. “Le pele, ha hoa ka ha e-ba morena ea joale ka eena, ea sokolohetseng ho Jehova ka pelo eohle ea hae, le ka moea oohle oa hae, le ka matla ’ohle a hae, ho etsa le ka tsohle tsa molao oa Moshe.” (23:25) Leha ho le joalo, bohale ba Jehova bo sa ntsane bo tuka ka lebaka la likhopiso tsa Manasse. Josiase o shoela Megiddo ntoeng e khahlanong le morena oa Egepeta.
31. Ke litlokotsi life tse oelang Juda ka morao ho lefu la Josiase?
31 Joakaze, Jojakime, le Jojakine, marena a Juda (23:31–24:17). Ka morao ho puso ea lilemo tse tharo, Joakaze mora oa Josiase o isoa botlamuoeng ke morena oa Egepeta, ’me moen’ae Eliakime, eo lebitso la hae le fetoleloang ho Jojakime, o beoa boreneng. O latela tsela e fosahetseng ea bo-ntat’ae moholo ’me o fetoha mofo oa Nebukadnezare, morena oa Babylona, empa ka morao ho lilemo tse tharo oa mo fetohela. Ho shoeng ha Jojakime mora oa hae Jojakine o qala ho busa. Nebukadnezare o thibella Jerusalema, oa e hapa, ’me o isa matlotlo a ntlo ea Jehova Babylona, “joale ka ha Jehova a na a boletse” ka Esaia. (24:13; 20:17) Jojakine le bafo ba hae ba likete ba isoa botlamuoeng Babylona.
32. Ke liketsahalo life tse khōlō tse isang ho timetsoeng ha Jerusalema le naha ea eona?
32 Tsedekia, morena oa ho qetela oa Juda (24:18–25:30). Nebukadnezare o etsa Mathania rangoan’a Jojakine morena ’me o fetolela lebitso la hae ho Tsedekia. O busa ka lilemo tse 11 a le Jerusalema ’me o tsoela pele ho etsa bobe mahlong a Jehova. O fetohela Babylona, ka hona ka selemo sa borobong sa Tsedekia, Nebukadnezare le mabotho ’ohle a hae baa tla ’me ba haha lerako le pota-potang motse ho thibella Jerusalema. Ka morao ho likhoeli tse 18 motse o hlaseloa ke tlala e khōlō. Marako aa thuhuoa, ’me Tsedekia oa tšoaroa ha a leka ho baleha. Bara ba hae ba bolaoa pontšeng ea hae, eena o etsoa sefofu. Khoeling e latelang, matlo ’ohle a maholo a motse, ho akarelletsa ntlo ea Jehova le ntlo ea morena, aa chesoa ’me marako a motse aa heletsoa. Boholo ba baphonyohi bo isoa botlamuoeng Babylona. Gedalia o khethoa ho ba ’musi oa mafutsana a setseng mathōkong a Juda. Leha ho le joalo, a bolaoa ke ba batlang ho inkela borena, ’me batho ba balehela Egepeta. Kahoo, ho tloha ka khoeli ea bosupa ea 607 B.C.E., naha e sala e le lesupi ka ho felletseng. Mantsoe a ho qetela a Marena a Bobeli a bolela ka mohau oo morena oa Babylona a o bontšang Jojakine ka selemo sa bo37 sa ho isoa ha hae botlamuoeng.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
33. Ke mehlala efe e metle e fanoeng ho Marena a Bobeli bakeng sa rōna hore re e latele?
33 Le hoja e akaretsa ho oa ho isang lefung ha mebuso ea Iseraele le Juda, buka ea Marena a Bobeli e fana ka mahlaseli a mehlala e mengata ea tlhohonolofatso ea Jehova ho batho ka bomong ba ileng ba bontša ho mo rata le ho rata melao-motheo ea hae e lokileng. Ho tšoana le mohlolohali oa Sarepta ea ileng a hlohonolofatsoa pele, mosali oa Shuneme le eena o ile a hlohonolofatsoa haholo ka moea oa hae oa ho amohela baeti oo a ileng a o bontša moprofeta oa Molimo. (4:8-17, 32-37) Matla a Jehova a ho fana ka linako tsohle a ile a bontšoa ha Elisha a fepa banna ba lekholo ka mahobe a 20, joalokaha Jesu a ne a tla etsa mehlolo e tšoanang hamorao. (2 Mar. 4:42-44; Matt. 14:16-21; Mar. 8:1-9) Hlokomela kamoo Jonadabe a ileng a amohela tlhohonolofatso ka ho memeloa ho tsamaea le Jehu ka koloi ea hae ho ea bona ho timetsoa ha barapeli ba Baale. Ka lebaka lefe? Hobane o ne a ile a nka bohato bo tiileng ba ho tla lumelisa Jehu ea chesehang. (2 Mar. 10:15, 16) Qetellong, ho na le mehlala e metle ea Ezekiase le Josiase, boikokobetsong ba bona le tlhomphong e loketseng bakeng sa lebitso la Jehova le Molao oa hae. (19:14-19; 22:11-13) Ena ke mehlala e babatsehang bakeng sa rōna hore re e latele.
34. Marena a Bobeli e re ruta eng mabapi le tlhompho bakeng sa bahlanka ba beiloeng boholong le bakeng sa molato oa mali?
34 Jehova ha a mamelle ho hloka tlhompho ho ka etsoang ho bahlanka ba hae bao a ba beileng boholong. Ha litlokotsebe li ne li soma Elisha, moprofeta oa Jehova, O ile a tlisa tefetso e potlakileng. (2:23, 24) Ho feta moo, Jehova o hlompha mali a ba se nang molato. Kahlolo ea hae ha ea ka ea e-ba matla holim’a ntlo ea Akabe ka lebaka la borapeli ba Baale feela empa hape le ka lebaka la tšollo ea mali e neng e tsamaea le bona. Kahoo, Jehu o ile a tlotsoa hore a phetetse ‘ho Jezebele mali a baprofeta, bahlanka ba Jehova.’ Ha kahlolo e ne e phethahatsoa ho Jorame, Jehu o ile a hopola polelo ea Jehova ea hore e ne e le ka lebaka la “mali a Nabothe le mali a bara ba hae.” (9:7, 26) Ka ho tšoanang, ke molato oa mali a Manasse o ileng oa qetella o tlisitse tsuo ea Juda. Ho phaella sebeng sa hae sa borapeli ba bohata, Manasse o ile a ‘tlatsa Jerusalema ka mali kahohle.’ Le hoja hamorao Manasse a ile a bakela tsela ea hae e mpe, molato oa mali o ile oa sala o ntse o le teng. (2 Likron. 33:12, 13) Esita le puso e ntle ea Josiase, le ho tlosa ha hae borapeli bohle ba litšoantšo, li sitiloe ho hlakola molato oa mali o qalileng pusong ea Manasse. Lilemo hamorao, ha Jehova a qala ho tlisa batho ba hae ba neng ba tlisa timetso Jerusalema, o ile a bolela hore e ne e le hobane Manasse a ne a ‘tlatsitse Jerusalema ka mali a se nang molato, ’me Jehova ha a ka a tšoarela.’ (2 Mar. 21:16; 24:4) Ka ho tšoanang, Jesu o ile a bolela hore Jerusalema ea lekholong la pele la lilemo C.E. e ne e tla timela hobane baprista ba eona e ne e le bara ba bao ba ileng ba tšolla mali a baprofeta, ‘hore ho tle ho bokane ho bona mali ’ohle a lokileng a tšolotsoeng lefatšeng.’ (Matt. 23:29-36) Molimo o lemosa lefatše hore o tla phetetsa mali a se nang molato a ’nileng a tšolloa, haholo-holo mali a ba “bolaetsoeng lentsoe la Molimo.”—Tšen. 6:9, 10.
35. (a) Elia, Elisha, le Esaia ba pakoa joang hore ke baprofeta ba ’nete? (b) Tabeng ea Elia, Petrose o re’ng ka boprofeta?
35 Ho nepahala ho sa foseng hoo Jehova a tlisang likahlolo tsa hae tsa boprofeta ka hona ho bontšoa hape ho Marena a Bobeli. Re hlokomelisoa ka baprofeta ba bararo ba ka sehloohong, Elia, Elisha, le Esaia. Boprofeta ba e mong le e mong bo bontšoa bo phethahetse ka tsela e hlollang. (2 Mar. 9:36, 37; 10:10, 17; 3:14, 18, 24; 13:18, 19, 25; 19:20, 32-36; 20:16, 17; 24:13) Elia o boetse o pakoa e le moprofeta oa ’nete ka ho hlaha ha hae le moprofeta Moshe le Moprofeta e Moholo, Jesu Kreste, ponahalong e khanyang ea Jesu thabeng. (Matt. 17:1-5) Ha Petrose a bua ka boholo bo hlomphehang ba ketsahalo eo, o itse: “Re na le litaba tsa boprofeta, tse tiisitsoeng ka ho fetisisa, ’me le etsa hantle ha le li ela hloko, joale ka lebone le bonesitseng nģalong e lefifi, ho fihlela meso e hlaha, ’me naleli ea hosasa e chabela lipelong tsa lōna.”—2 Pet. 1:19.
36. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a bontša batho ba hae mosa, ’me kholiseho ea rōna ’Musong oa Peō e tebisoa joang?
36 Liketsahalo tse tlalehiloeng ho Marena a Bobeli li senola ka ho hlaka hore kahlolo ea Jehova khahlanong le bohle ba sebelisang bolumeli ba bohata le bohle ba tšollang ka boomo mali a se nang molato ke thipitlo. Leha ho le joalo, Jehova o ile a bontša mohau le qenehelo ho batho ba hae “ka baka la selekane sa hae le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo.” (2 Mar. 13:23) O ile a ba boloka “ka baka la Davida, mohlanka oa hae.” (8:19) O tla bontša mohau o joalo ho ba retelehelang ho eena kajeno. Ha re hlahloba tlaleho ea Bibele le litšepiso tsa eona, re lebella ka kholiseho e tebileng hakaakang ’Muso oa “mor’a Davida,” Jesu Kreste Peō e tšepisitsoeng, oo ho oona ho ke keng ha hlola ho e-ba le tšollo ea mali le bokhopo!—Matt. 1:1; Esa. 2:4; Pes. 145:20.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 152, 325; Moq. 2, maqephe 908, 1101.