Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Likronike Tsa Bobeli
BUKA ea Bibele ea Likronike Tsa Bobeli e qala litaba nakong eo Solomone a busang e le morena oa Iseraele. Buka eo e qetella ka mantsoe ana ao Cyruse Morena oa Persia a ileng a a bolella Bajuda ba neng ba le botlamuoeng Babylona a reng: “[Jehova] o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, e Juda. Mang kapa mang ea har’a lōna bohle batho ba hae, Jehova Molimo oa hae a be le eena. Kahoo a ke a [nyolohele Jerusalema].” (2 Likronike 36:23) Buka ena e ile ea phetheloa ke moprista Esdrase ka selemo sa 460 B.C.E., ’me e akaretsa lintho tse etsahetseng nakong ea lilemo tse 500—ho tloha ka 1037 B.C.E. ho fihlela ka 537 B.C.E.
Taelo ea Cyruse e nolofalletsa Bajuda hore ba khutlele Jerusalema le ho ea tsosolosa borapeli ba Jehova moo. Leha ho le joalo, ho ba botlamuoeng Babylona ka lilemo tse ngata ho ba baketse mathata. Batho ba khutlileng botlamuoeng ha ba tsebe letho ka histori ea sechaba sa habo bona. Buka ea Likronike Tsa Bobeli e ba fa kakaretso e hlakileng ea lintho tse ileng tsa etsahala pusong ea marena a leloko la Davida. Tlaleho eo ke ea bohlokoa le ho rōna kaha e totobatsa melemo eo re e fumanang ha re mamela Molimo oa ’nete le liphello tse bang teng ha re sa mo mamele.
MORENA O HAHELA JEHOVA NTLO
Jehova o fa Morena Solomone tse lakatsoang ke pelo ea hae—e leng bohlale le tsebo—ebile o mo fa maruo le tlhompho. Morena o hahela Jehova ntlo e ntle haholo Jerusalema, sechaba “se thabile ’me se ikutloa se nyakaletse lipelong.” (2 Likronike 7:10) Solomone o ba le “maruo a mangata . . . le bohlale ho feta marena a mang ’ohle a lefatše.”—2 Likronike 9:22.
Ka mor’a hore a buse Iseraele ka lilemo tse fetang 40, Solomone ‘o robala le baholo-holo ba hae ’me mora oa hae Roboame o qala ho busa sebakeng sa hae.’ (2 Likronike 9:31) Esdrase ha a re letho ka ho kheloha ha Solomone borapeling ba ’nete. Liphoso tseo a buang ka tsona feela tseo morena a li entseng ke ha ka booatla a ipokella lipere tse ngata tse tsoang Egepeta ebile a nyala morali oa Faro. Ka tsela eo, Esdrase o tlaleha litaba a shebile lintho tse nepahetseng.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
2:14—Ke hobane’ng ha leloko la setsebi sa mesebetsi ea matsoho le hlalositsoeng moo le fapane le le ho 1 Marena 7:14? Buka ea Marena a Pele e re ’mè oa setsebi seo sa mesebetsi ea matsoho e ne e le “mohlolohali ho tsoa lelokong la Nefthali” hobane o ne a nyetsoe ke monna oa leloko leo. Leha ho le joalo, mohlolohali eo e ne e le oa leloko la Dane. Ka mor’a hore monna oa hae a shoe, o ile a nyaloa ke monna oa Tyre, eaba lenyalong leo ho hlaha ngoana ea ileng a fetoha setsebi sa mesebetsi ea matsoho.
2:18; 8:10—Litemana tsena li bolela hore palo ea matona ao e neng e le balebeli ebile a okametse batho ba neng ba sebetsa e ne e le 3 600 le 250, empa ho ea ka 1 Marena 5:16; 9:23, palo ea ’ona e ne e le 3 300 le 550. Ke hobane’ng ha lipalo tsee li sa tšoane? Ho bonahala eka phapang e bakoa ke kamoo matona ana a neng a arotsoe lihlopha kateng. E ka ’na eaba Likronike Tsa Bobeli e bontša phapang e teng pakeng tsa matona a 3 600 ao e neng e se Baiseraele le matona a 250 ao e neng e le Baiseraele, ha Marena a Pele eona e bontša phapang e teng pakeng tsa baokameli ba 3 300 le bahlokomeli ba ka sehloohong ba 550 ba boemong bo phahameng. Ho sa tsotellehe sena sohle, palo eohle ea batho ba neng ba sebeletsa e le matona e ne e le 3 850.
4:2-4—Ke hobane’ng ha ho ile ha sebelisoa litšoantšo tsa lipoho ha ho ne ho etsoa motheo oa leoatle le entsoeng ka ho qhibilihisoa? Ka Mangolong, lipoho li tšoantšetsa matla. (Ezekiele 1:10; Tšenolo 4:6, 7) Ho ne ho loketse hore ebe ho khethiloe litšoantšo tsa lipoho hobane lipoho tseo tse 12 tsa koporo li ne li tšehelitse “leoatle” le leholo, leo boima ba lona e neng e ka ba lithane tse 30. Ho etsa lipoho tseo ka morero ona, ho hang ho ne ho sa hohlane le molao oa bobeli, o neng o thibela ho etsa litšoantšo ka morero oa borapeli.—Exoda 20:4, 5.
4:5—Leoatle le entsoeng ka ho qhibilihisoa le ne le ka tšela metsi a mangata hakae? Ha le tletse, leoatle leo le ne le ka tšela litekanyo tsa bate tse likete tse tharo, kapa lilithara tse ka bang 66 000. Leha ho le joalo, ka tloaelo ho ne ho tšeloa metsi a ka etsang karolo ea bobeli borarong ea metsi a neng a ka tlala leoatleng leo. Buka ea Marena a Pele 7:26 e re: “Le ne le ka tšela litekanyo tsa bate tse likete tse peli [lilithara tse 44 000].”
5:4, 5, 10—Ke thepa efe e neng e le ka tabernakeleng ea pele e ileng ea isoa ka tempeleng ea Solomone? Ntho e le ’ngoe feela e neng e le ka tenteng ea pele ea pokano e ileng ea bolokoa ka tempeleng ea Solomone e ne e le Areka. Ka mor’a hore tempele e hahuoe, tabernakele e ile ea tlosoa Gibeone ea isoa Jerusalema ’me ho bonahala eka e ile ea bolokoa hona moo.—2 Likronike 1:3, 4.
Seo re Ithutang Sona:
1:11, 12. Seo Solomone a ileng a se kōpa se ile sa bontša Jehova hore takatso e tiileng ea morena e ne e le ho fumana bohlale le tsebo. Lithapelo tsa rōna ho Molimo, ruri li senola lintho tseo re amehileng ka tsona ka ho teba. Re bontša bohlale ha re hlahlobisisa moelelo oa lithapelo tsa rōna.
6:4. Ho ananela ka ho tebileng mosa o lerato oa Jehova le molemo oa hae ho lokela ho re susumelletsa hore re boke Jehova—ke hore re mo rorise re e-na le kameho e mofuthu le teboho.
6:18-21. Le hoja Molimo a ke ke a lula mohahong leha e le ofe, tempele e ne e tla sebelisoa e le setsi sa borapeli ba Jehova. Kajeno, Liholo Tsa ’Muso tsa Lipaki Tsa Jehova ke litsi tsa borapeli ba ’nete motseng.
6:19, 22, 32. Jehova o ne a tla utloa lithapelo tsa batho bohle—ho tloha ka tsa morena ho isa ho tsa batho ba tlaase ka ho fetisisa sechabeng—esita le motho ea tsoang naheng e ’ngoe ea neng a mo kōpa ka tieo.a—Pesaleme ea 65:2.
TLHAHLAMANO EA MARENA A LELOKO LA DAVIDA
’Muso o kopaneng oa Iseraele o aroloa habeli—e ba ’muso o ka leboea oa meloko e leshome le ’muso o ka boroa oa meloko e ’meli, e leng oa Juda le oa Benjamine. Baprista le Balevi ba leng Iseraele kaofela ba tšepahalla selekane sa ’Muso ho fapana le ho nkeha ke moea oa bochaba ’me ba tšehetsa Roboame, mor’a Solomone. Lilemo tse ka holimonyana ho tse 30 tempele e phethiloe, matlotlo a eona aa utsuoa.
Har’a marena a 19 a busang ka mor’a Roboame, ke a mahlano a tšepahalang, a mararo a qala hantle empa a fetoha a sa tšepahaleng, ’me a le mong o sokoloha tseleng ea hae e fosahetseng. Ha e le babusi ba bang kaofela ba etsa se sebe mahlong a Jehova.b Ho buuoa haholo ka liketso tsa marena a mahlano a ileng a tšepa Jehova. E tlameha ebe Bajuda ba neng ba thahasella ho tsosolosa borapeli ba Jehova Jerusalema ba ile ba khothatsoa haholo ke litlaleho tsa ha Ezekiase a tsosolosa litšebeletso tsa tempele le ha Josiase a lokisetsa Paseka e khōlō.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
13:5—Polelo e reng “selekane sa letsoai” e bolela’ng? Ka lebaka la matla a lona a ho sireletsa, letsoai le ile la fetoha ntho e tšoantšetsang ho hlola kamehla le ho se feto-fetohe. Ka hona, “selekane sa letsoai” se bolela tumellano e tlamang.
14:2-5; 15:17—Na Morena Asa o ile a tlosa “libaka tse phahameng” kaofela? Kamoo ho bonahalang kateng, ha aa ka a li tlosa kaofela. E ka ’na eaba Asa o ile a tlosa libaka tse phahameng tse neng li amana le melimo ea bohata feela, empa ha aa ka a tlosa tseo batho ba neng ba rapela Jehova ho tsona. Hape e ka ’na eaba libaka tse phahameng li ile tsa boela tsa hahuoa karolong e qetellang ea puso ea Asa. Mora oa hae Josafate o ile a tlosa libaka tsena tse phahameng. Ha e le hantle, esita le pusong ea Josafate libaka tse phahameng ha lia ka tsa nyamela ka ho feletseng.—2 Likronike 17:5, 6; 20:31-33.
15:9; 34:6—Moloko oa Simeone o ne o oela hokae ha ’muso oa Iseraele o se o arotsoe? Kaha Simeone o ne a fumane lefa la naha ka har’a libaka tsa Juda, moloko oa Simeone o ne o le ka har’a naha ea ’muso oa Juda le oa Benjamine. (Joshua 19:1) Leha ho le joalo, litabeng tsa bolumeli le tsa lipolotiki teng, moloko oo o ne o tšehetsa ’muso o ka leboea. (1 Marena 11:30-33; 12:20-24) Kahoo, moloko oa Simeone o ne o oela ’musong oa meloko e leshome.
16:13, 14—Na setopo sa Asa se ile sa chesoa? Che, “secheso sa lepato se seholo ka ho sa tloaelehang” ha se bolele ho chesoa ha setopo sa Asa, empa se bolela ho chesoa ha linōko tse monko o monate.—Mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW.
35:3—Areka e halalelang e ne e tsoa hokae ha Josiase a laela hore e kenngoe ka tempeleng? Hore na Areka eo e ne e ile ea tlosoa ke morena e mong ea khopo pejana ho moo kapa hore na Josiase o ne a ile a e isa sebakeng se seng hore e bolokoe teng ha ho ntse ho etsoa mosebetsi o moholo oa ho lokisa tempele, Bibele ha e bolele. Tlaleho e le ’ngoe feela ea histori e buang ka Areka ka mor’a mehla ea Solomone ke ha Josiase a e kenya ka tempeleng.
Seo re Ithutang Sona:
13:13-18; 14:11, 12; 32:9-23. Re ithuta thuto e molemo hakaakang mabapi le bohlokoa ba ho itšetleha ka Jehova!
16:1-5, 7; 18:1-3, 28-32; 21:4-6; 22:10-12; 28:16-22. Ho etsa lilekane le basele kapa batho ba sa lumelang ho hlahisa liphello tse kotsi. Re bontša hore re bohlale ha re qoba ho itšunya-tšunya linthong tsa lefatše ho sa hlokahale.—Johanne 17:14, 16; Jakobo 4:4.
16:7-12; 26:16-21; 32:25, 26. Boikhohomoso bo ile ba etsa hore Morena Asa a itšoare ka tsela e sa lokelang lilemong tsa ho qetela tsa bophelo ba hae. Uzia o ile a lihuoa ke moea oa boikhohomoso. Ezekiase o ile a etsa ka booatla mohlomong ebile e le ka boikhohomoso ha a ne a bontša manģosa a Babylona sebaka sa hae sa polokelo ea matlotlo. (Esaia 39:1-7) Bibele e lemosa hore “boikakaso bo etella ho oa pele, ’me moea o ikhohomosang o etella ho khoptjoa pele.”—Liproverbia 16:18.
16:9. Jehova o thusa ba inehetseng ho eena ka lipelo tsohle tsa bona, ’me o labalabela ho sebelisa matla a hae molemong oa bona.
18:12, 13, 23, 24, 27. Joaloka Mikaia, re lokela ho ba sebete ha re bua ka Jehova le ka merero ea hae.
19:1-3. Jehova o sheba botle ka ho rōna esita leha ka linako tse ling re sa mo khahlise.
20:1-28. Re ka kholiseha hore Jehova o tla etsa hore re mo fumane ha re retelehela ho eena ka boikokobetso ’me re kōpa hore a re tataise.—Liproverbia 15:29.
20:17. Hore re “bone poloko ea Jehova,” re lokela ‘ho ema libakeng tsa rōna’ ka ho tšehetsa ’Muso oa Molimo ka mafolofolo. Ho e-na le ho inkela molao matsohong, re lokela ho ‘ema,’ re tšepile Jehova ka ho feletseng.
24:17-19; 25:14. Joase le Amazia mor’a hae ba ile ba tšoasoa ke leraba la borapeli ba litšoantšo. Kajeno, borapeli ba litšoantšo bo ka re khelosa ka tsela e tšoanang, haholo-holo ha bo tla ka mekhoa e poteletseng e kang mohono kapa bochaba.—Bakolose 3:5; Tšenolo 13:4.
32:6, 7. Le rōna re lokela ho ba sebete le ho ba matla ha re “[apara] lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo” ’me re tsoele pele ho loana moeeng.—Baefese 6:11-18.
33:2-9, 12, 13, 15, 16. Motho o bontša pako ea ’nete ka ho tlohela tsela e fosahetseng le ho ikitlaetsa ka matla hore a etse se nepahetseng. Haeba motho a bakile e le kannete, esita leha a entse liketso tse khopo joaloka Morena Manase, Jehova a ka mo hauhela.
34:1-3. Maemo leha e le afe a mabe ao re hōletseng ho ’ona, ha ho hlokahale hore a re sitise ho tseba Molimo le ho mo sebeletsa. Tšusumetso e ntle eo Josiase a ileng a ba le eona bocheng ba hae, mohlomong e ne e tsoa ho ntat’ae-moholo ea bakileng, Manase. Ho sa tsotellehe hore na ke tšusumetso ea mang e ntle eo e ka ’nang eaba Josiase o ne a e-na le eona, qetellong e ile ea hlahisa litholoana tse ntle. Ho ka ba joalo le ho rōna.
36:15-17. Jehova o na le qenehelo ebile oa mamella. Leha ho le joalo, qenehelo ea hae le mamello ea hae li na le moo li fellang teng. E le hore batho ba pholohe ha Jehova a felisa tsamaiso ena e khopo ea lintho, ba lokela ho nka bohato ha ba bolelloa molaetsa oa ’Muso.
36:17, 22, 23. Kamehla lentsoe la Jehova lea phethahala.—1 Marena 9:7, 8; Jeremia 25:9-11.
O ile a Susumetsoa ke Buka Hore a Nke Bohato
Buka ea Likronike Tsa Bobeli khaolo ea 34:33 e re: “Josiase a tlosa lintho tsohle tse manyala linaheng tsohle tseo e neng e le tsa bara ba Iseraele, ’me a etsa hore bohle ba ileng ba fumanoa Iseraele ba qale tšebeletso, ho sebeletsa Jehova Molimo oa bona.” Ke’ng e ileng ea susumetsa Josiase hore a etse see? Ha mongoli Shafane a tlisetsa Morena Josiase buka ea Molao oa Jehova e neng e sa tsoa fumanoa, morena o ile a laela hore e balloe holimo. Josiase o ile a angoa ka ho teba ke seo a se utloileng hoo ka cheseho a ileng a ntšetsa-pele borapeli bo hloekileng bophelong bohle ba hae.
Ho bala Lentsoe la Molimo le ho thuisa ka seo re se balang ho ka re ama ka ho teba. Na ho nahanisisa ka tlaleho ea marena a leloko la Davida ha ho re susumetse hore re etsise mehlala ea marena a ileng a tšepa Jehova le hore re qobe boitšoaro ba a sa kang a mo tšepa? Buka ea Likronike Tsa Bobeli e re susumelletsa hore re inehele ho Molimo oa ’nete feela ’me re lule re tšepahala ho eena. Ruri molaetsa oa eona oa phela ’me o fana ka matla.—Baheberu 4:12.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa lipotso tse amanang le ho khakoloa ha tempele le lintho tse ling tseo re ithutang tsona thapelong ea Solomone ha ho ne ho khakoloa tempele, bona Molula-Qhooa oa July 1, 2005, leqepheng la 28-31.
b Bakeng sa lethathamo la ho latellana ha marena a Juda, bona Molula-Qhooa oa August 1, 2005, leqepheng la 12.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha lipoho tse motheong oa leoatle le entsoeng ka ho qhibilihisoa e ne e le litšoantšo tse loketseng?
[Litšoantšo tse leqepheng la 21]
Le hoja Josiase a ile a fumana thuso e fokolang ha e sa le ngoana, o ile a tšepahala ho Jehova ha a se a hōlile