Liphoofolo li Tlotlisa Jehova
BOHOLO ba Jehova bo bonahala liphoofolong. Molimo o hlokomela liphoofolo hantle, feela joalokaha a hlokomela batho. (Pesaleme ea 145:16) Ruri e ne e tla ba phoso e kaakang ho nyatsa-nyatsa Mōpi oa liphoofolo le batho! Le hoja monna ea bitsoang Jobo a ne a le khabane, o ile a bolela hore “o lokile ho e-na le Molimo.” Kahoo, Jobo o ne a lokela ho ithuta lithuto tse itseng!—Jobo 32:2; 33:8-12; 34:5.
Mehlala e fumanoang liphoofolong e ile ea bontša Jobo hore batho ha ba boemong ba ho belaella litsela tsa Molimo. Seo se totobala hakaakang ha re hlahloba mantsoe ao Jehova a ileng a a bolella Jobo, mohlanka oa hae!
Ha li Hloke Thuso ea Batho
Jobo o ile a sitoa ho araba lipotso tsa Molimo mabapi le kamoo liphoofolo li phelang kateng. (Jobo 38:39-41) Ka ho hlakileng, Jehova ha a hloke thuso ea batho hore a hlokomele tau le lekhoaba. Le hoja makhoaba a fofa sebakeng ha a ntse a batla lijo, ha e le hantle ke Molimo ea a fepang.—Luka 12:24.
Jobo o ile a tlalloa ha Molimo a mo botsa ka liphoofolo tse hlaha. (Jobo 39:1-8) Ha ho motho ea ka sireletsang lipōli tsa thaba le likhama tse tšehali. Ha e le hantle, ho thata le ho atamela feela ho pōli ea thaba! (Pesaleme ea 104:18) Ka bohlale ba tlhaho boo Molimo a e fileng bona, khama e tšehali e ikela morung e le ’ngoe ha e le mothating oa ho tsoala. E hlokomela manamane a eona hantle, empa ha ‘a ba matla, aa tsoa ’me ha a khutle.’ Joale a se a itlhokomela.
Qoaha e itsamaela ka bolokolohi, ’me esele e hlaha e itulela thoteng ea lehoatata. Jobo o ne a ke ke a belesa esele e hlaha meroalo. E batla “semela se setala sa mofuta o mong le o mong,” e hlahloba lithaba hore e fumane makhulo. Phoofolo ena e ke ke ea tela bolokolohi ba eona ba ho phela naheng ka hore e batle lijo tse fumanehang habonolo moo batho ba lulang teng. “Ha e utloe marata a ea nanarelang,” kaha esele e hlaha e baleha ka potlako ha motho a atamela moo e leng teng.
Joale Molimo o ile a bua ka poho e hlaha. (Jobo 39:9-12) Ha a bua ka eona, setsebi sa Lenyesemane sa thuto ea ho epolla lintho tsa khale, e leng Austen Layard o ile a ngola a re: “Litšoantšong tse betliloeng majoeng tseo poho e hlaha e atisang ho bonoa ho tsona, ho bonahala eka ke phoofolo e tsongoang e neng e tšosa ebile e le makoko joaloka tau. Hangata morena o bonoa a e loantša, ’me bahlabani ba e lelekisa ba palame lipere hape ba matha ka maoto.” (Nineveh and Its Remains, 1849, Buka 2, leqepheng la 326) Leha ho le joalo, ha ho motho ea bohlale ea lekang ho laola poho e hlaha.—Pesaleme ea 22:21.
Libōpuoa Tse Nang le Mapheo li Tlotlisa Jehova
Molimo o ile a boela a botsa Jobo ka libōpuoa tse nang le mapheo. (Jobo 39:13-18) Mokotatsie o fofela holimo ka mapheo a oona a matla. (Jeremia 8:7) Esita le hoja mpshe e ka otlanya mapheo a eona, ha e tsebe ho fofa. Mpshe ha e behele mahe a eona sehlaheng se sefateng joaloka mokotatsie. (Pesaleme ea 104:17) E fata mokoti lehlabatheng ebe e behela mahe a eona teng. Empa nonyana ena ha e hlokomolohe mahe a eona. Mahe ao a koaheloa ka lehlabathe ebe a fumana mofuthu o loketseng ha mpshe e tona le e tšehali li ntse li a hlokometse.
Ho ka ’na ha bonahala eka mpshe e tšehali e ‘lebala bohlale’ ha e lemoha kotsi e ka ’nang ea bakoa ke phoofolo e jang mahe a eona ’me e etsa eka ea baleha. Leha ho le joalo, An Encyclopedia of Bible Animals e re: “Lena ke leqheka la ho baka pherekano: [limpshe] lia iponahatsa ebe li otlanya mapheo a tsona e le ho etsa hore phoofolo kapa motho ea ka ’nang a hlahisa kotsi a shebe ka ho eona, ’me ka tsela eo li ba ise hōle le mahe a tsona.”
Ke ka tsela efe mpshe e ‘tšehang pere le mopalami oa eona’? The World Book Encyclopedia e re: “Mpshe ha e tsebe ho fofa, empa e tsejoa ka lebelo la eona ha e matha fatše. Maoto a eona a malelele a ka namalatsa bolelele ba maoto a 15 (limithara tse 4,6) e matha ka lebelo la limaele tse 40 (lik’hilomithara tse 64) ka hora.”
Molimo o fa Pere Matla
Ka mor’a moo Molimo o ile a botsa Jobo ka pere. (Jobo 39:19-25) Mehleng ea boholo-holo, bahlabani ba ne ba loana ba palame lipere, ’me lipere li ne li hula makoloi a ntoa a nang le moqhobi mohlomong le masole a mabeli. Ha e se e potlaketse ntoeng, pere ea ntoa e lula e lla ebile e tila fatše ka tlhako. Ha e tšabe letho ebile ha e cheche ka lebaka la sabole. Ha e utloa molumo oa lenaka, pere ea ntoa e laima joalokaha eka e ntse e re, “Eke!” E mathela pele ka potlako, “e metsa lefatše ka ho tila ka tlhako le ka khalefo.” Leha ho le joalo, pere ea ntoa e mamela mopalami oa eona.
Ha Layard, e leng moepolli oa lintho tsa khale a fana ka tlhaloso e tšoanang le eo o ile a ngola a re: “Le hoja pere e tšehali ea Maarabia e le bonolo joaloka konyana, e itlhokela ho laoloa ka lehaletere feela, [empa] ha e utloa mohoo oa ntoa o etsoang ke batho ba morabe oo, ’me e bona lerumo le ntseng le sisinyeha khohlopong ea mopalami oa eona, mahlo a eona a phatsima joaloka mollo, e famola linko hoo li tlerefalang, e ntša peta ’me e hlahlabatsa mohatla le moetse.”—Discoveries Among the Ruins of Nineveh and Babylon, 1853, leqepheng la 330.
Nahana ka Phakoe le Ntsu
Joale Jehova o ile a bua le Jobo ka linonyana tse ling. (Jobo 39:26-30) Liphakoe li ‘fofela holimo ’me li otlollela mapheo a tsona moeeng.’ Ha e bua ka hore phakoe ke nonyana e fofang ka lebelo ka ho fetisisa, The Guinness Book of Records e tlaleha hore phakoe “e khona ho fofa ka lebelo le phahameng ka ho fetisisa ha e tsubella libakeng tse phahameng haholo nakong eo e bontšang hore ke eona e laolang sebaka se itseng, kapa ha e tšoasa phofu ea eona moeeng.” Nonyana ena e ile ea khona ho fofa ka lebelo la lik’hilomithara tse 349 ka hora ’me ea thinyetsa fatše ka lebelo lona leo!
Lintsu li khona ho fofa ka lebelo la lik’hilomithara tse 130 ka hora. Jobo o ile a re bophelo bo fetang ka potlako bo tšoana le lebelo la ntsu e batlang phofu ea eona. (Jobo 9:25, 26) Molimo o re fa matla a hore re mamelle, joalokaha eka re holim’a mapheo a sa khathaleng a ntsu e ntseng e fofela holimo. (Esaia 40:31) Ha ntsu e fofa, e sebelisa maqhubu a moea o chesang. Nonyana eo e fofa ka har’a maqhubu a moea oo o chesang, ebe maqhubu ao a e nyollela holimo le ho feta. Ha ntsu e fihla bophahamong bo itseng, e fetela maqhubung a ka holimo le ho feta a moea o chesang ’me e ka tsoela pele e fofa ka lihora tse ngata e sebelisa matla a fokolang haholo.
Ntsu e ‘haha sehlaha sa eona holimo’ sebakeng se phahameng seo ho leng thata ho fihla ho sona, e etsa hore malinyane a eona a se ke a ba kotsing. Jehova o file ntsu bohlale ba tlhaho hore e etse joalo. Hape, ka pono eo Molimo a e fileng eona, “mahlo a [ntsu] a talima hōle.” Bokhoni boo e nang le bona ba ho sheba sebakeng se seng ka potlako bo etsa hore ntsu e bone phofu ea eona kapa setopo ha e tsubella e le holimo. Ntsu e ja litopo tsa liphoofolo tse shoeleng, e leng hore “moo ho nang le [se] bolailoeng, e hona teng.” Nonyana ena e tšoasa liphoofolo tse nyenyane ebe e li isetsa malinyane a eona.
Jehova o Laea Jobo
Pele a mo botsa lipotso tse ling ka liphoofolo, Molimo o ile a laea Jobo. Jobo o ile a etsa joang? O ile a ikokobetsa ’me a ikemisetsa ho amohela keletso e ’ngoe hape.—Jobo 40:1-14.
Ha re le mothating ona tlalehong e bululetsoeng e buang ka liphihlelo tsa Jobo, re ka ithuta thuto ea bohlokoa haholo. Ea hore: Ha ho motho ea nang le lebaka le utloahalang la hore a behe Ea Matla ’Ohle molato. Re lokela ho bua le ho itšoara ka litsela tse tla khahlisa Ntate oa rōna oa leholimo. Ho feta moo, ntho e ka sehloohong eo re lokelang ho ameha ka eona ke hore lebitso la Jehova le halalelang le hloekisoe ’me ho tlosoe qoso bobusing ba hae.
Behemothe e Tlotlisa Molimo
Ha Molimo a boela a bua ka liphoofolo, o ile a botsa Jobo ka Behemothe, eo ka tloaelo e tsejoang e le kubu. (Jobo 40:15-24) Kubu e hōlileng ka ho feletseng e ka ba bolelele ba limithara tse ’nè ho isa ho tse hlano ’me boima ba eona e ka ba lik’hilograma tse 3 600. ‘Matla a Behemothe a lethekeng la eona’—e leng mesifeng e ka morao. Letlalo le letenya la mpa ea eona le hlile le e tsoela molemo kaha Behemothe e nang le maoto a makhutšoanyane e hulanya ’mele oa eona majoeng a nōka. Ruri motho a ke ke a bapisoa le Behemothe ka lebaka la ’mele oa eona o moholo, molomo o moholohali le mehlahare ea eona e matla.
Behemothe e tsoa ka metsing hore e thabele ho fula “joang bo botala.” Ha e le hantle, joang bo botalana bo aparetseng thaba kaofela bo bonahala bo loketse ho e phelisa! Ho hakanyetsoa hore Behemothe e ja joang bo ka etsang boima ba lik’hilograma tse 80 ho isa ho tse 90 ka letsatsi. Ha e khotše hantle, Behemothe e botha tlas’a lifate tsa lotase kapa moriting oa lifate tsa popoliri. Haeba nōka eo kubu e lulang ho eona e tletse, kubu e khona ho hlahisa hlooho ka holim’a metsi ebe e sesa e ea holimo ha metsi a phallela tlaase. Ka lebaka la molomo o moholohali oa Behemothe le meno a eona a tšosang, Jobo o ne a ke ke a ba le sebete sa ho e phunya nko ka hakisi.
Leviathane e Rorisa Molimo
Joale Jobo o ile a utloa ka Leviathane. (Jobo 41:1-34) Lentsoe la Seheberu bakeng sa Leviathane le bolela “phoofolo e ’mele o makheka-kheka”—eo ka ho totobetseng e leng koena. Na Jobo o ne a ka etsa hore Leviathane e be ntho eo bana ba bapalang ka eona? Ka sebele o ne a ke ke a etsa joalo! Ho bonahetse ka makhetlo a mangata hore sebōpuoa sena se kotsi. Ruri haeba motho a ne a ka leka ho tšoara Leviathane, mohlomong o ne a tla heba-hebisana le eona hoo a neng a ke ke a hlola a pheta!
Ha Leviathane e hlahisa hlooho ea eona ka holim’a metsi ha letsatsi le chaba, mahlo a eona a khanya “joaloka mahlaseli a mafube.” Makhakhapha a Leviathane a koetsoe ka thata, ’me letlalong la eona ho na le masapo a kang lipoleiti ao ho leng thata ho a phunya ka likulo tsa sethunya, re se re sa re letho ka lisabole le marumo. Makhakhapha a bohale a mpeng ea koena a etsa hore e ke e na le “sepolo holim’a seretse” se mabōpong. Bohale ba eona ka metsing bo hlahisa lefilo leo ekareng ke moriana o tlotsang o lekoeba. Hape, ka lebaka la boholo ba eona, lihlomo le libetsa tsa eona—e leng molomo oa eona o tšosang le mohatla oa eona o matla—Leviathane ha e tšabe letho.
Jobo o Hula Mantsoe a Hae
Jobo o ile a lumela hore o ‘buile, empa o ne a sa utloisise lintho tse hlollang haholo bakeng sa hae.’ (Jobo 42:1-3) O ile a amohela hore Molimo a mo khalemele, a hula mantsoe a hae ’me a baka. Metsoalle ea hae e ile ea khalemeloa ka matla, empa eena a hlohonolofatsoa haholo.—Jobo 42:4-17.
Ka sebele re bohlale ha re hopola phihlelo ea Jobo! Mohlomong re ke ke ra tseba ho araba lipotso tsohle tseo Molimo a ileng a mo botsa tsona. Empa re lokela ho bontša kananelo ka lintho tse ngata, tse sa tšoaneng le tse hlollang tseo Jehova a li bōpileng tse mo tlotlisang.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Pōli ea thaba
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Lekhoaba
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Tau e tšehali
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Qoaha
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Mpshe e tloha maheng a eona, empa ha e a hlokomolohe
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Mahe a mpshe
[Setšoantšo se leqepheng la 14, 15]
Phakoe
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Falcon: © Joe McDonald/Visuals Unlimited
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Pere e tšehali ea Arabia
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ntsu e ’mala oa khauta molaleng
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ka tloaelo Behemothe e tsejoa e le kubu
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ho nahanoa hore Leviathane ke koena e matla