Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Jobo
MOPATRIAREKA Jobo o ne a lula naheng ea Utse, ’me hona joale ke karolo ea Linaha tsa Arabia. Ka nako eo, Baiseraele ba bangata ba ne ba lula Egepeta. Le hoja Jobo e ne e se Moiseraele, e ne e le morapeli oa Jehova Molimo. Bibele e bua tjena ka eena: “Ha ho ea joaloka eena lefatšeng, monna ea sa tšoauoeng phoso le ea lokileng, ea tšabang Molimo le ea khelohang bobe.” (Jobo 1:8) E tlameha ebe sena se etsahetse nakong e pakeng tsa bophelo ba bahlanka ba babeli ba hlahelletseng ba Jehova—e leng Josefa mora oa Jakobo le moprofeta Moshe.
Moshe, eo ho nahanoang hore ke eena ea ngotseng buka ea Jobo, mohlomong o ile a tseba ka Jobo lilemong tse 40 tseo ka tsona a neng a lula Midiane, haufi le naha ea Utse. Mohlomong ha Baiseraele ba ntse ba le haufi le Utse ho elella qetellong ea lilemo tse 40 tsa leeto la bona la lefeelleng, Moshe o ile a utloa litaba tse etsahetseng lilemong tsa ho qetela tsa Jobo.a Liphihlelo tsa Jobo li ngotsoe ka bokhabane hoo tlaleho ea tsona e talingoang e le mosebetsi o tsoileng matsoho oa bongoli. Leha ho le joalo, e boetse e araba lipotso tse kang: Ke hobane’ng ha batho ba molemo ba e-ba mahlomoleng? Ke hobane’ng ha Jehova a lumeletse hore bokhopo bo be teng? Na batho ba sa phethahalang ba ka lula ba tšepahala ho Molimo? Kaha molaetsa oa buka ea Jobo ke karolo ea Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, oa phela ’me o ntse o matlafatsa batho le kajeno.—Baheberu 4:12.
“LETSATSI LEO KE ILENG KA TSOALOA KA LONA LE KE LE TIMELE”
Ka letsatsi le leng Satane o ile a hlahisa khang ka botšepehi ba Jobo ho Molimo. Jehova o ile a lumella Satane hore a ntšetse khang eo pele ’me a mo tlohella hore a hlasele Jobo ka likoluoa tse ngata. Empa Jobo o ile a hana ho “rohaka Molimo.”—Jobo 2:9.
Metsoalle e meraro ea Jobo e ile ea fihla e “tl’o . . . mo tšelisa.” (Jobo 2:11) E ile ea lula e khutsitse ho fihlela Jobo a bua a re: “Letsatsi leo ke ileng ka tsoaloa ka lona le ke le timele.” (Jobo 3:3) O ne a lakatsa ho tšoana le “bana ba sa kang ba bona leseli,” kapa bana ba ileng ba belehoa ba sa phele.—Jobo 3:11, 16.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
1:4—Na bana ba Jobo ba ne ba keteka matsatsi a tsoalo? Che, ba ne ba sa a keteke. Mantsoe a puo ea pele ea Bibele a neng a sebelisetsoa “letsatsi” le “letsatsi la tsoalo” ha a tšoane, le leng le le leng le na le moelelo oa lona. (Genese 40:20) Ho Jobo 1:4, ho sebelisitsoe lentsoe “letsatsi,” ’me le bontša nako ea ho tloha ha letsatsi le chaba ho fihlela ha le likela. Ho ka etsahala hore ebe bara ba supileng ba Jobo ba ne ba tšoara ’moka oa lelapa oa matsatsi a supileng hang ka selemo. Ha mokete ona o ntse o potoloha le malapa a bona, mora e mong le e mong o ne a o etsa lelapeng la hae ka “letsatsi la hae.”
1:6; 2:1—Ke bo-mang ba neng ba lumelloa ho kena ka pel’a Jehova? Ba neng ba ema ka pel’a Jehova ba ne ba akarelletsa Mora ea tsoetsoeng a le mong oa Molimo, e leng Lentsoe; mangeloi a tšepahalang le ‘bara ba Molimo’ ba sa utloeng ba mangeloi, ba neng ba akarelletsa Satane Diabolose. (Johanne 1:1, 18) Satane le bademona ba hae ha baa ka ba lelekoa leholimong ho fihlela nakoana ka mor’a hore ho hlongoe ’Muso oa Molimo ka 1914. (Tšenolo 12:1-12) Ka ho ba lumella ho kena ka pel’a hae, Jehova o ile a hlahisa ka pel’a libōpuoa tsohle tsa moea khang ea Satane le tseko ea hae.
1:7; 2:2—Na Jehova o ile a bua le Satane ka ho toba? Bibele ha e fane ka boitsebiso bo bongata mabapi le hore na Jehova o buisana joang le libōpuoa tsa moea. Leha ho le joalo, moprofeta Mikaia o ile a ba le pono eo ho eona a ileng a bona lengeloi le leng le bua ka ho toba le Jehova. (1 Marena 22:14, 19-23) Kahoo, ho totobetse hore Jehova o ile a bua le Satane a sa sebelise mokena-lipakeng.
1:21—Jobo o ne a ka khutlela joang ‘mpeng ea ’m’ae’? Kaha Jehova Molimo o bōpile motho “ka lerōle la lefatše,” lentsoe “’mè” mona, le sebelisitsoe ka tšoantšetso ho bolela lefatše.—Genese 2:7.
2:9—Ebe mosali oa Jobo o ne a nahana joang ha a re monna oa hae a rohake Molimo ’me a shoe? Mosali oa Jobo o ne a lahlehetsoe ka mokhoa o tšoanang le monna oa hae. E tlameha ebe o ne a utloile bohloko ha a bona monna oa hae ea neng a ntse a sa kule a utloa bohloko ke boloetse bo nyonyehang. O ne a shoetsoe ke bana bao a neng a ba rata. Ho ka etsahala hore ebe lintho tsena tsohle li ile tsa mo ferekanya hoo a ileng a sitoa ho nahana hore na ntho eo e neng e hlile e le ea bohlokoa ke efe—e leng kamano ea bona le Molimo.
Seo re Ithutang Sona:
1:8-11; 2:3-5. Joalokaha ho bonoa tabeng ea Jobo, sepheo se nepahetseng sa ho sebeletsa Jehova se tsamaea le liketso le lipuo tse nepahetseng.
1:21, 22. Ka ho lula re tšepahala ho Jehova ha maemo a le matle le ha a le mabe, re ka paka hore Satane o leshano.—Liproverbia 27:11.
2:9, 10. Joaloka Jobo, re lokela ho lula re tiile tumelong esita leha litho tsa lelapa li sa ananele lipakane tsa rōna tsa moea kapa li re hatella hore re sekisetse kapa hore re lahle tumelo ea rōna.
2:13. Metsoalle ea Jobo e ne e se na letho le tšelisang leo e ka le buang ka Molimo le litšepiso tsa hae hobane e ne e se na pono ea lintho tsa moea.
“NKE KE KA TLOSA BOTŠEPEHI BA KA HO ’NA!”
Ntlha e khōlō eo metsoalle e meraro ea Jobo e e hlahisang lipolelong tsa eona ke hore e tlameha ebe Jobo o entse ntho e ’ngoe e mpe haholo hore ebe Molimo o mo otla ka matla hakaalo. Elifaze ke eena ea buang pele. Bildade oa mo latela, a bua mantsoe a khesang haholoanyane. Tsofare eena o bua ka nyeliso e feteletseng.
Jobo ha a lumellane le mabaka a bohata a baeti ba hae. Kaha ha a utloisise hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse hore a utloe bohloko, o ameha haholo ka ho itokafatsa. Ho sa tsotellehe boemo, Jobo o rata Molimo ’me o re: “Nke ke ka tlosa botšepehi ba ka ho ’na ho fihlela ke shoa!”—Jobo 27:5.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
7:1; 14:14—Ho boleloa eng ka ‘mosebetsi o qobelloang’ kapa ‘tšebeletso e qobelloang’? Mahlomola a Jobo a ne a le maholo hoo a ileng a nahana hore bophelo ke mosebetsi o boima le o qobelloang kapa o tšoenyang. (Jobo 10:17, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW) Kaha nako eo motho a e qetang a le Sheole—ho tloha ha a e-shoa ho fihlela a tsoha—ke nako e qobelloang, Jobo o ile a e tšoantša le tšebeletso e qobelloang.
7:9, 10; 10:21; 16:22—Na lipolelo tsee li bontša hore Jobo o ne a sa lumele tsohong? Lipolelo tsena li bua ka nako eo Jobo a neng a tla tobana le eona haufinyane. Ebe o ne a bolela’ng? E ka ’na eaba o ne a bolela hore ha a ka shoa, batho ba mehleng ea hae ba ne ba ke ke ba hlola ba mo bona. Ponong ea bona, o ne a sa tl’o khutlela tlung ea hae ebile a sa tl’o hlola a amoheleha ho be ho fihle nako e behiloeng ea Molimo. Ho ka etsahala hore ebe hape Jobo o ne a bolela hore motho a ke ke a ikhutlisa Sheole. Jobo 14:13-15 e hlakisa hantle hore Jobo o ne a e-na le tšepo ea ho tsoha nakong e tlang.
10:10—Jehova o ile a ‘qhala Jobo joang joaloka lebese a ba a mo tiisa joaloka chisi’? Tlhaloso ena ke e thothokisang kamoo Jobo a ileng a bōptjoa kateng ka pōpelong ea ’m’ae.
19:20—Jobo o ne a bolela’ng ha a ne a re “ke phonyoha ka letlalo la meno a ka”? Ka ho bolela hore o ile a phonyoha ka letlalo la ntho e bonahalang e se na letlalo, mohlomong Jobo o ne a bolela hore o pholohile a le joalo feela.
Seo re Ithutang Sona:
4:7, 8; 8:5, 6; 11:13-15. Ha rea lokela ho potlakela ho nahana hore motho ea mahlomoleng o kotula seo a se jetseng le hore Molimo o mo furaletse.
4:18, 19; 22:2, 3. Keletso ea rōna e lokela ho thehoa Lentsoeng la Molimo, eseng maikutlong a rōna.—2 Timothea 3:16.
10:1. Kelello ea Jobo e ile ea koaloa ke ho hlonama, kahoo, ha aa ka a nahana ka mabaka a mang ao mohlomong a neng a mo bakela mahlomola. Ha rea lokela ho hlonama ha re le mahlomoleng, haholo kaha re na le kutloisiso e hlakileng ea se tsekoang.
14:7, 13-15; 19:25; 33:24. Tekong efe kapa efe eo Satane a ka re tlisetsang eona, tšepo ea tsoho e ka re matlafatsa.
16:5; 19:2. Mantsoe a rōna a lokela ho khothatsa ba bang le ho ba matlafatsa, eseng ho ba khopisa.—Liproverbia 18:21.
22:5-7. Ho fana ka keletso empa u beha motho molato ntle ho bopaki bo tiileng ha ho na thuso ebile hoa lematsa.
27:2; 30:20, 21. Ho boloka botšepehi ha ho hloke phetheho. Ka phoso Jobo o ile a nyatsa Molimo.
27:5. Jobo ke eena ea neng a ka itlhokisa botšepehi hobane botšepehi bo tsoa leratong la motho ho Molimo. Kahoo, re lokela ho ba le lerato le tebileng ho Jehova.
28:1-28. Motho o tseba moo matlotlo a lefatše a leng hona teng. Ha a ntse a a batla, mahlahahlaha a hae a mo isa litseleng tse ka tlaase moo ho seng nonyana e bonelang hōle e ka bonang teng. Leha ho le joalo, bohlale ba bomolimo bona bo tsoaloa ke ho tšaba Jehova.
29:12-15. Re lokela ho ithaopela ho bontša mosa o lerato ho ba hlokang.
31:1, 9-28. Jobo o re behetse mohlala ka hore o ile a qoba lebonyo, bofebe, ho tšoara ba bang ka leeme le ka sehlōhō, lerato la lintho tse bonahalang le borapeli ba litšoantšo.
“KE BAKA KE LE LERŌLENG LE MOLORENG”
Mocha e mong ea bitsoang Elihu o ne a mametse puisano ena a sa fele pelo, a emelletse thōko. Joale o bua ka sebete. O khalemela Jobo le bahlorisi ba hae ba bararo.
Hang feela ha Elihu a qeta, Jehova o araba a le sefefong. Ha a hlalose hore na ke hobane’ng ha Jobo a le mahlomoleng. Leha ho le joalo, Ea Matla ’Ohle o botsa letoto la lipotso ho hlokomelisa Jobo ka matla a Hae a tšosang le ka bohlale ba hae bo boholo. Jobo oa lumela hore o buile a sa utloisise ’me o re: ‘Ke hula mantsoe, ’me ke baka ke le lerōleng le moloreng.’ (Jobo 42:6) Ha teko ea Jobo e fela, botšepehi ba hae boa putsoa.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
32:1-3—Elihu o ile a fihla neng? Kaha Elihu o ile a utloa lipuo tsohle, e tlameha ebe o ile a lula moo a neng a utloa moqoqo, e leng nako e itseng pele Jobo a qala ho bua ’me kahoo a felisa ho khutsa ha matsatsi a supileng ha metsoalle ea hae.—Jobo 3:1, 2.
34:7—Jobo o ne a tšoana joang le monna “ea noang litšeho joaloka metsi”? Matšoenyehong a hae, Jobo o ne a bua joalokaha eka litšomo tsa baeti ba hae ba bararo li tobisitsoe ho eena, empa bonneteng li ne li tobisitsoe ho Molimo. (Jobo 42:7) Kahoo, o ne a noa litšeho joaloka motho ea noang metsi ka thabo.
Seo re Ithutang Sona:
32:8, 9. Bohlale hase ba batho ba baholo feela. Bo hloka hore motho a utloisise Lentsoe la Molimo ’me a tataisoe ke moea oa hae.
34:36. Botšepehi bo bonahala ka hore ka litsela tse itseng, re ‘lekoe ho feta kamoo re ka mamellang kateng.’
35:2. Elihu o ile a mamelisisa ’me a totobatsa bothata pele a bua. (Jobo 10:7; 16:7; 34:5) Pele baholo ba Bakreste ba fana ka keletso, ba lokela ho mamela ka hloko, ba utloe lintlha, ’me ba utloisise hantle hore na bothata ke eng.—Liproverbia 18:13.
37:14; 38:1–39:30. Ho nahanisisa ka mesebetsi e hlollang ea Jehova—e leng pontšo ea matla a hae le bohlale ba hae—hoa re kokobetsa ’me ho re thusa ho bona hore ho tlosoa ha qoso bobusing ba hae ke habohlokoa ho feta lithahasello leha e le life tsa rōna.—Matheu 6:9, 10.
40:1-4. Ha re ikutloa eka re ka belaela ka Ea Matla ’Ohle, re lokela ho ‘beha letsoho molomong.’
40:15–41:34. Behemothe (kubu) le Leviathane (koena) li na le matla a makaakang! E le hore re mamelle tšebeletsong ea Molimo, le rōna re hloka matla a tsoang ho Moetsi oa liphoofolo tsena tse matla, ea re fang matla.—Bafilipi 4:13.
42:1-6. Ho utloa lentsoe la Molimo le ho hopotsoa ka ponahatso ea matla a Hae, ho ile ha thusa Jobo ho “bona Molimo,” kapa ho bona ’nete ea hae. (Jobo 19:26) Sena se ile sa lokisa monahano oa hae. Ha re fuoa keletso ea Mangolo, re lokela ho labalabela ho lumela liphoso tsa rōna le ho etsa liphetoho.
E-ba le “Mamello ea Jobo”
Buka ea Jobo e bontša ka ho hlaka hore hase Molimo ea bakelang batho mahlomola. A bakoa ke Satane. Ho lumella ha Molimo bokhopo lefatšeng ho re fa monyetla oa hore re fane ka karabo ea hore na re tšehetsa mang tsekong e mabapi le bobusi ba Jehova le botšepehi ba rōna.
Joaloka Jobo, bohle ba ratang Jehova ba tla lekoa. Tlaleho ea Jobo e re kholisa hore re ka mamella. E re hopotsa hore mathata a rōna e ke ke ea e-ba a ka ho sa feleng. Jakobo 5:11 e re: “Le utloile ka mamello ea Jobo ’me le bone phello eo Jehova a ileng a fana ka eona.” Jehova o ile a putsa Jobo hobane a tšepahetse. (Jobo 42:10-17) Re na le tšepo e hlollang hakaakang—e leng bophelo bo sa feleng lefatšeng la Paradeise! Ka lebaka leo, a re ikemisetseng ho tšepahala joaloka Jobo.—Baheberu 11:6.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Buka ea Jobo e akaretsa nako e ka holimo ho lilemo tse 140, pakeng tsa 1657 le 1473 B.C.E.
[Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Re ka ithuta eng ka “mamello ea Jobo”?