Tšepa Lentsoe la Jehova
“Ke tšepile lentsoe la hao.”—PESALEME EA 119:42.
1. U tseba eng ka mongoli oa Pesaleme ea 119 le botho ba hae?
MOQAPI oa Pesaleme ea 119 o ne a rata lentsoe la Jehova haholo. E ka ’na eaba e ne e le Khosana Ezekiase oa Juda. Maikutlo a hlalosoang pineng ena e bululetsoeng a lumellana le botho ba Ezekiase, ea ileng a “’na a khomarela Jehova” ha a ntse a sebeletsa e le morena oa Juda. (2 Marena 18:3-7) Ntho eo re kholisehileng ka eona ke hore: Moqapi eo o ne a ela hloko tlhoko ea hae ea moea.—Matheu 5:3.
2. Taba e ka sehloohong Pesalemeng ea 119 ke efe, hona pina ee e hlophiloe joang?
2 Taba e ka sehloohong Pesalemeng ea 119 ke bohlokoa ba lentsoe la Molimo kapa molaetsa oa hae.a Mohlomong e le ho ikhopotsa, mongoli o ile a ngola pina ena ka ho latellana ha alfabeta. Litemana tsa eona tse 176 li thehiloe litlhakung tse latellanang tsa alfabeta ea Seheberu. Ka Seheberu sa pele, karolo ka ’ngoe likarolong tse 22 tsa pesaleme eo e na le mela e 8 e qalang ka tlhaku e tšoanang. Pesaleme ena e bua ka lentsoe la Molimo, molao oa hae, likhopotso tsa hae, litsela tsa hae, melao ea hae ea tsamaiso, litaelo tsa hae, liqeto tsa hae tsa boahloli, lipolelo tsa hae le litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng. Sehloohong sena le se latelang, Pesaleme ea 119 e tla tšohloa ho latela phetolelo e nepahetseng ea Seheberu ea Bibele. Ho nahanisisa ka liphihlelo tse amang bahlanka ba Jehova ba nakong e fetileng le ba kajeno ho lokela ho ntlafatsa kutloisiso ea rōna ka pina ena e bululetsoeng ke Molimo ’me ho eketse kananelo ea rōna ka Lentsoe le ngotsoeng la Molimo e leng Bibele.
Mamela Lentsoe la Molimo ’Me U Thabe
3. Hlalosa se boleloang ke ho ba ea se nang molato u be u fane ka mohlala.
3 Thabo ea ’nete e itšetlehile ka hore re tsamaee molaong oa Molimo. (Pesaleme ea 119:1-8) Ha re tsamaea molaong oa Molimo, Jehova o tla re nka re ‘se na molato litseleng tsa rōna.’ (Pesaleme ea 119:1) Ho ba ba se nang molato ha ho bolele hore re phethahetse, empa ho bontša hore re leka ka matla ho etsa thato ea Jehova Molimo. Noe “o ne a se na molato har’a batho ba mehleng ea hae,” e le motho ea ‘tsamaeang le Molimo oa ’nete.’ Kaha o ile a phehella tsela ea bophelo eo Jehova a e laetseng, mopatriareka eo ea tšepahalang o ile a pholoha Moroallo le lelapa la hae. (Genese 6:9; 1 Petrose 3:20) Ka ho tšoanang, hore re pholohe bofelo ba lefatše lena ho itšetlehile ka hore ‘re boloke litaelo tsa Molimo ka hloko,’ ka tsela eo re etse thato ea hae.—Pesaleme ea 119:4.
4. Thabo ea rōna le katleho ea rōna li itšetlehile ka eng?
4 Le ka mohla Jehova a ke ke a re lahla haeba re mo ‘roka ka pelo e lokileng ’me re tsoela pele ho boloka melao ea hae ea tsamaiso.’ (Pesaleme ea 119:7, 8) Molimo ha aa ka a lahla Joshua moeta-pele oa Iseraele, ea ileng a sebelisa keletso ea hore a ‘bale buka ea molao bosiu le motšehare e le hore a ka etsa sohle se ngoliloeng ho eona.’ Seo se ile sa mo atlehisa ’me sa mo nolofalletsa ho etsa ka bohlale. (Joshua 1:8) Ha a le haufi le ho shoa, Joshua o ne a ntse a roka Molimo ’me o ne a ka hopotsa Baiseraele sena: “Le tseba hantle ka lipelo tsa lōna tsohle le ka meea ea lōna eohle hore ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala.” (Joshua 23:14) Joaloka Joshua le mongoli oa Pesaleme ea 119, re ka fumana thabo le katleho ka ho rorisa Jehova le ho tšepa lentsoe la hae.
Lentsoe la Jehova le re Boloka re Hloekile
5. (a) Hlalosa kamoo motho a ka lulang a hloekile moeeng. (b) Ke thuso efe eo mocha ea entseng sebe se tebileng a ka e fumanang?
5 Re ka lula re hloekile moeeng haeba re itebela ho ea ka lentsoe la Molimo. (Pesaleme ea 119:9-16) Sena se ka etsahala esita le ha batsoali ba rōna ba sa re behela mohlala o motle. Le hoja ntate oa Ezekiase a ne a rapela litšoantšo, Ezekiase o ile a ‘hloekisa tsela ea hae,’ eo mohlomong e neng e e-na le litšusumetso tsa bohetene. A re re kajeno mocha ea sebeletsang Molimo o etsa sebe se tebileng. Pako, thapelo, thuso ea batsoali le thuso e lerato ea baholo ba Bakreste li ka mo thusa hore a tšoane le Ezekiase ’me a ‘hloekise tsela ea hae le ho itebela.’—Jakobo 5:13-15.
6. Ke basali bafe ba ileng ba ‘hloekisa tsela ea bona ’me ba itebela ho ea ka lentsoe la Molimo’?
6 Le hoja Rahaba le Ruthe ba phetse khale pele Pesaleme ea 119 e qaptjoa, ba ile ba ‘hloekisa tsela ea bona.’ Rahaba e ne e le letekatse la Mokanana, empa o ile a tsebahala ka tumelo ea hae e le morapeli oa Jehova. (Baheberu 11:30, 31) Ruthe, eo e neng e le mosali oa Momoabe, o ile a lahla melimo ea habo, a sebeletsa Jehova, ’me a boloka Molao oa hae oo a o fileng Baiseraele. (Ruthe 1:14-17; 4:9-13) Basali bana bao e neng e se Baiseraele, ka bobeli ‘ba ile ba itebela ho ea ka lentsoe la Molimo’ ’me ba e-ba le tokelo e babatsehang ea hore e be bo-nkhono ba Jesu Kreste.—Matheu 1:1, 4-6.
7. Daniele le bacha ba bang ba bararo ba Baheberu ba ile ba beha mohlala o motle joang ka ho lula ba hloekile moeeng?
7 “Pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae,” empa bacha ba ka latela tsela e hloekileng, esita le lefatšeng lena le bolileng le laoloang ke Satane. (Genese 8:21; 1 Johanne 5:19) Ha ba le botlamuoeng Babylona, Daniele le bacha ba bang ba bararo ba Baheberu ba ile ‘ba itebela ho ea ka lentsoe la Molimo.’ Ka mohlala, ha baa ka ba itšilafatsa “ka limenyemenye tsa morena.” (Daniele 1:6-10) Bababylona ba ne ba e-ja liphoofolo tse sa hloekang, tse haneloang ke Molao oa Moshe. (Levitike 11:1-31; 20:24-26) Ba ne ba sa tloaela ho ntša mali a liphoofolo tse hlabiloeng, ’me ba ne ba tlōla molao oa Molimo malebana le mali ha ba e-ja nama e sa ntšoang mali. (Genese 9:3, 4) Hase feela Baheberu bao ba bararo ba ileng ba hana ho ja limenyemenye tsa morena! Bacha bao ba tšabang Molimo ba ile ba lula ba hloekile moeeng ’me ka tsela eo ba beha mohlala o motle.
Lentsoe la Molimo le re Thusa ho Boloka Botšepehi
8. Hore re utloisise molao oa Molimo le ho o sebelisa, re lokela ho ba le boikutlo bofe, hona re tsebe eng?
8 Ho rata lentsoe la Molimo ke tšobotsi ea bohlokoa e etsang hore re lule re tšepahala ho Jehova. (Pesaleme ea 119:17-24) Haeba re tšoana le mopesaleme ea bululetsoeng, re tla labalabela ho utloisisa “lintho tse hlollang” tsa molao oa Molimo. Kamehla re tla ‘hloloheloa liqeto tsa Jehova tsa boahloli’ ’me re bontše hore re ‘rata likhopotso tsa hae.’ (Pesaleme ea 119:18, 20, 24) Haeba re inehetse ho Jehova, esita leha e le ka nako e khutšoanyane, na re ‘hlaoletse tabatabelo ea lebese le sa tsoakoang la lentsoe’? (1 Petrose 2:1, 2) Re lokela ho utloisisa lithuto tsa motheo tsa Bibele e le hore re utloisise molao oa Molimo haholoanyane le ho o sebelisa.
9. Re lokela ho etsa eng ha seo batho ba se batlang se hohlana le molao oa Molimo?
9 E ka ’na eaba re rata likhopotso tsa Molimo, empa ho thoe’ng haeba ka lebaka le itseng “likhosana” li bua se khahlanong le rōna? (Pesaleme ea 119:23, 24) Kajeno, hangata ba boholong ba leka ho re qobella ho nka melao ea batho e le ea bohlokoa ho feta molao oa Molimo. Ha seo batho ba se batlang se hohlana le thato ea Molimo, re tla etsa joang? Ho rata lentsoe la Molimo ho tla re thusa ho lula re tšepahala ho Jehova. Joaloka baapostola ba Jesu Kreste ba neng ba hlorisoa, re tla re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.
10, 11. Bontša kamoo re ka bolokang botšepehi kateng ho Jehova ha re le maemong a boima ka ho fetisisa.
10 Re ka lula re tšepahala ho Jehova esita le maemong a boima ka ho fetisisa. (Pesaleme ea 119:25-32) Haeba re tla atleha ho boloka botšepehi ba rōna ho Molimo, re lokela ho ikemisetsa ho rutoa ’me ka tieo re rapelle hore a re laee. Hape re lokela ho khetha “tsela ea botšepehi.”—Pesaleme ea 119:26, 30.
11 Ezekiase, eo ho ka etsahalang hore ebe ke eena ea ngotseng Pesaleme ea 119, o ile a khetha “tsela ea botšepehi.” O ile a etsa sena esita le hoja a ne a pota-potiloe ke barapeli ba bohata ’me mohlomong a songoa ke litho tsa lekhotla la borena. Ho ka etsahala hore ebe ‘moea oa hae o ne o hlobaela ka mesarelo’ ka lebaka la maemo a joalo. (Pesaleme ea 119:28) Empa Ezekiase o ne a tšepa Molimo, e ne e le morena ea molemo, kahoo a etsa “se nepahetseng mahlong a Jehova.” (2 Marena 18:1-5) Ha re itšetlehile ka Molimo, le rōna re ka mamella liteko re le baboloki ba botšepehi.—Jakobo 1:5-8.
Lentsoe la Jehova le Fana ka Sebete
12. Re ka sebelisa Pesaleme ea 119:36, 37 joang re le batho ka bomong?
12 Ha re latela tataiso ea lentsoe la Molimo re fumana sebete se hlokahalang hore re sebetsane le liteko bophelong. (Pesaleme ea 119:33-40) Ka boikokobetso re batla taeo e tsoang ho Jehova e le hore re boloke molao oa hae “ka pelo eohle.” (Pesaleme ea 119:33, 34) Joaloka mopesaleme, re kōpa Molimo: “Etsa hore pelo ea ka e sekamele likhopotsong tsa hao, eseng liphaellong,” ke hore phaello e sa lokang. (Pesaleme ea 119:36) Joaloka moapostola Pauluse, re “itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” (Baheberu 13:18) Ha mohiri a batla hore re etse bolotsana, re iteta sebete ho khomarela litaelo tsa Molimo—’me Jehova o hlohonolofatsa tsela e joalo kamehla. Ha e le hantle, o re thusa hore re laole litakatso tsohle tse mpe. Ka hona a re rapeleng tjena: “Phemisa mahlo a ka hore a se ke a bona se se nang thuso.” (Pesaleme ea 119:37) Le ka mohla re ke ke ra batla ho talima se se nang thuso seo Molimo a se hloileng e le se lakatsehang. (Pesaleme ea 97:10) Har’a tse ling, sena se re thusa ho qoba litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro le mekhoa ea ho sebelisana le meea.—1 Bakorinthe 6:9, 10; Tšenolo 21:8.
13. Barutuoa ba Jesu ba neng ba hlorisoa ba ile ba fumana sebete sa ho paka ba sa tšabe letho joang?
13 Ho tseba lentsoe la Molimo ka tsela e nepahetseng ho re fa kholiseho ea ho paka ka sebete. (Pesaleme ea 119:41-48) Ehlile re hloka sebete e le hore re ‘arabe ea re nyelisang.’ (Pesaleme ea 119:42) Ka linako tse ling re ka tšoana le barutuoa ba Jesu ba neng ba hlorisoa, ba ileng ba rapela ba re: ‘Jehova, . . . etsa hore makhoba a hao a ’ne a bolele lentsoe la hao ka sebete sohle.’ Phello e bile efe? “Kaofela ba tlala moea o halalelang ’me ba ne ba bolela lentsoe la Molimo ka sebete.” Ka ho tšoanang, ’Musi Morena o re fa sebete sa ho bolela lentsoe la hae re sa tšabe letho.—Liketso 4:24-31.
14. Re thusoa ke’ng ho paka ka sebete joaloka Pauluse?
14 Haeba re rata “lentsoe la ’nete” haholo ’me re ‘boloka molao oa Molimo kamehla,’ re tla ba le sebete se hlokahalang hore re pake re sa tšabe ho hlajoa ke lihlong. (Pesaleme ea 119:43, 44) Ho khothalla ho ithuta Lentsoe la Molimo le ngotsoeng ho re hlomella ho ‘bua ka likhopotso tsa hae ka pel’a marena.’ (Pesaleme ea 119:46) Thapelo le moea oa Jehova le tsona li tla re thusa ho bua lintho tse nepahetseng ka tsela e loketseng. (Matheu 10:16-20; Bakolose 4:6) Ka sebete Pauluse o ile a bua ka likhopotso tsa Molimo ho babusi ba lekholong la pele la lilemo. Ka mohlala, o ile a pakela Felix ’Musisi oa Moroma, ea ileng a “mo mamela mabapi le ho lumela ho Kreste Jesu.” (Liketso 24:24, 25) Hape Pauluse o ile a paka ka pel’a ’Musisi Festase le Morena Agripa. (Liketso 25:22–26:32) Ha Jehova a re tšehelitse le rōna re ka ba lipaki tse sebete, ho se mohla re hlajoang ke “lihlong ka litaba tse molemo.”—Baroma 1:16.
Lentsoe la Molimo le re fa Matšeliso
15. Lentsoe la Molimo le ka re tlisetsa matšeliso joang ha ba bang ba re fetola litšeho?
15 Lentsoe la Jehova le fana ka matšeliso a ’nete ka linako tsohle. (Pesaleme ea 119:49-56) Ho ba le linako tseo ka ho khetheha re hlokang ho tšelisoa. Le hoja re bua ka sebete joaloka Lipaki Tsa Jehova, batho “ba iketelletsang pele”—e leng ba iketelletsang pele mabapi le Molimo—ka linako tse ling ba ‘re fetola litšeho ka ho fetisisa.’ (Pesaleme ea 119:51) Leha ho le joalo, ha re ntse re rapela re ka ’na ra hopola lintho tse molemo tse boletsoeng ka Lentsoeng la Molimo, ’me ka tsela eo ‘ra iphumanela matšeliso.’ (Pesaleme ea 119:52) Ha re ntse re rapela ka tieo joalo, re ka ’na ra hopola molao oa Mangolo kapa molao-motheo o re fang matšeliso le sebete tse hlokahalang ha re le boemong bo sithabetsang.
16. Ke’ng seo bahlanka ba Molimo ba sa kang ba se etsa ho sa tsotellehe mahloriso?
16 Ba iketelletsang pele ba neng ba fetola mopesaleme litšeho e ne e le Baiseraele—litho tsa sechaba se inehetseng ho Molimo. E ne e le mahlabisa-lihlong a makaakang! Leha ho le joalo, ho fapana le bona, a re ikemisetseng hore le ka mohla re se ke ra kheloha molaong oa Molimo. (Pesaleme ea 119:51) Ha bahlanka ba Molimo ba likete ba tobane le ho hlorisoa ke Manazi le tšoaro e mpe joalo ho theosa le lilemo, ba hanne ho kheloha melao le melao-motheo e ka Lentsoeng la Molimo. (Johanne 15:18-21) Ho mamela Jehova hase moroalo ho hang, etsoe melao ea hae ea tsamaiso e joaloka lipina tsa thoriso tse re tšelisang.—Pesaleme ea 119:54; 1 Johanne 5:3.
Ananela Lentsoe la Jehova
17. Ho ananela lentsoe la Molimo ho re susumelletsa ho etsa’ng?
17 Re bontša hore re ananela lentsoe la Molimo ka ho phela tumellanong le lona. (Pesaleme ea 119:57-64) Mopesaleme o ile a ‘tšepisa ho boloka mantsoe a Jehova,’ esita le ‘har’a mp’a bosiu o ne a tsoha hore a lebohe Molimo bakeng sa liqeto tsa Hae tsa boahloli tse lokileng.’ Haeba re phaphama bosiu, oo e ka ba monyetla o babatsehang hakaakang oa hore re lebohe Molimo ka thapelo! (Pesaleme ea 119:57, 62) Ho ananela lentsoe la Molimo ho re susumelletsa ho batla thuto ea hae ’me ho re etsa ‘balekane ba thabileng ba ba tšabang Jehova’—batho ba tšabang Molimo ka tsela e nang le tlhompho. (Pesaleme ea 119:63, 64) Na ho ka ba le botsoalle bo molemo ho feta boo lefatšeng?
18. Jehova o arabela lithapelo tsa rōna joang ha ‘liropo tsa ba khopo li re thatela’?
18 Ha re rapela ka lipelo tsohle tsa rōna ’me ka boikokobetso re kōpa Jehova hore a re rute, re ‘nolofatsa sefahleho sa hae’ re tšepile hore re tla fumana mohau oa hae. Haholo-holo re lokela ho rapela ha ‘liropo tsa ba khopo li re thatela.’ (Pesaleme ea 119:58, 61) Jehova a ka khaola liropo tsa sera tsa thibelo ’me a re lokolla hore re tsoele pele ka mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Sena se bonahetse khafetsa linaheng tseo ho tsona mosebetsi oa rōna o ’nileng oa thibeloa.
E-ba le Tumelo Lentsoeng la Molimo
19, 20. Ke ka tsela efe ho ba mahlorehong ho ka bang hotle?
19 Ho ba le tumelo ho Molimo le lentsoeng la hae ho re thusa ho mamella mahloreho le ho tsoela pele re etsa thato ea hae. (Pesaleme ea 119:65-72) Le hoja ba iketelletsang pele ba ne ba ‘mo netile ka leshano,’ mopesaleme o ile a bina a re: “Ho hotle ho ’na hore ebe ke ’nile ka hlorisoa.” (Pesaleme ea 119:66, 69, 71) Ke ka tsela efe ho neng ho ka ba hotle hore mohlanka leha e le ofe oa Jehova a mamelle mahloreho?
20 Ha re le mahlorehong, ha ho pelaelo hore re kōpa Jehova ka tieo, ’me seo se re atametsa haufi le eena. Re ka qeta nako e eketsehileng re ithuta Lentsoe la Molimo le ngotsoeng ’me re leka ka matla ho le sebelisa. Sena se fella ka bophelo bo thabileng haholoanyane. Empa ho thoe’ng haeba re sebetsana le mahloreho ka tsela e bontšang litšobotsi tse sa rateheng, tse kang ho hloka mamello le boikhohomoso? Ka thapelo e tiileng le ka thuso ea Lentsoe la Molimo le moea oa hae, re ka hlōla mefokolo e joalo ’me ra ‘ikapesa botho bo bocha’ ka botlalo. (Bakolose 3:9-14) Ho feta moo, tumelo ea rōna ea matlafala ha re mamella tsietsi. (1 Petrose 1:6, 7) Pauluse o ile a rua molemo matšoenyehong a hae hobane a ne a etsa hore a itšetlehe ka Jehova haholoanyane. (2 Bakorinthe 1:8-10) Na re lumella hore ho utloa bohloko ho re tsoele molemo?
U Tšepe Jehova Kamehla
21. Ho etsahala’ng ha Molimo a etsa hore ba iketelletsang pele ba hlajoe ke lihlong?
21 Lentsoe la Molimo le re fa lebaka le utloahalang la ho tšepa Jehova. (Pesaleme ea 119:73-80) Haeba ka sebele re tšepa ’Mōpi oa rōna, re ke ke ra ba le lebaka la ho hlajoa ke lihlong. Leha ho le joalo, re hloka matšeliso ka lebaka la seo ba bang ba se etsang ’me re ka ’na ra rapela tjena: “Ba iketelletsang pele ba hlajoe ke lihlong.” (Pesaleme ea 119:76-78) Ha Jehova a hlabisa ba joalo lihlong, sena se fella ka hore litsela tsa bona tse khopo li pepesoe le hore lebitso la hae le halalelang le hloekisoe. Re ka kholiseha hore ruri ba hlorisang batho ba Molimo ha ba fumane molemo oa letho. Ka mohlala, ha ho mohla ba kileng ba felisa Lipaki Tsa Jehova—ebile ba ke ke ba hlola ba li felisa—hobane li tšepile Molimo ka lipelo tsohle tsa tsona.—Liproverbia 3:5, 6.
22. Ke ka kutloisiso efe mopesaleme a neng a le “joaloka lekuka mosing”?
22 Lentsoe la Molimo le matlafatsa tšepo ea rōna ho eena ha re hlorisoa. (Pesaleme ea 119:81-88) Kahobane ba iketelletsang pele ba ne ba mo hlorisa, mopesaleme o ne a ikutloa “joaloka lekuka mosing.” (Pesaleme ea 119:83, 86) Mehleng ea Bibele, makuka a ne a sebelisetsoa ho tšela metsi, veine le lintho tse ling tse metsi. Makuka ana a ne a ka shoabana haeba a fanyehiloe haufi le mollo ka kamoreng e tletseng mosi. Na mathata kapa mahloriso a etsa hore u ikutloe eka u ‘lekuka ka mosing’? Haeba ho joalo, tšepa Jehova ’me u rapele tjena: “Mpoloke ke phela ho ea ka mosa oa hao o lerato, e le hore nka boloka khopotso ea molomo oa hao.”—Pesaleme ea 119:88.
23. Re tšohlile eng ha re ntse re hlahloba Pesaleme ea 119:1-88, hona re ka ipotsa eng ha re le mothating oa ho ithuta Pesaleme ea 119:89-176?
23 Seo re se hlahlobileng karolong ea pele ea Pesaleme ea 119 se bontša hore Jehova o tšoara bahlanka ba hae ka mosa o lerato hobane ba tšepa lentsoe la hae ’me ba rata litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng, likhopotso tsa hae, litaelo tsa hae le melao ea hae. (Pesaleme ea 119:16, 47, 64, 70, 77, 88) O khahloa ke ha ba inehetseng ho eena ba itebela ho ea ka lentsoe la hae (Pesaleme ea 119:9, 17, 41, 42). Ha u ntse u lebeletse ka thabo ho ithuta karolo e qetellang ea pesaleme ena e khothatsang, u ka ’na ua ipotsa, ‘Na ruri ke lumella lentsoe la Jehova ho khantša tsela ea ka?’
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mona ho buuoa ka molaetsa oa Jehova, eseng taba eohle e ka Bibeleng—e leng Lentsoe la Molimo.
U ka Araba Joang?
• Thabo ea ’nete e itšetlehile ka eng?
• Lentsoe la Jehova le re boloka re hloekile moeeng joang?
• Lentsoe la Molimo le fana ka sebete le matšeliso ka litsela life?
• Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le tumelo ho Jehova le lentsoeng la hae?
[Litšoantšo tse leqepheng la 11]
Ruthe, Rahaba le bacha ba Baheberu ba neng ba le botlamuoeng Babylona ‘ba ile ba itebela ho ea ka lentsoe la Molimo’
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Pauluse o ile a bua ‘likhopotso tsa Molimo ka pel’a marena’ ka sebete