Pono ea Bibele
Ha Metsoalle e Alimana Chelete
“E MOBE OA ALIMA, ’ME HA A BUSE; EMPA EA LOKILENG O NA LE MOHAU, OA FANA.”—PESALEME EA 37:21.
“HO SE be ea alimang, leha e le ea alimanang ka chelete; kaha hangata chelete e alimanoeng ea fela le bona botsoalle bo fele.” Ke kamoo sengoli sa litšoantšiso sa Lenyesemane William Shakespeare se ngotseng kateng, e le ha se pheta maele a khale. Ka sebele, hase litšebelisano tse ngata tsa batho tse ka ’nang tsa fella ka lehloeo joaloka tsa kalimano ea chelete. Esita leha ho raliloe maano a molemo ka ho fetisisa ’me lintho li entsoe ka sepheo se setle, hase kamehla lintho li tsamaeang joalokaha li lebeletsoe.—Moeklesia 9:11, 12.
Ho ka ’na ha hlaha maemo a thatafalletsang ea alimileng kapa a mo sitisang hore a phethahatse boitlamo ba hae. Kapa ea alimaneng a ka ’na a iphumana ka tšohanyetso a hloka chelete eo a alimaneng ka eona. Ha maemo a joalo a hlaha, joalokaha Shakespeare a bontšitse, botsoalle le tšebelisano-’moho li ka ba kotsing.
Ke ’nete hore motho a ka ’na a ba le mabaka a utloahalang a hore a alime chelete e itseng. A tobane le mathata a lichelete a bakiloeng ke ho hlaheloa ke kotsi e mpe kapa ho lahleheloa ke mosebetsi, a ka ’na a fumana e le oona mohloli feela oa thuso. Bibele e khothalletsa hore ba ka khonang ho thusa ba bohloking ba etse joalo ha ho le matleng a bona. (Liproverbia 3:27) Sena se ka ’na sa akarelletsa ho ba alima chelete. Leha ho le joalo, Bakreste ba etsang tumellano e joalo ba lokela ho talima boitlamo ba bona joang?
Melao-motheo e Lokelang ho Hlokomeloa
Bibele hase buka e fanang ka tataiso litabeng tsa lichelete. Ha e tšohle lintlha tsohle tse ka ’nang tsa ameha tabeng ea kalimano ea chelete. Taba ea ho batla tsoala kapa ho se e batle le ea hore na ho batloa tsoala e kae ke taba ea batho ka bomong ba amehang.a Leha ho le joalo, seo Bibele e fanang ka sona ke melao-motheo e hlakileng, e lerato e lokelang ho laola boikutlo le boitšoaro ba mang le mang ea alimang kapa ea alimanang ka chelete.
Nahana ka melao-motheo e sebetsang ho ea alimang. Moapostola Pauluse o ile a phehella Bakreste hore ba se ke ba “kolota mang kapa mang ntho leha e le ’ngoe, haese ho ratana.” (Baroma 13:8) Le hoja mona Pauluse a ne a bua ka molao-motheo o pharaletseng, ka sebele keletso ea hae e ka nkoa e le temoso khahlanong le ho etsa sekoloto. Ka linako tse ling ho molemo hore motho a lule a se na chelete ho e-na le hore a e alime ho motho e mong. Hobane’ng? Liproverbia 22:7 e hlalosa hore “ea alimang ke mofo oa eo a alimileng ho eena.” Ea alimileng o tlameha ho hlokomela hore o tlas’a tlamo, ho fihlela chelete e lefiloe. Ka hona, matlotlo a hae hase a hae ka ho feletseng. Ho lefa sekoloto ho ea ka tumellano e entsoeng e lokela ho ba ntho ea pele bophelong ba hae, ho seng joalo mathata a ka ’na a hlaha.
Ka mohlala, ea alimaneng a ka ’na a khopeha haeba nako e ntse e feta empa ho sa lefuoe chelete e lokelang ho lefuoa. Ea alimaneng a ka ’na a talima lintho tseo ea alimileng a li etsang tse kang ho reka liaparo, ho ja lireschorenteng, kapa ho ea phomolong e le tse belaetsang. Lehloeo le ka ’na la e-ba teng. Tšebelisano pakeng tsa bona esita le pakeng tsa malapa a bona e ka ’na ea fokotseha kapa ea senyeha. Tseo e ka ba liphello tse bohloko haeba ea alimileng a sa phelele lentsoe la hae.—Matheu 5:37.
Empa ho thoe’ng haeba ka tšohanyetso ea alimileng a sitisoa ho phethahatsa boitlamo ba hae ka lebaka la maemo ao a ke keng a a qoba? Na see se tla hlakola sekoloto sa hae? Che. Mopesaleme o re motho ea lokileng ha “a hlapantse, a ke ke a koeneha.” (Pesaleme ea 15:4) Boemong bo joalo, ntho e lerato le e bohlale eo ea alimileng a ka e etsang ke hore a ee hang-hang ho ea alimaneng ’me a mo hlalosetse boemo. Joale ba ka etsa litokisetso tse ling. Sena se tla boloka khotso ’me se tla khahlisa Jehova Molimo.—Pesaleme ea 133:1; 2 Bakorinthe 13:11.
Ha e le hantle, motho o senola ho hongata ka eena ka tsela eo a sebetsang likoloto tsa hae ka eona. Boikutlo ba ho se tsotelle ho lefa likoloto bo senola boikutlo ba ho se tsotelle ba bang. Ha e le hantle, motho ea nang le boikutlo boo o bontša boithati—litakatso tsa hae le thato ea hae li tla pele ho tsa ba bang. (Bafilippi 2:4) Mokreste eo ka boomo le ka boikemisetso a hanang ho lefa likoloto tsa hae o beha boemo ba hae ho Molimo kotsing, ’me liketso tsa hae li ka ’na tsa bontša hore o meharo le hore o na le pelo e mpe.—Pesaleme ea 37:21.
Ea Alimanang
Le hoja boikarabelo bo boholo bo le mahetleng a ea alimang, ho boetse ho na le melao-motheo e sebetsang ho ea alimanang. Bibele e bontša hore haeba ho le matleng a rōna ho thusa ba hlokang, re lokela ho etsa joalo. (Jakobo 2:14-16) Empa seo ha se bolele hore motho o tlameha ho alimana ka chelete, esita le haeba ea e alimang ke mor’abo rōna oa moea. Bibele e re: “Motho ea pelo-keletsi o bonela kotsi pele, ’me oa itšireletsa.”—Liproverbia 22:3.
Kaha motho ea masene oa tseba ’me o utloisisa likotsi tse ipatileng tse amehang tabeng ea kalimano ea chelete, o tla nahanisisa ka kōpo leha e le efe e etsoang ho eena ea hore a alimane ka chelete. Na kōpo eo ea utloahala? Na motho ea kōpang kalimo o nahanisitse taba eo? Na motho ea batlang kalimo ke motho ea hlophisehileng le ea botumo bo botle? Na o ikemiselitse ho tekenela tokomane e hlalosang litumellano tsa kalimo? (Bapisa le Jeremia 32:8-14.) Na o hlile o ikemiselitse ho lefa chelete eo?
Sena hase bolele hore Mokreste o lokela ho hana ho alima mohloki ea bonahalang eka a ka ’na a thatafalloa ho lefa sekoloto. Tlamo eo Bakreste ba nang le eona ho batho ba bang e fetela ka ’nģane ho litšebelisano tsa molao oa khoebo. Moapostola Johanne oa botsa: “Mang kapa mang ea nang le mokhoa oa lefatše lena oa ho tšehetsa bophelo ’me a bona mor’abo a hloka ’me leha ho le joalo a mo koalla monyako oa qenehelo ea hae e bonolo, lerato la Molimo le lula ka tsela efe ho eena?” E, Bakreste ba lokela ho bontša lerato, “eseng ka lentsoe leha e le ka leleme, empa ka ketso le ’nete.”—1 Johanne 3:17, 18.
Maemong a mang motho a ka ’na a etsa qeto ea hore a se ke a alimana ka chelete ho mor’abo ea hlokang. A ka ’na a khetha ho mo etsetsa mpho kapa thuso ea mofuta o itseng. Ka tsela e tšoanang, haeba mathata a hlaha tumellanong ea kalimano, ea alimaneng a ka ’na a khetha ho sebetsa lintho ka tsela e bontšang mohau. A ka ’na a nahanela maemo a fetohileng a ea alimileng ’me a eketsa nako ea hore sekoloto se lefshoe, a fokotsa tefo, esita le hona ho hlakola sekoloto ka ho feletseng. Tsena ke liqeto tsa botho tseo motho ka mong a lokelang ho iketsetsa tsona.
Bakreste ba lokela ho hopola hore Molimo o bona lintho tsohle le hore o tla re nka re ikarabella bakeng sa tsela eo re itšoarang ka eona le eo re sebelisang matlotlo a rōna ka eona. (Baheberu 4:13) Ka sebele keletso ea Bibele ea hore re etse hore ‘litaba tsohle tsa rōna li etsahale ka lerato’ ea sebetsa ha metsoalle e alimana chelete.—1 Bakorinthe 16:14.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng tabeng ea ho batla tsoala cheleteng e alimiloeng, ka kōpo bona tokollo ea Molula-Qhooa ea October 15, 1991, leqepheng la 25-8.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
“Motho ea Alimanang ka Chelete le Mosali oa Hae” (1514), ka Quentin Massys
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Scala/Art Resource, NY