Re “Entsoe ka Mokhoa o Hlollang”
“Ka tsela e tšosang ke entsoe ka mokhoa o hlollang.”—PESALEME EA 139:14.
1. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba hlaphohetsoeng kelellong ba re Molimo ke eena ea entseng pōpo e hlollang e lefatšeng?
LEFATŠE le tletse pōpo e hlollang. E bile teng joang? Ba bang ba lumela hore re ka fumana karabo re sa botse ’Mōpi ea bohlale. Ba bang ba lumela hore ha re qhelela ’Mōpi ka thōko ka hohle-hohle, seo se re sitisa ho utloisisa tlhaho. Ba lumela hore libōpuoa tsa lefatše li entsoe ka mokhoa o rarahaneng haholo, li mefuta-futa, hape li hlolla hoo e ke keng eaba li bile teng ka mohlolo. Ho ea ka batho ba bangata, ho akarelletsa le bo-rasaense ba bang, ho na le bopaki bo bontšang hore bokahohleng bo bile le Moetsi ea bohlale, ea matla le ea molemo.a
2. Davida o ile a susumetsoa ke’ng hore a rorise Jehova?
2 Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ne a kholisehile hore ho na le Moetsi ea tšoaneloang ke thoriso ka lebaka la pōpo ea Hae e hlollang. Le hoja Davida a phetse nako e telele pele saense e tsoela pele kamoo e leng kateng kajeno, o ne a bona mehlala e hlollang ea mosebetsi oa pōpo ea Molimo. Ho ne ho hlokahala feela hore Davida a nahane ka tsela eo a entsoeng ka eona e le hore a hlolloe haholo ke bokhoni ba Molimo ba ho bōpa. O ile a ngola a re: “Ke tla u roka hobane ka tsela e tšosang ke entsoe ka mokhoa o hlollang. Mesebetsi ea hao ea hlolla, joalokaha moea oa ka o hlokomela hantle haholo.”—Pesaleme ea 139:14.
3, 4. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore e mong le e mong oa rōna a nahanisise ka ho teba ka mesebetsi ea Jehova?
3 Ho nahanisisa ka ho teba ho ile ha thusa Davida hore a be le kholiseho ena e matla. Kajeno, lithuto tsa sekolo le mecha ea phatlalatso li tletse likhopolo tse senyang tumelo tse mabapi le tšimoloho ea motho. Hore re be le tumelo e kang ea Davida, le rōna re lokela ho nahanisisa ka ho teba. Ho itšetleha ka maikutlo a batho ba bang ho kotsi, haholo-holo litabeng tsa bohlokoa tse kang boteng ba ’Mōpi le karolo eo a e phethang.
4 Ho feta moo, ho nahanisisa ka mesebetsi ea Jehova ho etsa hore re mo ananele haholoanyane hape ho etsa hore re be le tšepo ea hore litšepiso tsa hae tsa nakong e tlang li tla phethahala. Ka lehlakoreng le leng, seo se ka re susumelletsa hore re tsebe Jehova haholoanyane le ho mo sebeletsa. Ka lebaka leo, a re hlahlobeng kamoo saense ea kajeno e netefalitseng qeto ea Davida kateng ea hore re “entsoe ka mokhoa o hlollang.”
Tsela e Hlollang eo ’Mele ea Rōna e Hōlang ka Eona
5, 6. (a) Bophelo ba e mong le e mong oa rōna bo qalile joang? (b) Mosebetsi oa liphio tsa rōna ke ofe?
5 “U entse liphio tsa ka; u ile ua mpoloka ke sirelelitsoe ka mpeng ea ’Mè.” (Pesaleme ea 139:13) E mong le e mong oa rōna o qalile ka pōpelong ea ’mè oa hae e le sele e le ’ngoe e nyenyane ho feta letšoao la khutlo le qetellong ea polelo ena. Sele eo e nyenyane e ne e rarahane haholo—e ne e tšoana le laboratori ea lik’hemik’hale! E ile ea hōla ka potlako. Qetellong ea khoeli ea bobeli u le ka pōpelong, litho tsa hao tsa bohlokoa li ne li se li ntse li le teng. Tse ling tsa tsona ke liphio. Ha u hlaha, liphio tsa hao li ne li se li loketse ho sefa mali a hao—ho ntša lintho tse chefo le metsi a sa hlokahaleng ’meleng empa li boloka lintho tsa bohlokoa. Ka metsotso e meng le e meng e 45 liphio tsa hao tse peli, haeba li phetse hantle, li sefa metsi a ka etsang lilithara tse hlano maling a motho e moholo!
6 Liphio tsa hao li boetse li thusa ho lekanyetsa liminerale tse maling a hao hammoho le asiti le khatello ea mali. Li etsa mesebetsi e meng e mengata ea bohlokoa, e kang ho fetolela vithamine D mofuteng o mong o hlokahalang bakeng sa ho matlafatsa masapo le ho hlahisa hormone e bitsoang erythropoietin, e eketsang tlhahiso ea lisele tse khubelu masapong a hao. Ha ho makatse hore ebe ho ’nile ha thoe liphio li tšoana le “setsebi se hloahloa sa metsoako ’meleng”!b
7, 8. (a) Hlalosa hore na qalong lesea le e-s’o tsoaloe le hōla joang. (b) Ke joang lesea le ntseng le hōla le ‘lohuoang likarolong tse tlaase-tlaase tsa lefatše’?
7 “Masapo a ka a ne a sa pateha ho uena ha ke etsoa sephiring, ha ke lohuoa likarolong tse tlaase-tlaase tsa lefatše.” (Pesaleme ea 139:15) Sele ea pele e ile ea arohana, ’me lisele tse ncha tsa tsoela pele ho arohana. Kapele lisele tsena li ile tsa qala ho ba le libōpeho tse sa tšoaneng, kapa tsa etsa mesebetsi e khethehileng, tsa fetoha lisele tsa methapo ea kutlo, tsa mesifa, tsa letlalo, joalo-joalo. Lisele tsa mofuta o le mong lia kopana ho etsa linama li ntan’o etsa litho. Ka mohlala, bekeng ea boraro ka mor’a kemolo, masapo a ile a qala ho ba teng. Ha u ne u le libeke li supileng ’me u le bolelele ba lisentimithara tse ka bang 2,5 feela, masapo ’ohle a hao a 206 a ne a se a le teng, le hoja a ne a e-s’o tiee.
8 U ne u ntse u hōla ka tsela ena e hlollang ka har’a pōpelo ea ’mè oa hao, u sa bonahale mahlong a batho joalokaha eka u patiloe likarolong tse tlaase-tlaase tsa lefatše. Ka sebele, batho ha ba tsebe hakaalo hore na re hōla joang. Ka mohlala, ke’ng e ileng ea etsa hore liphatsa tse itseng tsa lefutso liseleng tsa hao li qale ho etsa mesebetsi e khethehileng? Saense e ka ’na ea qetella e fumane karabo, empa joalokaha Davida a tsoela pele ho bolela, Moetsi oa rōna—Jehova—haesale a utloisisa.
9, 10. Ke joang ho bōptjoa ha litho tsa lesea le ka pōpelong ho ‘ngotsoeng fatše bukeng’ ea Molimo?
9 “Mahlo a hao a ile a mpona ke sa le lesea le sa tsoa emoloa, likarolo tsohle tsa lona tsa ngoloa fatše bukeng ea hao, mabapi le matsatsi ao li ileng tsa bōptjoa ka ’ona ho ne ho e-s’o be le e ’ngoe har’a tsona.” (Pesaleme ea 139:16) Sele ea pele eo u entsoeng ka eona e ne e e-na le moralo o feletseng oa ’mele oohle oa hao. Moralo ona o ile oa laola tsela eo u hōlang ka eona ka likhoeli tse robong e leng pele u hlaha esita le ho fihlela u le motho e moholo ’me u fetile lilemo tse mashome a mabeli. Nakong ena, ’mele oa hao o ile oa feta methating e mengata, eo kaofela ha eona e neng e laoloa ke boitsebiso bo kentsoeng seleng eane ea pele.
10 Davida o ne a sa tsebe lisele le liphatsa tsa lefutso, a se na le microscope. Empa ka nepo o ile a hlokomela hore tsela eo ’mele oa hae o hōlang ka eona e ne e bontša hore e raliloe esale pele. E ka ’na eaba Davida o ne a e-na le tsebo e itseng ea hore na lesea le ka pōpelong le hōla joang, kahoo o ne a ka beha mabaka a hore mothati ka mong o lokela ho latela moralo le lenaneo le entsoeng esale pele. Ka puo ea liroki, ha a hlalosa moralo ona o ile a re o ‘ngotsoe fatše bukeng’ ea Molimo.
11. Litšobotsi tsa rōna li bile teng joang?
11 Kajeno, hoa tsebahala hore libōpeho tseo u li futsitseng ho batsoali ba hao le ho baholo-holo ba hao—tse kang seemo sa hao, litšobotsi tsa sefahleho, ’mala oa mahlo le oa moriri le litšobotsi tse ling tse likete-kete—li bile teng ka lebaka la liphatsa tsa hao tsa lefutso. Sele e ’ngoe le e ’ngoe ea hao e na le liphatsa tsa lefutso tse mashome a likete, ’me phatsa ea lefutso ka ’ngoe ke karolo ea letoto le lelelele la DNA (deoxyribonucleic acid). Ka har’a DNA ea hao ho ‘ngotsoe’ litaelo tsa kaheho ea ’mele oa hao. Nako le nako ha lisele tsa hao li arohana—e le hore li etse lisele tse ncha kapa li nkele tsa khale sebaka—DNA ea hao e fana ka litaelo tseo, ka tsela eo e etsa hore u tsoele pele u phela ’me libōpeho tsa hao li se ke tsa fetoha hakaalo. Ke mohlala o ikhethang hakaakang oa matla le bohlale ba Moetsi oa rōna ea leholimong!
Likelello Tsa Rōna Tse Ikhethang
12. Ke eng ka ho khetheha e etsang hore batho ba fapane le liphoofolo?
12 “Kahoo, menahano ea hao ke ea bohlokoa hakaakang ho ’na! Molimo, kakaretso e feletseng ea eona e kaakang! Ha ke ne nka leka ho e bala, e mengata le ho feta lehlabathe.” (Pesaleme ea 139:17, 18a) Le liphoofolo li entsoe ka mokhoa o hlollang, ’me tse ling li na le bokhoni bo itseng bo fetang ba batho. Empa Molimo o file batho likelello tse fetang hōle tsa phoofolo leha e le efe. Buka e ’ngoe ea ho ithuta saense e itse: “Le hoja rōna batho re tšoana le mefuta e meng ea lintho tse phelang ka litsela tse ngata, re fapane le tsona ka bokhoni ba rōna ba ho bua le ba ho nahana. Re boetse re fapane le tsona ka hore re ipotsa lipotso mabapi le sebōpeho sa rōna, tse kang: ’Mele ea rōna e entsoe joang? Re bōpiloe joang?” Tsena ke lipotso tseo Davida le eena a ileng a ipotsa tsona.
13. (a) Davida o ne a ka nahanisisa ka mehopolo ea Molimo joang? (b) Re ka latela mohlala oa Davida joang?
13 Taba ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore ho fapana le liphoofolo, re na le bokhoni bo ikhethang ba ho nahanisisa mehopolo ea Molimo.c Mpho ena e khethehileng ke e ’ngoe ea litsela tse bontšang hore re entsoe “ka setšoantšo sa Molimo.” (Genese 1:27) Davida o ile a sebelisa mpho ena hamolemo. O ile a nahanisisa ka bopaki ba hore Molimo o teng le ka litšobotsi tse molemo tse bonoang pōpong. Davida o ne a boetse a e-na le libuka tsa pele tsa Mangolo a Halalelang, tse bontšang litsela tseo Molimo a ileng a itšenola ka tsona le ho senola mesebetsi ea hae. Libuka tsena tse bululetsoeng li ile tsa thusa Davida ho utloisisa mehopolo ea Molimo, botho ba hae le morero oa hae. Davida o ile a susumelletseha ho rorisa Moetsi oa hae ha a ntse a nahanisisa ka Mangolo, ka pōpo le ka litšebelisano tsa Molimo le eena.
Seo Tumelo e se Bolelang
14. Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale hore re tsebe ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka Molimo e le hore re lumele ho eena?
14 Ha Davida a ntse a nahanisisa ka ho eketsehileng ka pōpo le ka Mangolo, o ne a hlokomela ka ho eketsehileng hore a ke ke a utloisisa lintho tsohle mabapi le tsebo le bokhoni ba Molimo. (Pesaleme ea 139:6) Ho joalo le ka rōna. Ha ho mohla re tla utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe mabapi le mesebetsi eohle ea pōpo ea Molimo. (Moeklesia 3:11; 8:17) Empa Molimo o “bonahalitse” tsebo e lekaneng ka Mangolong le linthong tsa tlhaho e le hore a nolofalletse batho ba batlang ’nete ba phelang mehleng leha e le efe hore ba be le tumelo e thehiloeng bopaking bo itseng.—Baroma 1:19, 20; Baheberu 11:1, 3.
15. Bontša hore na tumelo le kamano ea rōna le Molimo li amana joang.
15 Ho ba le tumelo ha ho bolele feela ho lumela hore e tlameha ebe ho na le Moqapi ea bohlale oa bophelo le bokahohleng. Ho bolela ho tšepa Jehova Molimo e le motho—motho ea batlang hore re mo tsebe ’me re lule re e-na le kamano e ntle le eena. (Jakobo 4:8) Re ka ’na ra nahana ka tumelo le tšepo eo motho a nang le eona ho ntate ea lerato. Haeba motho ea tletseng lipelaelo a belaella taba ea hore na ntate oa hao o ne a ka hla a u thusa ha u le maqakabetsing, mohlomong u ke ke ua khona ho mo kholisa hore ntate oa hao oa tšepahala. Empa haeba u tseba hore ntate oa hao o na le litšobotsi tse ntle, u ka kholiseha hore a ke ke a u soetsa. Ka ho tšoanang, ho tseba Jehova ka ho ithuta Mangolo, ka ho nahanisisa ka pōpo le ka ho fumana thuso ea hae ha a arabela lithapelo tsa rōna ho re susumelletsa ho mo tšepa. Ho etsa hore re batle ho ithuta haholoanyane ka eena le ho mo rorisa ka ho sa feleng ka lerato le se nang boithati le boinehelo. Seo ke sepheo se molemo ka ho fetisisa seo mang kapa mang a ka se hahamallang.—Baefese 5:1, 2.
Batla Tataiso ea Moetsi oa Rōna!
16. Re ka ithuta eng kamanong e haufi eo Davida a neng a e-na le eona le Jehova?
16 “Mpatlisise ka hohle, Molimo, ’me u tsebe pelo ea ka. Ntlhahlobe, ’me u tsebe menahano ea ka e ntlhokisang botsitso, u bone hore na ho na le tsela leha e le efe e bohloko ka ho ’na, u ntsamaise tseleng ea nako e sa lekanyetsoang.” (Pesaleme ea 139:23, 24) Davida o ne a hlokomela hore Jehova o se a ntse a mo tseba ka ho feletseng—Moetsi oa hae o ne a tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e nahana, a e bua, kapa a e etsa. (Pesaleme ea 139:1-12; Baheberu 4:13) Tsebo e joalo e tebileng eo Molimo a neng a e-na le eona e ile ea etsa hore Davida a ikutloe a sireletsehile, feela joalokaha ngoana e monyenyane a ikutloa a sireletsehile ha motsoali oa hae ea lerato a mo sikile. Davida o ne a boulela kamano ena e haufi le Jehova ’me a leka ka tieo ho e boloka ka ho nahana ka ho teba ka mesebetsi ea Hae le ka ho Mo rapela. Ha e le hantle, lipesaleme tsa Davida tse ngata—ho akarelletsa le Pesaleme ea 139—ke lithapelo tse binoang. Ka ho tšoanang, ho nahanisisa le ho rapela ho ka re thusa ho atamela haufi le Jehova.
17. (a) Ke hobane’ng ha Davida a ne a batla hore Jehova a hlahlobe pelo ea hae? (b) Tsela eo re sebelisang bolokolohi ba rōna ba ho ikhethela ka eona e ama bophelo ba rōna joang?
17 Kaha re entsoe ka setšoantšo sa Molimo, re filoe bolokolohi ba ho ikhethela. Re ka khetha ho etsa se molemo kapa se sebe. Bolokolohi boo bo tsamaea le boikarabelo. Davida o ne a sa batle ho balelloa le ba khopo. (Pesaleme ea 139:19-22) O ne a batla ho qoba ho etsa liphoso tse utloisang bohloko. Kahoo, ha Davida a nahanisisa ka taba ea hore Jehova o tseba lintho tsohle, o ile a kōpa Molimo ka boikokobetso hore a hlahlobisise pelo ea hae, ’me a mo tataisetse tseleng e isang bophelong. Litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro tse lokileng li sebetsa ho e mong le e mong; ka hona, ho hlokahala hore le rōna re etse liqeto tse nepahetseng. Jehova o phehella e mong le e mong oa rōna hore a mo mamele. Ka ho etsa joalo re ka fumana mohau oa Jehova le melemo e mengata. (Johanne 12:50; 1 Timothea 4:8) Ho tsamaea le Jehova letsatsi le letsatsi ho re thusa ho ba le khotso ea kelello, leha re talimane le mathata a boima.—Bafilipi 4:6, 7.
Latela Moetsi oa Rōna ea Hlollang!
18. Davida o ile a etsa qeto efe ha a ntse a nahanisisa ka pōpo?
18 Ha Davida e sa le mocha, o ne a atisa ho alosa mehlape naheng. Linku li ne li fula li iname, empa eena o ne a lelaletsa mahlo maholimong. Lefifing la bosiu, Davida o ne a nahanisisa ka botle bo hlollang ba bokahohleng le morero oo bo entsoeng ka oona. Davida o ile a ngola a re: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo; sepakapaka se bolela mosebetsi oa matsoho a hae. Letsatsi le leng ka mor’a le leng le etsa hore puo e khaphatsehe, bosiu bo bong ka mor’a bo bong bo bonahatsa tsebo.” (Pesaleme ea 19:1, 2) Davida o ne a utloisisa hore ho hlokahala hore a batle a be a latele Ea entseng lintho tsohle ka tsela e hlollang hakana. Ho hlokahala hore re etse se tšoanang.
19. Ba banyenyane le ba baholo ba ka ithuta’ng tabeng ea hore ba “entsoe ka mokhoa o hlollang”?
19 Davida o ile a beha mohlala mabapi le keletso eo mora oa hae Solomone a ileng a e fa bacha e reng: “U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo, hona joale, matsatsing a bohlankana ba hao . . . Tšaba Molimo oa ’nete ’me u boloke litaelo tsa hae. Etsoe sena ke sohle seo motho a tlamehang ho se etsa.” (Moeklesia 12:1, 13) Ha Davida e sa le mocha o ne a se a ntse a hlokomela hore o “entsoe ka mokhoa o hlollang.” Ho phela tumellanong le kutloisiso ena ho ile ha mo ruisa melemo e meholo bophelong bohle ba hae. Haeba rōna, ba banyenyane le ba baholo, re rorisa ’Mōpi oa rōna e Moholo re bile re mo sebeletsa, re tla phela hamonate hona joale le nakong e tlang. Bibele e bua tjena ha e tšepisa ba lulang haufi le Jehova ’me ba phela tumellanong le litsela tsa hae tsa ho loka: “Ba tla ’ne ba atlehe nakong ea bohlooho-putsoa, ba tla tsoela pele ba nonne ’me ba le bacha, ba bolele hore Jehova o lokile.” (Pesaleme ea 92:14, 15) Re tla ba le tšepo ea ho thabela mesebetsi e hlollang ea Moetsi oa rōna ka ho sa feleng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Tsoha! ea July 8, 2004 e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
b Bona le sehlooho se reng, “Your Kidneys—A Filter for Life,” Tsoheng! ea Senyesemane ea August 8, 1997.
c Ekare mantsoe a Davida a ho Pesaleme ea 139:18b a bolela hore ha a ne a ka qeta letsatsi lohle ho fihlela a robala bosiu a ntse a bala menahano ea Jehova, hoseng ha a tsoha, o ne a tla be a ntse a saletsoe ke e eketsehileng eo a lokelang ho e bala.
Na U ka Hlalosa?
• Tsela eo lesea le ka pōpelong le hōlang ka eona e bontša joang hore re “entsoe ka mokhoa o hlollang”?
• Ke hobane’ng ha re lokela ho nahanisisa ka mehopolo ea Jehova?
• Tumelo e amana joang le kamano ea rōna le Jehova?
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Lesea le ka pōpelong le hōla ho latela moralo o entsoeng esale pele
DNA
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Unborn fetus: Lennart Nilsson
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Re tšepa Jehova joaloka bana ba tšepang ntate ea lerato
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ho nahanisisa ka mosebetsi oa matsoho a Jehova ho ile ha susumetsa Davida hore a Mo rorise