Tšepa Jehova, ’me U be Sebete
“Tšepa Jehova; e-ba sebete ’me pelo ea hao e be matla. E, u tšepe Jehova.”—PESALEME EA 27:14.
1. Tšepo e bohlokoa hakae, hona lentsoe lee le sebelisitsoe joang ka Mangolong?
TŠEPO ea sebele e joaloka leseli le khanyang. E re thusa hore re se ke ra talima feela liteko tsa hona joale empa e re thusa ho tobana le bokamoso ka sebete le thabo. Ke Jehova feela ea ka re fang tšepo e tiileng, ’me o re fa eona ka Lentsoe la hae le bululetsoeng. (2 Timothea 3:16) Ha e le hantle, mantsoe ana “tšepo,” “tšepile,” le “ho ba le tšepo” a hlaha ka makhetlo a mangata ka Bibeleng ’me a bolela ho lebella ntho e itseng e molemo ka tjantjello le ka kholiseho le morero oa ntho eo e lebeletsoeng.a Tšepo e joalo hase takatso e itseng feela, e se nang motheo kapa eo ho ka ’nang ha etsahala hore e se ke ea phethahala.
2. Tšepo e ile ea ama bophelo ba Jesu joang?
2 Ha Jesu a ne a tobane le liteko le mathata, ha aa ka a talima feela boemo boo a neng a le ho bona ka nako eo empa o ile a tšepa Jehova. “Ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae o ile a mamella thupa ea tlhokofatso, a sa natse lihlong, ’me o lutse ka letsohong le letona la terone ea Molimo.” (Baheberu 12:2) Kaha Jesu o ne a tsepamisitse maikutlo haholo tšepong ea ho tlosa qoso bobusing ba Jehova le ho halaletsa lebitso la Hae, ha ho mohla a ileng a kheloha tseleng ea hae ea ho mamela Molimo, ho sa tsotellehe lintho tseo a neng a lokela ho li mamella.
3. Tšepo e ama bophelo ba bahlanka ba Molimo joang?
3 Morena Davida o bontša kamoo tšepo le sebete li amanang kateng, ha a re: “Tšepa Jehova; e-ba sebete ’me pelo ea hao e be matla. E, u tšepe Jehova.” (Pesaleme ea 27:14) Haeba re batla hore lipelo tsa rōna li be matla, le ka mohla ha rea lokela ho lumella hore tšepo ea rōna e be lerootho empa ka linako tsohle re lokela ho lula re nahana ka eona ’me re e nke e le ea bohlokoa. Ho etsa joalo ho tla re thusa hore re etsise Jesu ka ho bontša sebete le cheseho ha re ntse re kopanela mosebetsing oo a laetseng barutuoa ba hae hore ba o etse. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Ha e le hantle, ka Bibeleng tšepo e boleloa hammoho le tumelo le lerato e le tšobotsi ea bohlokoa e tšoarellang nako e telele eo bahlanka ba Molimo ba lokelang ho e bontša bophelong ba bona.—1 Bakorinthe 13:13.
Na U ‘Atetsoe ke Tšepo’?
4. Bakreste ba tlotsitsoeng hammoho le bo-mphato ba bona ba “linku tse ling” ba lebeletse eng ka tjantjello?
4 Batho ba Molimo ba letetsoe ke bokamoso bo babatsehang. Bakreste ba tlotsitsoeng ba letetse ka tjantjello ho ea sebeletsa le Kreste leholimong, ha “linku tse ling” tsona li lebeletse ho “lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me [li] be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo [ba lefatšeng].” (Johanne 10:16; Baroma 8:19-21; Bafilipi 3:20) ‘Tokoloho eo e khanyang’ e akarelletsa ho lokolloa sebeng le liphellong tsa sona tse bohloko. Ka sebele, Jehova—Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng”—o tla fa batho ba hae ba tšepahalang mpho e molemo ka ho fetisisa.—Jakobo 1:17; Esaia 25:8.
5. Re “ateloa ke tšepo” joang?
5 Tšepo ea Bokreste e lokela ho ama bophelo ba rōna hakae? Ho Baroma 15:13, rea bala: “E se eka Molimo ea fanang ka tšepo a ka le tlatsa thabo eohle le khotso ka ho lumela ha lōna, e le hore le ka ateloa ke tšepo ka matla a moea o halalelang.” Ha e le hantle, tšepo e ka tšoantšoa le mahlaseli a khanyang a letsatsi la hoseng, a etsang hore motho a be le khotso bophelong, thabo, morero le sebete, e ke ke ea tšoantšoa le khanya ea kerese lefifing. Hlokomela hore re “ateloa ke tšepo” ha re lumela Lentsoe la Molimo le ngotsoeng ’me re amohela moea oa hae o halalelang. Baroma 15:4 e re: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” Kahoo ipotse: ‘Na ke boloka tšepo ea ka e khanya ka ho khothalla ho ithuta Bibele, ka ho e bala letsatsi le leng le le leng? Na ke rapella moea oa Molimo khafetsa?’—Luka 11:13.
6. E le hore tšepo ea rōna e lule e khanya, re lokela ho itebela ho eng?
6 Jesu, e leng ’Mehi-mohlala oa rōna, o ile a matlafatsoa ke Lentsoe la Molimo. Haeba re nahana ka hloko ka eena, re ke ke ra ‘khathala eaba re felloa ke matla meeeng ea rōna.’ (Baheberu 12:3) Ho hlakile hore haeba tšepo eo Molimo a re fileng eona e fifala ka likelellong le lipelong tsa rōna kapa haeba re khelosoa ke lintho tse ling—mohlomong lintho tse bonahalang kapa lipakane tsa lefatše—kapele re tla iphumana re se re khathala moeeng, ’me qetellong re tla felloa ke matla le sebete sa ho phela ka melao-motheo ea boitšoaro. Haeba re le boemong bo joalo, re ka ba ra “senyeheloa ke tumelo joaloka sekepe se soahlamaneng.” (1 Timothea 1:19) Ka lehlakoreng le leng, tšepo ea sebele e re matlafatsa tumelong.
Tšepo ke Karolo ea Bohlokoa ea Tumelo
7. Ke joang tšepo e leng karolo ea bohlokoa ea tumelo?
7 Bibele e re: “Tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona, ke bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” (Baheberu 11:1) Ka hona, tšepo hase feela ntho e eketsang tumelo; ke karolo ea bohlokoa ea tumelo. Nahana ka Abrahama. Ponong ea batho, eena le mosali oa hae Sara, ba ne ba fetile lilemo tsa ho ba le bana ha Jehova a ne a ba tšepisa hore ba tla ba le mojalefa. (Genese 17:15-17) Abrahama o ile a re’ng? “Le hoja ho ne ho se na tšepo, empa leha ho le joalo motheong oa tšepo o ile a ba le tumelo, e le hore e ka ba ntat’a lichaba tse ngata.” (Baroma 4:18) Ka sebele, tšepo eo Molimo a neng a e file Abrahama e ile ea tiisa motheo oa tumelo ea hae ea hore o ne a tla ba le ngoana. Ka lebaka leo, tumelo ea hae, e ile ea matlafatsa tšepo ea hae le ho e tiisa. Kahoo, Abrahama le Sara ba ile ba ba le sebete sa ho siea lehae la bona le beng ka bona ’me ba qeta bophelo ba bona ba lula litenteng naheng esele!
8. Ho mamella ka botšepehi ho matlafatsa tšepo joang?
8 Abrahama o ile a boloka tumelo ea hae e le matla ka ho mamela Jehova ka ho feletseng, esita leha ho ne ho le thata ho etsa joalo. (Genese 22:2, 12) Ka ho tšoanang, haeba re mamela ebile re mamella tšebeletsong ea Jehova, re ka kholiseha hore re tla fumana moputso. Moapostola Pauluse o ile a ngola: ‘Mamello, e hlahisa boemo bo amohelehang; boemo bo amohelehang, bona, bo hlahisa tšepo, ’me tšepo ha e soetse.’ (Baroma 5:4, 5) Ke ka lebaka leo Pauluse a ileng a ngola hape a re: “Re lakatsa hore e mong le e mong oa lōna a bontše mafolofolo a tšoanang e le hore a be le kholiseho e feletseng ea tšepo ho fihlela bofelong.” (Baheberu 6:11) Boikutlo bo joalo bo botle, bo theiloeng kamanong e haufi le Jehova, bo ka re thusa ho tobana le bothata leha e le bofe ka sebete, le thabo.
“Thabang Tšepong”
9. Ke eng eo re lokelang ho e etsa kamehla e tla re thusa ho ‘thaba tšepong’?
9 Tšepo eo Molimo a re fileng eona e feta hōle ntho leha e le efe eo lefatše lena le ka fanang ka eona. Pesaleme ea 37:34 e re: “Tšepa Jehova ’me u boloke tsela ea hae, o tla u phahamisa hore u rue lefatše. Ha ba khopo ba felisoa, u tla ho bona.” Ka sebele, re na le mabaka ’ohle a ho ‘thaba tšepong.’ (Baroma 12:12) Leha ho le joalo, e le hore re etse joalo, re lokela ho lula re nahana ka tšepo ea rōna. Na kamehla u nahana ka tšepo eo Molimo a u fileng eona? Na u ipona u le Paradeiseng, u le sehlahlo ka lebaka la ho phela hantle, u se na matšoenyeho, u pota-potiloe ke batho bao u ba ratang ’me u etsa mosebetsi o u khotsofatsang e le kannete? Na u thuisa ka litšoantšo tsa Paradeise tse hlahang likhatisong tsa rōna? Ho thuisa ho joalo kamehla ho ka tšoantšoa le ho hloekisa fensetere e le hore motho a bone lintho hantle. Haeba re sa hloekise fensetere eo, kapele litšila li tla etsa hore re se ke ra bona ka ho hlaka lintho tse thahasellisang. Re ka ’na ra qala ho hoheloa ke lintho tse ling. Le ka mohla re se ke ra lumella hore seo se etsahale!
10. Ke hobane’ng ha ho lebella moputso ho bontša hantle hore re na le kamano le Jehova?
10 Ke ’nete hore lebaka le ka sehloohong le etsang hore re sebeletse Jehova ke hobane re mo rata. (Mareka 12:30) Leha ho le joalo, re lokela ho lebella moputso ka tabatabelo. Ha e le hantle, Jehova o batla hore re etse joalo! Baheberu 11:6 e re: “Kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho mo khahlisa, kaha ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” Ke hobane’ng ha Jehova a batla hore re mo talime e le Moputsi? Ke hobane ha re etsa joalo, re bontša hore re tseba Ntate oa rōna oa leholimo hantle. O seatla se bulehileng, ebile o rata bana ba hae. Nahana feela hore na re ne re tla hlonama le ho nyahama habonolo hakaakang haeba re ne re se na “bokamoso le tšepo”!—Jeremia 29:11.
11. Tšepo eo Moshe a neng a e filoe ke Molimo e ile ea mo thusa joang hore a etse liqeto tse bohlale?
11 Moshe ke mohlala o hlaheletseng oa motho ea ileng a nahanisisa ka tšepo eo a e filoeng ke Molimo. Kaha Moshe e ne e le “mora oa morali oa Faro,” o ne a e-na le monyetla oa ho ba le matla, boemo le maruo Egepeta. Na o ne a tla hahamalla lintho tsee, kapa na o ne a tla sebeletsa Jehova? Ka sebete Moshe o ile a khetha ho sebeletsa Jehova. Hobane’ng? Hobane o ile a “talima ka hloko tefong ea moputso.” (Baheberu 11:24-26) Ka sebele, Moshe ha aa ka a nka habobebe tšepo eo Jehova a neng a mo file eona.
12. Ke hobane’ng ha tšepo ea Bokreste e tšoana le helmete?
12 Moapostola Pauluse o ile a bapisa tšepo le helmete. Helmete ea rōna ea tšoantšetso e sireletsa matla a rōna a kelello, e re thusa ho etsa liqeto tse bohlale, ho ipehela lipakane tse bohlale le ho lula re tšepahala. (1 Bathesalonika 5:8) Na u roala helmete ea hao ea tšoantšetso ka linako tsohle? Haeba, joaloka Moshe le Pauluse, u etsa joalo, u ke ke ua beha tšepo ea hao ‘maruong a sa tsitsang, empa u tla e beha ho Molimo, ea re fang lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele.’ Ke ’nete hore, ho hlokahala sebete hore u se ke ua latela mekhoa e tloaelehileng ea ho hahamalla lipakane tsa boithati, empa u ke ke ua ikoahlaela seo u se entseng! Na u ka amohela ntho e ka tlaase ho “bophelo ba sebele,” bo tla fumanoa ke batho ba tšepang Jehova le ba mo ratang?—1 Timothea 6:17, 19.
“Ho Hang Nke ke ka U Tlohela”
13. Jehova o tiisetsa bahlanka ba hae ba tšepahalang eng?
13 Batho ba behang tšepo ea bona tsamaisong ea hona joale ea lintho ba lokela ho nahana ka ho teba ka lintho tse bohloko tse tla ba hlahela ha lefatše lena le ntse le apareloa ke “bohloko ba mahlomola” bo ntseng bo eketseha. (Matheu 24:8) Empa ba tšepang Jehova bona ha ba na tšabo eo. Ba tla ’ne ba ‘lule ba sireletsehile ’me ba ke ke ba khathatsoa ke ho tšaba tlokotsi.’ (Liproverbia 1:33) Kaha ha baa beha tšepo ea bona tsamaisong ea hona joale, ka thabo ba ela hloko keletso e latelang ea Pauluse: “Mokhoa oa lōna oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete, ha le ntse le khotsofaletse lintho tse teng. Etsoe o itse: ‘Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.’”—Baheberu 13:5.
14. Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa lokela ho tšoenyeha ho sa hlokahale ka lintho tseo ba li hlokang nameng?
14 Tšepiso ena e bontša ka ho hlaka hore Molimo o tla re hlokomela. Jesu le eena o ile a re tiisetsa hore Molimo oa re rata, ha a re: “Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle [litlhoko tsa lintho tse bonahalang] le tla li ekeletsoa. Kahoo, le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etsoe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona.” (Matheu 6:33, 34) Jehova oa tseba hore ha ho bonolo hore re chesehele ’Muso oa hae re be re jare boikarabelo bo feletseng ba ho itlhokomela nameng. Kahoo a re mo tšepeng ka botlalo kaha o na le matla a ho hlokomela litlhoko tsa rōna ebile o rata ho etsa joalo.—Matheu 6:25-32; 11:28-30.
15. Bakreste ba etsa joang hore ‘mahlo a bona a lule a talimile nģa e le ’ngoe’?
15 Re bontša hore re tšepile Jehova ha re etsa hore ‘mahlo a rōna a lule a talimile nģa e le ’ngoe.’ (Matheu 6:22, 23) Leihlo le talimang nģa e le ’ngoe lea tšepahala, le na le sepheo se nepahetseng, ha le meharo ebile ha le na takatso ea boithati. Ho ba le leihlo le talimang nģa e le ’ngoe ha ho bolele ho phela bofutsaneng ba boja-likata kapa ho hlokomoloha boikarabelo ba rōna ba Bokreste ba ho itlhokomela ka lintho tseo re li hlokang nameng. Ho e-na le hoo, ho bolela “ho hlaphoheloa kelellong” ha re ntse re etelletsa tšebeletso ea Jehova pele.—2 Timothea 1:7.
16. Ke hobane’ng ha re hloka tumelo le sebete e le hore re lule re e-na le leihlo le talimang nģa e le ’ngoe?
16 Ho ba le leihlo le talimang nģa e le ’ngoe ho hloka hore re be le tumelo le sebete. Ka mohlala, haeba mohiri a tsitlella hore kamehla u sebetse ka nako ea liboka tsa Bokreste, na ka sebete u tla khomarela lintho tse tlang pele bophelong ba hao joaloka Mokreste? Haeba motho a belaela hore Jehova o tla phethahatsa tšepiso ea Hae ea ho hlokomela bahlanka ba hae, joale Satane eena habonolo feela o tla eketsa khatello ’me motho eo a ka ’na a khaotsa ho tla libokeng ka ho feletseng. Ho hloka tumelo ho ka fa Satane monyetla oa hore a re laole, ’me eena, eseng Jehova, o tla re behela lintho tse lokelang ho tla pele bophelong ba rōna. Ka sebele seo e ne e tla ba tlokotsi!—2 Bakorinthe 13:5.
“Tšepa Jehova”
17. Ba tšepang Jehova ba hlohonolofatsoa joang esita le hona joale?
17 Khafetsa Mangolo a bontša hore ba tšepang Jehova ba atleha kamehla. (Liproverbia 3:5, 6; Jeremia 17:7) Ke ’nete hore, ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala hore ba khotsofalle bonyane boo ba nang le bona, empa ba nka seo e se letho ha se bapisoa le litlhohonolofatso tseo ba tla li fumana. Kahoo ba bontša hore ba “tšepa Jehova” ’me ba kholisehile hore qetellong o tla khotsofatsa ba tšepahalang ho eena ka ho ba fa lintho tsohle tse lakatsoang ke lipelo tsa bona. (Pesaleme ea 37:4, 34) Kahoo, ba thabile e le kannete esita le hona joale. “Tebello ea ba lokileng ke thabo, empa tšepo ea ba khopo e tla timela.”—Liproverbia 10:28.
18, 19. (a) Ke tiisetso efe e lerato eo Jehova a re fang eona? (b) Re etsa joang hore Jehova a be ka ‘letsohong la rōna le letona’?
18 Ha moshanyana a tsamaea le ntat’ae a mo tšoere ka letsoho, o ikutloa a sireletsehile. Le rōna re ikutloa re sireletsehile ha re tsamaea le Ntate oa rōna oa leholimo. Jehova o ile a re ho Iseraele: “U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena. . . . Ka sebele ke tla u thusa. . . . Etsoe ’na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho la hao le letona, ke ’na Ea reng ho uena, ‘U se ke ua tšoha. Ke tla u thusa.’”—Esaia 41:10, 13.
19 Ka sebele sena ke setšoantšo se bontšang boikutlo bo mofuthu hakaakang—sa hore Jehova o tšoara motho ka letsoho! Davida o ile a ngola: “Ke behile Jehova ka pel’a ka kamehla. Kahobane o letsohong la ka le letona, nke ke ka therekelisoa.” (Pesaleme ea 16:8) Re etsa joang hore Jehova a be ka ‘letsohong la rōna le letona’? Re etsa sena ka litsela tse peli. Ea pele, re lumella Lentsoe la hae hore le re tataise karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo; ’me ea bobeli, re nahanisisa ka moputso o babatsehang oo Jehova a re boloketseng oona. Mopesaleme Asafe o ile a bina: “Ke na le uena kamehla; u tšoere letsoho la ka le letona. U tla ntsamaisa ka keletso ea hao, ka mor’a moo u tla nkisa khanyeng.” (Pesaleme ea 73:23, 24) Ka lebaka la tiisetso ena, ka sebele re ka tobana le bokamoso re e-na le kholiseho.
“Topollo ea Lōna ea Atamela”
20, 21. Ba tšepang Jehova ba letetsoe ke bokamoso bofe?
20 Ha letsatsi ka leng le ntse le feta, ke habohlokoa le ho feta ho etsa hore Jehova a be ka letsohong la rōna le letona. Haufinyane, ha pheliso ea bolumeli ba bohata e qala, lefatše la Satane le tla ba matšoenyehong ao ho seng mohla le kileng la a bona. (Matheu 24:21) Batho ba se nang tumelo ba tla apareloa ke tšabo. Empa, nakong eo ea moferefere, bahlanka ba Jehova ba sebete ba tla thaba kahobane ba e-na le tšepo! Jesu o itse: “Ha lintho tsena li qala ho etsahala, le eme tsoee! ’me le phahamise lihlooho, hobane topollo ea lōna ea atamela.”—Luka 21:28.
21 Ka hona a re thabeleng tšepo eo Molimo a re fileng eona ’me re se ke ra thetsoa kapa ra hoheloa ke litšitiso tse mano tsa Satane. Ka nako e tšoanang, a re ikitlaelletseng ho ba le tumelo, lerato le tšabo ea bomolimo. Ha re etsa joalo, re tla ba le sebete sa ho mamela Jehova maemong ’ohle ’me re hanyetse Diabolose. (Jakobo 4:7, 8) “E-bang sebete, ’me e se eka lipelo tsa lōna li ka ba matla, lōna bohle ba letetseng Jehova.”—Pesaleme ea 31:24.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Le hoja ka Mangolong a Segerike a Bakreste lentsoe “tšepo” hangata le bua ka moputso oa leholimo o fumanoang ke Bakreste ba tlotsitsoeng, sehloohong sena, ho tšohloa tšepo e tloaelehileng.
Na U ka Araba?
• Tšepo e ile ea thusa Jesu joang hore a be sebete?
• Tumelo le tšepo li amana joang?
• Ke joang tšepo le tumelo li ka fang Mokreste sebete sa ho ipehela lipakane tse bohlale bophelong?
• Ke hobane’ng ha ba ‘tšepang Jehova’ ba ka letela bokamoso ba e-na le kholiseho?
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ebang u mocha kapa u hōlile, na u ipona u le Paradeiseng?