‘E-ba Sebete ’me U be Matla!’
“Le be sebete! Ke hlōtse lefatše.”—JOHANNE 16:33.
1. Ka lebaka la lira tse matla tse neng li emetse Baiseraele Kanana, ba ile ba khothatsoa joang?
HA Baiseraele ba le haufi le ho tšela Nōka ea Jordane ba e-ea Naheng e Tšepisitsoeng, Moshe o ile a re ho bona: “Le be sebete ’me le be matla. Le se ke la tšoha kapa la haroha matsoalo ka pel’a tsona, hobane Jehova Molimo oa lōna ke eena ea tsamaeang le lōna.” Joale, Moshe o ile a bitsa Joshua, ea neng a khethetsoe ho etella pele Baiseraele ho ba kenya Kanana, ’me a boela a mo eletsa hore a be sebete. (Deuteronoma 31:6, 7) Hamorao, Jehova ka boeena o ile a khothatsa Joshua, a re: “E-ba sebete ’me u be matla . . . U mpe u be sebete ’me u be matla haholo.” (Joshua 1:6, 7, 9) Mantsoe ao a ne a loketse. Ho ne ho hlokahala hore Baiseraele ba be sebete hore ba loantše lira tse matla tse neng li ba emetse ka mose ho Jordane.
2. Re tobane le boemo bofe kajeno, ’me ke eng seo re se hlokang?
2 Kajeno, Bakreste ba ’nete ba haufi le ho kena lefatšeng le lecha le tšepisitsoeng ’me joaloka Joshua, ba lokela ho ba sebete. (2 Petrose 3:13; Tšenolo 7:14) Leha ho le joalo, boemo ba rōna ha bo tšoane le ba Joshua. Joshua o ne a loana ka lisabole le marumo. Rōna re loana ntoa ea moea ’me ha ho hlokahale hore re nke lihlomo. (Esaia 2:2-4; Baefese 6:11-17) Ho feta moo, Joshua o ile a tlameha ho loana lintoa tse ngata tse mahlo-mafubelu esita le ka mor’a ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. Empa rōna re loana ntoa e mahlo-mafubelu hona joale pele re kena lefatšeng le lecha. A re hlahlobeng maemo a mang a hlokang hore re be sebete.
Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Loana?
3. Bibele e re’ng ka mohanyetsi oa rōna e moholo?
3 Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Rea tseba hore re simoloha ho Molimo, empa lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Mantsoe ana a bontša lebaka le ka sehloohong leo ka lona ho hlokahalang hore Bakreste ba loanele ho lula ba e-na le tumelo. Ha Mokreste a tšepahala, sena ke ho hlōla Satane Diabolose ka tsela e itseng. Ke ka lebaka leo Satane a tsamaeang joaloka “tau e purumang” e lekang ho tšosa le ho harola Bakreste ba tšepahalang. (1 Petrose 5:8) Ka sebele, o loantša Bakreste ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona. (Tšenolo 12:17) Ntoeng ena, o sebelisa batho ba phethang merero ea hae ba tseba kapa ba sa tsebe. Ho hlokahala sebete hore re eme re tiile khahlanong le Satane le mahlahana ’ohle a hae.
4. Jesu o ile a fana ka temoso efe, empa Bakreste ba ’nete ba bontšitse hore ba na le eng?
4 Kaha Jesu o ne a tseba hore Satane le mahlahana a hae ba ne ba tla ikitlaelletsa ho hanyetsa litaba tse molemo, O ile a lemosa balateli ba hae a re: “Batho ba tla nehelana ka lōna matšoenyehong ’me ba tla le bolaea, ’me le tla hlouoa ke lichaba tsohle ka lebaka la lebitso la ka.” (Matheu 24:9) Mantsoe ana a ile a phethahala lekholong la pele la lilemo, ’me aa phethahala le kajeno. Ka sebele, mahloriso ao ba bang ba Lipaki Tsa Jehova tsa kajeno ba ’nileng ba a mamella a bile bohloko joaloka a mang le a mang. Leha ho le joalo, Bakreste ba ’nete ba sebete ha ba tobane le khatello e joalo. Baa tseba hore “ho thothometsoa ke batho ho cheha leraba,” ’me ha ba batle ho tšoasoa ke leraba.—Liproverbia 29:25.
5, 6. (a) Ke maemo afe a hlokang hore re be sebete? (b) Bakreste ba tšepahalang ba itšoara joang ha ho lekoa hore na ba sebete hakae?
5 Ntle ho mahloriso, ho na le mathata a mang a hlokang hore re be sebete. Ba bang ba thatafalloa ho bolela litaba tse molemo ho batho bao ba sa ba tsebeng. Ho ba sebete ha bana ba bang ba kenang sekolo ho lekoa ka hore ho thoe ba bine pina ea sechaba kapa ba phete mantsoe a bolelang hore ba tla tšepahalla naha kapa folakha. Kaha ha e le hantle liketso tsena ke tsa bolumeli, ka sebete bana ba Bakreste ba ikemiselitse ho itšoara ka tsela e khahlisang Molimo, ’me boitšoaro ba bona bo botle boa khahlisa.
6 Hape re lokela ho ba sebete ha bahanyetsi ba susumelletsa mecha ea litaba ho bua hampe ka bahlanka ba Molimo kapa ha ba leka ho thibela borapeli ba ’nete ka ho rera “khathatso ka molao-taelo.” (Pesaleme ea 94:20) Ka mohlala, re lokela ho ikutloa joang ha koranta, seea-le-moea kapa thelevishene li tlaleha lintho tse sa nepahalang kapa mashano a pepenene ka Lipaki Tsa Jehova? Na re lokela ho makala? Che. Re lebeletse lintho tse joalo. (Pesaleme ea 109:2) Ha re makale ha ba bang ba kholoa mashano kapa lintho tse sa nepahalang tse hatisoang le tse boleloang, kahobane “mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng.” (Liproverbia 14:15) Leha ho le joalo, Bakreste ba tšepahalang ha ba lumele ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batho ba e buang ka barab’abo bona, ’me ka sebele ha ba lumelle hore ka lebaka la ho etselletsoa ba tlohele ho ea libokeng tsa Bokreste, ba khoehlise tšebeletsong ea tšimo kapa ba thekesele tumelong. Ho e-na le hoo, ba “ipuella ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe hore [ke] basebeletsi ba Molimo . . . ka thoriso le tlhomphollo, ka tlaleho e mpe le tlaleho e ntle; joaloka bathetsi [ho ea ka bahanyetsi] ’me leha ho le joalo [ha e le hantle ba] e-na le ’nete.”—2 Bakorinthe 6:4, 8.
7. Re ka ipotsa lipotso life tse fatang maikutlo?
7 Pauluse o ile a ngolla Timothea, a re: “Molimo ha aa re fa moea oa bokoala, empa o re file moea oa matla . . . Ka hona u se ke ua hlajoa ke lihlong ka bopaki bo mabapi le Morena oa rōna.” (2 Timothea 1:7, 8; Mareka 8:38) Ka mor’a ho bala mantsoe ana, re ka ipotsa: ‘Na tumelo ea ka e ntlhabisa lihlong, kapa ke sebete? Mosebetsing (kapa sekolong), na ke tsebisa ba bang hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, kapa kea ho tšabisa? Na ke hlajoa ke lihlong ha ke sa tšoane le ba bang, kapa ke thabela ho se tšoane le ba bang ka lebaka la kamano ea ka le Jehova?’ Haeba motho a tšaba ho bolela litaba tse molemo kapa ho emela ntho e sa rateheng, a ke a hopole keletso ea Jehova ho Joshua: “E-ba sebete ’me u be matla.” U se ke ua lebala hore hase pono ea basebetsi-’moho le rōna kapa bao re kenang sekolo le bona eo e leng ea bohlokoa empa pono ea Jehova le Jesu Kreste ke eona ea bohlokoa.—Bagalata 1:10.
Kamoo re ka Sebeletsang ho ba Sebete
8, 9. (a) Ketsahalong e ’ngoe, ke joang Bakreste ba pele ba ileng ba lekoa hore na ba sebete hakae? (b) Petrose le Johanne ba ile ba itšoara joang ha ba sokeloa, ’me ke eng se ileng sa etsahala ho bona le ho barab’abo bona?
8 Ke joang re ka sebeletsang ho ba le sebete se tla re thusa ho tšepahala linakong tsee tse thata? Ebe Bakreste ba pele ba ile ba sebeletsa ho ba sebete joang? Nahana ka se ileng sa etsahala ha baprista ba ka sehloohong le banna ba hōlileng ba Jerusalema ba re Petrose le Johanne ba khaotse ho bolela ka lebitso la Jesu. Barutuoa ba ile ba hana ’me ba sokeloa eaba baa lokolloa. Ka mor’a moo, ba ile ba boela ba kopana le barab’abo bona, eaba ba rapela hammoho ba re: “Jehova, lebisa tlhokomelo litšokelong tsa bona, ’me u etse hore makhoba a hao a ’ne a bolele lentsoe la hao ka sebete sohle.” (Liketso 4:13-29) Jehova o ile a arabela thapelo ea bona ka ho ba matlafatsa ka moea o halalelang, ’me joalokaha baeta-pele ba Bajuda ba ile ba tiisa hamorao, ba ile ba ‘tlatsa Jerusalema’ thuto ea bona.—Liketso 5:28.
9 A re hlahlobeng se ileng sa etsahala nakong eo. Ha barutuoa ba ne ba sokeloa ke baeta-pele ba Bajuda, ha baa ka ba nahana ho khaotsa ho bolela ka lebaka la khatello. Ho e-na le hoo, barutuoa ba ile ba rapella sebete sa ho tsoela pele ba bolela. Ka mor’a moo ba ile ba etsa lintho tse lumellanang le thapelo ea bona, ’me Jehova o ile a ba matlafatsa ka moea oa hae. Taba ea bona e bontša hore seo Pauluse a ileng a se ngola lilemo hamorao boemong bo fapaneng, se sebetsa ho Bakreste ha ba hlorisoa. Pauluse o ile a re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”—Bafilipi 4:13.
10. Se etsahaletseng Jeremia se thusa ba lihlong joang?
10 Leha ho le joalo, motho e mong a ka ’na a ba lihlong ka tlhaho. Na a ka sebeletsa Jehova ka sebete ho sa tsotellehe khanyetso? Ka sebele! Hopola hore na Jeremia o ile a re’ng ha Jehova a ne a mo khetha hore e be moprofeta. Mohlankana enoa o ile a re: “Ke sa le moshanyana.” Ho hlakile hore o ne a nka hore ha a tšoanelehe. Ho ntse ho le joalo, Jehova o ile a mo khothatsa ka mantsoe a reng: “U se ke ua re, ‘Ke sa le moshanyana.’ Empa u lokela ho ea ho bohle bao ke tla u romela ho bona; ’me u lokela ho bua ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke tla u laela eona. U se ke ua tšosoa ke lifahleho tsa bona, etsoe ‘ke na le uena ho u lopolla.’” (Jeremia 1:6-10) Jeremia o ne a tšepile Jehova, ’me ka lebaka leo, ka matla a Jehova o ile a hlōla tšabo ’me ea e-ba paki e sebete ka ho hlollang Iseraele.
11. Ke eng se thusang Bakreste kajeno hore ba be sebete joaloka Jeremia?
11 Kajeno Bakreste ba tlotsitsoeng ba filoe mosebetsi o tšoanang le oa Jeremia, ’me kaha ba tšehelitsoe ke “bongata bo boholo” ba “linku tse ling,” ba tsoela pele ho phatlalatsa merero ea Jehova esita le ha batho ba sa thahaselle, ba ba soma le ho ba hlorisa. (Tšenolo 7:9; Johanne 10:16) Ba khothatsoa ke mantsoe a Jehova ho Jeremia, a reng: ‘U se ke ua tšoha.’ Ha ba lebale hore mosebetsi oa bona o tsoa ho Molimo ’me ba bolela molaetsa oa hae.—2 Bakorinthe 2:17.
Mehlala ea Sebete eo re Lokelang ho e Etsisa
12. Jesu o ile a beha mohlala ofe o motle oa sebete, ’me o ile a khothatsa balateli ba hae joang?
12 Boitekong ba rōna ba ho sebeletsa ho ba sebete, re ka thusoa ke ho thuisa ka mehlala ea ba bang ba bontšitseng sebete joaloka Jeremia. (Pesaleme ea 77:12) Ka mohlala, ha re hlahloba tšebeletso ea Jesu, re hlolloa ke sebete sa hae ha a ne a lekoa ke Satane le ha a ne a tobane le khanyetso e matla ea baeta-pele ba Bajuda. (Luka 4:1-13; 20:19-47) Ka matla a Jehova, Jesu o ne a tiile, ’me pelenyana ho lefu la hae, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Lefatšeng le ba le matšoenyeho, empa le be sebete! Ke hlōtse lefatše.” (Johanne 16:33; 17:16) Haeba barutuoa ba Jesu ba ne ba latela mohlala oa hae, le bona ba ne ba tla hlōla. (1 Johanne 2:6; Tšenolo 2:7, 11, 17, 26) Empa ho ne ho tla hlokahala hore ba “be sebete.”
13. Pauluse o ile a fa Bafilipi khothatso efe?
13 Lilemo tse itseng ka mor’a lefu la Jesu, Pauluse le Silase ba ile ba kenngoa chankaneng Filipi. Hamorao, Pauluse o ile a khothatsa batho ba phutheho ea Filipi, a re ba ‘eme ba tiile boikutlong bo le bong, ka moea o le mong ba loana ba bapile ka mahlakore bakeng sa tumelo ea litaba tse molemo, ’me ho hang ba sa tšosoe ke bahanyetsi ba bona.’ E le ho ba matlafatsa hore ba etse sena, Pauluse o ile a re: “Ntho ena [ho hlorisoa ha Bakreste] ke bopaki ba timetso bakeng sa [bahlorisi], empa ke bopaki ba poloko bakeng sa lōna; ’me pontšo ena e tsoa ho Molimo, hobane le ile la fuoa tokelo ka lebaka la Kreste, eseng feela hore le behe tumelo ea lōna ho eena, empa hape le ho utloa bohloko ka lebaka la hae.”—Bafilipi 1:27-29.
14. Ho ile ha etsahala’ng Roma ka lebaka la sebete sa Pauluse?
14 Ha Pauluse a ngolla phutheho ea Filipi, o ne a boetse a le chankaneng, ’me lekhetlong lena a le Roma. Leha ho le joalo, o ile a tsoela pele a bolella ba bang ka sebete. Ka phello efe? O ile a ngola a re: ‘Litlamo tsa ka li fetohile tse tsebahalang phatlalatsa kamanong le Kreste har’a Balebeli bohle ba Moemphera le ba bang kaofela; ’me boholo ba barab’abo rōna Moreneng, ba ikutloa ba kholisehile ka lebaka la litlamo tsa ka tsa chankana, ba bontša sebete haholo hore ba bolele lentsoe la Molimo ba sa tšabe letho.’—Bafilipi 1:13, 14.
15. Ke mehlala efe e metle ea tumelo e ka matlafatsang boikemisetso ba rōna ba ho ba sebete?
15 Mohlala oa Pauluse oa re khothatsa. Hape re khothatsoa ke mehlala e metle ea Bakreste ba kajeno ba mameletseng mahloriso linaheng tse busoang ke bahatelli le baruti. Lipale tsa ba bangata ba bona li tlalehiloe makasineng ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! le Libukeng Tsa Selemo Tsa Lipaki Tsa Jehova. Ha u ntse u bala litlaleho tsena, u hopole hore batho bao ho phetoang lipale tsa bona ke batho ba tšoanang le rōna; empa ha ba ne ba le maemong a thata haholo, Jehova o ile a ba fa matla a fetang se tloaelehileng ’me ba ile ba mamella. Re ka kholiseha hore o tla re etsetsa se tšoanang haeba ho hlokahala.
Sebete sa Rōna se Thabisa Jehova Hape Sea mo Tlotlisa
16, 17. Kajeno ke joang re ka sebeletsang ho ba sebete?
16 Haeba Mokreste a emela ’nete le ho loka ka tieo, o sebete. Haeba a etsa joalo leha a tšohile, o sebete le ho feta. Ka sebele, Mokreste leha e le ofe a ka ba sebete haeba a hlile a batla ho etsa thato ea Jehova, a ikemiselitse ho lula a tšepahala, a tšepile Molimo ka linako tsohle le haeba kamehla a hopola hore Jehova o ’nile a matlafatsa batho ba bangata ba tšoanang le eena. Ho feta moo, ha re tseba hore sebete sa rōna se thabisa Jehova ’me sea mo tlotlisa, re ikemisetsa ka ho eketsehileng hore re se ke ra fokola. Kahobane re mo rata ka ho teba, re ikemiselitse ho mamella ho songoa kapa ho mamella ntho e mpe ho feta ho songoa.—1 Johanne 2:5; 4:18.
17 Le ka mohla u se ke ua lebala hore ha re utloisoa bohloko ka lebaka la tumelo ea rōna, sena ha se bolele hore ho na le ntho e mpe eo re e entseng. (1 Petrose 3:17) Re utloa bohloko ka lebaka la hore re phahamisa bobusi ba Jehova, ka lebaka la hore re etsa se molemo le ka lebaka la ho se be karolo ea lefatše. Tabeng ena, moapostola Petrose o ile a re: “Haeba, ha le etsa se molemo ’me le utloa bohloko, le ho mamella, ena ke ntho e lumellehang ho Molimo.” Petrose o ile a boela a re: “Ba utloang bohloko tumellanong le thato ea Molimo ba ke ba tsoele pele ho beha meea ea bona kalosong ea ’Mōpi ea tšepahalang ha ba ntse ba etsa se molemo.” (1 Petrose 2:20; 4:19) E, tumelo ea rōna e thabisa Jehova, Molimo oa rōna ea lerato ’me ea mo tlotlisa. Lee ke lebaka le matla hakaakang la hore re be sebete!
Ha re Bua le ba Boholong
18, 19. Ha re ba sebete ka pel’a moahloli, ha e le hantle re fetisa molaetsa ofe?
18 Ha Jesu a ne a bolella balateli ba hae hore ba tla hlorisoa, o ile a boela a re: “[Batho] ba tla nehelana ka lōna makhotleng a libaka, ’me ba tla le shapa ka lisynagogeng tsa bona. Le tla hulanyetsoa ka pel’a babusisi le marena ka lebaka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho lichaba.” (Matheu 10:17, 18) Ho hlaha ka pel’a moahloli kapa ’musi ka lebaka la liqoso tsa bohata ho hloka sebete. Leha ho le joalo, haeba ka sebete re sebelisa menyetla e joalo ho pakela batho bao, re tla be re sebelisa boemo bo thata hamolemo. Ha e le hantle re bolella ba re ahlolang mantsoe a Jehova a tlalehiloeng ho Pesaleme ea bobeli, a reng: “Joale, Lōna marena, le sebelise temohisiso; itlohelleng hore le khalemeloe, Lōna baahloli ba lefatše. Sebeletsang Jehova ka tšabo.” (Pesaleme ea 2:10, 11) Hangata ha Lipaki Tsa Jehova li qosoa ka bohata ka lekhotleng, baahloli ba ’nile ba tšehetsa tokoloho ea borapeli, ’me re leboha sena. Leha ho le joalo, baahloli ba bang ba lumeletse hore ba susumetsoe ke bahanyetsi. Bibele e re ho bona: “Itlohelleng hore le khalemeloe.”
19 Baahloli ba lokela ho lemoha hore molao o phahameng ka ho fetisisa ke oa Jehova Molimo. Ba lokela ho hopola hore batho bohle, ho akarelletsa le baahloli, ba ikarabella ho Jehova Molimo le Jesu Kreste. (Baroma 14:10) Ha e le rōna, ebang moahloli o re ahlolela ka toka kapa che, re na le mabaka a utloahalang a ho ba sebete kahobane Jehova o re tšehelitse. Bibele e re: “Ho thaba bohle ba tšabelang ho eena.”—Pesaleme ea 2:12.
20. Ke hobane’ng ha re ka thaba le haeba re lokela ho mamella mahloriso le ketselletso?
20 Thutong ea Thabeng, Jesu o ile a re: “Ho thaba lōna ha batho ba le nyelisa ’me ba le hlorisa ’me ka leshano ba bua ntho ea mofuta o mong le o mong e khopo ka lōna ka lebaka la ka. Thabang ’me le tlōle ke thabo, kaha moputso oa lōna o moholo maholimong; etsoe ba ile ba hlorisa baprofeta ka tsela eo pele ho lōna.” (Matheu 5:11, 12) Ke ’nete hore mahloriso ho hang ha a monate, empa ha re ema re tiile ho sa tsotellehe mahloriso, ho akarelletsa le litlaleho tse re senyang lebitso mecheng ea litaba, sena sea re thabisa. Ho ema re tiile ho bolela hore re thabisa Jehova ’me re tla fumana moputso. Ho ba sebete ha rōna ho bontša hore re na le tumelo ea ’nete ’me ho re kholisa hore Molimo oa re amohela. Ha e le hantle, ho bontša hore re tšepile Jehova ka ho feletseng. Ho hlokahala hore Mokreste a be le tšepo ena, joalokaha ho tla bontšoa sehloohong se latelang.
U Ithutile Eng?
• Ke maemo afe kajeno a hlokang hore re be sebete?
• Ke joang re ka sebeletsang ho ba sebete?
• Ba bang bao e leng mehlala e metle ea sebete ke bo-mang?
• Ke hobane’ng ha re lakatsa ho ba sebete?
[Litšoantšo tse leqepheng la 9]
Simone Arnold (hona joale ke oa ha Liebster), Jeremane, Widdas Madona, Malawi, le Lydia le Oleksii Kurdas, Ukraine, ba ile ba bontša sebete ’me ba hanyetsa ea khopo
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Ha re hlajoe ke lihlong ke litaba tse molemo
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Sebete sa Pauluse ha a le chankaneng se ile sa etsa hore litaba tse molemo li boleloe
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Haeba ka sebete re bolella moahloli boemo ba rōna bo thehiloeng Bibeleng, re fetisa molaetsa oa bohlokoa