Tseba Jehova—Molimo ea Nang le Litšoaneleho Tsa Motho
HA A bapisa khopolo ea Mahindu ka Molimo le likhopolo tsa litsamaiso tsa malumeli a mang, Dr. Radhakrishnan oa India oa hlokomela: “Molimo oa Baheberu o fapane. O na le litšoaneleho tsa motho ’me o nka karolo ka mafolofolo historing le ho ba le thahasello liphetohong le maemong a sa lebelloang a fapa-fapaneng a lefatše lena le tsoelang pele. Ke Motho ea buisanang le rōna.”
Lebitso la Seheberu la Molimo oa Bibele ke יהוה, eo ka tloaelo e fetoleloang e le “Jehova.” O phahametse melimo e meng kaofela. Re tseba eng ka eena? O ile a sebelisana joang le batho ba mehleng ea Bibele?
Jehova le Moshe ‘Lifahleho li Talimane’
Kamano e haufi ea ‘lifahleho tse talimaneng’ e ne e le teng lipakeng tsa Jehova le mohlanka oa hae Moshe, le hoja Moshe a ne a sa bone Molimo ka tsela ea sebele. (Deuteronoma 34:10; Exoda 33:20) Bocheng ba hae, pelo ea Moshe e ne e khomaretse Baiseraele bao ka nako eo ba neng ba le bokhobeng Egepeta. O ile a furalla bophelo ba hae ba ha e ne e le e mong oa ba ntlo ea Faro, “a khetha ho tšoaroa hampe hammoho le batho ba Molimo.” (Baheberu 11:25) Ka lebaka leo, Jehova o ile a fa Moshe litokelo tse ngata tse khethehileng.
E le e mong oa ba ntlo ea Faro, ‘Moshe o ne a rupetsoe ka bohlale bohle ba Baegepeta.’ (Liketso 7:22) Empa ho ne ho boetse ho hlokahala hore a hlaolele litšoaneleho tsa boikokobetso, mamello le bonolo hore a etelle pele sechaba sa Iseraele. Sena o ile a se etsa nakong ea lilemo tse 40 tseo e neng e le molisana ka tsona Midiane. (Exoda 2:15-22; Numere 12:3) Le hoja a lula e le ea sa bonahaleng, Jehova o ile a itšenola a ba a senola le morero oa hae ho Moshe, ’me ka mangeloi, Molimo a beha Melao e Leshome tlhokomelong ea hae. (Exoda 3:1-10; 19:3–20:20; Liketso 7:53; Baheberu 11:27) Bibele e re bolella hore “Jehova o na a bua le Moshe ba talimane lifahleho, ka mokhoa oo motho a buang le motsoalle oa hae ka oona.” (Exoda 33:11) Ka sebele, Jehova ka boeena o ile a re: “Ke bua le eena ka molomo o bapileng le molomo.” Ke kamano e haufi ea bohlokoa hakaakang eo Moshe a ileng a ba le eona le Molimo ea sa bonahaleng empa ea nang le litšoaneleho tsa motho!—Numere 12:8.
Ho phaella historing ea pele ea sechaba sa Iseraele, Moshe o ile a tlaleha Molao hammoho le melaoana eohle ea oona. O ne a boetse a tšepetsoe tokelo e ’ngoe ea bohlokoahali—ea ho ngola buka ea Genese. Karolo ea ho qetela ea buka eo e ne e le histori e neng e tsejoa ka ho nepahala lelapeng labo ’me ka hona, ho ne ho le bonolo ho e tlaleha. Empa Moshe o ile a fumana boitsebiso ba histori ea pele ea motho hokae? Ho ka etsahala hore ebe Moshe o ne a e-na le litlaleho tse ngotsoeng boholo-holo, tse neng li ile tsa bolokoa ke baholo-holo ba hae, bakeng sa ho li sebelisa e le mohloli oa boitsebiso. Ka lehlakoreng le leng, e ka ’na eaba o ile a fumana boitsebiso ka ho bo bolelloa kapa ka tšenolo ea bomolimo e tsoang ho Jehova ka ho toba. Mehleng eohle, batho ba nang le tlhompho ba ’nile ba hlokomela kamano e haufi eo Moshe a neng a e-na le eona le Molimo oa hae tabeng ena.
Jehova—Molimo oa Elia ea Nang le Litšoaneleho Tsa Motho
Moprofeta Elia le eena o ne a tseba Jehova e le Molimo ea nang le litšoaneleho tsa motho. Elia o ne a chesehela borapeli bo hloekileng ’me a sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe ho ba ha hae mohlaseluoa oa lehloeo le matla le khanyetso tse neng li e-tsoa ho barapeli ba Baale, molimo ea neng a le ka sehloohong tempeleng ea Bakanana e neng e nehetsoe ho melimo eohle.—1 Marena 18:17-40.
Akabe, Morena oa Iseraele, le mosali oa hae Jezebele, ba ile ba batla ho bolaea Elia. A tšaba ho lahleheloa ke bophelo ba hae, Elia o ile a balehela Beerseba, ka bophirimela ho Leoatle le Shoeleng. Moo o ile a lelera lefeelleng ’me a rapella ho shoa. (1 Marena 19:1-4) Na Jehova o ne a furaletse Elia? Na O ne a se a se na thahasello ho mohlanka oa hae ea tšepahalang? E ka ’na eaba Elia o ne a nahanne joalo, empa o ne a fositse hakaakang! Hamorao, Jehova o ile a bua le eena ka bonolo, a mo botsa: “U etsa’ng moo, Elia?” Ka mor’a pontšo e tšosang ea matla a phahametseng tlhaho, “a utloa lentsoe le mo tlela, [le boetse] le re: U etsa’ng moo, Elia?” Jehova o ile a bontša thahasello ea botho ho Elia e le hore a ka khothatsa mohlanka eo oa hae ea tšepahalang. Molimo o ne a e-na le mosebetsi o eketsehileng oo a batlang hore a o phethe, ’me Elia o ile a arabela ka mafolofolo pitsong eo! Elia o ile a phetha likabelo tsa hae ka botšepehi, a halaletsa lebitso la Jehova, Molimo oa hae ea nang le litšoaneleho tsa motho.—1 Marena 19:9-18.
Ka mor’a hore a lahle sechaba sa Iseraele, Jehova ha aa ka a hlola a buisana le bahlanka ba hae ba lefatšeng ka ho toba. Sena se ne se sa bolele hore thahasello ea hae ea botho ho bona e ne e fokotsehile. A sebelisa moea oa hae o halalelang, o ne a ntse a ba tsamaisa le ho ba matlafatsa tšebeletsong ea hae. Nka mohlala oa moapostola Pauluse, eo pele a neng a tsejoa e le Saule.
Ho Tsamaisoa ha Pauluse ke Moea o Halalelang
Saule e ne e le motho oa Tarsase, motse o neng o tumme oa Silisia. Batsoali ba hae e ne e le Baheberu, empa o ile a hlaha e le moahi oa Roma. Leha ho le joalo, Saule o ile a hōlisoa ho latela litekanyetso tse thata tsa Bafarisi. Hamorao ha a ne a le Jerusalema, o ile a ba le monyetla oa ho ruteloa “maotong a Gamaliele,” mosuoe ea neng a hlaheletse oa Molao.—Liketso 22:3, 26-28.
Ka lebaka la cheseho ea Saule e fosahetseng bakeng sa neano ea Sejuda, o ile a kenella letšolong le mabifi le neng le etsoa khahlanong le balateli ba Jesu Kreste. O ile a ba a lumella polao ea Setefane, moshoela-tumelo oa pele oa Mokreste. (Liketso 7:58-60; 8:1, 3) Hamorao o ile a lumela hore le hoja e ne e kile ea e-ba monyefoli le mohlorisi le monna oa monyelisi, ‘o ile a bontšoa mohau, hobane o ne a hloka tsebo ’me a etsa ka ho hloka tumelo.’—1 Timothea 1:13.
Saule o ne a susumetsoa ke takatso ea sebele ea ho sebeletsa Molimo. Ka mor’a hore Saule a sokolohe tseleng e eang Damaseka, Jehova o ile a mo sebelisa haholo. Kreste ea tsositsoeng o ile a laela Ananiase, morutuoa oa qalong oa Mokreste, hore a mo thuse. Ka mor’a moo, Pauluse (lebitso la Seroma leo Saule a ileng a tsebahala ka lona ha e le Mokreste) o ile a tataisoa ke moea o halalelang oa Jehova hore a phethe tšebetso e ileng ea nka nako e telele le e ileng ea beha litholoana ho pholletsa le likarolo tsa Europe le Asia Minor.—Liketso 13:2-5; 16:9, 10.
Na tataiso e tšoanang le eo ea moea o halalelang e ka khetholloa kajeno? E, e ka khetholloa.
Thahasello ea Botho ea Jehova ho Batho ha e Thibeloe ke ho se Lumele Hore o Teng
Joseph F. Rutherford e ne e le mookameli oa bobeli oa Mokhatlo oa Watch Tower. O ile a kolobetsoa ka 1906 e le Seithuti sa Bibele—e leng lebitso leo ka nako eo Lipaki tsa Jehova li neng li tsebahala ka lona—a khetheloa ho ba ’muelli oa molao oa Mokhatlo selemong se latelang, ’me ka January 1917 ea e-ba mookameli oa oona. Leha ho le joalo, ka nako e ’ngoe ’muelli enoa e monyenyane oa molao e ne e kile ea e-ba ea sa lumeleng hore Molimo o teng. Ke joang a ileng a fetoha mohlanka oa Jehova oa Mokreste ea nang le tšusumetso joalo?
Ka July 1913, Rutherford o ile a sebeletsa e le molula-setulo oa kopano ea Mokhatlo oa Liithuti tsa Bibele tsa Machaba e neng e tšoaretsoe Springfield, Massachusetts, U.S.A. Motlalehi oa koranta ea sebaka seo, The Homestead, o ile a buisana ka lipotso le Rutherford, ’me tlaleho eo e ile ea hatisoa hape pehong e phatlalatsang lintlha-khōlō tsa kopano eo.
Rutherford o ile a bolela hore nakong eo ka eona a neng a rera ho nyala, tumelo ea hae e ne e le ea kereke ea Baptiste, empa ea moroetsana eo a neng a tla mo nyala e ne e le ea Mapresbitheri. Ha moruti oa Rutherford a mo bolella hore “moroetsana oa hae o ne a e-ea mollong oa lihele kahobane a ne a sa kolobetsoa ka ho qoelisoa, ’me eena o ne a e-ea ka ho toba leholimong kaha a ne a kolobelitsoe ka ho qoelisoa, kelello ea hae e hlaphohetsoeng e ile ea nyonya seo ’me o ile a fetoha motho ea sa lumeleng hore Molimo o teng.”
Ho ile ha nka Rutherford lilemo tse ’maloa ho fuputsa ka hloko hore a boele a hahe tumelo ea hae ho Molimo ea nang le litšoaneleho tsa motho. O itse o ile a ipehela lebaka la hore “se sa khotsofatseng kelello se ke ke sa khotsofatsa pelo.” Rutherford o ile a hlalosa hore Bakreste “ba lokela ho etsa bonnete ba hore Mangolo ao ba a lumelang ke ’nete,” a phaella: “Ba lokela ho tseba motheo oo ba emeng ho oona.”—Bona 2 Timothea 3:16, 17.
E, esita le kajeno ho ka etsahala hore le motho ea sa lumeleng hore Molimo o teng kapa ea belaellang boteng ba Hae, a batlisise Mangolong, a hahe tumelo le ho hōlisa kamano ea botho e matla le Jehova Molimo. Ka mor’a hore ka hloko a ithute Bibele ka thuso ea buka ea Watch Tower e reng Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, mohlankana e mong o ile a bolela: “Ha ke qala thuto ena, ke ne ke sa lumele ho Molimo, empa hona joale ke fumana hore tsebo ea Bibele e fetotse monahano oa ka ka ho feletseng. Ke qala ho tseba Jehova le ho mo tšepa.”
“Leoatla” le Molimo
Ho A Dictionary of the Bible, Dr. James Hastings o re: “Ha ho mohla ho kileng ha fihla kelellong ea mongoli leha e le ofe oa TK [Mangolo a Seheberu] hore a fane ka bopaki kapa a phehe khang ka hore Molimo o teng. Ka kakaretso, ho latola boteng ba Molimo kapa ho pheha khang e lekang ho netefatsa seo ha ho lumellane le moea oo lefatše la boholo-holo le neng le e-na le oona. Tumelo eo e ne e le e itlisang kelellong ea motho ’me e ne e atile ho batho bohle.” Ntle ho pelaelo, sena ha se bolele hore batho bohle ba nakong eo ba ne ba tšaba Molimo. Ho hang ho ne ho se joalo. Pesaleme ea 14:1 le 53:1 ka bobeli li bua ka “lehlanya,” kapa joalokaha King James Version e bolela, “leoatla,” le itseng pelong ea lona, “Jehova ha a eo.”
Leoatla lee ke motho oa mofuta ofe, motho ea hanang hore Molimo o teng? Hase motho ea hlokang tsebo kelellong. Ho e-na le hoo, lentsoe la Seheberu na·valʹ le bolela ho haella ha boitšoaro. Lintlheng tsa hae tse ho The Parallel Psalter, moprofesa S. R. Driver o re bothata “hase monahano o fokolang, empa ke ho hloka maikutlo a boitšoaro le a bolumeli, ho hloka kelello kapa temoho ka ho feletseng.”
Mopesaleme o tsoela pele ho hlalosa ho hlepha ha boitšoaro ho bakoang ke boikutlo bo joalo: “Ba bolile, mesebetsi ea bona e manyala; ha ho ea etsang hantle.” (Pesaleme ea 14:1) Dr. Hastings o akaretsa ka hore: “Ba itšetlehile ka hore Molimo ha a eo lefatšeng le ka ho se fumane kotlo, batho baa senyeha ’me ba etsa manyala.” Ba amohela pepenene melao-motheo eo e seng ea bomolimo, ’me ba hlokomoloha Molimo ea nang le litšoaneleho tsa motho eo ba sa lakatseng ho ikarabella ho eena. Empa, ho ba le boikutlo bo joalo kajeno ke booatla ebile ha ho na kelello, joalokaha ho ne ho le joalo ha mopesaleme a ne a ngola mantsoe a hae lilemong tse ka holimo ho 3000 tse fetileng.
Litemoso Tse Tsoang ho Molimo oa Rōna ea Nang le Litšoaneleho Tsa Motho
Joale a re khutleleng lipotsong tse ileng tsa botsoa sehloohong sa rōna se qalang. Ke hobane’ng ha batho ba bangata hakaale ba sa khone ho lumellanya Molimo ea nang le litšoaneleho tsa motho le mahlomola a atileng lefatšeng kajeno?
Bibele e na le boitsebiso bo ngotsoeng ke batho ba ‘ileng ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.’ (2 Petrose 1:21) Ke eona feela e re senolelang Molimo ea nang le litšoaneleho tsa motho, Jehova. E boetse e re hlokomelisa ka motho ea khopo, ea sa bonahaleng ho batho, ea nang le matla a ho tsamaisa le ho laola monahano oa motho—Satane Diabolose. Ka sebele, haeba re sa lumele ho Molimo ea nang le litšoaneleho tsa motho, re ka lumela joang hore ho boetse ho na le Diabolose ea nang le litšoaneleho tsa motho, kapa Satane?
Tlas’a pululelo, moapostola Johanne o ile a ngola: ‘Ea bitsoang Diabolose le Satane o khelosa lefatše kaofela leo ho ahiloeng ho lona.’ (Tšenolo 12:9) Hamorao Johanne o ile a re: “Rea tseba hore re simoloha ho Molimo, empa lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Lipolelo tsena li senola mantsoe a Jesu ao Johanne ka boeena a ileng a a tlaleha Kosepeleng ea hae: “’Musi oa lefatše oa tla. ’Me ha ho moo a ntšoarang teng.”—Johanne 14:30.
Thuto ena ea Mangolo e fapane hakaakang le seo batho ba se lumelang hona joale! Catholic Herald e re: “Kantle ho pelaelo, ho bua ka Diabolose kajeno ho siiloe ke nako. Mehla ea rōna ea lipelaelo le saense e file Satane penshene.” Leha ho le joalo, ka matla Jesu o ile a re ho batho ba neng ba rerile ho ’molaea: “Le tsoa ho ntate oa lōna Diabolose, ’me le lakatsa ho phetha litakatso tsa ntate oa lōna.”—Johanne 8:44.
Tlhaloso ea Bibele ka matla a Satane ea utloahala. E hlakisa hore na ke hobane’ng ha, ho sa tsotellehe takatso ea batho ba bangata ea ho phela ka khotso le kutloano, lefatše le aparetsoe ke lehloeo, lintoa le pefo e sa utloahaleng, joalokaha ho bontšitsoe ho se etsahetseng Dunblane (se boletsoeng leqepheng la 3 le 4). Ho feta moo, Satane hase eena feela sera seo re lokelang ho se loantša. Bibele e fana ka litemoso tse eketsehileng mabapi le meea e khopo, kapa bademona—libōpuoa tsa moea tse neng li iketse khokanyana-phiri le Satane khale, bakeng sa ho khelosa le ho sebelisa hampe moloko oa batho. (Jude 6) Ka makhetlo a mangata, Jesu Kreste o ile a tobana le matla a meea ena ’me a khona ho e hlōla.—Matheu 12:22-24; Luka 9:37-43.
Molimo oa ’nete Jehova, o rerile ho hloekisa lefatše lena bokhopo ’me qetellong a felise mesebetsi ea Satane le bademona ba hae. Re itšetlehile ka tsebo ea rōna ka Jehova, re ka ba le tumelo e tiileng le ho tšepa litšepiso tsa hae. O re: “Ha ho Molimo o bileng teng pele ho ’na, ’me o mong o ke ke oa e-ba teng ka morao ho ’na. Ke ’na, ke ’na Jehova; ha ho ’moloki e mong, ha e se ’na.” Ka sebele, Jehova ke Molimo ea nang le litšoaneleho tsa motho ho bohle ba mo tsebang, ba mo rapelang le ba mo sebeletsang. Re ka talima ho eena, ’me e le ho eena feela bakeng sa hore re bolokehe.—Esaia 43:10, 11.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Mongolo o fatiloeng lejoeng oa lekholong la bo18 la lilemo o bontšang ha Moshe a ne a ngola Genese 1:1 tlas’a pululelo
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
From The Holy Bible by J. Baskett, Oxford
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Jesu Kreste o ile a hlōla bademona ka makhetlo a mangata