Jehova o Araba Thapelo e Tsoang Botebong ba Pelo
“E le hore batho ba ka tseba hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, Uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.”—PES. 83:18.
1, 2. Batho ba bangata ba thabisoa ke eng, ’me ho ka botsoa lipotso life?
LILEMONG tse fetileng, mosali e mong o ne a tšoenyehile haholo ke tlokotsi e ileng ea etsahala sebakeng sa habo. Kaha o ne a tsoaletsoe lelapeng la bolumeli ba Roma e K’hatholike, o ile a ea ho moprista oa moo ho kōpa thuso, empa moprista o ne a sa ikemisetsa le ho bua le eena feela. Ka lebaka lena o ile a rapela Molimo a re: “Ha ke tsebe hore na u mang . . . , empa kea tseba hore u teng. Ke kōpa u nthuse hore ke u tsebe!” Nakoana ka mor’a moo, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa mo etela eaba li mo fa tsebo le matšeliso tseo a neng a li hloka. E ’ngoe ea lintho tse ngata tseo li ileng tsa mo ruta tsona, ke hore Molimo o na le lebitso, e leng Jehova. Ho tseba lebitso leo ho ile ha mo thabisa haholo. O ile a re: “Ka tla ka thaba, enoa ke Molimo eo ke ’nileng ka batla ho mo tseba ho tloha bongoaneng!”
2 Batho ba bangata ba ’nile ba thaba ka tsela e tšoanang ha ba tseba lebitso la Molimo. Hangata, ba bone lebitso la Jehova ka lekhetlo la pele ha ba ne ba bala Pesaleme ea 83:18 ka Bibeleng. Phetolelong ea Lefatše le Lecha, temana eo e re: “E le hore batho ba ka tseba hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” Leha ho le joalo, na u kile ua ipotsa hore na Pesaleme ea 83 e ngotsoe ka lebaka lefe? Ke liketsahalo life tse neng li ka qobella motho e mong le e mong ho lumela hore Jehova ke Molimo a le mong feela oa ’nete? Pesaleme ee e re ruta eng kajeno? Re tla tšohla lipotso tseo sehloohong sena.a
Ho Etsoa ’Momori Khahlanong le Batho ba Jehova
3, 4. Pesaleme ea 83 e qapiloe ke mang, ’me o hlalosa ho sokeloa hofe?
3 Sehlooho sa Pesaleme ea 83 se bontša hore Pesaleme ena ke “pina ea thoriso ea Asafe.” Ho ka etsahala hore ebe moqapi oa pesaleme ena e ne e le oa lesika la Molevi ea bitsoang Asafe, eo e neng e le sebini se tummeng nakong ea puso ea Morena Davida. Pesalemeng ena, mopesaleme o kōpa Jehova ka tieo hore a nke khato e le hore a phahamise bobusi ba Hae le ho etsa hore lebitso la Hae le tsejoe. E tlameha ebe pesaleme ena e qapiloe nakoana ka mor’a lefu la Solomone. Hobane’ng? Hobane nakong ea puso ea Davida le ea Solomone, morena oa Tyre e ne e se sera sa Iseraele. Nakong eo ho neng ho qaptjoa Pesaleme ea 83, baahi ba Tyre ba ne ba fetohetse Iseraele ’me ba entse selekane le lira tsa eona.
4 Mopesaleme o bolela lichaba tse leshome tse neng li entse ’momori oa ho timetsa batho ba Molimo. Lira tsena li ne li ahile ho pota-pota naha ea Iseraele ’me li thathamisitsoe ka tsela e latelang: “Litente tsa Edomo le Baishmaele, Moabe le Bahagare, Gebale le Ammone le Amaleke, Filistia hammoho le baahi ba Tyre. Hape, Assyria e ikopantse le bona.” (Pes. 83:6-8) Pesaleme ee e bua ka ketsahalo efe historing? Ba bang ba nahana hore e bua ka ho hlaseloa ha Iseraele ke Baamone, Bamoabe le baahi ba Thaba ea Seire ba neng ba ikentse khokanyan’a phiri mehleng ea Josafate. (2 Likron. 20:1-26) Ba bang bona ba nahana hore e bua ka bora bo tloaelehileng bo neng bo le teng pakeng tsa Iseraele le baahisani ba eona historing eohle.
5. Pesaleme ea 83 e tsoela Bakreste molemo joang kajeno?
5 Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, ho hlakile hore Jehova Molimo o ile a bululela ho ngoloa ha pesaleme ena nakong eo ka eona sechaba sa hae se neng se le kotsing. Kajeno pesaleme ena e boetse e khothatsa bahlanka ba Molimo, bao historing eohle ea bona ba ileng ba hlaseloa ka makhetlo-khetlo ke lira tse ikemiselitseng ho ba timetsa. Kahoo e tla re matlafatsa e le kannete haufinyane ha Gogo oa Magogo a hlophisa mabotho a hae boitekong ba hae ba ho qetela ba hore a timetse bohle ba rapelang Molimo ka moea le ka ’nete.—Bala Ezekiele 38:2, 8, 9, 16.
Taba eo Mopesaleme a Neng a Amehile ka Eona Haholo
6, 7. (a) Mopesaleme o rapella eng mantsoeng a qalang a Pesaleme ea 83? (b) Mopesaleme o ne a amehile haholo ka eng?
6 Mamela ha mopesaleme a tšolla maikutlo a hae ka thapelo a re: “Molimo, u se ke ua thōla; u se ke ua lula u sa bue, ’me u se ke ua khutsa, uena Ea Nang le Bomolimo. Etsoe, bona! lira tsa hao li ferekane; ba u hloileng haholo ba phahamisitse lihlooho. Ka mano ba ntšetsa pele lekunutu la bona khahlanong le batho ba hao; ba rerela ba patiloeng ba hao bolotsana. . . . Etsoe ka lipelo ba eletsane hammoho ba kopane; ba hlabile selekane khahlanong le uena.”—Pes. 83:1-3, 5.
7 Mopesaleme o ne a amehile haholo ka eng? Ha ho pelaelo hore e tlameha ebe o ne a tšoenyehile haholo ka tšireletseho ea hae le ea lelapa la hae. Leha ho le joalo, thapelong ea hae o ile a bua haholo ka ho rohakoa ha lebitso la Jehova le ho sokeloa ha sechaba se neng se tsejoa e le sa Jehova. E se eka bohle re ka ba le maikutlo a tšoanang le a loketseng, ha re ntse re mamella matsatsi ana a thata a ho qetela a lefatše lena la khale.—Bala Matheu 6:9, 10.
8. Lichaba li ile tsa etsa ’momori khahlanong le Iseraele ka sepheo sefe?
8 Mopesaleme o qotsa lira tsa Iseraele li re: “Tloong ’me re ba feliseng hore e se ke ea e-ba sechaba, e le hore lebitso la Iseraele le se ke la hlola le hopoloa.” (Pes. 83:4) Ka sebele lichaba tsena li ne li hloile batho ba khethiloeng ba Molimo! Empa li ne li e-na le sepheo se seng sa ho etsa ’momori khahlanong le Iseraele. Li ne li khalla naha ea Iseraele ’me li ithorisa ka ho re: “A re ithueleng libaka tsa bolulo tsa Molimo.” (Pes. 83:12) Na ho na le ntho e tšoanang e etsahalang mehleng ea rōna? E teng!
‘Sebaka sa Hao sa Bolulo se Halalelang’
9, 10. (a) Mehleng ea boholo-holo, sebaka sa Molimo sa bolulo se halalelang e ne e le eng? (b) Ke litlhohonolofatso life tse thabeloang ke masala a tlotsitsoeng le “linku tse ling” kajeno?
9 Mehleng ea boholo-holo, Naha e Tšepisitsoeng e ne e bitsoa sebaka sa Molimo sa bolulo se halalelang. Hopola pina ea tlhōlo e ileng ea binoa ke Baiseraele ka mor’a hore ba lopolloe Egepeta: “Ka mosa oa hao o lerato u tsamaisitse sechaba seo u se lopolotseng; ka sebele ka matla a hao u tla se isa sebakeng sa hao sa bolulo se halalelang.” (Ex. 15:13) Hamorao, ‘sebaka seo sa bolulo’ se ile sa ba le tempele e nang le boprista, motse-moholo, e leng Jerusalema le marena a lesika la Davida a neng a lula teroneng ea Jehova. (1 Likron. 29:23) Hase feela Jesu a ileng a re Jerusalema ke “motse oa Morena e moholo.”—Mat. 5:35.
10 Mehleng ea rōna teng ho etsahala’ng? Ka 33 C.E., ho ile ha tsoaloa sechaba se secha, e leng, “Iseraele ea Molimo.” (Bagal. 6:16) Sechaba seo, se entsoeng ka barab’abo Jesu Kreste ba tlotsitsoeng, se ile sa phetha mosebetsi oo Iseraele ea nama e ileng ea hlōleha ho o phetha, e leng oa ho ba lipaki tsa lebitso la Molimo. (Esa. 43:10; 1 Pet. 2:9) Jehova o ile a se etsetsa tšepiso e tšoanang le eo a neng a e etselitse Iseraele ea boholo-holo, e reng: “Ke tla ba Molimo oa bona, ’me e tla ba sechaba sa ka.” (2 Bakor. 6:16; Lev. 26:12) Ka 1919, Jehova o ile a hauhela masala a “Iseraele ea Molimo,” ’me ka nako eo, a ile a rua “naha,” e leng sebaka sa moea sa tšebetso moo a thabetseng paradeise ea moea. (Esa. 66:8) Ho tloha lilemong tsa bo-1930, “linku tse ling” tse baloang ka limilione li ikopantse le ’ona. (Joh. 10:16) ’Nete ea hore Jehova o hlohonolofatsa Bakreste bana ba mehleng ena ka keketseho le ka ho ba sireletsa, ke bopaki bo kholisang ba hore bobusi ba Jehova ke bona bo loketseng. (Bala Pesaleme ea 91:1, 2.) Ka sebele seo se halefisa Satane haholo!
11. Sepheo se seholo sa lira tsa Molimo e ntse e le sefe?
11 Nakong ena ea bofelo, Satane o hlohlellelitse baemeli ba hae ba lefatšeng hore ba hanyetse masala a tlotsitsoeng le metsoalle ea ’ona ea linku tse ling. Seo se ile sa etsahala Europe Bophirimela pusong ea Manazi le Europe Bochabela pusong ea Bokomonisi ea Russia. Se boetse se etsahetse linaheng tse ling tse ngata, ’me se tla etsahala hape, haholo-holo nakong ea tlhaselo ea ho qetela e tla etsoa ke Gogo oa Magogo. Tlhaselong eo, bahanyetsi ba ka ’na ba hapa thepa ea batho ba Jehova le matlotlo a bona ka meharo, feela joalokaha lira li ’nile tsa etsa nakong e fetileng. Leha ho le joalo, sepheo se seholo sa Satane e ’nile ea e-ba ho re qhala re le sechaba e le hore lebitso leo re le filoeng ke Molimo le se ke la hlola le hopoloa. Jehova o etsa joang ha bobusi ba hae bo nyefoloa ka tsela eo? Nahana hape ka mantsoe a mopesaleme.
Mohlala oa Kamoo Jehova a ’Nileng a Hlōla Kateng
12-14. Mopesaleme o hopola lintoa life tse peli historing tse ileng tsa hlōloa haufi le motse oa Megido?
12 Hlokomela kamoo mopesaleme a neng a lumela ka matla kateng hore Jehova o na le matla a ho senya maano a lichaba tsa lireng. Pesalemeng ena o akarelletsa lintoa tse peli tsa makhaola-khang tseo Baiseraele ba ileng ba hlōla lira tsa bona ho tsona haufi le motse oa boholo-holo oa Megido, o neng o nkile karolo e khōlō ea thota ea Megido. Nakong ea lehlabula, u ka bona Nōka ea Kishone e psheleng e tsoelipanang le phula eo. Ka mor’a lipula tsa mariha tsa litloebelele, metsi a nōka ena a tlala phula eo. Mohlomong ke ka lebaka leo e boetseng e bitsoa ‘metsi a Megido.’—Baahl. 4:13; 5:19.
13 Hoo e ka bang lik’hilomithara tse 15 ka mose ho phula ea Megido ho na le leralla la More leo lebotho le kopaneng la Bamidiane, Baamaleke le ba Bochabela le ileng la bokana ho lona ho ea loana mehleng ea Moahloli Gideone. (Baahl. 7:1, 12) Qetellong lebotho le lenyenyane la Gideone le ile la e-ba le banna ba 300 feela, empa ka thuso ea Jehova, le ile la hlōla lebotho leo le leholo la lireng. Joang? Le ile la latela taelo ea Molimo, la lika-liketsa liahelo tsa sera bosiu le nkile linkho tse neng li koahetse lirumula. Ha Gideone a etsa sesupo, banna ba hae ba ile ba pshatla linkho eaba lirumula tse patiloeng li bonahala ka tšohanyetso. Nakong eona eo, ba ile ba letsa manaka eaba baa hoeletsa ba re: “Sabole ea Jehova le ea Gideone!” Sena se ile sa ferekanya lira, eaba lia bolaeana, ’me tse pholohileng li ile tsa balehela ka mose ho Nōka ea Jordane. Ho sa le joalo, Baiseraele ba bangata ba ile ba kenella ho li lelekisa. Ka kakaretso, ho ile ha bolaoa masole a lireng a 120 000.—Baahl. 7:19-25; 8:10.
14 Hoo e ka bang lik’hilomithara tse tšeletseng ka nģ’ane ho leralla la More, ka mose ho phula ea Megido, ke Thaba ea Tabore. Sebakeng seo, ke moo Moahloli Barake a ileng a bokella lebotho la Baiseraele ba 10 000 ho ea loana le lebotho la Jabine, morena oa Mokanana oa Hazore, le neng le laoloa ke molaoli oa mabotho ea bitsoang Sisera. Lebotho lena la Bakanana le ne le e-na le likoloi tsa ntoa tse 900 tse nang le mahare a malelele a tšepe a neng a bilika le mabili. Ha mabotho a Iseraele a sa hlomelang hantle a bokana Thabeng ea Tabore, sena se ile sa hohella lebotho la Sisera ka phuleng. Joale, “Jehova a qala ho ferekanya Sisera le likoloi tsohle tsa hae tsa ntoa le liahelo tsohle.” Ho ka etsahala hore ebe pula ea litloebelele e ileng ea na e sa lebelloa e ile ea tetebetsa likoloi tsa ntoa seretseng kaha Nōka ea Kishone e ne e ja litlhokoa. Lebotho leo kaofela le ile la bolaoa ke Baiseraele.—Baahl. 4:13-16; 5:19-21.
15. (a) Mopesaleme o rapella hore Jehova a etse joang? (b) Lebitso la ntoa ea makhaola-khang ea Molimo le re hopotsa eng?
15 Mopesaleme o kōpa Jehova hore a etse ntho e tšoanang ho lichaba tse sokelang ho felisa Iseraele mehleng ea hae. Oa rapela o re: “Ba etse joalokaha u ile ua etsa Midiane, joalokaha u ile ua etsa Sisera, joalokaha u ile ua etsa Jabine phuleng ea molapo o phoroselang ea Kishone. Ba ile ba felisoa Ene-dore; ba fetoha moiteli bakeng sa mobu.” (Pes. 83:9, 10) Re lokela ho hlokomela hore ntoa ea Molimo ea makhaola-khang khahlanong le lefatše la Satane e bitsoa Har–Magedone (e bolelang “Thaba ea Megido”), kapa Armagedone. Lebitso leo le re hopotsa lintoa tsa makhaola-khang tse ileng tsa loaneloa haufi le Megido. Ho hlōla ha Jehova lintoeng tseo tsa boholo-holo ho re tiisetsa hore joang kapa joang o tla hlōla ntoeng ea Armagedone.—Tšen. 16:13-16.
Rapellang Hore ho Tlosoe Qoso Bobusing ba Jehova
16. Lifahleho tsa bahanyetsi li ‘tlatsitsoe ka ho hlompholoha’ joang kajeno?
16 “Matsatsing [ana] a ho qetela,”Jehova o nyopisitse boiteko bohle ba hore batho ba hae ba felisoe. (2 Tim. 3:1) Ka lebaka leo, bahanyetsi ba hlabisitsoe lihlong. Pesaleme ea 83:16 e ile ea bolela sena esale pele ha e ne e re: “Tlatsa lifahleho tsa bona ka ho hlompholoha, e le hore batho ba ka batla lebitso la hao, Jehova.” Linaheng tse fapa-fapaneng, bahanyetsi ba hlōlehile ka ho feletseng boitekong ba bona ba ho koala Lipaki Tsa Jehova molomo. Linaheng tseo, ho ema ka tieo le ho mamella ha barapeli ba Molimo a le mong feela oa ’nete, ho sebelitse e le bopaki ho batho ba lipelo li lokileng, ’me ba bangata ba ’nile ba ‘batla lebitso la Jehova.’ Linaheng tse ngata tseo ho tsona Lipaki Tsa Jehova li neng li hlorisoa ka sehlōhō, hona joale ho na le barorisi ba Jehova ba thabileng ba likete tse mashome, ho tse ling ho bile ho na le ba likete tse makholo. Ka sebele Jehova o hlōtse! Lira tsa hae tsona li tlotlolohile hakaakang!—Bala Jeremia 1:19.
17. Batho ba talimane le boemo bofe bo thata, ’me re tla tloha re hopola mantsoe afe?
17 Ha e le hantle, rea tseba hore ntoa ha ea lala. Rōna re tsoela pele ho bolela litaba tse molemo—re bolella le bona bahanyetsi. (Mat. 24:14, 21) Leha ho le joalo, monyetla oo hona joale o bulehetseng bahanyetsi bao oa hore ba bake le hore ba fumane poloko, o tla tloha o fela. Ho halaletsoa ha lebitso la Jehova ke ntho ea bohlokoa haholo ho feta ho bolokoa ha batho. (Bala Ezekiele 38:23.) Ha lichaba tsohle tsa lefatše li ikopanya ho leka ho timetsa batho ba Molimo, re tla hopola mantsoe ana a thapelo ea mopesaleme: ‘E se eka ba ka hlajoa ke lihlong ’me ba khathatseha ka linako tsohle, e se eka ba ka soaba ’me ba timela.’—Pes. 83:17.
18, 19. (a) Bahanyetsi ba ikemiselitseng ba bobusi ba Jehova ba letetsoe ke eng? (b) Ho tlosoa ha qoso bobusing ba Jehova ka lekhetlo la ho qetela ho ntseng ho atamela ho u ama joang?
18 Bahanyetsi ba ikhohomosang ba bobusi ba Jehova ba tla felisoa ka tsela e tlotlollang. Lentsoe la Molimo le bolela hore “ba sa mameleng litaba tse molemo”—’me ka lebaka leo ba bolaoa ntoeng ea Armagedone—ba tla ‘timetsoa ka ho sa feleng.’ (2 Bathes. 1:7-9) Ho timetsoa ha bona le ho pholoha ha batho ba rapelang Jehova ka ’nete e tla ba bopaki bo kholisang ba hore Jehova ke Molimo a le mong feela oa ’nete. Lefatšeng le lecha, tlhōlo eo e khōlō e ke ke ea lebaloa. Batho ba tla tsoha ‘tsohong ea ba lokileng le ba sa lokang’ ba tla ithuta mosebetsi o moholo oa Jehova. (Lik. 24:15) Lefatšeng le lecha, ba tla bona bopaki bo kholisang ba hore ke bohlale ho phela bobusing ba Jehova. Ba bonolo har’a bona ba tla kholiseha ka potlako hore Jehova ke Molimo a le mong feela oa ’nete.
19 Ka sebele Ntate oa rōna ea leholimong ea lerato o lokiselitse barapeli ba hae ba tšepahalang bokamoso bo babatsehang! Na see ha se u susumelletse hore u rapele Jehova hore haufinyane a fane ka karabo ea ho qetela thapelong ea mopesaleme e eang ho Jehova e reng: ‘E se eka lira tsa hao li ka soaba ’me tsa timela; e le hore batho ba ka tseba hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle’?—Pes. 83:17, 18.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Pele u ithuta sehlooho sena, u tla rua molemo ka ho bala Pesaleme ea 83 e le hore u tsebe seo e buang ka sona.
Na U ka Hlalosa?
• Baiseraele ba ne ba tobane le eng ha ho ne ho ngoloa Pesaleme ea 83?
• Mongoli oa Pesaleme ea 83 o ne a amehile haholo ka eng?
• Ke bo-mang bao Satane a tobisitseng bora ba hae ho bona kajeno?
• Qetellong Jehova o tla araba thapelo e ho Pesaleme ea 83:18 joang?
[’Mapa o leqepheng la 12]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Lintoa tse ileng tsa loaneloa haufi le Megido ea boholo-holo li amana hokae le bokamoso ba rōna?
Nōka ea Kishone
Haroshethe
Thaba ea Karmele
Phula ea Jezriele
Megido
Tanake
Thaba ea Gilboa
Seliba sa Harode
More
Ene-dore
Thaba ea Tabore
Leoatle la Galilea
Nōka ea Jordane
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Mopesaleme o ile a susumetsoa ke eng hore a qape thapelo e tsoang botebong ba pelo?