Ho Tsamaea ka Pelo e Kopaneng
“Nthute, Uena Jehova . . . Kopanya pelo ea ka hore e tšabe lebitso la hao.”—PESALEME EA 86:11, NW.
1. Jehova o putsa batho ba hae ba tšepahalang joang?
‘UENA Jehova, u Molimo, uena feela.’ (Pesaleme ea 86:8, 10, NW) Davida o ile a rorisa Molimo ho tsoa pelong e tletseng kananelo. Esita le pele Davida e ba morena oa Iseraele eohle, Jehova o ile a mo lopolla ho Saule le ho Bafilista. Ka hona, o ne a ka bina: “Jehova ke lefika le setšabelo sa ka le Ea fanang ka pholoho bakeng sa ka. Ho ea tšepahalang u tla nka khato ka botšepehi.” (2 Samuele 22:2, 26, NW) Jehova o ne a ile a boloka mohlanka oa hae ea tšepahalang litekong tse ngata. Davida o ne a ka beha tšepo ea hae ho Molimo oa hae ea tšepahalang, empa o ne a hloka tataiso e tsoelang pele. Joale Davida o ile a kōpa Molimo: “Nthute, Uena Jehova, ka tsela ea hao.”—Pesaleme ea 86:11, NW.
2. Jehova o entse tokisetso ea hore re rutoe ke eena joang?
2 Davida o ne a batla ho qoba likhopolo le lifilosofi tsa lefatše ka ho feletseng. O ne a batla ho “rutoa ke Jehova,” joalokaha hamorao moprofeta oa Molimo a ile a bolela. (Esaia 54:13, NW) Ho ka etsahala hore Davida o ne a ka thuisa ka libuka tse robong feela tsa Bibele tse neng li fumaneha mehleng ea hae. Leha ho le joalo, taeo e tsoang ho Jehova e ne e le ea bohlokoa ho eena! Ka ho rutoa, kajeno le rōna re ka iphepa haholo ka libuka tse 66 tsa Bibele, esita le ka ho ja lingoliloeng tse ngata tsa ’Muso tse fanoang ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” (Mattheu 24:45) Ho tšoana le Davida a re ipiletseng ho Jehova, hore moea oa hae o re thuse ho batlisisa ka hare ho “taba tseo Molimo o li lokiselitseng ba o ratang, . . . le tse tebileng tsa Molimo.”—1 Ba-Korinthe 2:9, 10.
3. Taeo ea Bibele e ka re tsoela molemo ka litsela life?
3 Bibele e na le karabo ea potso e ’ngoe le e ’ngoe le bothata bo ka ’nang ba hlaha bophelong ba rōna. “Hobane taba tsohle tse ngoliloeng pele, li ngoliloe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tšelisoa ke Mangolo, re tle re be le tšepo.” (Ba-Roma 15:4) Ho sebelisa taeo e tsoang ho Jehova ho tla re matlafaletsa hore re mamelle mathata, ho re tšelise nakong ea ho tepella maikutlo, ’me ho boloke tšepo ea ’Muso e phela lipelong tsa rōna. E se eka re ka fumana thabo ha re bala Lentsoe la Molimo le ha re thuisa ka lona “bosiu le motšehare,” hobane bohlale bo thehiloeng Bibeleng bo fetoha “sefate sa bophelo ho ba bo ruileng, ba bo lotolotsang ba na le lehlohonolo [“ba thabile,” NW].”—Pesaleme ea 1:1-3; Liproverbia 3:13-18; bona hape le Johanne 17:3.
4. Mabapi le liketso tsa rōna, Jesu o re behetse mohlala ofe?
4 Jesu, Mor’a Molimo, ea boetseng a bitsoang “Mor’a Davida,” ka mehla o ne a itšetleha ka Jehova bakeng sa taeo. (Mattheu 9:27)a O ile a re: “Mora o sitoa ho etsa letho a ’notši, ha a sa ka a le bona le etsoa ke Ntat’ae; hobane tsohle tse etsoang ke Ntate, Mora o li etsa joalo le eena.” “Ha ke etse letho ke ’notši, ke mpa ke bolela litaba tseo joale ka ha Ntate a nthutile.” (Johanne 5:19; 8:28) Jesu o re sietse mohlala hore “re latele mehato ea hae haufi-ufi.” (1 Petrose 2:21, NW) Ak’u nahane feela! Ha re ithuta ka tsela eo Jesu a ileng a ithuta ka eona, boemong leha e le bofe re tla khona ho nka khato ka tsela eo Jehova a neng a tla batla hore re nke khato ka eona. Ka mehla tsela ea Jehova ke eona e nepahetseng.
5. “’Nete” ke eng?
5 Joale Davida o re: “Ke tla tsamaea ’neteng ea hao.” (Pesaleme ea 86:11, NW) Lilemo tse sekete hamorao, Pilato, ha a bua le Jesu, Mor’a Davida, o ile a botsa: “’Nete ke’ng?” Empa Jesu o ne a sa tsoa arabela potso eo, a bolella Pilato: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena,” ’me a eketsa: “Ua bolela, ke morena; ke tsoaletsoe hona, ’me ke tletse hona lefatšeng, ke tle ke pake ’nete.” (Johanne 18:33-38) Ka hona Jesu o ile a tsebahatsa hore ’nete e ne e bua ka ’Muso oa Messia. Ka sebele, sehlooho sohle sa Bibele ke ho halaletsoa ha lebitso la Jehova ka ’Muso oo.—Ezekiele 38:23; Mattheu 6:9, 10; Tšenolo 11:15.
6. Ha re tsamaea ’neteng, re lokela ho hlokomela eng?
6 Ho tsamaea ’neteng ho bolela eng? Ho bolela ho etsa hore tšepo ea ’Muso e be ntho ea sehlooho eo re amehileng ka eona bophelong ba rōna. Re tlameha ho phelela ’nete ea ’Muso. Ha rea tlameha ho ba ba sa fellang tabeng ea ho beha lithahasello tsa ’Muso pele, re chesehe tumellanong le menyetla eo re e fumanang ea ho pakela ’nete ea ’Muso, re etsisa mohlala oa Jesu. (Mattheu 6:33; Johanne 18:37) Re ke ke ra sebelisa karolo e itseng ea nako re tsamaea ’neteng ebe re nehelana ka tšebeletso ea ho itlosa molato empa re ithabisa ka ho tsoa tseleng ka morero oa ho kopanela boithabisong bo feteletseng kapa ho tšoareha mosebetsing o itseng o senyang nako kapa ho “sebeletsa . . . Maruo.” (Mattheu 6:24, NW) Re ka ’na ra lahleha ho e ’ngoe ea litselana tseo tse ka thōko, ho se mohla re tla fumana mokhoa oa ho khutlela ‘tseleng e patisaneng e isang bophelong.’ E se eka re ke ke ra kheloha tseleng eo! (Mattheu 7:13, 14) Jehova, Morupeli oa rōna e Moholo, ka Lentsoe la hae le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, o khantša tsela, o re: “Tsela ke eona ena, tsamaeang ho eona, e se re la ea ka ho le letona, kapa ka ho le letšehali.”—Esaia 30:21.
Tšabo e Loketseng
7. Re ka “kopanya” lipelo tsa rōna joang?
7 Thapelo ea Davida e tsoela pele ho temana 11 (NW): “Kopanya pelo ea ka hore e tšabe lebitso la hao.” Joaloka Davida, re lokela ho batla hore lipelo tsa rōna li se be peli, li felle, ho etseng thato ea Molimo. Sena se tumellanong le keletso ea Moshe: “’Me joale, Iseraele, Jehova, Molimo oa hao, o batla’ng ho uena, ha e se hore u tšabe Jehova, Molimo oa hao, u tsamaee tseleng tsa hae tsohle, u mo rate, ’me u sebeletse Jehova, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea [“sephefumolohi” NW] oa hao oohle, u boloke litaelo tsa Jehova, le melao ea hae eo ke u laelang eona kajeno, hore u be u iketle?” (Deuteronoma 10:12, 13) Ka sebele, ho molemong oa rōna hore re be ka pelo eohle le ka sephefumolohi sohle ha re sebeletsa Jehova. Ka hona re bontša tšabo e loketseng bakeng sa lebitso la hae le hlomphehang. Ha e le hantle lebitso la Jehova le bolela “Ea Etsang Hore ho be Teng,” haholo-holo mabapi le ho phethahatsa merero ea hae e hlollang. Le boetse le emela bolaoli ba hae bo phahameng holim’a bokahohle bohle. Ha re sebeletsa ka ho tšaba bobusi ba Molimo, re ke ke ra khelosoa ke ho tšaba motho ea shoang. Lipelo tsa rōna e ke ke ea ba tse sa fellang. Ho e-na le hoo, re tla tšaba ho etsa ntho leha e le efe e ke keng ea thabisa Jehova, Moahloli ea Phahameng le ’Musi Morena, ea tšoereng bophelo ba rōna letsohong la hae.—Esaia 12:2; 33:22.
8, 9. (a) ‘Ho se be ba lefatše’ ho bolela eng? (b) Re lokela ho nka mehato efe hobane re “sebonoang-sebonoa-ke-bohle”?
8 Esita leha re nyefoloa ebile re hlorisoa, re tla latela mohlala oa Jesu oa ho hloka tšabo ka hore re se be karolo ea lefatše le khopo le re potileng. (Johanne 15:17-21) Sena ha se bolele hore barutuoa ba Jesu ba lokela ho lula ba le bang kapa ba ipatile mahaeng a baitlami. Thapelong e eang ho Ntate oa hae, Jesu o ile a re: “Ha ke u rapele hore u ba tlose lefatšeng, empa e le hore u ba sireletse bobeng. Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše. U ba halaletse ka ’nete ea hao; lentsoe la hao ke ’nete. Joale ka ha u nthomile lefatšeng, le ’na ke ba romile lefatšeng.” (Johanne 17:15-18) Joaloka Jesu, re rometsoe ho phatlalatsa ’nete ea ’Muso. Jesu o ne a atameleha. Batho ba ne ba khatholloa ke tsela eo a neng a ruta ka eona. (Bapisa le Mattheu 7:28, 29; 11:28, 29; Johanne 7:46.) Le rōna re lokela ho ba joalo.
9 Ho ba le botsoalle ha rōna, boitlhopho le ponahalo e ntle, moqoqo o mosa le o hloekileng, li lokela ho etsa hore rōna hammoho le molaetsa oa rōna re amohelehe ho batho ba pelo li ntle. Re tlameha ho qoba ho apara ka tsela e bohlasoa, ho apara liaparo tse sa lokelang, litloaelano tse ka etsang hore re kenelle linthong tsa lefatše, le mokhoa oa bophelo o hlephileng, o sa laoloeng ke molao-motheo oo re o bonang lefatšeng le re pota-potileng. Kaha re “fetohile sebonoang-sebonoa-ke-bohle ho lefatše, mangeloi, le ho batho,” re mosebetsing lihora tse 24 ka letsatsi oa ho sebeletsa le ho phela joaloka Bakreste ba behang mohlala o motle. (1 Ba-Korinthe 4:9, BPN; Ba-Efese 5:1-4; Ba-Filippi 4:8, 9; Ba-Kolosse 4:5, 6) Pelo ea rōna e tlameha ho kopangoa ho phetha sena.
10. Jehova o hopola ba kopanyang lipelo tsa bona tšebeletsong e halalelang joang?
10 Rōna ba kopanyang lipelo tsa rōna ka ho tšaba Jehova, ka ho thuisa ka merero ea hae e meholo le ho tlatsa bophelo ba rōna ka tšebeletso e halalelang, re tla hopoloa ke Jehova. “Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatšeng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela.” (2 Likronike 16:9) E le ha e bua ka tsela ea boprofeta ka mehla ea rōna, Malakia 3:16 e baleha tjena: “Eaba ba tšabang Jehova ba buisana hammoho, e mong le e mong le ngoan’abo, ’me Jehova a theetsa tsebe, a mamela; buka ea khopotso ea ngoloa pel’a hae, ea ngolloa ba tšabang Jehova le ba hlokomelang lebitso la hae.” E se eka le lipelo tsa rōna li ka kopanngoa tšabong e joalo e hahang ea Jehova!
Mosa o Lerato oa Jehova
11. Mosa oa Jehova o lerato o tla bonahatsoa joang ho batho ba tšepahalang?
11 Thapelo ea Davida e tiile hakaakang! O tsoela pele: “Kea u boka, Uena Jehova Molimo oa ka, ka pelo ea ka eohle, ’me ke tla rorisa lebitso la hao ka ho sa feleng, hobane mosa o lerato oa hao o moholo ho ’na, ’me u lopolotse sephefumolohi sa ka Sheol, sebakeng sa eona se tlaase-tlaase.” (Pesaleme ea 86:12, 13, NW) Ka lekhetlo la bobeli hona pesalemeng ena, Davida o rorisa Jehova bakeng sa mosa oa Hae o lerato—lerato la Hae le tšepahalang. Lerato lena le leholo hoo le ka fanang ka poloko esita le maemong ao ho sa bonahaleng hore poloko e ka ba teng ho oona. Ha Saule a ntse a mo tsoma lefeelleng, e ka ’na eaba Davida o ile ikutloa eka a ka hohobela khocheletsaneng ’me a shoela teng. Ho ne ho tšoana le ho tobana le Sheol e tebileng haholo—botebo ba lebitla. Empa Jehova o ile a mo lopolla! Ka tsela e tšoanang, hangata Jehova o ’nile a thusa bahlanka ba hae ba kajeno ka litsela tse hlollang, ’me o boetse o tšehelitse baboloki ba botšepehi ba mameletseng ka botšepehi esita le ho isa lefung. Batho bohle ba tšepahalang ba tla fumana moputso, esita le ka tsoho haeba ho hlokahala.—Bapisa le Jobo 1:6-12; 2:1-6, 9, 10; 27:5; 42:10; Liproverbia 27:11; Mattheu 24:9, 13; Tšenolo 2:10.b
12. Ke joang baruti ba ikhohomosang ba bileng ba hatellang, hona moputso oa bona e tla ba ofe?
12 Mabapi le bahlorisi Davida oa hooa: “Uena Molimo, baikhohomosi ba ntsohetse matla; ’me pokano ea bahatelli e batla sephefumolohi sa ka, ’me ha ba a u beha ka pele ho bona.” (Pesaleme ea 86:14, NW) Kajeno, bahlorisi ba akarelelitse baruti ba Bokreste-’mōtoana. Baruti bana ba bolela hore ba rapela Molimo empa ba tlosa lebitso la hae le halalelang ’me sebakeng sa lona ba ngola tlotla “Morena” ’me ba mo hlalosa e le Boraro-bo-bong ba mohlolo boo ha e le hantle bo sa hlaheng ka Bibeleng. Ke baikhohomosi ba bakaakang! Ho phaella ho sena, ba leka ho susumeletsa mebuso ea lipolotiki hore e nke Lipaki tsa Jehova e se tsa molao ’me e li kenye teronkong, joalokaha ho ntse ho etsoa ke linaha tse ngata ka ho makatsang ho potoloha lefatše. Banyefoli bana ba lebitso la Molimo ba aparang liaparo tsa purapera ba tla kotula moputso oa bona, hammoho le likarolo tse ling tsa Babylona e Moholo tse kang liotsoa.—Tšenolo 17:1, 2, 15-18; 19:1-3.
13. Jehova o bonahatsa litšoaneleho life ha a tsebahatsa molemo oa hae?
13 Thapelo ea Davida e tsoela pele ho bontša phapang e thabisang: “Empa uena, Uena Jehova, u Molimo o mohau le o lereko, o liehang ho halefa le o tletseng mosa o lerato le ’nete.” (Pesaleme ea 86:15, NW) Ka sebele litšoaneleho tse joalo tsa Molimo oa rōna li phahame. Mantsoe ana a re khutlisetsa morao Thabeng ea Sinai ha Moshe a ne a batla ho bona khanya ea Jehova. Jehova o ile a arabela: “Ke tla etsa hore molemo ’ohle oa ka o fete pel’a sefahleho sa hao, ’me ke tla phatlalatsa lebitso la Jehova ka pel’a hao.” Empa o ile a lemosa Moshe: “U ke ke ua khona ho bona sefahleho sa ka, hobane ha ho motho ea ka mponang a phela.” Ka mor’a moo, Jehova o ile a theoha a le lerung, a re: “Jehova, Jehova, Molimo o mohau le o lereko, o liehang ho halefa le o tletseng mosa o lerato le ’nete.” (Exoda 33:18-20, NW; 34:5, 6, NW) Davida o ile a qotsa mantsoe ana thapelong ea hae. Ho rōna litšoaneleho tse joalo tsa Jehova li bolela ho fetang feela ponahalo ea sefahleho! Ho tsoa phihlelong ea rōna, na re ananela molemo oa Jehova joalokaha o bontšitsoe litšoanelehong tsee tse ntle?
“Pontšo e Bolelang Molemo”
14, 15. Jehova o etsetsa bahlanka ba hae “pontšo e bolelang molemo” joang?
14 Davida o boetse o kōpa tlhohonolofatso ea Jehova, o re: “Leba ho ’na ’me u mpontše mohau. Neha mohlanka oa hao matla, ’me u boloke mora oa lekhabunyane la hao. Nketsetse pontšo e bolelang molemo, e le hore ba ntlhoeang ba e bone ’me ba hlajoe ke lihlong. Hobane uena, Uena Jehova, u nthusitse ’me u ntšelisitse.” (Pesaleme ea 86:16, 17, NW) Davida oa hlokomela hore joaloka ‘mora oa lekhabunyane la Jehova,’ le eena e tlameha ho ba oa Jehova. Hoa tšoana le ho rōna bohle ba nehetseng bophelo ba rōna ho Jehova le ba sebeletsang tšebeletsong ea hae. Re hloka matla a Jehova a bolokang a fanoang ka moea oa hae o halalelang. Ka hona, re kōpa Molimo oa rōna hore a re etsetse “pontšo e bolelang molemo.” Molemo oa Jehova o akareletsa litšoaneleho tse ntle tseo re sa tsoa bua ka tsona. Motheong oa sena, ke pontšo kapa sesupo sefe, seo re ka lebellang hore Jehova a re fe sona?
15 Jehova ke Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle, leha e le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethehileng” ’me joalokaha Jesu a re tiisetsa, o fana ka seatla se bulehileng ha a fana ka “moea o halalelang ho ba o kōpang ho eena.” (Jakobo 1:17; Luka 11:13) Moea o halalelang—ke mpho ea bohlokoahali hakaakang e tsoang ho Jehova! Ka moea o halalelang, Jehova o fana ka thabo ea pelo, esita le nakong ea mahloriso. Ka hona, ha baapostola ba Jesu ba ne ba le tekong e behang bophelo ba bona kotsing, ka thabo ba ne ba ka bolela hore Molimo o fana ka moea o halalelang ho ba mo utloang e le ’musi. (Liketso 5:27-32) Thabo ea moea o halalelang e ile ea tsoela pele ho ba etsetsa “pontšo e bolelang molemo.”—Ba-Roma 14:17, 18.
16, 17. (a) Jehova o ile a fa Pauluse le Barnabase pontšo efe ea molemo oa hae? (b) Bathessalonika ba neng ba hlorisoa ba ile ba fuoa pontšo efe?
16 Leetong la bona la boromuoa Asia Minor, Pauluse le Barnabase ba ile ba tobana le mathata, esita le mahloriso a boima. Ha ba bolela Antioke e Pisidia, Bajode ba ile ba hana molaetsa oa bona. Ka hona, ba ile ba ea ho balichaba. Phello e bile efe? “Ha batho ba lichaba ba utloa sena, ba ile ba qala ho thaba le ho tlotlisa lentsoe la Jehova, ’me bohle ba neng ba e-na le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng ba ile ba fetoha balumeli.” Empa Bajode ba ile ba baka morusu, hoo baromuoa ba ileng ba lelekoa motseng. Na bona hammoho le balumeli ba bacha ba ile ba nyahamisoa ke see? Ho hang! Ho e-na le hoo, “barutuoa ba ile ba tsoela pele ba tlala thabo le moea o halalelang.” (Liketso 13:48, 52, NW) Jehova o ile a ba fa pontšo eo ea molemo oa hae.
17 Hamorao, phutheho e ncha ea Thessalonika e ile ea hlaheloa ke mahloriso. Sena se ile sa etsa hore moapostola Pauluse a ngole lengolo la matšeliso, a babatsa ho mamella ha bona mahloriso. Ba ne ba ile ba “amohela lentsoe, har’a matšoenyeho a maholo, ka thabo ea moea o halalelang.” (1 Ba-Thessalonika 1:6) “Thabo ea moea o halalelang” e ile ea tsoela pele ho ba matlafatsa e le pontšo e hlakileng e tsoang ho Molimo ea mohau le ea lereko, ea liehang ho halefa, ea tletseng mosa o lerato le ’nete.
18. Baena ba rōna ba leng Europe Bochabela ba bontšitse kananelo bakeng sa molemo oa Jehova joang?
18 Linakong tsa morao tjena, Jehova o bonahalitse molemo oa hae ho baena ba rōna ba tšepahalang ba Europe Bochabela, ’me a hlabisa ba ba hloileng lihlong—e leng bao pele ba neng ba ba hlorisa. Le hoja ba sa tsoa lokolloa khatellong ea lilemo tse mashome-shome, baena bana ba ratehang ba ntse ba tlameha ho mamella, hobane ba bangata ba tobane le mathata a tebileng a moruo. Leha ho le joalo, ‘thabo ea bona ea moea o halalelang’ ea ba tšelisa. Ba ka ba le thabo efe e fetang ea ho sebelisa tokoloho ea bona eo ba sa tsoa e fumana ho atolosa bopaki? Batho ba bangata ba a ba mamela, joalokaha litlaleho tsa likopano le tsa ba kolobetsoang li bontša.—Bapisa le Liketso 9:31.
19. Re ka etsa joang hore mantsoe a Pesaleme ea 86:11 e be a rōna?
19 Sohle seo re buisaneng ka sona mona le sehloohong se fetileng se pheta mantsoe a thapelo e tiileng ea Davida ho Jehova: “Nthute, Uena Jehova . . . Kopanya pelo ea ka hore e tšabe lebitso la hao.” (Pesaleme ea 86:11, NW) E se eka re ka etsa mantsoe ao a temana ea selemo ea 1993 a rōna ha re ntse re sebetsa ka pelo eohle ho tšehetsa lithahasello tsa ’Muso ’me re bontša kananelo ka molemo o sa feleng oa Molimo oa rōna o le mong, ’Musi Morena Jehova.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Jesu joaloka “peō” e boletsoeng esale pele, e ne e le mojalefa ’musong oa Davida ’me ka baka leo e ne e le “Mor’a Davida” ka kutloisiso ea sebele le ea moea.—Genese 3:15; Pesaleme ea 89:29, 34-37.
b Bakeng sa mehlala ea kajeno, bona Yearbook of Jehovah’s Witnesses, likhatiso tsa 1974, maqephe 113-212; 1985, maqephe 194-7; 1986, maqephe 237-8; 1988, maqephe 182-5; 1990, maqephe 171-2; 1992, maqephe 174-81.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Re bontša eng ha re rapela re re, “Nthute, Uena Jehova”?
◻ Hore lipelo tsa rōna li kopanngoe hore li tšabe lebitso la Jehova ho bolela eng?
◻ Jehova o tla bontša mosa oa hae o lerato ho batho bohle ba tšepahalang joang?
◻ Jehova o re etsetsa “pontšo e bolelang molemo” joang?
[Lebokose le leqepheng la 16]
Temana ea selemo bakeng sa 1993: “Nthute, Uena Jehova . . . Kopanya pelo ea ka hore e tšabe lebitso la hao.”—Pesaleme ea 86:11, NW.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Jehova ke lefika le setšabelo ho ba tsamaeang ba sa khelohe ’neteng
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Kopanong ea Machaba ea Lipaki tsa Jehova ea “Bajari ba Leseli” e St. Petersburg, Russia, ka June, ho bile teng ba 46 214 ’me ha kolobetsoa ba 3 256. Batho bana ba iphumanela molemo oa Jehova ka ho hlollang hakaakang, ka “thabo ea moea o halalelang”!