Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tšepa Jehova
    Molula-Qhooa—2003 | September 1
    • 18, 19. Bibele e sebelisa mantsoe afe ha e re khothalletsa ho tšepa Jehova, empa ba bang ba na le maikutlo afe a fosahetseng ka taba ee?

      18 Lentsoe la Molimo lea re phehella le re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.” (Liproverbia 3:5, 6) Ao ke mantsoe a monate, a fanang ka tšepo. Ka sebele, bokahohleng bohle, ha ho ea tšepahalang ho feta Ntate oa rōna oa leholimo ea ratoang. Leha ho le joalo, ho bala mantsoe ao a Liproverbia ho bonolo ho feta ho a sebelisa.

  • Tšepa Jehova
    Molula-Qhooa—2003 | September 1
    • 22, 23. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa Jehova ha re tobane le mathata, hona re ka etsa seo joang? (b) Ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?

      22 Leha ho le joalo, Liproverbia 3:6 e bontša hore re lokela ho ‘ela Jehova hloko litseleng tsohle tsa rōna,’ eseng feela ha re tobane le mathata. Kahoo liqeto tseo re li etsang letsatsi le letsatsi bophelong li lokela ho bontša hore re tšepile Jehova. Ha mathata a hlaha, ha rea lokela ho nyahama, ho tšoha, kapa ho hana tataiso eo Jehova a fanang ka eona mabapi le tsela e molemohali ea ho sebetsana le maemo a itseng. Re lokela ho talima liteko e le menyetla ea ho tšehetsa bobusi ba Jehova, ho thusa ho shanofatseng Satane, le ho hlaolela kutlo le makhabane a mang a thabisang Jehova.—Baheberu 5:7, 8.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela