-
Ho Iketelletsa Pele ho Tlisa ho se HlompheheMolula-Qhooa—2000 | August 1
-
-
Ho Iketelletsa Pele ho Tlisa ho se Hlomphehe
“Na ho iketelletsa pele ho tlile? Joale ho se hlomphehe ho tla tla; empa bohlale bo ho ba inyenyefatsang.”—LIPROVERBIA 11:2, NW.
1, 2. Ho iketelletsa pele ke eng, ’me ho isitse tlokotsing ka litsela life?
MOLEVI ea mohono o etella pele mahoohoo a bafetoheli khahlanong le balaoli ba khethiloeng ke Jehova. Khosana e ratang botumo e loha leano la ho iphamolela borena ba ntat’a eona. Morena ea hlokang mamello o hlokomoloha litaelo tse hlakileng tsa moprofeta oa Molimo. Baiseraele bana ba bararo ba tšoana ka tšobotsi e le ’ngoe: ho iketelletsa pele.
2 Ho iketelletsa pele ke tšobotsi e tsoang pelong e sokelang bohle ka botebo. (Pesaleme ea 19:13) Motho ea iketelletsang pele ha a tšabe ho inkela matla ao a sa a fuoang. Hona ho atisa ho tlisa tlokotsi. Ha e le hantle, ho iketelletsa pele ho lihile marena ’me ho ketotse mebuso. (Jeremia 50:29, 31, 32; Daniele 5:20) Ho bile ha tšoasa bahlanka ba bang ba Jehova ’me ha ba timetsa.
3. Re ka ithuta joang ka likotsi tsa ho iketelletsa pele?
3 Ka lebaka le utloahalang, Bibele e re: “Na ho iketelletsa pele ho tlile? Joale ho se hlomphehe ho tla tla; empa bohlale bo ho ba inyenyefatsang.” (Liproverbia 11:2, NW) Bibele e re fa mehlala e tiisang hore maele ana ke ’nete. Ho hlahloba e meng ea eona ho tla re thusa ho bona kotsi ea ho tlōla meeli e loketseng. Kahoo, a re hlahlobeng kamoo mohono, ho rata botumo le ho hloka mamello li ileng tsa etsa hore banna ba bararo ba boletsoeng qalong ba iketelletse pele, e leng ho ileng ha ba tlisetsa ho se hlomphehe.
Kore—Mofetoheli ea Mohono
4. (a) Kore e ne e le mang, ’me ha ho pelaelo hore o ile a kopanela liketsahalong life tse tsebisahalang? (b) Lilemong tsa morao, Kore o ile a khothalletsa ketso efe e tummeng hampe?
4 Kore e ne e le Molevi oa Mokohathe, e le ngoan’abo Moshe le Arone ka bo-ntat’a bona. Kamoo ho bonahalang kateng, o ne a tšepahala ho Jehova ka mashome a lilemo. Kore o ile a fuoa tokelo ea ho ba har’a ba ileng ba lopolloa ka mohlolo Leoatleng le Lefubelu, ’me ho ka etsahala hore ebe o ile a kenya letsoho ha ho phethahatsoa kahlolo ea Jehova ho Baiseraele ba ileng ba rapela namane Thabeng ea Sinai. (Exoda 32:26) Leha ho le joalo, qetellong Kore o ile a etella pele bofetoheli bo neng bo akarelletsa Barubene, e leng Dathane, Abirame le One, hammoho le marenana a 250 a Baiseraele khahlanong le Moshe le Arone.a Ba ile ba re ho Moshe le Arone: “Ho lekane! Phutheho kaofela ke batho ba halalelang, ’me Jehova o har’a bona; ke ka baka la’ng ha le iphahamisitse ka holimo ho phutheho ea Jehova?”—Numere 16:1-3.
5, 6.(a) Ke hobane’ng ha Kore a ile a fetohela Moshe le Arone? (b) Ke hobane’ng ha ho ka thoe mohlomong Kore o ne a eisa sebaka sa hae tokisetsong ea Molimo?
5 Ke hobane’ng ha Kore e ile ea e-ba mofetoheli ka mor’a ho tšepahala ka lilemo tse telele? Ka sebele boeta-pele ba Moshe ho Baiseraele bo ne bo sa hatelle, hobane “e ne e le monna ea mosa, ea mosa ho fetisa motho ofe le ofe ea lefatšeng.” (Numere 12:3) Leha ho le joalo, ho bonahala eka Kore o ne a honohela Moshe le Arone ’me a hlabehisoa ke ho hlahella ba bona, ’me hona ho ile ha mo etsa hore ka phoso a bolele hore ke ka boithatelo le ka boikhabi ba iphahamiselitseng ka holim’a phutheho.—Pesaleme ea 106:16.
6 Mohlomong bothata bo bong ba Kore e ne e le hore o ne a eisa litokelo tsa hae tokisetsong ea Molimo. Ke ’nete hore Balevi ba Bakohathe e ne e se baprista, empa e ne e le mesuoe ea Molao oa Molimo. Ba ne ba boetse ba jara thepa le lijana tsa tabernakele ha li ne li lokela ho ea sebakeng se seng. E ne e le kabelo ea bohlokoa, hobane lijana tse halalelang li ne li ka tšoaroa feela ke batho ba neng ba hloekile bolumeling le boitšoarong. (Esaia 52:11) Kahoo, ha Moshe a toba Kore, hantle-ntle o ne a botsa, Na u eisa kabelo ea hao hoo u batlang le ho fumana boprista? (Numere 16:9, 10) Kore o ile a sitoa ho bona hore tlotla e khōlōhali ke ho sebeletsa Jehova ka botšepehi ho latela tokisetso ea hae—eseng ho fumana boemo bo khethehileng kapa setulo.—Pesaleme ea 84:10.
7. (a) Moshe o ile a sebetsana le Kore le banna ba hae joang? (b) Borabele ba Kore bo ile ba felisoa habohloko joang?
7 Moshe o ile a mema Kore le banna ba hae hore ka hosasane ba phuthehele tenteng ea pōkano ba nkile lipane tsa mollo le libano. Kore le banna ba hae ba ne ba sa lumelloa ho nyehela libano, kaha e ne e se baprista. Haeba ba ne ba e-tla ba nkile lipane tsa mollo le libano, sena se ne se tla bontša ka ho hlaka hore banna bana ba ntse ba ikutloa hore ba na le tokelo ea ho sebetsa e le baprista—esita le ka mor’a ho fuoa bosiu bohle hore ba nahane taba ena bocha. Ha ba itlhahisa hoseng ka le hlahlamang, Jehova ka nepo o ile a bontša khalefo ea hae. Ha e le Barubene, “lefatše la ahlamisa molomo oa lona, la ba metsa.” Ba bang, ho akarelletsa Kore, ba ile ba jeoa ke mollo o tsoang ho Molimo. (Deuteronoma 11:6; Numere 16:16-35; 26:10) Ho iketelletsa pele ha Kore ho ile ha tlisa ho se hlomphehe ho feletseng—ho lahloa ke Molimo!
Hanela “Tšekamelo ea ho ba Mohono”
8. “Tšekamelo ea ho ba mohono” e ka iponahatsa joang le har’a Bakreste?
8 Tlaleho ea Kore ke temoso ho rōna. Kaha “tšekamelo ea ho ba mohono” e teng ho batho ba sa phethahalang, e ka iponahatsa le ka phuthehong ea Bokreste. (Jakobo 4:5) Ka mohlala, e ka ’na eaba re rata maemo. Joaloka Kore, re ka ’na ra honohela ba nang le litokelo tseo re li lakatsang. Kapa re ka tšoana le Mokreste oa lekholong la pele la lilemo ea bitsoang Diotrefese. O ne a nyatsa bolaoli ba baapostola haholo, ’me ho totobetse hore e ne e le hobane a ne a batla hore e be eena ea ikarabellang. Ka sebele, Johanne o ile a ngola hore Diotrefese ‘o rata sebaka sa pele.’—3 Johanne 9.
9. (a) Ke boikutlo bofe mabapi le boikarabelo ba phutheho boo ho hlokahalang re bo qobe? (b) Pono e ntle ke efe mabapi le sebaka sa rōna tokisetsong ea Molimo?
9 Ha e le hantle, hase phoso ha monna oa Mokreste a hahamalla boikarabelo ba phutheho. Pauluse o bile a khothalletsa tsela e joalo. (1 Timothea 3:1) Leha ho le joalo, le ka mohla re se ke ra talima litokelo tsa tšebeletso e le letšoao la tlhompho, joalokaha eka ka ho li fumana, re boemong bo ka holimonyana. Hopola, Jesu o itse: “Mang kapa mang ea batlang ho ba moholo har’a lōna e lokela ho ba mosebeletsi oa lōna, ’me mang kapa mang ea batlang ho ba oa pele har’a lōna e lokela ho ba lekhoba la lōna.” (Matheu 20:26, 27) Ka ho hlakileng, e ne e tla ba phoso ho honohela ba nang le boikarabelo bo boholoanyane, joalokaha eka bohlokoa ba rōna ho Molimo bo ea ka “maemo” a rōna mokhatlong o hlophisitsoeng oa hae. Jesu o itse: “Bohle le bara ba motho.” (Matheu 23:8) E, ebang u mohoeletsi kapa pula-maliboho, u sa tsoa kolobetsoa kapa khale u tšepahala—bohle ba sebeletsang Jehova ka moea oohle ba na le sebaka sa bohlokoa tokisetsong ea hae. (Luka 10:27; 12:6, 7; Bagalata 3:28; Baheberu 6:10) Ruri ke tlhohonolofatso ho tšoarisana le ba limilione ba loanelang ho sebelisa keletso ena ea Bibele: “Itlameng ka ho ikokobetsa kelellong e mong ho e mong.”—1 Petrose 5:5.
Absalome—Ramenyetla ea Ratang Botumo
10. Absalome e ne e le mang, hona o ile a leka joang ho ithatisa ba neng ba e-tla ho morena ho tla ahloleloa?
10 Tsela eo Absalome, mora oa boraro oa Morena Davida, a neng a phela ka eona ke thuto tabeng ea ho rata botumo. Ramenyetla enoa ea mano o ile a leka ho ithatisa ba neng ba e-tla ho morena ho tla ahloleloa. O ile a qala ka ho kenyelletsa ka bolotsana hore Davida o iphapanyetsa litlhoko tsa bona. Hamorao o ile a lahla bolotsana ’me a ntša maikutlo a hae. A ’na a bua, a re: “Hoja nka behoa moahloli oa lefatše lena, bohle ba nang le linyeoe le tse ahloloang ba ka be ba e-tla ho ’na, ’me nka be ke ba ahlolela.” Merero ea bolotsana ea Absalome e ne e se na moeli. Bibele e re: “Enere motho ha a e-tla ho inama pel’a hae, o na a mo otlollela letsoho, a mo tšoare a mo ake. Absalome a ’na a etsa joalo ho ba-Iseraele bohle ba tlang ho morena kahlolong.” Ka phello efe? “Absalome a ’na a hapa lipelo tsa batho ba Iseraele.”—2 Samuele 15:1-6, bapisa le NW.
11. Absalome o ile a leka joang ho iphamolela borena ba Davida?
11 Absalome o ne a ikemiselitse ho iphamolela borena ba ntat’ae. Lilemo tse hlano pejana, o ile a etsa hore mora oa Davida oa letsibolo, Amnone, a bolaoe, ka ho hlakileng e le ha a phetetsa ho betoa ha khaitseli’e Tamare. (2 Samuele 13:28, 29) Leha ho le joalo, e ka ’na eaba le ka nako eo Absalome o ne a ntse a shebile borena, a nka ho bolaoa ha Amnone e le tsela e loketseng ea ho tlosa tseleng eo a qothisanang lehlokoa le eena.b Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, ka nako ea teng, Absalome o ile a nka khato. O ile a etsa hore borena ba hae bo phatlalatsoe naheng eohle.—2 Samuele 15:10.
12. Hlalosa kamoo ho iketelletsa pele ha Absalome ho ileng ha mo tlisetsa ho se hlomphehe.
12 Ka nako e itseng, Absalome o ile a atleha, hobane “morero oa bolotsana [o ile] oa ’na oa e-ba matla haholoanyane, ’me batho ba ne ba eketseha ka palo ka ho tsoelang pele ho Absalome.” Ka mor’a nako, Morena Davida o ile a tlameha ho baleha hore a se ke a bolaoa. (2 Samuele 15:12-17, NW) Leha ho le joalo, kapele feela mosebetsi oa Absalome o ile oa khutsufatsoa ha a bolaoa ke Joabe, a lahleloa ka lephaong, ’me a koaheloa ka majoe. Nahana feela—monna enoa ea ratang botumo ea neng a batla ho ba morena ha aa ka a patoa le ka mokhoa o hlomphehang lefung la hae!c Ruri ho iketelletsa pele ho ile ha tlisetsa Absalome ho se hlomphehe.—2 Samuele 18:9-17.
Hana ho Rata Botumo ha Boithati
13. Moea oa ho rata botumo o ka tiea joang pelong ea Mokreste?
13 Ho phahamela pusong ha Absalome le ho oa ho ileng ha ho latela ke thuto ho rōna. Lefatšeng la kajeno le se nang kutloelo-bohloko, ho tloaelehile hore batho ba ikaketse ka pel’a baokameli ba bona, ba leka ho ikatametsa ho bona e le ho ba khahlisa feela kapa ho fumana tokelo kapa ho phahamisoa ho itseng mosebetsing. Ka nako e tšoanang, ba ikatametsang ba ka ’na ba ipolelisa ho ba tlaase ho bona, ba leka ho ithatisa bona le ho fumana tšehetso ea bona. Ha re sa hlokomele, moea o joalo oa ho rata botumo o ka mela ka lipelong tsa rōna. Kamoo ho bonahalang kateng, sena se ile sa etsahala har’a ba bang lekholong la pele la lilemo, ’me ha tlama baapostola hore ba lemose ka matla ka ba joalo.—Bagalata 4:17; 3 Johanne 9, 10.
14. Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba moea oa ho rata botumo le oa boiphahamiso?
14 Jehova ka mokhatlong oa hae ha a na sebaka sa balotsana ba iphahamisang ba lekang ho ‘ipatlela hlompho.’ (Liproverbia 25:27) Ka sebele, Bibele ea lemosa: “Jehova a ke a felise melomo e qekang, le leleme le ikakasang ka tse kholo.” (Pesaleme ea 12:3) Absalome o ne a e-na le molomo o qekang. O ne a bua lintho tsa boikakaso ho bao a neng a batla lerato la bona—e le hore feela a fumane bolaoli boo a neng a bo tsoetse pelo. Ha ho bapisoa, re lehlohonolo hakaakang ho ba har’a mokhatlo oa bara ba motho o latelang keletso ee ea Pauluse: “Le [se ke la etsa] letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong le [nke] hore ba bang ba le phahametse.”—Bafilippi 2:3.
Saule—Morena ea Hlokang Mamello
15. Ke joang Saule a ileng a iponahatsa e le ea inyenyefatsang ka nako e ’ngoe?
15 Ho na le nako eo ka eona Saule, eo hamorao e ileng ea e-ba morena oa Iseraele, a neng a inyenyefatsa. Ka mohlala, nahana ka se ileng sa etsahala ha a sa le monyenyane. Eitse ha moprofeta oa Molimo Samuele a mo bua hantle, ka boikokobetso Saule o ile a araba: ‘Ha ke re ke mo-Benjamine, oa leloko le lenyenyane ho meloko ea Iseraele, ’me mothapo oa ka ke o monyenyane ho methapo eohle ea leloko la Benjamine na? U rialo joang ho ’na?’—1 Samuele 9:21.
16. Saule o ile a bontša boikutlo ba ho hloka mamello ka tsela efe?
16 Leha ho le joalo, hamorao boinyenyefatso ba Saule bo ile ba fela. Ha a ne a le ntoeng le Bafilista, o ile a ea Gilgale, moo a neng a lebeletsoe teng hore a letele Samuele hore a tle ho tla rapela Molimo ka tieo ka mahlabelo. Eitse ha Samuele a sa fihle ka nako e behiloeng, Saule ka ho iketelletsa pele o ile a nyehela licheso. Hantle feela ha a qeta, Samuele o ile a fihla. “U entse’ng?” Samuele a botsa. Saule a araba: “Eitse ha ke bona sechaba se nqhalanela, le uena u sa hlahe ka litšiu tse behiloeng, . . . ke ikhothalitse ke hona, ’me ka etsetsa Jehova secheso.”—1 Samuele 13:8-12.
17. (a) Ha liketso tsa Saule li habanngoa feela, ke hobane’ng ha ho ka bonahala eka o ne a entse ntho e utloahalang? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a tsoa Saule ka hore a hloke mamello?
17 Ha liketso tsa Saule li habanngoa feela, ho ka ’na ha bonahala eka o ne a entse ntho e utloahalang. Ha e le hantle, batho ba Molimo ba ne ba ‘le mahlomoleng,’ ba “le tsietsing,” ’me ba thothomela ka lebaka la ho felloa ke tšepo. (1 Samuele 13:6, 7, NW) Ka sebele, hase phoso ho nka khato ha maemo a ho hloka.d Hopola hore, leha ho le joalo, Jehova a ka bona se ka pelong ’me a lemoha sepheo sa rōna se tebileng. (1 Samuele 16:7) Kahoo, o tlameha a be a ile a bona lintlha tse ling mabapi le Saule tse sa boleloang ka ho toba tlalehong ea Bibele. Ka mohlala, mohlomong Jehova o ne a bone hore ho hloka mamello ha Saule ho ne ho susumetsoa ke boikhohomoso. Mohlomong Saule o ne a tenoa ke hore eena—morena oa Iseraele eohle—o ne a tlameha ho letela e mong eo a neng a mo bona e le moprofeta ea tsofetseng le ea liehang! Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, Saule o ile a ikutloa hore ho lieha ha Samuele ho mo neha tokelo ea ho inkela litaba matsohong le ho hlokomoloha litaelo tse hlakileng tseo a neng a li filoe. Phello ea e-ba efe? Samuele ha aa ka a thoholetsa khato ea Saule. Ho fapana le hoo, o ile a tsoa Saule, a re: “Borena ba hao bo ke ke ba tiea . . . kahobane ha ua ka ua boloka seo Jehova a u laetseng sona.” (1 Samuele 13:13, 14) Le ka lekhetlo lena, ho iketelletsa pele ho ile ha tlisa ho se hlomphehe.
Ikalose ho Hlokeng Mamello
18, 19. (a) Hlalosa kamoo ho hloka mamello ho ka etsang hore mohlanka oa kajeno oa Molimo a iketelletse pele. (b) Re lokela ho hopola eng tabeng ea tsamaiso ea phutheho ea Bokreste?
18 Taba ea ho iketelletsa pele ha Saule e tlalehiloe ka Lentsoeng la Molimo molemong oa rōna. (1 Bakorinthe 10:11) Ho bonolo haholo ho rōna hore re tenehele ho se phethahale ha barab’abo rōna. Joaloka Saule, re ka ’na ra hloka mamello, re ikutloa hore haeba litaba li tla tsamaea hantle, li tlameha ho sebetsoa ke rōna. Ka mohlala, a re re mora e mong oabo rōna oa ipabola mahlaleng a itseng a tlhophiso. O etsa lintho ka nako, o khema le mekhoa e sebelisoang ka phuthehong, ’me o na le neo ea ho bua le ho ruta. Ka nako e tšoanang, o ikutloa hore ba bang ha ba finyelle litekanyetso tsa hae tsa ho etsa lintho ka hloko, ’me ba batla ba sa etse lintho ka katleho joalokaha a ne a ka rata. Na see se mo lumella hore a bontše ho hloka mamello? Na o lokela ho nyatsa barab’abo, mohlomong a fana ka maikutlo a hore hoja e ne e se ka boiteko ba hae, ho ne ho se letho le tla etsoa le hore phutheho e ne e tla fokola? E ne e tla ba ho iketelletsa pele!
19 Ha e le hantle, ke eng se momahanyang phutheho ea Bokreste? Mahlale a tsamaiso? ho atleha ho etsa lintho? tsebo e ngata? Ke ’nete hore lintho tsena li molemo hore phutheho e sebetse hantle. (1 Bakorinthe 14:40; Bafilippi 3:16; 2 Petrose 3:18) Leha ho le joalo, Jesu o itse balateli ba hae ba ne ba tla tsejoa haholo-holo ka lerato la bona. (Johanne 13:35) Ke ka lebaka leo baholo ba tsotellang, le hoja ba hlophisehile, ba lemohang hore phutheho ha e hloke taolo e thata joaloka khoebo; ho e-na le hoo, e entsoe ka mohlape o hlokang tlhokomelo e bonolo. (Esaia 32:1, 2; 40:11) Ho hlokomoloha melao-motheo e joalo ka ho iketelletsa pele, hangata ho fella ka tlhōlisano. Ha ho bapisoa, taolo e nang le tšabo ea Molimo e hlahisa khotso.—1 Bakorinthe 14:33; Bagalata 6:16.
20. Ke eng se tla hlahlojoa sehloohong se latelang?
20 Litlaleho tsa Bibele tsa Kore, Absalome le Saule li bontša ka ho hlaka hore ho iketelletsa pele ho tlisa ho se hlomphehe, joalokaha ho boletsoe ho Liproverbia 11:2, (NW). Leha ho le joalo, temana eona eo ea Bibele ea phaella: “Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.” Boinyenyefatso ke eng? Ke mehlala efe ea Bibele e ka re hlakisetsang tšobotsi ee, hona re ka bontša boinyenyefatso joang kajeno? Lipotso tsena li tla hlahlojoa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kaha Rubene e ne e le letsibolo la Jakobo, litloholo tsa hae tseo Kore a ileng a li khelosa hore li etse bofetoheli, mohlomong li ne li hlabehisoa ke hore Moshe—setloholo sa Levi—o na le matla a ho li tsamaisa.
b Kileabe, mora oa bobeli oa Davida, ha ho buuoe letho ka eena ka mor’a ho tsoaloa ha hae. Mohlomong o shoele nakoana pele ho bofetoheli ba Absalome.
c Mehleng ea Bibele, lepato e ne e le ketsahalo ea bohlokoa haholo. Kahoo, ho se patoe e ne e le tlokotsi ’me hangata e ne e le pontšo ea ho lahloa ke Molimo.—Jeremia 25:32, 33.
d Ka mohlala, Finease o ile a nka khato e potlakileng ea ho thibela lefu la seoa le ileng la bolaea Baiseraele ba mashome a likete, ’me Davida o ile a khothalletsa banna ba hae ba neng ba lapile haholo ho ja le eena bohobe ba pontša bo neng bo le ka “tlung ea Molimo.” Molimo ha aa ka a nyatsa liketso tsena ka bobeli ka hore a re ke ho iketelletsa pele.—Matheu 12:2-4; Numere 25:7-9; 1 Samuele 21:1-6.
-
-
“Bohlale bo ho ba Inyenyefatsang”Molula-Qhooa—2000 | August 1
-
-
“Bohlale bo ho ba Inyenyefatsang”
“Jehova o batla eng ho uena haese hore u . . . inyenyefatse ha u tsamaea le Molimo oa hao?”—MIKEA 6:8, NW.
1, 2. Boinyenyefatso ke eng, ’me bo fapana joang le ho iketelletsa pele?
MOAPOSTOLA ea hlahelletseng o hana ho ikhulela tlhokomelo. Moahloli oa Moiseraele ea sebete o ipitsa e monyenyane ka ho fetisisa ho ba ntlo ea ntat’ae. Motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela o lumela hore o na le matla a lekanyelitsoeng. E mong le e mong ho banna bana o bontša boinyenyefatso.
2 Boinyenyefatso bo fapana le ho iketelletsa pele. Motho ea inyenyefatsang ha a feteletse bokhoni ba hae le bohlokoa ba hae ’me ha a ikhantše kapa hona ho ikakasa. Ho e-na le ho ikhohomosa, ho ithorisa, kapa ho rata botumo, motho ea inyenyefatsang ka linako tsohle oa elelloa hore o na le bofokoli. Kahoo, o hlompha le ho nahanela maikutlo le lipono tsa ba bang.
3. Ke ka tsela efe ‘bohlale bo leng ho ba inyenyefatsang’?
3 Ke ka lebaka le utloahalang ha Bibele e re: “Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.” (Liproverbia 11:2, NW) Motho ea inyenyefatsang o bohlale hobane o latela tsela e amoheloang ke Molimo, ’me o qoba moea oa ho iketelletsa pele o fellang ka ho se hlomphehe. (Liproverbia 8:13; 1 Petrose 5:5) Bohlale ba ho inyenyefatsa bo tiisoa ke tsela ea bophelo ea bahlanka ba ’maloa ba Molimo. A re hlahlobeng mehlala e meraro e boletsoeng serapeng sa pele.
Pauluse—‘Ea Tlaasana’ le ‘Motsamaisi’
4. Pauluse o ile a thabela litokelo life tse khethehileng?
4 Pauluse o ne a hlahelletse har’a Bakreste ba pele, ’me ho ne ho le joalo ka lebaka le utloahalang. Bosebeletsing ba hae, o ile a tsamaea lik’hilomithara tse likete leoatleng le naheng, hape o ile a theha liphutheho tse ngata. Ho phaella moo, Jehova o ile a hlohonolofatsa Pauluse ka lipono le neo ea ho bua lipuo lisele. (1 Bakorinthe 14:18; 2 Bakorinthe 12:1-5) O ile a boela a bululela Pauluse hore a ngole mangolo a 14 ao hona joale e leng karolo ea Mangolo a Segerike a Bakreste. Ho ka boleloa ka ho hlaka hore mesebetsi ea Pauluse e ile ea feta ea baapostola ba bang.—1 Bakorinthe 15:10.
5. Pauluse o ile a bontša joang hore oa inyenyefatsa?
5 Kaha Pauluse o ne a le ka sehloohong mosebetsing oa Bokreste, ba bang ba ka ’na ba lebella ho bona a nketsoe holimo, a bile a sollisa bolaoli ba hae. Leha ho le joalo, ha ho joalo hobane Pauluse o ne a inyenyefatsa. O ne a ipitsa “e monyenyane ka ho fetisisa ho baapostola,” a phaella ka ho re: “Ha ke tšoanelehe ho bitsoa moapostola, hobane ke ile ka hlorisa phutheho ea Molimo.” (1 Bakorinthe 15:9) Kaha pele Pauluse o ne a hlorisa Bakreste, ho ne ho se mohla a neng a lebala hore e ne e le feela ka mosa o sa tšoanelang a neng a ka ba le kamano le Molimo, ho se ho sa thoe letho ka ho thabela litokelo tse khethehileng tsa tšebeletso. (Johanne 6:44; Baefese 2:8) Kahoo, Pauluse ha aa ka a ikutloa hore lintho tsena tse sa tloaelehang tseo a neng a li finyelletse tšebeletsong li ne li mo phahamisetsa ka holimo ho ba bang.—1 Bakorinthe 9:16.
6. Pauluse o bontšitse boinyenyefatso joang litšebelisanong tsa hae le Bakorinthe?
6 Boinyenyefatso ba Pauluse bo bonahetse ka ho khetheha litšebelisanong tsa hae le Bakorinthe. Ho ka etsahala hore ebe ba bang ba bona ba ne ba khahliloe ke bao ba neng ba nahana hore ke balebeli ba hlahelletseng, ho akarelletsa le Apolose, Kefase le Pauluse ka boeena. (1 Bakorinthe 1:11-15) Empa Pauluse ha aa ka a kōpa thoriso ea Bakorinthe kapa ho nka monyetla ka tlhompho ea bona. Ha a ba etetse, ha aa ka a itlhahisa “ka ho fetella ha puo kapa ha bohlale.” Ho e-na le hoo, Pauluse o ile a bua sena ka eena le balekane ba hae: “Motho a a re lekanye re le ba leng ka tlaasana ho Kreste le batsamaisi ba liphiri tse halalelang tsa Molimo.”a—1 Bakorinthe 2:1-5; 4:1.
7. Pauluse o ne a bontša boinyenyefatso joang esita leha a ne a fana ka keletso?
7 Pauluse o ne a bontša boinyenyefatso esita leha a ne a tlameha ho fana ka keletso e matla kapa tataiso. O ile a ipiletsa ho Bakreste-’moho le eena “ka qenehelo ea Molimo” le “motheong oa lerato” eseng ka matla a hae a boapostola. (Baroma 12:1, 2; Filemone 8, 9) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a etsa see? Hobane kannete o ne a inka e le ‘mosebetsi-’moho’ le barab’abo, eseng e le ‘monghali oa tumelo ea bona.’ (2 Bakorinthe 1:24) Ha ho pelaelo hore ke boinyenyefatso ba Pauluse bo ileng ba thusa hore a ratoe haholo liphuthehong tsa Bokreste tsa lekholo la pele la lilemo.—Liketso 20:36-38.
Ho Talima Litokelo Tsa Rōna ka Mokhoa o Bontšang Boinyenyefatso
8, 9. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho inyenyefatsa? (b) Ba nang le boikarabelo bo itseng ba ka bontša boinyenyefatso joang?
8 Pauluse o ile a beha mohlala o motle bakeng sa Bakreste kajeno. Ho sa tsotellehe hore na re filoe boikarabelo bofe, ha ho le ea mong oa rōna ea lokelang ho ikutloa a phahametse ba bang. Pauluse o ile a ngola tjena: “Haeba leha e le mang a inahana hore ke ho hong ha e se letho, o thetsa kelello ea hae.” (Bagalata 6:3) Hobane’ng? Hobane “bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23; 5:12) E, le ka mohla ha rea lokela ho lebala hore kaofela re futsitse sebe le lefu ho Adama. Litokelo tse khethehileng ha li re phahamise boemong ba rōna bo tlaase ba boetsalibe. (Moeklesia 9:2) Joalokaha e ne e le ’nete ka Pauluse, ke feela ka mosa o sa tšoanelang batho ba ka kenang kamanong e itseng le Molimo ho se ho sa thoe letho ka ho mo sebeletsa boemong bo itseng bo khethehileng.—Baroma 3:12, 24.
9 Kaha motho ea inyenyefatsang o hlokomela sena, ha a ikhōlise ka lebaka la litokelo tsa hae kapa hona ho ithorisa ka lintho tseo a li finyelletseng. (1 Bakorinthe 4:7) Ha a fana ka keletso kapa ka tataiso, o etsa joalo e le mosebetsi-’moho—eseng monghali. Ka sebele, e ka ba phoso hore ea ipabolang mesebetsing e itseng a ipatlele thoriso kapa a nke menyetla ka tlhompho ea balumeli-’moho le eena. (Liproverbia 25:27; Matheu 6:2-4) Thoriso e tšoanelehang ke e tsoang ho batho ba bang—’me e tšoanela ho tla e sa kōptjoa. Ha e ka tla, ha rea lokela ho ikhopola ho feta kamoo ho hlokahalang.—Liproverbia 27:2; Baroma 12:3.
10. Hlalosa kamoo ba bang bao ho ka ’nang ba bonahala ba le boemong bo tlaase e ka ’nang ea e-ba ba hlileng “ba ruileng tumelong.”
10 Ha re tšepetsoe boikarabelo bo itseng, boinyenyefatso bo tla re thusa ho qoba ho ikokomosa, re fana ka maikutlo a hore phutheho e atleha feela ka lebaka la boiteko le bokhoni ba rōna. Ka mohlala, e ka ’na eaba re na le neo e khethehileng ea ho ruta. (Baefese 4:11, 12) Leha ho le joalo, haeba re inyenyefatsa, re lokela ho elelloa hore lithuto tse ling tsa bohlokoa ka ho fetisisa tse ithutoang sebokeng sa phutheho, ha li fanoe sethaleng. Ka mohlala, na ha u khothale ha u bona motsoali ea se nang molekane ea tlang kamehla Holong ea ’Muso a tsamaea le bana? Kapa motho ea imetsoeng kelellong ea sa fosoeng ke liboka ho sa tsotellehe hore kamehla oa ikhalala? Kapa mocha ea sa khaotseng ho tsoela pele moeeng ho sa tsotellehe litšusumetso tse mpe sekolong le libakeng tse ling? (Pesaleme ea 84:10) Batho bana e ka ’na eaba ha baa hlahella. Liteko tsa botšepehi tseo ba talimanang le tsona hangata li feta feela ba bang ba sa li hlokomele. Leha ho le joalo, e ka ’na ea e-ba “ba ruileng tumelong” joaloka ba hlahelletseng haholoanyane. (Jakobo 2:5) Ha e le hantle, ke botšepehi bo amohelehang ho Jehova.—Matheu 10:22; 1 Bakorinthe 4:2.
Gideone—E “Monyenyane” ho ba Ntlo ea Ntat’ae
11. Gideone o ile a bontša boinyenyefatso ka tsela efe ha a ne a bua le lengeloi la Molimo?
11 Gideone, mohlankana ea sebete oa leloko la Manase, o phetse nakong e mahlonoko historing ea Iseraele. Ka lilemo tse supileng, batho ba Molimo ba ne ba le mahlomoleng tlas’a khatello ea Bamidiane. Leha ho le joalo, nako e ne e fihlile ea hore Jehova a lopolle batho ba hae. Kahoo, lengeloi le ile la hlaha ho Gideone ’me la re: “Jehova o na le uena, uena ea matla, ea sebete.” Gideone o ne a inyenyefatsa, kahoo ha aa ka a kakamatsoa ke ho tlotloa ka thoriso ena e sa lebelloang. Ho e-na le hoo, ka tlhompho o ile a re ho lengeloi lena: “Ntšoarele, moren’a ka, empa haeba Jehova o na le rōna, joale ke hobane’ng ha sena sohle se re etsahaletse?” Lengeloi lena le ile la hlakisa litaba ’me la re ho Gideone: “U tla pholosa Baiseraele seatleng sa Bamidiane.” Gideone o ile a arabela joang? Ho e-na le ho lalomela kabelo ena e le monyetla oa ho iketsa mohale oa sechaba, Gideone o ile a araba: “Ntšoarele, Jehova. Ke tla pholosa Baiseraele ka eng? Bona! Sekete sa ka ke se senyenyane ho Manase, ebile ’na ke monyenyane ntlong ea Ntate.” Ke boinyenyefatso bo bokaakang!—Baahloli 6:11-15, NW.
12. Gideone o ile a bontša temoho joang ha a phethahatsa kabelo ea hae?
12 Pele Jehova a romela Gideone ntoeng, o ile a mo leka. Joang? Gideone o ile a bolelloa hore a qhaqhe aletare ea Baale ea ntat’ae le hore a reme palo e halalelang e neng e eme pel’a eona. Kabelo ena e ne e tla hloka sebete, empa Gideone le eena o ile a bontša boinyenyefatso le temoho tseleng eo a ileng a e phethahatsa ka eona. Ho e-na le ho mema mahlo a batho, Gideone o ile a sebetsa bosiu ha ho ne ho ka etsahala hore a se ke a bonoa ke motho. Ho feta moo, Gideone o ile a phetha kabelo ea hae ka hloko kamoo ho tšoanetseng. O ile a nka bahlanka ba leshome—mohlomong e le hore ba bang ba ka ema e le balebeli ha ba bang ba ntse ba mo thusa ho senya aletare le palo e halalelang.b Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, ka tlhohonolofatso ea Jehova, Gideone o ile a phethahatsa kabelo ea hae, ’me ka nako ea teng Molimo o ile a mo sebelisa hore a lokolle Baiseraele ho Bamidiane.—Baahloli 6:25-27.
Ho Bontša Boinyenyefatso le Temoho
13, 14. (a) Ke joang re ka bontšang boinyenyefatso ha re fuoa tokelo ea tšebeletso? (b) Mor’abo rōna A. H. Macmillan o ile a beha joang mohlala o motle oa ho bontša boinyenyefatso?
13 Re ka ithuta ho hongata ka boinyenyefatso ba Gideone. Ka mohlala, re arabela joang ha re fuoa tokelo ea tšebeletso? Na re nahana pele ka boemo kapa botumo bo tla hlaha? Kapa na ka boinyenyefatso le ka thapelo re hlahloba hore na re ka finyella se hlokoang ke kabelo eo? Mor’abo rōna A. H. Macmillan, ea ileng a fihla qetellong ea bophelo ba hae ba lefatšeng ka 1966, o ile a beha mohlala o motle ntlheng ena. C. T. Russell, mopresidente oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower, ka lekhetlo le leng o ile a kōpa maikutlo a Mor’abo rōna Macmillan hore na ke mang ea ka laolang mosebetsi ha a le sieo. Puisanong e ileng ea latela, Mor’abo rōna Macmillan ha aa ka a ipuella leha e le ka lekhetlo le le leng feela, le hoja ho ne ho tla be ho loketse hore a etse joalo. Qetellong, Mor’abo rōna Russell o ile a kōpa Mor’abo rōna Macmillan hore a nahane ka ho amohela kabelo eo. Lilemo hamorao Mor’abo rōna Macmillan o ile a ngola, a re: “Ke ile ka ema moo ke tšerehane. Ke ile ka e nahana, ka botebo, ’me ka e rapella ka nako e itseng pele ke qetella ke mo boleletse hore nka thabela ho etsa sohle seo nka se etsang ho mo thusa.”
14 Nakoana ka mor’a moo, Mor’abo rōna Russell o ile a hlokahala, a siea sekheo setulong sa mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower. Kaha Mor’abo rōna Macmillan o ne a ikarabella nakong ea leeto la boboleli la ho qetela la Mor’abo rōna Russell, mor’abo rōna e mong o ile a re ho eena: “Mac, u na le monyetla o moholo oa ho ba mopresidente. U ne u le moemeli ea khethehileng oa Mor’abo rōna Russell ha a le sieo, ’me o ne a re boleletse kaofela hore re etse seo u re laelang sona. Joale, o ile ’me ha aa khutla. Ho bonahala eka ke uena motho ea tla tsoela pele.” Mor’abo rōna Macmillan o ile a araba ka ho re: “Mor’eso, eo hase eona tsela eo re ka talimang taba ena ka eona. Mosebetsi ona ke oa Morena ’me boemo feela boo u bo fumanang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Morena ke boo Morena a bonang ho loketse hore a u fe bona; ’me kea tiisa hore ha ke motho ea loketseng mosebetsi ona.” Eaba Mor’abo rōna Macmillan o buella e mong osele bakeng sa boemo bona. Joaloka Gideone, o ne a e-na le pono ea boinyenyefatso—pono eo ho leng hotle ho ba le eona.
15. Ke litsela life tseo ka tsona re ka sebelisang temoho ha re ruta ba bang?
15 Le rōna re lokela ho bontša boinyenyefatso ka mokhoa oo re phethahatsang likabelo tsa rōna ka oona. Gideone o ne a le masene, ’me o ne a leka hore a se ke a halefisa bahanyetsi ba hae ho sa hlokahale. Ka tsela e tšoanang, mosebetsing oa rōna oa boboleli, re lokela ho bontša boinyenyefatso le masene ka tsela eo re buisang ba bang ka eona. Ke ’nete hore re tšoarehile ntoeng ea moea ea ho phethola “lintho tse metseng ka matla” le “menahano.” (2 Bakorinthe 10:4, 5) Empa ha rea lokela ho khesa ba bang kapa ho ba neha lebaka leha e le lefe le utloahalang la hore molaetsa oa rōna o ba khopise. Ho e-na le hoo, re lokela ho hlompha pono ea bona, re totobatse moo ebang rea lumellana, ebe re bua ka litšobotsi tse kholisang tsa molaetsa oa rōna.—Liketso 22:1-3; 1 Bakorinthe 9:22; Tšenolo 21:4.
Jesu—Mohlala oa Boinyenyefatso o ka Sehloohong
16. Jesu o bontšitse joang hore oa inyenyefatsa?
16 Mohlala o motle ka ho fetisisa oa boinyenyefatso ke oa Jesu Kreste.c Ho sa tsotellehe kamano e haufi haholo ea Jesu le Ntat’ae, ha aa ka a tsilatsila ho lumela hore litaba tse ling li ne li phahametse matla a hae. (Johanne 1:14) Ka mohlala, ha ’mè oa Jakobo le Johanne a kōpa hore bara ba hae ba babeli ba lule pel’a Jesu ’musong oa hae, Jesu o ile a re: “Ho lula hona ka letsohong la ka le letona le ka ho la ka le letšehali hase ha ka hore ke fane ka hona.” (Matheu 20:20-23) Ketsahalong e ’ngoe, Jesu o ile a lumela ka bolokolohi: “Nke ke ka etsa ntho le e ’ngoe e itsoelang ho ’na . . . ke batla, eseng thato ea ka, empa thato ea ea nthomileng.”—Johanne 5:30; 14:28; Bafilippi 2:5, 6.
17. Jesu o ne a bontša boinyenyefatso joang litšebelisanong tsa hae le ba bang?
17 Ka litsela tsohle Jesu o ne a phahametse batho ba sa phethahalang, ’me o ne a e-na le matla a tsoang ho Ntat’ae, Jehova, a fetang a mang kapa mang. Leha ho le joalo, Jesu o ne a inyenyefatsa litšebelisanong tsa hae le balateli ba hae. O ne a sa ba imetse ka tsebo e ba phahametseng. O ne a bontša kutloisiso le qenehelo ’me a nahanela litlhoko tsa bona. (Matheu 15:32; 26:40, 41; Mareka 6:31) Kahoo, le hoja Jesu a ne a phethahetse, o ne a sa lebella phetheho ho ba bang. Ho ne ho se mohla a imetsang barutuoa ba hae ka eng kapa eng. (Johanne 16:12) Ha ho makatse ha ba bangata ba ne ba fumana hore oa ba khatholla!—Matheu 11:29.
Etsisa Mohlala oa Jesu oa Boinyenyefatso
18, 19. Re ka etsisa joang boinyenyefatso ba Jesu (a) tseleng eo re italimang ka eona, le (b) tseleng eo re tšoarang ba bang ka eona?
18 Haeba motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela a ne a inyenyefatsa, rōna re lokela ho inyenyefatsa ho feta moo. Batho ba sa phethahalang ba atisa ho tsilatsila ho lumela hore ha ba na matla a feletseng. Leha ho le joalo, ha Bakreste ba etsisa Jesu, ba loanela ho inyenyefatsa. Ha ba ikakase hoo ba sitoang ho fana ka boikarabelo ho ba tšoanelehang; leha e le hore ba ikhohomosa le ho hana ho amohela tataiso e tsoang ho ba fuoeng matla a ho tataisa. Ka ho bontša moea oa tšebelisano, ba lumella hore lintho tsohle ka phuthehong li etsoe “ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.”—1 Bakorinthe 14:40.
19 Boinyenyefatso bo tla boela bo re susumelletse ho ba ba iteka netseng ho seo re se lebellang ho ba bang le ho nahanela litlhoko tsa bona. (Bafilippi 4:5) Re ka ’na ra ba le bokhoni bo itseng le matla tseo ba bang ba se nang tsona. Empa, haeba re inyenyefatsa, hase kamehla re tla lebella ba bang hore ba etse kamoo re ka lakatsang hore ba etse kateng. Kaha rea tseba hore motho e mong le e mong o na le bofokoli ba hae, ka boinyenyefatso bo boholo re tla nahanela bofokoli ba batho. Petrose o ile a ngola: “Ka holimo ho lintho tsohle, le be le lerato le matla haholo e mong ho e mong, hobane lerato le koahela libe tse ngata haholo.”—1 Petrose 4:8.
20. Re ka etsa’ng ho hlōla tšekamelo leha e le efe ea ho iphahamisa?
20 Joalokaha re ithutile, bohlale bo ho ba inyenyefatsang. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba u fumana hore u sekametse ho iphahamiseng kapa ho iketelletseng pele? U se ke ua nyahama. Ho e-na le hoo, latela mohlala oa Davida ea ileng a rapela, a re: “U thibe mohlanka oa hao liketsong tsa ho iketelletsa pele; u se ke ua li tlohela hore li ntaole.” (Pesaleme ea 19:13, NW) Ka ho etsisa tumelo ea banna ba kang Pauluse, Gideone, ’me—ho feta bohle—Jesu Kreste, re tla latsoa ’nete ea mantsoe ana: “Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.”—Liproverbia 11:2, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ba leng ka tlaasana” le ka bolela lekhoba le neng le soka libencheng tse tlaasana tsa ba sokang sekepe se seholo. Ha ho bapisoa, “batsamaisi” ba ne ba ka fuoa boikarabelo bo boholoanyane, mohlomong ba ho hlokomela thepa. Leha ho le joalo, mahlong a benghali ba bangata, motsamaisi e ne e le mosebeletsi feela ho tšoana le lekhoba le sokang sekepe.
b Temoho ea Gideone le ho ba hlokolosi ha hae ha lia lokela ho nkoa e le bokoala. Ho fapana le hoo, sebete sa hae se tiisoa ke Baheberu 11:32-38, e akarelletsang Gideone har’a ba ileng “ba etsoa ba matla” le ba ileng “ba fetoha ba sebete ntoeng.”
c Kaha boinyenyefatso bo akarelletsa ho elelloa hore motho o na le bofokoli, ha hoa nepahala ho bua ka Jehova e le ea inyenyefatsang. Leha ho le joalo, oa ikokobetsa.—Pesaleme ea 18:35, NW.
-