-
Khetha Metsoalle HantleU ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
KHAOLO EA 48
Khetha Metsoalle Hantle
Metsoalle ea rona e etsa hore re thabe ha ho le monate ’me ea re khothatsa ha ho le thata. Empa Bibele ea re lemosa hore ha se motho e mong le e mong eo e ka bang motsoalle ea hantle. Kahoo u ka khetha metsoalle e hantle joang? Nahana ka lipotso tsena.
1. Metsoalle eo u e khethang e ka u ama joang?
Hangata re qetella re e-na le mekhoa e tšoanang le ea batho bao re qetang nako le bona, ebang ke mekhoa e metle kapa e mebe. Ntho ena e ka etsahala le haeba re qeta nako e ngata re bua le bona inthaneteng. Bibele e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello [e leng ba sa rateng Jehova] lintho li tla mo tsamaela hampe.” (Liproverbia 13:20) Haeba metsoalle ea hao e rata Jehova ebile e mo sebeletsa, e ka u thusa hore u lule u mo rata u be u etse liqeto tse nepahetseng. Haeba metsoalle ea hao e sa rate Jehova, e tla etsa hore le uena u se ke oa mo rata. Ha se feela Bibele e re khothaletsang ho khetha metsoalle hantle. Haeba metsoalle ea rona e le batho ba ratang Molimo, e ka re tsoela molemo ’me le rona re ka e thusa. Re tla khona ho ‘tšelisana le ho hahana.’—1 Bathesalonika 5:11.
2. Jehova o tla ikutloa joang ka metsoalle eo u e khethang?
Jehova o khetha metsoalle hantle. “O na le kamano e haufi-ufi le ba lokileng.” (Liproverbia 3:32) Jehova o tla ikutloa joang haeba re khetha batho ba sa mo rateng hore e be metsoalle ea rona? O tla utloa bohloko haholo. (Bala Jakobo 4:4.) Empa Jehova o tla thaba a be a re nke re le metsoalle ea hae haeba re qoba ho tloaelana le batho ba fosahetseng, re mo rata ebile re rata batho ba mo ratang.—Pesaleme ea 15:1-4.
ITHUTE LINTLHA TSE LING
Ithute hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re khethe metsoalle hantle le hore na u ka etsa’ng hore u be le metsoalle e tla u tsoela molemo.
3. Hlokomela hore u se ke oa khetha metsoalle e fosahetseng
Batho ba sa rateng Molimo le melao ea hae ke metsoalle e fosahetseng. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Ke joang re ka iphumanang re tloaelana le batho ba fosahetseng re sa hlokomele?
Bala 1 Bakorinthe 15:33 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Ke motho ea joang eo e ke keng ea e-ba motsoalle ea nepahetseng bakeng sa hao? Ke hobane’ng ha u cho joalo?
Bala Pesaleme ea 119:63 ebe le buisana ka potso ena:
U lokela ho sheba eng ha u khetha motsoalle?
Apole e le ’ngoe e bolileng e ka bolisa tse ling. Ho ba le motsoalle ea fosahetseng ho ka u ama joang?
4. Batho ba sa tšoaneng le rona e ka ba metsoalle e hantle
Bibele e re bolella ka banna ba babeli ba mehleng ea Iseraele e leng Davida le Jonathane. Ba ne ba fapane haholo ka lilemo le ka maemo empa e ile ea e-ba metsoalle. Bala 1 Samuele 18:1 ebe le buisana ka potso ena:
Ke hobane’ng ha re sa lokela ho khetha lithaka tsa rona kapa batho ba boemong bo tšoanang le ba rona feela hore e be metsoalle ea rona?
Bala Baroma 1:11, 12 ebe le buisana ka potso ena:
Metsoalle e ratang Jehova e ka khothatsana joang?
Videong ena, bona hore na ke joang mocha e mong a ileng a fumana metsoalle moo a sa lebellang. Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.
Videong ee, ke hobane’ng ha batsoali ba Akil ba ne ba tšoenyehile ka metsoalle ea hae ea sekolong?
Ke’ng e entseng hore a batle ho ba motsoalle oa bana bao?
Ke’ng e ileng ea mo thusa hore a se ke a hlola a jeoa ke bolutu?
5. U ka thusoa ke’ng hore u be le metsoalle e hantle?
Ithute hore na u ka fumana metsoalle ea sebele joang le hore na u ka etsa’ng hore le uena u be motsoalle oa sebele. Bapala VIDEO.
Bala Liproverbia 18:24 le 27:17 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Metsoalle ea ’nete e thusana joang?
Na u na le metsoalle e joalo? Haeba ha u na eona, u ka etsa’ng hore u be le eona?
Bala Bafilipi 2:4 ebe le buisana ka potso ena:
U lokela ho ba motsoalle oa ’nete e le hore u fumane metsoalle ea ’nete. U ka etsa’ng hore u be motsoalle oa ’nete?
E le hore u be le metsoalle ea ’nete, u lokela ho ba motsoalle oa ’nete
BATHO BA BANG BA RE: “Ho molemo ho khetha mang le mang feela hore e be motsoalle oa hao ho feta ho se be le metsoalle ho hang.”
Uena u ka re’ng?
KAKARETSO
Haeba re khetha metsoalle hantle re tla thabisa Jehova ’me ho etsa joalo ho tla re tsoela molemo.
Re Ithutile’ng?
Ke hobane’ng ha e le taba ea bohlokoa ho Jehova hore na re khetha metsoalle e joang?
Ke batho ba joang bao u sa lokelang ho ba motsoalle oa bona?
Ke joang u ka bang le metsoalle e nepahetseng?
BATLA
Bona hore na metsoalle ea ’nete e ka re thusa joang ha ho le thata.
“Etsa Maqhama a Tiileng a Setsoalle Pele Bofelo bo Fihla” (Molula-Qhooa, November 2019)
Ithute hore na u ka etsa’ng e le hore u be le metsoalle ea ’nete.
U lokela ho tseba’ng ka ho etsa metsoalle inthaneteng?
Bala pale e nang le sehlooho se reng: “Ke ne ke Lakatsa ho ba le Ntate,” ’me u hlokomele hore na ke’ng e entseng hore ntate e mong a khethe metsoalle e meng.
-
-
Khetha ho Ithabisa ka Tsela e Tla Khahlisa JehovaU ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
1. Ha re khetha lintho tseo re tla ithabisa ka tsona re lokela ho hopola’ng?
U rata ho etsa’ng ha u phomotse? Batho ba bang ba rata ho lula hae moo ho thotseng ba ipalle libuka, ba mamele ’mino, ba shebelle lifilimi kapa ba kene Inthaneteng. Ba bang ba rata ho hloa lithaba, ho sesa kapa ho bapala lipapali tse itseng le metsoalle ea bona. Ho sa tsotellehe hore na re khetha ho ithabisa joang, re lokela ho etsa bonnete ba hore tsela eo re ithabisang ka eona ke e “amohelehang ho Morena.” (Baefese 5:10) Taba ena ke ea bohlokoa hobane hangata batho ba ithabisa ka lintho tseo Jehova a li hloileng. Ka mohlala, ba mamela le ho shebella lintho tse nang le ntoa, boitšoaro bo bobe le bodemona ebile baa li etsa. (Bala Pesaleme ea 11:5.) Ke’ng e tla re thusa hore re khethe lintho tseo re ithabisang ka tsona ka tsela e bohlale?
Haeba re khetha metsoalle e ratang Jehova, e tla re susumetsa hore re etse lintho tse ntle re be re khethe boithabiso bo molemo. Joalokaha re ithutile khaolong e fetileng, motho “ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa.” Empa haeba re tloaelane le batho ba sa rateng melao ea Molimo, ‘lintho li tla re tsamaela hampe.’—Liproverbia 13:20.
-