“Tente ea ba Lokileng e Tla Atleha”
HA NTOA ea Har–Magedone e qhoma ’me e ripitla tsamaiso ea lintho e khopo ea Satane, “ntlo ea batho ba khopo e tla felisoa.” “Tente ea ba lokileng” eona ho tla etsahala’ng ka eona? Bonneteng, lefatšeng le lecha la Molimo, “e tla atleha.”—Liproverbia 14:11.
Leha ho le joalo, ho fihlela ‘ha ba khopo ba felisoa lefatšeng ’me ba bolotsana ba tlosoa ho lona,’ ba sa tšoauoeng phoso ba tlameha ho lula le bona. (Liproverbia 2:21, 22) Na ba lokileng ba ka atleha maemong aa? Bukeng ea Bibele ea Liproverbia khaolo ea 14 temana ea 1 ho ea ho ea 11 ho bontšoa hore ka ho lumella bohlale hore bo laole lipuo le liketso tsa rōna, re ka atleha le ho ba le botsitso bo itseng esita le hona joale.
Ha Bohlale bo Haha Ntlo
Ha a bua ka tsela eo mosali a sebelisang matla a hae ka eona hore lelapa le atlehe, Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo o re: “Mosali ea bohlale e le kannete o hahile ntlo ea hae, empa oa leoatla o e heletsa ka matsoho a hae.” (Liproverbia 14:1) Mosali ea bohlale o haha ntlo ea hae joang? Mosali ea bohlale o hlompha tokisetso ea Molimo ea bohlooho. (1 Bakorinthe 11:3) Ha a susumetsoe ke moea oa boitaolo o atileng lefatšeng la Satane. (Baefese 2:2) O ikokobelletsa monna oa hae o bile o bua hantle ka eena, e leng se eketsang tlhompho eo e ka ’nang eaba monna oa hae o se a ntse a e-na le eona. Mosali ea bohlale o ikakhela ka setotsoana ho ruteng bana ba hae lintho tsa moea le tsa bophelo. O sebetsa ka thata molemong oa ba ntlo ea hae, ’me o etsa hore lehae ebe sebaka seo lelapa le thabelang ho ba ho sona le seo le iketlang ho sona. Tsela eo a tsamaisang lintho ka eona e bontša hore o masene ebile oa baballa. Mosali ea bohlale e le kannete o thusa hore ka tlung ea hae ho be le katleho le botsitso.
Mosali oa leoatla ha a hlomphe tokisetso ea Molimo ea bohlooho. Ha ho letho le mo thibang ho bua monna oa hae hampe. Ka ho se baballe lintho, o hafa matlotlo a ntlo ea hae a sebelelitsoeng ka thata. O boetse o senya nako. Ka lebaka leo, ntlo ea hae e hlekemane, ’me bana ba hae ba phela ka thata nameng le moeeng. E, mosali oa leoatla o heletsa ntlo ea hae.
Leha ho le joalo, ke eng e bontšang hore na motho o bohlale kapa ke leoatla? Liproverbia 14:2 e re: “Ea tsamaeang ho lokeng ha hae o tšaba Jehova, empa ea litsela li khopameng oa Mo nyelisa.” Ea lokileng o tšaba Molimo, ’me “ho tšaba Jehova ke tšimoloho ea bohlale.” (Pesaleme ea 111:10) Motho ea hlileng a leng bohlale oa tseba hore o tlameha ho ‘tšaba Molimo oa ’nete ’me a boloke litaelo tsa hae.’ (Moeklesia 12:13) Ka lehlakoreng le leng, leoatla le tsamaea tseleng e sa lumellaneng le litekanyetso tsa Molimo tse lokileng. Litsela tsa lona li khopame. Motho ea joalo o nyelisa Molimo ’me ka pelong ea hae o re: “Jehova ha a eo.”—Pesaleme ea 14:1.
Ha Melomo e Tataisoa ke Bohlale
Ho ka thoe’ng ka puo ea motho ea tšabang Jehova le ea ea Mo nyelisang? Morena o re: “Molamu oa boikhohomoso o molomong oa leoatla, empa melomo ea ba bohlale e tla ba lebela.” (Liproverbia 14:3) Ka ho hloka bohlale bo tsoang holimo, leoatla ha le bōpe khotso ebile le feteletsa lintho. Bohlale bo tataisang mehato ea lona ke ba lefatše, ba bophoofolo, ba bodemona. Molomong oa lona ho tsoa likhang le mantsoe a bontšang boikakaso. Boikhohomoso bo molomong oa lona bo baka likhathatso bakeng sa lona le bakeng sa batho ba bang.—Jakobo 3:13-18.
Melomo ea motho ea bohlale ea mo lebela, kapa ea mo sireletsa, e leng se etsang hore a ikutloe a phetse hantle. Joang? Mangolo a re: “Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole, empa maleme a ba bohlale ke pholiso.” (Liproverbia 12:18) Mantsoe a motho ea bohlale ha a buuoe ka ho se nahane ebile ha a hlabe. Pelo ea hae ea thuisa e le hore a arabe. (Liproverbia 15:28) Mantsoe a hae ao a a nahanneng ka hloko ke pholiso—a khothatsa meea e tepeletseng maikutlo le ho hlasimolla ba lipelo li robehileng. Ho e-na le ho khopisa ba bang, lipuo tsa hae li bōpa khotso le khutso.
Ha Bohlale bo Tataisa Matsapa a Motho
Ho tloha moo Solomone o bua ka maele a mang a thahasellisang a bonahalang a ama kamoo e leng habohlokoa kateng ho seka-seka hore na ho etsa mesebetsi e itseng ho na le melemo le mathata afe. O re: “Moo ho se nang likhomo sejelo se hloekile, empa chai e khōlō ka lebaka la matla a poho.”—Liproverbia 14:4.
Ha buka e ’ngoe e hlalosa moelelo oa maele ana e re: “Sejelo se sa tšelang se bontša hore ha ho na lipholo [likhomo] tse feptjoang, ’me kahoo motho ha a tšoenyehe ka ho hloekisa le ka ho hlokomela liphoofolo, ’me a ke ke a ba le litšenyehelo tse ngata. Empa tem[ana] ea 4b e etsa hore ‘molemo’ ona o bonahale o se na thuso: se boleloang mona ke hore, ha ho se na lipholo tse sebelisoang, kotulo e ke ke ea e-ba khōlō.” Sehoai se tlameha ho khetha ka bohlale.
Na molao-motheo oa maele aa o ke ke oa sebetsa ha re nahana ho tlohela mosebetsi o mong re qala o mong, ha re khetha ntlo ea mofuta o itseng, ha re reka koloi, ha re batla ho rua phoofolo ea lapeng, le lintho tse joalo? Motho ea bohlale o tla seka-seka melemo le mathata, ebe o sheba hore na seo a batlang ho se etsa ke sa bohlokoa hakaalo hoo ho ka hlang ha hlokahala hore a senyeheloe.
Ha Paki e le Bohlale
Solomone o tsoela pele ho re: “Paki e tšepahalang e ke ke ea bua leshano, empa paki ea bohata e phatlalatsa mashano.” (Liproverbia 14:5) Ka sebele mashano a paki ea bohata a ka baka tšenyo e khōlō. Nabothe Mojezriele, o ile a tlepetsoa ka majoe ho fihlela a e-shoa hobane banna ba babeli ba se nang thuso ba ile ba paka ka bohata khahlanong le eena. (1 Marena 21:7-13) ’Me na lipaki tsa bohata ha lia ka tsa hlaha ho tla paka khahlanong le Jesu, e leng se ileng sa fella ka hore a bolaoe? (Matheu 26:59-61) Ho ile ha boela ha e-ba le lipaki tsa bohata tse ileng tsa paka khahlanong le Setefane—morutuoa oa pele oa Jesu ea ileng a bolaeloa tumelo ea hae.—Liketso 6:10, 11.
Motho ea se nang ’nete a ka ’na a se lemohuoe ka nako e itseng, empa hlokomela hore na bokamoso ba hae e tla ba bofe. Bibele e re Jehova o hloile “paki ea bohata e phatlalatsang mashano.” (Liproverbia 6:16-19) Kabelo ea motho ea joalo e tla ba ka letšeng le tukang mollo le sebabole—lefu la bobeli—hammoho le baetsi ba bang ba bobe ba kang babolai, lihlola le barapeli ba litšoantšo.—Tšenolo 21:8.
Paki e tšepahalang ha e bue leshano ha e ikana. Bopaki ba eona ha bo silafatsoe ke mashano. Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore e tlameha ho fana ka boitsebiso bohle ho batho bao ka tsela e itseng ba ka ’nang ba batla ho lematsa batho ba Jehova. Mopatriareka Abrahama le mopatriareka Isaka ha baa ka ba fana ka lintlha tse itseng ho batho ba bang ba neng ba sa rapele Jehova. (Genese 12:10-19; 20:1-18; 26:1-10) Rahaba oa Jeriko o ile a lahlisa banna ba morena mohlala. (Joshua 2:1-7) Jesu Kreste ka boeena o ile a qoba ho fana ka boitsebiso bohle ha ho etsa joalo ho ne ho tla baka kotsi ho sa hlokahale. (Johanne 7:1-10) O itse: “Le se ke la fa lintja se halalelang.” Hobane’ng? “E le hore le ka mohla li se ke tsa . . . reteleha ’me [tsa] le rusolla.”—Matheu 7:6.
Ha ‘Tsebo e le Ntho e Bonolo’
Na bohlale ke ntho eo batho bohle ba nang le eona? Liproverbia 14:6 e re: “Mosomi o batlile ho fumana bohlale, ’me ha bo eo; empa tsebo ke ntho e bonolo ho ea nang le kutloisiso.” Mosomi, kapa monyefoli, a ka ’na a batla bohlale, empa ho thata hore a fumane bohlale ba ’nete. Kaha ka boikakaso mosomi o nyelisa lintho tsa Molimo, o hlōleha ho fumana ntho ea bohlokoa bakeng sa bohlale—e leng tsebo e nepahetseng ea Molimo oa ’nete. Boikakaso le boikhohomoso li mo thibela ho ithuta ka Molimo le ho fumana bohlale. (Liproverbia 11:2) O sa ntsane a itšoenyetsa’ng ka hore a re o batla bohlale? Maele ana ha a re letho ka seo, empa mohlomong o etsa seo hore batho ba bang ba nahane hore o bohlale.
“Tsebo ke ntho e bonolo ho” motho ea nang le kutloisiso. Kutloisiso e hlalosoa e le “ho tšoara ha kelello: matla a ho utloisisa ka botlalo,” “bokhoni ba ho elelloa hore na lintlha tse itseng li amana joang le taba-khōlō.” Ke bokhoni ba ho amahanya lintlha tse sa tšoaneng tsa sehlooho le ho bona taba kaofela, eseng feela likarolo tse itseng. Maele ana a re motho ea nang le bokhoni bona o fumana tsebo habonolo.
Ntlheng ena, nahana ka se u etsahaletseng ha u ne u fumana tsebo ea ’nete ea Mangolo. Ha u ne u qala ho ithuta Bibele, e tlameha ebe har’a lithuto tsa pele tseo u ileng ua ithuta tsona e bile lithuto tsa motheo ka Molimo, litšepiso tsa hae le Mora oa hae. Qalong, u ne u li nka e le lintlha tse sa amaneng. Empa ha u ntse u tsoela pele ho ithuta, lintlha tsena li ile tsa qala ho u hlakela, eaba u khona ho bona ka ho hlaka hore na lintlha tse fapa-fapaneng li amana joang le morero oohle oa Jehova mabapi le batho le lefatše. ’Nete ea Bibele e ile ea utloahala ea ba ea momahana. Joale, ho ithuta lintlha tse ncha le ho li hopola ho ile a e-ba bonojoana kaha u ne u khona ho bona hore na li amana joang le taba-khōlō.
Morena ea bohlale oa lemosa hore na tsebo ha e fumanoe hokae. O re: “Tloha ka pel’a motho ea hlokang kelello, etsoe ka sebele u ke ke ua ela hloko molomo oa tsebo.” (Liproverbia 14:7) Leoatla ha le na tsebo ea ’nete. Molomong oa lona ha ho na tsebo. Keletso ke hore re itlheke pel’a motho ea joalo, etsoe ke bohlale ho tsamaella thōko le eena. Mang kapa mang “ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.”—Liproverbia 13:20.
Solomone o tsoela pele ho re: “Bohlale ba ea masene ke ho utloisisa tsela ea hae, empa booatla ba ba hlokang kelello ke thetso.” (Liproverbia 14:8) Motho ea bohlale o nahanisisa ka liketso tsa hae. O nahana ka mehato e sa tšoaneng eo a ka khethang ho eona, ebe o lekola hantle hore na mohato ka mong o ka ’na oa mo hlahisetsa maphomela afe. O khetha tsela ea hae ka bohlale. Ho thoe’ng ka leoatla? Le khetha tsela ea booatla, le lumela hore le tseba ntho eo le e etsang le hore le etsa qeto e nepahetseng ka ho fetisisa. Booatla ba lona boa le khelosa.
Ha Bohlale bo Tataisa Likamano
Motho ea tataisoang ke bohlale o na le likamano tse nang le khotso le batho ba bang. Morena oa Iseraele o re: “Ba fetolang molato litšeho ke maoatla, empa har’a ba lokileng ho na le tumellano.” (Liproverbia 14:9) Ho leoatla, boikutlo ba ho ba molato kapa ho ikoahlaea ke mosoaso. Le sentse likamano tsa lona lapeng le libakeng tse ling kaha le “ikakasa haholo hore le kōpe tšoarelo” ’me le bōpe khotso. (The New English Bible) Motho ea lokileng o ikemiselitse ho amohela mefokolo ea batho ba bang. O itokiselitse ho kōpa tšoarelo le ho lokisa liphoso tsa hae ha a foselitse batho ba bang. Kaha o phehella khotso, likamanong tsa hae le batho ba bang ho na le thabo le khutso.—Baheberu 12:14.
Ho tloha moo, Solomone o bua ka ntho e khinang likamano tsa batho. O re: “Pelo e hlokomela bohloko ba moea oa motho, ’me ha ho osele ea tla kena-kenana le ho thaba ha eona.” (Liproverbia 14:10) Na ke kamehla re khonang ho bolella batho ba bang maikutlo a rōna a tebileng—ebang ke a ho utloa bohloko kapa a ho thaba, le ho ba bolella ka botlalo hore na ke eng se re etsahallang? Hape na ke ka linako tsohle motho a khonang ho utloisisa ka botlalo kamoo motho e mong a ikutloang kateng? Karabo ea lipotso tsena tse peli ke che.
Ka mohlala, nahana ka maikutlo a ho ipolaea. Hangata motho ea nang le maikutlo ana a ke ke a a bolela ka ho hlakileng ha a bua le setho sa lelapa kapa motsoalle. ’Me ha se kamehla batho ba bang ba khonang ho lemoha matšoao a joalo ho batho bao ba tloaelaneng le bona. Ha rea lokela ho ikutloa re le molato haeba re sa hlokomele matšoao ana ’me re hlōleha ho nka bohato ba ho thusa motho ea joalo. Maele ana a boetse a re ruta hore le hoja ho thoba pelo ho bua le motsoalle ea nang le kutloelo-bohloko bakeng sa ho re tšelisa, batho ba ke ke ba etsa sohle se hlokahalang ha ba fana ka matšeliso. Ho ka ’na ha hlokahala hore re itšetlehe ka Jehova feela ha re ntse re mameletse mathata a mang.
“Lintho Tsa Bohlokoa le Maruo a ka Tlung ea Hae”
Morena oa Iseraele o re: “Ntlo ea batho ba khopo e tla felisoa, empa tente ea ba lokileng e tla atleha.” (Liproverbia 14:11) Motho ea khopo a ka ’na a atleha tsamaisong ena ea lintho a ba a lula ntlong e majabajaba, empa seo se tla mo tsoela molemo oa eng ha eena ka boeena a se a le sieo? (Pesaleme ea 37:10) Ka lehlakoreng le leng, bolulo ba motho ea lokileng e ka ’na ea e-ba ba boemo bo tlaase. Empa Pesaleme ea 112:3 e re: “Lintho tsa bohlokoa le maruo a ka tlung ea hae.” Lintho tsee ke ling?
Ha mantsoe le liketso tsa rōna li tataisoa ke bohlale, re na le “maruo le khanya” tse tsamaeang le bohlale. (Liproverbia 8:18) Maruo le khanya li akarelletsa ho ba le kamano e nang le khotso le Molimo le batho ba bang, bophelo bo botle le thabo, le ho ba le botsitso ka tekanyo e itseng. E, “tente ea ba lokileng” e ka atleha esita le hona joale.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Mosali ea bohlale o haha ntlo ea hae
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
“Maleme a ba bohlale ke pholiso”