-
Bohlale bo Mabapi le Pelo le Bophelo bo BotleTsoha!—2011 | August
-
-
“Pelo e nang le khutso ke bophelo ba sebōpuoa sa nama.”—LIPROVERBIA 14:30.
-
-
Bohlale bo Mabapi le Pelo le Bophelo bo BotleTsoha!—2011 | August
-
-
Ha e bapisa lipelo tsa batho ba khutsitseng le ba tloaetseng ho halefa, khatiso ea Journal of the American College of Cardiology e re: “Liphuputso tsa morao-rao li bontša hore ho na le kamano e kotsi pakeng tsa ho halefa, lehloeo haesitana le CHD [lefu la pelo].” Kahoo Journal ena e re: “Ho atleha ho thibela CHD le ho e phekola ha ho akarelletse feela pheko e tloaelehileng ea meriana le ea ho ikoetlisa ’mele empa ho akarelletsa ho laola kelello tabeng ea khalefo le lehloeo.” Ka mantsoe a bonolo, pelo e khutsitseng e ntlafatsa bophelo ba ’mele, feela joalokaha Bibele e bontša.
-