‘Ke na le Mosebetsi o Mongata Haholo!’
BATHO ba phahamisang litšepe lipapaling tsa Liolimpiki ha ba leke ho etsa lirekoto tse ncha letsatsi le leng le le leng. Nako le nako ba ikoetlisa ka litšepe tse bobebe ’me ka tsela eo ba fumana matla a hore ba phahamise tse boima qetellong. Haeba ba ne ba ka lula ba ipolaisa litšepe tse boima, ba ne ba tla itematsa mesifa le manonyello ’me seo se etse hore ba tlohele mosebetsi oa bona oa ho phahamisa litšepe.
Ka ho tšoanang, mohlomong le uena joaloka seithuti, u sebetsa ka thata sekolong. Ha u fuoa mosebetsi o boima oa sekolo kapa u itokisetsa litlhahlobo, u ikemisetsa ho sebetsa ka thata le ho feta ebile u ka khona ho etsa joalo.a Empa joale ho ka etsahala’ng haeba ka matsatsi ’ohle u lula u etsa mosebetsi oa sekolo le mesebetsi e meng? U ka ’na ua thatafalloa ke ho ja hantle kapa ua sitoa ho robala hantle. Ho lula u imetsoe kelellong nako ena kaofela ho ka etsa hore u qetelle u kula. Mohlomong ke kamoo u ikutloang kateng hona joale.b
Mosebetsi oa Sekolo o Etsetsoang Hae o sa Feleng
Hiroko,c eo e leng seithuti se lilemo li 15 sa Japane, o re: “Ha ke ntse ke fetela litlelaseng tse holimo, mosebetsi oa ka oa sekolo o etsetsoang hae o ntse o eketseha ebile o ba thata le ho feta. Ke nka nako e telele hore ke o qete. Ho na le lintho tse ling tse ngata tseo ke batlang ho li etsa, empa ke lokela ho isa mosebetsi oa sekolo ka le hlahlamang. Ka linako tse ling ke ikutloa ke tšoenyehile.” Ha a bua ka mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae, Svetlana ea lilemo li 14, oa Russia oa ngola: “Ho se ho le boima le ho feta hore ke qete mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae. Selemo le selemo lithuto tseo ke li etsang lia eketseha ’me matichere a re fa mosebetsi o mongata. Ho feta moo, tichere ka ’ngoe e nka hore thuto eo e e rutang ke ea bohlokoa ho feta tse ling. Ke thatafalloa ho fumana nako e lekaneng bakeng sa thuto ka ’ngoe le ho etsa mosebetsi ona kaofela.”
Ke hobane’ng ha matichere a fa bana mosebetsi o mongata hakaale o etsetsoang hae? Gilberto ea lilemo li 18 oa Brazil, oa ngola, o re: “Matichere a re a batla ho re koetlisetsa hore re fumane mosebetsi mehleng ena eo batho ba bangata ba sokolang mesebetsi.” Esita le haeba ho le joalo, u ka ’na ua ikutloa u sithabelitsoe ke mosebetsi o mongata oa sekolo oo u o fuoang. Mohlomong u ka iphokoletsa khatello ka ho fetola tsela eo u talimang mosebetsi oo ka eona le ho nka mehato e loketseng hore u hlophise lintho hantle.
Talima mosebetsi o mongata o etsetsoang hae e le koetliso eo u e hlokang, e le hore u ka atleha ha u se u le moholo. Le hoja nako eo u e qetang u etsa mosebetsi oa sekolo e ka ’na ea bonahala eka ha e fele, kapele feela u tla bona u se u qetile sekolo. Ha u qala ho itšebeletsa, u tla thabela hore ebe u ile ua qeta mesebetsi eo e boima eo u neng u e fuoa. U tla ‘bona se molemo ka lebaka la mosebetsi o boima’ oo u o entseng ha u ntse u kena sekolo.—Moeklesia 2:24.
U ka iphokoletsa khatello e ngata ka hore u ikhalemele u be u hlophise lintho hantle. (Sheba lebokose le reng, “Litsela Tse Molemo Tsa ho Fokotsa Khatello.”) Ha u itloaetsa ho etsa mosebetsi oa hao oa sekolo ka nako le ka hloko, matichere a hao a ka ’na a u tšepa ’me a batla ho u thusa. Ak’u nahane hore na ho ne ho tla ba joang haeba u e-na le kamano ea mofuta oo le e mong oa matichere a hao. Haeba u ka hlaheloa ke lebaka la tšohanyetso ebe u bolella tichere hore u tla sitoa ho phetha mosebetsi oa hao ka nako, na ha u nahane hore e tla utloisisa boemo ba hao? E mong oa bahlanka ba Molimo, ea bitsoang Daniele, “e ne e le ea ka tšeptjoang ’me ho hang ha hoa ka ha fumanoa ho se tsotelle kapa ntho e fosahetseng ho eena.” Kaha Daniele o ne a etsa mosebetsi oa hae ka mafolofolo, seo se ile sa etsa hore morena a mo rorise a be a mo tšepe. (Daniele 6:4) Haeba u etsisa Daniele ka tsela eo u phethang mosebetsi oa hao oa sekolo ka eona, mohlomong matichere a ka ’na a u nahanela haeba ho hlokahala.
Na ho mamela ka hloko ka tlelaseng, ho etsa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae le ho phetha mesebetsi e meng ea sekolo ka nako, ho tla u imolla khatellong eohle e tsamaisanang le ho kena sekolo? Che, empa khatello e ’ngoe e ka ’na eaba e bakoa ke takatso eo u nang le eona ea hore u sebetse hantle sekolong. Ho e-na le ho batla tsela e bonolo ea ho qoba ho sebetsa ka thata sekolong, u ka ’na ua qetella u se u hlile u rata ho ithuta ’me u rue molemo ho seo u ithutang sona.
Khatello ea mofuta oo e molemo ebile u lokela ho ba le eona. Leha ho le joalo, u ka ’na ua ba le khatello e kotsi le e sa hlokahaleng.
Ba Phathahane ke Mesebetsi e Etsoang ka Mor’a Sekolo
Ak’u nahane ka motho ea lulang a jahile koloi. Ha a atamela matšoaong a ho ema, o tla a pepetlololitse koloi ’me ha a ema mabili a lla habohloko. Ebe joale o hata lefura ’me o tloha ka lebelo, mabili a bile a lla. Ho tla etsahala’ng ka koloi ea mokhanni eo ea bohlasoa? Mohlomong o tla senya enjene le likarolo tse ling. Empa le pele seo se etsahala, a ka ’na a e senya ka hore a hlaheloe ke kotsi e mpe.
Ka ho tšoanang, liithuti tse ngata li lula li ikhehlemanya ’meleng le kelellong, pele sekolo se kena le ha se tsoa. Bukeng ea hae e bitsoang Doing School, Denise Clark Pope o ngotse se latelang ka liithuti tse ’maloa tseo a ileng a kopana le tsona: “Li qala hoseng haholo ha li ea sekolong, hora kapa tse peli pele batho ba bangata ba baholo ba qala mosebetsi, ’me hangata li qeta bosiu, ka mor’a hore li ee bolong ea maoto, boitlhakisong ba ho tantša, sebokeng sa ho eletsa liithuti, mosebetsing oa nakoana le hore li etse mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae.”
Ha liithuti li lula li phathahane joalo letsatsi le letsatsi, li ipitsetsa mathata. Ka lebaka la khatello e matla joalo, li ka ’na tsa tšoaroa ke mala kapa hlooho. Li ka ’na tsa kulisoa ke hore mokhathala o sa feleng o fokolisa matla a ’mele a ho itšireletsa mafung. Joale ebe ka tšohanyetso ha li sa khona ho etsa letho ’me li se li thatafalloa hore li boele li be le matla. Na u etsahalletsoe ke ntho e tšoanang le eo?
Ke ntho e ntle ho sebetsa ka thata, u phehella lintho tsa bohlokoa, empa ho sa tsotellehe hore na u matla hakae, u ke ke ua finyella lintho tsohle ka letsatsi le le leng. Bibele e fana ka keletso ena e utloahalang: “Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna ho ke ho tsejoe ke batho bohle.” (Bafilipi 4:5) Tlhaloso e ’ngoe ea poleloana ena, “kahlolo e molemo” ke “ho se feteletse lintho” le “ho nahanela maemo.” Motho ea nang le kahlolo e molemo ha a etse liqeto tse ka mo lematsang kapa tsa lematsa ba bang. O bontša hore o hōlile tsebong, e leng ntho ea bohlokoa haholo lefatšeng la kajeno le sa tsitsang. Kahoo, e le hore u ipaballe ’meleng, e-ba le kahlolo e molemo—tlohela lintho tse ling tseo e seng tsa bohlokoa hakaalo tseo u itlammeng ka tsona.
Ho Phehella Maruo
Leha ho le joalo, bacha ba bang ba nka hore ho ba le kahlolo e molemo hoa ba sitisa ho e-na le ho ba thusa hore ba finyelle sepheo sa bona. Liithuti tse joalo li lumela hore lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa tse ka etsang hore li atlehe ke ho fumana mosebetsi o lefang haholo le maruo a tlisoang ke mosebetsi oo. Pope o ile a kopana le bacha ba bang ba nahanang joalo. O ile a re: “Liithuti tsena li lakatsa eka li ka be li e-na le nako e eketsehileng ea ho robala le ho ntlafatsa bophelo ba tsona bo botle, empa kaha li phathahane ke mosebetsi oa sekolo, oa lapeng le oa boipheliso, seo ha se li lumelle ho fetola maemo. Ka ho tšoanang, li lakatsa eka li ka qeta nako e ngata li e-na le metsoalle, li etsa lintho tse ling kapa li phomole ka matsatsi a seng makae, empa tse ngata li lumela hore li ke ke tsa etsa lintho tsena ’me ka nako e tšoanang tsa pasetsa holimo lithutong tsa tsona. Li ne li lemoha hore li lokela ho etsa khetho, ’me ntho ea bohlokoa haholo ho tsona ke hore li atlehe nakong e tlang ho feta hore li thabe hona joale.”
Liithuti tse ikhehlemanyang joalo li lokela ho nahana ka seo monna e mong ea bohlale a kileng a se bua, ha a re: “Na motho o tla fumana letho haeba a hapa lefatše lohle empa a lahleheloa ke bophelo ba hae? A ke ke a fumana letho! Ha ho letho leo a ka fanang ka lona hore a boele a fumane bophelo ba hae.” (Matheu 16:26, Today’s English Version) Ka mantsoe ao, Jesu Kreste o ne a re lemosa hore lintho tseo re ka ’nang ra leka ho li phehella lefatšeng lena, hase tsa bohlokoa hakaalo kaha li ka re lematsa ’meleng le maikutlong, mohlomong tsa ba tsa senya kamano ea rōna le Molimo.
Bukeng ea hae e bitsoang The Price of Privilege, Madeline Levine, eo e leng setsebi sa kelello, o ile a ngola a re: “Taba ke hore chelete, thuto, matla, maemo a phahameng le lintho tse bonahalang ha li sireletse batho masoabing kapa boloetseng bo amang maikutlo.” Pope, ea qotsitsoeng pejana, o ile a re: “Ke bona bana ba bangata le batsoali ba loanelang phetheho—kaha ba na le maikutlo a fosahetseng ka seo katleho e leng sona.” ’Me o ile a phaella ka ho re: “Re lokela ho phehella ho phela hantle kelellong le ’meleng ’me re hahamalle seo e hlileng e leng sa bohlokoa ho feta lintho tse bonahalang.”
Lintho tse ling ke tsa bohlokoa ho feta chelete. Tsona li kopanyelletsa ho phela hantle maikutlong le ’meleng, ho ba le letsoalo le letle le ho ba le kamano le ’Mōpi oa rōna. Tsena ke limpho tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo Molimo a re fang tsona. Haeba u lahleheloa ke tsona ka lebaka la ho phehella botumo kapa maruo, mohlomong u ke ke ua hlola u li fumana hape. U ntse u hopotse seo, hlokomela seo Jesu a ileng a se ruta: “Ba thaba hakaakang ba tsebang hore ba hloka Molimo, kaha ’muso oa Leholimo ke oa bona!”—Matheu 5:3, The New Testament in Modern English.
Bacha ba bangata ba lumela ’nete eo. Le hoja ba etsa sohle seo ba ka se khonang sekolong, baa tseba hore thabo e tšoarellang ha e tlisoe ke ho ipabola sekolong le ho ba le lintho tse bonahalang. Baa hlokomela hore ho phehella lintho tseo ho ba bakela khatello e sa hlokahaleng. Liithuti tseo li hlokometse hore motheo oa bokamoso bo thabisang e le kannete ke ho khotsofatsa maikutlo a hore li “hloka Molimo.” Bahatisi ba makasine ena kapa Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno li tla thabela ho u bontša kamoo u ka fumanang thabo kateng ha u ntse u khotsofatsa maikutlo a hore u hloka Molimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa bana ba sa sebetseng hantle sekolong kapa ba sa itekeng, sheba sehlooho sa “Bacha Baa Botsa . . . Na Nka Etsa Hamolemonyana Sekolong?” se Tsoheng! ea April 8, 1998, leqepheng la 18-20.
b Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka taba ena, sheba sehlooho sa “Bacha Baa Botsa . . . Nka Etsa Joang ka Mosebetsi oa Sekolo o Etsoang Lapeng o Mongata Hakaale?” se Tsoheng! ea April 8, 1993, leqepheng la 12-14.
c Mabitso a mang a fetotsoe.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Ho sa tsotellehe hore na u matla hakae, u ke ke ua finyella lintho tsohle ka letsatsi le le leng
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]
Thuto ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u ka bang le eona ke ho tseba ’Mōpi oa hao
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 5]
LITSELA TSE MOLEMO TSA HO FOKOTSA KHATELLO
❑ Na u qeta nako e ngata u ntse u hlopha lipampiri le libuka tseo u ngollang lintlha ho tsona, u leka ho fumana seo u se batlang? Batho ba bang ba hloka thuso hore ba hlophise lintho hantle. U se ke ua hlajoa ke lihlong ho kōpa litlhahiso ho ba bang.
❑ Na u lieha ho etsa lintho? E le ho itlhahloba, ak’u leke ho phetha mosebetsi oa hao pele ho nako. U tla makala ha u utloa kamoo u lokolohileng u bileng u khotsofetseng kateng, ’me seo se ka ’na sa u susumelletsa hore u khaotse ho chechisa nako ea ho etsa mosebetsi oa hao oa sekolo.
❑ Na hangata ha u le ka tlelaseng kelello ea hao ea lelera? Ak’u leke ho etsa sena khoeli kaofela: Mamela ka hloko ha u le ka tlelaseng, ’me u ngole lintlha tsa bohlokoa tseo u tla li sebelisa hamorao. U ka ’na ua makatsoa ke kamoo mosebetsi oa hao o etsetsoang hae o bang bonolo kateng. Sephetho seo se setle se tla u fokoletsa khatello sekolong.
❑ Na u khethile ho ea litlelaseng tse u thusang ho ithuta lintho tse ngata ka potlako empa li u hloka nako le boiteko bo bongata? Na hoa hlokahala hore u ee litlelaseng tseo? Buisana le batsoali ba hao. Batla maikutlo a motho e mong ea nang le pono e loketseng ka thuto. U ka ’na ua fumana hore lithupelo tseo tse eketsehileng ha li u thuse hakaalo hore u qetelle u fumane lengolo.
[Lebokose le leqepheng la 6]
LERAKO LE SIRELETSANG LE INAHANELOANG
“Lintho tsa bohlokoa tsa [motho] ea ruileng ke motse oa hae o matla, ’me li joaloka lerako le sireletsang monahanong oa hae.” (Liproverbia 18:11) Mehleng ea boholo-holo, batho ba ne ba tšepile marako a phahameng hore a ba sireletse ha ba hlaseloa. Empa ak’u nahane u lula motseng o se nang lerako haese leo u inahanelang lona feela. Esita leha u ne u ka leka ka matla ho ikholisa hore lerako le joalo le teng, seo se ne se ke ke sa u sireletsa lireng tsa hao.
Joaloka batho ba lulang sebakeng se sa sireletsoang joalo, bacha ba phehellang maruo ba tla soetseha. Na u motsoali? U lokela ho thusa ngoana oa hao hore a qobe leraba la ho rata lintho tse bonahalang le hore a se ke a phela joalokaha eka o lula motseng o se nang lerako haese le inahaneloang.
Linnete tse latelang tse thehiloeng Bibeleng li ka u thusa hore u behele mora kapa morali oa hao mabaka:
◼ Maruo a atisa ho baka mathata a mangata ho feta ao a a rarollang. “Lintho tse ngata tsa morui ha li mo lumelle ho robala.”—Moeklesia 5:12; 1 Timothea 6:9, 10.
◼ Ha motho a rera lintho hantle, ha a hloke maruo hore a thabe. “Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo.”—Liproverbia 21:5; Luka 14:28
◼ Ho ba le chelete e itekanetseng, e hlokomelang litlhoko tsa motho, hoa khotsofatsa. “U se ke ua mpha bofutsana kapa maruo.”—Liproverbia 30:8.d
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
d Boitsebiso bo eketsehileng bo buang ka leraba la ho rata lintho tse bonahalang bo ka fumanoa Tsoheng! ea April 8, 2003, leqepheng la 18-19.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ha u leka ho etsa lintho tse ngata haholo, u ke ke ua finyella letho
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
U SE KE ua talima mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae e le bothata, empa u o talime e le karolo ea ho koetlisetsoa mosebetsi