-
Lipotso Tseo Batho ba li Botsang ka JoalaMolula-Qhooa—1987 | August 1
-
-
Ba bang ba bile ba phea khang hore bo teloe. Moruti oa Lenigeria ea qotsitsoeng kaholimo o bolela hore: “Liproverbia 20:1 ka ho khetheha e re ba noang veine ke lithoto.” Moruti e mong hape oa tlatseletsa: “Mangolo a Halalelang a nyatsa joala ka bukeng ea Esaia,” a supa litemana tse ho Esaia 5:11, 12, le 22.
-
-
Joala—Pono ea Bokreste ka Bona ke Efe?Molula-Qhooa—1987 | August 1
-
-
“Ke Bothoto”—Ho Bo-mang?
Na see se bolela hore joala bo thibetsoe ka ho feletseng ho Bakreste? Ho thoe’ng ka se boletsoeng ke moruti, sehloohong se ka pele, seo ho bonahalang se theiloe ho Liproverbia 20:1, hore “banna ba bohlale ha ba noe veine ho hang.” King James Version e beha temana ena tjena: “Veine ke mosomi, seno se bohale sea hlahafatsa: e mong le e mong ea thetsoang ke eona ha a na bohlale.” Hape, Bibele ha e khalemele ba noang veine empa, ho fapana le hoo, ba thetsoang ke eona! “Ba qenehelang veine” le “manoajoala”—bana ke bona ba “se nang bohlale.”
-