Na Thuto e Phahameng le Chelete li ka Etsa Hore U Lule U Phela Hamonate?
Batho bangata ba nahana hore batho ba rutehileng le ba ruileng ba phela hamonate. Ba lumela hore thuto ea univesithi e ka thusa motho hore e be motho ea molemo mosebetsing, ka lapeng le ho batho ka kakaretso. Ba boetse ba lumela hore thuto ea univesithi e ka etsa hore motho a fumane mosebetsi o patalang hantle le hore batho ba nang le chelete e ngata ba tla thaba.
QETO EO BATHO BA BANGATA BA E ETSANG
Nahana ka seo Zhang Chen ea lulang China a ileng a se bua. O re: “Ke ne ke lumela hore haeba ke e-na le lengolo la thuto e phahameng seo se ne se tla etsa hore ke se ke ka hlola ke sotleha le hore ha ke fumana mosebetsi o patalang hantle seo se ne se tla etsa hore ke thabe ke be ke phele hamonate.”
Batho ba bangata ba batla ho ithuta liunivesithing tse tsebahalang, mohlomong ho il’o ithuta linaheng tse ling e le hore ba phele hamonate. Sena se ne se etsahala haholo ho fihlela batho ba se ba sa khone ho ea linaheng tse ling ka lebaka la Coronavirus. Tlaleho ea Organisation for Economic Co-operation and Development ea 2012 e ile ea re: “Halofo ea baithuti ba ithutelang linaheng tse ling ba hlaha Asia.”
Batsoali ba sebetsa ka thata e le hore bana ba bona ba ka ithutela likolong tse phahameng tsa linaheng tse ling. Qixiang ea lulang Taiwan o re: “Batsoali ba ka e ne e se barui empa ba ile ba isa ’na le bana bes’o ba bararo sekolong se phahameng se United States.” Batsoali ba hae joaloka ba bang ba bangata ba ile ba kena likolotong e hore ba patalle lithuto tsa bana ba bona.
LITLA-MORAO E-BA LIFE?
Thuto e phahameng e ka ntlafatsa bophelo ka tsela e itseng empa ha se kamehla e tlisang litla-morao tseo batho ba li lebelletseng. Ka mohlala, ka mor’a lilemo tse ngata batho ba sebetsa ka thata ebile ba alimile chelete ea ho patalla sekolo, ba ntse ba sa fumane mosebetsi oo ba neng ba o batla. Tlaleho e entsoeng ke Rachel Mui koranteng ea Singapore e bitsoang Business Times e re: “Batho ba bangata ba pasitseng lithuto tsa bona liunivesithing ha ba fumane mosebetsi.” Ntate ea rutehileng haholo ea lulang Taiwan e leng Jianjie o re: “Batho ba bangata ha ba fumane mosebetsi oo ba ithutetseng oona empa ba se ba amohela mosebetsi o mong le o mong oo ba o fumanang.”
Esita le batho ba fumaneng mosebetsi oo ba ithutetseng oona ba ntse ba ka ’na ba fumana hore ha ba phele ka tsela eo ba neng ba batla ho phela ka eona. Ka mor’a hore Niran ea tsoang Thailand a qete lithuto tsa hae univesithing ea United Kingdom o ile a fumana mosebetsi oo a ithutetseng oona. O re: “Joalokaha ke ne ke lebelletse, seo ke ithutetseng sona se nthusitse ho fumana mosebetsi o patalang hantle. Leha ho le joalo, ke ne ke lokela ho sebetsa ka thata le ho sebetsa lihora tse ngata e le hore ke khone ho fumana chelete e ngata. Qetellong moo ke neng ke sebetsa teng, ho ile ha tebeloa basebetsi ba bang esita le ’na. Ke ile ka hlokomela hore le hoja u ka sebetsa ka thata seo ha se bolele hore u tla lula u e-na le mosebetsi oo.”
Esita le batho ba nang le chelete e ngata ba bonahalang eka ba thabile, ba ntse ba e-ba le mathata a lelapa, baa kula ebile ba tšoenyeha ka chelete. Katsutoshi ea lulang Japan o re: “Ke ne ke e-na le chelete e ngata empa ke ne ke ntse ke sa thaba hobane batho ba ne ba e-na le mona ebile ba sa ntšoare hantle.” Lam ea lulang Vietnam o re: “Ke bona batho ba bangata ba batla mosebetsi o patalang hantle e le hore ba be le chelete e ngata. Leha ho le joalo ba tšoenyeha haholo, baa kula le ho ba le khatello ea maikutlo.”
Joaloka Franklin, batho ba bangata ba hlokometse hore ho na le lintho tsa bohlokoa bophelong ho feta ho batla thuto e phahameng le maruo. Ho e-na le ho batla maruo, batho ba bangata ba bone ho le molemo hore ba loanele hore e be batho ba lokileng le hore ba thuse batho ba bang. Na ho phela ka tsela ee ho tla etsa hore u lule u thabile? Sehlooho se latelang se tla araba potso ena.