Batsoali—Le Batlela Bana ba Lōna Bokamoso bo Joang?
“Lōna bahlankana le lōna baroetsana . . . Ba ke ba rorise lebitso la Jehova.”—PESALEME EA 148:12, 13.
1. Ke lintho life tseo batsoali ba amehang ka tsona ka bana ba bona?
KE MOTSOALI ofe ea sa amehang ka bokamoso ba bana ba hae? Batsoali ba qala ho khathatseha ka boiketlo ba lesea ho tloha ha le tsoaloa—kapa esita le pele le tsoaloa. Na le tla phela hantle ’meleng? Na le tla hōla hantle? Ha ngoana a ntse a hōla, ba ameha ka lintho tse ling. Ka tloaelo, batsoali ba batlela bana ba bona se molemohali.—1 Samuele 1:11, 27, 28; Pesaleme ea 127:3-5.
2. Ke hobane’ng ha batsoali ba bangata kajeno ba batla hore bana ba bona ba thabele bophelo bo molemo ha ba se ba hōlile?
2 Leha ho le joalo, lefatšeng lena la kajeno, ho thata hore batsoali ba fe bana ba bona se molemohali. Batsoali ba bangata ba fetile maqakabetsing—a lintoa, a merusu ea lipolotiki, mathateng a lichelete, ba angoa ke ho lemala kapa ho sithabela maikutlo le lintho tse ling tse joalo. Joalokaha ho ka lebelloa, ha ba lakatse le hanyenyane feela hore bana ba bona ba fete maemong a joalo. Linaheng tse ruileng, batsoali ba bang ba ka ’na ba bona bara le barali ba metsoalle ea bona le beng ka bona ba tsoella hantle mesebetsing eo ba ithutetseng eona ’me ba bonahala ba atlehile bophelong. Kahoo, ba ka ’na ba ikutloa ba tlameha ho etsa sohle se matleng a bona ho tiisa hore ha bana ba bona ba hōla le bona ba tla phela ka boiketlo ba bile ba sireletsehile—ke hore ba phele bophelo bo molemo.—Moeklesia 3:13.
Ho Khetha Bophelo bo Molemo
3. Bakreste ba khethile ho etsa’ng?
3 Kaha Bakreste ke balateli ba Jesu Kreste, ba khethile ho nehela bophelo ba bona ho Jehova. Ba nkile ka ho teba mantsoe a Jesu a reng: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso letsatsi le letsatsi a ntatele a sa khaotse.” (Luka 9:23; 14:27) E, bophelo ba Bokreste bo hloka hore motho a itele. Empa hase bophelo ba tšotleho le mahlomola. Ho e-na le hoo, ke bophelo bo thabisang le bo khotsofatsang—bophelo bo molemo—kaha bo akarelletsa ho fana, ’me Jesu o ile a re, “ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35.
4. Jesu o ile a phehella balateli ba hae hore ba hahamalle eng?
4 Batho ba mehleng ea Jesu ba ne ba phela tlas’a maemo a thata. Ntle le hore ba ne ba tlameha ho sebetsa e le hore ba iphelise, ba ne ba tlameha ho phela tlas’a puso e hatellang ea Baroma le melao e boima ea bolumeli ea batho ba mehleng eo. (Matheu 23:2-4) Leha ho le joalo, ba bangata ba ileng ba utloela ka Jesu ba ile ba ithaopela ho tlohela lintho tseo ba neng ba ikemiselitse ho li etsa—esita le mesebetsi ea bona—’me ea e-ba balateli ba hae. (Matheu 4:18-22; 9:9; Bakolose 4:14) Na barutuoa bao ba ile ba beha bokamoso ba bona kotsing? Hlokomela mantsoe a Jesu: “E mong le e mong ea siileng matlo kapa barab’abo kapa baralib’abo kapa ntate kapa ’mè kapa bana kapa masimo ka lebaka la lebitso la ka o tla amohela ho eketsehileng ka makhetlo a mangata ’me o tla rua bophelo bo sa feleng.” (Matheu 19:29) Jesu o ile a tiisetsa balateli ba hae hore Ntate oa bona oa leholimo o tseba seo ba se hlokang. Ka hona o ile a ba phehella, a re: “Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.”—Matheu 6:31-33.
5. Batsoali ba bang ba ikutloa joang ka tšepiso ea Jesu ea hore Molimo o tla hlokomela bahlanka ba hae?
5 Lintho li batla li ntse li tšoana le kajeno. Jehova o tseba seo re se hlokang, ’me ba etelletsang mesebetsi ea ’Muso pele bophelong ba bona, haholo-holo ba hahamallang tšebeletso ea nako e tletseng, le bona o ba tšepisa hore o tla ba hlokomela. (Malakia 3:6, 16; 1 Petrose 5:7) Leha ho le joalo, batsoali ba bang ba na le maikutlo a loantšanang tabeng ena. Ka lehlakoreng le leng, ba ka rata ho bona bana ba bona ba hatela pele tšebeletsong ea Jehova, mohlomong ba bile ba kenela tšebeletso ea nako e tletseng ha nako e ntse e ea. Ka lehlakoreng le leng, ha ba nahana ka boemo ba moruo le ba mesebetsi e fumanehang ka thata, ba nka hore ke habohlokoa hore bana ba fumane thuto e ntle ea sekolo hore ba be le mangolo a hlokahalang e le hore ba ka fumana mosebetsi o motle kapa bonyane ba be le seo ba ka tšepelang ho sona ha ho hlokahala. Hangata batsoali ba joalo ba nka hore thuto e ntle ea sekolo ke thuto e phahameng.
Ho Lokisetsa Bokamoso
6. Ho boleloa eng ha ho buuoa ka “thuto e phahameng” sehloohong see?
6 Tsamaiso ea thuto ea fapana linaheng ka ho fapana. Ka mohlala, likolo tsa sechaba United States li ruta thuto ea motheo ka lilemo tse 12. Ka mor’a moo, liithuti li ka ’na tsa khetha ho qeta lilemo tse ’nè kapa ho feta li le univesithing kapa k’holejeng, li ithutela lengolo la bachelor kapa le ka holimo ho leo ho tsa bongaka, molao, boenjiniere le tse ling tse joalo. Ha re bua ka “thuto e phahameng” sehloohong sena re bolela thuto e joalo ea univesithi. Ka lehlakoreng le leng, ho na le likolo tse rutang theknoloji le mesebetsi ea matsoho, tse fanang ka koetliso e nkang nako e khutšoanyane ’me li fana ka mangolo a tsebo e itseng kapa mosebetsi o itseng.
7. Liithuti li pepesetsoa khatello efe likolong tse phahameng?
7 Ho tloaelehile matsatsing ana hore likolo tse bohareng le tse phahameng li koetlisetse liithuti thuto e phahameng. E le hore li finyelle sena, likolo tse ngata tse phahameng li amehile haholo ka ho ruta lithuto tse hlokang tsebo ea ka hloohong tse nolofalletsang liithuti ho fumana limaraka tse holimo ha li ngola litlhahlobo tsa ho kena univesithi, ho fapana le ho hlomella liithuti ka koetliso e tla li thusa ho fumana mosebetsi. Kajeno, matichere, baeletsi le liithuti-’moho li hatella taba ea hore liithuti likolong tse phahameng li lokela ho ea liunivesithing tse tummeng, ka tšepo ea hore li tla fumana mangolo a tla li nolofalletsa ho fumana mesebetsi e metle le e lefang hantle.
8. Batsoali ba Bakreste ba lokela ho khetha pakeng tsa lintho life?
8 Joale batsoali ba Bakreste ba lokela ho etsa’ng? Ke ’nete hore ba batla hore bana ba bona ba sebetse hantle sekolong ’me ba be le tsebo e hlokahalang e le hore ba tle ba tsebe ho iphelisa ka moso. (Liproverbia 22:29) Empa na ba lokela ho lumella bana ba bona hore ba nkoe ke moea oa ho hlōlisana ka lintho tse bonahalang le katleho? Ba khothalletsa bana ba bona hore ba be le lipakane life, ebang ke ka seo ba se buang kapa seo ba se etsang? Batsoali ba bang ba sebetsa ka thata haholo ’me ba behella chelete ka thōko e le hore ba tle ba khone ho isa bana ba bona univesithi kapa k’holejeng ha nako eo e fihla. Ba bang ba ikemiselitse ho kena likolotong e le hore ba etse seo. Empa batsoali ha baa lokela ho nahana ka chelete feela ha ba etsa qeto e joalo. Ho phehella thuto e phahameng kajeno ho kenyelletsa litšenyehelo life?—Luka 14:28-33.
Litšenyehelo Tsa ho Phehella Thuto e Phahameng
9. Ho ka thoe’ng ka litšenyehelo tsa chelete e lefelloang thuto e phahameng kajeno?
9 Ha re nahana ka litšenyehelo, re atisa ho nahana ka chelete e lefuoang. Linaheng tse ling, ’muso o lefella thuto e phahameng ’me liithuti tse tšoanelehang ha li lefelle thuto eo. Empa libakeng tse ling, thuto e phahameng ea bitsa ’me chelete eo e ntse e nyoloha. Sehlooho se seng sa makasine ea New York Times se re: “Pele ho ne ho nkoa hore thuto e phahameng e bulela batho menyetla. Matsatsing a kajeno e totobatsa lekhalo le teng pakeng tsa barui le bafutsana.” Ka mantsoe a mang, likolo tse rutang thuto ea boleng bo holimo li khonoa ke barui le batho ba nang le tšusumetso, ba isang bana ba bona likolong tseo ho tiisa hore le bona e tla ba barui le batho ba nang le tšusumetso tsamaisong ena. Na batsoali ba Bakreste ba lokela ho behela bana ba bona pakane e joalo?—Bafilipi 3:7, 8; Jakobo 4:4.
10. Thuto e phahameng e amana joang le ho ntlafatsa tsamaiso ee ea lintho?
10 Esita le libakeng tseo ho tsona thuto e phahameng e sa lefelloeng, ho na le lintho tse itseng tse poteletseng tse amehang. Ka mohlala, The Wall Street Journal e tlaleha hore naheng e ’ngoe ea Asia Boroa-bochabela, ’muso ‘ha o hlajoe ke lihlong ho tsamaisa likolo ka tsela e reretsoeng ho nyollela liithuti tse ipabolang maemong a ka holimo-limo.’ Qetellong liithuti tseo tse “ka holimo-limo” li isoa litsing tsa thuto tse nkeloang holimo ka ho fetisisa lefatšeng—tse kang Univesithi ea Oxford le ea Cambridge tse Engelane, lik’holeje tsa Ivy League tse United States le tse ling. Ke hobane’ng ha ’muso oo o ile bohōleng boo? Tlaleho e re: “Ke ka sepheo sa ho matlafatsa moruo oa naha.” Liithuti li ka ’na tsa se ke tsa lefella thuto ea tsona, empa tsa e lefella ka ho kenella ka matla ho ntlafatseng tsamaiso ena ea lintho. Le hoja batho ba lefatše ba hlile ba batla ho phela ka tsela eo, na ke sona seo batsoali ba Bakreste ba se batlelang bana ba bona?—Johanne 15:19; 1 Johanne 2:15-17.
11. Litlaleho li bontša eng ka tšebeliso e mpe ea lino tse tahang le boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate liithuting tsa univesithi?
11 Ho boetse ho ameha taba ea tikoloho. Liunivesithi le lik’holeje li tumme ka boitšoaro bo hlephileng—tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le lino tse tahang, boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate, ho qhekella, ho tsunya-tsunya ba fihlang le lintho tse ling tse joalo. Ak’u nahane ka tšebeliso e mpe ea lino tse tahang. Makasine ea New Scientist ha e tlaleha ka ho itlopa joala, e leng ho noella feela hore motho a tahoe, e re: “Hoo e ka bang karolo ea 44 lekholong [ea liithuti tsa univesithi United States] e itlopa joala bonyane hang nakong ea libeke tse peli.” Bacha ba Australia, Brithani, Russia le ba libakeng tse ling le bona ba bothateng bo tšoanang. Ha ho tluoa tabeng ea boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate, kajeno liithuti li bua ka “ho koalla,” e leng seo tlaleho ea Newsweek, “e se hlalosang e le ho ithabisa ka nako eo feela—ka ho etsa ntho leha e le efe, ebang ke ho akana ha batho ba tsebanang kapa ho kopanela liphate le hoja ba sa ikemisetsa ho buisana ka mor’a moo.” Liphuputso li bontša hore ho liithuti tse lekholo, tse ka bang 60 ho isa ho tse 80 li kopanela boitšoarong ba mofuta oo. Mofuputsi e mong o re: “Haeba u seithuti se tloaelehileng sa k’holeje, e tlameha ebe ua ho etsa.”—1 Bakorinthe 5:11; 6:9, 10.
12. Liithuti li pepesetsoa khatello efe ha li le lik’holejeng?
12 Ntle le hore liithuti li ba tikolohong e mpe, li boetse li hatelloa ke mosebetsi oa sekolo le litlhahlobo. Ke ’nete hore liithuti li lokela ho ithuta le ho etsa mosebetsi oa tsona oa sekolo e le hore li fete ka katleho litlhahlobong. Liithuti tse ling li ka ’na tsa lokela ho etsa mosebetsi o sa nkeng nako eohle ha ka nako e tšoanang li ntse li ea sekolong. Sena sohle se hloka liithuti nako e ngata le matla. Joale li tla salloa ke nako e kae bakeng sa mesebetsi ea moea? Li tla sekisetsa eng ha khatello eo e ntse e eketseha? Na li tla etelletsa mesebetsi ea ’Muso pele, kapa li tla e behella ka thōko? (Matheu 6:33) Bibele e phehella Bakreste ka ho re: “Le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale, le ithekele nako e loketseng, hobane matsatsi a khopo.” (Baefese 5:15, 16) Ruri ho utloisa bohloko hore ebe ba bang ba oele tumelong ka lebaka la ho inehella lintho tse ba jellang nako le tse ba qetang matla kapa hona ho kopanela boitšoarong boo e seng ba Mangolo ha ba le k’holejeng!
13. Batsoali ba Bakreste ba lokela ho nahana ka lipotso life?
13 Ke ’nete hore hase lik’holejeng le liunivesithing feela moo bacha ba kopanelang boitšoarong bo litšila ba ho kopanela liphate le boitšoarong bo bong bo hlephileng le moo ho nang le khatello. Leha ho le joalo, bacha ba bangata ba lefatše ba nka hore lintho tseo ke karolo ea thuto ebile ba nahana hore ke karolo ea bophelo. Na batsoali ba Bakreste ba lokela ho pepesetsa bana ba bona lintho tse joalo ba ntse ba tseba, ka lilemo tse ’nè kapa mohlomong tse bileng li fetang moo? (Liproverbia 22:3; 2 Timothea 2:22) Na melemo eo mocha a ka e fumanang ke ea bohlokoa hoo a ka behoang kotsing e joalo? Ho feta moo, ke’ng seo bacha ba ithutang sona ka hore na ke lintho life tse lokelang ho tla pele bophelong ba bona?a (Bafilipi 1:10; 1 Bathesalonika 5:21) Batsoali ba lokela ho nahana ka ho teba ka lipotso tsena le ho li nahanisisa ka thapelo, ’me ba nahane le ka likotsi tsa ho romela bana ba bona likolong tse motseng o mong kapa naheng e ’ngoe.
Menyetla e Meng eo Motho a ka e Khethang ke Efe?
14, 15. (a) Ho sa tsotellehe maikutlo a ba bangata, ke keletso efe ea Bibele e sebetsang kajeno? (b) Bacha ba ka ipotsa lipotso life?
14 Kajeno ba bangata ba na le maikutlo a hore tsela feela ea hore bacha ba atlehe ke hore ba ee univesithi. Empa ho e-na le ho ea le bongata, Bakreste ba mamela keletso ea Bibele e reng: “Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho fetola likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” (Baroma 12:2) Ke’ng seo Molimo a batlang hore batho ba hae ba se etse, ba bacha le ba baholo, karolong ee e qetellang ea mehla ea bofelo? Pauluse o ile a phehella Timothea, a re: “U lule u hlaphohetsoe kelellong linthong tsohle, u utloisoe bohloko ke bobe, u etse mosebetsi oa moevangeli, u phethe bosebeletsi ba hao ka botlalo.” Ka sebele mantsoe ao aa sebetsa ho rōna bohle kajeno.—2 Timothea 4:5.
15 Ho e-na le hore re nkoe ke moea oa lefatše lena oa ho rata lintho tse bonahalang, kaofela ha rōna re lokela ‘ho lula re hlaphohetsoe kelellong’—re falimehile moeeng. Haeba u mocha, ipotse: ‘Na ke etsa sohle se matleng a ka hore ke “phethe bosebeletsi ba ka,” e le hore ke be ’moleli ea tšoanelehang oa Lentsoe la Molimo? Ke rera ho etsa’ng e le hore ke ntšetse tšebeletso ea ka pele “ka botlalo”? Na ke nahanne ka ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng e le oona mosebetsi oo ke o etsang?’ Ho thata ho araba lipotso tsena, haholo-holo ha u bona bacha ba bang ba ikakhetse ka setotsoana lipakaneng tsa boithati, ba “ipatlela lintho tse khōlō” tseo ba nahanang hore li tla ba tlisetsa bokamoso bo khanyang. (Jeremia 45:5) Ka hona, ka bohlale batsoali ba Bakreste ba etsa hore bana ba bona ba be tikolohong e nepahetseng ea moea ebile ba ba koetlisa ho tloha boseeng.—Liproverbia 22:6; Moeklesia 12:1; 2 Timothea 3:14, 15.
16. Batsoali ba Bakreste ba ka etsa’ng ka bohlale e le hore bana ba bona ba be tikolohong e nepahetseng ea moea?
16 Mora oa letsibolo oa ’mè e mong ea nang le bara ba bararo eo e bileng mosebeletsi oa nako e tletseng ka lilemo tse ngata o re: “’Mè o ne a re beha leihlo hore na re tloaelana le bo-mang. Re ne re sa tloaelana le bana bao re kenang sekolo le bona empa re ne re tloaelane feela le litho tsa phutheho tse nang le mekhoa e metle ea moea. ’Mè o ne a atisa ho memela batho ba tšebeletsong ea nako e tletseng lapeng—ke hore baromuoa, balebeli ba tsamaeang, litho tsa lelapa la Bethele le bo-pula-maliboho—ho tla thabela botsoalle le rōna. Ha re ntse re mametse ha ba pheta liphihlelo tsa bona re bile re bona kamoo ba thabileng kateng, seo se ile sa kenya ka ho rōna takatso ea ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng.” Kajeno ke ho thabisang e le kannete ho bona bara bao ba hae ba bararo ba le tšebeletsong ea nako e tletseng—e mong o sebeletsa Bethele, e mong o tsoa Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi athe e mong ke pula-maliboho!
17. Batsoali ba ka tataisa bana ba bona joang ha ba khetha lithuto tsa sekolo tse ba koetlisetsang mosebetsi oo ba batlang ho o etsa? (Bona lebokose le leqepheng la 29.)
17 Ntle le ho etsa hore bana ba bona ba be tikolohong e hahang moeeng, batsoali ba boetse ba lokela ho tataisa bana ba bona ba sa le banyenyane hore ba tsebe ho khetha lithuto tsa sekolo tse ba koetlisetsang mosebetsi oo ba batlang ho o etsa. Mohlankana e mong eo hona joale a sebeletsang Bethele, o re: “Batsoali ba ka e ne e le bo-pula-maliboho pele ba nyalana le ha ba se ba nyalane ’me ba entse sohle se matleng a bona ho kenya moea oo oa bopula-maliboho ho e mong le e mong ka lapeng. Nako le nako ha re ne re khetha lithuto tsa sekolo kapa re etsa liqeto tse tla ama bokamoso ba rōna, ba ne ba re khothalletsa ho khetha ntho e tla re fa monyetla o motle ka ho fetisisa oa ho fumana mosebetsi o sa nkeng nako eohle le ho bula maliboho.” Ho e-na le ho khetha lithuto tsa sekolo tse bokellang tsebo ea ka hloohong feela tse reretsoeng hore motho a ee univesithi, batsoali le bana ba lokela ho nahana ka lithuto tse ka bang molemo ho motho ea hahamallang tšebeletso ea nako e tletseng.b
18. Bacha ba ka ’na ba nahana ka menyetla efe e meng ea mosebetsi?
18 Liphuputso tse entsoeng li bontša hore linaheng tse ngata, ha ho hlokahale hakaalo batho ba nang le mangolo a univesithi, empa batho ba hlileng ba hlokahalang ke ba etsang mesebetsi ea matsoho kapa ba fanang ka litšebeletso. USA Today e tlaleha hore “lilemong tse mashome tse tlang ho tla be ho sa hlokahale hore 70% ea basebetsi e be le lengolo la degree le bontšang hore ba qetile lilemo tse ’nè k’holejeng, empa ho e-na le hoo ho tla be ho hlokahala lengolo le nkang nako e khutšoanyane le bontšang hore ba ithutile theknik’honeng e itseng.” Litsi tse ngata tsa thuto e joalo li fana ka lithupelo tsa nako e khutšoanyane tse koetlisetsang batho mesebetsi ea ofisi, ho lokisa likoloi le lik’homphieutha, ho sebetsana le liphaephe tsa metsi, ho lokisa moriri le mesebetsi e meng e mengata. Na ee ke mesebetsi e ratehang? E, ea rateha! Ba bang ba ka ’na ba nka hore ha e ipiletse hakaalo, empa e phelisa batho ba ikemiselitseng ho sebeletsa Jehova ebile e ba fa nako eo ba e hlokang.—2 Bathesalonika 3:8.
19. Tsela e tšepahalang ka ho fetisisa ea ho tiisa hore motho o tla phela bophelo bo thabileng le bo khotsofatsang ke efe?
19 Bibele e re: “Lōna bahlankana le lōna baroetsana . . . Ba ke ba rorise lebitso la Jehova, etsoe lebitso la hae ke lona feela le phahameng ka tsela e ke keng ea fihleloa. Ho hlompheha ha hae ho ka holim’a lefatše le leholimo.” (Pesaleme ea 148:12, 13) Ha ho bapisoa le maemo ao lefatše le fanang ka ’ona le melemo eo le fanang ka eona, ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng ke tsela e tšepahalang ka ho fetisisa ea ho tiisa hore motho o phela bophelo bo thabileng le bo khotsofatsang. Hopola tšepiso ea Bibele e reng: “Tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.”—Liproverbia 10:22.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho fumana liphihlelo tsa ba ileng ba nka thuto ea puso ea Molimo e le ea bohlokoa ho feta thuto ea univesithi, bona Molula-Qhooa oa October 15, 1982, leqepheng la 3-6; Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa April 15, 1979, leqepheng la 5-10; Tsoha! (ea Senyesemane) ea June 8, 1978, leqepheng la 15; le ea August 8, 1974, leqepheng la 3-7.
b Bona Tsoha! ea October 8, 1998, “Ho Batla Bophelo bo Sireletsehileng,” leqepheng la 4-6, le (ea Senyesemane) ea May 8, 1989, “Ke Lokela ho Khetha Mosebetsi Ofe?” leqepheng la 12-14 kapa u shebe sehlooho se tšoanang bukeng ea Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, leqepheng la 174-179.
Na U ka Hlalosa?
• Bakreste ba tšepa hore ke eng e tla ba tlisetsa bokamoso bo sireletsehileng?
• Batsoali ba Bakreste ba tobane le mathata afe mabapi le bokamoso ba bana ba bona?
• Motho o lokela ho nahana ka eng ha a bala litšenyehelo tsa ho hahamalla thuto e phahameng?
• Batsoali ba ka etsa’ng ho thusa bana ba bona hore ba hahamalle ho sebeletsa Jehova?
[Lebokose le leqepheng la 29]
Thuto e Phahameng e Bohlokoa Hakae?
Batho ba bangata ba eang univesithi ba tšepa hore ba tla fumana lengolo le tla ba bulela menyetla ea hore ba fumane mesebetsi e lefang hantle le e sireletsehileng. Empa litlaleho tsa ’muso li bontša hore ke kotara feela ea ba eang litsing tsa thuto e phahameng ba qetellang ba fumane degree ka mor’a lilemo tse tšeletseng—e leng palo e fokolang haholo ea ba atlehang. Empa na ho fumana degree ke tiiso ea hore motho o tla fumana mosebetsi o motle? Hlokomela se boleloang ke liphuputso le lipatlisiso tsa morao tjena.
“Ho ea [univesithing] ea Harvard kapa ea Duke ka bohona ho ke ke ha etsa hore ka mohlolo motho a fumane mosebetsi o motle le o lefang hantle. . . . Lik’hamphani ha li tsebe hakaalo ka batho ba bacha ba batlang mosebetsi. Ho ba le lengolo le ipiletsang (lengolo le bontšang hore motho o tsoa univesithing ea Ivy League) e ka ’na ea e-ba taba e khahlang. Empa seo mohiri a hlileng a amehileng ka sona ke seo batho ba khonang ho se etsa kapa seo ba sitoang ho se etsa.”—Newsweek, November 1, 1999.
“Le hoja mesebetsi e mengata kajeno e hloka hore batho ba be le tsebo e ngata ho feta nakong e fetileng . . . , tsebo e hlokahalang mesebetsing ena ke tsebo e ntle ea se rutoang likolong tse phahameng—e leng tsebo ea lipalo, ho bala le ho ngola, eo ngoana a bang le eona ha a le sehlopheng sa borobong . . . , eseng tsebo ea lithuto tsa k’holeje. . . . Ha ho hlokahale hore liithuti li be li ee k’holejeng e le hore li fumane mosebetsi o motle, empa ho hlokahala hore li be le tsebo e ntle ea se rutoang likolong tse phahameng.”—Makasine ea American Educator, Spring 2004.
“Lik’holeje tse ngata li saletse morao tabeng ea ho lokisetsa liithuti ho sebetsa ha li qeta k’holeje. Likolo tsa mesebetsi ea matsoho . . . li qala ho nkeloa hloohong. Lenane la ba ingolisang ho tsona le eketsehile ka 48% ho tloha ka 1996 ho fihlela ka 2000. . . . Ka nako e tšoanang, mangolo a hlokang chelete e ngata, a nkang nako e telele a fumanoang k’holejeng a ntse a felloa ke molemo le ho feta.”—Time, January 24, 2005.
“Lefapha la Tsa Khiro, United States, le senola boemo bo tšosang likhakanyong tsa lona tsa 2005 ha le bontša hore bonyane motho a le mong ho ba bararo ba nang le mangolo a bontšang hore ba qetile lilemo tse ’nè k’holejeng ha ba na ho fumana mosebetsi o tšoanelang mangolo a bona.”—The Futurist, July/August, 2000.
Ka lebaka la sena sohle, barupeli ba ntseng ba eketseha ba belaella molemo oa thuto e phahameng kajeno. Tlaleho ea Futurist e re: “Re ruta batho ka sepheo se fosahetseng.” Ka lehlakoreng le leng, hlokomela seo Bibele e se buang ka Molimo: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le nōka, ’me ho loka ha hao ho tšoane le maqhubu a leoatle.”—Esaia 48:17, 18.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ba ile ba tlohela lintho tseo ba neng ba ikemiselitse ho li etsa ’me ba latela Jesu
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Ka bohlale, batsoali ba Bakreste ba etsa hore bana ba bona ba be tikolohong e hahang ea moea ho tloha boseeng