Bacha Baa Botsa . . .
Ke’ng se Phoso ka ho Fumana Chelete?
“KA SEBELE chelete ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa lefatšeng.” Ke kamoo mongoli oa litšoantšiso oa Lebrithani George Bernard Shaw a boletseng kateng. Na u lumellana le eena? Mohlomong u batla u ikutloa ka tsela e tšoanang le ea Tanya ea lilemo li 17, ea reng: “Ha ke batle ho ba morui, ke ipatlela feela ho iketla le ho sireletseha.” Ka tsela e tšoanang Avian e mocha o nka chelete, e se ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa lefatšeng, empa e le ntho e ka sebelisoang bakeng sa ho finyella lipakane tse itseng. O re: “Ke hloka chelete bakeng sa litlhoko tsa ka, tse kang liaparo le lipalangoang.”
Na u ne u tseba hore Bibele e bua ka ntlha e tšoanang? Ho Moeklesia 7:12, e re “chelete [ke] tširelo.” Bofutsana bo ’nile ba hlalosoa e le “sera se seholo sa ho thaba ha batho.” ’Me ho ba le chelete e lekaneng ho ka u sireletsa mathateng ao hangata a bakoang ke bofutsana—bonyane ho isa bohōleng bo itseng. Chelete e ka boela ea u sireletsa likoluoeng tse sa lebelloang. Phyllis e mocha o re: “Bibele e re ‘nako le ketsahalo e sa lebelloang li re oela bohle.’ Ha re tsebe mohla mathata a ka ’nang a re oela holimo, kahoo re hloka ho boloka chelete.” (Moeklesia 9:11, NW) ’Me le hoja chelete e ka ’na ea bonahala e le ea bohlokoa ho uena hona joale, e ka boetse ea phetha karolo ea bohlokoa le ho feta bokamosong ba hao.
“Leqhubu la ho Rata Lintho Tse Bonahalang”
Empa le hoja ho ameha ho itseng ka ho ba le chelete e lekaneng e le ntho e tloaelehileng le e utloahalang, ho bacha ba bang chelete e fetohile pakane ea bona ea sehlooho. Ha bacha ba fetang 160 000 ba ne ba botsoa, “Ke’ng seo le se batlang ka ho fetisisa bophelong?,” karolo ea 22 lekholong ho bona e itse, “Ke ho rua.”
Ntle ho pelaelo takatso ena e matla ea ho ba le chelete e hlohlelletsoa ke seo makasine ea Newsweek e se bitsang “leqhubu la ho rata lintho tse bonahalang” le aparetseng lefatše. Martin ea lilemo li 18 o re: “Ke motho ea ratang lintho tse bonahalang haholo le ea hlokolosi haholo ka ho reka thepa ea mabitso. Ke lumela ka tieo hore u fumana seo u se lefellang. Kahoo, ke sebelisa chelete e ngata bakeng sa ho fumana lintho tseo ke li batlang.” Martin hase eena feela mocha ea ‘sebelisang chelete e ngata.’ U.S.News & World Report e tlaleha hore: “Selemong se fetileng, bacha ba lilemo li 12 ho isa ho tse 19 [United States] ba ile ba reka ka chelete e ngata ho feta leha e le neng pele, ba reka thepa e jang lidolara tse limilione tse likete tse 109 [liranta tse limilione tse likete tse 483], e leng keketseho ea karolo ea 38 lekholong ho feta ka 1990.”
Leha ho le joalo, bacha baa ba fumana chelete ea liaparo tsee tsohle tse ncha, li-compact disc le lisebelisoa tsa k’homputha hokae? Ho ea ka U.S.News & World Report: “Hoo e ka bang halofo ea bacha ba lilemo li 16 ho ea ho tse 19 kaofela ba etsa mesebetsi ea nakoana.” Ha o etsoa ka ho leka-lekana, mosebetsi oa ka mor’a sekolo o ka ba le melemo ea oona, joaloka ho ruta mocha ho ba le boikarabelo. Leha ho le joalo, ho hlakile hore bacha ba bang baa feteletsa tabeng ena. Makasine ea Newsweek e re: “Litsebi tsa kelello le matichere ba bona khatello e bang teng ho liithuti [tse sebetsang]. Li ba le nako e fokolang bakeng sa ho etsa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae, ’me matichere ao kamehla a bonang liithuti tse khathetseng li loantša ho thibasela ka masoabi hangata a arabela ka ho theola litekanyetso.”
Leha ho le joalo, ke bacha ba seng bakae ba sebetsang ba ikemiselitseng ho tlohela mehloli ea bona ea chelete. Vanessa e mocha o re: “Sekolo ke sa bohlokoa empa le eona chelete ke ea bohlokoa. Mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae ha o lefe.” Chelete ke ea bohlokoa hakae ho uena? Na ho fumana chelete e ngata ke eona pakane ea hao e khōlō bophelong?
‘Ho Ikemisetsa ho Rua’
Bibele e arabela tsona lipotso tsena. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong. Etsoe lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse kotsi, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba khelositsoe tumelong ’me ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.”—1 Timothea 6:9, 10.
Ka sebele Pauluse o ne a tseba seo a buang ka sona. Pele e e-ba Mokreste, e ne e bile e mong oa baeta-pele ba bolumeli ba tsejoang e le “Bafarisi,” bao Bibele e ba hlalosang e le “ba ratang chelete.” (Luka 16:14) Leha ho le joalo, moapostola eo ha aa ka a nyatsa ho ba le chelete ka bohona. Ho e-na le hoo, o ile a lemosa “ba ikemiselitseng ho rua” kapa batho ba “behileng lipelo tsa bona leruong,” joalokaha phetolelo e ’ngoe e e beha. (Phillips) Empa ke’ng e hlileng e leng phoso ka ho etsa seo?
Joalokaha Pauluse a hlalositse, batho ba joalo ba “oela melekong le lerabeng.” Liproverbia 28:20 e hlalosa ntlha e tšoanang ha e re: “Ea ratang ho rua kapele a ke ke a hloka molato.” Bacha ba bang ba ile ba retelehela ho utsoeng, hobane ba nahana hore ha ba na chelete e lekaneng.
Ke ’nete hore bacha ba bangata ba ke ke ba nahana ka ho utsoa. Empa ba bang ba ka ’na ba kopanela liketsong tse kotsi joaloka hona. Christianity Today ea tlaleha: “Litsebi tse ling li lumela hore bothata ba papali ea chelete bo fetohile temallo e hōlang ka potlako ka ho fetisisa bacheng.” Sebakeng se seng United States, “hoo e ka bang karolo ea 90 lekholong ea bacha e ne e rekile litekete tsa lothari kantle ho molao ha ba le selemong sa bona sa ho qetela sekolong se phahameng.” Bacha ba bang ba bile ba retelehela mekhoeng e kotsi le ho feta. Matthew ea lilemo li 16 o re: “Ho thata ho fumana mosebetsi o hlomphehang. Kahoo chelete ea ka boholo ke e fumana ka ho bapatsa le ho rekisa lintho. . . . Ka linako tse ling ke [ne ke ee ke] rekise [lithethefatsi].”
‘Ho Oela Tšenyehong’
Ke ’nete hore ho ba le chelete ho ka ’na ha fa motho boikutlo ba tokoloho. Empa joalokaha Pauluse a hlalosa, qetellong, ho lelekisa chelete ha e le hantle ho ka etsa motho lekhoba la ‘litakatso tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong.’ E, hang ha lerato la chelete le se le u busa, ho chachehela tsa ba bang, mōna o bolaeang le litakatso tse ling tse kotsi li ka hlahella ka matla. (Bapisa le Bakolose 3:5.) Sehlooho se seng sa makasine ea ’Teen se boletse hore bacha ba bang ba ee ba honohele likoloi le liaparo tsa bacha ba bang “hoo ba ka bang ba sithabela maikutlo.” Sehlooho seo se phaella ka hore ka linako tse ling mohono o joalo “e ba o tebileng hoo motho a itlhoeang, ’me mocha o sitoa ho nahana ka ntho leha e le efe haese eo a se nang eona.”
Empa, hlokomela hore hase hore feela takatso ea leruo e etsa hore motho a ‘oele melekong’ empa e ka boetse ea ‘lihela motho timetsong le tšenyehong.’ Mohlalosi e mong oa Bibele Albert Barnes o re: “Ho tšoana le boemong ba ho soahlamana ha sekepe, moo sekepe hammoho le tsohle tse ka ho sona, li tebang. Timetso ke e feletseng. Ho senya thabo, bokhabane, botumo bo botle le bophelo ka ho feletseng.”—Bapisa le 1 Timothea 1:19.
Ka ho loketseng, joale, Pauluse o bolela hore ‘lerato le joalo le feteletseng la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse kotsi.’ Ka lebaka la lona, ba bangata ba “khelositsoe tumelong ’me ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.” Nka ka mohlala, mocha eo re tla mo bitsa Rory. O ile a qala ho bapala papali ea chelete ha a le lilemo li 12. Oa hopola: “E ne e le tsela eo ke fumanang chelete ka eona ke ntse ke ituletse.” Ka mor’a nakoana, o ne a se a e-na le sekoloto sa liranta tse makholo-kholo ’me a hlokomolohile metsoalle, lelapa le mosebetsi oa hae oa sekolo. Oa lumela: “Ke ile ka leka ho e khaotsa,” empa o ile a hlōleha ka makhetlo a ’maloa. O ile a tsoela pele ho ‘itlhaba hohle ka bohloko bo boholo’ ho fihlela ha a batla thuso ha a le lilemo li 19. Kahoo mongoli Douglas Kennedy ha a feteletse boemo ha, bukeng ea hae e bitsoang Chasing Mammon, a bitsa ho lelekisa chelete “phihlelo e sithabetsang.”
Ho ba ea Leka-lekaneng
Kahoo keletso ea Solomone ke e loketseng hona joale joalokaha e ne e le e loketseng makholong a fetileng a lilemo: “U se ke ua ikhathatsa ho bokella leruo; tlohela khopolo ea teng. U le talimela’ng, ha e le moo le tla feta kapele? Le tla mela mapheo ruri, le rurele holimo joalo ka ntsu.” (Liproverbia 23:4, 5) Maruo a lintho tse bonahalang ke a nakoana, kahoo ke booatla ho etsa leruo pakane ea hao e ka sehloohong bophelong. Mocha e mong oa Mokreste ea bitsoang Maureen o re: “Ha ke batle ho tšoaseha ka ho feletseng lipakaneng tsa lintho tse bonahalang. Kea tseba hore ke tla lefa ka bomoea ba ka haeba ke nkeha ke ho batla chelete.”
Ke ’nete hore chelete ea hlokahala. ’Me ho ba le chelete e lekaneng ho tla u lumella ho hlokomela litlhoko tsa hao—esita le ho thusa ba bang ka lintho tse bonahalang nako le nako ha ho khoneha. (Baefese 4:28) Ithute ho sebetsa ka thata e le hore u tsebe ho fumana chelete ka botšepehi. Hape, ithute ho boloka chelete, ho rera seo u tla se etsa ka chelete ea hao le ho e sebelisa ka bohlale. Empa le ka mohla u se lumelle chelete ho ba ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hao. Leka ho ba le pono e leka-lekaneng joaloka ea mongoli oa Liproverbia 30:8, ea ileng a rapela: “U se ke ua mpha bofuma, leha e le maruo.” Ka ho beha lithahasello tsa moea pele, u tla khona ho fumana mofuta o molemo ka ho fetisisa oa maruo. Joalokaha Liproverbia 10:22 e bolela, “lehlohonolo la Jehova le entša motho, hase mokhathala oa hae o mo ekeletsang leruo.”
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Bacha ba bangata ba batla chelete e le hore ba ka ba boemong bo tšoanang le ba lithaka tsa bona