Khaolo 12
Mohloli o Phahameng oa Bohlale
“Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakakang! U e entse kaofela ka bohlale; lefatše le tletse matlotlo a hao.” (Pesaleme ea 104:24) E, ho tloha khanyeng e hlollang ea bokahohle bo boholo ho isa botleng bo bohehang ba palesa, pōpo e paka bohlale ba ’Mōpi oa eona boo ho seng bo ka lekanngoang le bona. Tšebeliso ea mahlale a lekholo lena la bo20 la lilemo e fetoha lefeela ha e bapisoa le mesebetsi ea Molimo. Haeba Bibele ke Lentsoe la Molimo, re ne re tla lebella hore le eona e pake hore e na le bohlale bo phahametseng seo motho a ka se etsang. Na e-ea ho etsa?
1. (Akarelletsa kenyelletso.) (a) Ke hokae moo re bonang bopaki ba bohlale ba Molimo boo ho seng bo ka lekanngoang le bona? (b) Bibele e fana ka keletso efe mabapi le bohlale?
BIBELE e hatisa bohlokoa ba bohlale. E re: “Sehloho sa ntho tsohle ke bohlale; rua bona, u bo reke ka tsohle tseo u nang le tsona.” (Liproverbia 4:7) Hape e lumela hore hangata rōna batho re haelloa ke bohlale, ’me e-ea re khothatsa: “Ha e mong ho lōna a hloka bohlale, a bo kōpe ho Molimo, o sitsang bohle ka phano e kholo.”—Jakobo 1:5.
2. Motho a ka eketsa bohlale ba hae joang?
2 Ke joang Molimo ‘o sitsang bohle ka bohlale ka phano e kholo’? Tsela e ’ngoe ke ka ho re khothalletsa ho bala Bibele le ho ithuta eona. Buka ea Bibele ea Liproverbia e-ea phehella: “Mora oa ka, etlere ha u amohela litaba tsa ka, ’me u ipolokela melao ea me ka ho uena, u e sekehela tsebe . . . u tla tseba ho tšaba Jehova, u fihlele tsebo ea Molimo; hobane Jehova ke eena ea fanang ka bohlale.” (Liproverbia 2:1, 2, 5, 6) Ha re sebelisa keletso e ka Bibeleng ’me re bona hore na ke e sebetsang hakae, re hlokomela hore ruri e emela bohlale bo tsoang ho Molimo.
Lipolelo Tse Bohlale
3, 4. (a) Bibele e re’ng mabapi le kamoo lerato la chelete e leng lefeela kateng? (b) Ke ho leka-lekana hofe ho hotle hoo Bibele e ho bontšang ha e re eletsa mabapi le bohlokoa ba chelete?
3 Hore re utloisise sena hamolemonyana, a re ke re hlahlobeng litemana tse seng kae tsa Bibele. Nahana ka polelo ena e bohlale: “Ba ratang ho rua, ba oela melekong, le lerabeng, le litakatsong tse ngata, tse sa utloahaleng . . . Hobane lerato la leruo ke motso oa libe tsohle.” (1 Timothea 6:9, 10) Bapisa sena le pono ea litaba e teng kajeno—bonyane lichabeng tsa Bophirimela—e khothalletsang batho ho lelekisa chelete e le eona pakane ea bona ea sehlooho. Ka masoabi, ba bangata ba fumana leruo leo ba le batlang empa ba ntse ba e-na le boikutlo ba ho hloka thabo le ho se khotsofale. Setsebi sa kelello tleleniking e ’ngoe se boletse: “Ho ba oa pele le ho rua ha ho etse hore u ikutloe hore u anetse, u khotsofetse, le hore kannete ua hlonephuoa kapa ua ratoa.”1
4 Hase hore motho ea talimang litaba ka tsela ea sebele a ka furalla chelete ka ho felletseng. Bibele e bontša bohlale bo leka-lekaneng hantle ha e re: “Hobane bohlale ke tširelo, joale ka ha le eona chelete e le tširelo; empa moo tsebo e fetisang ka molemo, ke hobane bohlale bo phelisa ba bo ruileng.” (Moeklesia 7:12) Kahoo, Bibele e re thusa ho bona hore chelete, le hoja e le ea bohlokoa, hase ea bohlokoa ho feta tsohle. Ke mokhoa feela oa ho finyella sepheo se itseng, ’me e na le bohlokoa bo fokolang haeba re se na bohlale ba ho e sebelisa ka nepo.
5, 6. (a) Ke hobane’ng ha keletso ea Bibele ea ho qoba litloaelano tse mpe e le bohlale? (b) Re rua molemo joang ka ho ‘tsamaea le ba bohlale’?
5 Polelo ena ea Bibele le eona ke ’nete: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa, empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” (Liproverbia 13:20) Na u kile ua hlokomela hore na batho bao re tloaelaneng le bona ba na le tšusumetso e matla hakae ho rōna? Khatello ea lithaka e ’nile ea susumelletsa bacha ho kena botahoeng, tšebelisong e mpe ea lithethefatsi, le boitšoarong bo bobe. Haeba re ikopanya le batho ba sebelisang puo e litšila, qetellong re iphumana re sebelisa puo e litšila. Ho etsa setsoalle le batho ba sa tšepahaleng ho na le tšekamelo ea ho re etsa ba sa tšepahaleng. Ka sebele, joalokaha Bibele le eona e bolela, “Litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.”—1 Ba-Korinthe 15:33.
6 Ka lehlakoreng le leng, ho tloaelana le batho ba molemo ho ka re ntlafatsa. Ka ‘ho tsamaea le ba bohlale,’ rōna ka borōna re tla hlalefa. Mekhoa e metle e-ea tšoaetsanoa, feela joalokaha e mebe e tšoaetsanoa. Hape, Bibele e bontša bohlale bo boholo ha e re khothalletsa ho khetha batho bao re tloaelanang le bona ka hloko.
7. Ke eng e etsang hore Bibele e be mohloli o ikhethang oa keletso?
7 Bibele e na le melao-motheo e mengata e joalo e re thusang ho tataisa bophelo ba rōna. Joaloka mohloli oa keletso, e-ea ikhetha. Ka mehla keletso ea eona e molemo. Le ka mohla hase e ka rutoang feela empa e sa sebetse, ’me ha ho mohla e re ntšang kotsi. Ha ho letho le lekanang le ho pharalla ho hoholo ha keletso ea Bibele. Ba e sebelisang bophelong ba bona, ’me ba bona kamoo ka mehla e ba tlisetsang molemo, ba ananela Bibele e le mohloli o ikhethang oa bohlale.
Melao-motheo e Bohlale
8. Bibele e ka re thusa joang esita le ha re thulana le boemo boo ho sa buuoeng ka bona ka ho toba ka har’a eona?
8 Empa, ho thoe’ng haeba re thulana le boemo boo ho sa buuoeng ka bona ka ho toba ka Bibeleng? Hangata, re fumana melao-motheo e pharalletseng e ka re tataisang. Ka mohlala, ba bangata ka nako e ’ngoe bophelong ba bona ba thulana le qeto e mabapi le mokhoa oa ho tsuba koae. Kaha koae e ne e sa tsejoe Bochabela bo Hare mehleng ea Jesu, Bibele ha e bue ka eona. Leha ho le joalo, ho na le melao-motheo ea Bibele e loketseng e ka re thusang ho etsa qeto e bohlale tabeng ena.
9-11. Melao-motheo ea Bibele e re thusa ka tsela efe hore re fihle qetong e bohlale tabeng ea ho sebelisa koae, ’me re rua molemo joang ka ho latela melao-motheo ee?
9 Ho tsuba koae, le hoja ho tlalehoa hore ho monate, ha e le hantle ho akarelletsa ho hula metsoako e silafatsang ho e kenya matšoafong. Motho ea tsubang o silafatsa ’mele oa hae, hammoho le liphahlo tsa hae le moea o mo potolohileng. Ho phaella moo, ho tsuba ke temalo. Hangata batho ba batlang ho khaotsa ba ho fumana ho le thata haholo. Re hopotse sena, re ka talima Bibeleng bakeng sa thuso ea ho fihlela qeto e bohlale mabapi le ho tsuba koae.
10 Pele, nahana ka bothata ba ho lemalla ntho e itseng. Ha a bua ka lijo, Pauluse o itse: “Nke ke ka lumela ho busoa ke letho.” (1 Ba-Korinthe 6:12, NW) Pauluse o ne a lokolohile ho ja sejo sa mofuta ofe kapa ofe, empa o ne a tseba hore batho ba bang morao koo ba ne ba e-na le matsoalo a fokolang. Kahoo o ile a bolela hore o ne a sa “lemalla” lijo tse itseng hoo a neng a ka sitoa ho li tlohela haeba a ne a lokela ho etsa joalo hore a se khopise ba bang. Haeba motho a sitoa ho khaotsa ho tsuba—kapa ho hlafuna—koae, joang kapa joang ‘o busoa’ ke eona. Kahoo polelo ea Pauluse tabeng ea lijo ke tataiso e ntle tšebelisong ea koae. Ha rea lokela ho itumella hore re fetohe makhoba a temalo e itseng.
11 Ntlha ea bobeli, nahana ka taba ea tšilafatso. Bibele e re: “A re ke re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea.” (2 Ba-Korinthe 7:1) Ntle le pelaelo ho tsuba ke litšila, kapa tšilafatso, ea nama. Botebo ba tšilafatso ena bo bonoa ’neteng ea hore, ho latela Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle, ho etsa hore batho ba fetang millione ba shoe pele ho nako selemo se seng le se seng. Haeba re latela molao-motheo oa Bibele o mabapi le ho lula re hloekile litšileng tsa nama, re tla be re sireletsehile likotsing tsa bophelo tse tebileng tsa ho tsuba, hammoho le lithethefatsi le litšila tse ling.
Mantsoe a Molemo
12. Ke hobane’ng ha ka mehla keletso ea Bibele e tlamahane le boiketlo ba rōna ’meleng le maikutlong?
12 Ha rea lokela ho makatsoa ke hore ho latela keletso ea Bibele ho re tsoela molemo bophelong ba nama. Keletso ea Bibele e tsoa ho Molimo. Joaloka ’Mōpi oa rōna, o na le tsebo e hlakileng ea hore na re entsoe joang le hore na re hloka eng. (Pesaleme ea 139:14-16) Ka mehla keletso ea hae e tlamahane le boiketlo ba rōna ’meleng le maikutlong.
13, 14. Ke hobane’ng ha ho latela keletso ea Bibele ea ho se bolele mashano e le tsela e bohlale?
13 Sena se bonahala keletsong ea ho se bue mashano. Mashano a thathamisoa har’a lintho tse supileng tseo Jehova a li hloileng, ’me buka ea Tšenolo e thathamisa batho ba leshano har’a ba ke keng ba e-ba le kabelo lefatšeng le lecha la Molimo. (Liproverbia 6:19; Tšenolo 21:8, NW) Ho sa tsotellehe sena, ho bua leshano ho atile haholo. Makasine e ’ngoe ea khoebo e re: “U.S. e hlaseloa ke keketseho e khōlō ka ho fetisisa ea bolotsana, thetso, le limpe tse ling tse amanang le tseo historing ea eona.”2
14 Empa, le hoja ho tloaelehile, ho bua leshano ho hobe bakeng sa sechaba le bakeng sa motho ka mong. Mohlophisi oa koranta Clifford Longley ka nepo o re: “Mashano a ntša motho ea buang leshano kotsi hammoho le motho ea bolelloang leshano, boemong bo tebileng ka ho fetisisa ba botho ba bona, ka ho senya kopano eo ea bohlokoahali ea kelello le boemo ba sebele ba litaba.”3 The American Journal of Psychiatry e re: “Tšusumetso likelellong tsa batho ba bolelloang mashano e ka ba e senyang haholo. Liqeto tse khōlō bophelong li ka ’na tsa theoa boitsebisong ba bohata boo ho lumeloang hore bo nepahetse. Hape mashano a ka ’na a ba le liphello tse kotsi ho batho ba buang mashano ka bobona.”4 Ho molemo hakaakang ho bolela ’nete, joalokaha ka bohlale Bibele e eletsa!
15, 16. Ke ka litsela life ho latela keletso ea Bibele ea ho bontša lerato ho ba bang ho leng molemong oa rōna?
15 Ka mokhoa o molemonyana, Bibele e re bolella hore re lokela ho ameha ka ba bang, re bontše lerato ho bona, ’me re ba thuse. Mantsoe a Jesu aa tsebahala: “’Me joale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.”—Mattheu 7:12.
16 Lefatše le ne le tla ba boemong bo molemo hakaakang haeba motho e mong le e mong a ne a latela molao oo! Ho feta moo, ho latela phuputso ea litsebi tsa kelello e entsoeng United States, batho ka bomong ba ne ba tla ikutloa hamolemonyana. Batho ba 1 700 bao ho ileng ha etsoa phuputso ho bona ba tlalehile hore ho thusa ba bang ho ile ha ba fa boikutlo ba khutso le ho lopoloha likhathatsong tse amanang le khatello ea maikutlo tse kang ho tšoaroa ke hlooho le ho cha lentsoe. Tlaleho e qetella ka hore: “Joale, ho bonahala hore ho ameha ka ba bang ke karolo ea sebopeho sa botho ho tšoana le kamoo re amehileng kateng ka borōna.”5 Sena se re hopotsa taelo ea Bibele: “Rata oa heno joale ka ha u ithata.” (Mattheu 22:39; bapisa le Johanne 13:34, 35.) Ke ha tlhaho hore re ithate. Empa hore re phele hantle maikutlong, Bibele e re re lokela ho leka-lekanya lerato leo re ithatang ka lona le lerato ho ba bang.
Lenyalo le Boitšoaro
17. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling keletso ea Bibele e bonahala eka e siiloe ke nako?
17 Le hoja keletso ea Bibele e paka hore e na le bohlale bo tebileng, hase ka mehla e buang lintho tseo batho ba batlang ho li utloa. Hangata, e qosoa ka hore e siiloe ke nako. Ke hobane’ng ha e qosoa tjee? Hobane le hoja keletso ea Bibele e etselitsoe molemo oa rōna oa nako e telele, hangata ho e sebelisa ho hloka khalemelo le hore motho a itime ho itseng; ’me litšobotsi tsena hase lintho tse ratoang kajeno.
18, 19. Litekanyetso tsa Bibele bakeng sa lenyalo le boitšoaro ke life?
18 Nahana ka taba ea lenyalo le boitšoaro. Mona litekanyetso tsa Bibele ke tse tiileng haholo. E qolla ho nyala motho a le mong, monna a le mong bakeng sa mosali a le mong. ’Me le hoja e bua ka maemo a fetelletseng ao ho ’ona tlhalo kapa karohano li ka ’nang tsa lumelloa, ka kakaretso e bolela hore tlamo ea lenyalo ke ea bophelo bohle. “Na ha lea ka la bala hobane ea ba entseng tšimolohong, o ba entse e le e motona le e motšehali, a re: Ka baka leo, monna o tla tlohela ntat’ae le ’m’ae, a khomarele mosali oa hae, ’me ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe feela? Ha ho le joalo, ha ba sa hlola ba e-ba babeli, empa e le nama e le ’ngoe feela. Ke moo ke reng: Seo Molimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa aroloa ke motho.”—Mattheu 19:4-6; 1 Ba-Korinthe 7:12-15.
19 Ho feta moo, Bibele e bolela hore sebaka feela sa kamano e haufi ea botona le botšehali ke tlamo ea lenyalo. E thibela kamano eohle e joalo ka ntle ho lenyalo. Rea bala: “Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le babōki le bafebi, leha e le basodoma . . . ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.”—1 Ba-Korinthe 6:9, 10.
20. Ke ka litsela life litekanyetso tsa Bibele tsa boitšoaro li hlokomolohuoang ka mokhoa o pharalletseng kajeno?
20 Kajeno, litekanyetso tsena li hlokomolohuoa ka mokhoa o pharalletseng. Moprofesa oa tulisano David Mace o re: “Lekholong lena la lilemo bophelo ba rōna re le sechaba bo fetohile ka mokhoa o pharalletseng, ’me meetlo le mekhoa e mengata ea boholo-holo e ’nile ea sisinngoa ho isa metheong ea eona. Lenyalo ha e-ea ba mokhelo.”6 Mekhoa ea boitšoaro bo hlephileng e tloaelehile. Likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa bacha ba tlaase lilemong ba laetsanang hangata li talingoa e le tsa tlhaho. Ho lula hammoho pele ho lenyalo—‘hore feela motho a kholisehe’—ho atile. ’Me hang ha batho ba babeli ba nyalana, ho tloaelehile hore ho etsoe likamano tsa botona le botšehali ka ntle ho lenyalo.
21. Phello ea ho hlokomolohuoa ho atileng ha litekanyetso tsa Bibele tsa lenyalo le boitšoaro e bile efe?
21 Na moea ona oa boitšoaro bo hlephileng o tlisitse thabo? Che, ha oa tlisa letho haese pherekano—le hona e le pherekano e boima—e fellang ka masoabi le malapa a qhalanang. Hape ho na le seoa sa mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali ao ka ho toba a bakoang ke boitšoaro bo hlephileng. Ho hasana ha qhoshola, mokaola le chlamydia, har’a a mang, ho tsoile taolong. Lilemong tsa morao tjena, botekatse le mekhoa ea bosodoma li butsoetse ho hasana ha AIDS. Ho na le seoa sa bananyana ba sa nyaloang ba bang le bana ha bona ka bobona ba ntse ba e-s’o tsoe bongoaneng. Ladies’ Home Journal e boletse: “Khatiso e behoang holim’a botona le botšehali e ileng ea khetholla lilemo tsa bo-1960 le bo-1970 ha e-ea tlisa thabo ea batho e ke keng ea lekanngoa empa e tlisitse mesarelo ea batho e tebileng.”7
22. Tabeng ea boitšoaro, ke eng e tlisang thabo e khōlō ka ho fetisisa?
22 Kahoo, hona joale re utloa lipolelo tse kang e latelang e builoeng ke moprofesa oa tulisano Carlfred B. Broderick: “Mohlomong re hōlile ka ho lekaneng ho hlahloba hore na ho ne ho ke ke ha re tsoela molemo kaofela ho khothalletsa bohloeki pele ho lenyalo e le leano le arabelang ka ho fetisisa litlhoko tsa baahi ba rōna le tokelo ea bona ea tokoloho: tokoloho mafung, tokoloho kemarong e sa batloeng.”8 Ka sebele, tekanyetso ea Bibele ea boitšoaro e ipakile e tlisa thabo e khōlō ka ho fetisisa.
Melao-motheo e Hlileng e Sebetsang
23. (a) Haeba lenyalo le sa thaba, na tlhalo ke eona feela tharollo e ka fumanehang? (b) Linotlolo tse peli tse isang lenyalong le thabileng, le tsitsitseng ke life?
23 Kaha lenyalo le reretsoe ho tšoarella bophelo bohle, ho hlokahala hore re tsebe kamoo re ka le atlehisang kateng. Ba bang ba ’nile ba pheha khang ea hore ho molemo ho tsoa lenyalong le se nang thabo ho feta ho lula ho lona u saretsoe. Empa ho na le se seng seo u ka se etsang: ho sebeletsa ho rarolla mathata a tlisang masoabi. Ena ke karolo e ’ngoe eo Bibele e thusang ho eona. Re se re bone kamoo e re eletsang hore re tšepahale ho balekane ba rōna ba lenyalo, ’me sena ke senotlolo se seng se isang lenyalong le thabileng, le tsitsitseng. Se seng ke ho hlokomela hore ho ka ba le hlooho e le ’ngoe feela lenyalong, ’me Bibele e re e tlameha ho ba monna. Mosali o eletsoa hore a tšehetse monna oa hae ’me a se ke a ba khahlanong le boemo ba hae. Ka lehlakoreng le leng, monna o bolelloa hore a sebelise boemo ba hae molemong oa mosali oa hae ’me e se ke ea e-ba moithati.—1 Ba-Korinthe 11:3; 1 Timothea 2:11-14.
24, 25. Ke joang Bibele e khothalletsang banna le basali ho phethahatsa likarolo tsa bona tse loketseng lenyalong?
24 Ho monna, Bibele e re: “Banna ba [tšoanetse] ho rata basali ba bona joale ka ’mele oa bona. Ea ratang mosali oa hae, eba oa ithata. Hobane ha ho e-so ho be motho ea kileng a hloea nama ea hae le ka mohla o le mong.” (Ba-Efese 5:28, 29) Monna ea lerato o sebelisa matla a hae ka tsela e nahanelang. O hopola hore le hoja e le hlooho, o lokela ho nahanela mosali oa hae le ho buisana le eena. Lenyalo ke selekane sa batho ba babeli, eseng bompoli.
25 Keletso ea Bibele ho basali e akarelletsa mantsoe ana: “Mosali o lokela ho ba le hlompho e tebileng bakeng sa monna oa hae.” (Ba-Efese 5:33, NW) O hlonepha monna oa hae ka baka la boemo ba hae, ’me hlompho ea hae e tla pakoa ke tšehetso eo a mo fang eona, feela joalokaha lerato la monna oa hae le tla pakoa ke kameho ea hae ka mosali oa hae. Ho batho ba bangata ba nang le mohopolo oa kajeno, keletso e kang ena ha e amohelehe. Empa lilekane tsa batho ba babeli tse theileng likamano tsa tsona leratong le hlomphong—joalokaha Bibele e eletsa—ka mehla ke tse thabileng.
26. Na litekanyetso tsa Mangolo bakeng sa lenyalo li hlile lia sebetsa? Bontša.
26 ’Nete ea hore keletso ea Bibele karolong ena e hlile e-ea sebetsa e bonoa phihlelong e tsoang South Seas. Ka mor’a ho lula hammoho ka lilemo tse leshome, banyalani ba bang moo ba ne ba kholisehile hore lenyalo la bona le hlōlehile. Kahoo ba ile ba qala ho rera ho arohana. Eaba mosali o buisana le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ka bobeli, eena le Paki eo ba ile ba ithuta keletso ea Bibele bakeng sa banyalani. Monna oa tlaleha: “Ha mosali oa ka a ntse a ithuta melao-motheo ea Bibele, o ile a etsa boiteko ba ho e sebelisa bophelong ba hae. Ka mor’a libeke tse seng kae, ke ile ka qala ho hlokomela liphetoho tse ling.” A hloletsoe, o ile a lumela ho kopanela thutong ea mosali oa hae ea Bibele ’me a ithuta keletso ea Bibele bakeng sa banna ba nyetseng. Phello? O re: “Joale re na le motheo oa bophelo ba lelapa bo thabileng kannete.”
27. Ke ho sebelisa melao-motheo efe ea Bibele ho ka thusang Bakreste ba leng mathateng a bofuma?
27 Karolo e ’ngoe eo ho eona keletso ea Bibele e ipakileng e thusa ke ho sebetsana le bofuma. Ka mohlala, ho tsuba le botahoa, e leng lintho tse khahlanong le melao-motheo ea Bibele, li senya chelete e fokolang eo motho a phelang ka eona. (Liproverbia 23:19-21) Ho feta moo, Bibele e khothalletsa ho ba mahlaha-hlaha, kaha hangata motho ea sebetsang ka thata a ka fumana tsela ea ho fepa lelapa la hae ho feta kamoo ho ka etsang motho ea botsoa kapa ea inehelang ho felloeng ke tšepo. (Liproverbia 6:6-11; 10:26) Ho feta moo, ho ela hloko keletso e khahlanong le ho “honohela ba etsang ho hobe” ho thibela motho ho retelehela linthong tse kang tlōlo ea molao kapa papali ea chelete e le litsela tsa ho loantša bofuma. (Pesaleme ea 37:1) Mekhoa e joalo e ka ’na ea bonahala eka e tlisa tharollo e potlakileng mathateng a chelete, empa ka mor’a nako e telele litholoana tsa eona ke tse babang haholo.
28-30. (a) Ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho ile ha thusa mosali e mong oa Mokreste ho sebetsana le bofuma joang? (b) Liphihlelo tsa Bakreste ba likete-kete ba leng maemong a ho futsaneha moruong li tiisa eng?
28 Na keletso ee e hlile e thusa ba hlokang haholo, kapa ke thuto feela e ke keng ea sebetsa ka mokhoa oa sebele? Karabelo ke hore, Keletso eo e-ea sebetsa, joalokaha liphihlelo tse ngata lefatšeng ka bophara li bontša. Ha re etsa mohlala o le mong feela, mosali e mong oa Mokreste Asia o ile a iphumana e le mohlolohali, a se na chelete, ’me a e-na le mora e monyenyane eo a lokelang ho mo hlokomela. Bibele e ile ea mo thusa joang hammoho le mora oa hae?
29 O ne a le mahlaha-hlaha, joalokaha Bibele e eletsa, ’me o ile a qala ho rōka liphahlo le ho li rekisa. Kaha o ne a tšepahala ’me e le motho ea ka tšeptjoang, joalokaha Bibele le eona e eletsa, ka potlako o ne a e-na le batho ba rekang ka mehla. (Ba-Kolosse 3:23) Joale o ile a fetola kamore e nyenyane ka tlung ea hae sebaka seo ho jelloang ho sona ’me o ne a tsoha hoo e ka bang ka hora ea bone hoseng ho hong le ho hong ho lokisa lijo tseo a tlil’o li rekisa, ’me sena se ile sa eketsa chelete eo a e fumanang. O re: “Esita le ha ke ntse ke etsa joalo, re ntse re lokela ho phela ka mokhoa o tlaase.” Empa o hopola keletso ea Bibele: “Ha re e-na le lijo le liaparo, a re kholoeng ke tsona.”—1 Timothea 6:8.
30 Oa phaella: “Le hoja ke phela moeling oa bofuma, ha kea hlonama kapa hona ho sareloa. ’Nete ea Bibele e ntlatsitse pono ea litaba e nepahetseng.” Ho feta moo, o fumane hore tšepiso ea bohlokoa eo Jesu a faneng ka eona e hlile e sebelitse boemong ba hae. O itse: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle [litlhokahalo tsa lintho tse bonahalang] le tla li ekeletsoa.” (Mattheu 6:33) Phihlelo ea hae e bile hore ka ho etelletsa tšebeletso ea hae ho Molimo pele bophelong ba hae, ka mehla o amohela litlhokahalo tsa lintho tse bonahalang ka litsela tse fapa-fapaneng. Liphihlelo tsa ’mè enoa oa Mokreste, ha li kopanngoa le tsa Bakreste ba bang ba bangata-ngata ba futsanehileng moruong, li ekelletsa bopaking ba hore keletso ea Bibele e hlile e-ea sebetsa.
31. Ho etsahala joang ha re latela keletso ea Bibele, ’me ’nete ee e paka eng?
31 Khaolong ena, re amme feela letlotlo le leholo la keletso leo Bibele e nang le lona, ’me re bone maemo a seng makae feela ao keletso ena e sebelitseng ho ’ona. Liphihlelo tse boletsoeng li ka atisoa hasekete. Nako le nako, ha batho ba latela Bibele, ba rua molemo. Ha ba e hlokomoloha, ba kena mathateng. Ha ho mohloli leha e le ofe o mong oa keletso, oa boholo-holo kapa oa kajeno, oo ka mehla o leng molemo joalo e bile e le o sebetsang ho batho ba merabe eohle. Keletso e bohlale joaloka ena e ke ke ea e-ba bohlale ba batho feela. ’Nete ea hore Bibele ke mohloli o enneng oa bohlale bo joalo ke bopaki bo matla ba hore ke Lentsoe la Molimo.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 168]
Boikutlo ba ho thusa bo tsoela e mong le e mong molemo
[Setšoantšo se leqepheng la 163]
Ho tsamaea le batho ba bohlale hoa re hlalefisa, empa ho tloaelana le maoatla ho tla re ama hampe
[Setšoantšo se leqepheng la 165]
Ho tsuba koae ho lokela ho qojoa hobane ho khahlanong le melao-motheo ea Bibele
[Setšoantšo se leqepheng la 117]
Ba latelang keletso ea Bibele lenyalong ba na le motheo o tiileng bakeng sa thabo
[Setšoantšo se leqepheng la 173]
Ho sebelisa keletso ea Bibele ho thusa batho ho sebetsana le mathata a boima a bofuma