U Hopole ’Mōpi oa Hao e Moholo!
“U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo hona joale . . . pele matsatsi a tlokotsi a tla.”—MOEKLESIA 12:1 NW.
1. Bacha ba inehetseng ho Molimo ba lokela ho batla ho sebelisa bocha ba bona le matla joang?
JEHOVA o fa bahlanka ba hae matla a hore ba etse thato ea hae. (Esaia 40:28-31) Sena o se etsa a sa natse hore na ba lilemo li kae. Empa bacha ba inehetseng ho Molimo ke bona bao ka ho khetheha ba lokelang ho batla ho sebelisa bocha ba bona le matla ka bohlale. Kahoo, ba nka ka botebo keletso ea “’mokelli,” Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo. O ile a khothatsa: “U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo hona joale matsatsing a bohlankana ba hao, pele matsatsi a tlokotsi a tla, kapa lilemo li fihla ha u tla re: ‘Ha ke li thabele.’”—Moeklesia 1:1; 12:1, NW.
2. Bana ba Bakreste ba inehetseng ba lokela ho etsa’ng?
2 Khothatso ea Solomone ea hore ho hopoloe ’Mōpi e Moholo nakong ea bocha, qalong e ne e lebisitsoe ho bahlankana le baroetsana ba Iseraele. Ba ne ba tsoaletsoe sechabeng se inehetseng ho Jehova. Ho thoe’ng ka bana ba Bakreste ba inehetseng kajeno? Ha ho pelaelo hore ba lokela ho hopola ’Mōpi oa bona e Moholo. Ha ba etsa joalo, ba tla mo hlompha ’me ba tla itsoela molemo.—Esaia 48:17, 18.
Mehlala e Metle ea Nakong e Fetileng
3. Josefa, Samuele le Davida ba behile mehlala efe?
3 Bacha ba bangata bao Bibele e buang ka bona ba ile ba beha mohlala o motle oa ba ileng ba hopola ’Mōpi oa bona e Moholo. Mora oa Jakobo, Josefa, o ile a hopola ’Mōpi oa hae ho tloha bonyenyaneng. Ha mosali oa Potifaro a ne a leka Josefa ka hore a kopanele le eena boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali, Josefa o ile a hana ka tieo ’me a re: “Nka etsa joang bobe bo boholo hakalo, ka siteloa Molimo na?” (Genese 39:9) Molevi ea bitsoang Samuele o ile a hopola ’Mōpi oa hae bophelong bohle ba hae, eseng bonyenyaneng feela. (1 Samuele 1:22-28; 2:18; 3:1-5) Ha ho pelaelo hore Davida e monyenyane oa Bethlehema o ile a hopola ’Mōpi oa hae. Hore o tšepile Molimo ho ile ha totobala ha a ne a tjamelane le senatla sa Mofilista se bitsoang Goliathe ’me a re: “U tlile ho ’na ka sabole le ka lerumo le ka tsenene; ’na, ke tla ho uena ka lebitso la Jehova oa makhotla, Molimo oa makhotla a Iseraele, eo u mo nyelisitseng. Kajeno, Jehova o tla u neela matsohong a ka; ke tla u bolaea, ke u pome hlooho, . . . ’me lefatše lohle le tla tseba hobane Molimo o teng Iseraeleng. Le bongata bona bohle bo tla tseba hobane Jehova ha a namolele ka sabole leha e le ka lerumo, hobane hlōlo ke ea Jehova, ’me o tla le neela matsohong a rōna.” Kapele feela, Goliathe e ne e le mofu, ’me Bafilista ba ile ba baleha.—1 Samuele 17:45-51.
4. (a) Ke eng e bontšang hore ngoanana oa Moiseraele ea neng a le kholehong Syria le Morena Josiase e monyenyane ba ile ba hopola ’Mōpi oa rōna e Moholo? (b) Jesu ea lilemo li 12 o ile a bontša joang hore o hopola ’Mōpi oa hae?
4 Mocha e mong ea ileng a hopola ’Mōpi e Moholo ke ngoanana oa Moiseraele ea neng a le kholehong. O ile a fana ka bopaki bo botle ho mosali oa molaoli oa lebotho la ntoa la Syria Naamane hoo monna eo a ileng a ea ho moprofeta oa Molimo, a phekoloa lepera eaba o fetoha morapeli oa Jehova. (2 Marena 5:1-19) Morena Josiase e monyenyane ka sebete o ile a ntšetsa pele borapeli bo hloekileng ba Jehova. (2 Marena 22:1–23:25) Empa mohlala o motle ka ho fetisisa oa ea ileng a hopola ’Mōpi oa hae e Moholo bonyenyaneng ke Jesu oa Nazaretha. Hlokomela se ileng sa etsahala ha a le lilemo li 12. Batsoali ba hae ba ile ba ea le eena Pasekeng Jerusalema. Leetong la ho khutlela hae, ba ile ba hlokomela hore Jesu ha a eo; kahoo, ba ile ba khutlela morao ho ea mo batla. Ka letsatsi la boraro, ba ile ba mo fumana a buisana le mesuoe ka litaba tsa Mangolo tempeleng. Ha Jesu a arabela potso eo ’m’ae a neng a e botsa ka lebaka la ho tšoenyeha, oa botsa: “Ke hobane’ng ha le ne le lokela ho tsamaea le mpatla? Na le ne le sa tsebe hore ke lokela ho ba ka tlung ea Ntate?” (Luka 2:49) Ho ne ho le molemo hore Jesu a fumane boitsebiso ba bohlokoa moeeng tempeleng, ‘ntlong ea Ntate oa hae.’ Kajeno, Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova ke sebaka se molemo haholo sa ho fumana tsebo e nepahetseng ka ’Mōpi oa rōna e Moholo.
Hopola Jehova Hona Joale!
5. U ka hlalosa joang ka mantsoe a hao seo ’mokelli a ileng a se bua se tlalehiloeng ho Moeklesia 12:1?
5 Morapeli ea ikemiselitseng ka hohle oa Jehova o lakatsa ho qalisa tšebeletso ea Hae kapele kamoo ho khonehang le ho sebeletsa Molimo bophelong bohle ba hae. Leha ho le joalo, motho ea qetang bocha ba hae ka lefeela hobane a sa hopole ’Mōpi oa hae o na le tšepo efe? A susumetsoa ke Molimo, ’mokelli o re: “U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo hona joale, matsatsing a bohlankana ba hao, pele matsatsi a tlokotsi a tla, kapa lilemo li fihla ha u tla re: ‘Ha ke li thabele.’”—Moeklesia 12:1, NW.
6. Ho na le bopaki bofe ba hore Simeone le Anna ba tsofetseng ba ne ba hopola ’Mōpi oa bona e Moholo?
6 Ha ho motho ea thabelang “matsatsi a tlokotsi” a botsofali. Empa ho thaba batho ba hōlileng ba hopolang Molimo. Ka mohlala, Simeone ea hōlileng o ile a nka Jesu oa lesea ka matsoho tempeleng, ’me ka thabo a re: “Joale, Morena ea Matla a Phahameng ka ho Fetisisa, u tlohela lekhoba la hao hore le tsamaee le lokolohile ka khotso ho ea ka polelo ea hao; hobane mahlo a ka a bone mokhoa oa hao oa ho pholosa oo u o lokisitseng mahlong a lihlopha tsohle tsa batho, leseli bakeng sa ho tlosa lesira ho lichaba le khanya ea batho ba hao Iseraele.” (Luka 2:25-32) Anna ea lilemo li 84 le eena o ile a hopola ’Mōpi oa hae. O ne a e-ba tempeleng kamehla ’me o ne a le teng ha lesea Jesu le ne le isitsoe teng. “Ka eona hora eo a atamela ’me a qala ho khutlisetsa liteboho ho Molimo le ho bua ka ngoana eo ho bohle ba letetseng topollo ea Jerusalema.”—Luka 2:36-38.
7. Boemo ba ba tsofaletseng tšebeletsong ea Molimo ke bofe?
7 Lipaki tsa Jehova tsa kajeno tse tsofaletseng tšebeletsong ea Molimo li ka ’na tsa utloa mahlaba a botsofali le mefokolo. Leha ho le joalo, li thabile hakaakang, ’me re ananela hakaakang tšebeletso ea tsona e etsoang ka botšepehi! Li na le “thabo ea Jehova,” hobane lia tseba hore o qalile ho sebelisa matla a hae a sa hlōloeng ke letho lefatšeng lena ’me o behile Jesu Kreste setulong sa borena e le Morena ea matla oa leholimo. (Nehemia 8:10) Hona joale ke nako ea hore ba banyenyane le ba baholo ba mamele khothatso ena: “Bahlankana le baroetsana, maqheku hammoho le bana! A ba ke ba rorise lebitso la Jehova, hobane lebitso la hae ke lona le inotši le phahamileng, bokhabane ba hae bo phahamile ho fetisa lefatše le maholimo.”—Pesaleme ea 148:12, 13.
8, 9. (a) “Matsatsi a tlokotsi” ha a na moputso ho bo-mang, ’me ke hobane’ng ha ho le joalo? (b) U ne u ka hlalosa Moeklesia 12:2 joang?
8 “Matsatsi a tlokotsi” a botsofali ha a na moputso—mohlomong a nyahamisa ka ho fetisisa—ho ba sa nahaneng ka ’Mōpi oa bona e Moholo le ba sa utloisiseng merero ea hae e babatsehang. Ha ba na kutloisiso ea moea eo ba ka loantšang ka eona liteko tsa botsofali le malimabe a hlasetseng moloko oa batho ho tloha ha Satane a ntšoa leholimong. (Tšenolo 12:7-12) Kahoo, ’mokelli o re phehella hore re hopole ’Mōpi oa rōna “pele letsatsi le leseli le khoeli le linaleli li fifala, le maru a khutla, ka mor’a moo ho e-ba le pula ea litloebelele.” (Moeklesia 12:2, NW) Mantsoe aa a bolela’ng?
9 Solomone o tšoantša nako ea bocha le lehlabula la Palestina leo nakong ea lona letsatsi, khoeli le linaleli li khantšang li le leholimong le elileng. Ka nako eo lintho li bonahala li khanya haholo. Leha ho le joalo, botsofaling, matsatsi a motho a tšoana le nako e batang ea mariha a pula, ka letoto la likhathatso tse tšolohang joaloka pula ea litloebelele. (Jobo 14:1) E ka ba ho soabisang hakaakang hore motho a tsebe ’Mōpi empa a hlōlehe ho mo sebeletsa nakong ea lehlabula la bophelo ba hae! Nakong ea bophelo e kang mariha ea botsofali, ho ba ho thokoa, haholo-holo ho bao, ka lebaka la ho tšoareha linthong tsa lefeela, ba sa kang ba sebelisa hamolemo menyetla ea ho sebeletsa Jehova bocheng ba bona. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na re lilemo li kae, a re ‘lateleng Jehova kahohle’ joaloka Kalebe ea khabane, motsoalle ea tšepahalang oa moprofeta Moshe.—Joshua 14:6-9.
Liphello Tsa Botsofali
10. Ke eng e emeloang ke (a) “balebeli ba ntlo”? (b) “banna ba linatla”?
10 Ntho e latelang eo Solomone a e supang ke mathata ‘tsatsing leo balebeli ba ntlo ba tla thothomela le banna ba linatla ba tla kobama, le basali ba silang ba tla khaotsa ho sebetsa, kahobane, palo ea bona e fokotsehile, le basali ba talimang ka lifensetere ba tla fifala.’ (Moeklesia 12:3, NW) “Ntlo” e emela ’mele oa motho. (Matheu 12:43-45; 2 Bakorinthe 5:1-8) “Balebeli” ba eona ke matsoho le liatla, tse sireletsang ’mele le ho o fa seo o se hlokang. Botsofaling, a atisa ho thothomela ke ho fokola, ho tšaba le letōōpe. “Banna ba linatla”—meomo—ha e sa le litšiea tse tsitsitseng empa ba fokotse ebile ba kobame hoo maoto a seng a hulana feela. Leha ho le joalo, na ha u thabele ho bona balumeli-’moho le uena ba hōlileng ba le libokeng tsa Bokreste?
11. Ka puo ea tšoantšetso, “basali ba silang” le “basali ba talimang ka lifensetere” ke eng?
11 ‘Basali ba silang ba se ba khaolitse ho sebetsa hobane baa fokola’—joang? Mohlomong meno a se a bolile kapa a tsoile, ho se ho setse a seng makae feela haeba a le teng. Ho hlafuna lijo tse thata ho se ho le thata kapa ho khaolitse ho hang. “Basali ba talimang ka lifensetere”—mahlo hammoho le matla a kelello ao re bonang ka ’ona—li bonela leroothong, haeba ho se ho sa re tšo! ka ho feletseng.
12. (a) ‘Menyako e seterateng e koetsoe’ joang? (b) Maikutlo a hao ke afe ka baboleli ba ’Muso ba seng ba hōlile?
12 ’Mokelli o tsoela pele: ‘Le menyako e seterateng e koetsoe, ha molumo oa leloala le silang o kokobela, ’me motho a tsoha ha a utloa molumo oa nonyana, le libini tsohle tsa basali li binela tlaase.’ (Moeklesia 12:4, NW) Menyako e ’meli ea lehano—e leng lipounama—ha e sa ahlama haholo kapa ha e ahlame ho hang ho bolela se ka ‘tlung,’ kapa se ’meleng, ea ba tsofetseng ba sa sebeletseng Molimo. Ha ho letho le romeloang “seterateng” sa bophelo ba sechaba. Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka baboleli ba ’Muso ba hōlileng, ba chesehang? (Jobo 41:14) Ba ka ’na ba hata butle ha ba e-ea ka ntlo le ntlo ’me ba bang ba ka ba ba thatafalloa ke ho bua, empa ha ho pelaelo hore ba rorisa Jah!—Pesaleme ea 113:1.
13. ’Mokelli o hlalosa mathata a mang a ba hōlileng joang, empa ’nete ke efe ka Bakreste ba hōlileng?
13 Molumo oa leloala oa kokobela ha lijo li ntse li hlafunoa ka lisene. Monna-moholo ha a sa ea le sephume sa boroko liphateng tsa hae. Le ho bina ha nonyana hoa mo tsosa. O bina lipina tse seng kae, ’me pina leha e le efe o e bina ka bofokoli. “Libini tsohle tsa basali”—molumo ’ohle oa ’mino—‘li binela tlaase.’ Motho ea hōlileng o utloela tlaase ’mino le pina e binoang ke ba bang. Leha ho le joalo, batlotsuoa ba hōlileng le metsoalle ea bona, eo e meng ea eona e seng e hōlile le eona, ba tsoela pele ho tlerola pina ea thoriso e eang ho Molimo libokeng tsa Bokreste. Ho thabisa hakaakang hore re be le bona pel’a rōna, ba rorisa Jehova ka phuthehong!—Pesaleme ea 149:1.
14. Ba hōlileng ba hlaseloa ke tšabo ea eng?
14 Boemo ba ba hōlileng bo bohloko hakaakang, haholo ba hlokomolohileng ’Mōpi! ’Mokelli o re: “Hape, ba tšohile feela se phahameng, ’me ho na le tšabo tseleng. Le sefate sa almonde se na le lithunthung, ’me lerutle lea ikhulanya, le monokotšoai oa phatloha, hobane motho o ea ntlong ea hae e tšoarellang halelele le ba bokollang ba tsamaile ho pota seterata.” (Moeklesia 12:5, NW) Batho ba bangata ba tsofetseng ba tšaba ho oa holimo litepising tse phahameng. Esita le ho sheba ntho e holimo ho ka ’na ha ba etsa hore ba ikutloe ba tšoeroe ke molikoa-likoane. Ha ba tlameha ho tsoela literateng tse tletseng batho, ba otloa ke letsoalo ha ba nahana ho tsoa kotsi kapa ho hlaseloa ke masholu.
15. Ke joang ‘sefate sa almonde se nang le lithunthung,’ ’me lerutle ‘le ikhulanya’ joang?
15 Tabeng ea monna-moholo, ha ho thoe “sefate sa almonde se na le lithunthung,” ho hlakile hore ho bolela hore moriri oa hae o qala ho ba moputsoa, o ntan’o ba bosoeu ba lehloa. Moriri o moputsoa o qala ho oa joaloka lithunthung tse tšoeu tsa sefate sa almonde. Ha a ntse a “ikhulanya,” mohlomong a se a kobame, a leketlisitse matsoho kapa a itšoere thekeng ka ’ona ’me litsoe li kobehile, o tšoana le lerutle. Leha ho le joalo, haeba leha e le bafe ho rōna ba batla ba shebahala joalo, ba bang ba ke ba hlokomele hore re lebothong la litsie la Jehova le sehlahlo le le lebelo!—Bona Molula-Qhooa oa May 1, 1998, leqepheng la 8-13.
16. (a) ‘Ho phatloha ha monokotšoai’ ho fana ka maikutlo afe? (b) ‘Ntlo e tšoarellang halelele’ ea motho ke eng, ’me ke matšoao afe a totobalang a hore lefu le monyako?
16 Takatso ea lijo ea motho ea hōlileng ha e sa le matla, le haeba lijo tse ka pel’a hae li latsoeha joaloka monokotšoai. Ke khale monokotšoai o sebelisetsoa ho leotsa takatso ea lijo. ‘Ho phatloha ha monokotšoai’ ho fana ka maikutlo a hore ha motho e moholo a felloa ke takatso ea lijo, le eona tholoana ena e hlōloa ho tsosa takatso ea hae ea lijo. Lintho tsena li bontša hore o atamela ‘ntlo ea hae e tšoarellang halelele,’ e leng lebitla. E tla ba ntlo ea hae ka ho sa feleng haeba a hlōlehile ho hopola ’Mōpi oa hae ’me a phehelletse tsela e khopo hoo Molimo a sa mo hopoleng tsohong. Matšoao a hore lefu lea atamela a totobala ka mesarelo le litletlebo tse bohloko tse tsoang menyakong ea lehano la motho ea hōlileng.
17. “Thapo ea silevera” e tlosoa joang, ’me “sekotlolo sa khauta” se ka ’na sa emela eng?
17 Re khothalletsoa hore re hopole ’Mōpi oa rōna “pele thapo ea silevera e tlosoa, le sekotlolo sa khauta se silakanngoa, ’me nkho e selibeng e thubeha, le lebili la metsi la seliba le silakanngoa.” (Moeklesia 12:6, NW) Mohlomong “thapo ea silevera” ke mothapo oa lesapo la mokokotlo. Ntle ho tikatiko lefu le tseleng ha tselana ena e babatsehang e isang melaetsa bokong e se e senyehile hoo e se nang bolokiso. “Sekotlolo sa khauta” se ka ’na sa bolela boko, bo ka lehateng le kang sekotlolo, boo mothapo oa lesapo la mokokotlo o hokelletsoeng ho bona. Kaha boko ke ba bohlokoa joaloka khauta, ha bo khaotsa ho sebetsa, phello ke lefu.
18. ‘Nkho ea tšoantšetso e selibeng’ ke eng, ’me ho etsahala’ng ha e thubeha?
18 “Nkho e selibeng” ke pelo, e amohelang nōka ea mali a phallang ebe e a ntša hape hore a potolohe le ’mele. Lefung, pelo e tšoana le nkho e pshatlehileng, e thubehetseng selibeng hobane e ke ke ea hlola e amohela, e boloka le ho pompa mali a hlokahalang ho fepa ’mele le ho o hlabolla. ‘Lebili la metsi la seliba le silakaneng’ le khaotsa ho potoloha, ’me le emisa ho potoloha ha mali a phelisang. Ka tsela eo Jehova o ile a senolela Solomone ho potoloha ha mali ’meleng pele ngaka ea lekholong la bo17 la lilemo William Harvey a bontša hore a potoloha ’mele.
19. Mantsoe a Moeklesia 12:7 a sebetsa joang lefung?
19 ’Mokelli o ile a phaella ka ho re: “Joale lerōle le khutlela mobung feela joalokaha le ile la ba teng le moea o khutlela ho Molimo oa ’nete ea ileng a fana ka oona.” (Moeklesia 12:7, NW) Ha “lebili la metsi” le se le silakane, ’mele oa motho, oo qalehong o neng o entsoe ka lerōle, o khutlela lerōleng. (Genese 2:7; 3:19) Moea (soul) oa shoa hobane moea (spirit), kapa matla a bophelo, oo Molimo a faneng ka oona o khutlela ho Molimo ’me o ba matleng a ’Mōpi oa rōna.—Ezekiele 18:4, 20; Jakobo 2:26.
Bokamoso ba ba Hopolang ke Bofe?
20. Moshe o ne a kōpa’ng ha a ne a rapela thapelo e tlalehiloeng ho Pesaleme ea 90:12?
20 Solomone o bontšitse ka katleho e khōlō hore na ke habohlokoa hakaakang hore re hopole ’Mōpi oa rōna e Moholo. Ka sebele bophelo bo batlang bo le bokhutšoanyane le bo tletseng likhathatso hase bona phetho bo teng bakeng sa ba hopolang Jehova ’me ba etsa thato ea hae ka pelo eohle. Ebang ba banyenyane kapa ba hōlile, ba na le boikutlo bo kang ba Moshe, ea ileng a rapela, a re: “U re rute ho bala matsatsi a rōna ka mokhoa oo re ka fihlelang pelo e hlalefileng ka oona.” Moprofeta ea ikokobelitseng oa Molimo o ne a labalabela ka tieo hore Jehova a bontše, kapa a rute eena le sechaba sa Iseraele hore ba be bohlale ha ba lekanyetsa bohlokoa ba ‘matsatsi a lilemo tsa bona’ e le hore ba a sebelise ka mokhoa o amohelehang ho Molimo.—Pesaleme ea 90:10, 12.
21. Re tlameha ho etsa’ng e le hore re bale matsatsi a rōna hore re tlotlise Jehova ka ’ona?
21 Bacha ba Bakreste ke bona bao ho hlokahalang haholo hore ba ikemisetse ho mamela keletso ea ’mokelli ea ho hopola ’Mōpi. Ba na le menyetla e metle hakaakang ea ho etsetsa Molimo tšebeletso e halalelang! Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na re lilemo li kae, haeba re ithuta ho bala matsatsi a rōna hore re tlotlise Jehova ‘nakong ena ea bofelo,’ mohlomong re ka tseba ho a bala ka ho sa feleng. (Daniele 12:4; Johanne 17:3) Hore re etse joalo, ho hlakile hore re tlameha ho hopola ’Mōpi oa rōna e Moholo. Hape ret lameha ho phetha sohle seo re tlamehang ho se etsetsa Molimo.
U ka Araba Joang?
◻ Ke hobane’ng ha bacha ba khothalletsoa hore ba hopole ’Mōpi oa bona?
◻ Mehlala e meng ea Mangolo ea ba ileng ba hopola ’Mōpi oa bona e Moholo ke efe?
◻ Tse ling tsa liphello tsa botsofali tse hlalositsoeng ke Solomone ke life?
◻ Ba hopolang Jehova ba na le bokamoso bofe?
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Davida, ngoanana ea neng a le kholehong oa Moiseraele, Anna le Simeone ba ile ba hopola Jehova
[Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Lipaki tsa Jehova tse seng li hōlile li etsetsa ’Mōpi oa rōna e Moholo tšebeletso e halalelang ka thabo