Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na U Phetha Sohle Seo U Tlamehang ho se Etsetsa Molimo?
    Molula-Qhooa—1999 | November 15
    • 12. U ne u tla beha seo Solomone a se buileng se tlalehiloeng ho Moeklesia 12:11, 12 joang ka mantsoe a hao?

      12 Esita leha ho ne ho se na mekhoa ea kajeno ea khatiso, ho ne ho e-na le libuka tse ngata mehleng ea Solomone. Batho ba ne ba lokela ho ba le maikutlo afe ka lingoliloeng tse joalo? O itse: “Mantsoe a ba bohlale a joaloka litsenene tsa likhomo, ’me ba inehellang ho bokelleng lipolelo ba joalo feela ka lipekere tse khokhothetsoeng; ba fanoe ba tsoa ho molisa a le mong. Mabapi le ntho leha e le efe ntle ho tsena, mora oa ka, u lemohe: Ho etsoa ha libuka tse ngata ha ho na bofelo, ’me ho inehela haholo ho tsona ho tepelletsa ’mele.”—Moeklesia 12:11, 12, NW.

  • Na U Phetha Sohle Seo U Tlamehang ho se Etsetsa Molimo?
    Molula-Qhooa—1999 | November 15
    • 14. (a) Ke libuka tsa mofuta ofe tseo ho “inehela haholo” ho tsona ho seng molemo? (b) Ke lingoliloeng life tseo re lokelang ho li ela hloko ka ho fetisisa, hona hobane’ng?

      14 Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha Solomone a ile a bua tjee ka libuka? Ha ho bapisoa le Lentsoe la Jehova, libuka tse se nang palo tsa lefatše lena li na le monahano oa motho feela tjee. Monahano ona boholo ba oona o bonahatsa khopolo ea Satane Diabolose. (2 Bakorinthe 4:4) Kahoo, ‘ho inehela haholo’ litabeng tse joalo tsa lefatše ho hlahisa molemo o monyenyane oa nako e telele. Ha e le hantle, boholo ba tsona li ka ba kotsi moeeng. Joaloka Solomone, re ke re nahaneng ka botebo ka seo Lentsoe la Molimo le se bolelang ka bophelo. Sena se tla matlafatsa tumelo ea rōna le ho re atametsa haholoanyane ho Jehova. Tlhokomelo e feteletseng e lebisoang libukeng tse ling kapa mehloling e meng ea thuto e ka re qeta matla. Haholo haeba lingoliloeng tse joalo li ngotsoe ka monahano oa bolefatše o hananang le bohlale ba bomolimo, ha li molemo ebile li senya tumelo ho Molimo le merero ea hae. Kahoo, a re hopoleng hore lingoliloeng tse molemohali tsa mehleng ea Solomone le ea rōna ke tse bonahatsang bohlale ba “molisa a le mong,” e leng Jehova Molimo. O lokiselitse libuka tse 66 tsa Mangolo a Halalelang, ’me ke tsona tseo re lokelang ho li ela hloko ka ho fetisisa. Bibele le lingoliloeng tse thusang tsa “lekhoba le tšepahalang” li re nolofalletsa ho fumana “tsebo ea Molimo.”—Liproverbia 2:1-6.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela