Khaolo ea Mashome a Mabeli a Metso e Supileng
Jehova o Tšollela Khalefo Holim’a Lichaba
1, 2. (a) Mabapi le phetetso ea Jehova, ke eng seo re ka kholisehang ka sona? (b) Molimo o finyella eng ka ho tlisa phetetso?
JEHOVA MOLIMO ha a mamelle feela bahlanka ba hae ba tšepahalang, empa o boetse o mamella lira tsa hae ha morero oa hae o hloka hore a etse joalo. (1 Petrose 3:19, 20; 2 Petrose 3:15) Lira tsa Jehova li ka ’na tsa se ke tsa ananela mamello ea hae ’me li ka ’na tsa e talima e le ho hlōleha kapa ho hloka boikemisetso ba ho nka khato. Leha ho le joalo, joalokaha khaolo ea 34 ea Esaia e bontša, qetellong kamehla Jehova o batla hore lira tsa hae li ikarabelle. (Sofonia 3:8) Ka nakoana, Molimo o ile a lumella Edomo le lichaba tse ling ho hanyetsa batho ba hae ntle ho tšitiso. Empa Jehova o ne a e-na le nako ea hae e loketseng ea tefetso. (Deuteronoma 32:35) Ka ho tšoanang, ka nako ea hae e loketseng, Jehova o tla iphetetsa ho likarolo tsohle tsa lefatše lena le khopo le hanyetsang bobusi ba hae.
2 Morero o ka sehloohong oa ho iphetetsa ha Molimo ke ho bonahatsa bobusi ba hae le ho tlotlisa lebitso la hae. (Pesaleme ea 83:13-18) Ho itefetsa ha hae ho boetse ho netefatsa hore bahlanka ba hae ke baemeli ba hae ba ’nete ’me ho ba lopolla maemong a sa lakatseheng. Ho feta moo, kamehla phetetso ea Jehova e tsamaisana le toka ea hae ka ho feletseng.—Pesaleme ea 58:10, 11.
Elang Hloko, Lōna Lichaba
3. Jehova o sebelisa Esaia ho fa lichaba memo efe?
3 Pele a lebisa tlhokomelo ho itefetseng ho Edomo, Jehova o sebelisa Esaia ho fa lichaba tsohle memo e tiileng: “Atamelang, lōna lichaba, hore le utloe; lōna lihlopha tsa lichaba, elang hloko. Lefatše le se tletseng ho lona le mamele, naha e behang le lihlahisoa tsohle tsa eona.” (Esaia 34:1) Moprofeta o buile khafetsa khahlanong le lichaba tse se nang tšabo ea bomolimo. Joale o mothating oa ho akaretsa likahlolo tsa Molimo khahlanong le tsona. Na litemoso tsee li na le seo li se bolelang ho rōna kajeno?
4. (a) Joalokaha ho tlalehiloe ho Esaia 34:1, lichaba li bitsetsoa ho tla etsa eng? (b) Na ho liha ha Jehova kahlolo ho lichaba ho bontša hore ke Molimo ea sehlōhō? (Bona lebokose le leqepheng la 363.)
4 E. ’Musi oa bokahohle o na le tseko le likarolo tsohle tsa tsamaiso ena ea lintho e se nang tšabo ea bomolimo. Ke kahoo “lihlopha tsa lichaba” le “lefatše” li bitsetsoang ho tla utloa molaetsa o thehiloeng Bibeleng oo Jehova a laetseng hore o phatlalatsoe lefatšeng lohle. Ka mantsoe a re hopotsang Pesaleme ea 24:1, Esaia o re lefatše lohle le tla apareloa ke molaetsa ona—e leng boprofeta bo phethahalang mehleng ena ea rōna, ha Lipaki tsa Jehova li bolela “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Liketso 1:8) Leha ho le joalo, lichaba ha lia ka tsa mamela. Ha lia ka tsa nka ka ho teba temoso ea ho felisoa ha tsona ho tlang. Ka sebele, sena ha se na ho thibela Jehova ho phethahatsa lentsoe la hae.
5, 6. (a) Molimo o bitsetsa lichaba ho tla ikarabella ka eng? (b) Ke ’nete joang hore “lithaba li tla qhibiliha ka lebaka la mali a tsona”?
5 Joale boprofeta bona bo hlalosa tebello e lerootho ea lichaba tse se nang tšabo ea bomolimo—e fapaneng ka ho feletseng le tšepo e khanyang ea batho ba Molimo e hlalositsoeng hamorao. (Esaia 35:1-10) Moprofeta o re: “Jehova o halefetse lichaba tsohle, ’me o halefetse mabotho ’ohle a tsona. O tla li nehela timetso; o tla li nehela polao. Ba bolailoeng ho tsona ba tla ntšetsoa ka ntle; ha e le litopo tsa bona, monko oa tsona o mobe o tla nyoloha; ’me lithaba li tla qhibiliha ka lebaka la mali a tsona.”—Esaia 34:2, 3.
6 Ho lebisoa tlhokomelo molatong oa mali oo lichaba li nang le oona. Kajeno lichaba tsa Bokreste-’mōtoana li na le molato oa mali o fetang oa tse ling tsohle. Lintoeng tse peli tsa lefatše le likhohlanong tse ling tse ngata tse nyenyane, li tlatsitse lefatše ka mali a batho. Ke mang eo ka nepo a lokelang ho batla toka ka molato oo oohle oa mali? Ha ho e mong haese ’Mōpi, Monehi-Bophelo e moholo. (Pesaleme ea 36:9) Molao oa Jehova o behile tekanyetso ena: “U tla fana ka moea bakeng sa moea.” (Exoda 21:23-25; Genese 9:4-6) Tumellanong le molao ona, o tla etsa hore mali a lichaba a phalle—ho fihlela li e-shoa. Moea o tla tlala monko o mobe oa litopo tsa tsona tse sa patoang—e leng seo ka sebele e tlang ho ba lefu le soabisang! (Jeremia 25:33) Mali a batloang a tefello e tla ba a lekaneng bakeng sa ho qhibilihisa lithaba, ka puo ea tšoantšetso. (Sofonia 1:17) Ha mabotho a tsona a sesole a se a felisitsoe ka ho feletseng, lichaba tsa lefatše li tla bona ha mebuso ea tsona e oa, eo ka nako e ’ngoe e tšoantšoang le lithaba boprofeteng ba Bibele.—Daniele 2:35, 44, 45; Tšenolo 17:9.
7. “Maholimo” ke eng, hona “lebotho la maholimo” ke eng?
7 Ha a boela a sebelisa setšoantšo se hlakileng, Esaia o tsoela pele ho re: “Bohle ba lebotho la maholimo ba tla bola. Maholimo a tla phuthoa, joaloka moqolo oa buka; ’me lebotho la ’ona le tla pona, joalokaha makhasi a pona sefateng sa morara le joaloka feiga e ponneng sefateng sa feiga.” (Esaia 34:4) Polelo “bohle ba lebotho la maholimo” ha e bolele linaleli le lipolanete tsa sebele. Temana ea 5 le ea 6 li bolela hore sabole ea kahlolo e kolobisoa ke mali ‘maholimong’ ao. Kahoo, e tlameha ebe sena se tšoantšetsa ho hong ho itseng tikolohong ea batho. (1 Bakorinthe 15:50) Ka lebaka la bophahamo ba eona e le matla a phahameng a bolaoli, mebuso ea batho e tšoantšoa le maholimo a busang mokhatlo oa batho lefatšeng. (Baroma 13:1-4) Kahoo, “lebotho la maholimo” le emela mabotho a kopaneng a mebuso ena ea batho.
8. Maholimo a tšoantšetso a ipaka a le “joaloka moqolo oa buka” joang, hona ho etsahala’ng ka ‘mabotho’ a ’ona?
8 “Lebotho” lena le tla “bola,” le senyehe, joaloka ntho e senyehang. (Pesaleme ea 102:26; Esaia 51:6) Ha motho a a sheba ka leihlo feela, maholimo a sebele a ka holim’a rōna a bonahala a kobehile, joaloka moqolo oa buka ea boholo-holo, oo ka tloaelo o neng o ngoloa ka hare. Ha ’mali a se a balile boitsebiso bo ngotsoeng ka hare ho moqolo, moqolo o qetiloeng oa phuthoa ’me o behoa ka thōko. Ka ho tšoanang, “maholimo a tla phuthoa, joaloka moqolo oa buka,” ka hore mebuso ea batho e tlameha ho fela. Ha e fihla qetellong ea pale ea eona, e tlameha ho felisoa ka Armagedone. ‘Mabotho’ a eona a shebahalang a khahleha a tla oa feela joalokaha makhasi a ponneng a sefate sa morara a oa kapa “feiga e ponneng” e oa sefateng sa feiga. Nako ea eona e tla be e felile.—Bapisa le Tšenolo 6:12-14.
Letsatsi la Tefetso
9. (a) Edomo e qalile kae, hona ho bile le kamano e joang pakeng tsa Iseraele le Edomo? (b) Jehova o laela eng mabapi le Edomo?
9 Joale boprofeta bo qoolla sechaba se seng sa mehleng ea Esaia—Edomo. Baedomo ke litloholo tsa Esau (Edomo), ea ileng a rekisetsa moen’ae oa lefahla, Jakobo, tokelo ea hae ea tsoalo ka lebaka la bohobe le sechu sa lensisi. (Genese 25:24-34) Kaha Jakobo o ile a mo nkela tokelo ea tsoalo, Esau o ile a koetlela moen’ae lehloeo. Hamorao sechaba sa Edomo le sechaba sa Iseraele e ile ea e-ba lira, le hoja e ne e le litloholo tsa bara ba motho ba mafahla. Ka lebaka la lehloeo lena ho batho ba Molimo, Edomo e ipitselitse khalefo ea Jehova, eo joale a reng: “Ka sebele sabole ea ka e tla kolobisoa maholimong. Bonang! E tla theohela Edomo, le ho batho bao ke ba nehetseng timetso ka toka. Jehova o na le sabole; e tla tlala mali; e tla tšasoa mafura, mali a lipheleu tse nyenyane le a liphooko, mafura a liphio tsa lipheleu. Etsoe Jehova o na le sehlabelo Bozra, le tlhabo e khōlō naheng ea Edomo.”—Esaia 34:5, 6.
10. (a) Ke bo-mang bao Jehova a ba kokobetsang ha a tsoka sabole ea hae “maholimong”? (b) Edomo e bonahatsa boikutlo bofe ha Juda e hlaseloa ke Babylona?
10 Edomo e sebakeng se phahameng, se lithaba. (Jeremia 49:16; Obadia 8, 9, 19, 21) Leha ho le joalo, esita le liqhobosheane tsena tsa tlhaho ha li na ho thusa ka letho ha Jehova a tsoka sabole ea hae ea kahlolo “maholimong,” a kokobetsa babusi ba Edomo boemong ba bona bo phahameng. Edomo e ikatetse sesoleng, ’me mabotho a eona a hlometseng a haola le mokoloko oa lithaba tse phahameng ho sireletsa naha. Empa Edomo ena e matla ha e thusetse Juda ha e hlaseloa ke mabotho a Babylona. Ho fapana le seo, Edomo e nyakallela ho bona ’muso oa Juda o oa ’me e thoholetsa ba o hapang hore ba tsoele pele. (Pesaleme ea 137:7) Edomo e bile e lelekisa Bajuda ba balehang ho pholosa bophelo ba bona ’me e nehelana ka bona ho Bababylona. (Obadia 11-14) Baedomo ba rera ho inkela naha ea Baiseraele e lahliloeng kherehloa, ’me ba bua ka boithoriso khahlanong le Jehova.—Ezekiele 35:10-15.
11. Jehova o tla buseletsa Baedomo joang bakeng sa boitšoaro ba bona ba bolotsana?
11 Na Jehova o hlokomoloha boitšoaro boo ba Baedomo bo bontšang ho hloka lerato la bara ba motho? Che. Ho e-na le hoo, o bolela esale pele ka Edomo: “Lipoho tse hlaha li tla theoha le bona, le lipohoana hammoho le ba matla; naha ea bona e tla kolobisoa ka mali, lerōle la bona le tšasoe mafura.” (Esaia 34:7) Jehova o bua ka ba baholoanyane le ba tlaasana sechabeng e le lipoho tse hlaha le lipohoana tsa tšoantšetso, e le lipheleu le liphooko tse nyenyane. Naha ea sechaba sena se molato oa mali e tlameha ho kolobisoa ke mali a batho ba eona ha ho sebelisoa “sabole” ea Jehova ea kahlolo.
12. (a) Jehova o sebelisa mang ho fana ka kotlo ho Edomo? (b) Ke eng seo moprofeta Obadia a se bolelang esale pele mabapi le Edomo?
12 Molimo o rera ho otla Edomo ka lebaka la tsela e lonya eo e tšoereng mokhatlo oa Hae o hlophisitsoeng oa lefatšeng ka eona, o bitsoang Sione. Boprofeta bo re: “Jehova o na le letsatsi la phetetso, selemo sa litefetso bakeng sa nyeoe ea Sione.” (Esaia 34:8) Nakoana ka mor’a ho timetsoa ha Jerusalema ka 607 B.C.E., Jehova o qala ho tšollela khalefo ea hae e lokileng ho Baedomo a sebelisa morena oa Babylona, Nebukadnezare. (Jeremia 25:15-17, 21) Ha mabotho a Babylona a futuhela Edomo, ha ho letho le ka sireletsang Baedomo! Ke “selemo sa litefetso” naheng eo e lithaba. Jehova o bolela esale pele a sebelisa moprofeta Obadia: “Ka lebaka la pefo ho mor’eno Jakobo, lihlong li tla u koahela, ’me u tla lokela ho felisoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang. . . . Tsela eo u entseng ka eona, ho tla etsoa ka eona ho uena. Mofuta oa tšoaro ea hao o tla khutlela hloohong ea hao.”—Obadia 10, 15; Ezekiele 25:12-14.
Bokamoso bo Lerootho ba Bokreste-’mōtoana
13. Ke mang ea tšoanang le Edomo kajeno, hona hobane’ng?
13 Mehleng ea kajeno, ho na le mokhatlo o nang le tlaleho e kang ea Edomo. Ke ofe mokhatlo oo? Ha e le hantle, ke mang eo kajeno a eteletseng pele ho nyefoleng le ho hloriseng bahlanka ba Jehova? Na hase Bokreste-’mōtoana, ka sehlopha sa bona sa baruti? E! Bokreste-’mōtoana bo iphahamiselitse bophahamong bo kang ba thaba litabeng tsa lefatše lena. Bo ipolela hore bo boemong bo phahameng tsamaisong ea batho ea lintho, ’me malumeli a bona a etsa karolo e ka sehloohong ea Babylona e Moholo. Empa Jehova o laetse hore ho phethahale “selemo sa litefetso” khahlanong le Edomo ea kajeno ka lebaka la boitšoaro ba eona bo mabifi ho batho ba Hae, Lipaki tsa Hae.
14, 15. (a) Ho tla etsahala eng ka naha ea Edomo le Bokreste-’mōtoana? (b) Ha ho buuoa ka sekontiri se metsi se tukang le ka mosi o tšoarellang ka nako e sa lekanyetsoang ho boleloa eng, hona ha ho boleloe eng?
14 Ka hona, ha re hlahloba karolo e setseng ea boprofeta bona ba Esaia, ha re nahane feela ka Edomo ea boholo-holo empa re boetse re nahana ka Bokreste-’mōtoana: “Melapo ea eona e phoroselang e tla fetoha sekontiri se metsi, lerōle la eona le fetohe sebabole; naha ea eona e tla ba sekontiri se metsi se tukang. E ke ke ea tima bosiu kapa motšehare; mosi oa eona o tla nyoloha ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Esaia 34:9, 10a) Naha ea Edomo e ba e omeletseng hoo lerōle le bang joaloka sebabole le liphula tsa eona tse nang le melapo e phoroselang li tlalang sekontiri se metsi, eseng metsi. Joale lintho tsena tse chang habonolo lia hotetsoa!—Bapisa le Tšenolo 17:16.
15 Ba bang ba ’nile ba nka hore mollo, sekontiri se metsi le sebabole tseo ho buuoang ka tsona mona ke bopaki ba hore ho na le lihele tse tukang. Empa Edomo ha e akheloe mollong o itseng o inahaneloang oa lihele hore e che ka ho sa feleng. Ho e-na le hoo, ea timetsoa, ea nyamela lefatšeng joalokaha eka e chesitsoe lore! ka mollo le sebabole. Joalokaha boprofeta bo tsoela pele ho bontša, qetello ea eona hase tlhokofatso ea ka ho sa feleng, empa ke ‘lefeela . . . lesupi . . . ho fetoha lefeela.’ (Esaia 34:11, 12) Mosi o ‘nyolohang ho isa nakong e sa lekanyetsoang’ o tšoantšetsa sena ka ho hlaka. Ha ntlo e cha, mosi o tsoela pele ho kubella moloreng nako e itseng ka mor’a hore malakabe a time, e le bopaki ho bashebelli ba hore ho bile le khanare ea mollo moo. Kaha kajeno Bakreste ba ithuta ho itseng timetsong ea Edomo, ka kutloisiso e ’ngoe mosi oa ho cha ha Edomo o sa ntse o nyoloha.
16, 17. Edomo e tla fetoha eng, hona e tla lula e le boemong boo halelele hakae?
16 Boprofeta ba Esaia bo tsoela pele, bo bolela esale pele hore baahi ba Edomo ba tla nkeloa sebaka ke liphoofolo tse hlaha, e leng ho bontšang hore e tla fetoha lesupi: “E tla omella ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong; ho ke ke ha e-ba le ea fetang ho eona ka ho sa feleng le kamehla. Letata le jang litlhapi le nōkō li tla lula ho eona, ’me bo-makhohlo le makhoaba a tla lula ho eona; o tla otlolla khoele ea ho lekanya ea lefeela le majoe a lesupi holim’a eona. Bahlomphehi ba eona—ha ho ba ka bitsetsoang boreneng, ’me likhosana tsohle tsa eona li tla fetoha lefeela. Meutloa e tla hlaha litoreng tsa eona tsa bolulo, bobatsi le litlama-tlama tse meutloa li hlahe libakeng tsa eona tse etselitsoeng liqhobosheane; ’me e tla fetoha sebaka sa bolulo sa liphokojoe, lebala la limpshe. Baahi ba libaka tse se nang metsi ba tla teana le liphoofolo tse llang, esita le modemona ea nang le sebōpeho sa pōli o tla bitsa mphato oa hae. E, ka sebele semanama se tla lula ka boiketlo ’me se iphumanele sebaka sa phomolo moo. Noha e tlōlang e entse selao sa eona ’me e behela mahe teng.”—Esaia 34:10b-15.a
17 E, Edomo e tla ba lefeella. E tla ba lefeella leo ho lona ho lulang liphoofolo tse hlaha, linonyana le linoha feela. E, boemo bona ba komello naheng bo tla tsoela pele “ka ho sa feleng le kamehla,” joalokaha temana ea 10 e bolela. Ha e na ho tsosolosoa.—Obadia 18.
Ho Phethahala ha Lentsoe la Jehova ka Ntle ho Tikatiko
18, 19. ‘Buka ea Jehova’ ke eng, ’me Bokreste-’mōtoana bo boloketsoe eng ka “bukeng” ee?
18 See se tšoantšetsa bokamoso bo nyahamisang hakaakang bakeng sa hoo ho ka bapisoang le Edomo kajeno, e leng Bokreste-’mōtoana! Bo ipakile e le sera se seholo sa Jehova Molimo, eo bo hlorisang Lipaki tsa hae ka sehlōhō. ’Me ha ho pelaelo hore Jehova o tla phethahatsa lentsoe la hae. Neng kapa neng ha motho a bapisa boprofeta le phethahatso ea bona, o fumana hore tsena ka bobeli lia lumellana—feela joalokaha sebōpuoa se seng le se seng se phelang Edomo e entsoeng lesupi se e-na le ‘molekane oa sona.’ Esaia o bua le liithuti tsa boprofeta ba Bibele tsa nakong e tlang, o re: “Batlisisang bukeng ea Jehova ’me le balle holimo: ha ho le e ’ngoe e haellang ho tsona; ha ho le e ’ngoe e hlōlehang ho ba le molekane oa eona, etsoe ke molomo oa Jehova o faneng ka taelo, ’me ke moea oa hae o li bokeletseng. Ke Eena ea lahlileng lotho bakeng sa tsona, ’me letsoho la hae le li khethetse sebaka ka khoele ea ho lekanya. Li tla se rua ho isa nakong e sa lekanyetsoang; li tla lula ho sona ho tloha molokong o mong ka mor’a o mong.”—Esaia 34:16, 17.
19 Timetso e tlang ea Bokreste-’mōtoana e ’nile ea boleloa esale pele “bukeng ea Jehova.” ‘Buka ena ea Jehova’ e hlalosa litaba tseo Jehova a tlang ho li lokisa le lira tsa hae tse melala e sataletseng le bahatelli ba sa bakeng ba batho ba hae. Se ngotsoeng mabapi le Edomo ea boholo-holo se ile sa phethahala, ’me sena se matlafatsa kholiseho ea rōna ea hore boprofeta bo mabapi le Bokreste-’mōtoana, bo ka bapisoang le Edomo kajeno, le bona ka ho tšoanang bo tla phethahala. “Khoele ea ho lekanya,” khato eo Jehova a laelang hore e nkoe, ke tiiso ea hore mokhatlo ona o shoeleng moeeng o tla fetoha lesupi.
20. Ho tšoana le Edomo ea boholo-holo, Bokreste-’mōtoana bo tla etsahalloa ke eng?
20 Bokreste-’mōtoana bo etsa sohle se matleng a bona ho bōpa khotso le metsoalle ea bona ea bopolotiki, empa hoo ha ho thuse letho! Ho ea ka Tšenolo khaolo ea 17 le 18, Molimo ea Matla ’Ohle, Jehova, o tla kenya lipelong tsa eona ho nka khato khahlanong le Babylona e Moholo, ho akarelletsa le Bokreste-’mōtoana. Sena se tla felisa Bokreste ba bohata lefatšeng lohle. Bokreste-’mōtoana bo tla ba boemong bo tepeletsang joaloka bo hlalositsoeng ho Esaia khaolo ea 34. Bo tla be bo se bo le sieo nakong ea ‘ntoa ea makhaola-khang ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle’! (Tšenolo 16:14) Ho tšoana le Edomo ea boholo-holo, Bokreste-’mōtoana bo tla tlosoa ka ho feletseng lefatšeng, “ka ho sa feleng le kamehla.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mehleng ea Malakia boprofeta bona bo ne bo se bo phethahetse. (Malakia 1:3) Malakia o tlaleha hore Baedomo ba ne ba tšepile hore ba tla boela ba rue naha ea bona e entsoeng lesupi. (Malakia 1:4) Leha ho le joalo, ena e ne e se thato ea Jehova, ’me hamorao batho ba bang, Banabataea, ba ile ba nka naha eo e neng e le ea Edomo.
[Lebokose se leqepheng la 363]
Na ke Molimo ea Bohale?
Lipolelo tse kang tse fumanoang ho Esaia 34:2-7 li entse hore ba bangata ba nahane hore kamoo Mangolo a Seheberu a hlalosang kateng, Jehova ke Molimo ea sehlōhō, ea tletseng khalefo. Na ho joalo?
Che. Le hoja ka linako tse ling Molimo a bonahatsa khalefo ea hae, kamehla khalefo e joalo e ba e loketseng. Kamehla e ba e thehiloeng molao-motheong, eseng maikutlong a sa laoleheng. Ho feta moo, kamehla e laoloa ke tokelo ea ’Mōpi ea hore o lokela ho fuoa boinehelo bo khethehileng esita le ho se fetohe ha hae ho khomareleng ’nete. Khalefo ea Molimo e laoloa ke ho rata ha Molimo se lokileng hammoho le lerato la hae ho ba tloaetseng ho etsa se lokileng. Jehova o bona lintho tsohle tse amehang tabeng ’me o tseba boemo ka ho feletseng, ka tsela e se nang moeli. (Baheberu 4:13) O bona se ka pelong; o elelloa tekanyo ea ho hloka tsebo, ho se tsotelle, kapa sebe se entsoeng ka boomo; ’me o nka khato ka ho hloka leeme.—Deuteronoma 10:17, 18; 1 Samuele 16:7; Liketso 10:34, 35.
Leha ho le joalo, Jehova Molimo ke “ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato.” (Exoda 34:6) Ba mo tšabang le ba ikitlaelletsang ho etsa se lokileng ba fumana mohau, kaha Ea Matla ’Ohle o hlokomela ho se phethahale ha motho hoo a ho futsitseng ’me ka lebaka lena o mo bontša mohau. Kajeno Molimo o etsa sena motheong oa sehlabelo sa Jesu. (Pesaleme ea 103:13, 14) Ka nako e loketseng, Jehova o tlosa khalefo ea hae ho ba lumelang libe tsa bona, ba li bakela, ’me ba mo sebeletsa ka tieo. (Esaia 12:1) Ha e le hantle, Jehova hase Molimo ea bohale empa ke Molimo ea thabileng, hase ea sa atameleheng empa ke ea atamelehang, ea nang le khotso le ea khathollang ba mo atamelang ka tsela e loketseng. (1 Timothea 1:11) Sena se fapane ka ho feletseng le litšobotsi tsa ho hloka mohau le ho ba sehlōhō tseo melimo ea bohata ea bahetene e hlalosoang e e-na le tsona le tse bontšoang litšoantšong tsa melimo eo.
[’Mapa leqepheng la 362]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Leoatle le Leholo
Damaseka
Sidone
Tyre
ISERAELE
Dane
Leoatle la Galilea
Nōka ea Jordane
Megido
Ramothe-gileade
Samaria
FILISTIA
JUDA
Jerusalema
Libna
Lakishe
Beerseba
Kadeshe-barnea
Leoatle la Letsoai
AMMONE
Raba
MOABE
Kire-haresethe
EDOMO
Bozra
Temane
[Litšoantšo tse leqepheng la 359]
Bokreste-’mōtoana bo tlatsitse lefatše ka mali
[Setšoantšo se leqepheng la 360]
“Maholimo a tla phuthoa, joaloka moqolo oa buka”