Khaolo ea Mashome a Mabeli a Metso e Robong
Tumelo ea Morena ea Putsoa
1, 2. Ezekiase o ile a ipaka e le morena ea molemo ho feta Akaze joang?
EZEKIASE o ne a le lilemo li 25 ha e e-ba morena oa Juda. E ne e tla ba ’musi oa mofuta ofe? Na o ne a tla latela mohlala oa ntat’ae, Morena Akaze, ’me a susumelletse bafo ba hae ho latela melimo ea bohata? Kapa na o ne a tla tataisetsa sechaba borapeling ba Jehova, joalokaha moholo-holo oa hae Morena Davida a ile a etsa?—2 Marena 16:2.
2 Nakoana ka mor’a hore Ezekiase a lule teroneng, ho ile ha hlaka hore o ne a ikemiselitse “ho etsa se nepahetseng mahlong a Jehova.” (2 Marena 18:2, 3) Selemong sa hae sa pele, o ile a laela hore tempele ea Jehova e lokisoe ’me ho tsosolosoe litšebeletso tempeleng. (2 Likronike 29:3, 7, 11) A ntan’o hlophisa mokete oa semetletsa oa Paseka oo sechaba sohle se ileng sa memeloa ho oona—ho akarelletsa le meloko e leshome e ka leboea ea Iseraele. Oo e ile ea e-ba mokete o sa lebaleheng hakaakang! Ho ne ho se o kileng oa tšoana le oona haesale ho tloha mehleng ea Morena Solomone.—2 Likronike 30:1, 25, 26.
3. (a) Baahi ba Iseraele le ba Juda ba neng ba le teng Pasekeng e hlophisitsoeng ke Ezekiase ba ile ba nka khato efe? (b) Ke eng seo Bakreste kajeno ba ithutang sona khatong e tiileng eo ba neng ba le teng Pasekeng ba ileng ba e nka?
3 Qetellong ea mokete oo oa Paseka, ba neng ba le teng ho oona ba ile ba susumelletseha ho ea tlosa lipalo tse halalelang, ho roba litšiea tse halalelang, ho heletsa libaka tse phahameng le lialetare tsa melimo ea bohata, eaba ka mor’a moo ba khutlela metseng ea habo bona, ba ikemiselitse ho sebeletsa Molimo oa ’nete. (2 Likronike 31:1) Boikutlo boo e ne e le bo fapaneng hakaakang le boikutlo boo pejana ba neng ba e-na le bona ka bolumeli! Kajeno Bakreste ba ’nete ba ka ithuta ho sena bohlokoa ba ho se ‘tlohele ho bokana ha bona.’ Ho bokana ho joalo, ebang ke liphuthehong ka bonngoe kapa ke ka lihlopha tse khōloanyane likopanong tse nyenyane le tse khōlō, ho phetha karolo ea bohlokoa bakeng sa hore ba fumane khothatso le tlhohlelletso e tsoang mokhatlong oa bara ba motho esita le ho moea oa Molimo ea ‘ho susumelletsana leratong le mesebetsing e metle.’—Baheberu 10:23-25.
Tumelo ea Lekoa
4, 5. (a) Ezekiase o bontšitse joang hore ha aa itšetleha ka Assyria? (b) Sankeribe o futuhetse Juda joang ka sesole, ’me ke mehato efe eo Ezekiase a e nkang ho qoba hore a hlasele Jerusalema hang-hang? (c) Ezekiase o lokisetsa ho sireletsa Jerusalema ho Baassyria joang?
4 Jerusalema e letetsoe ke liteko tse matla. Ezekiase o robile selekane seo ntat’ae Akaze ea se nang tumelo a neng a se entse le Baassyria. O bile o hlōtse Bafilista, ba entseng selekane le Assyria. (2 Marena 18:7, 8) Sena se halefisitse morena oa Assyria. Kahoo, rea bala: “Eitse ka selemo sa leshome le metso e mene sa Morena Ezekiase Sankeribe morena oa Assyria a futuhela metse eohle e etselitsoeng liqhobosheane ea Juda ’me a e hapa.” (Esaia 36:1) Mohlomong e le ka tebello ea ho sireletsa Jerusalema hore e se ke ea hlaseloa hang-hang ke lebotho le leqoophe la Assyria, Ezekiase o lumela ho lefa Sankeribe bokhotho-khotho ba sethabathaba sa litalenta tse 300 tsa silevera le litalenta tse 30 tsa khauta.a—2 Marena 18:14.
5 Kaha sebakeng sa polokelo ea matlotlo a moreneng ha ho na khauta le silevera tse lekaneng ho lefa sethabathaba seo, Ezekiase o nka lintho tsohle tsa bohlokoa tsa tšepe tseo a ka li fumanang tempeleng. O boetse o qhaqha mamati a tempele, a koahetsoeng ka khauta, ’me o a romela ho Sankeribe. Sena se khotsofatsa Moassyria eo, empa ka nakoana feela. (2 Marena 18:15, 16) Kamoo ho bonahalang kateng, Ezekiase oa hlokomela hore Baassyria ha ba na ho fa Jerusalema tšoeea halelele. Ka hona, ho lokela hore ho etsoe litokisetso. Sechaba se thiba mehloli ea metsi e ka fang Baassyria ba hlaselang metsi. Ezekiase o boetse o tiisa liqhobosheane tsa Jerusalema ’me o etsa pokello ea libetsa, e akarelletsang le “marumo a mangata le lithebe.”—2 Likronike 32:4, 5.
6. Ezekiase o beha tšepo ea hae ho mang?
6 Leha ho le joalo, Ezekiase ha a behe tšepo ea hae maqiting a ntoa kapa liqhobosheaneng, empa o e beha ho Jehova oa mabotho. O eletsa lihlooho tsa hae tsa sesole: “E-bang sebete ’me le be matla. Le se ke la tšoha kapa la haroha letsoalo ka lebaka la morena oa Assyria le ka lebaka la bongata bohle bo nang le eena; etsoe ba nang le rōna ba bangata ho feta ba nang le eena. Se nang le eena ke letsoho la nama, empa ea nang le rōna ke Jehova Molimo oa rōna ho re thusa le ho loana lintoa tsa rōna.” Ha ba arabela, “batho ba qala ho itšetleha ka mantsoe a Ezekiase morena oa Juda.” (2 Likronike 32:7, 8) Ak’u bone ka mahlo a kelello liketsahalo tse thahasellisang tse latelang ha re hlahloba khaolo ea 36 ho isa ho ea 39 ea boprofeta ba Esaia.
Rabshake o Teka Taba ea Hae
7. Rabshake ke mang, hona ke hobane’ng ha a romeloa Jerusalema?
7 Sankeribe o romela Rabshake (ke tlotla ea sesole, hase lebitso la motho) hammoho le bahlomphehi ba bang ba babeli Jerusalema ho ea laela hore motse o inehele. (2 Marena 18:17) Bana ba khahlametsoa ka ntle ho lerako la motse ke baemeli ba Ezekiase ba bararo, Eliakime molebeli oa ntlo ea Ezekiase, Shebna mongoli le Jooa mora oa motlalehi Asafe.—Esaia 36:2, 3.
8. Rabshake o leka ho thibela Jerusalema ho itoanela joang?
8 Sepheo sa Rabshake se seng feela—ke ho kholisa Jerusalema hore e inehele e se ke ea itoanela. A bua ka Seheberu, o qala ka ho hooa: “U tšepile’ng? . . . U tšepile mang, hoo u mphetohetseng?” (Esaia 36:4, 5) Joale Rabshake o phephetsa Bajuda ba tšohileng, o ba hopotsa hore ba itšehlile thajana. Ba ka retelehela ho mang ho batla tšehetso? Ho “lehlaka le tletleraneng,” Egepeta? (Esaia 36:6) Nakong ena, Egepeta e tšoana le lehlaka le tletleraneng; ha e le hantle, ’muso ono oo pele e neng e le ’muso o matla oa lefatše o hapiloe ke Ethiopia ka nakoana, ’me Faro ea teng hajoale Egepeta, Morena Tirhaka, hase Moegepeta empa ke Moethiopia. ’Me le eena o mothating oa ho hlōloa ke Assyria. (2 Marena 19:8, 9) Kaha Egepeta e sitoa ho ipholosa, e tla sitoa ho thusa Juda.
9. Ke eng seo ho bonahalang eka se lebisa Rabshake qetong ea hore Jehova o ne a tla furalla batho ba Hae, empa ’nete ke efe?
9 Joale Rabshake o bolela hore Jehova ha a na ho loanela batho ba Hae hobane O ba halefetse. Rabshake o re: “Haeba le ka re ho ’na, ‘Re tšepile Jehova Molimo oa rōna,’ na hase eena eo Ezekiase a tlositseng libaka tsa hae tse phahameng le lialetare tsa hae?” (Esaia 36:7) Ha e le hantle, ho e-na le hore ebe ba furaletse Jehova ka ho qhaqha libaka tse phahameng le lialetare tse naheng, Bajuda ba hlile ba khutletse ho Jehova.
10. Ke hobane’ng ha ho sa tsotellehe hore na basireletsi ba Juda ba bangata kapa baa fokola?
10 Ho latelang Rabshake o hopotsa Bajuda hore ba na le sesole se fokolang ka tsela e nyahamisang. Ka boikakaso o etsa phephetso ena: “[E-re] ke u fe lipere tse likete tse peli ho bona hore na u khona ho beha bapalami holim’a tsona.” (Esaia 36:8) Leha ho le joalo, na ho hlile hoa tsotelleha hore na bapalami ba koetlisitsoeng ba lipere ba Bajuda ba bangata kapa baa fokola? Che, kaha poloko ea Juda ha ea itšetleha ka bonatla ba sesole. Liproverbia 21:31 e hlalosa litaba ka tsela ena: “Pere ke ntho e lokisetsoang letsatsi la ntoa, empa poloko ke ea Jehova.” Joale Rabshake o bolela hore Jehova o hlohonolofatsa Baassyria, eseng Bajuda. O bolela hore ho seng joalo Baassyria ba ka be ba sa kenella hare joalo naheng ea Juda.—Esaia 36:9, 10.
11, 12. (a) Ke hobane’ng ha Rabshake a tsitlallela ho bua ka “puo ea Bajuda,” hona o leka ho hohela Bajuda ba mametseng joang? (b) Mantsoe a Rabshake a ka ’na a ama Bajuda joang?
11 Baemeli ba Ezekiase ba amehile ka phello eo lintho tseo Rabshake a phehang khang ka tsona e tlang ho ba le eona ho banna ba ka mo utloang ba le ka holim’a lerako la motse. Balaoli bana ba Bajuda ba etsa kōpo: “Ka kōpo, bua le bahlanka ba hao ka puo ea Sesyria, etsoe re mametse; ’me u se ke ua bua le rōna ka puo ea Bajuda moo batho ba lerakong ba ntseng ba utloa.” (Esaia 36:11) Empa Rabshake ha aa ikemisetsa ho bua ka puo ea Sesyria. O batla ho jala peō ea pelaelo le tšabo ho Bajuda e le hore ba tle ba inehele ’me Jerusalema e hapuoe e sa itoanela! (Esaia 36:12) Kahoo Moassyria eo o boetse o bua ka “puo ea Bajuda.” O lemosa baahi ba Jerusalema: “Le se ke la lumella Ezekiase ho le thetsa, etsoe ha a khone ho le lopolla.” Ka mor’a sena, o leka ho hohela ba mo mametseng ka ho hlalosa bophelo boo Bajuda ba ka bo phelang tlas’a puso ea Assyria: “Ineheleng ho ’na le tsoele ho ’na ’me e mong le e mong a je tsa sefate sa hae sa morara ’me e mong le e mong a je tsa sefate sa hae sa feiga ’me e mong le e mong a noe metsi a seliba sa hae, ho fihlela ke tla ’me ke le isa naheng e tšoanang le naha ea lōna, naha ea lijo-thollo le veine e ncha, naha ea bohobe le lirapa tsa morara.”—Esaia 36:13-17.
12 Bajuda ha ba na ho kotula letho selemong sena—tlhaselo ea Assyria e ba sitisitse ho lema lijalo. Tebello ea ho ja morara o hlabosang le ho noa metsi a pholileng e tlameha ebe ke e ipiletsang haholo ho banna ba mametseng ba le ka holim’a lerako. Empa Rabshake ha a e-s’o qete ho leka ho fokolisa Bajuda.
13, 14. Ho sa tsotellehe lintho tseo Rabshake a phehang khang ka tsona, ke hobane’ng ha se etsahaletseng Samaria se sa amane ka letho le boemo ba Juda?
13 Rabshake o boetse o ntša sebetsa se seng sa mantsoe lethaleng la lintho tseo a phehang khang ka tsona. O lemosa Bajuda hore ba se ke ba kholoa Ezekiase ha a ka re: “Jehova o tla re lopolla.” Rabshake o hopotsa Bajuda hore melimo ea Samaria e sitiloe ho thibela Baassyria ho hlōla meloko e leshome. ’Me ho thoe’ng ka melimo ea lichaba tse ling tseo Assyria e li hlōtseng? Oa botsa: “Melimo ea Hamathe le Arpade e hokae? Melimo ea Sefarvaime e hokae? Na e lopolotse Samaria letsohong la ka?”—Esaia 36:18-20.
14 Ke ’nete hore Rabshake, eo e leng morapeli oa melimo ea bohata, ha a utloisise hore ho na le phapang e khōlō pakeng tsa Samaria e koenehileng le Jerusalema e busoang ke Ezekiase. Melimo ea bohata ea Samaria e ne e se na matla a ho sireletsa ’muso oa meloko e leshome. (2 Marena 17:7, 17, 18) Ka lehlakoreng le leng, Jerusalema e busoang ke Ezekiase e furaletse melimo ea bohata ’me e boetse e sebeletsa Jehova. Leha ho le joalo, baemeli ba Juda ba bararo ha ba leke ho hlalosetsa Rabshake sena. “Ba khutsa ’me ha baa ka ba mo araba ka lentsoe, etsoe taelo ea morena e ne e re: ‘Le se ke la mo araba.’” (Esaia 36:21) Eliakime, Shebna le Jooa ba khutlela ho Ezekiase ’me ba mo tlalehela mantsoe a Rabshake.—Esaia 36:22.
Ezekiase o Etsa Qeto
15. (a) Ezekiase o tobane le ho etsa qeto efe? (b) Jehova o fa batho ba hae tiiso joang?
15 Joale Morena Ezekiase o lokela ho etsa qeto. Na Jerusalema e tla inehela ho Baassyria? e tla imatahanya le Egepeta? kapa e tla ema e tiile ’me e itoanele? Ezekiase o tlas’a khatello e matla. O ea tempeleng ea Jehova, ha ka nako e tšoanang a romela Eliakime le Shebna, hammoho le banna ba baholo ba baprista, ho ea botsisisa Jehova ka moprofeta Esaia. (Esaia 37:1, 2) A apere masela a mokotla, manģosa a morena a atamela Esaia, ’me a re: “Letsatsi lena ke letsatsi la mahlomola le la khalemelo e matla le la nyeliso e nyefolang . . . Mohlomong Jehova Molimo oa hao o tla utloa mantsoe a Rabshake, eo morena oa Assyria khosi ea hae a mo rometseng ho tla nyelisa Molimo ea phelang, ’me o tla mo bitsa hore a ikarabelle bakeng sa mantsoe ao Jehova Molimo oa hao a a utloileng.” (Esaia 37:3-5) E, Baassyria ba phephetsa Molimo ea phelang! Na Jehova o tla lebisa tlhokomelo linyelisong tsa bona? A sebelisa Esaia, Jehova o tiisetsa Bajuda ho re: “U se ke ua tšoha ka lebaka la mantsoe ao u a utloileng ao bahlanka ba morena oa Assyria ba ’nyefotseng ka ’ona. Bona! ke kenya moea ka ho eena, ’me o tla utloa tlaleho ’me a khutlele naheng ea hae; ka sebele ke tla etsa hore a oe ka sabole naheng ea hae.”—Esaia 37:6, 7.
16. Sankeribe o romela mangolo afe?
16 Ho sa le joalo, Rabshake o bitsetsoa ho ea tšehetsa Sankeribe ha morena eo a e hlanaka Libna. Sankeribe o tla futuhela Jerusalema hamorao. (Esaia 37:8) Leha ho le joalo, ho tsamaea ha Rabshake ha ho imolle Ezekiase khatellong. Sankeribe o romela mangolo a sokelang a hlalosang seo baahi ba Jerusalema ba ka se lebellang haeba ba hana ho inehela: “U utloile seo marena a Assyria a se entseng linaheng tsohle ka ho li nehela timetso, ’me na u tla lopolloa? Na melimo ea lichaba tseo baholo-holo ba ka ba li felisitseng e ile ea li lopolla? . . . O hokae morena oa Hamathe le morena oa Arpade le morena oa motse oa Sefarvaime—oa Hena le oa Iva?” (Esaia 37:9-13) Ha e le hantle, Moassyria eo o bolela hore ha ho na kelello ho itoanela—ho loana e tla ba ho khoatha linotši tsa semana!
17, 18. (a) Sepheo sa Ezekiase ke sefe ha a kōpa Jehova hore a mo sireletse? (b) Jehova o araba Moassyria joang a sebelisa Esaia?
17 A tšoenyehile ka ho teba ka liphello tsa qeto eo a lokelang ho e etsa, Ezekiase o teka mangolo a Sankeribe ka pele ho Jehova tempeleng. (Esaia 37:14) Ka thapelo e tlohang pelong o rapela Jehova ka tieo hore a ele hloko litšokelo tsa Moassyria eo, o phethela thapelo ea hae ka mantsoe a reng: “Joale, Jehova Molimo oa rōna, re pholose letsohong la hae, e le hore mebuso eohle ea lefatše e ka tseba hore uena, Jehova, u Molimo u le mong.” (Esaia 37:15-20) Ho sena ho hlakile hore Ezekiase ha a hlile ha aa ameha hakaalo-kaalo ka ho lopolloa ha hae, empa o amehile ka thohako e tla phaelloa lebitsong la Jehova haeba Assyria e ka hlōla Jerusalema.
18 Jehova o araba thapelo ea Ezekiase a sebelisa Esaia. Jerusalema ha ea lokela ho inehela ho Assyria; e lokela ho ema e tiile. A bua joalokaha eka o bua le Sankeribe, ka sebete Esaia o bolella Moassyria eo molaetsa oa Jehova: “Morali oa Sione oa moroetsana o u nyelisitse, o u fetotse litšeho. Morali oa Jerusalema o sisintse hlooho ka mor’a hao [ka tsela e phoqang].” (Esaia 37:21, 22) Joale, ha e le hantle Jehova oa phaella: ‘U mang hore u nyelise Mohalaleli oa Iseraele? Ke tseba liketso tsa hao. U na le lipakane tse khōlō; ua ithorisa. U tšepile matla a hao a sesole ’me u hapile naha e khōlō. Empa u tla hlōloa. Ke tla ferekanya merero ea hao. Ke tla u hlōla. Joale ke tla u etsa ka tsela eo u entseng ba bang ka eona. Ke tla kenya hakisi nkong ea hao ’me ke u khutlisetse Assyria!’—Esaia 37:23-29.
“Sena e Tla ba Pontšo Bakeng sa Hao”
19. Jehova o fa Ezekiase pontšo efe, ’me e bolela eng?
19 Ezekiase o na le tiiso efe ea hore boprofeta ba Esaia bo tla phethahala? Jehova oa araba: “Sena e tla ba pontšo bakeng sa hao: Selemong sena ho tla jeoa litlhaku tse qhalaneng, ’me ka selemo sa bobeli ho jeoe lijo-thollo tse itemmeng; empa ka selemo sa boraro le jale peō, le kotule, le leme lirapa tsa morara ’me le je litholoana tsa tsona.” (Esaia 37:30) Jehova o tla fa Bajuda ba qabeletsoeng lijo. Le hoja ba sitoa ho jala ka lebaka la boteng ba Baassyria, ba tla khona ho ja seo ba se khoahlapisitseng kotulong ea selemo se fetileng. Selemong se latelang seo, e leng selemo sa sabatha, ba lokela ho lesela masimo a bona a lale, ho sa tsotellehe boemo ba bona ba tsieleho. (Exoda 23:11) Jehova o tšepisa hore haeba batho ba mamela lentsoe la hae, ho tla mela lijo-thollo tse lekaneng ho ba phelisa masimong. Joale, selemong se latelang seo, batho ba tla jala peō ka tsela e tloaelehileng ’me ba thabele litholoana tsa mosebetsi oa bona.
20. Ba tla phonyoha tlhaselo ea Baassyria ba tla “mela metso ho ea tlaase ’me ba hlahise litholoana ho ea holimo” joang?
20 Joale Jehova o tšoantša batho ba hae le semela se ke keng sa fotholoa habonolo: “Ba phonyohang ba ntlo ea Juda . . . ba tla mela metso ho ea tlaase ’me ba hlahise litholoana ho ea holimo.” (Esaia 37:31, 32) E, ba tšepileng Jehova ha ba na lebaka la ho tšoha. Bona le bana ba bona ba tla lula e le boshoa-botšoere naheng.
21, 22. (a) Ho profetoa eng mabapi le Sankeribe? (b) Mantsoe a Jehova mabapi le Sankeribe a phethahala joang hona neng?
21 Ho thoe’ng ka litšokelo tseo Moassyria a sokelang Jerusalema ka tsona? Jehova oa araba: “A ke ke a kena motseng ona, leha e le hore a fule motsu moo, kapa a tobane le oona ka thebe, kapa a hahe ’mōtōmōtō o o thibellang. O tla khutla ka tsela eo a tlileng ka eona, ’me a ke ke a kena motseng ona.” (Esaia 37:33, 34) Ha e le hantle, ho ke ke ha e-ba le ntoa pakeng tsa Assyria le Jerusalema. Ka ho makatsang, ke Baassyria ba tlang ho hlōloa ho se ntoa, eseng Bajuda.
22 Tumellanong le lentsoe la hae, Jehova o romela lengeloi le bolaeang mokhethoa oa sesole sa Sankeribe—banna ba 185 000. Kamoo ho bonahalang kateng sena se etsahala Libna, ’me ha Sankeribe ka boeena a tsoha o fumana baeta-pele, lihlooho le banna ba matla ba lebotho la hae ba shoele. A aparetsoe ke lihlong, o khutlela Ninive, empa ho sa tsotellehe ho hlōloa ha hae ho pepenene, o ntse a tsoela pele ka manganga ho inehela ho molimo oa hae oa bohata Nisroke. Lilemo tse seng kae hamorao, ha a ntse a rapela tempeleng ea Nisroke, Sankeribe o bolaoa ke bara ba hae ba babeli. Le lekhetlong lena, Nisroke ea se nang bophelo o ipaka a se na matla a ho pholosa.—Esaia 37:35-38.
Tumelo ea Ezekiase e Matlafatsoa ka ho Tsoelang Pele
23. Ezekiase o kena maqakabetsing afe ha Sankeribe a qala ho futuhela Juda, hona maqakabetsi aa a bolela eng?
23 Hoo e ka bang nakong ea ha Sankeribe a qala ho futuhela Juda, Ezekiase o kula hampe. Esaia o mo bolella hore o tlil’o shoa. (Esaia 38:1) Morena enoa ea lilemo li 39 o sithabetse maikutlo. Ha aa tšoenyeha feela ka boiketlo ba hae empa o tšoenyehile le ka bokamoso ba sechaba. Jerusalema le Juda li kotsing ea ho hlaseloa ke Baassyria. Haeba Ezekiase a e-shoa, ke mang ea tlang ho etella pele ntoeng? Ka nako eo, Ezekiase ha a na mora ea ka mo hlahlamang boreneng. Ka thapelo e tiileng Ezekiase o kōpa Jehova hore a mo bontše mohau.—Esaia 38:2, 3.
24, 25. (a) Jehova o araba thapelo ea Ezekiase ka mohau joang? (b) Jehova o etsa mohlolo ofe, joalokaha o hlalositsoe ho Esaia 38:7, 8?
24 Esaia o ntse a le mabaleng a ntlo ea borena ha Jehova a re a khutlele morao ho morena ea liphateng tse chesang ka molaetsa o mong hape: “Ke utloile thapelo ea hao. Ke bone meokho ea hao. Bona! ke eketsa lilemo tse leshome le metso e mehlano matsatsing a hao; ke tla lopolla uena le motse ona seatleng sa morena oa Assyria, ’me ke tla sireletsa motse ona.” (Esaia 38:4-6; 2 Marena 20:4, 5) Jehova o tla tiisa tšepiso ea hae ka pontšo e sa tloaelehang: “Ke etsa hore moriti oa litepisi o neng o theohetse mehatong ea litepisi tsa Akaze letsatsing o khutlele morao ka mehato e leshome.”—Esaia 38:7, 8a.
25 Ho ea ka rahistori oa Mojuda Josephus, ho ne ho e-na le litepisi ka tlung ea borena, tseo e ka ’nang eaba ho ne ho e-na le tšiea haufi le tsona. Ha mahlaseli a letsatsi a otla tšiea eo, a ne a etsa moriti litepising. Motho o ne a ka sheba nako ea letsatsi ka ho sheba moo moriti o seng o le teng litepising. Joale Jehova o tla etsa mohlolo. Ka mor’a hore moriti o theohele tlaase litepising ka tsela e tloaelehileng, o tla khutlela morao ka mehato e leshome. Ke mang ea kileng a utloa ntho e joalo? Bibele e re: “Butle-butle letsatsi la khutlela morao ka mehato e leshome mehatong ea litepisi eo le neng le theohile ka eona.” (Esaia 38:8b) Nakoana ka mor’a moo, Ezekiase oa hlaphoheloa bokuling ba hae. Litaba tsa sena li hasana ho ea fihla hōle Babylona. Ha morena oa Babylona a utloa sena, o romela manģosa Jerusalema ho ea batlisisa taba eo.
26. Phello e ’ngoe ea ho lelefatsoa ha bophelo ba Ezekiase ke efe?
26 Lilemo tse ka bang tharo ka mor’a hore Ezekiase a hlaphoheloe ka mohlolo, mor’a hae oa letsibolo, Manase, oa tsoaloa. Manase ha a bontše ho ananela kutloelo-bohloko ea Molimo ha a hōla, eo haese ka eona a ka beng a sa ka a tsoaloa! Ho fapana le hoo, Manase o qeta nako e ngata ea bophelo ba hae a etsa se sebe haholo mahlong a Jehova.—2 Likronike 32:24; 33:1-6.
Ho Sebelisa Kahlolo e Fosahetseng
27. Ezekiase o bontša kananelo ho Jehova joang?
27 Ho tšoana le moholo-holo oa hae Davida, Ezekiase ke monna oa tumelo. O nka Lentsoe la Molimo e le letlotlo. Ho ea ka Liproverbia 25:1, o ile a hlophisa ho bokelloa ha boitsebiso boo hona joale bo fumanoang ho Liproverbia khaolo ea 25 ho ea ho 29. Ba bang ba lumela hore ke eena hape ea qapileng Pesaleme ea 119. Pina e susumetsang ea teboho eo Ezekiase a e qapang ka mor’a ho hlaphoheloa bokuling ba hae e bontša hore ke motho ea nang le maikutlo a tebileng. O phetha ka hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ke ho khona ho rorisa Jehova tempeleng ea Hae “ka matsatsi ’ohle a bophelo ba rōna.” (Esaia 38:9-20) E se eka bohle re ka ikutloa ka tsela e tšoanang ka borapeli bo hloekileng!
28. Ezekiase o etsa phoso efe kahlolong nakoana ka mor’a hore a folisoe ka mohlolo?
28 Le hoja Ezekiase a tšepahala, ha aa phethahala. O etsa phoso e tebileng kahlolong nakoana ka mor’a hore Jehova a mo folise. Esaia oa hlalosa: “Ka nako eo Merodake-baladane mora oa Baladane morena oa Babylona a romela mangolo le mpho ho Ezekiase, ka mor’a hore a utloe hore o ne a kula empa o boetse o matla. Kahoo Ezekiase a qala ho ba thabela le ho ba bontša ntlo ea hae ea matlotlo, silevera le khauta le oli ea balsame le oli e ntle le pokello eohle ea hae ea lihlomo le sohle se neng se ka fumanoa matlotlong a hae. Ha ho letho leo Ezekiase a sa kang a ba bontša lona ka tlung ea hae le pusong eohle ea hae.”—Esaia 39:1, 2.b
29. (a) E ka ’na eaba sepheo sa Ezekiase ke sefe ha a bontša moifo oa Bababylona leruo la hae? (b) Liphello tsa kahlolo ea Ezekiase e fosahetseng e tla ba life?
29 Esita le ka mor’a hore Assyria e hlōloe hampe ke lengeloi la Jehova, e tsoela pele ho sokela lichaba tse ngata, ho akarelletsa le Babylona. Mohlomong Ezekiase o ne a batla ho khahlisa morena oa Babylona e le hore mohlomong a ka etsa selekane le eena nakong e tlang. Leha ho le joalo, Jehova ha a batle ha baahi ba Juda ba etsa selekane le lira tsa bona; o batla hore ba tšepe eena! A sebelisa moprofeta Esaia, Jehova o senolela Ezekiase bokamoso: “Matsatsi aa tla, ’me sohle se ka tlung ea hao le seo baholo-holo ba hao ba se bolokileng ho fihlela letsatsing lena se tla isoa Babylona. Ha ho letho le tla sala . . . Ba bang ba bara ba hao ba tlang ho tsoa ho uena, bao u tla ba tsoala, ba tla nkoa ’me ba fetohe balaoli ba lekhotla ntlong ea ’muso ea morena oa Babylona.” (Esaia 39:3-7) E, sechaba sona seo Ezekiase a neng a leka ho se khahlisa qetellong ke sona se tla tlatlapa matlotlo a Jerusalema le ho etsa baahi ba eona makhoba. Sohle seo Ezekiase a se finyeletseng ka ho bontša Bababylona matlotlo a hae e bile feela ho leotsa takatso ea bona e meharo.
30. Ezekiase o ile a bonahatsa boikutlo bo botle joang?
30 Ho bonahala eka 2 Likronike 32:26 e bua ka ketsahalo eo ho eona Ezekiase a ileng a bontša Bababylona matlotlo a hae, ha e re: “Ezekiase a ikokobetsa boikhohomosong ba pelo ea hae, eena le baahi ba Jerusalema, ’me Jehova ha aa ka a ba halefela matsatsing a Ezekiase.”
31. Lintho li ile tsa tsamaela Ezekiase joang, hona see se re ruta eng?
31 Ho sa tsotellehe ho se phethahale ha hae, Ezekiase e ne e le monna oa tumelo. O ne a tseba hore Jehova, Molimo oa hae, ke motho oa sebele ea nang le maikutlo. Ezekiase o ile a rapela Jehova ka tieo, ha a le tlas’a khatello, ’me Jehova o ile a mo araba. Jehova Molimo o ile a mo fa khotso matsatsing ’ohle a hae a setseng, ’me Ezekiase o ile a leboha seo. (Esaia 39:8) Jehova e lokela ho ba oa sebele joalo le ho rōna kajeno. E se eka ha mathata a hlaha, re ka talima ho Jehova, joaloka Ezekiase, bakeng sa bohlale le tsela ea ho tsoa, “hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyelise.” (Jakobo 1:5) Haeba re tsoela pele ho mamella le ho bontša tumelo ho Jehova, re ka kholiseha hore e tla ba “moputsi oa ba mo batlang ka tieo,” hona joale le nakong e tlang.—Baheberu 11:6.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka tekanyo ea kajeno ke chelete e fetang liranta tse limilione tse 58,3.
b Ka mor’a hore Sankeribe a hlōloe, lichaba tse ling tse potolohileng li ile tsa tlisetsa Ezekiase limpho tsa khauta, silevera le lintho tse ling tsa bohlokoa. Ho 2 Likronike 32:22, 23, 27, re bala hore “Ezekiase [o ile] a ba le maruo le khanya e khōlō haholo” le hore o ile a “phahama mahlong a lichaba tsohle.” Mohlomong limpho tsena li ile tsa mo lumella hore a boele a tlatse ntlo ea hae ea matlotlo, eo a neng a e horutse ha a ntšetsa Baassyria sethabathaba.
[Setšoantšo se leqepheng la 383]
Morena Ezekiase o tšepela ho Jehova ha a tobane le Assyria e matla
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 384]
[Setšoantšo se leqepheng la 389]
Morena o romela manģosa ho Esaia ho ea utloa morero oa Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 390]
Ezekiase o rapella hore lebitso la Jehova le tlotlisoe ka hore Assyria e hlōloe
[Setšoantšo se leqepheng la 393]
Lengeloi la Jehova le bolaea Baassyria ba 185 000