Khaolo ea Bobeli
Mantsoe a Tšelisang a Boprofeta bo U Amang
1. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella boprofeta ba Esaia?
ESAIA o ile a ngola buka e reheletsoeng ka eena lilemong tse ka bang 3 000 tse fetileng, empa ka sebele ke ea bohlokoa ho rōna kajeno. Re ka ithuta melao-motheo ea bohlokoa liketsahalong tsa histori tseo a li tlalehileng. ’Me re ka haha tumelo ea rōna ka ho ithuta boprofeta boo a ileng a bo ngola ka lebitso la Jehova. E, Esaia e ne e le moprofeta oa Molimo ea phelang. Jehova o ile a mo bululela hore a tlalehe histori esale pele—a hlalose liketsahalo pele li etsahala. Kahoo Jehova o ile a bonahatsa hore a ka bolela bokamoso esale pele le ho bo hlopha. Ka mor’a ho ithuta buka ea Esaia, Bakreste ba ’nete ba kholisehile hore Jehova o tla phethahatsa sohle seo a se tšepisitseng.
2. Boemo e ne e le bofe Jerusalema ha Esaia a ne a ngola buka ea hae ea boprofeta, hona ho ne ho tla etsahala phetoho efe?
2 Nakong ea ha Esaia a qeta ho ngola boprofeta ba hae, Jerusalema e ne e fetile tšokelong ea Assyria. Tempele e ne e ntse e le teng, ’me batho ba ne ba iphethela mesebetsi ea bona ea letsatsi le letsatsi feela joalokaha ba ’nile ba etsa ka lilemo tse makholo. Leha ho le joalo, boemo boo bo ne bo tla fetoha. Ho ne ho e-tla nako eo ka eona leruo la marena a Juda le neng le tla isoa Babylona ’me bacha ba Bajuda e be balaoli ba lekhotla motseng oo.a (Esaia 39:6, 7) Sena se ne se tla etsahala ka mor’a lilemo tse fetang 100.—2 Marena 24:12-17; Daniele 1:19.
3. Ke molaetsa ofe o fumanoang ho Esaia khaolo ea 41?
3 Leha ho le joalo, molaetsa oo Molimo a fanang ka oona a sebelisa Esaia, hase molaetsa oa tlokotsi feela. Khaolo ea 40 ea buka ea hae e qala ka lentsoe “Tšelisang.”b Bajuda ba ne ba tla tšelisoa ke tiiso ea hore bona kapa bana ba bona ba ne ba tla khona ho khutlela naheng ea habo bona. Khaolo ea 41 e ntšetsa pele molaetsa oo o tšelisang ’me e bolela esale pele hore Jehova o ne a tla hlahisa morena ea matla ho phethahatsa thato ea Molimo. E fupere mantsoe a tiiso ’me e khothalletsa ho tšepa Molimo. E boetse e pepesa ho hloka matla ha melimo ea bohata eo batho ba lichaba ba tšepelang ho eona. Ho sena sohle, ho na le ho hongata ho lokelang ho matlafatsa tumelo, mehleng ea Esaia le mehleng ea rōna.
Jehova o Phephetsa Lichaba
4. Jehova o phephetsa lichaba ka mantsoe afe?
4 Jehova a sebelisa moprofeta oa hae o re: “’Mameleng le khutsitse, lōna lihlekehleke; lichaba li ke li boele li fumane matla. Li ke li atamele. Ka nako eo li ke li bue. A re atameleng hammoho bakeng sa kahlolo.” (Esaia 41:1) Ka mantsoe ana, Jehova o phephetsa lichaba tse hanyetsang batho ba hae. Li ke li eme ka pel’a hae ’me li itokisetse ho bua! Joalokaha ho tla bonoa hamorao, Jehova, joalokaha eka ke moahloli ka lekhotleng, o batla hore lichaba tsena li hlahise bopaki ba hore melimo ea tsona ea litšoantšo ka sebele ke melimo. Na melimo ee e ka bolella barapeli ba eona esale pele liketso tsa poloko kapa likahlolo tse khahlanong le lira tsa bona? Haeba e ka ho etsa, na e ka phethahatsa boprofeta boo? Karabo ke che. Ke Jehova feela ea ka etsang lintho tsena.
5. Hlalosa kamoo boprofeta ba Esaia bo phethahalang ka litsela tse fetang e le ’ngoe kateng.
5 Ha re ntse re hlahloba boprofeta ba Esaia, a re hopoleng hore joaloka likarolong tse ngata tsa boprofeta ba Bibele, mantsoe a hae a phethahala ka litsela tse fetang e le ’ngoe. Ka 607 B.C.E., Juda e tla isoa botlamuoeng Babylona. Leha ho le joalo, boprofeta ba Esaia bo senola hore Jehova o tla lopolla Baiseraele ba leng botlamuoeng moo. Sena se etsahala ka 537 B.C.E. Ho lokolloa hoo ho ne ho tšoana le ho etsahetseng mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo. Nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, bahlanka ba tlotsitsoeng ba Jehova ba lefatšeng ba ile ba feta nakong ea matšoenyeho. Ka 1918 khatello e tsoang lefatšeng la Satane—e susumetsoang ke Bokreste-’mōtoana e leng karolo e ka sehloohong ea Babylona e Moholo—e ile ea batla e khina ka ho feletseng boboleli bo hlophisitsoeng ba litaba tse molemo. (Tšenolo 11:5-10) Basebetsi ba bang ba ka sehloohong ba Mokhatlo oa Watch Tower ba ile ba kenngoa teronkong ka liqoso tsa bohata. Kamoo ho neng ho bonahala kateng, lefatše le ne le hlōtse ntoeng ea lona khahlanong le bahlanka ba Molimo. Joale, joalokaha ho ile ha etsahala morao koana ka 537 B.C.E., Jehova o ile a ba lokolla ka tsela e neng e sa lebelloa. Basebetsi ba koaletsoeng teronkong ba ile ba lokolloa ka 1919, ’me hamorao liqoso tse khahlanong le bona tsa hlakoloa. Kopano e neng e le Cedar Point, Ohio, ka September 1919, e ile ea matlafatsa bahlanka ba Jehova hore ba tsosolose mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. (Tšenolo 11:11, 12) Ho tloha nakong eo ho tla fihlela hona joale, mosebetsi oo oa boboleli o atolohile ka tsela e tsotehang. Ho feta moo, tse ngata tsa lintho tseo Esaia a li boletseng li tla phethahala ka tsela e hlollang lefatšeng le tlang la Paradeise. Ka hona, mantsoe a Esaia a buuoeng khale a ama lichaba le batho bohle kajeno.
Ho Bitsoa Molopolli
6. Moprofeta o hlalosa mohlōli oa nakong e tlang joang?
6 A sebelisa Esaia, Jehova o bolela esale pele mohlōli ea tlang ho lopolla batho ba Molimo Babylona le ea tla liha kahlolo ho lira tsa bona. Jehova oa botsa: “Ke mang ea tsositseng e mong bochaba-tsatsi? Ke mang ea mo bitselitseng maotong a Hae ka ho loka, ho mo fa lichaba, le ho etsa hore a kokobetse marena? Ke mang ea nehelaneng ka tsona joaloka lerōle saboleng ea hae, hoo li fefotsoeng ke seqha sa hae joaloka litlhaka feela? Ke mang ea ’nileng a li lelekisa, a ’na a fetela pele ka khotso a tsamaea ka maoto tseleng eo a sa kang a tla ka eona? Ke mang ea ’nileng a sebetsa ’me a etsa see, a bitsa meloko ho tloha qalong? ’Na, Jehova, Oa Pele; le ho ba ho qetela ke ntse ke tšoana.”—Esaia 41:2-4.
7. Mohlōli ea tlang ke mang, hona o finyella eng?
7 Ke mang ea lokelang ho tsosoa ho tsoa bochaba-tsatsi, ho tsoa likarolong tse ka bochabela? Linaha tsa Medo-Persia le Elame li ka bochabela ho Babylona. Cyruse oa Mopersia o hlaha hona teng, a e-na le mabotho a hae a matla. (Esaia 41:25; 44:28; 45:1-4, 13; 46:11) Le hoja Cyruse e se morapeli oa Jehova, o sebetsa tumellanong le thato ea Jehova, Molimo ea lokileng. Cyruse o kokobetsa marena, ’me a hasana joaloka lerōle ka pel’a hae. Moo a hahamaletseng tlhōlo, o feta “ka khotso,” kapa a sireletsehile, litseleng tseo ho sa atiseng ho tsamauoa ho tsona, o hlōla litšitiso tsohle. Ka selemo sa 539 B.C.E., Cyruse o fihla motseng o matla oa Babylona ’me oa o ripitla. Ka hona, batho ba Molimo baa lokolloa e le hore ba ka khutlela Jerusalema ho ea tsosolosa borapeli bo hloekileng.—Esdrase 1:1-7.c
8. Ke’ng seo e leng Jehova feela ea ka se etsang?
8 Kahoo, a sebelisa Esaia, Jehova o bolela esale pele ho hlaha ha Cyruse nako e telele pele morena eo a tsoaloa. Ke Molimo oa ’nete feela ea ka profetang ntho e joalo ka nepo. Ha ho ea lekanang le Jehova har’a melimo ea bohata ea lichaba. Ka ho utloahalang, Jehova o re: “Nke ke ka fa e mong khanya ea ka.” Ke Jehova feela eo ka nepo a ka reng: “Ke ’na oa pele ’me ke ’na oa ho qetela, ’me ha ho na Molimo ntle ho ’na.”—Esaia 42:8; 44:6, 7.
Lichaba Tse Tšohileng li Tšepa Melimo ea Litšoantšo
9-11. Lichaba li itšoara joang ha Cyruse a atamela?
9 Joale Esaia o hlalosa tsela eo lichaba li tlang ho itšoara ka eona ho mohlōli enoa oa nakong e tlang: “Lihlekehleke li ile tsa bona ’me tsa qala ho tšoha. Lipheletso tsa lefatše tsa qala ho thothomela. Tsa atamela ’me tsa ’na tsa tla. E mong le e mong a thusa motsoalle oa hae, ’me e mong o ne a re ho mor’abo: ‘E-ba matla.’ Kahoo setsebi sa mesebetsi ea matsoho sa matlafatsa ea sebetsang ka tšepe; ea etsang hore ntho e be boreleli ka hamore ea ho khoba a matlafatsa ea otlang tšetlo ka hamore, a re mabapi le se kopantsoeng ka kulo: ‘Se setle.’ Qetellong e mong a se khokhothela ka lipekere e le hore se se ke sa sisinngoa.”—Esaia 41:5-7.
10 Ha a talima lilemong tse ka bang 200 tse tlang, Jehova o hlahloba boemo ba lefatše. Mabotho a matla a laoloang ke Cyruse a lebelo, a hlōla bahanyetsi bohle. Batho—esita le baahi ba lihlekehleke, ba libakeng tse hōle ka ho fetisisa—baa thothomela ha a atamela. Ka ho tšoha ba iketsa ngatana-’ngoe e le hore ba loantše eo Jehova a mo bitsitseng ho tsoa bochabela ho tla liha kahlolo. Ba leka ho khothatsana, ka ho re: “E-ba matla.”
11 Litsebi tsa mesebetsi ea matsoho li sebetsa ’moho ho etsa melimo ea litšoantšo e le hore e lopolle batho. ’Metli o etsa ’mele ka lehong, ebe joale o khothalletsa setei sa khauta hore se o koahele ka tšepe, mohlomong ka khauta. Moetsi oa setšoantšo o otla tšepe eo ka hamore ho etsa hore e be boreleli ’me o lumella hore e cheseletsoe. Mohlomong ka ho phoqa ho itseng ho buuoa ka hore se khokhotheloe ka lipekere e le hore se se ke sa sisinyeha kapa sa bonahala se fokola, joalokaha molimo oa setšoantšo oa Dagone o ile oa oela ka pel’a areka ea Jehova.—1 Samuele 5:4.
Le se ke la Tšoha!
12. Jehova o tiisetsa Iseraele eng?
12 Joale Jehova o lebisa tlhokomelo ea hae ho batho ba hae. Ho fapana le lichaba tse tšepileng melimo ea litšoantšo e sa pheleng, ba tšepileng Molimo oa ’nete ha ho hlokahale hore ba tšohe le ka mohla. Tiisetso eo Jehova a fanang ka eona e qala ka khopotso ea hore Iseraele ke setloholo sa motsoalle oa hae, Abrahama. Ka lipolelo tse bontšang lerato le tebileng, Esaia o tlaleha mantsoe a Jehova: “Uena Iseraele, u mohlanka oa ka, Uena Jakobo, eo ke mo khethileng, peō ea Abrahama motsoalle oa ka; uena, eo ke mo nkileng lipheletsong tsa lefatše, le uena, eo ke mo bitsitseng likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa lona. Kahoo ke itse ho uena, ‘U mohlanka oa ka; ke u khethile, ’me ha kea u lahla. U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena. U se ke ua talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao. Ke tla u matlafatsa. Ka sebele ke tla u thusa. Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho la ka le letona la ho loka.’”—Esaia 41:8-10.
13. Ke hobane’ng ha mantsoe a Jehova e tla ba a tšelisang ho Bajuda ba botlamuoeng?
13 Mantsoe ana e tla ba a tšelisang hakaakang ho Bajuda ba tšepahalang ba botlamuoeng naheng esele! E tla ba ho khothatsang hakaakang ho utloa Jehova a ba bitsa “mohlanka oa ka” nakong eo ka eona e leng batlamuoa, bahlanka ba morena oa Babylona! (2 Likronike 36:20) Le hoja Jehova a tla ba laea ka lebaka la ho se tšepahale ha bona, ha a na ho ba lahla. Iseraele ke ea Jehova, hase ea Babylona. Bahlanka ba Molimo ha ba na ho ba le lebaka la ho thothomela ha Cyruse ea hlōlang a atamela. Jehova o tla ba le batho ba hae ho ba thusa.
14. Mantsoe a Jehova ho Iseraele a tšelisa bahlanka ba Molimo joang kajeno?
14 Mantsoe ao a ’nile a tiisa le ho matlafatsa bahlanka ba Molimo esita le ho tla fihla mehleng ena ea rōna. Morao koana ka 1918 ba ne ba labalabela ho tseba thato ea Jehova bakeng sa bona. Ba ne ba labalabela ho lopolloa boemong ba bona ba ho ba botlamuoeng ba moea. Kajeno re labalabela ho lokolloa likhatellong tseo re li tlisetsoang ke Satane, lefatše le ho se phethahale ha rōna. Empa rea utloisisa hore Jehova o tseba hantle nako le tsela ea ho nka khato molemong oa batho ba hae. Joaloka bana ba banyenyane, re itšoarella ka letsoho la hae le matla, re kholisehile hore o tla re thusa ho atleha. (Pesaleme ea 63:7, 8) Jehova o nka ba mo sebeletsang e le ba bohlokoa. Kajeno o re tšehetsa feela joalokaha a ile a tšehetsa batho ba hae nakong e thata ea 1918-19 le feela joalokaha a ile a tšehetsa Baiseraele ba tšepahalang mehleng ea boholo-holo.
15, 16. (a) Ho tla etsahala’ng ka lira tsa Iseraele, hona Iseraele e tšoana le sebōkō ka litsela life? (b) Mantsoe a Jehova ke a khothatsang ka ho khetheha mabapi le tlhaselo efe e atamelang kajeno?
15 Nahana ka seo joale Jehova a se buang a sebelisa Esaia: “‘Bona! Bohle ba u halefelang ba tla hlajoa ke lihlong ’me ba kokobetsoe. Batho ba qabanang le uena ba tla fetoha lefeela ’me ba tla timela. U tla ba batla, empa u ke ke ua ba fumana, batho ba u loantšang. Ba tla fetoha ho hong ho sa pheleng ’me ba fetohe lefeela, batho ba u loantšang. Etsoe ’na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho la hao le letona, ke ’na Ea reng ho uena, “U se ke ua tšoha. Ke tla u thusa.” U se ke ua tšoha, uena sebōkō Jakobo, lōna banna ba Iseraele. Ke tla u thusa,’ ho bolela Jehova, Morekolli oa hao, Mohalaleli oa Iseraele.”—Esaia 41:11-14.
16 Lira tsa Iseraele ha li na ho hlōla. Ba halefelang Iseraele ba tla hlajoa ke lihlong. Ba e loantšang ba tla timela. Le hoja Baiseraele ba botlamuoeng ba bonahala ba fokola ba bile ba se na boitšireletso joaloka sebōkō se ntseng se meneka lerōleng, Jehova o tla ba thusa. Ena e ’nile ea e-ba khothatso e kaakang “matsatsing [aa] a ho qetela” ha Bakreste ba ’nete ba tobane le lehloeo le qophellang la ba bangata hakaale lefatšeng! (2 Timothea 3:1) ’Me tšepiso ea Jehova ke e matlafatsang hakaakang ha ho nahanoa ka tlhaselo e atamelang ea Satane, eo ho buuoang ka eena boprofeteng e le “Gogo oa naha ea Magogo”! Tlhaselong e mabifi ea Gogo, batho ba Jehova ba tla bonahala ba se na boitšireletso joaloka sebōkō—e le batho “ba lutseng ho se lerako” ba bile “ba se na leha e le mokoallo le menyako.” Leha ho le joalo, ba tšepileng Jehova ha ho na ho hlokahala hore ba thothomele ke tšabo. Ea Matla ’Ohle ka boeena o tla loanela ho ba lopolla.—Ezekiele 38:2, 11, 14-16, 21-23; 2 Bakorinthe 1:3.
Matšeliso ho Iseraele
17, 18. Esaia o hlalosa ho matlafatsoa ha Iseraele joang, hona re ka kholiseha ka phethahatso efe?
17 Jehova o tsoela pele ho tšelisa batho ba hae: “Bona! Ke u entse selei sa ho pola, sepolo se sehang ka nģa tse peli. U tla hatakela lithaba u li silakanye; ’me u tla etsa hore maralla a be joaloka ’mōkō. U tla li olōsa, ’me li tla fefoloa ke moea, ’me sefefo se tla li lebisa litseleng tse fapaneng. U tla ithabela ho Jehova. U tla ithorisa ka Mohalaleli oa Iseraele.”—Esaia 41:15, 16.
18 Iseraele e tla fuoa matla a hore e nke khato, ’me ka kutloisiso ea moea, e kokobetse lira tsa eona tse kang lithaba. Ha Iseraele e khutla botlamuoeng, e tla hlōla lira tse lekang ho e sitisa ho tsosolosa tempele le marako a Jerusalema. (Esdrase 6:12; Nehemia 6:16) Leha ho le joalo, mantsoe a Jehova a tla phethahala ka tsela e hlollang ho “Iseraele ea Molimo.” (Bagalata 6:16) Jesu o tšepisa Bakreste ba tlotsitsoeng: “Ea hlōlang le ea bolokang liketso tsa ka ho fihlela bofelong ke tla mo fa matla holim’a lichaba, ’me o tla lisa batho ka molamu oa tšepe e le hore ba tle ba pshatloe likoto joaloka lijana tsa letsopa, joalokaha ke amohetse ho Ntate.” (Tšenolo 2:26, 27) Ka sebele nako e tla tla eo ka eona barab’abo Kreste ba tsoselitsoeng khanyeng ea leholimo ba tlang ho nka karolo ho timetseng lira tsa Jehova Molimo.—2 Bathesalonika 1:7, 8; Tšenolo 20:4, 6.
19, 20. Ke eng seo Esaia a se ngolang mabapi le ho tsosolosetsoa ha Iseraele sebakeng sa botle, hona see se phethahala joang?
19 Ka puo ea tšoantšetso, Jehova joale o tiisa tšepiso ea hae ea ho thusa batho ba hae. Esaia oa ngola: “Ba hlorileng le ba futsanehileng ba batla metsi, empa ha a eo. Maleme a bona a omeletse ka lebaka la lenyora. ’Na, Jehova, ke tla ba araba. ’Na, Molimo oa Iseraele, nke ke ka ba tlohela. Ke tla etsa linōka holim’a maralla a se nang letho, le liliba har’a lithota. Ke tla etsa hore lefeella e be letamo la metsi le nang le lehlaka, le naha e se nang metsi ke e etse mehloli ea metsi. Ke tla beha sefate sa kedare lefeelleng, leoka le myrte le sefate sa oli. Ke tla beha sefate sa junipere thoteng ea lehoatata, sefate se nang le makala a kang molora le kyprese ka nako e tšoanang; e le hore batho ba ka bona le ho tseba le ho ela hloko le ho ba le temohisiso ka nako e tšoanang, hore letsoho la Jehova le entse sena, ’me Mohalaleli oa Iseraele o bōpile hoo.”—Esaia 41:17-20.
20 Le hoja Baiseraele ba botlamuoeng ba lula motse-moholo oa ’muso o ruileng oa lefatše, ho bona o joaloka lehoatata le se nang metsi. Ba ikutloa joaloka Davida ha a ne a ipatetse Morena Saule. Ka 537 B.C.E., Jehova o ba bulela tsela ea ho khutlela Juda le ho tsosolosa tempele ea hae Jerusalema, ka tsela eo ba tsosolose borapeli bo hloekileng. Ka lehlakoreng le leng, Jehova oa ba hlohonolofatsa. Boprofeteng bo bong ba moraonyana, Esaia o bolela esale pele: “Ka sebele Jehova o tla tšelisa Sione. Ka sebele o tla tšelisa libaka tsohle tsa eona tse ripitliloeng, ’me o tla etsa hore lefeella la eona le be joaloka Edene le thota ea eona ea lehoatata e be joaloka serapa sa Jehova.” (Esaia 51:3) Ha e le hantle sena se etsahala ka mor’a hore Bajuda ba khutlele naheng ea habo bona.
21. Ke tsosoloso efe e etsahetseng mehleng ea kajeno, hona ho tla etsahala’ng nakong e tlang?
21 Ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e tšoanang mehleng ea kajeno ha Cyruse e Moholoanyane, Kreste Jesu, a lokolla balateli ba hae ba tlotsitsoeng botlamuoeng ba moea e le hore ba ka sebeletsa ho tsosolosa borapeli bo hloekileng. Ba tšepahalang ba ile ba hlohonolofatsoa ka paradeise e enneng ea moea, serapa sa tšoantšetso sa Edene. (Esaia 11:6-9; 35:1-7) Haufinyane, ha Molimo a timetsa lira tsa hae, lefatše lohle le tla fetoha paradeise ea sebele, feela joalokaha Jesu a ile a tšepisa moetsi oa bobe thupeng.—Luka 23:43.
Phephetso ho Lira Tsa Iseraele
22. Jehova o boetse o phephetsa lichaba ka mantsoe afe?
22 Joale Jehova o khutlela tsekisanong ea hae le lichaba le melimo ea tsona ea litšoantšo: “‘Tlisang tsekisano ea lōna ka pele,’ ho bolela Jehova. ‘Hlahisang mabaka a lōna,’ ho bolela Morena oa Jakobo. ‘Hlahisang ’me le re bolelle lintho tse tla etsahala. Lintho tsa pele—seo li neng li le sona—le fele le bolele, e le hore re sebelise lipelo tsa rōna ’me re tsebe bokamoso ba tsona. Kapa le etse hore re utloe lintho tse tlang. Bolelang lintho tse tlang ka mor’a moo, e le hore re tsebe hore le melimo. E, le tšoanela ho etsa se molemo kapa le etse bobe, e le hore re talime koana le koana ’me re ho bone ka nako e tšoanang. Bonang! Le ho hong ho sa pheleng, ’me ntho eo le e finyeletseng hase letho. E mong le e mong ea le khethang o manyala.’” (Esaia 41:21-24) Na melimo ea lichaba e khona ho profeta ka nepo ’me kahoo e pake hore e na le tsebo e phahametseng ea tlhaho? Haeba e khona, ka sebele ho lokela hore ho be le litholoana tse itseng, ebang ke tse ntle kapa tse mpe, ho tšehetsa lipolelo tsa eona. Leha ho le joalo, ha e le hantle melimo ea litšoantšo e sitoa ho finyella ntho leha e le efe ’me e tšoana le ntho e sieo.
23. Ke hobane’ng ha Jehova, a sebelisa baprofeta ba hae, a ile a nyatsa melimo ea litšoantšo a sa phetse?
23 Mehleng ena ea rōna, ba bang ba ka ’na ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha Jehova, a sebelisa Esaia le baprofeta ba bang ba habo, a ile a qeta nako e ngata hakana a nyatsa booatla ba ho rapela melimo ea litšoantšo. Ho hloka thuso ha melimo ea litšoantšo e entsoeng ke batho ho ka ’na ha bonahala ho totobetse ho ba bangata kajeno. Leha ho le joalo, hang ha tsamaiso ea bohata ea tumelo e se e qalile ’me e amohelehile ka ho pharaletseng, ho thata ho e ntša ka metso likelellong tsa ba e lumelang. Litumelo tse ngata tsa kajeno ke tse sa utloahaleng feela joaloka tumelo ea hore litšoantšo tse sa pheleng ke melimo ea sebele. Leha ho le joalo, batho ba khomarela litumelo tse joalo le hoja ho e-na le mabaka a kholisang a khahlanong le tsona. Ke feela ka mor’a ho utloa ’nete khafetsa ba bang ba susumelletsehang ho bona bohlale ba ho tšepa Jehova.
24, 25. Jehova o boetse o bua ka Cyruse joang, hona see se re hopotsa boprofeta bofe bo bong?
24 Jehova o boetse o bua ka Cyruse: “Ke tsositse e mong leboea, ’me o tla tla. O tla ipiletsa lebitsong la ka ho tloha bochaba-tsatsi. O tla hatakela batlatsi ba ’musi joalokaha eka ke letsopa le joalokaha sebōpi se hatakela letsopa le mongobo.” (Esaia 41:25)d Ho fapana le melimo ea lichaba, Jehova o khona ho etsa lintho. Ha a hlahisa Cyruse a tsoa bochabela, “bochaba-tsatsi,” Molimo o tla bonahatsa bokhoni ba hae ba ho bolela bokamoso esale pele le ho bo hlopha ho phethahatsa seo a se boletseng esale pele.
25 Mantsoe ana a re hopotsa tlhaloso ea boprofeta ea moapostola Johanne ea marena a neng a tla tsosoa molota hore a nke khato mehleng ea rōna. Ho Tšenolo 16:12, re bala hore ho tla lokisoa tsela “bakeng sa marena a tsoang bochaba-tsatsi.” Marena ana ke Jehova Molimo le Jesu Kreste. Feela joalokaha Cyruse a ile a lopolla batho ba Molimo mehleng ea boholo-holo, marena ana a mo fetang hōle ka matla a tla timetsa lira tsa Jehova le ho tataisa batho ba hae ho feta matšoenyehong a maholo ho kena lefatšeng le lecha la ho loka.—Pesaleme ea 2:8, 9; 2 Petrose 3:13; Tšenolo 7:14-17.
Jehova o Phahame ka ho Fetisisa!
26. Joale Jehova o botsa potso efe, hona e arabeloa joang?
26 Jehova o boetse o phatlalatsa ’nete ea hore ke eena feela Molimo oa ’nete. Oa botsa: “Ke mang ea boletseng ntho leha e le efe ho tloha qalong, e le hore re tsebe, kapa linakong tse fetileng, e le hore re ka re, ‘O nepile’? Ruri ha ho ea bolelang. Ruri ha ho ea etsang hore motho a utloe. Ruri ha ho ea utloang lipolelo tsa lōna.” (Esaia 41:26) Ha ho molimo oa setšoantšo o phatlalalitseng ho tla ha mohlōli ea tlang ho lokolla ba o tšepileng. Melimo e joalo kaofela ha e phele, ha e khone ho bua. Ho hang hase melimo.
27, 28. Ke ’nete efe ea bohlokoa e hatisoang litemaneng tse qetellang tsa Esaia 41, hona ke bo-mang feela ba phatlalatsang see?
27 Ka mor’a ho tlaleha mantsoe ana a Jehova a susumetsang a boprofeta, Esaia o hatisa ’nete ea bohlokoa: “Ho na le oa pele, ea reng ho Sione: ‘Bona! Ke bana!’ ’me Jerusalema ke tla e fa ea tlisang litaba tse molemo. Ka ’na ka talima, ’me ho ne ho se na motho; ’me le ho bana ho ne ho se ea fanang ka keletso. Ka ’na ka ba botsa, e le hore ba arabe. Bonang! Kaofela ha bona ke ho hong ho sa pheleng. Mesebetsi ea bona hase letho. Litšoantšo tsa bona tse entsoeng ka ho qhibilihisoa ke moea le ntho eo e seng ea sebele.”—Esaia 41:27-29.
28 Jehova ke oa pele. Ke ea phahameng ka ho fetisisa! Ke Molimo oa ’nete, ea phatlalatsang topollo ea batho ba hae, ea ba tlisetsang litaba tse molemo. ’Me ke Lipaki tsa hae feela tse phatlalatsang boholo ba hae lichabeng. Ka ho soma, Jehova o nyatsa ba tšepang borapeli ba melimo ea litšoantšo, o qhela melimo ea bona ea litšoantšo e le “moea le ntho eo e seng ea sebele.” Ke lebaka le matla hakaakang la ho khomarela Molimo oa ’nete! Ke Jehova feela eo re lokelang ho tšepela ho eena ka kholiseho.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona khaolo ea 29 bukeng ea Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho I.
b Bona khaolo ea 30 bukeng ea Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho I.
c Cyruse e Moholoanyane, eo ka 1919 a ileng a lokolla “Iseraele ea Molimo” botlamuoeng ba moea, ke Jesu Kreste, ea lutseng teroneng e le Morena oa ’Muso oa Molimo oa leholimo ho tloha ka 1914.—Bagalata 6:16.
d Le hoja naha ea habo Cyruse e ne e le ka bochabela ho Babylona, ha a hlasela motse lekhetlo la ho qetela, o ne a e-tsoa leboea, Asia Minor.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Le hoja Cyruse e le mohetene, o khetheloa ho etsa mosebetsi oa Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Lichaba li tšepa melimo ea litšoantšo e sa pheleng
[Litšoantšo tse leqepheng la 27]
Joaloka “selei sa ho pola,” Iseraele e tla ‘silakanya lithaba’