Khaolo ea Pele
Moprofeta oa Molimo o Tlisetsa Moloko oa Batho Leseli
1, 2. Ke maemo afe kajeno a hlileng a tšoenyang ba bangata?
RE PHELA mehleng eo ho eona ho bonahalang eka motho a ka khona ho finyella ntho leha e le efe. Ho tsamaea sepakapakeng, theknoloji ea k’homphieutha, ho fetola liphatsa tsa lefutso le lintho tse ling tseo saense e li qapileng li buletse moloko oa batho menyetla e mecha, li tšepisa bophelo bo molemonyana—mohlomong esita le bo boleletsana.
2 Na khatelo-pele e joalo e entse hore u khone ho lula u sa notlele menyako? Na e felisitse tšokelo ea ntoa? Na e folisitse ho kula leha e le hona ho tlosa masoabi a ho lahleheloa ke moratuoa ka lefu? Le hanyenyane! Le hoja tsoelo-pele e entsoeng ke batho e tsoteha joalo, ea haelloa. Tlaleho ea Mokhatlo oa Worldwatch e re: “Re fumane tsela ea ho ea khoeling, re etsa le li-silicon chip tse matla haholoanyane le ho fetisetsa liphatsa tsa lefutso ho motho e mong. Empa re sa ntse re sitoa ho fa batho ba libilione [limilione tse likete] metsi a hloekileng, ho emisa ho timetsoa ha mefuta e likete ea lintho tse phelang, leha e le hona ho finyella matla ao mesebetsi ea rōna e a hlokang re sa kena-kenane le tšebetso ea sepakapaka.” Ka ho utloahalang, batho ba bangata ba tšoenyehile ka bokamoso, ha ba tsebe hore na ba lebe hokae ho batla matšeliso le tšepo.
3. Boemo e ne e le bofe Juda lekholong la borobeli la lilemo B.C.E.?
3 Boemo boo re tobaneng le bona kajeno bo tšoana le boo batho ba Molimo ba ileng ba tobana le bona lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. Ka nako eo, Molimo o ile a laela mohlanka oa hae Esaia hore a isetse baahi ba Juda molaetsa oa matšeliso, ’me ba ne ba hlile ba hloka matšeliso ao. Sechaba se ile sa sisinngoa ke liketsahalo tse ferekanyang. ’Muso o sehlōhō oa Assyria o ne o le haufi le ho sokela naha eo, e leng ho neng ho tlatsa ba bangata tšabo. Batho ba Molimo ba ne ba ka retelehela hokae ho batla poloko? Lebitso la Jehova le ne le sa tlohe melomong ea bona, empa ba ne ba khetha ho beha tšepo ea bona ho batho.—2 Marena 16:7; 18:21.
Leseli le Khanyang Lefifing
4. Esaia o ile a laeloa hore a phatlalatse molaetsa ofe o habeli?
4 Ka lebaka la tsela ea Juda ea bofetoheli, Jerusalema e ne e lokela ho timetsoa, ’me baahi ba Juda ba lokela ho isoa botlamuoeng Babylona. E, ho ne ho e-tla linako tse mahlonoko. Jehova o ile a laela moprofeta oa hae Esaia hore a bolele nako ena ea tlokotsi esale pele, empa O ile a boela a mo laela hore a phatlalatse litaba tse molemo. Ka mor’a lilemo tse 70 ba le botlamuoeng, Bajuda ba ne ba tla lokolloa Babylona! Masala a thabileng a ne a tla khutlela Sione ’me a be le tokelo ea ho tsosolosa borapeli ba ’nete moo. Ka molaetsa ona o thabisang, Jehova o ile a sebelisa moprofeta oa hae ho khantša leseli lefifing.
5. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a senola merero ea hae nako e telele hakaalo esale pele?
5 Juda ha ea ka ea etsoa lesupi ho fihlela lilemo tse fetang lekholo ka mor’a hore Esaia a tlalehe boprofeta ba hae. Joale, ke hobane’ng ha Jehova a ile a senola merero ea hae nako e telele hakaalo esale pele? Na ba utloileng liphatlalatso tsa Esaia e ne e tla be e se khale ba shoele nakong eo boprofeta boo bo phethahalang ka eona? Ke ’nete ho joalo. Leha ho le joalo, ka lebaka la lintho tseo Jehova a ileng a li senolela Esaia, ba neng ba phela nakong ea ha ho timetsoa Jerusalema ka 607 B.C.E. ba ne ba tla ba le tlaleho e ngotsoeng ea melaetsa ea Esaia ea boprofeta. Sena se ne se tla fana ka bopaki bo ke keng ba hanyetsoa ba hore Jehova ke eena “Ea bolelang qetello ho tloha tšimolohong, le eo ho tloha khale a bolelang lintho tse e-s’o etsoe.”—Esaia 46:10; 55:10, 11.
6. Litsela tse ling tseo ka tsona Jehova a phahametseng batho bohle ba bolelang liketsahalo esale pele ke life?
6 Ke Jehova feela ea nang le tokelo ea ho bolela seo. Motho a ka ’na a bolela bokamoso esale pele a itšetlehile ka kutloisiso eo a nang le eona ea maemo a lipolotiki kapa a sechaba ka nako eo. Empa ke Jehova feela ea ka bonelang lintho pele ka kholiseho e feletseng mabapi le se tlang ho etsahala ka nako e itseng, esita le nakong e tlang e hōle. A ka boela a fa bahlanka ba hae matla a ho bolela lintho tse tlang ho etsahala nako e telele pele li etsahala. Bibele e re: “’Musi Morena Jehova a ke ke a etsa letho ntle le hore a senolele bahlanka ba hae baprofeta taba ea hae ea lekunutu.”—Amose 3:7.
“Bo-Esaia” ba ne ba le Bakae?
7. Litsebi tse ngata li ’nile tsa belaella taba ea hore Esaia ke eena mongoli joang, hona hobane’ng?
7 Taba ea boprofeta ke e ’ngoe e entseng hore litsebi tse ngata li belaelle hore Esaia ke eena mongoli. Bahlahlobisisi bana ba pheha khang ea hore e tlameha ebe karolo e qetellang ea buka eo e ngotsoe ke motho e mong ea phetseng lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., nakong ea botlamuoa ba Babylona kapa ka morao ho eona. Ho ea ka bona, boprofeta ba ho etsoa ha Juda lesupi bo ngotsoe ka mor’a hore bo phethahale, kahoo ha e le hantle e ne e se boprofeta ho hang. Bahlahlobisisi bana ba boetse ba bolela hore ka mor’a khaolo ea 40, buka ea Esaia e bua joalokaha eka Babylona e ne e se e le ’muso o hlaheletseng ’me Baiseraele ba le botlamuoeng teng. Kahoo ba beha lebaka la hore e tlameha ebe motho ea ngotseng karolo e qetellang ea Esaia o e ngotse ka nako eo—lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. Na ho na le motheo o utloahalang oa ho nahana joalo? Ka sebele ha o eo!
8. Ho belaella hore Esaia ke eena mongoli ho qalile neng, hona ha jaleha joang?
8 Hore Esaia ke eena mongoli ho qalile ho belaelloa lekholong la bo12 la lilemo C.E. Pelaelo ena e ile ea hlahisoa ke mohlalosi oa Mojuda Abraham Ibn Ezra. Encyclopaedia Judaica e re: “Tlhalosong ea hae ka Esaia, [Abraham Ibn Ezra] o bolela hore karolo ea bobeli, ho tloha khaolong ea 40, e ngotsoe ke moprofeta ea phetseng nakong ea Botlamuoa ba Babylona le qalong ea nako ea Ho Khutlela Sione.” Lekholong la bo18 le la bo19 la lilemo, likhopolo tsa Ibn Ezra li ile tsa amoheloa ke litsebi tse ’maloa, tse kopanyelletsang Johann Christoph Doederlein, moruti oa thuto ea bolumeli oa Mojeremane ea ileng a hatisa buka ea hae e tšohlang Esaia ka 1775, ’me a hatisa ea bobeli ka 1789. New Century Bible Commentary e re: “Litsebi tsohle haese feela tse ntseng li khomaretse likhopolo tsa boholo-holo hona joale li amohela khopolo-taba e qaliloeng ke Doederlein . . . ea hore boprofeta bo khaolong ea 40-66 bukeng ea Esaia hase mantsoe a moprofeta Esaia oa lekholong la borobeli la lilemo empa hore ke ba nakong ea ka morao ho eo.”
9. (a) Ke ho qanolloa hofe ho entsoeng ha buka ea Esaia? (b) Mohlalosi e mong oa Bibele o akaretsa joang khang ea hore Esaia ke eena mongoli?
9 Leha ho le joalo, lipelaelo tsa hore na mongoli oa buka ea Esaia ke mang ha lia ka tsa fella moo. Khopolo-taba mabapi le Esaia oa bobeli e ile ea hlahisa taba ea hore e ka ’na eaba ho ne ho ameha mongoli oa boraro.a Joale buka ea Esaia e ile ea qanolloa le ho feta, hoo setsebi se seng se hlalosang hore khaolo ea 15 le ea 16 li ngotsoe ke moprofeta e mong ea sa tsejoeng, ha tse ling li belaella hore na ke mang ea ngotseng khaolo ea 23 ho isa ho ea 27. Ho sa le joalo se seng se re mantsoe a fumanoang khaolong ea 34 le ea 35 e ke ke eaba a ngotsoe ke Esaia. Hobane’ng? Hobane boitsebiso bo ho tsona bo tšoana haholo le bo khaolong ea 40 ho isa ho ea 66, tseo ho neng ho se ho ntse ho itsoe li ngotsoe ke motho e mong ho fapana le Esaia oa lekholong la borobeli la lilemo! Mohlalosi e mong oa Bibele Charles C. Torrey o akaretsa phello ea tsela ena ea ho nahana ka tsela e tobileng. O re: “Eo e kileng ea e-ba ‘Moprofeta [e moholo] oa Botlamuoa,’ o fetohile motho ea sa reng letho, ’me o batla a pupelitsoe ka ho feletseng ke liqonoana-qonoana tseo buka ea hae e tsekolotsoeng ka tsona.” Leha ho le joalo, hase litsebi tsohle tse lumellanang le ho qanolloa ho joalo ha buka ea Esaia.
Bopaki ba Hore Mongoli o Mong
10. Fana ka mohlala o le mong oa kamoo ho sebelisoa ha poleloana e itseng ka tsela e tšoanang hohle ho pakang hore buka ea Esaia e ngotsoe ke mongoli a le mong.
10 Ho na le lebaka le matla le tšehetsang hore buka ea Esaia e ngotsoe ke mongoli a le mong feela. Lebaka le leng le pakang seo ke le amanang le ho sebelisoa ha polelo e itseng ka tsela e tšoanang hohle. Ka mohlala, poleloana e reng “Mohalaleli oa Iseraele” e fumanoa ka makhetlo a 12 ho Esaia khaolo ea 1 ho isa ho ea 39 le ka makhetlo a 13 ho Esaia khaolo ea 40 ho isa ho ea 66, leha ho le joalo, tlhaloso ena e hlalosang Jehova e hlaha ka makhetlo a 6 feela likarolong tse ling kaofela tsa Mangolo a Seheberu. Ho sebelisoa khafetsa ha poleloana ena e sa atiseng ho sebelisoa ho fana ka bopaki ba hore Esaia ke eena mongoli a le mong.
11. Ho na le ho tšoana hofe pakeng tsa khaolo ea 1 ho isa ho ea 39 le khaolo ea 40 ho isa ho ea 66 ho Esaia?
11 Ho na le lintho tse ling tse tšoanang pakeng tsa Esaia khaolo ea 1 ho isa ho ea 39 le khaolo ea 40 ho isa ho ea 66. Khafetsa likarolo tseo ka bobeli li sebelisa mokhabo-puo o ikhethang, joaloka, mosali ea bohlokong ba pelehi le “tsela” kapa “tsela e khōlō.”b Ho boetse ho buuoa khafetsa ka “Sione,” e leng lentsoe le sebelisitsoeng ka makhetlo a 29 khaolong ea 1 ho isa ho ea 39 le ka makhetlo a 18 khaolong ea 40 ho isa ho ea 66. Ha e le hantle, ho buuoa ka Sione ka makhetlo a mangata ho Esaia ho feta bukeng leha e le efe e ’ngoe ea Bibele! The International Standard Bible Encyclopedia e bolela hore bopaki bo joalo “bo khetholla buka eo e le e ikhethang ka tsela eo ho leng thata ho e hlalosa” haeba buka eo e ngotsoe ke bangoli ba babeli, ba bararo, kapa ba fetang moo.
12, 13. Mangolo a Segerike a Bakreste a bontša joang hore buka ea Esaia e ngotsoe ke mongoli a le mong?
12 Bopaki bo matlahali ba hore buka ea Esaia e ngotsoe ke mongoli a le mong feela bo fumanoa Mangolong a Segerike a Bakreste a bululetsoeng. A bontša ka ho hlaka hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba lumela hore buka ea Esaia e ngotsoe ke mongoli a le mong. Ka mohlala, Luka o bolela hore letona la Ethiopia le ne le bala boitsebiso boo hona joale re bo fumanang ho Esaia khaolo ea 53, e leng eona karolo eo bahlahlobisisi ba kajeno ba hlalosang hore e ngotsoe ke Esaia oa Bobeli. Leha ho le joalo, Luka o re Moethiopia o ne a “balla holimo moprofeta Esaia.”—Liketso 8:26-28.
13 Ho latelang, nahana ka mongoli oa Kosepele Matheu, ea hlalosang kamoo tšebeletso ea Johanne Mokolobetsi e ileng ea phethahatsa mantsoe a boprofeta kateng ao hona joale re a fumanang ho Esaia 40:3. Matheu o hlalosa hore boprofeta boo bo fanoe ke mang? Na ke Esaia oa Bobeli ea sa tsejoeng? Che, o bolela feela hore mongoli ke “moprofeta Esaia.”c (Matheu 3:1-3) Ketsahalong e ’ngoe, Jesu o ile a bala moqolong mantsoe ao hona joale re a fumanang ho Esaia 61:1, 2. Ha a pheta ketsahalo eo, Luka o re: “A nehoa moqolo oa moprofeta Esaia.” (Luka 4:17) Lengolong la hae le eang ho Baroma, Pauluse o bua ka karolo e qalang le e qetellang ea Esaia, empa ha ho moo a amang leha e le hanyenyane feela taba ea hore mongoli e ne e le motho e mong osele ntle ho Esaia. (Baroma 10:16, 20; 15:12) Ka ho hlakileng, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba sa lumele hore buka ea Esaia e ngotsoe ke bangoli ba babeli, ba bararo kapa ba fetang moo.
14. Meqolo ea Leoatle le Shoeleng e fana ka leseli joang tabeng ea hore Esaia ke eena mongoli?
14 Nahana hape ka bopaki ba Meqolo ea Leoatle le Shoeleng—litokomane tsa boholo-holo, tseo tse ngata tsa tsona e leng tsa nakong ea pele ho mehla ea Jesu. Moqolo o mong oa Esaia o ngotsoeng ka letsoho, o tsebahalang ka hore ke Moqolo oa Esaia, ke oa nakong ea ho tloha lekholong la bobeli la lilemo B.C.E., ’me o hanyetsa lipolelo tsa bahlahlobisisi tsa hore Esaia oa Bobeli o ile a qetela ho ngola ho tloha khaolong ea 40. Joang? Tokomaneng ena ea boholo-holo, seo hona joale re se tsebang e le khaolo ea 40 se qala moleng oa ho qetela oa karolo e ka lehlakoreng le leng, ’me polelo e qalang e qetella karolong e ka lehlakoreng le latelang. Ho hlakile hore mothating oo mokopitsi ha aa ka a hlokomela phetoho leha e le efe e bontšang hore ho se ho e-na le mongoli e mong ea inahaneloang kapa ho arohana ho itseng bukeng eo.
15. Rahistori oa Mojuda oa lekholong la pele la lilemo, Flavius Josephus, o re’ng ka boprofeta ba Esaia bo mabapi le Cyruse?
15 Qetellong, nahana ka bopaki ba rahistori oa Mojuda oa lekholong la pele la lilemo, Flavius Josephus. Ha a bontše feela hore boprofeta ba Esaia bo mabapi le Cyruse bo ile ba ngoloa lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. empa o boetse o bontša hore Cyruse o ne a tseba ka boprofeta bona. Josephus oa ngola: “Cyruse o ne a tseba lintho tsena, ka ho bala buka ea boprofeta eo Esaia a neng a e siile lilemong tse makholo a mabeli le leshome pejana.” Ho ea ka Josephus, e ka ’na eaba ho tseba boprofeta bona ho ile ha tlatsetsa ho etseng hore Cyruse a ithaopele ho khutlisetsa Bajuda naheng ea habo bona, kaha Josephus o ngola hore Cyruse o ile a “ba le takatso le tabatabelo e matla ea ho etsa se ngotsoeng.”—Jewish Antiquities, Buka XI, khaolo ea 1, serapa sa 2.
16. Ho ka thoe’ng ka polelo ea bahlahlobisisi ea hore Babylona e hlalosoa e le ’muso o hlaheletseng karolong e qetellang ea Esaia?
16 Joalokaha ho boletsoe pejana, bahlahlobisisi ba bangata ba bontša hore ho tloha ho Esaia khaolo ea 40 ho ea pele, Babylona e hlalosoa e le ’muso o hlaheletseng, ’me ho buuoa ka Baiseraele ba se ba ntse ba le botlamuoeng. Na see ha se bontše hore mongoli o phetse lekholong la botšelela la lilemo B.C.E.? Che, ha ho hlile ha ho joalo. ’Nete ke hore le pele ho Esaia khaolo ea 40, ka linako tse ling Babylona e hlalosoa e le ’muso oa lefatše o hlaheletseng. Ka mohlala, ho Esaia 13:19, Babylona e bitsoa “mokhabiso oa mebuso” kapa, kamoo Today’s English Version e e behang kateng, “’muso o motle ka ho fetisisa har’a eohle.” Ho hlakile hore mantsoe ana ke a boprofeta, kaha Babylona ha ea ka ea fetoha ’muso oa lefatše ho fihlela lilemo tse fetang lekholo hamorao. Mohlahlobisisi e mong o “rarolla” sena seo ho thoeng ke bothata ka ho qhelela Esaia 13 ka thōko ka hore e ngotsoe ke mongoli e mong! Leha ho le joalo, ha e le hantle ho bua ka liketsahalo tsa nakong e tlang joalokaha eka li se li ntse li etsahetse ke ntho e tloaelehileng boprofeteng ba Bibele. Ho sebelisa mokhoa ona oa ho ngola ho hlile ho hatisa hore ka sebele boprofeta bo tla phethahala. (Tšenolo 21:5, 6) Ka sebele, ke Molimo oa boprofeta ba ’nete feela ea ka reng: “Ke bolela lintho tse ncha. Pele li hlaha, ke etsa hore le li utloe.”—Esaia 42:9.
Buka ea Boprofeta bo Tšepahalang
17. Ho fetoha ha mokhoa oa ho ngola ho tloha ho Esaia khaolo ea 40 ho ea pele ho ka hlalosoa joang?
17 Joale, bopaki bo lebisa qetong efe? Ea hore buka ea Esaia e ngotsoe ke mongoli a le mong ea bululetsoeng. Buka ena eohle e ’nile ea fetisoa ho theosa le makholo a lilemo e le buka e le ’ngoe, eseng tse peli kapa tse fetang moo. Ke ’nete hore ba bang ba ka ’na ba bolela hore mokhoa oo buka ea Esaia e ngotsoeng ka oona o batla o fetohile ka tsela e itseng ho tloha khaolong ea 40 ho ea pele. Leha ho le joalo, hopola hore Esaia o ile a sebeletsa e le moprofeta oa Molimo ka lilemo tse ka bang 46 ho ea holimo. Ho ka lebelloa hore ho theosa le nako eo, lintlha tse fuperoeng ke molaetsa oa hae le tsela eo a fanang ka molaetsa oa hae ka eona li ne li tla fetoha. Ka sebele thōmo ea Esaia e tsoang ho Molimo e ne e se feela ho fana ka litemoso tse matla tsa kahlolo. O ne a boetse a lokela ho bolela mantsoe a Jehova: “Tšelisang, tšelisang batho ba ka.” (Esaia 40:1) Ka sebele batho ba Molimo ba selekane ba ne ba tla tšelisoa ke tšepiso ea hae ea hore ka mor’a lilemo tse 70 ba le botlamuoeng, Bajuda ba ne ba tla khutlisetsoa naheng ea habo bona.
18. Sehlooho se seholo sa buka ea Esaia se tla tšohloa bukeng ee ke sefe?
18 Sehlooho se seholo sa likhaolo tse ngata tsa Esaia tse tšohloang bukeng ena ke ho lokolloa ha Bajuda botlamuoeng ba Babylona.d Likarolo tse ngata tsa boprofeta bona li phethahala mehleng ea kajeno, joalokaha re tla bona. Ho feta moo, bukeng ea Esaia re fumana boprofeta bo hlollang bo ileng ba phethahala bophelong—le lefung—la Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši. Ka sebele, ho ithuta boprofeta ba bohlokoa bo fuperoeng ke buka ea Esaia ho tla tsoela bahlanka ba Molimo le batho ba bang lefatšeng ka bophara molemo. Ka sebele, boprofeta bona ke leseli molokong oohle oa batho.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litsebi li bitsa mongoli oa boraro ea inahaneloang, eo ho thoeng ke eena ea ngotseng khaolo ea 56 ho isa ho ea 66, Esaia oa Boraro.
b Mosali ea bohlokong ba pelehi: Esaia 13:8; 21:3; 26:17, 18; 42:14; 45:10; 54:1; 66:7. “Tsela” kapa “tsela e khōlō”: Esaia 11:16; 19:23; 35:8; 40:3; 43:19; 49:11; 57:14; 62:10.
c Litlalehong tse tšoanang, Mareka, Luka le Johanne ba sebelisa poleloana e tšoanang.—Mareka 1:2; Luka 3:4; Johanne 1:23.
d Likhaolo tse qalang tse 40 tsa Esaia li tšohliloe bukeng ea Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho I, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Lebokose se leqepheng la 9]
Bopaki ba Tlhahlobisiso ea ho Fetoha ha Puo
Liphuputso tsa ho fetoha ha puo—tse latellang liphetoho tse ipatileng tse bang teng puong ho theosa le lilemo tse ngata—li fana ka bopaki bo eketsehileng ba hore buka ea Esaia e ngotsoe ke mongoli a le mong. Haeba karolo e ’ngoe ea Esaia e ne e ngotsoe lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. ’me karolo e ’ngoe e ngotsoe lilemo tse 200 hamorao, ho lokela hore ho be le phapang pakeng tsa mofuta oa Seheberu o sebelisitsoeng karolong ka ’ngoe. Empa ho latela phuputso e phatlalalitsoeng ho Westminster Theological Journal, “bopaki ba tlhahlobisiso ea ho fetoha ha puo bo tšehetsa ka matla hore Esaia 40-66 ke ea nakong ea pele ho botlamuoa.” Mongoli oa phuputso eo o phetha ka ho re: “Haeba litsebi tse hlahlobisisang li tsoela pele ho tsitlallela hore Esaia e lokela ho ba ea nakong ea botlamuoa kapa ka mor’a nako ea botlamuoa, li tlameha ho tsitlallela seo li sa natse bopaki bo hanyetsang seo ba tlhahlobisiso ea ho fetoha ha puo.”
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Karolo ea Moqolo oa Esaia oa Leoatle le Shoeleng. Moo khaolo ea 39 e fellang teng ho bontšitsoe ka letšoao le supang
[Litšoantšo tse leqepheng la 12, 13]
Lilemo tse ka bang 200 pele, Esaia o bolela esale pele ho lokolloa ha Bajuda