Na Lintho Tsa Khale Tse Epolotsoeng li Tšehetsa Bibele?
HO BATHO ba ithutang Bibele, ho epolloa ha lintho tsa khale ho molemo, kaha lintho tse fumanoang hangata li tlatsetsa tsebong eo ba nang le eona ka bophelo, maemo, meetlo le lipuo tsa mehleng ea Bibele. Ho epolloa ha lintho tsa khale ho boetse ho fana ka boitsebiso ba bohlokoa phethahatsong ea boprofeta ba Bibele, bo kang bo ileng ba boleloa esale pele ka ho oa ha Babylona ea boholo-holo, Ninive le Tyre. (Jeremia 51:37; Ezekiele 26:4, 12; Sofonia 2:13-15) Leha ho le joalo, ho epolloa ha lintho tsa khale ho na le moo ho haelloang teng. Lintho tse epolotsoeng tse entsoeng ke batho li lokela ho hlalosoa, ’me litlhaloso tsa batho li ka fosahala kapa tsa fetola taba hanyenyane ka morero oa ho e ntlafatsa.
Bakreste ha baa tšetleha tumelo ea bona mepotjoaneng e pshatlehileng, liteneng tse bolang kapa maboteng a helehang, empa ba e tšetlehile ’neteng eohle e lumellanang litabeng tsa moea, e fumanoang ka Bibeleng. (2 Bakorinthe 5:7; Baheberu 11:1) Ka sebele, ho lumellana ha boitsebiso bo ka Bibeleng, botšepehi ba eona, boprofeta bo phethahetseng le mabaka a mang a mangata a fana ka bopaki bo kholisang ba hore “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:16) Leha ho le joalo, ak’u nahane ka lintho tse ’maloa tse thahasellisang tse sibolotsoeng ha ho epolloa lintho tsa khale, tse lumellanang le tlaleho ea Bibele.
Sehlopha sa baepolli ba lintho tsa khale se neng se epa Jerusalema ka 1970 se ile sa sibolla lithako tse cheleng. Nahman Avigad, eo e neng e le moeta-pele oa sehlopha seo o ile a ngola: “Ho motho ea koetlisitsoeng ho ne ho hlakile hore na ho etsahetse’ng. Mohaho oo o ne o sentsoe ke mollo, ’me mabota le siling li oele.” Ka kamoreng e ’ngoe ho ne ho e-na le masapo [1] a letsoho, menoana e otlolohile, e leka ho itšoarella setepising.
Fatše ho ne ho hasane lichelete tsa tšepe [2], tseo ea morao-rao ho tsona e leng ea selemong sa bone sa phetohelo ea Bajuda khahlanong le Roma—ka 69 C.E. Lintho li ne li ile tsa hasana pele mohaho oo o oa. Avigad o itse: “Ha re bona sena, re ile ra hopola tlhaloso ea Josephus ea ha masole a Roma a ikhapela thepa matlong ka mor’a hore motse o hapuoe.” Bo-rahistori ba re Roma e ile ea timetsa Jerusalema ka 70 C.E.
Litlhahlobo li ile tsa bontša hore masapo ao e ne e le a mosali ea ka bang lilemo li 20. Biblical Archaeology Review e re: “Ha Baroma ba hlasela, mosali eo ea mocha lilemong ea neng a qabeletsoe ke mollo ka kichineng ea Ntlo e Cheleng, o ile a oela fatše ’me a shoa a leka ho ea setepising se haufi le monyako. Mollo o ile oa aparela mohaho oo ka potlako . . . hoo a ileng a sitoa ho baleha ’me a kupetsoa ke maloanlahla a oang.”
Ketsahalo ena e re hopotsa boprofeta ba Jesu mabapi le Jerusalema, boo a ileng a bo bua lilemo tse ka bang 40 pele ho etsahala: “Lira tsa hao . . . li tla u tabanya fatše le bana ba hao ba ka hare ho uena, ’me li ke ke tsa tlohela lejoe holim’a lejoe ho uena.”—Luka 19:43, 44.
Lintho tse epolotsoeng tse lumellanang le tlaleho ea Bibele li akarelletsa mabitso a batho ba boletsoeng ka Mangolong. Tse ling tsa tsona li shanofalitse seo ba tšoaea-tšoaeang liphoso ba se buang ha ba re bangoli ba Bibele ba iqapetse batho ba itseng kapa ba fetelelitse botumo ba bona.
Ho Ngoloa ha Mabitso a Hlahang ka Bibeleng
Ka nako e ’ngoe, litsebi tse hlaheletseng li ne li nahana hore Morena oa Moassyria, Sargone II, eo lebitso la hae le hlahang ka Bibeleng ho Esaia 20:1, hase motho ea kileng a ba teng. Leha ho le joalo, ka 1843, ho ile ha sibolloa ntlo ea borena ea Sargone [3] haufi le sebaka seo kajeno e leng Khorsabad, Iraq, nōkaneng e fepelang Nōka ea Tigris. E sebakeng se boholo ba lihekthere tse 10. Ho tloha boemong ba ho se tsejoe, hona joale Sargone II ke e mong oa marena a tsebahalang ka ho fetisisa a Assyria. Ho e ’ngoe ea litlaleho tsa histori [4] tseo a li ngotseng, o bolela hore o ile a hapa motse oa Baiseraele oa Samaria. Ho latela tlaleho ea Bibele, Samaria e ile ea oela matsohong a Baassyria ka 740 B.C.E. Sargone o ile a boela a tlaleha ka ho haptjoa ha Ashdode, e leng se lumellanang le Esaia 20:1.
Ha ho ntse ho epolloa lithakong tsa motse oa boholo-holo oa Babylona, sebakeng seo kajeno e leng Iraq, baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba sibolla matlapa a cuneiform a ka bang 300 haufi le Keiti ea Ishtare. Tlaleho e matlapeng ao ea mehleng ea puso ea Morena Nebukadnezare, e akarelletsa lethathamo la mabitso, ao har’a ’ona ho nang le la “Yaukin, morena oa naha ea Yahud.” Ke Morena Jojakine oa naha ea Juda, ea ileng a isoa botlamuoeng Babylona ha Nebukadnezare a ne a hapa Jerusalema ka lekhetlo la pele, ka 617 B.C.E. (2 Marena 24:11-15) Bara ba bahlano ba Jojakine le bona ba boletsoe matlapeng ao.—1 Likronike 3:17, 18.
Selemong sa 2005 baepolli ba lintho tsa khale ba neng ba epolla ba tšepa hore ba tla fumana ntlo ea borena ea Morena Davida, ba ile ba fumana mohaho o moholo oa majoe oo ba lumelang hore o ile oa senngoa ha Bababylona ba ne ba etsa Jerusalema lesupi lilemong tse ka holimo ho 2 600 tse fetileng, mehleng ea moprofeta oa Molimo, Jeremia. Ha ho tsebahale hore na mohaho oo ke masalla a ntlo ea borena ea Davida kapa che. Leha ho le joalo, moepolli oa lintho tsa khale, Eilat Mazar, o ile a hlokomela ntho e ’ngoe e thahasellisang—tiiso ea letsopa [5] e bophara ba senthimithara e neng e ngotsoe tjena: “Ho Yehuchal mora oa Shelemiyahu mora oa Shovi.” Ho hlakile hore mongolo ona o ne o hatisitsoe ka tiiso ea Yehuchal, (kapa Jukale), ofisiri ea Mojuda e boletsoeng ka Bibeleng e neng e hanyetsa Jeremia.—Jeremia 37:3; 38:1-6.
Mazar o re Jukale ke lona feela “letona la bobeli la morena” le neng le hlahlama Gemaria, mora oa Shafane, eo lebitso la hae le hlahang mongolong o hatisitsoeng tiisong e ileng ea fumanoa Motseng oa Davida. Bibele e hlalosa Jukale, mora oa Shelemia (Shelemiyahu), e le khosana ea Juda. Pele tiiso ena e sibolloa, o ne a tsejoa ka Mangolong feela.
Na ba ne ba Tseba ho Bala le ho Ngola?
Bibele e bontša hore Baiseraele ba boholo-holo ba ne ba tseba ho bala le ho ngola. (Numere 5:23; Joshua 24:26; Esaia 10:19) Empa ba tšoaea-tšoaeang liphoso ba ne ba sa lumele, ba ne ba re histori ea Bibele e fetisitsoe ka tsela e ke keng ea tšeptjoa ea ho bolellana taba ka molomo. Ka 2005 thuto eo e ile ea theseloa habohloko ha baepolli ba lintho tsa khale ba neng ba sebetsa Tel Zayit, e pakeng tsa Jerusalema le Mediterranean, ba ne ba fumana alfabeta ea boholo-holo, mohlomong alfabeta ea Seheberu [6] ea khale ka ho fetisisa ho tse sibolotsoeng, e betliloe ka hloko lejoeng la mokoetla.
Ba bang ba re alfabeta eo e fumanoeng, ea lekholong la boleshome la lilemo B.C.E., e bontša hore “bangoli ba ne ba fuoa koetliso e khethehileng,” ’me ho e-na le “mokhoa o tsoetseng pele,” le “tsamaiso ea tsoelo-pele e neng e hōla ka potlako Jerusalema.” Ka hona, ho fapana le se neng se boleloa ke ba tšoaea-tšoaeang liphoso, ho bonahala eka bonyane khale koana lekholong la boleshome la lilemo B.C.E., Baiseraele ba ne ba tseba ho bala le ho ngola ’me ba ne ba ka tlaleha histori ea bona.
Litlaleho Tsa Baassyria li Fana ka Tšehetso e Eketsehileng
Assyria eo e kileng ea e-ba ’muso o matla, e atisa ho hlaha tlalehong ea Bibele, ’me lintho tse ngata tse sibolotsoeng ke ba epollang lintho tsa khale sebakeng seo li tiisa hore Mangolo a nepile. Ka mohlala, ha ho epolloa sebakeng seo khale e neng e le Ninive, motse-moholo oa Assyria, ho sibolotsoe letlapa le betliloeng litšoantšo [7] ntlong ea borena ea Morena Sankeribe, le bontšang masole a Baassyria a qhoba baholehuoa ho ba isa kholehong ka mor’a ho oa ha Lakishe ka 732 B.C.E. U ka bala tlaleho eo ea Bibele ho 2 Marena 18:13-15.
Litlaleho tsa histori tsa Sankeribe [8], tse fumanoeng Ninive, li hlalosa ka phutuho ea sesole nakong ea puso ea Morena Ezekiase oa Mojuda, eo litlaleho tseo li bolelang lebitso la hae. Litlaleho tsa mongolo oa cuneiform tsa babusi ba bang li bua ka Marena a Bajuda, e leng Akaze le Manase, hammoho le Marena a Baiseraele, e leng Omri, Jehu, Joase, Menaheme le Hoshea.
Tlalehong ea hae Sankeribe o ithorisa ka katleho ea lebotho la hae la sesole, empa ho hlokomelehang ke hore ha ho moo a buang ka ho hapa Jerusalema. Ho se bue ka hona ho tlatsetsa ’neteng ea tlaleho ea Bibele, e bontšang hore morena eo ha ho mohla a ileng a thibella Jerusalema, empa ho e-na le hoo, o ile a hlōloa matsohong a Molimo. Ka mor’a moo, Sankeribe ea neng a tlotlolohile o ile a khutlela Ninive, moo Bibele e reng o ile a bolaoa ke bara ba hae. (Esaia 37:33-38) Ho thahasellisang ke hore mengolo e ’meli ea Assyria e tiisa taba ea polao ea hae.
Ka lebaka la bokhopo ba batho ba Ninive, baprofeta ba Jehova, e leng Nahume le Sofonia, ba ile ba bolela esale pele hore motse oo o ne o tla timetsoa ka ho feletseng. (Nahume 1:1; 2:8–3:19; Sofonia 2:13-15) Boprofeta ba bona bo ile ba phethahala ha mabotho a kopaneng a Nabopolassar, morena oa Babylona, le a Cyaxares oa Momede, a ne a thibella le ho hapa Ninive ka selemo sa 632 B.C.E. Ho sibolloa le ho epolloa ha lithako tsa eona ho boetse ho lumellana le se tlalehiloeng Bibeleng.
Motse oa boholo-holo oa Nuzi, o neng o le ka bochabela ho Nōka ea Tigris ’me o le ka boroa-bochabela ho Ninive, o ileng oa epolloa pakeng tsa 1925 le 1931, o ne o e-na le lintho tse ngata tse entsoeng ke batho, ho akarelletsa matlapa a letsopa a ka ba bang 20 000. A ngotsoe ka Sebabylona ’me a na le boitsebiso bo bongata bo amanang le tsela eo litaba tsa molao li neng li tsamaisoa ka eona e tšoanang le ea mehleng ea bapatriareka e hlalositsoeng ho Genese. Ka mohlala, se ngotsoeng se bontša hore melingoana ea lelapa, eo hangata e neng e entsoe ka letsopa, e ne e le ntho e kang tiiso ea molao, e neng e fa mong’a eona tokelo ea ho ja lefa la hae. Moetlo ona o ka ’na oa hlakisa hore na ke hobane’ng ha Ragele, mosali oa mopatriareka Jakobo, a ile a nka melingoana ea lelapa, kapa “literafime” tseo e neng e le tsa ntate oa hae, Labane, ha lelapa la Jakobo le ne le falla. Hoa hlaka hore na ke hobane’ng ha Labane a ile a leka ho lata literafime tseo.—Genese 31:14-16, 19, 25-35.
Boprofeta ba Esaia le Moqomo oa Cyruse
Mongolo oa cuneiform o moqomong oa letsopa oa boholo-holo o bontšitsoeng mona o lumellana le tlaleho e ’ngoe ea Bibele. Tokomane ena e tsebahalang e le Moqomo oa Cyruse [9], e ile ea fumanoa moo e neng e le motse oa boholo-holo oa Sippar, o Eufrate, lik’hilomithara tse ka bang 32 ho tloha Baghdad. E bua ka ho haptjoa ha Babylona ke Cyruse e Moholo, mothehi oa ’Muso oa Persia. Ho makatsang ke hore lilemo tse ka bang 200 pele ho moo, Jehova o ne a ile a bua tjena a sebelisa moprofeta oa hae Esaia ka ’musi oa Medo-Persia ea neng a tla bitsoa Cyruse: “‘Ke molisa oa ka, ’me o tla phetha ka ho feletseng sohle seo ke se thabelang’; esita le ha ke re ka Jerusalema, ‘E tla tsosolosoa.’”—Esaia 13:1, 17-19; 44:26–45:3.
Moqomo oo o bua ka tsela e hlollang ka leano la Cyruse—ho fapana le bahapi ba bang ba boholo-holo—la ho khutlisetsa baholehuoa ba neng ba hapiloe ke ’muso o fetileng naheng ea habo bona. Histori ea Bibele le ea lefatše e tiisa hore Cyruse o ile a lokolla Bajuda, ba ileng ba ea tsosolosa Jerusalema.—2 Likronike 36:23; Esdrase 1:1-4.
Le hoja e le thuto e batlang e le ncha, ho epolla libaka tse hlahang ka Bibeleng ho fetohile thuto e khōlō e faneng ka boitsebiso ba bohlokoa. ’Me joalokaha re bone, lintho tse ngata tse sibolloang li tiisa bonnete ba Bibele le ho nepahala ha eona, ka linako tse ling le linthong tse nyenyane haholo.
BAKENG SA BOITSEBISO BO EKETSEHILENG
Na Bibele e ka u thusa hore u phele bophelo bo thabileng le bo nang le morero? DVD e bapalang lihora tse peli e reng The Bible—A Book of Fact and Prophecy, e na le boitsebiso bona ba bohlokoa ’me e na le lipuisano tse susumetsang.—E fumaneha ka lipuo tse 32.
Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
Na u batla bopaki bo eketsehileng ba hore Bibele ha e-na likhopolo-taba ebile ha e ikhanyetse? Na mehlolo e boletsoeng ka Bibeleng e fela e etsahetse? Hlahloba seo e leng ’nete bukeng ena e maqephe a 192.—E hatisitsoe ka lipuo tse 56.
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Alexander the Great: Roma, Musei Capitolini
Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Likhaolo tse 19 tsa buka ena li tšohla thuto e ’ngoe le e ’ngoe ea bohlokoa ea Bibele ’me e hlalosa morero oa Molimo ka lefatše le ka moloko oa batho.—Hona joale e fumaneha ka lipuo tse 162.
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Buka ena e nang le litšoantšo tse ntle, e reretsoe bana ka ho khetheha, ’me e na le lihlooho tse 116 tse buang ka batho le liketsahalo ho latela nako eo li etsahetseng ka eona.—E fumaneha ka lipuo tse 194.
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 15]
Coins: Generously Donated by Company for Reconstruction & Development of Jewish Quarter, Jerusalem Old City
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Tengleqepheng la 15]
Society for Exploration of Land of Israel and its Antiquities
[Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng leqepheng la 16]
3: Musée du Louvre, Paris; 4: Photograph taken by courtesy of the British Museum; 5: Gabi Laron/Institute of Archaeology/Hebrew University © Eilat Mazar
[Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng leqepheng 17]
6: AP Photo/Keith Srakocic; 7, 8: Photograph taken by courtesy of the British Museum
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Tengleqepheng 18]
Photograph taken by courtesy of the British Museum