Khaolo ea Leshome
“Nako ea Kamohelo”
1, 2. (a) Esaia o ile a thabela tlhohonolofatso efe? (b) Ke bo-mang ba amehang mantsoeng a boprofeta a tlalehiloeng karolong e qalang ea Esaia khaolo ea 49?
BATHO bohle ba tšepahalang ke khale ba thabela kamohelo le tšireletso ea Molimo. Empa Jehova ha a fane ka kamohelo ea hae feela tjee a sa khethe. Motho o lokela ho tšoanelehela tlhohonolofatso e joalo eo ho seng e ka bapisoang le eona. Esaia ke e mong oa ba neng ba tšoaneleha. O ile a thabela kamohelo ea Molimo ’me Jehova a mo sebelisa e le kofuto ea ho tsebahatsa thato ea Hae ho ba bang. Mohlala oa sena o tlalehiloe karolong e qalang ea khaolo ea 49 ea boprofeta ba Esaia.
2 Mantsoe ana a lebisitsoe ka tsela ea boprofeta ho peō ea Abrahama. Phethahatsong ea pele, peō eo ke sechaba sa Iseraele, se tsoileng ho Abrahama. Leha ho le joalo, boholo ba puo e sebelisitsoeng ho bona e bontša ka ho hlaka hore bo bua ka Peō ea Abrahama eo e leng khale e lebeletsoe, Mesia ea tšepisitsoeng. Mantsoe ao a bululetsoeng a boetse a sebetsa ho barab’abo Mesia ba moea, ba fetohang karolo ea peō ea moea ea Abrahama le “Iseraele ea Molimo.” (Bagalata 3:7, 16, 29; 6:16) Ka ho khetheha, karolo ena ea boprofeta ba Esaia e hlalosa kamano e khethehileng e teng pakeng tsa Jehova le Mora oa hae ea ratoang, Jesu Kreste.—Esaia 49:26.
O Khethiloe ke Jehova Ebile o Sirelelitsoe ke Eena
3, 4. (a) Mesia o na le tšehetso efe? (b) Mesia o bua le bo-mang?
3 Mesia o thabela ho amoheloa ke Molimo, kapa ho ba ea mo khahlisang. Jehova o mo fa bolaoli le bopaki bo kholisang bo hlokahalang bakeng sa ho phethahatsa thōmo ea hae. Joale, ka ho loketseng Mesia oa nakong e tlang o re: “’Mameleng, Lōna lihlekehleke, ’me le ele hloko, lōna lichaba tse hōle. Jehova o mpitsitse ke sa le ka mpeng. O boletse lebitso la ka ke sa le lithong tse ka hare tsa ’Mè.”—Esaia 49:1.
4 Mona Mesia o lebisa mantsoe a hae ho batho ba “hōle.” Le hoja sechaba sa Bajuda se tšepisitsoe Mesia, tšebeletso ea hae e tla ba tlhohonolofatso ho lichaba tsohle. (Matheu 25:31-33) Le hoja “lihlekehleke” le “lichaba” li se selekaneng le Jehova, li lokela ho ela hloko Mesia oa Iseraele hobane o rometsoe ho tlisetsa moloko oohle oa batho poloko.
5. Mesia o rehiloe lebitso joang le pele a tsoaloa e le motho?
5 Boprofeta bo bolela hore Jehova o tla reha Mesia lebitso pele a tsoaloa e le motho. (Matheu 1:21; Luka 1:31) Nako e telele pele a tsoaloa, Jesu o bitsoa “Moeletsi ea Hlollang, Molimo ea Matla, Ntate oa ka ho sa Feleng, Khosana ea Khotso.” (Esaia 9:6) Emanuele, eo mohlomong e leng lebitso la mora oa Esaia, le eona e ba lebitso la Mesia la boprofeta. (Esaia 7:14; Matheu 1:21-23) Esita le lebitso leo Mesia a tla tsebahala ka lona—Jesu—le boleloa pele a tsoaloa. (Luka 1:30, 31) Lebitso lena le tsoa lentsoeng la Seheberu le bolelang “Jehova ke Poloko.” Ka ho hlakileng, Jesu hase eena ea ipehileng hore e be Kreste.
6. Molomo oa Mesia o tšoana le sabole e bohale ka tsela efe, hona Mesia o patiloe joang?
6 Mantsoe a Mesia a boprofeta a tsoela pele: “A etsa hore molomo oa ka o be joaloka sabole e bohale. O mpatile moriting oa letsoho la hae. Butle-butle a nketsa lerumo le leolitsoeng. A mpata khohlopong ea hae.” (Esaia 49:2) Ha ho fihla nako ea hore Mesia oa Jehova a qale tšebeletso ea hae lefatšeng ka 29 C.E., mantsoe a Jesu le liketso tsa hae ka sebele a ipaka a le joaloka libetsa tse bohale, tse leolitsoeng, tse khonang ho phunyelletsa lipelong tsa bamameli ba hae. (Luka 4:31, 32) Mantsoe a hae le liketso tsa hae li qholotsa khalefo ea sera se seholo sa Jehova, Satane le mahlahana a hae. Ho tloha nakong ea tsoalo ea Jesu, Satane o leka ho Mo bolaea, empa Jesu o tšoana le lerumo le patiloeng ka khohlopong ea Jehova.a A ka itšetleha ka kholiseho ka tšireletso ea Ntate oa hae. (Pesaleme ea 91:1; Luka 1:35) Ka nako e behiloeng, Jesu o nehelana ka bophelo ba hae molemong oa moloko oa batho. Empa ho tla tla nako eo ka eona a tlang ho hlaha e se e le mohale ea matla oa leholimo ea hlometseng ka tsela e fapaneng, ka sabole e bohale e tsoang molomong oa hae. Lekhetlong lena, sabole ena e bohale e emela matla a Jesu a ho phatlalatsa le ho liha likahlolo ho lira tsa Jehova.—Tšenolo 1:16.
Mosebetsi oa Mohlanka oa Molimo Hase oa Lefeela
7. Mantsoe a Jehova a ho Esaia 49:3 a sebetsa ho mang, hona hobane’ng?
7 Joale Jehova o bua mantsoe ana a boprofeta: “U mohlanka oa ka, Uena Iseraele, uena eo ke tla bonahatsa botle ba ka ho eena.” (Esaia 49:3) Jehova o bua ka sechaba sa Iseraele e le mohlanka oa hae. (Esaia 41:8) Empa Jesu Kreste ke Mohlanka oa Molimo ea ka sehloohong. (Liketso 3:13) Ha ho sebōpuoa le se seng sa Molimo se ka bonahatsang “botle” ba Jehova hamolemo ho feta Jesu. Kahoo, le hoja ho boleloa hore mantsoe ana a lebisitsoe ho Iseraele, ha e le hantle a sebetsa ho Jesu.—Johanne 14:9; Bakolose 1:15.
8. Batho ba habo Mesia ba itšoara joang ho eena, empa Mesia o lebeletse hore katleho ea hae e lekanyetsoe ke mang?
8 Leha ho le joalo, na hase ’nete hore batho ba bangata ba habo Jesu ke bona ba mo khesang le ho mo hana? E, ho joalo. Ka kakaretso, sechaba sa Iseraele ha se amohele Jesu e le Mohlanka oa Molimo ea tlotsitsoeng. (Johanne 1:11) Sohle seo Jesu a se finyellang ha a le lefatšeng se ka ’na sa bonahala e se sa bohlokoa bo bokaalo, kapa ebile e le se sa reng letho ho batho ba mehleng ea hae. Mesia o bua ka sena se bonahalang eka ke ho hlōleha tšebeletsong ea hae, ka tsela e latelang: “Ke sebelelitse lefeela. Ke sebelisitse matla a ka bakeng sa ntho eo e seng ea sebele le lefeela.” (Esaia 49:4a) Mantsoe ana ha a buuoe hobane Mesia a nyahame. Nahana ka se latelang seo a se buang: “Kannete kahlolo ea ka e ho Jehova, ’me moputso oa ka o ho Molimo oa ka.” (Esaia 49:4b) Katleho ea Mesia e lokela ho lekanyetsoa ke Molimo, eseng ke batho.
9, 10. (a) Thōmo ea Mesia e tsoang ho Jehova ke efe, hona o finyella eng? (b) Bakreste kajeno ba ka khothatsoa ke seo Mesia a fetileng ho sona joang?
9 Ka ho khetheha Jesu o thahasella ho khahlisa Molimo, kapa ho amoheloa ke eena. Boprofeteng, Mesia o re: “Joale Jehova, Ea nketsang ho tloha ka mpeng hore ke be mohlanka oa hae, o itse ke khutlisetse Jakobo ho eena, e le hore Iseraele e bokelloe ho eena. Ke tla tlotlisoa mahlong a Jehova, Molimo oa ka o tla fetoha matla a ka.” (Esaia 49:5) Mesia o tlela ho tla khutlisetsa lipelo tsa bara ba Iseraele ho Ntate oa bona oa leholimo. Ba bangata ha ba arabele, empa ba bang baa arabela. Leha ho le joalo, moputso oa hae oa sebele o ho Jehova Molimo. Katleho ea hae ha e lekanngoe ka litekanyetso tsa batho, empa e lekanngoa ka litekanyetso tsa Jehova.
10 Kajeno, ka linako tse ling balateli ba Jesu ba ka ’na ba ikutloa eka ba sebeletsa lefeela. Libakeng tse ling, ho ka ’na ha bonahala eka litholoana tsa mosebetsi oa bona ke tse sa reng letho ha li bapisoa le mosebetsi le boiteko boo ba bo etsang. Leha ho le joalo, baa mamella, ba khothatsoa ke mohlala oa Jesu. Ba boetse ba matlafatsoa ke mantsoe a moapostola Pauluse, ea ileng a ngola: “Ka lebaka leo, barab’eso ba ratoang, le be ba tiileng, ba sa sutheng, kamehla le e-na le ho hongata hoo le ka ho etsang mosebetsing oa Morena, le tseba hore mosebetsi oa lōna hase oa lefeela mabapi le Morena.”—1 Bakorinthe 15:58.
“Leseli la Lichaba”
11, 12. Mesia e bile “leseli la lichaba” joang?
11 Boprofeteng ba Esaia, Jehova o khothatsa Mesia ka ho mo hopotsa hore ho ba Mohlanka oa Molimo hase “taba e sa reng letho.” Jesu o lokela “ho hlahisa meloko ea Jakobo le ho khutlisa ba sirelelitsoeng ba Iseraele.” Jehova o tsoela pele ho hlalosa: “Ke boetse ke fane ka uena hore u be leseli la lichaba, e le hore poloko ea ka e ka ba teng ho isa pheletsong ea lefatše.” (Esaia 49:6) Jesu o khantšetsa batho leseli “ho isa pheletsong ea lefatše” joang ha tšebeletso ea hae lefatšeng e lekanyelitsoe ho Iseraele feela?
12 Tlaleho ea Bibele e bontša hore “leseli la lichaba” le tsoang ho Molimo ha lea ka la tima ha Jesu a tloha lefatšeng. Lilemo tse ka bang 15 ka mor’a lefu la Jesu, moromuoa Pauluse le moromuoa Barnabase ba ile ba qotsa boprofeta ba Esaia 49:6 ’me ba bo sebelisa ho barutuoa ba Jesu, barab’abo ba moea. Ba ile ba hlalosa: “Jehova o re laetse ka mantsoe ana, ‘Ke u behile hore u be leseli la lichaba, hore u be poloko ho isa pheletsong ea lefatše.’” (Liketso 13:47) Pele ho lefu la hae, Pauluse o ile a bona hore litaba tse molemo tsa poloko ha lia ka tsa phatlalatsoa ho Bajuda feela empa li ile tsa phatlalatsoa “pōpong eohle e tlas’a leholimo.” (Bakolose 1:6, 23) Kajeno, masala a barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng a ntšetsa pele mosebetsi ona. A tšehelitsoe ke “bongata bo boholo” bo baloang ka limilione, a sebeletsa e le “leseli la lichaba” linaheng tse fetang 230 lefatšeng ka bophara.—Tšenolo 7:9.
13, 14. (a) Mesia le balateli ba hae ba tšoeroe joang mosebetsing oa boboleli? (b) Ke ho fetoha hofe ha maemo ho bileng teng?
13 Ka sebele Jehova o ipakile e le matla a tšehetsang Mohlanka oa hae, Mesia, barab’abo Mesia ba tlotsitsoeng le bohle ba bongata bo boholo ba ikopantseng le bona ho ntšetseng pele mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo. Ke ’nete hore barutuoa ba Jesu ba tobane le lehloeo le khanyetso, tse kang tseo Jesu a ileng a tobana le tsona. (Johanne 15:20) Empa ka nako ea hae e loketseng, kamehla Jehova o fetola maemo e le hore a pholose bahlanka ba hae ba tšepahalang ’me a ba putse. Mabapi le Mesia, “ea nyelisoang moeeng” le “ea hloiloeng ke sechaba,” Jehova oa tšepisa: “Marena a tla bona ’me ka sebele a tsohe, le likhosana, ’me li tla inama, ka lebaka la Jehova, ea tšepahalang, Mohalaleli oa Iseraele, ea u khethang.”—Esaia 49:7.
14 Hamorao moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Filipi ka ho fetoha hona ha maemo ho boletsoeng esale pele. O ile a hlalosa Jesu e le ea ileng a tlotlolloa thupeng ea tlhokofatso empa ka nako eo Molimo a se a mo phahamisitse. Jehova o ile a fa Mohlanka oa hae ‘boemo bo phahameng ’me ka mosa a mo fa lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle, e le hore lengole le leng le le leng le ka khumama ka lebitso la Jesu.’ (Bafilipi 2:8-11) Balateli ba tšepahalang ba Kreste ba lemositsoe hore le bona ba tla hlorisoa. Empa joaloka Mesia, ba tiisetsoa hore ba tla fumana kamohelo ea Jehova.—Matheu 5:10-12; 24:9-13; Mareka 10:29, 30.
“Nako e Amohelehang ka ho Khethehileng”
15. Ke “nako” efe e khethehileng eo ho buuoang ka eona boprofeteng ba Esaia, hona see se fana ka maikutlo afe?
15 Boprofeta ba Esaia bo tsoela pele ka phatlalatso ea bohlokoa bo boholo. Jehova o bolella Mesia: “Ke u arabetse ka nako ea kamohelo, ’me ke u thusitse ka letsatsi la poloko; ke ’nile ka u sireletsa e le hore ke fane ka uena joaloka selekane bakeng sa batho.” (Esaia 49:8a) Ho tlalehiloe boprofeta bo tšoanang ho Pesaleme ea 69:13-18. Mopesaleme o bua ka “nako ea kamohelo,” a sebelisa poleloana e reng “nako e amohelehang.” Lipoleloana tsena li fana ka maikutlo a hore Jehova o fana ka kamohelo le tšireletso ea hae ka tsela e khethehileng empa le teng ka nako e itseng e tobileng e bileng e lekanyelitsoeng.
16. Nako ea Jehova ea kamohelo e bile efe Iseraeleng ea boholo-holo?
16 Nako eo ea kamohelo e ne e le neng? Qalong, mantsoe ao e ne e le karolo ea boprofeta ba tsosoloso ’me a ne a bolela esale pele ho khutla ha Bajuda botlamuoeng. Sechaba sa Iseraele se ile sa ba nakong ea kamohelo ha se ne se khona ‘ho etsa hore naha e boele e be le baahi’ ’me se boetse se rua ‘mafa a sona a entsoeng lesupi.’ (Esaia 49:8b) E ne e se e se “batšoaruoa” Babylona. Leetong la bona ha ba khutlela hae, Jehova o ile a tiisa hore ha ba ‘lape’ ebile ha ba ‘nyoroe,’ kapa hona ho “otloa ke mocheso o bataolang kapa letsatsi.” Baiseraele ba qhalakaneng ba ile ba khutlela naheng ea habo bona ka bongata “ba tsoa hōle . . . , ba tsoa leboea le bophirimela.” (Esaia 49:9-12) Le hoja phethahatso ena ea qalong e ne e le e hlollang, Bibele e bontša hore boprofeta bona bo phethahala ka litsela tse ling tse eketsehileng.
17, 18. Jehova o ile a khetha nako efe ea kamohelo lekholong la pele la lilemo?
17 Ntlha ea pele, nakong ea tsoalo ea Jesu, mangeloi a ile a phatlalatsa khotso le kamohelo ea Molimo, kapa ho khahlisoa ha hae ke batho. (Luka 2:13, 14) Kamohelo ena ha ea ka ea fuoa batho ka kakaretso, empa e ile ea fuoa feela ba bontšang tumelo ho Jesu. Hamorao Jesu o ile a bala phatlalatsa boprofeta ba Esaia 61:1, 2 ’me a bontša hore bo phethahala ho eena e le ea phatlalatsang “selemo se amohelehang sa Jehova.” (Luka 4:17-21) Moapostola Pauluse o ile a bua ka Kreste e le ea amohelang tšireletso e khethehileng ea Jehova matsatsing a nama ea hae. (Baheberu 5:7-9) Kahoo nako ena ea kamohelo e bolela ho khahlisoa ha Molimo ke Jesu nakong ea bophelo ba hae e le motho.
18 Leha ho le joalo, boprofeta bona bo phethahala ka ho tsoelang pele. Ka mor’a ho qotsa mantsoe a Esaia mabapi le nako ea kamohelo, Pauluse o ile a tsoela pele ho re: “Bonang! Joale ke nako e amohelehang ka ho khethehileng. Bonang! Joale ke letsatsi la poloko.” (2 Bakorinthe 6:2) Pauluse o ile a ngola mantsoe ana lilemo tse 22 ka mor’a lefu la Jesu. Kamoo ho bonahalang kateng, ka ho tsoaloa ha phutheho ea Bokreste ka Pentekonta ea 33 C.E., Jehova o ile a lelefatsa selemo sa hae sa kamohelo e le hore a akarelletse balateli ba Kreste ba tlotsitsoeng.
19. Bakreste kajeno ba ka rua molemo joang nakong ea Jehova ea kamohelo?
19 Ho thoe’ng ka balateli ba Jesu ba kajeno ba sa tlotsetsoang ho ba majalefa a ’muso oa Molimo oa leholimo? Na ba nang le tšepo ea lefatšeng ba ka rua molemo nakong ee e amohelehang? E. Buka ea Bibele ea Tšenolo e bontša hore ena ke nako ea Jehova ea kamohelo ho bongata bo boholo bo tlang ho feta “matšoenyehong a maholo” ho tla thabela bophelo lefatšeng la paradeise. (Tšenolo 7:13-17) Kahoo, Bakreste bohle ba ka sebelisa hamolemo nako ena e lekanyelitsoeng eo ka eona Jehova a fang batho ba sa phethahalang kamohelo ea hae.
20. Bakreste ba ka qoba ho lahleheloa ke morero oa mosa o sa tšoanelang oa Jehova joang?
20 Moapostola Pauluse o ile a fana ka temoso pele a phatlalatsa nako ea Jehova e amohelehang. O ile a ipiletsa ho Bakreste hore ‘ba se ke ba amohela mosa o sa tšoanelang oa Molimo ’me ba lahleheloa ke morero oa oona.’ (2 Bakorinthe 6:1) Kahoo, Bakreste ba sebelisa monyetla o mong le o mong ho khahlisa Molimo le ho etsa thato ea hae. (Baefese 5:15, 16) E ka ba hantle ha ba ka latela keletso ea Pauluse: “Hlokomelang, barab’eso, esere le ka mohla mang kapa mang oa lōna a ba le pelo e khopo e hlokang tumelo ka ho suthela hōle le Molimo ea phelang; empa le ’ne le eletsane letsatsi ka leng, hafeela ho ka bitsoa hore ke ‘Kajeno,’ esere leha e le mang oa lōna a ka thatafatsoa ke matla a thetsang a sebe.”—Baheberu 3:12, 13.
21. Ke mantsoe afe a thabo a qetellang karolo e qalang ea Esaia khaolo ea 49?
21 Ha puisano ea boprofeta pakeng tsa Jehova le Mesia oa hae e fihla pheletsong ea eona, Esaia o bua mantsoe a thabo: “Etsang mohoo oa nyakallo, lōna maholimo, ’me u thabe, uena lefatše. Lithaba li ke li nyakalle ka mohoo oa nyakallo. Etsoe Jehova o tšelisitse batho ba hae, ’me o bontša khauho ho batho ba hae ba hlorileng.” (Esaia 49:13) Ke mantsoe a monate hakaakang a tšelisang ho Baiseraele ba boholo-holo le ho Mohlanka e moholo oa Jehova, Jesu Kreste, hammoho le ho bahlanka ba Jehova ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona ea “linku tse ling” kajeno!—Johanne 10:16.
Jehova ha a Lebale Batho ba Hae
22. Jehova o totobatsa joang hore ha ho mohla a tlang ho lebala batho ba hae?
22 Joale Esaia o tsoela pele ho tlaleha liphatlalatso tsa Jehova. O bolela esale pele hore Baiseraele ba botlamuoeng ba tla bontša ho khathala le ho felloa ke tšepo. Esaia o re: “Sione e ’nile ea re: ‘Jehova o ntlohetse, ’me Jehova o ntebetse.’” (Esaia 49:14) Na see ke ’nete? Na Jehova o lahlile batho ba hae o bile o ba lebetse? A sebeletsa e le ’muelli oa Jehova, Esaia o tsoela pele: “Na mosali a ka lebala ngoana oa hae ea anyang hoo a ke keng a hauhela mora oa mpa ea hae? Esita le basali bana ba ka lebala, leha ho le joalo ’na nke ke ka u lebala.” (Esaia 49:15) Ke karabelo e lerato hakaakang e tsoang ho Jehova! Lerato la Molimo ho batho ba hae le feta la ’mè ho ngoana oa hae. O lula a nahana ka batho ba hae ba tšepahalang. O ba hopola joalokaha eka mabitso a bona a ngotsoe matsohong a hae: “Bona! Ke u ngotse liatleng tsa ka. Marako a hao a ka pel’a ka kamehla.”—Esaia 49:16.
23. Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste joang hore ba tšepe hore Jehova a ke ke a ba lebala?
23 Lengolong la hae le eang ho Bagalata, moapostola Pauluse o ile a phehella Bakreste ka matla: “A re se keng ra tela ho etsa se setle, kaha ka nako e loketseng re tla kotula haeba re sa khathale.” (Bagalata 6:9) O ile a ngolla Baheberu mantsoe ana a khothatsang: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.” (Baheberu 6:10) Ha rea lokela hore le ka mohla re be le boikutlo ba hore Jehova o lebetse batho ba hae. Joaloka Sione ea boholo-holo, Bakreste ba na le lebaka le utloahalang la ho thaba le ho letela Jehova ba sa fele pelo. O khomarela ka tieo litumellano tsa hae tsa selekane le litšepiso tsa hae.
24. Sione e tla tsosolosoa joang, hona e tla botsa lipotso life?
24 Jehova o fana ka matšeliso a tsoelang pele, a sebelisa Esaia. Ba “qhaqhang” Sione, ebang ke Bababylona kapa ke Bajuda ba bakoenehi, ha e sa le tšokelo ea letho. “Bara” ba Sione, Bajuda ba botlamuoeng ba lutseng ba tšepahala ho Jehova, “ba potlakile.” Ba tla ‘phutheha.’ Ba potlaketse ho khutlela Jerusalema, Bajuda ba khutlang e tla ba mekhabo ea motse-moholo oa bona, feela joalokaha “monyaluoa” a roesoa “mekhabiso.” (Esaia 49:17, 18) Libaka tsa Sione e ’nile ea e-ba tse “ripitliloeng.” Nahana kamoo e makalang kateng ha ka tšohanyetso e se e e-na le baahi ba bangata hakaalo hoo libaka tsa eona tsa bolulo li bonahalang li patisane. (Bala Esaia 49:19, 20.) Joalokaha ho ka lebelloa, ea botsa hore na bana bana bohle ba tsoa hokae: “Ka sebele u tla re ka pelong ea hao, ‘Ke mang ea ntsoaletseng baa, kaha ke mosali ea amohuoeng bana le nyopa, ea isitsoeng kholehong le ea nkiloeng e le motšoaruoa? Ha e le bana, ba hōlisitsoe ke mang? Bonang! Ke ne ke siiloe ke le mong. Bana—ba ne ba le hokae?’” (Esaia 49:21) Ke boemo bo thabisang hakaakang ho Sione eo pele e neng e le nyopa!
25. Iseraele ea moea e fetile tsosolosong efe mehleng ea kajeno?
25 Mantsoe ana a phethahala kajeno. Lilemong tse thata tsa ntoa ea pele ea lefatše, Iseraele ea moea e ile ea feta nakong ea ho etsoa lesupi le ho ba botlamuoeng. Empa e ile ea tsosolosoa ’me ea kena paradeiseng ea moea. (Esaia 35:1-10) Joaloka motse o kileng oa ripitloa o hlalosoang ke Esaia, e ile ea thaba ha e iphumana e tletse barapeli ba Jehova ba thabileng le ba mafolofolo.
“Pontšo Bakeng sa Lichaba”
26. Jehova o fa batho ba hae ba lokolotsoeng tataiso efe?
26 Joale, ka tsela ea boprofeta Jehova o lebisa Esaia nakong eo ka eona batho ba Hae ba tlang ho lokolloa Babylona. Na ba tla fumana tataiso leha e le efe ea Molimo? Jehova oa araba: “Bonang! Ke tla phahamisa letsoho la ka lichabeng, le ho batho ke tla phahamisa pontšo ea ka. Ba tla tlisa bara ba hao sefubeng, ’me ba jare barali ba hao lehetleng.” (Esaia 49:22) Phethahatsong ea pele, Jerusalema, eo e neng e le setsi sa ’muso le sebaka seo tempele ea Jehova e leng ho sona, e ba “pontšo” ea Jehova. Esita le batho ba hlaheletseng le ba matla ba lichaba tse ling, ba kang “marena” le “likhosatsana,” ba thusa Baiseraele leetong la bona ha ba khutlela teng. (Esaia 49:23a) Morena Cyruse le Morena Artaxerxese Longimanus ba Persia le ba malapa a bona ba har’a bana ba thusang. (Esdrase 5:13; 7:11-26) ’Me mantsoe a Esaia a phethahala ka ho tsoelang pele.
27. (a) Phethahatsong e khōloanyane, ke “pontšo” efe eo lichaba li tlang ho phallela ho eona? (b) Phello e tla ba efe ha lichaba tsohle li qobelloa ho ikokobelletsa bobusi ba Mesia?
27 Esaia 11:10 e bua ka “pontšo bakeng sa lichaba.” Moapostola Pauluse o ile a sebelisa mantsoe ana ho Kreste Jesu. (Baroma 15:8-12) Kahoo, phethahatsong e khōloanyane, Jesu le babusi-’moho le eena ba tlotsitsoeng ka moea ke “pontšo” ea Jehova eo lichaba li phallelang ho eona. (Tšenolo 14:1) Ka nako e loketseng lichaba tsohle tsa lefatše—esita le lihlopha tsa kajeno tse busang—li tla tlameha ho ikokobelletsa bobusi ba Mesia. (Pesaleme ea 2:10, 11; Daniele 2:44) Ka phello efe? Jehova o re: “U tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova, eo ba ntšepang ba ke keng ba hlajoa ke lihlong ka eena.”—Esaia 49:23b.
“Joale Poloko ea Rōna e Haufi”
28. (a) Jehova o boetse o re’ng ho tiisetsa batho ba hae hore ba tla lokolloa? (b) Jehova o sa ntse a etsa boitlamo bofe ho batho ba hae?
28 Ba bang ba leng botlamuoeng Babylona ba ka ’na ba ipotsa, ‘Na ehlile ke ntho e ka etsahalang hore Iseraele e lokolloe?’ Jehova o ela potso eo hloko ka ho botsa: “Na ba seng ba nkiloe ba ka nkoa ho monna ea matla, kapa na sehlopha sa ba isitsoeng kholehong ke mohatelli se ka baleha?” (Esaia 49:24) Karabo ke e. Jehova oa ba tiisetsa: “Esita le sehlopha sa ba isitsoeng kholehong ke monna ea matla se tla tlosoa, ’me ba seng ba ntse ba nkiloe ke mohatelli ba tla baleha.” (Esaia 49:25a) Ke tiiso e khothatsang hakaakang! Ho feta moo, ho amohela ha Jehova batho ba hae ho tsamaisana le boitlamo bo tiileng ba ho ba sireletsa. Ntle le ho hlatha koana le koana, o re: “Ke tla loantša ea le loantšang, ’me bara ba lōna ke tla ba pholosa.” (Esaia 49:25b) Boitlamo boo bo sa ntse bo tiile. Joalokaha ho tlalehiloe ho Zakaria 2:8, Jehova o re ho batho ba hae: “Ea le amang o ama leihlo la ka.” Ke ’nete hore hona joale re thabela nako ea kamohelo eo ka eona batho lefatšeng ka bophara ba nang le monyetla oa ho phallela Sione ea moea. Leha ho le joalo, nako eo ea kamohelo e tla fihla pheletsong.
29. Ba hanang ho mamela Jehova ba letetsoe ke tebello efe e lerootho?
29 Ho tla etsahala’ng ka bao ka manganga ba hanang ho mamela Jehova ’me ba bile ba hlorisa barapeli ba hae? O re: “Ke tla etsa hore ba le tšoarang hampe ba je nama ea bona; ’me ba tla tahoa ke mali a bona joalokaha eka ba tahiloe ke veine e monate.” (Esaia 49:26a) Ke tebello e lerootho hakaakang! Bahanyetsi ba manganga joalo ha ba na bokamoso bo tšoarellang. Ba tla timetsoa. Kahoo, ka ho pholosa batho ba hae le ka ho timetsa lira tsa bona, Jehova o tla nkoa e le Mopholosi. “Nama eohle e tla lokela ho tseba hore ’na, Jehova, ke Mopholosi oa hao le Morekolli oa hao, ke ’na Ea Matla oa Jakobo.”—Esaia 49:26b.
30. Jehova o entse liketso life tse pholosang molemong oa batho ba hae, ’me ke hona a sa ntse a tla etsa’ng?
30 Mantsoe ao a qalile ho phethahala ha Jehova a sebelisa Cyruse ho lokolla batho ba Hae botlamuoeng ba Babylona. A phethahetse ka tsela e tšoanang ka 1919 ha Jehova a sebelisa Mora oa hae ea behiloeng teroneng, Jesu Kreste, ho lokolla batho ba Hae bokhobeng ba moea. Kahoo, Bibele e hlalosa Jehova le Jesu e le bapholosi. (Tite 2:11-13; 3:4-6) Jehova ke Mopholosi oa rōna, ’me Jesu, Mesia, ke “Moemeli [oa hae] ea ka Sehloohong.” (Liketso 5:31) Ka sebele, liketso tsa Molimo tse pholosang tseo a li entseng ka Jesu Kreste ke tse babatsehang. Jehova o lokolla ba lipelo li lokileng bokhobeng ba bolumeli ba bohata ka litaba tse molemo. O ba lopolla bokhobeng ba sebe le lefu ka sehlabelo sa thekollo. Ka 1919 o ile a lopolla barab’abo Jesu bokhobeng ba moea. ’Me ntoeng ea Armagedone e ntseng e atamela ka potlako, o tla lopolla bongata bo boholo ba batho ba tšepahalang timetsong e tla tlela baetsalibe.
31. Bakreste ba lokela ho itšoara joang mabapi le ho ba ba amoheloang ke Molimo?
31 Ka hona, ke tokelo e kaakang ho ba ba amoheloang ke Molimo! E se eka kaofela ha rōna re ka sebelisa nako ena e amohelehang ka bohlale. ’Me e se eka re ka itšoara ka tsela e lumellanang le ho potlaka ha linako tsa rōna, ka ho ela hloko mantsoe a Pauluse ho Baroma: “Le tseba nako, hore e se e le hora ea hore le tsohe borokong, kaha joale poloko ea rōna e haufi ho feta nakong ea ha re e-ba balumeli. Bosiu bo se bo ile haholo; letsatsi le atametse. Ka hona a re hloboleng mesebetsi ea lefifi ’me re apareng lihlomo tsa leseli. Joaloka motšehare a re tsamaeeng ka mokhoa o hlomphehang, eseng meketeng e lerata le ho inehelleng botahoa, eseng ho kopaneleng liphate ho haneloang le boitšoarong bo hlephileng, eseng ho qabaneng le poulelong. Empa le apare Morena Jesu Kreste, ’me le se ke la rera esale pele bakeng sa litakatso tsa nama.”—Baroma 13:11-14.
32. Batho ba Molimo ba tiisetsoa eng?
32 Jehova o tla tsoela pele ho bontša hore o khahlisoa ke ba elang hloko temoso ea hae. O tla ba fa matla le bokhoni tse hlokahalang bakeng sa ho ntšetsa pele boboleli ba litaba tse molemo. (2 Bakorinthe 4:7) Jehova o tla sebelisa bahlanka ba hae joalokaha a sebelisa Moeta-pele oa bona, Jesu. O tla etsa hore melomo ea bona e be “joaloka sabole e bohale” e le hore ba finyelle lipelo tsa ba bonolo ka molaetsa oa litaba tse molemo. (Matheu 28:19, 20) O tla sireletsa batho ba hae, “moriting oa letsoho la hae.” Joaloka “lerumo le leolitsoeng,” o tla ba pata ka “khohlopong ea hae.” Ka sebele, Jehova a ke ke a lahla batho ba hae!—Pesaleme ea 94:14; Esaia 49:2, 15.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Ntle ho pelaelo, Satane ka ho tseba hore Jesu ke Mora oa Molimo le hore ke eena eo ho profetiloeng hore o tla mo khoba hlooho (Ge 3:15), o ile a etsa sohle se matleng a hae ho timetsa Jesu. Empa, ha le tsebisa Maria ka ho emoloa ha Jesu, lengeloi Gabriele le ile la mo bolella: ‘Moea o halalelang o tla theohela holim’a hao, ’me matla a Ea Phahameng ka ho Fetisisa a tla u koahela. Ka lebaka leo le se tsoetsoeng se tla bitsoa se halalelang, Mor’a Molimo.’ (Lu 1:35) Jehova o ile a sireletsa Mora oa hae. Boiteko ba ho timetsa Jesu ha e sa le lesea bo ile ba hlōleha.”—Insight on the Scriptures, Moqolo 2, leqepheng la 868, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 139]
Mesia o joaloka “lerumo le leolitsoeng” ka khohlopong ea Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 141]
Mesia e ’nile ea e-ba “leseli la lichaba”
[Setšoantšo se leqepheng la 147]
Lerato la Molimo ho batho ba hae le feta la ’mè ho ngoana oa hae