Khaolo ea Leshome le Metso e Meraro
“Le Hoeletse ka Thabo le Kopane”!
1. Ke hobane’ng ha mantsoe a boprofeta a Esaia khaolo ea 52 e le mohloli oa thabo, hona a na le phethahatso efe e habeli?
TOKOLOHO! Na ho ka ba le tebello e ’ngoe e thabisang ho batho ba botlamuoeng ho feta eo? Kaha sehlooho se seholo sa buka ea Esaia ke tokoloho le tsosoloso, hase ho makatsang hore ebe ntle ho Lipesaleme, buka ena ea Bibele e fupere lipolelo tse ngata tsa thabo ho feta leha e le efe e ’ngoe. Ka ho khetheha Esaia khaolo ea 52 e fa batho ba Molimo lebaka la hore ba thabe. Mantsoe a eona a boprofeta a phethahala ho Jerusalema ka 537 B.C.E. ’Me a na le phethahatso e ’ngoe e khōloanyane e amang “Jerusalema oa holimo,” e leng mokhatlo oa Jehova oa leholimo oa libōpuoa tsa moea, oo ka linako tse ling o hlalosoang e le ’mè le mosali.—Bagalata 4:26; Tšenolo 12:1.
“U Apare Matla a Hao, Uena Sione!”
2. Sione e tsoha neng, hona see se etsahala joang?
2 A sebelisa Esaia, Jehova o ntša mohoo o eang motseng oa Hae o ratoang, Sione, o re: “Tsoha, tsoha, u apare matla a hao, Uena Sione! Apara liaparo tsa hao tse ntle, Uena Jerusalema, motse o halalelang! Etsoe ha ho sa tla hlola ho kena ea sa bollang le ea sa hloekang ho uena. Itlhohlore lerōle, ema, lula, Uena Jerusalema. Lokolla marapo a molaleng oa hao, Uena morali oa Sione ea isitsoeng kholehong.” (Esaia 52:1, 2) Kaha baahi ba eona ba halefisitse Jehova, Jerusalema e lutse e le lesupi ka lilemo tse 70. (2 Marena 24:4; 2 Likronike 36:15-21; Jeremia 25:8-11; Daniele 9:2) Joale ke nako ea hore e tsohe ho se sebetseng ha eona ka nako e telele ’me e apare liaparo tse ntle tsa tokoloho. Jehova o susumelitse pelo ea Cyruse hore a lokolle “morali oa Sione ea isitsoeng kholehong” e le hore bao e kileng ea e-ba baahi ba Jerusalema le bana ba bona ba ka tsoa Babylona, ba khutlela Jerusalema, ’me ba tsosolosa borapeli ba ’nete. Ha ho ba sa bollang le ba sa hloekang ba lokelang ho fumanoa Jerusalema.—Esdrase 1:1-4.
3. Ke hobane’ng ha phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e ka bitsoa “morali oa Sione,” hona e lokolotsoe ka kutloisiso efe?
3 Mantsoe ana a Esaia a boetse aa phethahala phuthehong ea Bokreste. Phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e ka hlalosoa e le “morali oa Sione” oa kajeno, kaha “Jerusalema oa holimo” ke ’mè oa eona.a Ba lokolotsoe lithutong tsa bohetene le tsa bokoenehi, batlotsuoa ba lokela ho lula ba hloekile ka pel’a Jehova, che, eseng ka ho bolotsa nama, empa ka ho bolotsa lipelo. (Jeremia 31:33; Baroma 2:25-29) Sena se akarelletsa ho lula ba hloekile ka pel’a Jehova moeeng, kelellong le boitšoarong.—1 Bakorinthe 7:19; Baefese 2:3.
4. Le hoja ho se mohla “Jerusalema oa holimo” e kileng ea hlōleha ho mamela Jehova, ke maemo afe a ileng a hlahela baemeli ba eona ba lefatšeng a tšoanang le a ileng a hlahela baahi ba Jerusalema ea boholo-holo?
4 Ke ’nete hore ha ho mohla “Jerusalema oa holimo” e kileng ea hlōleha ho mamela Jehova. Leha ho le joalo, nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, baemeli ba eona ba lefatšeng—Bakreste ba tlotsitsoeng—ba ile ba tlōla molao oa Jehova ba sa hlokomele kaha ba ne ba sa utloisise ka ho hlaka boemo ba Bakreste ba ’nete ba ho se nke lehlakore. Ba lahlehetsoe ke kamohelo ea Molimo, ba ile ba e-ba botlamuoeng ba moea ba “Babylona e Moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Tšenolo 17:5) Ho ba ha bona boemong ba bokhoba ho ile ha fihla sehlohlolong ka June 1918 ha basebetsi ba robeli ba Mokhatlo oa Watch Tower ba kenngoa teronkong ka liqoso tsa bohata, tse kenyelletsang ho etsa morero oa bolotsana. Ka nako eo boboleli bo hlophisitsoeng ba litaba tse molemo bo ne bo batla bo emisitse. Leha ho le joalo, ka 1919 ho ile ha etsoa boipiletso bo matla ba ho hlaphoheloa moeeng. Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba qala ho ikarola ka ho feletseng litšileng tsa moea le tsa boitšoaro tsa Babylona e Moholo. Ba ile ba phahama lerōleng la botlamuoa, ’me “Jerusalema oa holimo” ea e-ba le khanya ea “motse o halalelang” oo ho oona ho sa lumelloeng litšila tsa moea.
5. Ke hobane’ng ha Jehova a e-na le tokelo e feletseng ea ho rekolla batho ba hae a sa fe baholehi ba bona puseletso ea letho?
5 Ka 537 B.C.E. le ka 1919 C.E., Jehova o ne a e-na le tokelo e feletseng ea ho lokolla batho ba hae. Esaia oa hlalosa: “Sena ke seo Jehova a se boletseng: ‘Le rekisitsoe mahala, ’me le tla rekolloa ntle ho chelete.’” (Esaia 52:3) Ka bobeli Babylona ea boholo-holo le Babylona e Moholo ha lia ka tsa lefa letho ha li hapa batho ba Molimo ba selekane ho ba etsa makhoba. Kaha ha hoa ka ha e-ba le thekisetsano e akarelletsang chelete, ka molao Jehova e ne e ntse e le eena Mong’a batho ba hae. Na o ne a lokela ho ikutloa a kolota motho leha e le ofe? Le hanyenyane. Maemong ao ka bobeli, Jehova o ne a ka rekolla barapeli ba hae ka ho loketseng a sa fe baholehi ba bona puseletso ea letho.—Esaia 45:13.
6. Ke lithuto life tse rutoang ke histori tseo lira tsa Jehova li sitiloeng ho li ela hloko?
6 Lira tsa Jehova li ne li sa ithuta letho historing. Rea bala: “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: ‘Batho ba ka ba theohetse Egepeta lekhetlong la pele hore ba lule teng e le bajaki; ’me Assyria ea ba hatella ntle ho lebaka.’” (Esaia 52:4) Faro oa Egepeta o ile a etsa Baiseraele, ba neng ba memetsoe ho ea lula naheng ea hae e le bajaki, makhoba. Empa Jehova o ile a etsa hore Faro le lebotho la hae ba khangoe ke metsi Leoatleng le Lefubelu. (Exoda 1:11-14; 14:27, 28) Ha Morena Sankeribe oa Assyria a sokela Jerusalema, lengeloi la Jehova le ile la bolaea masole a morena eo a 185 000. (Esaia 37:33-37) Ka ho tšoanang, Babylona ea boholo-holo hammoho le Babylona e Moholo li ke ke tsa phema liphello tsa ho hatella batho ba Molimo.
“Sechaba sa ka se Tla Tseba Lebitso la Ka”
7. Ho ba botlamuoeng ha batho ba Jehova ho ama lebitso la hae joang?
7 Boemo ba batho ba Jehova ba ho ba botlamuoeng bo ama lebitso la hae, joalokaha boprofeta bo bontša: “‘Joale, ke eng seo ke se thahasellang moo?’ ho bolela Jehova. ‘Kaha sechaba sa ka se nketsoe lefeela. Ba se busang ba ntse ba bokolla,’ ho bolela Jehova, ‘’me kamehla, letsatsi lohle, lebitso la ka le ntse le hlompholloa. Ka lebaka leo sechaba sa ka se tla tseba lebitso la ka, ka lona lebaka leo letsatsing leo, kahobane ke ’na Ea buang. Bonang! Ke ’na.’” (Esaia 52:5, 6) Jehova o thahasella eng boemong boo? O tšoenngoa ke eng ka hore ebe Baiseraele ba entsoe makhoba Babylona? Jehova o tlameha ho nka khato hobane Babylona e isitse batho ba hae botlamuoeng ’me ka tlhōlo e ikotla sefuba ka bona. Ho ithorisa ho joalo ho entse hore Babylona e tšoare lebitso la Jehova ka tsela e le hlomphollang. (Ezekiele 36:20, 21) E sitoa ho hlokomela hore boemo ba Jerusalema ba ho etsoa lesupi bo tlisitsoe ke ho se khahlisoe ha Jehova ke batho ba hae. Ho e-na le hoo, Babylona e nka hore ho etsoa ha Bajuda makhoba ke bopaki ba hore Molimo oa bona oa fokola. ’Musi ea kopanetseng puso le morena oa Babylona, Belshatsare, o bile o soma Jehova ka ho sebelisa lijana tse tsoang tempeleng ea Hae nakong ea mokete o tlotlisang melimo ea Babylona.—Daniele 5:1-4.
8. Lebitso la Jehova le ’nile la tšoaroa joang ho tloha ka morao ho lefu la baapostola?
8 See sohle se sebetsa joang ho “Jerusalema oa holimo”? Ho tloha ha bokoenehi bo qala har’a ba ipolelang hore ke Bakreste, ho ka boleloa hore “lebitso la Molimo le ntse le nyefoloa ka lebaka la [bona] har’a lichaba.” (Baroma 2:24; Liketso 20:29, 30) Kahoo, Bajuda ba ile ba qala ho phema ho sebelisa lebitso la Molimo ka lebaka la tumela-khoela. Nakoana ka morao ho lefu la baapostola, Bakreste ba bakoenehi le bona ba ile ba latela seo ’me ba khaotsa ho sebelisa lebitso la Molimo. Bokoenehi bo ile ba hlahisa Bokreste-’mōtoana, e leng karolo e ka sehloohong ea Babylona e Moholo. (2 Bathesalonika 2:3, 7; Tšenolo 17:5) Boitšoaro bo hlephileng bo se nang meeli ba Bokreste-’mōtoana le molato oa bona o tšabehang oa mali bo tlisitse thohako lebitsong la Jehova.—2 Petrose 2:1, 2.
9, 10. Batho ba Molimo ba selekane ba kajeno ba bile le kutloisiso efe e tebileng ka litekanyetso tsa Jehova le lebitso la hae?
9 Ha Cyruse e Moholo, Jesu Kreste, a lokolla batho ba Molimo ba selekane botlamuoeng ba Babylona e Moholo ka 1919, ba ile ba utloisisa hamolemo seo Jehova a se hlokang. Ba ne ba se ba ntse ba itlhoekisitse lithutong tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana tse simolohileng boheteneng nakong ea pele ho Bokreste, tse kang Boraro-bo-bong, ho se shoe ha moea le tlhokofatso ea ka ho sa feleng liheleng tsa mollo. Joale ba ile ba qala ho itlhohlora mesaletsa eohle ea tšusumetso ea Babylona. Ba ile ba boela ba hlokomela bohlokoa ba ho khomarela ho se nke lehlakore litabeng tsa ho latela mekha ea lefatše lena. Ba ne ba bile ba batla ho itlosa molato oa mali oo mohlomong ba bang ba bona ba neng ba e-na le oona.
10 Bahlanka ba Molimo ba kajeno le bona ba ile ba utloisisa bohlokoa ba lebitso la Jehova ka ho teba. Ka 1931 ba ile ba amohela lebitso Lipaki tsa Jehova, kahoo ba tsebahatsa phatlalatsa hore ba emela Jehova le lebitso la hae. Ho feta moo, ka ho hatisa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ho tloha ka 1950, Lipaki tsa Jehova li khutliselitse lebitso la Molimo sebakeng sa lona se loketseng ka Bibeleng. E, li ananela lebitso la Jehova ’me li le tsebahatsa ho isa lipheletsong tsa lefatše.
“Ea Tlisang Litaba Tse Molemo”
11. Ke hobane’ng ha phatlalatso e reng “Molimo oa hao ke morena!” e le e loketseng liketsahalo tsa 537 B.C.E.?
11 Joale re boetse re lebisa tlhokomelo ho Sione ha e ntse e le lesupi. Ho atamela lenģosa le tlisang litaba tse molemo: “A khahleha hakaakang lithabeng maoto a ea tlisang litaba tse molemo, ea phatlalatsang khotso, ea tlisang litaba tse molemo tsa ho hong ho molemo, ea phatlalatsang poloko, ea reng ho Sione: ‘Molimo oa hao ke morena!’” (Esaia 52:7) Ka 537 B.C.E., ho ne ho ka boleloa joang hore Molimo oa Sione ke Morena? Na hase ’nete hore haesale Jehova e ntse e le Morena? Ka sebele, ke “Morena oa bosafeleng”! (Tšenolo 15:3) Empa phatlalatso e reng “Molimo oa hao ke morena!” ke e loketseng hobane ho oa ha Babylona le phatlalatso ea morena ea hore ho tsosolosoe tempele e Jerusalema ho be ho tsosolosoe borapeli bo hloekileng moo ke ponahatso e ncha ea borena ba Jehova.—Pesaleme ea 97:1.
12. Ke mang ea ileng a etella pele ho ‘tliseng litaba tse molemo,’ hona joang?
12 Mehleng ea Esaia ha ho motho kapa sehlopha sa batho se neng se bitsoa “ea tlisang litaba tse molemo.” Leha ho le joalo, kajeno ea tlisang litaba tse molemo oa tsebahala. Jesu Kreste ke lenģosa la Jehova le leholo ka ho fetisisa la khotso. Ha a ne a le lefatšeng, o ile a bolela litaba tse molemo tsa hore ho ne ho tla ba le tokollo liphellong tsohle tsa sebe se futsitsoeng ho Adama, ho akarelletsa ho kula le lefu. (Matheu 9:35) Jesu o ile a beha mohlala oa cheseho ho phatlalatseng litaba tsena tse molemo tsa ho hong ho molemo, a sebelisa monyetla o mong le o mong ho ruta batho ka ’Muso oa Molimo. (Matheu 5:1, 2; Mareka 6:34; Luka 19:1-10; Johanne 4:5-26) ’Me barutuoa ba hae ba ile ba latela mohlala oa hae.
13. (a) Moapostola Pauluse o atolosa joang se boleloang ke polelo e reng “A khahleha hakaakang lithabeng maoto a ea tlisang litaba tse molemo”? (b) Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore maoto a manģosa aa “khahleha”?
13 Lengolong la hae le eang ho Baroma, moapostola Pauluse o qotsa Esaia 52:7 ho totobatsa bohlokoa ba mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo. O botsa letoto la lipotso tse susumelletsang motho ho nahana ka ho teba, tse akarelletsang e reng ‘Batho ba tla utloa joang ha ho se ea bolelang?’ Joale o re: “Feela joalokaha ho ngoliloe: ‘A khahleha hakaakang maoto a ba bolelang litaba tse molemo tsa lintho tse molemo!’” (Baroma 10:14, 15) Ka hona Pauluse o atolosa tšebeliso ea Esaia 52:7, a sebelisa lentsoe le ka bongateng “ba” ho e-na le le ka bonngoeng “ea,” le hlahang tabeng ea pele e ngotsoeng ho Esaia. Ba etsisa Jesu Kreste, Bakreste bohle ke manģosa a litaba tse molemo tsa khotso. Ke joang maoto a bona a ‘khahlehang’? Esaia o bua joalokaha eka lenģosa le tla le lebile Jerusalema le hlaha lithabeng tse haufinyane tsa Juda. Ha le sa ntse le le hōle, ho thata ho bona maoto a lenģosa. Ho e-na le hoo, mona ho lebisitsoe tlhokomelo ho lenģosa, maoto a emela lenģosa ka bolona. Feela joalokaha Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba bonahala ba khahleha ho ba bonolo lekholong la pele la lilemo, Lipaki tsa kajeno li bonahala li khahleha ho ba ikokobelitseng ba elang hloko molaetsa oa litaba tse molemo o bolokang bophelo.
14. Jehova e bile Morena joang mehleng ea kajeno, hona see se qalile ho tsebahatsoa molokong oa batho ho tloha neng?
14 Mohoo o reng “Molimo oa hao ke morena!” o qalile ho utloahala ho tloha neng mehleng ea kajeno? Ho tloha ka 1919. Selemong seo kopanong ea Cedar Point, Ohio, J. F. Rutherford, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ka nako eo, o ile a susumetsa bamameli ba hae ka puo e nang le sehlooho se reng “Puo e Eang ho Basebetsi-’moho.” Puo eo, e neng e thehiloe ho Esaia 52:7 le Tšenolo 15:2, e ile ea khothalletsa bohle ba neng ba le teng moo ho kopanela mosebetsing oa boboleli. Ka hona, ‘maoto a khahlehang’ a ile a qala ho hlahella “lithabeng.” Qalong Bakreste ba tlotsitsoeng ’me hamorao metsoalle ea bona ea “linku tse ling” ba ile ba tsoela pele ka cheseho ho bolela litaba tse molemo tsa hore Jehova ke Morena. (Johanne 10:16) Jehova e ne e bile Morena joang? O ile a bonahatsa borena ba hae bocha ka 1914 ha a hlomamisa Mora oa hae, Jesu Kreste, e le Morena ’Musong o mocha o hlomiloeng leholimong. ’Me Jehova o ile a boela a bonahatsa borena ba hae ka 1919 ha a lokolla “Iseraele ea Molimo” ho Babylona e Moholo.—Bagalata 6:16; Pesaleme ea 47:8; Tšenolo 11:15, 17; 19:6.
“Balebeli ba Hao ba Phahamisitse Mantsoe”
15. “Balebeli” ba phahamisang mantsoe a bona ka 537 B.C.E. ke bo-mang?
15 Na mohoo o reng “Molimo oa hao ke morena!” o hlahisa karabelo? E. Esaia oa tlaleha: “Mamela! Balebeli ba hao ba phahamisitse mantsoe. Ba hoeletsa ka thabo ba kopane; etsoe ba tla bona ha Jehova a khutlisa Sione.” (Esaia 52:8) Ha ho balebeli ba sebele ba emang libakeng tsa bona Jerusalema ka 537 B.C.E. ho amohela batlamuoa ba pele ba khutlang. Motse o lutse e le lesupi ka lilemo tse 70. (Jeremia 25:11, 12) Kahoo “balebeli” ba phahamisang mantsoe a bona e tlameha ebe ke Baiseraele ba utloang esale pele litaba tsa ho tsosolosoa ha Sione ’me ba jara boikarabelo ba ho fetisetsa litaba tsena ho bana ba bang bohle ba Sione. Ha ba bona Jehova a nehelana ka Babylona matsohong a Cyruse ka 539 B.C.E., balebeli ha ba na khoao likelellong tsa bona ka hore Jehova o lokolla batho ba hae. Hammoho le ba arabelang pitsong ea bona, balebeli ba tsoela pele ho hooa ka thabo, ba kopane, ba tsebisa ba bang litaba tse molemo.
16. Ke mang eo balebeli ba mo ‘bonang’ ka ho toba, hona ke ka kutloisiso efe?
16 Balebeli ba falimehileng ba theha kamano ea botho le e atamelaneng le Jehova, joalokaha eka ba mo “bona” ka ho toba kapa lifahleho li talimane. (Numere 14:14) Kamano ea bona e haufi le Jehova le e pakeng tsa bona e totobatsa bonngoe ba bona le kamoo molaetsa oa bona e leng o thabisang kateng.—1 Bakorinthe 1:10.
17, 18. (a) Sehlopha sa kajeno sa molebeli se phahamisitse lentsoe la sona joang? (b) Ke ka kutloisiso efe sehlopha sa molebeli se ntšitseng mohoo se kopane?
17 Phethahatsong ea kajeno, sehlopha sa molebeli, e leng “lekhoba le tšepahalang le le masene,” ha se phahamise lentsoe la sona bakeng sa ba seng ba ntse ba le ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo o bonahalang feela empa le bakeng sa ba ka ntle ho oona. (Matheu 24:45-47) Ka 1919 ho ile ha etsoa mohoo oa ho bokella masala a batlotsuoa, ’me ka 1922 mohoo oo o ile oa matlafatsoa kopanong ea Cedar Point, Ohio, ha ho etsoa boipiletso bo reng “phatlalatsang, phatlalatsang, phatlalatsang, Morena le ’muso oa hae.” Ho tloha ka 1935, ho ile ha lebisoa tlhokomelo ho bokelloeng ha bongata bo boholo ba ba kang linku. (Tšenolo 7:9, 10) Lilemong tsa morao tjena ho phatlalatsoa ha borena ba Jehova ho entsoe ka matla a eketsehileng. Joang? Selemong sa 2000, ba ka bang limilione tse tšeletseng ba ile ba kopanela ho boleleng borena ba Jehova linaheng le libakeng tse fetang 230. Ho feta moo, Molula-Qhooa, e leng kofuto e ka sehloohong ea sehlopha sa molebeli, o phatlalatsa molaetsa ona o nyakallisang ka lipuo tse fetang 130.
18 Ho kopanela mosebetsing o momahanyang joalo ho hloka boikokobetso le lerato la bara ba motho. E le hore mohoo oo o utloahale, bohle ba amehang ba tlameha ho bolela molaetsa o tšoanang, o totobatsang lebitso la Jehova, tokisetso ea hae ea thekollo, bohlale ba hae, lerato la hae le ’Muso oa hae. Kaha Bakreste lefatšeng ho pota ba sebetsa mahetla a bapile, kamano ea bona ea botho le Jehova ea matlafatsoa e le hore ba phatlalatse litaba tse molemo ba kopane.
19. (a) “Libaka tse ripitliloeng tsa Jerusalema” li fetoha tse nyakaletseng joang? (b) Jehova o “pepesitse letsoho la hae le halalelang” ka kutloisiso efe?
19 Ha batho ba Molimo ba hooa ka thabo, esita le sebaka seo ba lulang ho sona se shebahala se nyakaletse. Boprofeta bo tsoela pele: “Nyakallang, le hoeletse ka thabo le kopane, lōna libaka tse ripitliloeng tsa Jerusalema, etsoe Jehova o tšelisitse batho ba hae; o rekolotse Jerusalema. Jehova o pepesitse letsoho la hae le halalelang ka pel’a mahlo a lichaba tsohle; ’me lipheletso tsohle tsa lefatše li tla bona poloko ea Molimo oa rōna.” (Esaia 52:9, 10) Ha ba khutlang Babylona ba fihla, libaka tse shebahalang li hloname tsa Jerusalema e entsoeng lesupi li bonahala li nyakaletse kaha joale borapeli bo hloekileng ba Jehova bo khona ho tsosolosoa. (Esaia 35:1, 2) Ka ho hlakileng, Jehova o kentse letsoho ho sena. O “pepesitse letsoho la hae le halalelang,” joalokaha eka o fina lihempe e le hore a ikakhele ka setotsoana mosebetsing oa ho pholosa batho ba hae.—Esdrase 1:2, 3.
20. Ke eng se finyeletsoeng le seo e leng hona se tla finyelloa ha Jehova a pepesa letsoho la hae le halalelang mehleng ea kajeno?
20 “Matsatsing [ana] a ho qetela,” Jehova o pepesitse letsoho la hae le halalelang e le hore a tsosolose masala a batlotsuoa, ‘lipaki tse peli’ tsa buka ea Tšenolo. (2 Timothea 3:1; Tšenolo 11:3, 7-13) Ho tloha ka 1919, a ’nile a tlisoa paradeiseng ea moea, eo e leng lefa la moea leo hona joale a le kopanetseng le metsoalle ea ’ona e limilione, e leng linku tse ling. Qetellong, Jehova o tla pepesa letsoho la hae le halalelang e le hore a boloke batho ba hae ka “Har–Magedone.” (Tšenolo 16:14, 16) Ka nako eo, “lipheletso tsohle tsa lefatše li tla bona poloko ea Molimo oa rōna.”
Tlhokahalo e Potlakileng
21. (a) Ho hlokahala eng ho ba “jarang lijana tsa Jehova”? (b) Ke hobane’ng ha ho se na lebaka la hore Bajuda ba fallang Babylona ba tšohe?
21 Ba tsoang Babylona ba khutlelang Jerusalema ba lokela ho finyella tlhokahalo e itseng. Esaia oa ngola: “Tlohang, tlohang, tsoang mona, le se ke la ama letho le sa hloekang; tsoang har’a eona, le ipoloke le hloekile, lōna ba jarang lijana tsa Jehova. Etsoe le ke ke la tsoa ka ho tšoha, ’me le ke ke la tsamaea le baleha. Etsoe Jehova o tla be a tsamaea ka pel’a lōna, ’me Molimo oa Iseraele e tla ba molebeli oa lōna ea ka morao.” (Esaia 52:11, 12) Baiseraele ba fallang ba tlameha ho siea Babylona ntho leha e le efe e silafalitsoeng ke borapeli ba bohata ba Babylona. Kaha ba jara lijana tsa Jehova tse tsoang tempeleng e Jerusalema, ba lokela ho hloeka, eseng feela ka ntle, ka tsela ea litšebeletso, empa ba lokela ho hloeka haholo-holo ka lipelong. (2 Marena 24:11-13; Esdrase 1:7) Ho feta moo, Jehova o ba eteletse pele, kahoo ha ho hlokahale hore ba tšohe, ebile ha baa lokela ho baleha ka lephehlophehlo, joalokaha eka ba behiloe merebele ke batho ba nyoretsoeng mali. Molimo oa Iseraele ke molebeli oa bona ea ka morao.—Esdrase 8:21-23.
22. Pauluse o hatisa tlhokahalo ea bohloeki har’a Bakreste ba tlotsitsoeng joang?
22 Mantsoe a Esaia tabeng ea ho boloka bohloeki a phethahala ka tsela e ka sehloohong ho bana ba “Jerusalema oa holimo.” Ha Pauluse a ne a eletsa Bakreste ba Korinthe ho se kene jokong e sa lekaneng le ba sa lumelang, o ile a qotsa mantsoe a Esaia 52:11: “‘Ka hona tsoang har’a bona, ’me le ikarole,’ ho bolela Jehova, ‘le khaotse ho ama ntho e sa hloekang.’” (2 Bakorinthe 6:14-17) Joaloka Baiseraele ba khutlelang hae ba e-tsoa Babylona, Bakreste ba lokela ho ikarola ka ho feletseng borapeling ba bohata ba Babylona.
23. Bahlanka ba Jehova kajeno ba ikitlaelletsa ho ipoloka ba hloekile ka litsela life?
23 Sena e bile ’nete ka ho khetheha ho balateli ba Jesu Kreste ba tlotsitsoeng ba balehileng Babylona e Moholo ka 1919. Ba ile ba tsoela pele ho itlhoekisa mesaletsa eohle ea borapeli ba bohata. (Esaia 8:19, 20; Baroma 15:4) Ba ile ba boela ba hlokomela ka ho eketsehileng bohlokoa ba ho hloeka boitšoarong. Le hoja kamehla Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa khomarela litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro, ka 1952 Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa e-ba le lihlooho tse hatisang tlhokahalo ea ho khalemela ba itšoereng hampe e le hore phutheho e bolokoe e hloekile. Khato e joalo ea khalemelo e boetse e thusa mofosi ho hlokomela hore ho hlokahala pako ea sebele.—1 Bakorinthe 5:6, 7, 9-13; 2 Bakorinthe 7:8-10; 2 Johanne 10, 11.
24. (a) “Lijana tsa Jehova” ke eng mehleng ea kajeno? (b) Ke hobane’ng ha Bakreste kajeno ba kholisehile hore Jehova o tla tsoela pele ho ba etella pele le ho ba molebeli oa bona ea ka morao?
24 Bakreste ba tlotsitsoeng hammoho le bongata bo boholo ba linku tse ling ba ikemiselitse hore ba ke ke ba ama letho le sa hloekang moeeng. Boemo ba bona bo hloekisitsoeng bo etsa hore ba tšoanelehe ho ba bajari ba “lijana tsa Jehova”—e leng litokisetso tsa bohlokoa tseo Molimo a fanang ka tsona bakeng sa tšebeletso e halalelang ea ntlo le ntlo le ea thuto ea Bibele le likarolong tse ling tsa tšebeletso ea Bokreste. Ka ho lula ba hloekile, batho ba Molimo kajeno ba ka kholiseha hore Jehova o tla tsoela pele ho ba etella pele le ho ba molebeli oa bona ea ka morao. E le batho ba hloekileng ba Molimo, ba na le mabaka a mangata a ho ‘hoeletsa ka thabo ba kopane’!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Khaolo ea 15 ea buka ena bakeng sa tlhaloso e batsi haholoanyane ea kamano e teng pakeng tsa “Jerusalema oa holimo” le bana ba eona ba tlotsitsoeng, ba lefatšeng.
[Setšoantšo se leqepheng la 183]
Sione e tla lokolloa botlamuoeng
[Setšoantšo se leqepheng la 186]
Ho qala ka 1919, ‘maoto a khahlehang’ a ile a boela a hlahella “lithabeng”
[Setšoantšo se leqepheng la 189]
Lipaki tsa Jehova li bua li kopane
[Setšoantšo se leqepheng la 192]
Ba “jarang lijana tsa Jehova” ba lokela ho hloeka boitšoarong le moeeng