Khaolo ea Borobeli
Jehova Molimo o ka Tempeleng ea Hae e Halalelang
1, 2. (a) Moprofeta Esaia o fumana pono ea hae ea tempele neng? (b) Ke hobane’ng ha Morena Uzia a ile a lahleheloa ke kamohelo ea Jehova?
“LEHA ho le joalo, selemong seo Morena Uzia a shoeleng ka sona, ka bona Jehova, a lutse teroneng e holimo le e phahameng, ’me seaparo sa hae se ne se tletse tempele.” (Esaia 6:1) Khaolo ea 6 ea buka ea Esaia e qala ka mantsoe ana a moprofeta. Ke ka selemo sa 778 B.C.E.
2 Puso ea Uzia ea lilemo tse 52 e le morena oa Juda, ka kakaretso e bile e atlehileng haholo. Kaha o ne a etsa “se nepahetseng mahlong a Jehova,” o ile a fumana tšehetso ea Molimo mesebetsing ea hae ea sesole, ea kaho le ea temo. Empa katleho ea hae e ile ea boela ea baka ho oa ha hae. Qetellong, pelo ea hae e ile ea ikhohomosa, “hoo a ileng a etsa ka ho se tšepahale ho Jehova Molimo oa hae ’me a kena ka tempeleng ea Jehova hore a chese libano.” Ka lebaka la ketso ena ea boikakaso le ho halefela ha hae baprista ba neng ba mo khalemela, Uzia o ile a shoa e le molepera. (2 Likronike 26:3-22) Ke hoo e ka bang nakong ena moo Esaia a ileng a qalisa tšebeletso ea hae ea boprofeta.
3. (a) Na Esaia o bona Jehova ka tsela ea sebele? Hlalosa. (b) Esaia o bona pono efe, hona ka lebaka lefe?
3 Ha re bolelloe hore na Esaia o lutse hokae ha a bona pono ena. Empa ho hlakile hore seo a se bonang ka mahlo a hae a nama ke pono, hase hore o bona Ea Matla ’Ohle ka tsela ea sebele, kaha “ha ho motho ea boneng Molimo ka nako leha e le efe.” (Johanne 1:18; Exoda 33:20) Ho ntse ho le joalo, ho bona ’Mōpi, Jehova, esita le ponong, ke ntho e susumetsang tšabo. Ea lutseng teroneng e phahameng, e tšoantšetsang karolo eo a e phethang e le Morena le Moahloli oa ka ho sa feleng, ke ’Musi oa Bokahohle le Mohloli oa puso e loketseng ka hohle-hohle! Moleka oa seaparo sa hae se selelele sa ka holimo, se qhalaneng, o tlala tempele. Esaia o bitsetsoa tšebeletso ea boprofeta e tla phahamisa matla a Jehova a bobusi le toka ea hae. Hore a itokise, o tla fuoa pono ea khalalelo ea Molimo.
4. (a) Ke hobane’ng ha litsela tseo Jehova a hlalosoang ka tsona ponong le tse tlalehiloeng ka Bibeleng e tlameha ho ba tsa tšoantšetso? (b) Ke eng seo ho ithutoang sona ka Jehova ponong ea Esaia?
4 Esaia ha a hlalose ponahalo ea Jehova ponong ea hae—ho fapana le lipono tse tlalehiloeng ke Ezekiele, Daniele le Johanne. ’Me litlaleho tseo kaofela lia fapana mabapi le se bonoang leholimong. (Ezekiele 1:26-28; Daniele 7:9, 10; Tšenolo 4:2, 3) Leha ho le joalo, ho lokela hore ho hopoloe sebōpeho le morero oa lipono tsena. Hase litlhaloso tsa sebele tsa boteng ba Jehova. Leihlo la nama le ke ke la bona seo e leng sa moea, leha e le hore kelello e lekanyelitsoeng ea motho e ka utloisisa tikoloho ea moea. Kahoo, lipono tseo li hlahisa ka tlhaloso ea botho boitsebiso bo lokelang ho fetisoa. (Bapisa le Tšenolo 1:1.) Ponong ea Esaia ha ho hlokahale hore ho fanoe ka tlhaloso ea ponahalo ea Molimo. Pono eo e tsebisa Esaia hore Jehova o ka tempeleng ea hae e halalelang le hore oa halalela ebile likahlolo tsa hae li hloekile.
Lirafime
5. (a) Lirafime ke bo-mang, ’me lentsoe leo le bolela’ng? (b) Ke hobane’ng ha lirafime li ipata lifahleho le maoto?
5 Mamela! Esaia o tsoela pele: “Lirafime li ne li eme ka holimo ho eena. Se seng le se seng se ne se e-na le mapheo a tšeletseng. Ka a mabeli se ne se ikoahela sefahleho, ka a mabeli se ikoahela maoto, ’me ka a mabeli se fofa.” (Esaia 6:2) Ka Bibeleng, ke ho Esaia khaolo ea 6 feela moo re fumanang ho buuoa ka lirafime. Ka ho totobetseng, ke libōpuoa tsa mangeloi tse sebeletsang Jehova tse nang le litokelo tse phahameng haholo le tlhompho, kaha li potolohile terone ea Jehova ea leholimo. Ho fapana le Morena Uzia oa moikhohomosi, li boemong ba tsona ka boikokobetso bo boholo le boinyenyefatso. Kahobane li le moo ’Musi oa leholimo a leng hona teng, li ikoahela lifahleho ka mapheo a mang a mabeli; ’me ka lebaka la ho hlompha sebaka se halalelang, li ikoahela maoto ka mapheo a mang a mabeli. Kaha li haufi le ’Musi oa Bokahohle, lirafime tsena li qoba ho iketelletsa pele le ho feta, e le hore li se ke tsa inkela khanya ea Molimo ka boeena. Lentsoe lena “lirafime,” le bolelang “ba kang mollo” kapa “ba tukang,” le fana ka maikutlo a hore lia phatsima, empa leha ho le joalo li patela lifahleho tsa tsona phatsimo e khōloanyane ea Jehova le khanya ea hae.
6. Boemo ba lirafime ke bofe mabapi le Jehova?
6 Lirafime li sebelisa para ea tsona ea boraro ea mapheo bakeng sa ho fofa, ’me ntle ho pelaelo bakeng sa ho ōkaōkela, kapa ho ‘ema,’ libakeng tsa tsona. (Bapisa le Deuteronoma 31:15.) Mabapi le boemo ba tsona, Moprofesa Franz Delitzsch oa hlalosa: “Ka sebele lirafime li ne li ke ke tsa phahamela ka holim’a hlooho ea Ea lutseng teroneng, empa li ne li ōkaōkela ka holim’a seaparo sa Hae se selelele sa ka holimo se neng se tletse holo.” (Commentary on the Old Testament) Ho bonahala sena se utloahala. Li “eme ka holimo,” eseng joaloka tse phahametseng Jehova, empa joaloka tse mo sebeletsang, tse mamelang le tse loketseng ho sebeletsa.
7. (a) Lirafime li phethahatsa kabelo efe? (b) Ke hobane’ng ha lirafime li phatlalatsa khalalelo ea Molimo hararo?
7 Joale mamela lirafime tseo tse filoeng tokelo e khōlō! “Li ne li hoeletsana li re: ‘Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova oa mabotho. Lefatše lohle le tletse khanya ea hae.’” (Esaia 6:3) Kabelo ea tsona ke ho bona hore khalalelo ea Jehova ea phatlalatsoa le hore khanya ea hae ea amoheloa bokahohleng bohle, boo lefatše e leng karolo ea bona. Khanya ea hae e bonoa ho tsohle tseo a li bōpileng ’me haufinyane e tla hlokomeloa ke baahi bohle ba lefatše. (Numere 14:21; Pesaleme ea 19:1-3; Habakuke 2:14) Phatlalatso ena e phetoang hararo, “oa halalela, oa halalela, oa halalela,” hase bopaki ba Boraro-bo-bong. Ho e-na le hoo, e phetoa ka makhetlo a mararo ho hatisa khalalelo ea Molimo. (Bapisa le Tšenolo 4:8.) Jehova o halalela ho isa tekanyong e phahameng ka ho fetisisa.
8. Liphello tsa liphatlalatso tsa lirafime ke life?
8 Le hoja ho sa boleloe palo ea lirafime tseo, e ka ’na eaba ho na le lihlopha tsa lirafime tse emeng pel’a terone. Ka pina e monate-nate, li ntse li pheta ka ho latellana phatlalatso ea khalalelo ea Molimo le khanya ea hae. Re hlokomela liphello life? Mamela hape ha Esaia a tsoela pele: “Liase tsa menyako tsa qala ho thothomela ka lebaka la lentsoe la se hooang, ’me butle-butle ntlo ea tlala mosi.” (Esaia 6:4) Ka Bibeleng, hangata mosi kapa leru o fana ka bopaki bo bonahalang ba boteng ba Molimo. (Exoda 19:18; 40:34, 35; 1 Marena 8:10, 11; Tšenolo 15:5-8) O bontša khanya eo rōna libōpuoa tsa nama re ke keng ra atamela ho eona.
Ha a Tšoanelehe, Empa oa Hloekisoa
9. (a) Pono eo e ba le phello efe ho Esaia? (b) Ke phapang efe e totobetseng pakeng tsa Esaia le Morena Uzia?
9 Pono ena ea terone ea Jehova e ba le phello e tebileng ho Esaia. Oa tlaleha: “Ka re: ‘Ho malimabe ’na! Kaha ho tšoana leha ke khutsisitsoe, kahobane ke motho ea molomo o sa hloekang, ’me ke lula har’a batho ba melomo e sa hloekang; etsoe mahlo a ka a bone Morena, Jehova oa mabotho!’” (Esaia 6:5) Ho na le phapang e kaakang pakeng tsa Esaia le Morena Uzia! Uzia o ile a inkela ka likhoka boemo ba baprista ba tlotsitsoeng ’me ka ho hloka tlhompho a kena ka phaposing e Halalelang ea tempele. Le hoja Uzia a ile a bona liluloana tsa mabone tsa khauta, aletare ea libano ea khauta le litafole tsa “bohobe ba Boteng,” ha aa ka a bona sefahleho sa Jehova sa kamohelo kapa ho fumana thōmo leha e le efe e khethehileng e tsoang ho eena. (1 Marena 7:48-50, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Ka lehlakoreng le leng, moprofeta Esaia ha a hlokomolohe boprista kapa ho kena moo a sa tšoanelang ho kena teng ka tempeleng. Leha ho le joalo, o bona pono ea Jehova a le ka tempeleng ea hae e halalelang ’me o fuoa tlotla ka ho fumana thōmo e tobileng e tsoang ho Molimo. Le hoja lirafime li sa itete sebete ho sheba Morena oa tempele ea lutseng teroneng, ponong Esaia o lumelloa ho sheba “Morena, Jehova oa mabotho!”
10. Ke hobane’ng ha Esaia a tšohile ha a bona pono ee?
10 Phapang eo Esaia a e bonang pakeng tsa khalalelo ea Molimo le boetsalibe ba hae e mo etsa hore a ikutloe a sa hloeka ka ho fetisisa. A tletse tšabo, o nahana hore o tla shoa. (Exoda 33:20) O utloa lirafime li rorisa Molimo ka melomo e hloekileng, empa molomo oa hae ha oa hloeka ’me o silafatsoa le ho feta ke ho se hloeke ha melomo ea batho bao a lulang har’a bona le bao a utloang lipuo tsa bona. Jehova oa halalela, ’me bahlanka ba hae ba lokela ho bonahatsa tšobotsi eo. (1 Petrose 1:15, 16) Le hoja Esaia a se a khethiloe hore e be ’muelli oa Molimo, o ameha ka ho teba ha a hlokomela boemo ba hae ba boetsalibe ’me ha a na molomo o hloekileng o loketseng ’muelli oa Morena ea khanyang le ea halalelang. Ebe karabelo e tsoang leholimong e tla ba efe?
11. (a) Serafime se seng se etsa’ng, hona ketso ee e tšoantšetsa eng? (b) Ho thuisa ka seo serafime se se bolellang Esaia ho ka re thusa joang ha re ikutloa re sa tšoanelehe joaloka bahlanka ba Molimo?
11 Ho e-na le ho leleka Esaia ka pel’a boteng ba Jehova, lirafime li nka bohato ba ho mo thusa. Tlaleho e re: “Eaba se seng sa lirafime se fofela ho ’na, ’me ho ne ho e-na le leshala le hlenneng letsohong la sona leo se neng se le nkile ka matlao aletareng. Sa ama molomo oa ka ’me sa re: ‘Bona! Le amile molomo oa hao, ’me phoso ea hao e tlohile le sebe sa hao se koahetsoe.’” (Esaia 6:6, 7) Ka tsela ea tšoantšetso, mollo o na le matla a ho hloekisa. Ha serafime se beha leshala le hlenneng le tsoang mollong o halalelang oa aletare molomong oa Esaia, se tiisetsa Esaia hore libe tsa hae li koahetsoe ho isa bohōleng bo loketseng hore a nolofalloe ke ho fumana kamohelo ea Molimo le thōmo ea hae. See se re khothatsa hakaakang! Le rōna re baetsalibe ’me ha re tšoanelehe ho atamela Molimo. Empa re lopolotsoe ka lebaka la sehlabelo sa thekollo sa Jesu ’me re ka fumana kamohelo ea Molimo le ho mo atamela ka thapelo.—2 Bakorinthe 5:18, 21; 1 Johanne 4:10.
12. Esaia o bona aletare efe, hona phello ea mollo ke efe?
12 Ho re hopotsang hape hore taba ena ke pono ke ha ho buuoa ka ‘aletare.’ (Bapisa le Tšenolo 8:3; 9:13.) Tempeleng e Jerusalema ho ne ho e-na le lialetare tse peli. Ka pelenyana feela ho lesira la Sehalalelisiso ho ne ho e-na le aletare e nyenyane ea libano, ’me ka pel’a monyako oa sehalalelo ho ne ho e-na le aletare e khōlō ea mahlabelo, moo mollo o neng o lula o tuka. (Levitike 6:12, 13; 16:12, 13) Empa lialetare tsena tsa lefatšeng e ne e le tsa tšoantšetso, li emetse lintho tse khōloanyane. (Baheberu 8:5; 9:23; 10:5-10) Ha Morena Solomone a ne a khakola tempele, ke mollo o tsoang leholimong o ileng oa chesa nyehelo ea secheso aletareng. (2 Likronike 7:1-3) ’Me hona joale ke mollo o tsoang aletareng ea ’nete, ea leholimo o tlosang ho se hloeke ha molomo oa Esaia.
13. Jehova o botsa potso efe, hona o akarelletsa mang ha a re “rōna”?
13 A re mameleng hammoho le Esaia. “Ka qala ho utloa lentsoe la Jehova le re: ‘Ke tla roma mang, ’me ke mang ea tla ea bakeng sa rōna?’ Eaba ke re: ‘Ke ’na enoa! Roma ’na.’” (Esaia 6:8) Ka ho hlakileng potso eo Jehova a e botsang e reretsoe ho susumetsa Esaia hore a arabele, kaha ha ho moprofeta e mong oa motho ea bonahalang ponong eo. Ka ho hlakileng ke memo ea hore Esaia e be lenģosa la Jehova. Empa ke hobane’ng ha Jehova a botsa ho re, “Ke mang ea tla ea bakeng sa rōna?” Ka ho fetohela seemeling se ka bongateng sa “rōna” a tlohela se ka bonngoeng sa “ke,” joale Jehova o kopanyelletsa bonyane motho a le mong ea nang le eena. Ke mang? Na eo e ne e se Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, eo hamorao a ileng a fetoha motho Jesu Kreste? Ka sebele, ke eena Mora enoa eo Molimo a ileng a re ho eena, “A re etse motho ka setšoantšo sa rōna.” (Genese 1:26; Liproverbia 8:30, 31) E, ea leng lehlakoreng la Jehova makhotleng a leholimo ke Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši.—Johanne 1:14.
14. Esaia o arabela joang memong ea Jehova, hona o re behela mohlala ofe?
14 Esaia ha a tsilatsile ho arabela! Ho sa tsotellehe hore na molaetsa oo e ka ba ofe, kapele-pele oa araba: “Ke ’na enoa! Roma ’na.” Hape ha a botse hore na a ka fumana eng ka ho amohela kabelo eo. Moea oa hae oa boithaopo ke mohlala o motle bakeng sa bahlanka bohle ba Molimo kajeno, ba nang le thōmo ea ho bolela ‘litaba tse molemo tsa ’muso lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ (Matheu 24:14) Joaloka Esaia, ka botšepehi ba khomarela kabelo ea bona ’me ba finyella ho fana ka “bopaki ho lichaba tsohle,” ho sa tsotellehe ho se arabele ho atileng hohle. Joalokaha Esaia a entse, ba hatela pele ka kholiseho, ba tseba hore thōmo ea bona e laetsoe ke ea phahameng ka ho fetisisa.
Thōmo ea Esaia
15, 16. (a) Esaia o lokela ho re’ng ho “batho bana,” hona ba tla arabela joang? (b) Na tsela eo batho ba arabelang ka eona e bakoa ke molato o itseng oa Esaia? Hlalosa.
15 Joale Jehova o bolela seo Esaia a lokelang ho se bua le hore na karabelo e tla ba efe: “E-ea, ’me u re ho batho bana, ‘Utloang ka ho pheta-pheta, empa le se ke la utloisisa; bonang ka ho pheta-pheta, empa le se ke la ba le tsebo leha e le efe.’ Etsa hore lipelo tsa batho bana e be tse sa amoheleng letho, ’me u etse hore litsebe tsa bona li se ke tsa arabela, u koale mahlo a bona, e le hore ba se ke ba bona ka mahlo a bona le hore ba se ke ba utloa ka litsebe tsa bona, le hore lipelo tsa bona li se ke tsa utloisisa le hore ba se ke ba khutla eaba ba iphumanela pholiso.” (Esaia 6:9, 10) Na see se bolela hore Esaia e lokela ho ba ea sa tsotelleng le ea hlokang masene ebe o nyahamisa Bajuda, o ba khaohanya le Jehova? Ho hang ha ho joalo! Batho bana ke ba habo Esaia bao a ikutloang hore o amana le bona. Empa mantsoe a Jehova a bontša kamoo batho ba tlang ho arabela kateng molaetseng oa hae, ho sa tsotellehe hore na Esaia o phethahatsa mosebetsi oa hae ka botšepehi hakae.
16 Batho ke bona ba molato. Esaia o tla bua le bona “ka ho pheta-pheta,” empa ba ke ke ba amohela molaetsa kapa hona ho fumana kutloisiso. Boholo ba bona bo tla ba manganga ’me bo se ke ba arabela, joalokaha eka bo foufetse ka ho feletseng ebile ke lithōlō. Ka ho ea ho bona khafetsa, Esaia o tla etsa hore “batho bana” ba bontše hore ha ba batle ho utloisisa. Ba tla bontša hore ba koala likelello le lipelo tsa bona hore li se ke tsa utloa molaetsa oa Esaia—molaetsa oa Molimo—o lebisitsoeng ho bona. Sena ke sona hantle seo batho ba se etsang le kajeno! Ba bangata haholo ba hana ho mamela Lipaki tsa Jehova ha li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo o tlang.
17. Ha Esaia a botsa, “Halelele hakae?” o bolela’ng?
17 Esaia o amehile: “Eaba ke re: ‘E tla ba halelele hakae, Jehova?’ Joale a re: ‘Ho fihlela metse e heleha hore e be lithako, e hloka baahi, le matlo a hloka motho oa lefatše, le naha e senngoa hore e be lesupi; le Jehova a suthisetsa batho ba lefatše hōle, ’me boemo ba ho tlohelloa bo pharalla haholo naheng.’” (Esaia 6:11, 12) Ka ho botsa potso e reng, “E tla ba halelele hakae?” Esaia ha a botse hore na o lokela ho tsoela pele a bolela halelele hakae ho batho bao ba sa arabeleng. Ho e-na le hoo, o amehile ka batho ’me o botsa hore na boemo ba bona bo bobe ba moea bo tla tsoela pele halelele hakae le hore na lebitso la Jehova le tla hlompholloa halelele hakae lefatšeng. (Bona Pesaleme ea 74:9-11.) Joale, boemo boo bo se nang kelello bo tla tsoela pele halelele hakae?
18. Boemo bo bobe ba moea ba batho bo tla tsoela pele ho fihlela neng, hona na Esaia o tla phela ho fihlela a bona ha boprofeta boo bo phethahala ka ho feletseng?
18 Jonna! karabo ea Jehova e bontša hore boemo bo bobe ba moea ba batho bo tla tsoela pele ho fihlela liphello tsa ho se utloe Molimo li phethahala ka botlalo, joalokaha li boletsoe selekaneng sa hae. (Levitike 26:21-33; Deuteronoma 28:49-68) Sechaba se tla timetsoa, batho ba tla lelekoa naheng, ’me naha e tla sala e le lesupi. Esaia a ke ke a phela ho fihlela a bona ha lebotho la Babylona le timetsa Jerusalema le tempele ea eona ka 607 B.C.E., le hoja a tla profeta ka lilemo tse fetang 40, ho fihlela pusong ea setloholoana sa Morena Uzia, e leng Ezekiase. Ho ntse ho le joalo, Esaia o tla tsoela pele ka kabelo ea hae ka botšepehi ho fihlela a e-shoa, lilemo tse fetang 100 pele koluoa eo e oela sechaba.
19. Le hoja sechaba se tla rengoa joaloka sefate, Molimo o fa Esaia tiisetso efe?
19 Timetso eo joang kapa joang e tlang ho siea Juda e ‘sentsoe hore e be lesupi’ e tla tla, empa boemo hase bo hlokisang tšepo. (2 Marena 25:1-26) Jehova o tiisetsa Esaia: “Ho tla ’ne ho be le karolo ea leshome ho eona, ’me e tla boela e fetoha ntho e tla chesoa, joaloka sefate se seholo le sefate sa setonanahali seo, ha se rengoa, ho bang le kutu; peō e halalelang e tla ba kutu ea eona.” (Esaia 6:13) E, “karolo ea leshome, . . . peō e halalelang,” e tla sala, feela joaloka kutu ea sefate sa setonanahali se renngoeng. Ha ho pelaelo hore tiisetso ena e tšelisa Esaia—ho tla fumanoa masala a halalelang har’a batho ba habo. Le hoja sechaba se boela se chesoa, joaloka sefate se seholo se remeloang ho besoa, kutu ea bohlokoahali ea sefate sa tšoantšetso sa Iseraele e tla sala. E tla ba peō, kapa leloko le halalelang ho Jehova. Ka mor’a nako, e tla hlōmela hape, ’me sefate se tla boela se mela.—Bapisa le Jobo 14:7-9; Daniele 4:26.
20. Karolo ea ho qetela ea boprofeta ba Esaia e ile ea phethahala joang qalong?
20 Na mantsoe ao a boprofeta a ile a phethahala? E. Lilemo tse 70 ka mor’a hore naha ea Juda e etsoe lesupi, masala a tšabang Molimo a ile a khutla botlamuoeng Babylona. A ile a haha tempele le motse bocha, ’me a tsosolosa borapeli ba ’nete naheng eo. Ho tsosolosetsoa hona ha Bajuda naheng ea habo bona eo ba e filoeng ke Molimo ho ile ha etsa hore boprofeta bona boo Jehova a ileng a bo fa Esaia bo khone ho phethahala lekhetlo la bobeli. Phethahatso eo e ne e tla ba efe?—Esdrase 1:1-4.
Phethahatso e ’Ngoe
21-23. (a) Lekholong la pele la lilemo, boprofeta ba Esaia bo ile ba phethahala ho bo-mang, hona joang? (b) “Peō e halalelang” e ne e le bo-mang lekholong la pele la lilemo, ’me e ile ea sireletsoa joang?
21 Mosebetsi oa Esaia oa boprofeta o ne o tšoantšetsa mosebetsi oo Mesia, Jesu Kreste, a neng a tla o etsa lilemo tse ka bang 800 hamorao. (Esaia 8:18; 61:1, 2; Luka 4:16-21; Baheberu 2:13, 14) Le hoja a le moholo ho feta Esaia, Jesu le eena o ne a ikemiselitse ho rongoa ke Ntate oa hae oa leholimo, ha a re: “Bona! ke tlile ho etsa thato ea hao, Molimo.”—Baheberu 10:5-9; Pesaleme ea 40:6-8.
22 Joaloka Esaia, ka botšepehi Jesu o ile a phetha mosebetsi oo a neng a o abetsoe ’me a talimana le karabelo e tšoanang. Bajuda ba mehleng ea Jesu ba ne ba ntse ba sa ikemisetsa ho amohela molaetsa feela joaloka bao moprofeta Esaia a ileng a bolela ho bona. (Esaia 1:4) Ho sebelisa lipapiso e ne e le tšobotsi e hlaheletseng ea tšebeletso ea Jesu. Sena se ile sa susumelletsa barutuoa ba hae ho botsa: “Ke hobane’ng ha u bua le bona u sebelisa lipapiso?” Jesu o ile a araba: “Le nehiloe ho utloisisa liphiri tse halalelang tsa ’muso oa maholimo, empa batho bao ha baa ho nehoa. Ke ka lebaka lena ke buang le bona ke sebelisa lipapiso, hobane, ho talimeng, ba talimela lefeela, ’me ho utloeng, ba utloela lefeela, hape ha ba utloisise; ’me boprofeta ba Esaia bo phethahala ho bona, bo reng, ‘Ho utloeng, le tla utloa empa ho hang le ke ke la utloisisa; ’me, ho talimeng, le tla talima empa ho hang le ke ke la bona. Etsoe lipelo tsa batho bana li fetohile tse sa amoheleng letho, ’me ka litsebe ba utloile ha se ke ha e-ba le karabelo, ba koetse mahlo; e le hore le ka mohla ba se ke ba bona ka mahlo le ho utloa ka litsebe le ho utloisisa ka lipelo ’me ba khutle, ke ba folise.’”—Matheu 13:10, 11, 13-15; Mareka 4:10-12; Luka 8:9, 10.
23 Ka hore a qotse Esaia, Jesu o ile a bontša hore boprofeta boo bo ne bo phethahala mehleng ea hae. Ka kakaretso batho ba ne ba e-na le boikutlo ba pelo bo tšoanang le ba Bajuda ba mehleng ea Esaia. Ba ile ba iketsa lifofu le lithōlō mabapi le molaetsa oa hae ’me le bona ba ile ba timetsoa. (Matheu 23:35-38; 24:1, 2) Sena se etsahetse ha mabotho a Roma tlas’a Molaoli Titus a futuhela Jerusalema ka 70 C.E. ’me a timetsa motse le tempele ea oona. Empa leha ho le joalo, ba bang ba ile ba mamela Jesu ’me ba fetoha barutuoa ba hae. Jesu o ile a phatlalatsa hore bana ba ‘thabile.’ (Matheu 13:16-23, 51) O ne a ba tsebisitse hore ha ba bona “Jerusalema e lika-likelitsoe ke mabotho a liahelong,” ba lokela hore ba “qale ho balehela lithabeng.” (Luka 21:20-22) Kahoo “peō e halalelang” e neng e sebelisitse tumelo le e neng e entsoe sechaba sa moea, “Iseraele ea Molimo,” e ile ea pholoha.a—Bagalata 6:16.
24. Pauluse o ile a sebelisa boprofeta ba Esaia joang, hona see se bontša eng?
24 Hoo e ka bang ka 60 C.E., moapostola Pauluse o ile a etsoa motšoaruoa ka tlung Roma. Ha a le moo o ile a lokisetsa ho ba le seboka le “banna ba ka sehloohong ba Bajuda” hammoho le ba bang ’me a ba ‘pakela ka ho phethahetseng malebana le ’muso oa Molimo.’ Ha ba bangata ba sa amohele molaetsa oa hae, Pauluse o ile a hlalosa hore seo se ne se phethahatsa boprofeta ba Esaia. (Liketso 28:17-27; Esaia 6:9, 10) Kahoo barutuoa ba Jesu ba ile ba phethahatsa thōmo e tšoanang le ea Esaia.
25. Lipaki tsa Molimo tsa mehleng ea kajeno li lemohile eng, hona li arabela joang?
25 Ka ho tšoanang, kajeno Lipaki tsa Jehova lia lemoha hore Jehova Molimo o ka tempeleng ea hae e halalelang. (Malakia 3:1) Joaloka Esaia, li re: “Ke ’na enoa! Roma ’na.” Ka cheseho, li fana ka molaetsa oa temoso mabapi le bofelo bo atamelang ba tsamaiso ena e khopo ea lintho. Empa joalokaha Jesu a bontšitse, ha ho bapisoa, ke batho ba seng bakae ba bulang mahlo a bona le litsebe hore ba bone le ho utloa ’me ba bolokehe. (Matheu 7:13, 14) Ka sebele, ho thaba ba sekehang lipelo hore ba utloe ’me ‘ba iphumanele pholiso’!—Esaia 6:8, 10.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha a arabela bofetoheling ba Bajuda, ka 66 C.E., mabotho a Roma a le tlas’a Cestius Gallus a ile a lika-liketsa Jerusalema ’me a phunyeletsa motse ho ea fihla marakong a tempele. Eaba joale a khutlela morao, e leng ho ileng ha lumella barutuoa ba Jesu ho balehela lithabeng tsa Perea pele Baroma ba khutla ka 70 C.E.
[Setšoantšo se leqepheng la 94]
“Ke ’na enoa! Roma ’na.”
[Setšoantšo se leqepheng la 97]
“Ho fihlela metse e heleha hore e be lithako, e hloka baahi”