Khaolo ea Leshome le Metso e Mehlano
Mosali oa Nyopa oa Thaba
1. Ke hobane’ng ha Sara a ne a labalabela ho ba le bana, hona o ile a feta boemong bofe ntlheng ee?
SARA o ne a labalabela ho ba le bana. Ka masoabi, e ne e le nyopa, ’me seo se ne se mo utloisa bohloko haholo. Mehleng ea hae, ho ba nyopa ho ne ho nkoa e le sekhobo, empa Sara o ne a sa utloisoe bohloko ke seo feela. O ne a labalabela ho bona tšepiso ea Molimo ho monna oa hae e phethahala. Abrahama o ne a lokela ho tsoala peō eo e neng e tla ba tlhohonolofatso ho malapa ’ohle a lefatše. (Genese 12:1-3) Leha ho le joalo, lilemo tse mashome ka mor’a hore Molimo a etse tšepiso eo, ngoana o ne a ntse a e-s’o be teng. Sara o ile a tsofala empa a ntse a se na ngoana. Mohlomong ka linako tse ling o ne a ee a ipotse hore na ebe o tšepile ntšepeli’a ntšepe. Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng masoabi a hae a ile a fetoha thabo!
2. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella boprofeta bo tlalehiloeng ho Esaia khaolo ea 54?
2 Mahlomola ao Sara a bileng ho ’ona a re thusa ho utloisisa boprofeta bo tlalehiloeng ho Esaia khaolo ea 54. Bo bua ka Jerusalema joalokaha eka ke mosali oa nyopa ea bang le thabo e khaphatsehang ea ho ba le bana ba bangata. Ka ho tšoantša sechaba sa hae sa boholo-holo le mosali oa hae, Jehova o bontša boikutlo ba hae bo lerato ka sona. Ho feta moo, khaolo ena ea Esaia e re thusa ho utloisisa tšobotsi ea bohlokoa ea seo Bibele e se bitsang “sephiri se halalelang.” (Baroma 16:25, 26) Ho tseba “mosali” eo le seo a fetileng ho sona se boletsoeng esale pele boprofeteng bona ho fana ka leseli la bohlokoa mabapi le borapeli bo hloekileng kajeno.
“Mosali” oa Tsebahatsoa
3. Ke hobane’ng ha “mosali” oa nyopa a tla ba le lebaka la ho thaba?
3 Khaolo ea 54 e qala ka mantsoe a thabo: “‘Hoeletsa ka thabo, uena nyopa e sa kang ea beleha! Nyakalla ka mohoo oa thabo ’me u tlerole litlatse, uena ea sa kang a ba le bohloko ba pelehi, etsoe bara ba ea lahliloeng ba bangata ho feta bara ba mosali ea nang le monghali eo e leng monna,’ ho boletse Jehova.” (Esaia 54:1) E tlameha e le ho hlasimollang hakaakang ho Esaia ho bua mantsoe aa! ’Me ho phethahala ha ’ona ho tla tšelisa Bajuda ba botlamuoeng Babylona hakaakang! Ka nako eo Jerusalema e tla be e ntse e le lesupi. Ponong ea batho, ho tla bonahala eka ha ho tšepo ea hore e tla ke e boele e be le baahi, feela joalokaha mosali oa nyopa a sa atise ho ba le tšepo ea hore o tla tsoala bana botsofaling ba hae. Empa “mosali” enoa o tla hlohonolofala haholo nakong e tlang—o tla tsoala bana. Jerusalema e tla tlala thabo e khaphatsehang. E tla boela e hlahisa boieane ba “bara,” kapa baahi.
4. (a) Moapostola Pauluse o re thusa joang ho bona hore Esaia khaolo ea 54 e tlameha ho ba le phethahatso e khōloanyane ho feta ea 537 B.C.E.? (b) “Jerusalema oa holimo” ke eng?
4 Le hoja e ka ’na eaba Esaia ha a tsebe sena, empa boprofeta ba hae bo ke ke ba phethahala ka tsela e le ’ngoe feela. Moapostola Pauluse o qotsa Esaia khaolo ea 54 ’me o hlalosa hore “mosali” enoa o tšoantšetsa ho hong habohlokoa ho feta motse o lefatšeng oa Jerusalema. Oa ngola: “Jerusalema oa holimo o lokolohile, ’me ke ’m’a rōna.” (Bagalata 4:26) “Jerusalema [enoa] oa holimo” ke eng? Ho hlakile hore hase motse oa Jerusalema o Naheng e Tšepisitsoeng. Motse oo o lefatšeng, ha o “holimo” sebakeng sa leholimo. “Jerusalema oa holimo” ke “mosali” oa Molimo oa leholimo, mokhatlo oa hae oa libōpuoa tse matla tsa moea.
5. Tšoantšisong e ho Bagalata 4:22-31, ke mang ea tšoantšetsoang ke (a) Abrahama? (b) Sara? (c) Isaka? (d) Hagare? (e) Ishmaele?
5 Leha ho le joalo, ke joang Jehova a ka bang le basali ba babeli ba tšoantšetso—e mong e le oa leholimo ha e mong e le oa lefatšeng? Na ho na le ho se lumellane moo? Le hanyenyane. Moapostola Pauluse o bontša hore karabo e setšoantšong sa boprofeta sa lelapa la Abrahama. (Bagalata 4:22-31; bona “Lelapa la Abrahama—Setšoantšo sa Boprofeta,” leqepheng la 218.) Sara, eo e neng e le “mosali ea lokolohileng” ebile e le mosali oa Abrahama, o tšoantšetsa mokhatlo oa Jehova oa libōpuoa tsa moea o kang mosali. Hagare, eo e neng e le lekhabunyane ebile e le mosali oa bobeli oa Abrahama, kapa oa serethe, o tšoantšetsa Jerusalema ea lefatšeng.
6. Mokhatlo oa Molimo oa leholimo o ile oa qeta nako e telele e le nyopa ka kutloisiso efe?
6 Re e-na le boitsebiso boo, re qala ho bona bohlokoa bo tebileng ba Esaia 54:1. Ka mor’a ho ba nyopa ka lilemo tse mashome-shome, Sara o ile a tsoala Isaka a le lilemo li 90. Ka ho tšoanang, mokhatlo oa Jehova oa leholimo o ile oa qeta nako e telele e le nyopa. Morao koana Edene, Jehova o ile a tšepisa hore “mosali” oa hae o ne a tla hlahisa “peō.” (Genese 3:15) Lilemo tse fetang 2 000 hamorao, Jehova o ile a etsa selekane le Abrahama mabapi le Peō e tšepisitsoeng. Empa “mosali” oa Molimo oa leholimo o ile a tlameha ho ema lilemo tse makholo-kholo pele a hlahisa Peō eo. Leha ho le joalo, ho ile ha fihla nako ea hore bana ba enoa eo e neng e kile ea e-ba “nyopa” ba be bangata ho feta ba Iseraele ea nama. Papiso ea mosali oa nyopa e re thusa ho bona lebaka leo ka lona mangeloi a neng a labalabela ho iponela ka booona ho fihla ha Peō e boletsoeng esale pele. (1 Petrose 1:12) Seo se ile sa qetella se etsahetse neng?
7. “Jerusalema oa holimo” e bile le nako ea ho thaba neng, joalokaha ho boletsoe esale pele ho Esaia 54:1, hona ke hobane’ng ha u araba joalo?
7 Ho tsoaloa ha Jesu e le motho ka sebele e bile ketsahalo e thabisang har’a mangeloi. (Luka 2:9-14) Empa eo e ne e se eona ketsahalo e boletsoeng esale pele ho Esaia 54:1. E bile feela ha Jesu a tsoaloa ka moea o halalelang ka 29 C.E. moo e ileng ea e-ba mora oa moea oa “Jerusalema oa holimo,” ha Molimo a mo amohela phatlalatsa e le “Mora oa [hae], ea ratoang.” (Mareka 1:10, 11; Baheberu 1:5; 5:4, 5) E bile ka nako eo moo “mosali” oa Molimo oa leholimo a ileng a ba le lebaka la ho thaba, ho phethahatsa Esaia 54:1. Qetellong o ne a hlahisitse Peō e tšepisitsoeng, Mesia! Lilemo tse makholo tseo a li qetileng e le nyopa li ne li fetile. Leha ho le joalo, thabo ea hae e ne e sa felle moo.
Bara ba Bangata ba Mosali oa Nyopa
8. Ke hobane’ng ha “mosali” oa Molimo oa leholimo a ile a ba le lebaka la ho thaba ka mor’a ho hlahisa Peō e tšepisitsoeng?
8 Ka mor’a lefu la Jesu le tsoho ea hae, “mosali” oa Molimo oa leholimo o ile a thabela ho amohela Mora enoa ea ratoang e le “letsibolo ho tsoa bafung.” (Bakolose 1:18) Joale o ile a qala ho hlahisa bara ba eketsehileng ba moea. Ka Pentekonta ea 33 C.E., balateli ba Jesu ba ka bang 120 ba ile ba tlotsoa ka moea o halalelang, kahoo ba amoheloa e le majalefa hammoho le Kreste. Hamorao hona letsatsing leo ho ile ha eketsoa ba bang ba 3 000. (Johanne 1:12; Liketso 1:13-15; 2:1-4, 41; Baroma 8:14-16) Sehlopha sena sa bara se ile sa tsoela pele ho hōla. Lilemong tse makholo tse qalang tsa bokoenehi ba Bokreste-’mōtoana, khōlo e ne e tsamaea butle haholo. Leha ho le joalo, seo se ne se tla fetoha lekholong la bo20 la lilemo.
9, 10. Taelo ea hore ho ‘etsoe hore sebaka sa tente se be seholo’ e ne e tla bolela eng ho mosali ea lulang litenteng mehleng ea boholo-holo, hona ke hobane’ng ha ee e le nako ea thabo ho mosali ea joalo?
9 Esaia o tsoela pele ho profeta ka nako ea keketseho e hlollang: “Etsa hore sebaka sa tente ea hao se be seholo. Ba otlolle masela a tente a tabernakele ea hao e khōlō. U se ke ua ithiba. Lelefatsa lithapo tsa hao tsa tente, ’me u tiise lithakhisa tsa hao tsa tente. Etsoe u tla ea ka ho le letona le ka ho le letšehali, ’me bana ba hao ba tla hapa lichaba, ’me ba ahe metseng e entsoeng lesupi. U se ke ua tšoha, etsoe u ke ke ua hlabisoa lihlong; ’me u se ke ua ikutloa u tlotlolotsoe, etsoe u ke ke ua soetseha. Etsoe u tla lebala le lihlong tsa nakong ea bocha ba hao, ’me ha u sa tla hopola nyeliso ea bohlolohali ba hao bo tsoelang pele.”—Esaia 54:2-4.
10 Mona ho buuoa le Jerusalema joalokaha eka ke mosali le ’mè ea lulang litenteng, feela joaloka Sara. Ha a hlohonolofatsoa ka lelapa le hōlang, e ba nako ea hore ’mè eo a bone hore ntlo ea hae ea atolosoa. O lokela ho lelefatsa masela le lithapo tsa tente ’me a tiise lithakhisa tsa tente libakeng tsa tsona tse ncha. Ona ke mosebetsi o mo thabisang, ’me nakong eo a phathahaneng joalo, a ka ’na a lebala habonolo lilemo tseo a li qetileng a tsielehile a ipotsa hore na o tla ke a be le bana ba tla ntšetsa lesika pele kapa che.
11. (a) “Mosali” oa Molimo oa leholimo o ile a hlohonolofatsoa joang ka 1914? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (b) Ho tloha ka 1919 ho ea pele, batlotsuoa ba lefatšeng ba fumane tlhohonolofatso efe?
11 Jerusalema ea lefatšeng e ile ea hlohonolofatsoa ka nako e joalo ea tsosoloso ka mor’a ho ba botlamuoeng Babylona. “Jerusalema oa holimo” e ’nile ea hlohonolofatsoa le ho feta.a Ka ho khetheha ho tloha ka 1919, “bana” ba eona ba tlotsitsoeng ba ’nile ba atleha boemong ba bona ba ho tsosolosoa bocha moeeng. (Esaia 61:4; 66:8) Ba ile ba “hapa lichaba” ka hore ba ile ba hasana ho ea linaheng tse ngata ho ea batla bohle ba tlang ho ikopanya le lelapa labo bona la moea. Ka lebaka leo, ho bile le keketseho e sekhahla ea ho bokelloa ha bara bana ba tlotsitsoeng. Ho bonahala eka palo ea ho qetela ea ba 144 000 e ile ea phethoa neng-neng mahareng a lilemo tsa bo-1930. (Tšenolo 14:3) Ka nako eo sepheo se seholo sa mosebetsi oa boboleli e ile ea khaotsa ho ba ho bokella batlotsuoa. Leha ho le joalo, keketseho ha ea ka ea emisa ka batlotsuoa.
12. Ho phaella ho batlotsuoa, ke bo-mang ba bokeletsoeng hore ba tle ka phuthehong ea Bokreste ho tloha lilemong tsa bo-1930?
12 Jesu ka boeena o ile a bolela esale pele hore ntle le “mohlatsoana” oa barab’abo ba tlotsitsoeng, o ne a tla ba le “linku tse ling” tse tla tlameha ho tlisoa lesakeng la Bakreste ba ’nete. (Luka 12:32; Johanne 10:16) Le hoja e se ba bang ba bara ba tlotsitsoeng ba “Jerusalema oa holimo,” metsoalle ena e tšepahalang ea batlotsuoa e phetha karolo ea bohlokoa eo e leng khale e profetiloe. (Zakaria 8:23) Ho tloha lilemong tsa bo-1930 ho tla fihlela kajeno, “bongata bo boholo” ba eona bo ’nile ba bokelloa, e leng ho feletseng ka keketseho eo ho seng mohla e kileng ea e-ba teng ka phuthehong ea Bokreste. (Tšenolo 7:9, 10) Kajeno bongata boo bo boholo bo baloa ka limilione. Keketseho ena eohle e hlahisitse tlhokahalo e potlakileng ea Liholo tsa ’Muso, Liholo tsa Likopano le mehaho ea makala e eketsehileng. Mantsoe a Esaia a bonahala a loketse le ho feta. Ke tokelo e kaakang ho ba karolo ea keketseho eo e boletsoeng esale pele!
’Mè ea Hlokomelang Bana ba Hae
13, 14. (a) Ho bonahala eka ho hlaha bothata bofe mabapi le lipolelo tse ling tse lebisitsoeng ho “mosali” oa Molimo oa leholimo? (b) Re ka fumana temohisiso efe tšebelisong ea Molimo ea likamano tsa lelapa e le lipapiso?
13 Re se re bone hore phethahatsong e khōloanyane, “mosali” ea boprofeteng o emela mokhatlo oa Jehova oa leholimo. Empa ka mor’a ho bala Esaia 54:4, re ka ’na ra ipotsa hore na ke joang mokhatlo oo oa libōpuoa tsa moea o kileng oa hlajoa ke lihlong kapa oa nyelisoa. Litemana tse latelang li re “mosali” oa Molimo o tla lahloa, a hlorisoe a be a hlaseloe. O tla be a qholotse khalefo ea Molimo. Ke joang lintho tse joalo li ka etsahallang mokhatlo oa libōpuoa tse phethahetseng tsa moea tseo ho seng mohla li kileng tsa etsa sebe? Karabo e fumanoa sebōpehong sa lelapa leo.
14 Jehova o sebelisa kamano ea lelapa—ea monna le mosali, ea ’mè le bana—ho hlalosa linnete tse tebileng tsa moea kaha lipapiso tse joalo li na le seo li se bolelang ho batho. Ho sa tsotellehe hore na malapa a rōna a fetile maemong a fapa-fapaneng hakae kapa a mofuta ofe, mohlomong re hlokomela seo lenyalo le atlehileng kapa kamano e atlehileng pakeng tsa motsoali le ngoana e lokelang ho ba sona. Joale, Jehova o re ruta kamoo a nang le kamano e mofuthu, e haufi-ufi le ea ho tšepana le matšoele-tšoele a bahlanka ba hae ba moea! ’Me o re ruta ka tsela e ipiletsang hakaakang hore mokhatlo oa hae oa leholimo o hlokomela bana ba oona ba lefatšeng ba tlotsitsoeng ka moea! Ha bahlanka ba batho ba utloa bohloko, bahlanka ba tšepahalang ba leholimong, “Jerusalema oa holimo,” ba utloa bohloko le bona. Ka ho tšoanang, Jesu o ile a re: “Ho isa tekanyong eo ho eona le ileng la ho etsa ho e mong oa ba banyenyane oa bana barab’eso [ba tlotsitsoeng ka moea], le ile la ho etsa ho ’na.”—Matheu 25:40.
15, 16. Phethahatso ea pele ea Esaia 54:5, 6 ke efe, hona phethahatso e khōloanyane ke efe?
15 Joale, ha ho makatse hore ebe boholo ba seo “mosali” oa Jehova oa leholimo a se bolelloang se senola liphihlelo tseo bana ba hae ba lefatšeng ba fetang ho tsona. Nahana ka mantsoe ana: “‘Moetsi oa hao e Moholo ke monghali eo e leng monna oa hao, lebitso la hae ke Jehova oa mabotho; ’me Mohalaleli oa Iseraele ke Morekolli oa hao. O tla bitsoa Molimo oa lefatše lohle. Etsoe Jehova o u bitsitse joalokaha eka u mosali ea tlohetsoeng ka ho feletseng le ea utloileng bohloko moeeng, le joaloka mosali oa nakong ea bocha eo joale a ileng a lahloa,’ Molimo oa hao o boletse.”—Esaia 54:5, 6.
16 Mosali eo ho buuoang le eena moo ke mang? Phethahatsong ea pele, ke Jerusalema, e emelang batho ba Molimo. Nakong ea lilemo tse 70 tsa ha ba le botlamuoeng Babylona, ba tla nahana hore Jehova o ba lahlile o bile o ba tlohetse ka ho feletseng. Phethahatsong e khōloanyane, mantsoe ana a lebisitsoe ho “Jerusalema oa holimo” le phihlelong eo e ileng ea e-ba le eona ea hore e qetelle e hlahisitse “peō” ho phethahatsa Genese 3:15.
Taeo ea Motsotsoana, Litlhohonolofatso Tsa ka ho sa Feleng
17. (a) Jerusalema ea lefatšeng e tla feta ‘moroallong’ oa khalefo ea Molimo joang? (b) Bara ba “Jerusalema oa holimo” ba ile ba feta ‘moroallong’ ofe?
17 Boprofeta bo tsoela pele: “‘Ke u tlohetse ka ho feletseng ka motsotsoana, empa ke tla u bokella ka mehauhelo e meholo. Ka motsotsoana ke ile ka u patela sefahleho sa ka ka moroallo oa khalefo, empa ke tla u hauhela ka mosa o lerato ho isa nakong e sa lekanyetsoang,’ ho boletse Morekolli oa hao, Jehova.” (Esaia 54:7, 8) Jerusalema ea lefatšeng e pupetsoa ke “moroallo” oa khalefo ea Molimo ha mabotho a Babylona a hlasela ka 607 B.C.E. Lilemo tse 70 tseo e li qetang e le botlamuoeng li ka ’na tsa bonahala e le nako e telele. Leha ho le joalo, liteko tseo e ba tsa “motsotsoana” ha li bapisoa le litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng tse boloketsoeng ba amohelang taeo. Ka ho tšoanang, bara ba tlotsitsoeng ba “Jerusalema oa holimo” ba ile ba ikutloa eka ba koahetsoe ke “moroallo” oa khalefo ea Molimo ha Jehova a lumella hore ba hlaseloe ke mekha ea lipolotiki e hlohlelletsoang ke Babylona e Moholo. Empa taeo eo e ile ea bonahala e le ea nakoana hakaakang hamorao, ha e bapisoa le nako ea litlhohonolofatso tsa moea tse ileng tsa latela ho tloha ka 1919!
18. Ke molao-motheo ofe oa bohlokoa oo re ka o hlokomelang mabapi le khalefo ea Jehova ho batho ba hae, hona o ka ’na oa re ama joang ka bomong?
18 Litemana tsena li senola ’nete e ’ngoe ea bohlokoa—khalefo ea Molimo e feta ka potlako, empa mohau oa hae o lula o le teng ka ho sa feleng. Khalefo ea hae e tuka khahlanong le boitšoaro bo bobe, empa kamehla ea laoleha, kamehla e na le morero. ’Me haeba re amohela taeo ea Jehova, khalefo ea hae e ba ea “motsotsoana,” e ntan’o kokobela. E nkeloa sebaka ke “mehauhelo [ea hae] e meholo”—ho tšoarela ha hae le mosa oa hae o lerato. Tsona li lula li le teng “ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” Kahoo, ha re etsa sebe re lokela hore le ka mohla re se ke ra tsilatsila ho se bakela le ho batla tsela ea ho boelana le Molimo. Haeba e le sebe se tebileng, re lokela ho atamela baholo ba phutheho hang-hang. (Jakobo 5:14) Ke ’nete hore ho ka ’na ha hlokahala taeo, ’me ho ka ’na ha e-ba thata ho e amohela. (Baheberu 12:11) Empa e tla ba ea nakoana ha e bapisoa le litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng tse tlisoang ke ho tšoareloa ke Jehova Molimo!
19, 20. (a) Selekane sa mookoli ke eng, hona se amana joang le batlamuoa ba Babylona? (b) ‘Selekane sa khotso’ se fa Bakreste ba tlotsitsoeng tiiso efe kajeno?
19 Jehova joale o fa batho ba hae tiiso e tšelisang: “‘Ana a tšoana le matsatsi a Noe ho ’na. Feela joalokaha ke ile ka hlapanya hore metsi a Noe ha a sa tla hlola a feta holim’a lefatše, kahoo ke hlapantse hore ha ke sa tla u halefela kapa ka u khalemela ka matla. Etsoe lithaba li ka ’na tsa tlosoa, le maralla a ka ’na a sisinyeha, empa mosa oa ka o lerato o ke ke oa tlosoa ho uena, kapa hona hore selekane sa ka sa khotso se sisinyehe,’ ho boletse Jehova, Ea u hauhelang.” (Esaia 54:9, 10) Ka mor’a Moroallo, Molimo o ile a etsa selekane—seo ka linako tse ling se bitsoang selekane sa mookoli—le Noe le moea o mong le o mong o phelang. Jehova o ile a tšepisa hore ha a sa tla hlola a timetsa lefatše ka moroallo oa qitikoe eohle. (Genese 9:8-17) See se bolela’ng ho Esaia le batho ba habo?
20 Ke ho tšelisang ho tseba hore kotlo eo ba tlamehang ho e fuoa—ea ho qeta lilemo tse 70 ba le botlamuoeng Babylona—e tla ba tlela hanngoe feela. Ha e se e fetile, ha e sa tla hlola e phetoa. Ka mor’a moo, ho tla be ho se ho sebetsa ‘selekane sa Molimo sa khotso.’ Lentsoe la Seheberu bakeng sa “khotso” ha le fane feela ka maikutlo a ho ba sieo ha ntoa, empa le boetse le fana ka maikutlo a boiketlo ba mefuta eohle. Ka lehlakoreng la Molimo selekane sena ke sa ka ho sa feleng. Ho ka mpa ha nyamela maralla le lithaba ho e-na le hore mosa oa hae o lerato ho batho ba hae ba tšepahalang o fele. Ka masoabi, qetellong sechaba sa hae sa lefatšeng se tla hlōleha ka ho feletseng ho phelela seo se itseng se tla se etsa litumellanong tsa selekane ’me se tla itšenyetsa khotso ka ho hana Mesia. Leha ho le joalo, bara ba “Jerusalema oa holimo” ba ile ba atleha haholoanyane. Hang ha nako e thata ea taeo e fetile, ba ile ba tiisetsoa hore ba tla sireletsoa ke Molimo.
Tšireletseho ea Moea ea Batho ba Molimo
21, 22. (a) Ke hobane’ng ha ho thoe “Jerusalema oa holimo” e hlorile ebile e akhotsoa ke sefefo se matla? (b) Boemo bo hlohonolofalitsoeng ba “mosali” oa Molimo oa leholimo bo ne bo tla bontša eng mabapi le “bana” ba hae ba lefatšeng?
21 Jehova o tsoela pele ho bolela esale pele hore batho ba hae ba tšepahalang ba tla sireletseha: “Uena mosali ea hlorileng, ea akhotsoang ke sefefo se matla, ea sa tšelisoang, bona! ke beha majoe a hao ka seretse se thata, ’me ke tla rala motheo oa hao ka lisafire. Ke tla etsa litora tsa hao ka lirubi, le liheke tsa hao ka majoe a hlenneng joaloka mollo, le meeli eohle ea hao ka majoe a thabisang. Bara bohle ba hao e tla ba batho ba rutoang ke Jehova, ’me khotso ea bara ba hao e tla ba ngata. U tla tiisoa ka thata ka ho loka. U tla ba hōle le khatello—etsoe u ke ke ua tšaba le ea mong—le ntho leha e le efe e tšosang, kaha e ke ke ea u atamela. Haeba mang kapa mang a ka hlasela, e ke ke ea e-ba ka taelo ea ka. Mang kapa mang ea u hlaselang o tla oa ka lebaka la hao.”—Esaia 54:11-15.
22 Ke ’nete hore ha ho mohla “mosali” oa Jehova ea sebakeng sa moea a kileng a hlorisoa ka ho toba kapa a akhotsoa ke sefefo se matla. Empa o ile a utloa bohloko ha “bana” ba hae ba tlotsitsoeng ba lefatšeng ba utloa bohloko, haholo-holo nakong ea ha ba le botlamuoeng ba moea ka 1918-19. Ka lehlakoreng le leng, ha “mosali” enoa oa leholimo a phahamisoa, sena se bonahatsa boemo bo tšoanang bo teng har’a bana ba hae. Kahoo, nahana ka tlhaloso e khanyang ea “Jerusalema oa holimo.” Majoe a bohlokoa a lihekeng, “seretse se thata” se theko e boima, metheo, esita le meeli li fana ka maikutlo a “bokhabane, botle bo hlollang, bohloeki, matla le ho tiea,” joalokaha buka e ’ngoe ea boitsebiso e hlalosa. Ke’ng e neng e tla lebisa Bakreste ba tlotsitsoeng boemong bo sireletsehileng le bo hlohonolofalitsoeng joalo?
23. (a) Ho ‘rutoa ke Jehova’ ho amme Bakreste ba tlotsitsoeng joang matsatsing aa a ho qetela? (b) Ke ka kutloisiso efe batho ba Molimo ba hlohonolofalitsoeng ka ‘meeli ea majoe a thabisang’?
23 Temana ea 13 ho Esaia khaolo ea 54 e fana ka tharollo—bohle ba tla ‘rutoa ke Jehova.’ Jesu ka boeena o ile a tobisa mantsoe a temana ena ho balateli ba hae ba tlotsitsoeng. (Johanne 6:45) Moprofeta Daniele o ile a bolela esale pele hore “nakong [ena] ea bofelo,” batlotsuoa ba ne ba tla hlohonolofatsoa ka nala ea tsebo ea ’nete le temohisiso ea moea. (Daniele 12:3, 4) Kutloisiso e joalo e ba nolofalelitse ho etella pele letšolo le leholo ka ho fetisisa la thuto historing, ho jala thuto ea bomolimo lefatšeng lohle. (Matheu 24:14) Ka nako e tšoanang, temohisiso e joalo e ba thusitse ho bona phapang pakeng tsa bolumeli ba ’nete le ba bohata. Esaia 54:12 e bua ka ‘meeli ea majoe a thabisang.’ Ho tloha ka 1919, Jehova o file batlotsuoa kutloisiso e hlakileng le ho feta ea meeli—meeli ea moea e sehiloeng—e ba arolang bolumeling ba bohata le likarolong tse ling tsa lefatše tse se nang bomolimo. (Ezekiele 44:23; Johanne 17:14; Jakobo 1:27) Kahoo ba arotsoe hore e be batho ba Molimo.—1 Petrose 2:9.
24. Re ka tiisa joang hore re rutoa ke Jehova?
24 Kahoo, ho ka ba hotle hore e mong le e mong oa rōna a ipotse, ‘Na ke rutoa ke Jehova?’ Ha re fumane thuto eo ka mohlolo. Re lokela ho etsa boiteko. Haeba re bala Lentsoe la Molimo kamehla ’me re thuisa ka lona le haeba re amohela taeo ka ho bala lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse hatisoang ke “lekhoba le tšepahalang le le masene” le ka ho lokisetsa liboka tsa Bokreste le ho kopanela ho tsona, ka sebele re tla ba ba rutoang ke Jehova. (Matheu 24:45-47) Haeba re ikitlaelletsa ho sebelisa seo re ithutang sona le ho lula re phaphame ’me re falimehile moeeng, thuto ea bomolimo e tla re khetholla re le ba fapaneng le lefatše lena le se nang bomolimo. (1 Petrose 5:8, 9) Habohlokoa le ho feta, e tla re thusa ho ‘atamela ho Molimo.’—Jakobo 1:22-25; 4:8.
25. Tšepiso ea Molimo ea khotso e bolela’ng ho batho ba hae mehleng ea kajeno?
25 Boprofeta ba Esaia bo boetse bo bontša hore batlotsuoa ba hlohonolofalitsoe ka khotso e ngata. Na see se bolela hore ha ho mohla ba hlaseloang? Che, empa Molimo o fana ka tiiso ea hore ha a na ho laela hore ho etsoe litlhaselo tse joalo kapa hona ho li lumella hore li atlehe. Rea bala: “‘Bonang! Ke bōpile setsebi sa mesebetsi ea matsoho, se butsoelang mollo oa mashala a patsi le se hlahisang sebetsa e le mosebetsi oo se o entseng. Le ’na, ke bōpile motho ea senyang hore a etse mosebetsi oa ho senya. Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha, le leleme leha e le lefe le tla u tsohela matla kahlolong u tla le ahlola. Lena ke lefa la bahlanka ba Jehova, ’me ho loka ha bona ho tsoa ho ’na,’ ho bolela Jehova.”—Esaia 54:16, 17.
26. Ke hobane’ng ha e le ho khothatsang ho tseba hore Jehova ke eena ’Mōpi oa moloko oohle oa batho?
26 Ka lekhetlo la bobeli khaolong ena ea Esaia, Jehova o hopotsa bahlanka ba hae hore ke eena ’Mōpi. Pejana, o bolella mosali oa hae oa tšoantšetso hore ke eena “Moetsi [oa hae] e Moholo.” Joale o re ke eena ’Mōpi oa moloko oohle oa batho. Temana ea 16 e hlalosa setei sa tšepe se butsoelang mashala sebōping sa sona ha se ntse se etsa libetsa tsa sona tse timetsang le mohlabani, “motho ea senyang hore a etse mosebetsi oa ho senya.” Batho ba joalo ba ka ’na ba bonahala ba tšosa ho batho ba bang, empa ke joang ba ka tšepang ho atleha khahlanong le ’Mōpi oa bona? Kahoo kajeno, esita leha mabotho a matla ka ho fetisisa a lefatše lena a hlasela batho ba Jehova, a tla be a se na monyetla oa ho atleha qetellong. Ho ka ba joalo joang?
27, 28. Re ka kholiseha ka eng mehleng ee e tletseng likhathatso, hona ke hobane’ng ha re tseba hore litlhaselo tsa Satane khahlanong le rōna e tla ba tsa lefeela?
27 Nako ea tlhaselo e senyang khahlanong le batho ba Molimo le borapeli ba bona bo etsoang ka moea le ka ’nete e fetile. (Johanne 4:23, 24) Jehova o ile a lumella Babylona e Moholo ho etsa tlhaselo e le ’ngoe e ileng ea bonahala e atleha ka nakoana. Ka nakoana, “Jerusalema oa holimo” e ile ea bona bana ba eona ba batla ba khutsisoa nakong ea ha mosebetsi oa bona oa boboleli lefatšeng o batla o emisoa ka ho feletseng. Seo se ke ke sa hlola se etsahala hape! Hona joale e thabisoa ke bara ba eona, kaha ka kutloisiso ea moea, ba ke ke ba hlōloa. (Johanne 16:33; 1 Johanne 5:4) Ho ’nile ha e-ba le libetsa tse etselitsoeng ho ba hlasela, ’me li ke ke tsa hlola li e-ba teng. (Tšenolo 12:17) Empa libetsa tsena ha lia ka tsa atleha ’me ha li sa tla atleha. Satane ha a na sebetsa se ka hlōlang tumelo le cheseho e tukang ea batlotsuoa le metsoalle ea bona. Khotso ena ea moea ke “lefa la bahlanka ba Jehova,” kahoo ha ho ea ka ba amohang lona ka mahahapa.—Pesaleme ea 118:6; Baroma 8:38, 39.
28 Che, ha ho letho leo lefatše la Satane le ka le etsang le tla ke le emise mosebetsi le ho tsoela pele ha borapeli bo hloekileng ho Molimo tse etsoang ke bahlanka ba hae ba inehetseng. Bana ba tlotsitsoeng ba “Jerusalema oa holimo” ba fumane matšeliso a maholo tiisetsong eo. Litho tsa bongata boholo le tsona li etsa ho tšoanang. Ha re ntse re tseba ho eketsehileng ka mokhatlo oa Jehova oa leholimo le litšebelisano tsa oona le barapeli ba hae lefatšeng, tumelo ea rōna e tla matlafala haholoanyane. Hafeela tumelo ea rōna e ntse e le matla, libetsa tsa Satane e tla ba tsa lefeela ho re loantšeng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ea ka Tšenolo 12:1-17, “mosali” oa Molimo o ile a hlohonolofatsoa ka ho enneng ka ho tsoala ‘ngoana’ oa bohlokoa ka ho fetisisa—eseng mora a le mong oa moea, empa ’Muso oa leholimo oa Bomesia. O ile oa tsoaloa ka 1914. (Bona Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, leqepheng la 177-86.) Boprofeta ba Esaia bo lebisa tlhokomelo thabong eo a bang le eona ha Molimo a hlohonolofatsa bara ba hae ba tlotsitsoeng ba lefatšeng.
[Setšoantšo se leqepheng la 220]
Ka mor’a ho kolobetsoa ha hae, Jesu o ile a tlotsoa ka moea o halalelang, ’me Esaia 54:1 e ile ea qala ho phethahala ka tsela ea bohlokoa ka ho fetisisa
[Setšoantšo se leqepheng la 225]
Jehova o ile a patela Jerusalema sefahleho sa hae “ka motsotsoana”
[Litšoantšo tse leqepheng la 231]
Na mohlabani le setei sa tšepe ba ka hlōla ’Mōpi oa bona?